PATLAMANTSOE
YA
SESOTHO YA MACHABA
KA M. CHITJA
SESOTHO INTERNATIONAL
DICTIONARY
BY M. CHITJA
1
2
Published by Nalane
PO Box 1452
Alberton
1450
Web: www.nalane.org.za
Email: ffuthwa@nalane.org.za
ISBN: 978-0-620-46963-0
2
3
HO TSOA HO MONGODI
Ho nkukile dilemo tse mashome a mabedi ho bokeletsa mantsoe a Sesotho a
ngotsoeng bukeng ena (1985 ho isa 2006). Ka mora ‘lemo tseo, ke hlokometse hore
70% ya mantsoe a mang ke a sile. Hona kapa sena se etsa hore ho duloe fatshe ke
bangodi ba Sesotho hore a kenyeletsoe. Mme seo se batla maikemisetso a maholo le
dithuso le ditshehetso tsa tonana ho tswa ho lefapha la Arts and culture.
MADIELA CHITJA
20060725
smchitja@hotmail.com
madiela.chitja3@gauteng.gov.za
3
4
KETAPELE
Sesotho ke enngwe ya ‘puo tse kgolo ka ho fetisisa Afrika Borwa. Ke puo ya tse ding
tse nang le mantsoe a mangata ka ho fetisisa Afrika e ka Borwa. Hona ha ho makatse
hobane bongata ba Basotho ba mahareng a Afrika Borwa (Lesotho, Free State,
Qwaqwa, le dikarolong tse ding tsa Northen Cape). Hofeta moo, o fumana Basotho
dibakeng tse tshoanang le Kwa-Zulu; bao Sesotho sa bona se itshetlehileng ho SeZulu
joalo ka ba ha Molefe le ba ha Moloi. O fumana Basotho ba mabapi kapa ba phelang
Eastern Cape joalo ka boMatatiele; bao Sesotho sa bona se itshetlehileng ho SeQhotsa
(Xhosa). O fumana Basotho Limpopo province, Mpumalanga provice, North West
province bao Sesotho sa bona se itshetlehileng dibakeng tseo. Historing, re utloa ka
bo-Sebetoane ba ileng ba tsamaya dibakeng tse tshoanang le bo-Zambia le bo-
Zimbabwe mme ba amarela puo ya bona bakeng tseno. Ke ka hoo re fumanang
diphororo tse kgolo ka ho fetisisa Afrika tse nang le lebitso la Sesotho joalo ka Mosi-
wa-thunya (Victoria falls).
Ha ho makatse ha Sesotho se nonne hakanakana!! Dipuo tse ding tse buang Sesotho
(sotho speaking nations) joalo ka Basotho ba Leboa (Bapedi) le Batswana bana le
mantsoe amang ao ba sa a sebediseng joalo ka “Q” ha ka hlakoreng leleng Basotho ba
na le mantsoe a qalang le a sebedisang “Q” hofeta puo efe kapa efe Afrika e ka borwa
(ebang o na le kgwao ka sena bala patlamantsoe ya Sesotho mme o shebe mantsoe a
sebedisang kapa a qalang ka tlhaku “Q”). Hape, Sesotho se sehlale (scientific) ka baka
la hore a mang a mantsoe a sona a kadimiloe puo tse ding joalo ka “setulo, lolololo,
melodi, joalo joalo”.
4
5
sa patlamantsoe ena etla ba ho bokella mefuta yohle kpa karolo ya ditshoantsho tsa
dinonyana, diphoofolo, dihahabi, dikokonyana, dimela, difate le tse ding ho ruta
ngwana Mosotho hore di shebahala jwang. Ha ho thuse letho ho hlalosa mantsoe a
mang ho sa kenyeletsoe le ditshoantsho tsa ona.
Tse ding tsa dibuka tse hloahloa tse matlafatsang Sesotho ke Maratha a dilepe
(Damane M); Dikoma (Guma S.M); Litshomo tsa Basotho (Jacottet E); Lithoko tsa
makoloane (Jankie H.E); Kgekge (Lenake J.M); Ditshomo tsa rona (Lenake J.M);
Liphoofolo, linonyana, litaola le lithoko tsa tsona (Mapetla J.); Ithute lilotho
(Moletsane I.R.M); Liparola thota (Moletsane I.R.M); Mmantilatilane (Moletsane
I.R.M); Ngaka ya Mosotho (Matlamelle M.P); Mekgwa le maele ya Basotho
(Sekese A); Mehla ya boholoholo (Tladi A.K); Mmampodi (Afrika Borwa) e
ngotsweng ke bangodi: B.T KHOALI, J.M. LENAKE, R.J.R. MASIEA, I.M.
MOEPHULI, C.F. SWANEPOEL. SEBOPEHO-PUO sa Sesotho (Lesotho Sesotho
Grammer). Diqatjwa tsa Basotho ka D.J.M Ngcangca, le tse ding tse ngata tse sa
bolelwang mona. PELE YA PELE BANA BESO!!!
5
6
TEMOSO LE TSHEBEDISO
Hore o tsebe ho sebedisa Patlamantsoe ya Sesotho, o tlameha hore o tsebe tshebediso
ya didumi (vowels) ho ya ka Sesotho. Didumi tse tsebahalang lefatshe ka bophara ke:
“a” “e” “i” “o” “u” (A-E-I-O-U). Tsona di bitsoa joalo ka ha di ngotsoe, ntle le “O”
eo ka Sesotho enang le medumo e meraro. Mohlala: lentsoe “seboko” le na le meelelo
e meraro e sa boleleng ntho e le nngwe empa le ngoloa ka ho tshoana. 1. Seboko sa
phoofotsoana (worm) 2. Seboko sa lebitso (surname) le 3. Seboko sa ho lla (crying,
yell). Joale mohlala wa lesakana le ka tlase mona le tla o bontsha pitsetso ya lentsoe
seboko.
Lentsoe Pitsetso English Tlhaloso
Seboko Se-bu-ku Worm Modumo o tibile.
Seboko Se-baw-kaw Surname Modumo o tlase.
Seboko Se-bo-ko Yelling, a cry Modumo o mahareng.
Sedumi “e” le sona se na le pitsetso tse pedi: mohlala, lentsoe “pele” modumo wa
lona o hodimo (pi-li) ha lentsoe “pene” modumo wa lona o tloaelehile. Sheba mehlala
e ka tlase mona:
Ho tla ba bonolo ha o utloisisa hore didumi tsena tse pedi, “O” le “E” ha di tshoane,
mme seo se tla bebofaletsa motho ya batlang ho tseba Sesotho, kae kapa kae neng
kapa neng .
6
7
TLHOKOMEDISO:
Mmadi a ele hloko hore patlamantsoe ena e sebedisa Sesotho sa Lesotho mmoho le sa
Afrika Borwa ka ho ngoloa. Sena se bolela hore tsela eo lentsoe le ngotsoeng ka yona
le nepahetse: sepheo ke ho hlalosa feela. Kahoo o se ke wa ferekana. Sena se
etseditsoe ho kgotsofatsa emong le emong!! Jwalo ka ha sekgowa sa Amerika,
England le Australia se ka tholoa patlamantsoeng (bukantswe) e le nngwe. Ebang ha o
thole lentsoe ka Sesotho sa Lesotho, se batle ka sa Afrika Borwa. Ebang ha o thole ka
sa Afrika Borwa, se batle ka sa Lesotho.
7
8
Aaa
PALE:
Tlhaku ya pele ya puo ya Sesotho. Yona e akga ka maetsi a mangata a semelo kapa a
tlhaho. Ha e le mareo/mabitso, ho tletse a melata jwalo ka: apole, api, abuti, jwalo
jwalo. Karolo ya maetsi a qalang ka tlhaku ena a fetohela ho tlhaku ya “K” ha eba
mareho kapa mabitso. Mohlala: aba=kabo, abelana=kabelano, aha=kaho,
ahlamisa=kahlamiso, ahlola=kahlolo, akaretsa=kakaretso, atleha=katleho, jj.
A (a) /ei/
A (a) /these/ Lesupa kapa lentsoe le bontshang bongata ba dintho tse haufunyane.
A (a) /he or she in the past tense/ Seemedi se mothofatsang; lentsoe le sebedisoang
bakeng sa motho ka ho bontsha seo a se etsang nako e fetileng. Mohl. A tsamaya le
batho ba bangata. A kgutla a le mong. (bap. O).
A (a) /of/ Bongata ba “tsa”. Mohl. Ke batla a hao eseng tsa bona.
Aa (a-a) /that is, those that/ Mohl. Mmadi o tla fumana mantsoe a mangatahadi a
sokang aa utloa bukeng ena. Re bua ka aa bonang feela.
Aba (a-ba) /share/ Ho fa ka ho lekana. Ho arolela ka ho lekana.
Abela (abe-la) /share for/ Ketsetso ya ho aba. Ho fa karolo; ho fana ka ho arola.
Abelana (abe-la-na) /share amongst/ Ho arola ka bongata. Ketsetsano ya ho aba: ho
fa emong mme le yena a fe ya mo fileng.
Abelanang (abe-la-na-ng) /to share amongst/ Taelo ya ho aba ka ho etsetsana. (mm.
Abetse, abelaka, kabelano, kabelo, abeloa).
Abeloa (a-be-lwa) Boetsuwa ba ho abela. Mael. Ngoana moshanyana ke kabeloa
manong: motho e motona o lokeloa ke ho fuwa mathata ohle le ha ho sa kgonahale.
Abetse (a-be-tse) // Bokgale ba ho abela.
Abetsoe (a-be-tswe) // Bokgale le boetsuwa ba ho abela.
Abile (a-bi-le) /shared/ Bokgale ba ho aba. Tem. Mantsoe “abile” mmoho le “ebile”
a na le phapang e kgolo ka meelelo.
Abjoa (ab-jwa) /shared/ Boetsuwa ba ho aba.
Abuti (a-bu-ti) /brother/ Ngoaneso e motona eo ke mo hlahlamang. Moholoane
waka. /bon. boabuti/ (bap. moholoane, ngoaneso).
Acha (a-cha) /atchaar/ Sejo sa Maindia e entsoeng ka manko le metsoako emeng e
babang ya dinoko. /bon. diacha/.
Ache (a-chi) /exclamation: oh no!/ Lekgotsa le bontshang ho teneha.
Acheke (a-chi-ki) /exclamation: oh no!/ Lekgotsa le bontshang ho teneha ka ho
toboketsa haholo.
Adima (a-di-ma) /borrow/ Ho fa ka sepheo sa ho kgutlisetsoa ka mora nakoana; ho
neha motho seo a se hlokang nakoana. (bap. kadima).
Adimela (a-di-me-la) // Ketsetso ya ho adima.
Adimile (a-di-mi-le) /borrowed/ Bokgale ba ho adima.
Adingoa (a-di-ng-wa) /lent/ Boetsuwa ba ho adima. (mm. Adingwa).
Adinngoe (a-din-ng-we) // Bokgale ba ho adingoa.
Adisa (a-di-sa) // Ketsiso ya ho ala.
Aena (a-i-na) /to iron/ Ho otlolla seaparo ka aene. Ho sebedisa tshepe e chesang kapa
e futhumetseng hodima seaparo ka sepheo sa ho e otlolla. Tlh. Lentsoe lena, “aene”
ke sothofatso ya lentsoe la senyesemane, “iron”.
8
9
9
10
10
11
11
12
Ankere (an-ki-ri) by the way, infact, matter of fact/ Ka tsela eo; ka moo ho leng
kateng; ho ya ka moo ke bonang ka teng; ka lebaka lena. Mohl. Ankere wena o
tshepisitse batho nama. Ankere o itse o tla ba felehetsa. Ankere o itse ke tlohele.
Ankere o wa tseba hore ha ke kgone. (bap. akere). Tlh. Mantsoe “akere” mmoho le
“ankere” a bolelela ntho e le nngwe phapang ke hore la bobedi le sebedisoa ke bana
haholo.
Ano (a-nu) /those ones/ Lesupi le bontshang bongata ba mantsoe a qalang ka “ma.”
Anoa (an-wa) /respected/ Boetsuwa ba ho ana.
Anono (a-nu-nu) /those over there/ Lesupi le bontshang ntho tse hojana tseo mabitso
a tsona a qalang ka “ma” ebile di le ka bongateng ka ho tobeketsa.
Anthe (ant-he) /actually/ Lentsoe le bontshang netefatso ya polelo. Mohl. Anthe
wena omang? Ke neke nahana hore Mugabe ke motsoalle wa Letsie anthe ha ho
joalo. Mosetsana enoa o bohahala a le motshoana ha a le hole anthe o mosoeu.
Anthe o tsotsi ya matarapane: ke ne ke sa tsebe! (bap. kanthe).
Anthenyane (ant-hen-ya-ni) /in actual fact/ Ho netefatsa polelo kapa seo ho
buuwang ka sona ka ho toboketsa. Mohl. Anthenyane wena omang? Ke neke nahana
hore Mugabe ke motsoalle wa Letsie anthenyane ha ho joalo. Mosetsana enoa o
bohahala a le motshoana ha a le hole kanthenyane o mosoeu. Anthenyane o tsotsi
ya matarapane: ke ne ke sa tsebe! (bap. kanthenyane).
Antsha (ants-ha) /to breast feed/ Ho fa lebese ka letsoele. Ho fepa ka letsoele.
Antshoa (ants-hwa) // Boetsuwa kapa ketsetso ya ho antsha.
Anya (an-ya) /to suck milk/ Ho noa lebese ke ngoana kapa phoofolo ka ho
momorotsa lebese la letsoele. Mael. Ho anya leleme: ho nonya maikutlo; ho batla
taba ka ho botsa potso e itseng.
Anyesa (an-yi-sa) /to breast feed/ Ketsiso ya ho anya.
Anyesoa (an-yi-swa) // Boetsuwa ba ho anya.
Ao (aa-u) /what / Lekgotsa lebontshang ho makala kapa ho makalla se buuwang.
Ao (a-u) /those ones/ Lesupi le bontshang ntho tse hojana tseo mantsoe a tsona aleng
ka bongateng.
Aohe (a-u-he) /exclamation: oh shame! Ag shame/ Lekgotsa le bontshang ho hauha
kapa kutloelo bohloko ya motho ya etsoang hampe kapa ya entsoeng hampe.
Aohele (a-u-he-le) /exclamation: oh shame! Ag shame/ Lekgotsa le bontshang ho
hauha kapa kutloelo bohloko ya motho ya etsoang hampe kapa ya entsoeng hampe.
Apara (a-pa-ra) /to wear/ Ho tena diphahlo. Ho kenya seaparo. Ho iphuthela ka
diaparo bakeng sa ho pata bofeela kapa ho tsola.
Aparehisa (ap-a-re-his-a) /to make poor/ Ho etsa hore motho a be mofutsana.
Aparehisitse (a-pa-re-hi-si-tse) // Bokgale ba ho aparehisa.
Aparehisoa (a-pa-re-hi-swa) // Boetsuwa ba ho aparehisa.
Aparela (a-pa-re-la) // Ketsetso ya ho apara.
Apareloa (a-pa-re-lwa) /cover/ Boetsuwa ba ho apara kapa ho dikaneloa ke.
Apareloe (a-pa-re-lwe) // Bokgale le boetsuwa ba ho aparela
Aparetse (a-pa-re-tse) // Bokgale ba ho aparela.
Aparetsoe (a-pa-rets-we) // Bokgale le boetsuwa ba ho apareloa.
Aparoa (a-pa-rwa) // Boetsuwa ba ho apara.
Apeha (a-pe-ha) /to cook/ Ho lokisa dijo hore di butsoe. Ho pheha dijo kapa sejo se
tlang ho jewa. Ho etsa hore sejo se butsoe.
Apehoa (a-pe-hwa) // Boetsuwa ba ho apeha. (mm. Apehile, apehela, kapeho).
Apere (a-pe-re) /wore, wearing, clad/ Bokgale le ketsahalo ya ho apara.
12
13
13
14
14
15
Bbb
PALE:
Tlhaku ya bobedi ya Sesotho. Bongata ba maetsi a qalang ka tlhaku ena a fetohela ho
“P” ha a fetohela kapa a fetoleloa ho mareho (nouns). Mohlala: bapisa=papiso,
babatsa=pabatso, bapatsa=papatso, bapala=papadi/papalo, jwalo jwalo. Hona ha
ho bolele hore kaofela maetsi a qalang ka “B” a ka fetoleloa ho mareho a qalang ka
“P”. Mohlala wa mareho a semelo a “B” ke: bohlale, bohlola, bokakalope, boyena,
botona, jwalo jwalo.
Tlhokomediso: bongata ba mantsoe a maetsi a bitsoang boiketsi/maiketsi a fetoha
“Boi” ha eba mareho. Mohlala: ikgohomosa=boikgohomoso, itloaetsa=boitloaetso,
icheba=boichebo, ikutloa=boikutlo, jwalo jwalo. Ha a fetoleloa bongateng, a
sebedisa tlhaku “M”. Mohlala: boikemisetso=maikemisetso, boikutlo=maikutlo,
jwalo jwalo.
B (bi)//
Ba (ba) /races pluralizing prefix/ Sehlongoapele se sebedisoang ho ngatafatsa
mabitso a merabe ya batho le sebopeho mmoho le tlhaloso ya batho. Mohl.
Mosotho=Basotho, mopedi=bapedi, motswana=batswana, motho=batho,
mosuoe=basuoe, mosadi=basadi, mopedi=bapedi, morena=barena, monna=banna,
ngoana=bana, mosetsana=basetsana, mohlankana=bahlankana, moruti=baruti, jj.
Ba (ba) /these ones (people)/ Lentsoe le sebedisoang joalo ka seemedi se bontshang
ka ho supa batho ba ka bongateng ba haufinyane. (bap. tse).
Ba (ba) /they (people)/ Seemedi Se sebedisoang bakeng sa batho ka bongateng.
Baahlodi (ba-a-hlu-di) /Judges/ Buka ya bosupa ya bibele testamenteng ya kgale ya
bibele. /bon. 0/.
Baale (ba-a-le) /Baal/ Modingoana wa bohata ya neng a kgumameloa ke Bakanana
bakeng sa pelehi kapa thari ho ya ka tlhaloso ya buka ya bibele, eo molekane wa hae
eneng e le Ashara. /bon. bobaale/.
Baba (ba-ba) /bitter/ E nang le tatso e mpe, e bohale. E sa latsoeheng hamonate.
Babababa (baba-baba) /little bitter: not sweet/ E tatseho e babang: e batlileng e ba
le tatso ya mohalakane hanyane. (mm. babang, babisa, babela, pabiso, mobabi).
Babalase (ba-ba-la-se) /hang-over/ Boemo ba letsatsi le hlahlamang ka mora tai.
Baballa (ba-bal-la) /protect/ Ho boloka ntho hore e se senyehe; ho boloka le ho
tshireletsa motho hore a se hlaheloe ke kotsi.
Baballa (ba-bal-la) /preserve/ Ho hlokomela kgahlanong le tshenyeho kapa phelo.
Baballoa (ba-bal-lwa) /protected, saved/ Boetsuwa ba ho baballa. (mm. baballwa).
Babang (ba-ba-ng) /others/ Ntle le bongata ba batho ba itseng. Batho ba itseng ntle le
ho kenyeletsa sehlopha seseng. (bap. tseding, emong). Mohl. Bana bana ba bana
baka ba hana ho bapala le bana babang. Mael. Motho ke motho ka batho babang:
motho o kgona ho atleha, tsoelapele, thaba, nyakalla le ho rua ka lebaka la ho
phedisana le babang. O keke wa kgona ho phela bophelo bohle o le mong kapa ntle le
leloko, baahisane mmoho le metsoalle.
Babasedisa (ba-ba-se-di-sa) // Ketsiso ya ho babasela.
Babasela (ba-ba-se-la) /painful/ Ho ba bohloko hoa leqeba kapa setho sa mmele.
15
16
Babatsa (ba-ba-tsa) /to praise/ Ho rorisa ka tsela e ntle. Ho bua hantle ka motho kapa
ntho e itseng.
Babatseha (ba-ba-tse-ha) /praise worthy/ E batlang thoriso. E ntle haholo e
loketsoeng ke pabatso kapa thoriso. (bap. rateha).
Babatsoa (ba-bats-wa) // Boetsuwa ba ho babatsa. (mm. babatswa).
Babedi (ba-be-di) /twosome/ Ba fetang bonngwe ka palo empa ba le ka tlase ho tharo
kapa boraro. Mael. Metsotso e jele babedi: nako e ile; nako e tsamaile haholo; nako e
se e re sihile haholo.
Babela (ba-be-la) /to be bitter for/ Ketsetso ya ho baba.
Babetse (ba-be-tse) // Bokgale ba ho babela.
Babisa (ba-bi-sa) /to cause to be bitter/ Ketsiso ya ho baba.
Babo (ba-baw) /their relatives/ Ba amanang le yena kapa bona. Bao eleng baamani le
mmuuwa kapa moetsuwa. Seemedi thuo se supang hore batho ke ba mmuuwa feela
ntle le ba bang. Seemedi se supang hore mmuuwa ke motho wa bo babuuwa. (bap.
wabo) (mm. wabo).
Babola (ba-bu-la) /clap/ Ho natha ka bokahare ba letsoho. Ho tlatsela ka boima ba
seatla. Ho natha ka thata ka letsoho.
Babotse (ba-bu-tse) // Bokgale ba ho babola. Nathile kapa shapile ka seatla.
Bacha (ba-cha) /youth/ Batho ba lemo tse tlase. Bongata ba mocha. Tlh. Lentsoe lena
le ka bongateng; bonngwe ba lona ke “mocha”. (bap. Mocha).
Badile (ba-di-le) /learned/ Bokgale ba ho bala.
Badile (ba-di-le) /learned/ Ya rutehileng. Ya ileng sekolong. Ya tsebang haholo.
Badimo (ba-di-mo) /gods/ Bao ho dumeloang ho bona ba shoeleng; bafu kapa mofu
eo ho nahanoang hore ona le seabo ho ba phelang; motho ya patiloeng lebitleng eo ho
dumeloang hore o na le matla ho ba phelang; moya wa mofu. /bon. Badimo/.
Badimo (ba-di-mu) /ancestors/ Batho kapa motho wa kgale ya sa pheleng ya
amanang le ya phelang, eo ho dumeloang hore o na le tshutshumetso mmoho le matla
ho ba phelang. /bon. badimo/ (bap. ledimo).
Badisa (ba-di-sa) /to help read/ Ketsiso ya ho bala. Ho thusa ho bala.
Badisisa (ba-di-si-sa) /to scrutinise/ Ketsisiso ya ho bala. Ho bala ka hloko.
Badisisa (ba-di-si-sa) /to read thoroughly, scrutinise/ Ho bala ka boikemisetso.
Baehlotse (ba-e-hlu-tsi) /contumacious, mulish/ Motho ya hlotseng keletso tsohle:
ya boemong ba ho se eletsoe kapa ba ho fuwa keletso; ya hlooho e thata ka ho fetisisa;
ya sa natseng keletso efe kapa efe. /bon. bobaehlotse/.
Baefese (ba-e-fe-se) /Ephesians/ Buka ya leshome ya bibele testamenteng e ncha.
Baesekele (bai-se-ki-le) /bycircle/ Sepalangoang se mabidi a mabedi se tsamaisoang
ka ho hata le ho sututsa tlhako (pedal) ya yona. /bob. Dibaesekele/.
Bafilipi (ba-fi-li-pi) /Philippians/ Buka ya leshome le motso o le mong (11) ya bibele
testamenteng e ncha.
Bagalata (ba-kga-la-ta) /Galatians/ Buka ya borobong (9) ya testamente e ncha ya
bibele, e lateloang ke buka ya Baefese.
Baheberu (ba-he-be-ru) /Hebrews/ Buka ya leshome le metso e robong ya bibele
testamenteng e ncha.
Baheso (ba-he-su) /my people, my compatriot, my relatives/ Batho ba amanang le
mmuwi kapa moetsi ka tsoalano, lelapa kapa bodulo ba sebaka, naha le boahisane.
Baji (ba-ji) /cheaters/ Ba qhekanyetsang ba bang. Ba jalletsang. Motho ya sebedisang
boqhekanyetsi bakeng sa ho fumana seo a se batlang. (sheb. moji bakeng sa
tshebediso) Mael. Le pele di na le baji: moo o yang teng o tla fumana ba bohlale
hofeta wena. Ho qhekanyetsoa ke babang pele.
16
17
Bajoa (baj-wa) /to freeze before riping/ Hoa semela: ho hatsela pele se butsoa; ho
hlaseloa ke mohatsela pele ho putso.
Baka (ba-ka) /reason, because of/ Seo eleng sona sesosa sa ketsahalo e itseng; seo
ketsahalo e itshetlehileng ka sona. Tlh. Lentsoe lena, “baka” le lateloa ke “la” ho
phethahatsa se boleloang. Mohl. Ka baka la. (sheb. lebaka bakeng sa tshebediso).
Baka (ba-ka) /to cause/ Ho etsa hore ketsahalo kapa ketso e itseng e etsahale; ho ba
sesosa sa ketsahalo kapa ketso.
Baka (ba-ka) /to be apologetic, to be sorry/ Ho itshoaya phoso. Ho se phete se sebe.
Baka (ba-ka) /to bake/ Ho etsa kuku kapa borotho. Ho sebedisa hlama ho etsa sejo
kapa bohobe ba koro.
Bakela (ba-ke-la) /cause troubles for/ Ketsiso ya ho baka.
Bakeng (ba-ke-ng) /instead of/ Ka lebaka la.Tlh. Hangata lentsoe lena le sebedisoa le
lateloa ke “sa” joalo ka “bakeng sa”.
Baki (ba-ki) /jacket/ Seaparo sa mmele o ka hodimo haholo se aparoang ke monna;
seaparo se boimanyana se aparoang ka ntle ho diaparo tse ding. /bon. dibaki/.
Bakile (ba-ki-le) /repentant/ Ya sa hloleng a etsa phoso kapa sebe. Bokgale ba ho
baka.
Bakisa (ba-ki-sa) /to spite/ Ho etsa ntho ka lebaka la ho utloisa bohloko. Ho utloisa
bohloko ka sepheo sa ho bontsha emong lebaka le itseng.
Bakisana (ba-ki-sa-na) /to compete vigorously/ Ho phehisana. Ho etsa kgang.
Bakolose (ba-ko-lo-se) /Colossians/ Buka ya leshome le metso e mmedi (12) ya
bibele testamenteng e ncha.
Bakorinthe (ba-ko-rint-he) /Corinthians/ Buka ya bosupa (7) le ya borobedi (8)
(bakorinthe ba bobedi) testamenteng e ncha ya bibele.
Bala (ba-la) /to read/ Ho bua le mongolo. Ho ya le se ngotsoeng bukeng, leqhepheng
kapa leboteng.
Bala (//) /to count/ Ho latellisa ka tatellano ya lenane ho tloha ho ya pele ho fihla ho
ya ho qetela kapa e qetellang.
Balabala (ba-la-ba-la) /to complain/ Ho bontsha ho sekgotsofale ka ho bua mantsoe a
tletlebo kapa a boipelaetso. Tem. Hangata lentsoe lena, “balabala” le sebedisoa ho
batho ba batshehadi hofeta ho ba batona. (bap. Komakoma).
Balakatha (ba-la-kat-ha) /exclamation: in he/she comes!/ Ho fihla ho sa lebelloa.
Bale (ba-li) /girls for initiation school/ Basetsana ba mophato wa lebollo. Ngoale ha
di le pedi kapa di feta bonngwe. Tlh. Lentsoe lena le sebedisoa le le ka bonngweng
hangata. (bap. ngoale).
Bale (ba-le) /those ones over there/ Lesupi le bontshang batho ba hole.
Balea (ba-le-a) /to escape/ Ho qoba ntho e itseng ka ho matha kapa ho tloha pela
yona ka lebelo. Tlh. Lentsoe le nepahetseng ke “baleha” hofeta “balea”.
Baleha (ba-le-ha) /flee, escape/ Ho tloha ka ho matha ka sepheho sa ho koekoetla.
Balehela (ba-li-he-la) /to ovoid/ Ketsetso ya ho baleha. Ho koekoetla.
Baleisa (ba-le-is-a) // Ketsiso ya ho baleha. Ho etsa hore ntho e balehe.
Balella (ba-lel-la) // Ho bala se sa tlamehang ho kengoa palong; ho bala mmoho le se
sa hlokahaleng.
Balla (bal-la) /to read for someone/ Ketsetso ya ho bala. Ho thusa ho bala.
Balleloa (bal-le-lwa) /be assisted to read/ Boetsuwa ba ho balella.
Balloa (bal-lwa) /to be counted for/ Ketsetso ya ho bala. Ho kenyeletsoa palong.
Baloa (bal-wa) /to be counted/ Ketsetso ya ho latellisa ka tatellano.
17
18
18
19
leleleng ke ho qoba tlhaloso ya lentsoe “reng” leo tlhaloso ya lona leleleng e fanang
ka moelelo o sa hlakang.
Baroma (ba-raw-ma) /Romans/ Buka ya botshelela ya bibele testamenteng e ncha.
Basadi (ba-sa-di) /oh dear!/ Lekgotsa le bontshang ho makala hoa mosadi kapa
motho e motshehadi. (bap. banna-we!).
Basele (ba-si-li) /different ones/ Seemedi qollo se bontshang batho bao ho buuwang
ka bona ka ho qolla: ba sa tshoaneng le rona kapa bona. Ba fapaneng le rona. Seqolli
se hlakisang batho bao ho buuwang ka bona ka ho kgetholla hara babang. (bap. osele)
Bata (ba-ta) /cold/ E sa futhumalang. E hlokang mocheso. E hatsetsang.
Bata (ba-ta) /hit with a stick/ Ho otla ka molamu kapa thupa hloohong.
Batalla (ba-tal-la) /to run smoothly/ Ho matha ntle le tshitiso. Ho matha haholo, ha
monate ntle le ho sitisoa.
Batana (ba-ta-na) /hit each other/ Ketsetsano ya ho bata: ho bata emong mme le
yena a bate ya mmatileng.
Batetsa (ba-te-tsa) /to cool off, chill, freeze, refrigerate/ Ho etsa hore ntho kapa
motho a hatsele: a hloke mocheso kapa mofuthu o batlahalang.
Batetsoa (ba-tets-wa) /chilled/ Boetsuwa ba ho batetsa. (mm. batetswa).
Bathesalonika (bat-he-sa-lo-ni-ka) /Thessalonians/ Buka ya leshome le metso e
meraro (13) ya bibele mmoho le ya leshome le metso e mene (14) eleng
bathesalonika ba bobedi testamenteng e ncha.
Batisa (ba-ti-sa) /cause to be cold/ Ketsiso ya ho bata. Ho etsa hore ntho e bate.
Batisitse (ba-ti-si-tse) /cooled/ Bokgale ba ho batisa.
Batisoa (ba-ti-swa) /cooling/ Boetsuwa ba ho bata kapa batisa. (bap. patiso).
Batla (ba-tla) /want, seek/ Ho shebana le ntho e sa fumanoeng kapa e ipatileng. Ho
shebana kapa ho tsoma nnete kapa bonnete ba ntho e itseng.
Batlahala (ba-tla-ha-la) /essential, mandatory, necessary/ Se hlokahalang: ho ba
boemong ba ho batloa. (bap. hlokahala).
Batlahale (ba-tla-ha-li) /unwanted, unnecessary/ E sa hlokahaleng; eo boteng ba
yona bo sa hlokoeng; e sebakeng ntle le ho batloa. Mohl. Ho ne ho sa batlahale hore
o ahlamise moloma hakana. Lehola ha le batlahale mona. Che kea utloa, empa taba
ya hao ha e batlahale. Ho rohakana ha ho batlahale, re batla dipuisono feela
mokgatlong mona. (bap. kgohlahetse, hlokahale).
Batlana (ba-tla-na) // Ketsetsano ya ho batla: ho batla ntho kapa motho mme le yena
a batle seo kapa ya mo batlang.
Batle (ba-tli) /don’t want to, refuse/ E sa rateng ho etsa ketso e itseng; ya hananang
le ketso kapa boemo bo itseng; ya kgahlanong le taelo kapa lebaka. Mohl. Ha ke
batle ho tsamaya bosiu. Ha re batle diketso tsa Mugabe. Ha a batle kgethollo ya
mmuso ona o fetileng.
Batle (ba-tle) /of people: beautiful, good or handsome/ Hoa batho: ba nang le
chebahalo e ntle ya sefahleho; ba tshobotsi e kgahlang mahlo; ba sebopeho se setle
haholo; ba mekgoa le diketso tse ratehang. Mohl. Bohle re batle mahlong a Modimo;
re batle haholo ha re apere diaparo tse ntle. (bap. motle, setle, botle, letle).
Batleha (ba-tle-ha) /wanted, needed/ E hlokahalang kapa e batloang: eo ka baka la
tlhokeho ya yona e batloang ke batho kapa ntho tse ngata.
Batlela (ba-tle-la) // Ketsetso ya ho batla: ho batla bakeng sa.
Batleloa (ba-tle-lwa) // Boetsuwa ba ho batla.
Batlile (ba-tli-le) /wanted, wished/ Bokgale ba ho batla.
Batlile (ba-tli-le) /almost/ Eo eleng sebopehong sa ho tshoana le; e atamelang le.
Batliloe (ba-tli-lwe) // Bokgale le boetsuwa ba ho batla. (mm. batlilwe).
19
20
20
21
BERE
Berebela (be-re-be-la) /to lock/ Ho notlela ka tshepe e thata. (bap. notlela).
21
22
22
23
Bile (bi-le) /moreso, moreover, on top of that, and/ Ho kenyeletsoa le; mmoho le;
hofeta moo. Mohl. Sehlopha sa batho ba rapelang mmoho ba bile ba kena kereke
kaofela.
Bina (bi-na) /to sing/ Ho etsa mmino ka molomo kapa seletsa.
Binaka (bi-na-ka) /beat badly/ Ho otla ha bohloko. Ho otla ha ngata.
Binakela (bi-na-ke-la) /thwack repeatly/ Ho otlaka kgafetsa. Ho natha ntle le
kgefutso. Ho mamola.
Bintsa (bin-tsa) /to cause to sing/ Ketsiso ya ho bina. Ho etsa hore ho binoe.
Binoa (bin-wa) /sung/ Boetsuwa ba ho bina.
Bipa (bi-pa) /to smother, refuse inhilation/ Ho fedisa phefumoloho ya mabele a
inetsoeng ka metsing ka ho a koahela bakeng sa ho etsa mmela; ho koahela mabela a
ngobisitsoeng hore a se utloe moya bakeng sa ho etsa mmela wa joala.
Bipa (bi-pa) /to be secretive/ Ho pata taba; ho se phatlalatse taba kapa lekunutu; ho
hana ho hlahisa pinyane.
Bipetsa (bi-pe-tsa) /to suffocate, choke, smother/ Ho koala moya. Ho etsa moya o
fele; ho koala moya ka ho kgama.
Bipetsoa (bi-pets-wa) /to be smothered/ Boetsuwa ba ho bipetsa.
Bipile (bi-pi-le) // Bokgale ba ho bipa.
Biri (bi-ri) /beer/ Jwala boo eseng ba setho bo entsoeng ka motsoako wa koro le
opose (hops) ebile bo babababa. /bon. dibiri/ (bap. Boranti, wisiki, jini).
Bito (bit-o) /to come out from the hole suddenly/ Ho tsoa mokoting hanghang.
Bitoha (bit-o-ha) /to erupt/ Ho tsoa mokoting kapa tlasa ntho e itseng hanghang.
Bitoloha (bit-o-lo-ha) // Ketsahalo ya ho bitoha.
Bitsa (bits-a) /to call/ Ho hoeletsa lebitso la ntho kapa motho; ho tlisa kopanong kapa
sebokeng ka ho bolella pejana. Ho tlisa motho kapa phoofolo haufi ka modumo wa
lentsoe kapa ka tsela e itseng.
Bitsana (bi-tsa-na) // Ketsetsano ya ho bitsa. Mael. Bana ba kgoale ba bitsana ka
molodi: moferefereng le bothateng bobong le bobong bana ba motho ba batlana mme
ba thusane.
Bitsetsa (bits-ets-a) /to spell words/ Ho hlalosa lentsoe le ngotsoeng ka ho ngola.
Bitsetsa (bits-ets-a) /to summon, solicit, supplicate/ Ho batlela motho batho bakeng
sa thuso e itseng. Ketsetso ya ho bitsa. Ho isa kgotla ka ho ngolla lengolo.
Bitsitse (bi-tsi-tse) /called/ Bokgale ba ho bitsa.
Bitso (bits-o) /same name/ Ho ba le lebitso le tshoanang le la motho e mong.
Bitsoa (bits-wa) /to be called/ Boetsuwa ba ho bitsa. Ho hoeletsoa. (mm. bitswa).
Bitsokunutu (bi-tso-ku-nu-tu) /password/ Palo e sebedisoang ho bula khomputa kapa
sesebedisoa ke mtho a le mong kapa ya nang le tokelo e joalo. /bon. dibitsokukutu/.
Bitsolla (bits-ol-la) /to call one’s name badly/ Ho bitsa lebitso la motho ka tsela e
mpe. Ho bitsa ka tsela e hlokang tlhompho.
Bjabjaretsa (bja-bja-rets-a) /to crush bone with teeth/ Ho thuba lesapo ka leino. Ho
choatla lesapo ka meno.
Bjabjaretso (bja-bja-re-tso) /crushing, breakage/ Ketso ya ho bjabjaretsa kapa ho
thuba lesapo ka meno a mohlahaare. (bap. pjapjaretso).
Bjaratsa (bja-rats-a) /to break with force/ Ho thuba ka leino ka matla.
Bjatla (b-ja-tla!) /exclamation: break!/ Lekgotsa le sebedisoang ho fana ka
modumo wa se thubehang ka ho wela fatshe. Mohl. Ya wela fatshe ya re bjatla!
Bjatlanya (bja-tlan-ya) /to throw down with force/ Ho lahlela fatshe ka matla.
Bo (bo) /names plurilizing prefix/ Sehlongoapele se etsang hore mabitso a batho a
be ka bongateng. Mohl. Chitja=bochitja, matshediso=bomatshediso, morui=bomorui
23
24
24
25
25
26
26
27
Bofelo (bu-fe-law) /an end/ Pheletso ya ntho kapa qetello ya yona. (bap. phello).
Boferekanyi (bo-fe-re-kan-yi) /terrorism/ Ketso ya ho ferekanya kapa ya
moferekanyi: ketso tsa motho ya bakang boemo ba pherekano, sephethephethe,
morusu, letshethetshethe, lejojo, mokutu le tlhokeho ya botsitso; mekgoa ya motho ya
chehang maraba a diqhomane ka sesupo le tumelo ya tokoloho ho ba direng; ketso tsa
motho ya ferekanyang kapa wa morero wa ho kopakopanya sechaba le naha ka
diketso tse akgang morusu. /bon. 0/ (bap. moferekanyi, pherekano).
Boferene (bo-fe-re-ne) /vagabonce/ Ho tsamaya ntle le moreho o tsebahalang.
Bofetoa (Bo-fet-wa) /spinstership/ Boemo ba ho se nyaloe kapa ho hloka monna.
Bofifi (bo-fi-fi) /mourning, bereavament/ Ketso ya ho ba bohlokong ka baka la lefu
kapa ho lahleheloa ke molekane kapa moratuwa.
Bofokodi (bu-fo-ko-di) /weakness/ Boemo ba ho hloka matla a mmele kapa kelello.
Bofolla (bo-fol-la) /untire/ Ho tlosa ntho e tlammeng kapa e thatetseng ntho e itseng.
Bofollisa (bo-fol-li-sa) /to help untire/ Ketsiso kapa ketsollo ya ho bofolla.
Bofubedu (bo-fu-be-du) /redish, redishness/ E mmala wa madi kapa lelakabe la
mollo o tukang.
Bofuma (bo-fu-ma) /poverty, destitute/ Boemo ba ho hloka kapa ho se be le letho;
boemo ba ho ba mokopakopa: ho ba motho ya kopang ka baka la tlhopheho.
Bofumahadi (bo-fu-ma-ha-di) /status of being Mrs/ Boemo ba ho ba mofumahadi
kapa mosadi wa morena. Boemo ba ho ba mosadi wa monna ya nyetseng ka molao.
Molekane wa monna emong. (bap. mofumahadi).
Bofumahatsana (bp-fu-ma-ha-tsa-na) /status of being a Miss/ Boemo ba ho ba
mosetsana ya so nyalloeng. (bap. mofumahatsana).
Bofutsana (bo-fu-tsa-na) /poverty/ Boemo ba ho futsaneha kapa ho ba mofutsana.
Boha (bo-ha) /stare/ Ho sheba, tadima kapa ho lebisa leihlo ketsahalong e itseng.
Bohadi (bo-ha-di) /groom’s dowry/ Tefo ya monyadi ho ba bo monyaduwa: se
lefelloang bakeng sa ngoanana kapa mosetsana ya nyaloang. /bon. mahadi/. Mael.
Ho thethesa bohadi: puisano e mabapi le tumellano ya dikgomo kapa tefo e amanang
le nyalo la moroetsana ke mohlankana. Mael. Ho hlabisa bohadi: mokete wa lenyalo
ka mora hore monyadi a qete tefello (bohadi) ho ba ha bo monyaduwa, oo ho ona ho
hlajoang kgomo mme ba bo mosadi le monna mmoho le bamemuwa ba keteke ka ho
etsa diketso tse amanang le keteko eo.
Bohadi (bo-ha-di) /dowry ceremony/ Mokete wa ho ntsha tefo ya lenyalo. Sekepele.
Bohahlaodi (bo-ha-hla-u-di) /tourism/ Ketso ya ho hahlaula kapa ya mohahlaudi: ho
tsamaya le dibaka tsa naha kapa lefatshe ka sepheo sa leeto. Tsebo ya dibaka tse
fapaneng tsa naha kapa lefatshe le tsohle tse ho lona. (bap. Bochaki).
Bohale (bo-ha-li) /cantenkerous, wild, sharp/ Ya sebopeho se halefileng kapa sa ho
halefa; hoa motho, ntho kapa phoofolo e hlokang kgotso; hoa sesebedisoa se sehang
ka bonolo kapa ka potlako. Mael. Mma ngoana o tshoara thipa ka bohaleng:
motsoadi e motshehadi wa motho o tshireletsa ngoana wa hae ka tsela tsohle tseo
anang le tsona le ha ho le thata joang.
Bohale (//) /heroism, legentary/ Boemo ba ho hlola ntoa. Diketso tsa mohale kapa
motho ya hlolang ntoa. (bap. mohale).
Bohanka (bu-ha-nka) /imperialism/ Mokgoa, tloalo kapa lepetjo la sehanka kapa
motho ya matla haholo; mokgoa wa mmuso o tloaetseng ho nkela mebuso e menyane
tseo e nang le tsona ka lebaka la matla a maholo. Tloaelo ya naha enngwe ya ho hapa
tseding ka lebaka la matla. (bap. sehanka).
Bohanyatha (bo-han-yat-a) /gigantism/ Boemo ba ho ba le mmele o moholo;
chebeho ya mmele wa sehanyatha.
27
28
28
29
29
30
30
31
31
32
32
33
33
34
34
35
35
36
36
37
37
38
38
39
39
40
Boitjalo (bo-it-jal-aw) /seed dispersal/ Ketso ya ho itjala kapa ho hlaha hoa semela
kapa sejalo ntle le ho jaloa. Boiketsi ba ho jala. (mm. Jala, jalaka, jalla, jadile,
jalajala, jalang, jetse, tjalo).
Boitjariso (bo-it-ja-ris-aw) /self commitment/ Ketso ya ho itjarisa kapa ho nka
moroalo ka bowena ntle le taelo. Boemo ba ho kena mathateng ka bowena kapa ho
kena tabeng tse boima ntle le ho laeloa. Boiketsi ba ho jara.
Boitjoetso (bo-it-jwe-tsaw) /self discipline/ Ketso ya ho itjoetsa kapa ho ikgalema ka
bowena ntle le tshutshumetso ya mang kapa mang. Boemo ba ho kgalema bowena ba
hao bo sa lokang. Boiketsi ba ho joetsa. /bon. Maitjoetso/
Boitlamahanyo (bo-itla-ma-han-yaw) /association, affiliation/ Ketso ya ho
itlamahanya kapa ho kgetha ho wela ho mokga o itseng ka bowena ntle le taelo;
boiketsi ba ho tlamahanya. (mm. Tlama, tlamme, tlamang, tlamo, tlamahanya).
Boitlamo (bo-i-tla-maw) /commitment, undertaking, vow/ Ketso ya ho itlama kapa
ho nka kano. Ketso ya ho dumela ho etsa ketso e itseng tlasa tumellano. Boiketsi ba
ho tlama. /bon. Maitlamo/ (mm. Tlama, tlamana, tlamolla, tlamme, tlamang,
tlamaka).
Boitlatlarietso (bo-i-tla-tla-ri-ets-aw) /nagging, complaning/ Ketso ya ho itlatlarietsa
kapa ho balabala lolololo. Boemo ba ho bua haholo. Boiketsi ba ho tlatlarietsa.
Boitlhahafatso (bo-itl-ha-fats-aw) // Ketso ya ho itlhahafatsa kapa ho iketsa bohale
ka lebaka le itseng. Boemo ba ho ikhalefisa. Boiketsi ba ho hlahafatsa. (mm. Hlaha,
hlahafala, hlahafatsa, hlahafetse, hlahafisa, tlhahafiso, tlhahafatso).
Boitlhahisetso (bo-itl-ha-his-ets-aw) /self producing/ Ketso ya ho itlhahisetsa kapa
ho etsa ka ho sibolla ntho ka bowena. Boiketsi ba ho hlahisetsa.
Boitlhahiso (bo-itl-ha-hi-saw) /manifestation/ Ketso ya ho itlhahisa: ho ba pontsheng
ya leihlo moo ho bonahalang mekgoa, sebopeho le boemo.
Boitlhahiso (bo-itl-ha-is-aw) /self appearing/ Ketso ya ho itlhahisa kapa ho hlaha ka
bowena ntle le ho batloa. Boiketsi ba ho hlahisa. (bap. boiponahatso).
Boitlhaloso (bo-itl-ha-lu-saw) /identification/ Ketso ya ho itlhalosa kapa ho hlalosa
bowena ba hao le morero wa hao. Boemo ba ho bontsha hore o mang, wa hokae;
boiketsi ba ho hlalosa. (mm. Hlalosa, hlolosetsa, hlalositse, hlalosang, tlhaloso).
Boitlhatlhobo (bo-itl-ha-tl-hu-baw) /self-analysis/ Ketso ya ho itlhatlhoba kapa ho
sheba phoso kapa dintle le dibe tsa hao. Boiketsi ba ho hlahloba.
Boitlhekefetso (bo-itl-hi-ki-fe-tso) /self inflicting/ Ketso yaho itlhekefetsa kapa ho
ikutloisa bohloko ka baka le itseng. Boiketsi ba ho hlekefetsa.
Boitlheketlho (bo-itl-hek-etl-haw) /self shaking/ Ketso ya ho itlheketlha kapa ho
tsitsinyeha ntle le ho etsisoa joalo. Ketso ya ho tjeka ka baka la mmino. Boemo ba ho
tsitsinyeha ka bowena. Boiketsi ba ho hlekehla. (bap. choachoaselo).
Boitlhetlheello (bo-itl-hetli-el-law) /overdosage/ Ketso ya ho itlhetlheella kapa ho
ipha dijo tse ngata hofeta tekanyo. Boiketsi ba ho hlehleella. (bap. bonyofu).
Boitlhobodiso (bo-itl-hu-bu-dis-aw) /self empoverishing/ Ketso ya ho itlhobodisa
kapa ho etsa hore o futsanehe ka bowena ka baka la ketso tse itseng. Ketso ya ho
hlobola diphahlo ka bowena. Boiketsi ba ho hlobodisa.
Boitlhoekiso (bo-itl-hwe-kis-aw) /purification/ Ketso ya ho itlhoekisa kapa ho tlosa
sekodi mmeleng ka ho hloekisa kapa ho hlatsoa ka ntho e itseng. Boiketsi ba ho
hloekisa. (mm. Hloekisa, hloekisitse, hloekisang, tlhoekiso).
Boitlhokomelo (bo-itl-haw-kom-el-aw) /self caring/ Ketso ya ho itlhokomela kapa
ho nka bohato ba ho thibela kotsi pele e hlaha ka bowena. Boemo ba ho ipaballa;
boiketsi ba ho hlokomela. (bap. boipaballo).
40
41
41
42
42
43
43
44
le mokgoa wa motho ya hlolehileng dithutong tsa hae ebile a etsa diketso tse mpe
haholo. Tlh. Lentsoe le nepahentseng ke “bokakalope” hofeta “boqaqalope”.
Bokako (bo-ka-ku) /frivolousness/ Ntle le ho tia kapa pontsho ya botio; tlhokeho ya
mafolofolo le botio. Ketso e bontshang hose be le thahasello kapa botio ba ketsahalo e
etsoang; mokgoa wa lekako.
Bokamorao (bu-ka-mu-ra-u) /back side/ Lehlakore le ka morao la mmele kapa ntho;
lefetodi la bokapele.
Bokamoso (bo-ka-mus-aw) /future/ Motsotso, motsotsoana, hora, letsatsi, kgoedi
kapa selemo se tlang. Nako e tlang. Nako e latelang e tlang ho fihla ka mora nakoana
e itseng. Boemo ba motho ha bo hlalosoa ho ya ka nako e tlang. (bap. Kamoso).
Bokana (bo-ka-na) /to gather/ Ho ba mmoho kapa kaofela. Ho ba teng nqa e le
nngwe kapa sebakeng seleseng. Ho kgobokana nqa e le nngwe.
Bokana (baw-ka-na) /to have sex with/ Ketsetsano ya ho boka. Ho robalana pakeng
tsa motho e motshehadi le e motona. (bap. Kotana).
Bokanqane (bo-ka-nqa-ne) /transparence, transparent, porosity/ E bonahalang
kapa e bonahatsang bokahare; eo le ha e le teng leihlo le kgonang ho bona bokahare
ba yona.
Bokantle (bu-ka-ntle) /crust, outside of/ Sebopeho sa ntho ha e shejoa kapa e
hlahlojoa kantle, ntle le bokahare ba yona; ponahalo eo leihlo le e bonang, e
pepeneneng. Lefetodi la bokahare.
Bokanya (bo-kan-ya) /unify/ Ho etsa hore batho kapa dintho di be sebakeng seleseng;
ho etsa hore batho kapa dintho di be mmoho sebakeng seleseng.
Bokaota (bo-ka-o-ta) /vagrant, rolling stone/ Boemo ba motho ya tsamayang
dibakeng tse ngata ntle le morero kapa sepheo sa bohlokoa. (bap. lekaota).
Bokapele (bu-ka-pe-le) /front side/ Lehlakore le ka pele la mmele kapa ntho;
ponahalo ya ntho ha e hlauwe ka pele. (bap. bomorao, bokamorao).
Bokebekoa (bo-ke-be-kwa) /crime/ Ketso ya motho ya phelang ka ho utsoa,
qhekanyetsa le ho hlekefetsa ho fihlella seo a se batlang. Mosebetsi wa sekebekoa
kapa motho ya utsoang le ho qhekanyetsa. (bap. Sekebekoa).
Bokeleme (bo-ke-le-me) /chicanery/ Ketso ya ho sebedisa puo ya ho jalletsa;
mosebetsi wa sekeleme kapa moqhekanyetsi. (bap. bokebekoa).
Bokeletsa (bu-ke-le-tsa) /accumulate, conglomerate/ Ho etsa hore dintho di be ngata
kapa di ngatafale. Ho eketsa ka ho ngatafatsa.
Bokella (bu-kel-la) /collect/ Ho etsa qubu kapa qhowa ya dintho. Ho thonaka ka ho
etsa bongata ba ntho. Ho nka ho tloha fatshe.
Bokella (bu-kel-la) /to assemble, to amass/ Ho etsa hore batho ba be bakeng
seleseng. Ho etsa hore batho ba be pitsong.
Bokeno (bu-ken-aw) /entrance/ Sebaka seo batho ba tsamayang ho sona ha ba kena
moahong o itseng. Lesoba la ho kena ka hare. (bap. Monyako, lemati, lehlafi).
Bokgobi (bo-kgo-bi) /sculpture/ Mosebetsi wa mokgobi kapa sekgobi. Ketso ya ho
bopa kapa ho etsa setshoantsho ka sefate, lejoe kapa ntho e itseng. Boemo ba ho betla
sefate, lejoe kapa ntho e itseng ho etsa setshoantsho. (mm. Kgoba, kgobile, kgobang,
kgobo, sekgobi, mokgobi) /bon. Bakgobi, dikgobi/.
Bokgabane (bo-kga-ba-ni) /gentlemanlike, gentleness/ Ketso ya ho ba kgabane kapa
ho bontsha tlhompho. Boemo ba mohlankana kapa monna ya ketso tse ntle kapa
mekgoa e metle. (bap. Kgabane) /bon. Makgabane/.
Bokgachane (bo-kga-cha-ni) /pregnancy/ Boemo ba ho ba le ngoana ka mpeng kapa
boteng ba bophelo ka popelong ya mosadi kapa motho e motshehadi. Boemo ba ho ba
moimana kapa ketso ya ho emara. /bon. 0/.
44
45
Bokgale (bo-kga-le) /past tense/ Ntho kapa ketso e etsahetseng nako e fitileng kapa
kgale. Ketsahalo ya polelo kapa maemo a ntho e etsahetseng kgale. Ketsahalo e
etsahetseng pele ho hona joale. Lentsoe le bontshang ketsahalo e etsahetseng kgale
kapa nako e fetileng. (bap. Bojoale).
Bokgeleke (bo-kge-le-ke) /good singing, stardom/ Ketso ya ho ba kgeleke kapa ya
ho tseba ho bina. Boemo ba motho ya tsebang ho bina. Ponahalo kapa tsebo ya ho
tuma ka baka la mmino kapa ho bua haholo. (mm. Kgeleketsa, kgeleketso, kgeleke).
Bokgoahlapa (bo-kgwa-hlap-a) /untidiness, carelessness/ Boemo ba ho ba
sekgoahlapa kapa motho ya bohlasoa. Tlhokeho ya makgethe kapa ho se ithate.
Bokgoahlapa (bo-kgwa-hlap-a)/negligence, disregard, oversight/ Mokgoa wa ho
baka diketso tse lebisang kotsing kapa tsietsing eneng e ka qojoa; boemo le tloaelo e
lebisang kotsing ka lebaka la bohlasoa ba moetsi. (bap. Sekgoahlapa).
Bokgoba (bu-kgaw-ba) /bondage/ Boemo ba lekgoba kapa motho ya sebedisoang ka
thata a sa lefjoe. Ketso ya ho sebetsa ka thata ntle le moputso. Mosebetsi wa lekgoba.
Bokgonatha (bu-kgu-na-tha) /stinginess, parsimonity/ Boemo ba motho ya
timanang haholo; motho ya sa faneng ka seo anang le sona le ha se le sengata.
Bokgoni (bo-kgo-ni) /capability/ Ketso ya ho kgona kapa ho tseba ho etsa ntho e
itseng ka bokgabane, boqhetseke kapa botle. (mm. Kgona, kgonahala, kgonne,
kgono).
Bokgonono (bu-kgaw-naw-naw) /scepticism/ Boteng ba pelaelo kapa ho se tshepe;
pohahalo ya ho tsilatsila kapa ho belaela. Boemo ba ho ba le lekgonono.
Bokgutshoanyane (bo-kguts-wan-yan-e) /shortness, in short/ Ketso ya ho ba
kgutshoanyane kapa ho hloka bolele. Boemo ba ntho kapa motho ya seemo seseng
seholo ho ya hodimo. Ka tsela eo eseng telele. (mm. Kgutshoanyane, kgutsufala,
kgutsufalo, kgutsofatso, kgutsufatsa, mokgutshoanyane).
Bokhalokhalo (bu-kha-lu-kha-lu) /pap crust/ Letlalo la bohobe le cheleng kapa le
tiileng. Letlalo la sejo se itseng ha se chele. /bon. makhalokhalo/.
Bokhokho (bo-kho-kho) /pap crust/ Letlalo la bohobe le cheleng kapa le tiileng;
letlalo la sejo se itseng ha se chele. /bon. makhokho/ (bap. bokhalokhalo).
Boko (baw-kaw) /brain/ Bokahare ba lehata kapa lesapo la hlooho moo ho nang le
lero seka sereledi seo eleng sona se ikarabellang bakeng sa ho nahana, utloa, bona,
thetsa, rera, kapa ho bontsha diketso tsa motho kapa phoofolo e phelang. /bon.
maboko/.
Bokoala (bo-kwa-la) /cowardice/ Boemo ba lekoala kapa motho ya tshabang ho
loana kapa ho ya ntoeng. Ponahalo ya tshabo ya ho ithaopa kapa letsoalo la ho etsa
ketso e itseng. Mosebetsi kapa boemo ba lekoala.
Bokoata (bo-kwa-ta) /barbarism, uncivilised act/ Boemo ba koata kapa motho ya
etsang diketso tse sa tsamaisaneng le sejoalejoale. Ketso ya ho etsa ntho tsa sekgale
kgale, kajeno. (bap. koata, leqaba).
Bokoeta (bo-kwi-ta) /hijacking/ Ketso ya sekoeta kapa motho ya nkang motho
emong ka mahahapa. Boemo ba ho koetela kapa ho nka ntle le tumello. (bap.
Sekoeta).
Bokolla (bo-kol-la) /to cry/ Ho bontsha bohloko ka ho ntsha keledi kapa ho hoeletsa
haholo. Ho lla haholo ha bohloko. (mm. Seboko) /bon. Diboko/.
Bokollisa (baw-kawl-li-sa) /cause to cry/ Ketsiso ya ho bokolla.
Bokoma (bo-ko-ma) /an act of being a traditional healer/ Boemo ba ho ba mokoma
kapa motho ya fodisang wa setho ka ho sebedisa mothokgo kapa taola. Boemo ba
mokoma. Phodiso ka ho laola le tshebediso ya moriana wa setho. Boemo ba ho ba
mokoma kapa ngaka e laolang ka masapo le ho sebedisa methokgo. Boemo ba ho ba
45
46
nkgekge kapa ngaka ya setso e sebedisang ditaola kapa moriana wa setho. (bap.
mokoma, lethuela).
Bokomonisi (bo-ko-mo-ni-si) /communism/ Mokgoa, tumelo le moetlo o
sebedisoang ke lekomonisi kapa motho wa naha ya makomonisi. Moetlo wa ho beha
maruo a naha mmusong le batho ba teng. (bap. lekomonisi).
Bokopa (bo-kop-a) /without tail/ E hlokang mohatla. E senang mohatla kapa mosela.
Bokudi (bo-ku-di) /sickness, illness, ailment/ Boemo ba hose be monate mmeleng
kapa kelellong. Tlhokeho ya ho phela hantle. Bosio ba mafolofolo kapa matjato.
Bokuduba (bo-ku-du-ba) /horse, camel or donkey dung/ Masepa a pitsi, koatola,
pokola, pere, kamela kapa leloka le lelapa la phoofolo tsena. /bon. makuduba/ (bap.
bolokoe, kgapane, sesu).
Bola (bo-la) /to get rotten, to decompose/ Ho etsa hore ntho e lahle boleng ba yona
ka ho senyeha kapa ho fetola sebopeho se setle. Ho etsa hore ntho e nkge ka baka la
ho hloka bophelo bo botle kapa bokgale.
Bolacha (bo-la-cha) /simple/ Ka tsela e bobebe kapa e bobebo. Ka tsela e bonolo e
hlokang bothata. Ha bonolo ntle le tshitiso.
Boladu (bo-la-du) /pus, purulence/ Madi a bodileng a leqeba. Metsi, seka lero, a
hlahang mmeleng e le pontsho ya bokudi ba leqeba kapa mmele. /bon. 0/ Mael. Ho
phunya seso se tsoe boladu: ho bua taba ntle le ho potoloha kapa ho tsilatsila.
Bolaisa (bo-la-is-a) /to lead into troubles/ Ho kenya kgathatsong kapa ho isa
bothateng kapa boemong ba ho otloa kapa ho fenethoa.
Bolaisoa (bo-la-is-wa) // Boetsuwa ba ho bolaisa.
Bolakara (bo-la-ka-ra) /candle holder/ Sesebedisoa se tshoarang lebone kapa ntho e
kgantshang. /bon. mabolakara/.
Bolala (bo-la-la) /vagabonce/ Boemo ba ho ba selala kapa ho dula le ho tsamaya
hohle ntle le sepheo kapa morero o tsitsitseng.
Bolala (bo-la-la) /that one over there/ Lesupi le bontshang ntho e hole e qalang ka
tlhaku “B” ; lentsoe le sebedisoang ho supa ntho e hole ka ho toboketsa. Mohl. Ke
batla boleke bolala. Mphe bohobe bolala. Ke tsamaya le bolala bo mane.
Bolao (bo-la-o) /habitat/ Sebaka seo phoofolo kapa ntho e itseng e dulang ho sona
kapa teng; sehaelo sa phoofolo kapa ntho e itseng. (bap. selao).
Bolapa (bu-la-pa) /nepotism/ Tloaelo ya ho etsetsa ba lelapa botle, haholo ka ho ba fa
mosebetsi o lefang tshebeletsong tsa mmuso kapa tsamaiso. /bon. 0/ (bap. selelapa).
Bolaya (bu-la-ya) /to kill/ Ho fedisa bophelo ba motho kapa ntho e phelang. Ho tlosa
bophelo kapa ho etsa hore motho kapa ntho e phelang e shoe. Mael. Mpa tshehla ha e
bolaye: ha feela motho a jele a kgotshe, tseding ha di hlokahale.
Bolebadi (bo-le-ba-di) /amnesia/ Lefu le bakang ho lahleheloa ke kgopolo e kgolo;
boemo ba molebadi; ho se hopole se etsahetseng ka botlalo. (bap. tebatso, tebalo)
Bole (bo-le) /that one/ Lesupi le bontshang ntho e hole e qalang ka tlhaku “B”.
Lentsoe le sebedisoang ho supa ntho e hole. Mohl. O bua ka bohobe bole.
Boledisa (bo-le-dis-a) /to advertise/ Ho pepesa ntho e itseng ka sepheo sa hore e
rekoe kapa e rekisoe. Ho hoebisa ka ho bua ka ntho hore e rekoe.
Bolehe (bo-le-he) /stupidity/ Boemo ba selehe kapa motho ya hlokang bohlale kapa
tlhalefo ka ketso tsa hae. Ketso tse hlokang tjantjello kapa mafolofolo. (bap. Selehe)
Bolekana (bo-le-ka-na) /small tin/ Lebekere le lenyane le sebedisoang ho tshela ntho,
haholo tse metsi, kapa tse ka tsheloang. /bon. malekana/.
Bolekane (bu-le-ka-ni) /friendship, covenant, alliance/ Setsoalle kapa botsoalle bo
tiileng bo etsoang ke batho, dinaha kapa mekgatlo. Tshepiso enang le tiisetso e
46
47
47
48
48
49
49
50
50
51
Bonolo (bu-naw-law) /unsophisticated, tame/ Ketso tsa motho kapa phoofolo tse
hlokang bohale kapa bothata. Motho ya ikokobeditseng. (bap. hlaha).
Bononnori (bo-non-no-ri) /nomadism, of a nomadic/ Ketso ya senonnori kapa
motho ya tsamayang hohle a sa dule sebakeng seleseng ka baka la mosebetsi wa hae o
itseng. (bap. Senonnori).
Bonono (bu-nu-nu) /art/ Tsebo e ikgethang ya ho etsa eng kapa eng; boqhetseke ba
ho etsa se itseng hofeta bongata ba batho.
Bonono (bo-no-no) /that one over there/ Lesupa le bontshang ntho e hojana eo
lebitso la yona le qalang ka tlhaku “B” ka ho toboketsa.
Bontsha (bo-nts-ha) /to show/ Ketsiso ya ho bona. Ho etsa hore motho kapa ntho e
itseng e lebise mahlo ho ntho e itseng. (mm. Bona, bonana, bone, bonoa, bonang,
pontsho, pono, ponahalo).
Bonotshi (bo-nots-hi) /oneness/ Ntle le batho kapa ntho tse ding. Bowena feela ntle
le motho kapa ntho e itseng. (bap. Bodutu).
Bonthiti (bont-hi-ti) /blundness/ Hoa thipa kapa lerumo: e hlokang motsu; e hlokang
bohale ba ho seha kapa ho hlaba; e sa seheng hantle.
Bonya (bon-ya) /to smile intimatly/ Ho tsheha hanyane ka ho bontsha lerato. Ho
bososela ka tsela e bontshang taba e itseng. (bap. Bobotheha).
Bonyane (bon-ya-ne) /dimunitiveness/ Ketso ya ho ba nyane kapa ho ba ka tsela e
nyenyefatsang. Tlhokeho ya boholo. (bap. Mmaloa).
Bonyane (bon-ya-ni) /at least/ Ka mokgoa kapa tsela enngwe e itseng ntle le e
kgethiloeng. Ka tsela e bobebe, e hlokang bothata. Mohl. Bonyane o ke be o kgethile
lebese hona le hore o noe joala. O ke be o thotse bonyane hona le hore o bake lerata.
Bonyatsi (bon-ya-tsi) /adultery/ Mokgoa wa nyatsi kapa motho ya ratanang le
mosadi kapa monna wa motho emong yena a nyetse kapa a nyetsoe. Lerato la motho
ya nyetseng le mosadi kapa monna eo eseng wa hae. (bap. Nyatsi, bofebe).
Bonyenyane (bon-yen-ya-ne) /smallness/ Ketso ya ho ba nyenyane kapa ho hloka
boholo ba sebopeho.
Bonyesemane (bon-yi-si-ma-ni) /English like/ Ketso, mokgoa le sebopeho sa
lenyesemane kapa moahi wa naha ya England. Tloaelo ya moahi wa Britain. (bap.
senyesemane).
Bonyofonyofo (bun-yaw-fawn-yaw-faw) /gluttony/ Ketso ya ho ja haholo kapa
boemo ba senyofu. Ketso ya ho nyofa. Boemo ba lenyofonyofo kapa motho ya jang
haholo. (bap. senyofu, lenyofonyofo, lenyolonyolo, manyofonyofo).
Bonyofu (bon-yo-fu) /gluttony/ Ketso ya ho ja haholo kapa boemo ba senyofu. Ketso
ya ho nyofa. Boemo ba lenyofonyofo kapa motho ya jang haholo. (bap. senyofu).
Bonyolonyolo (bon-yaw-lawn-yaw-law) /of slandering, cabalism/ Boemo ba
lenyolonyolo: motho ya hlokang nnete ka ho iketsa eka o wa tseba empa ho sejoalo;
motho ya fetolang nnete ka tsela ya hae kapa e utloisisoang ke yena fela. (bap.
lenyolonyolo) Tem. Mantsoe “bonyolonyolo” le “bonyofonyofo” ha a bolele ntho tse
tshoanang.
Boo (bo-o) /exclamation: please stop!/ Lekgotsa le bontshang hore ketso e itseng e
tlameha ho emisa. Mohl. Butleng boo! Ha e lale boo! Che boo!
Bookamedi (bo-uka-me-di) /management, leadeship/ Boemo ba mookamedi kapa
motho ya moholo mosebetsing o itseng wa letsema. Ketso ya ho okamela batho
mosebetsing, sebokeng kapa femeng. (bap. mookamedi).
Bookelo (bu-aw-ke-law) /clinic/ Sebaka se senyane seo bakudi ba okeloang teng;
sebaka sa batho ba kulang kapa ba lemetseng se senyane. (bap. kalafong).
51
52
52
53
53
54
54
55
55
56
Bosebi (bu-se-bi) /crime/ Tloaelo ya ho utsoa le ho nka dintho ntle le tumello; ketso
ya ho seba: mosebetsi wa ho utsoa kapa ho choatla moaho bakeng sa ho nka tse
kahare le ho qhekanyetsa batho ka dikgoka ho ba nkela tsa bona. (bap. tshebo).
Bosedi (bu-se-di) /carefulness, meticulousness/ Ketso ya ho ba sedi kapa maikutlo a
kelohloko e kgolo. Ketso ya ho hlokomela se etsahalang kapa se etsoang.
Bosefesefe (bo-se-fe-se-fe) /porosity/ Boemo ba ho ba sefesefe kapa ho kena metsi
kapa moya dipakeng tsa ntho e itseng. (bap. Sefe, dutla).
Bosehla (bo-se-hla) /yellowish/ Boemo ba mmala wa mothoebe o hlakileng wa lehe
kapa kopanyo ya botala le mmala wa namuni. (bap. Tshehla). Mael. Ho latola
bosehla: ho hana ka botlalo; ho hana nyenyenye.
Boseka (bo-se-ka) /cable/ Thapo e kgolo e tsamaisang motlakase. /bon. Maseka/
Bosekana (bo-se-ka-na) /wire/ Thapo e sesane (tshetshane) eo hangata e sebedisoang
le disebedisoa tsa motlakase.
Bosele (bu-se-le) /different one/ Seemedi qollo se emelang mantsoe kapa mareho a
qalang ka “B”. Seqolli se hlakisang ntho eo ho buuwang ka yona ka ho kgetholla hara
tse ding. Ntle le bo bong. Mohl. Bohobe bosele. Botle bosele, jj.
Bosesane (bo-si-sa-ni) /narrowness/ Boemo ba mmele kapa sebopeho se hlokang
botenya kapa boholo.
Bosesanyane (bo-si-san-ya-ni) /lankiness, thinness/ Tlhokeho ya botenya le bophara
ba mmele kapa sebopeho sa ntho e itseng. Ho ota. (bap. Moketa).
Bosesi (bo-se-si) /swimming/ Ketso ya ho sesa: ho kena metsing a mangata kapa ho
bapala metsing ntle le ho kgaqa. Ketso ya ho phaphamala hodima metsi kapa ho
tsitsinyeha ka hodima metsi ntle le ho kgaqa; ho tsamaya metsing ka mpa le ho
sebedisa matsoho ho thibela ho qoela.
Boshako (bo-sha-ku) /fallacious, fallacy/ Ketso ya leshano; tlhokeho ya nnete kapa
bonnete. Tlh. Lentsoe le nepahetseng ke “boshano”. (bap. leshano).
Boshano (bo-sha-nu) /untruthfullness, lie/ Ketso ya leshano; tlhokeho ya nnete kapa
bonnete. Tlh. Lentsoe le nepahetseng ke “boshano” hofeta “boshako”. (bap. leshano)
Boshemane (bo-she-ma-ne) /boyishness/ Mokgoa le sebopeho sa moshemane kapa
motho e motona ya so beng monna kapa ntate. (bap.bohlankana, seshemane).
Boshoabotsheha (bu-shwa-buts-he-ha) /die-smiling-person/ Motho kapa ntho e
shoang e bososela kapa e tsheha. /bon. mashoaatsheha/ (bap. bojabotsheha).
Boshodu (bo-sho-du) /theft, stealing/ Boemo ba motho ya nkang tseo kapa seo eseng
sa hae ka tsela e sa amoheleheng kapa eseng molaong. Mosebetsi wa leshodu kapa
motho ya utsoang. (bap. Leshodu).
Boshodu (bo-sho-du) /stinginess/ Boemo ba ho tima dijo kapa ntho e itseng. Ketso ya
ho ba lekgonatha. (bap. moharo).
Bosio (bo-si-aw) /absence/ Tlhokahalo kapa ho se be teng hoa motho kapa ntho e
itseng. Ho se tholahale. Ketso ya ho ba sio kapa ho se be teng. Tem. Mmadi a
hlokomele hore mantsoe, “bosio” le “bosiu” a na le tlhaloso e fapaneng haholo.
Bosiu (bo-si-u) /night/ Nako eo letsatsi le diketseng ka yona; nako ka mora shoalane
ha letsatsi le diketse kapa ho le lefifi ho isa hoseng pele letsatsi le chaba. (bap.
shoalane, meso) Tem. Mmadi a hlokomele hore mantsoe, “bosio” le “bosiu” a na le
tlhaloso e fapaneng haholo.
Bosoasoi (bu-swa-swi) /joke, joking/ Ketso ya ho soasoa kapa ho etsa motlae. Puo e
hlokang botio; puo e tshehisang. (mm. Boswaswi).
Bosoe (bo-swe) /dampness/ Boteng ba mongobo kapa metsi nthong e itseng; boemo
bo metsi. (bap. lesoe, mongobo). (mm. boswe).
56
57
57
58
58
59
59
60
60
61
61
62
62
63
63
64
Ccc
PALE:
Tlhaku ya boraro (3) Sesothong. Re ka re ena le dikgang (controversy) hobane batho
ba neng ba re ba nchafatsa Sesotho ba ile ba e fetolela ho “tj”. Lebakabaka e le
ho kgotsofatsa (appease) Bakone (nguni speaking people) hobane tlhaku ena e
bitsoa ka tsela e nngwe ho morabe wa Bakone. Hantlentle, ha ho lebaka la hore
e se sebedisoe. Hape, ha ho lebaka la hore e bitsoe “tj” le utloahalang. Ebang
ho fosahetse ho Mosotho ho sebedisa “C”, bo-Mochochoko, Chitja, Chomane
Chomane, mochochonono le ba bang, ba tlameha ho fetola mabitso a bona ho
bo-motjhotjhoko, tjhomane tjhomane. Ho salang ke hore “C” etla dula e le teng
Sesothong hobane e nepahetse, ha ho phoso ka yona. Etsoe le Basotho ba Leboa
ba a e sebedisa mantsoeng a mangata. Sesotho se etseditsoe Basotho eseng
baqapi ba Sesotho ba dichaba. Le ha hole jwalo, mantswe a qalang ka “tj” a
kenyeleditswe patlamantsweng ena ho etsa hore mmatli wa mantswe a seke a
sokola.
C (si).
Cha (cha) /burn/ Ho otloa ke mollo. Ho utloa mocheso wa lelakabe kapa mofuthu o
moholo wa mollo. (mm. Tjha).
Chaba (cha-ba) /of sun (to rise)/ Ho hlaha hoa letsatsi bochabela. (mm. tjhaba).
Chaba (cha-ba) /of male animal: white face with black, yellow or red body/ Hoa
mmala wa phoofolo: e hlooho kapa sefahleho se sesoeu le mmala wa mmele o
motsho, kapa o mosehla, kapa o mokgunong. (mm. tjhaba).
Chabana (cha-ba-na) /white face with black, yellow or red/ Hoa mmala wa
phoofolo e tshehadi: e hlooho kapa sefahleho se sesoeu le mmala wa mmele o
motsho, kapa o mosehla, kapa o mokgunong. (mm. tjhabana).
Chabela (cha-be-la) // Ketsetso ya ho chaba. (mm. tjhabela).
Chabeloa (cha-be-law) Boetsuwa ba ho chaba kapa ho chabela. (mm. tjhabelwa).
Chabetse (cha-be-tse) // Ketsetso le bokgale ba ho chaba. (mm. tjhabetse).
Chabetsoe (cha-bets-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho chaba. (mm. tjhabetswe).
Chabile (cha-bi-le) /of the sun: shining/ Ketsahalo ya ho chaba. Ho hlaha hoa
letsatsi kapa boteng ba letsatsi. Ho bonahala hoa kganya ya letsatsi. (mm. tjhabile).
Chabisa (cha-bi-sa) // Ketsiso ya ho chaba. (mm. tjhabisa).
Chabisoa (cha-bi-swa) // Boetsuwa ba ho chaba. (mm. tjhabiswa).
Chachametsa (cha-cha-me-tsa) /run swiftly/ (sheb. Chalametsa).
Chachametso (cha-cha-me-tso) // (sheb. Chalametso bakeng sa tshebediso).
Chacharo (cha-cha-raw) /trouncing, beating, to give a hiding/ Ketso ya ho shashara
kapa ho hlola ka ho shapa ha bohloko pontsheng. Ketso ya ho otla ha bohloko ka ho
tlontlolla pontsheng ya bohle. Ho otla ka tsela e phoqang ya shatjoang kapa ya
otloang. (mm. tjhatjharo).
64
65
65
66
Chakelo (cha-ke-law) /visitation, visit/ Ketso ya ho chaka kapa ho etela motho kapa
ntho e itseng. Ho ya sebakeng se itseng ka sepheo sa ho bona kapa ho kopana le
mangmang. (mm. Tjhakelo).
Chakisa (cha-ki-sa) /to make a visit/ Ketsiso ya ho chaka. (mm. tjhakisa).
Chakisoa (cha-ki-swa) // Boetsuwa ba ho chaka. (mm. tjhakiswa).
Chalaka (cha-la-ka) /roam/ Ho tsamaya ka sepheo sa ho sheba kapa ho batlisisa se
etsahalang. Ho batla taba ka ho sollaka. (bap. Solla, tshetshetha ) (mm. tjhalaka).
Chalakaka (cha-la-ka-ka) // Phetako ya ho chalaka. (mm. tjhalakaka).
Chalametsa (cha-la-me-tsa) /to go in and out, here and there/ Ho tsamaya ka ho
kena le ho tsoa mona le mane ka sepheo se sa tsejoeng. (mm. tjhalametsa). Tem.
Batho babang ba sebedisa lentsoe, “chachametsa” bakeng sa “chalametsa”.
Chalametso (cha-la-me-tso) /going in and out, here and there/ Ketso ya ho
chalametsa: boemo kapa mokgoa wa ho tsoa le ho kena le ho ya mane le mona ntle le
botsitso. (mm. tjhalametso, tjhatjhametsa, tjhathjametso).
Chankana (cha-nka-na) /jail, prison/ Sebaka seo ho koalloang motshoaruwa kapa
moo setlokotsebe se koalloang teng. Moaho wa batho ba tlotseng molao kapa ba
ahlotsoeng lekgotleng la dinyewe ka baka la tlolo ya molao. (bap. teronko) (mm.
tjhankana) /bon. dichankana/.
Chalakile (cha-la-ki-le) // Bokgale ba ho chalaka. (mm. tjhalakile).
Chalakisa (cha-la-ki-sa) // Ketsiso ya ho chalaka. (mm. tjhalakisa).
Chalakisitsoe (cha-la-ki-sits-we) // Bokgale le boetsuwa ba ho chalaka. (mm.
tjhalakisitswe).
Chalakisoa (cha-la-kiswa) // Boetsuwa ba ho chalaka. (mm. tjhalakiswa)
Chalako (cha-la-kaw) /roaming/ Ketso ya ho chalaka kapa ho tsamaya hohle ka
sepheo se itseng. (mm. tjhalakiswa).
Chanotso (cha-nuts-aw) /falsification, refutability/ Ketso ya ho shanotsa kapa ho
bontsha hore ntho e itseng e hloka bonnete; ho ntsha leshano le buuwang ka ho
hlalosa nnete; ho lokisa puo e hlokang nnete kapa bonnete; ho bontsha emong hore
seo a se etsang ha se sona. Boemo ba ho supa tlhokeho ya nnete. (mm. tjhanotso).
Chapaletsa (cha-pa-lets-a) /perjure/ Ho bontsha phetoho tshepisong e entsoeng
pejana; ketsetso ya ho chapatsa.
Chapaletso (cha-pa-lets-aw) // Ketso ya ho chapaletsa. (mm. tjhapaletso).
Chapano (cha-pa-naw) // Ketso ya ho shapana: ho shapa emong mme le yena a shape
ya mo shapang. (mm. tjhapano).
Chapatsa (cha-pa-tsa) /perjure/ Ho bontsha phetoho tshepisong e entsoeng pejana:
ho bua leshano ka mora ho tshepisa ho bua nnete.
Chapatso (cha-pa-tso) /perjury/ Ketso ya ho chapatsa: puo e hlokang nnete; puo e
hananang le tshepiso e entsoeng pejana.
Chapello (cha-pel-law) /indiscriminate beating/ Ketso ya ho shapella: ho otla ntle le
ho kgetholla kapa ho natha le motho kapa ntho e hlokang molato. Ho otla kaofela ntle
le kgethollo.
Chapo (cha-paw) /beating, to give a hiding, thwacking/ Ketso ya ho shapa: ho natha
ka ho utloisa mmele kapa setho sa mmele bohloko; ho mula ka thupa kapa phafa; ho
shashara ka letsoho; ho kgitla ka molamu; ho hlola ka papadi; mamola ka seatla kapa
ka setebele. (mm. tjhapo).
Chata (cha-ta) /to make marriage ceremony/ Ho etsa mokete wa lenyalo. Ho nka
molekane ka ho etsa mokete wa lenyalo. (bap. nyala) (mm. tjhata).
66
67
67
68
68
69
69
70
Chifona (chi-fo-na) /rural youth night party/ Timiti ya bacha ba mahaeng. Mokete
wa bosiu wa bacha ba metsaneng.
Chitja (chit-ja) /oval like, round/ E sebopeho se sedikadikoe; e nang le mahlakore a
senang sekgutlo kapa lekgutla. (bap. sedikadikoe) (mm. tjhitja).
Chitja (chit-ja) /without horns, hornless/ Hoa kgomo: e hlokang manaka kapa e
senang manaka. Hoa thaba: e sedikadikoe. (mm. tjhitja).
Chitjana (chit-ja-na) /of a cow: hornless/ Hoa kgomo e tshehadi: e hlokang manaka;
eo manaka a yona a leng sio; e hlooho e hlokang manaka. (mm. tjhitjana).
Cho (chaw) /say/ Ho tla ka taba; ho bua hona joale. (bap. Echo) (mm. tjho).
Chochoasedisa (chwa-chaw-se-di-sa) // Ketsiso ya ho choachoasela kapa ho etsa hore
leqeba le be bohloko. Ho etsa hore motho a tsitsinye mmele bakeng sa mmino.
Choachoasela (chwa-chwa-se-la) /dance, jive/ Ho thothometsa mmele kapa ditho tsa
mmele bakeng sa mmino. Ho fochosela bakeng sa mmino wa diletsa. Ho tjeka ka
lebaka la pina kapa mmino. (bap. Mohobelo, mokgibo) (mm. tjhwatjhwasela).
Choachoasela (chwa-chwa-se-la) /painful/ Ho ba bohloko haholo hoa leqeba.
Choachoaselo (chwa-chwa-sel-aw) /painfulness/ Ketso ya ho choachoasela kapa ho
utloa bohloko bo boholo hoa leqeba. (mm. tjhwatjhwaselo).
Choachoaselo (chwa-chwa-sel-aw) /dancing/ Ketso ya ho choachoasela kapa ho
tsitsinya mmele ka ‘baka la mmino wa diletsa. (mm. tjhwatjhwasela).
Choatla (chwa-tla) /break, crash/ Ho petsola ka ho otlanya fatshe kapa ka ho otla ka
ntho e boima. (bap. Thuba, tletleranya) (mm. tjhwatla).
Choatleha (chwa-tle-ha) /breakable/ Ketsahalo ya ho choatla. Boemo ba ho thubeha
kapa ho petsoha ka dikoto. (bap. thubeha) (mm. tjhwatleha).
Choatleho (chwa-tle-haw) /breakage, breaking/ Ketso ya ho choatleha: mokgoa wa
ho thubeha kapa ho petsoha ka dikoto.
Choatlo (chwa-tl-aw) /breakage/ Ketso ya ho choatla kapa ho arola ka ho thuba ntho
e itseng. (bap. thubo) (mm. tjhwatla).
Chobachoba (chaw-ba-chaw-ba) /devious, evasive/ Ho hloka botsitso ka ho se arabe
potso hantle; ho se dulesehe sebakeng seleseng. (mm. tjhobatjhoba).
Chobachobo (chaw-ba-chaw-baw) /deviousness/ Ketso ya ho chobachoba kapa ho
hloka botsitso ka ho se arabe potso hantle kapa ho se dulesehe sebakeng seleseng.
Chobe (cho-be!) /exclamation: sudden disappearance/ Lekgotsa le bontshang ho
nyamela hoa ntho e itseng ka potlako, mokoting kapa hara ntho e itseng. Ho nyamela
hanghang mokoting kapa poteletsaneng. (bap. nyame!) (mm. tjhobe!).
Chobediso (chu-be-dis-aw) /elopment/ Ketso ya ho shobedisa kapa ho nka ngoanana
ke mohlankana ka sheshe ho mo etsa mosadi. Ho nka ka dikgoka. Ho nka motho wa
mosetsana ka dikgoka ho ya mo etsa mosadi. (bap. koetela) (mm. tjhobediso).
Chobela (chaw-be-la) /disappear/ Ho nyamela ka mokoting kapa hara ntho e itseng
ka potlako. Ho kena poteletsaneng. (bap. nyamela) (mm. tjhobela).
Chobelo (chu-be-law) /elopment/ Ketso ya ho shobela kapa ho tsamaya hoa
ngoanana le mohlankana ka sepheo sa ho dula mmoho, joalo ka monna le mosadi ntle
le tumello ya batsoadi. Lenyalo le sa hlohonolofatsoang ke batsoadi. (bap. kwetelo).
Chobola (chaw-bu-la) // Ho bua hampe le motho ka ho se bontshe tlhompho le kgetho
e ntle ya mantsoe. (mm. tjhobola).
Chobolo (chaw-baw-law) /wild woman/ Motho e motshehadi ya sa tsebeng ho bua
hantle le batho. Motho eo kgetho ya hae ya mantsoe e hlokang tlhompho.
Chobolo (chaw-baw-law) /rudeness/ Ketso ya ho chobola: pontsho ya puo e mpe
kgahlanong le motho emong; tshebediso ya mantsoe a mabe kgahlanong le motho;
bohale bo hlokang kelello. (bap. Bochobolo).
70
71
71
72
72
73
Ddd
PALE:
Tlhaku ya bone (4) ya Sesotho. Baqapi kapa bangodi ba pele ba Sesotho ba ne ba
nahana hore tlhaku “D” ha e sebediswe ka Sesotho. Ha se nnete. Tlhaku ya bone ya
puo ya Sesotho e ya sebediswa. E sebediswa ke Basotho mantsweng a mangatahadi
jwalo ka: disa, dutla, dula, duba, diabolosi, dikanyetsa, jwalo jwalo. Batho ba
ngangellang hore tlhaku ena ha e sebediswe Sesothong ba phelekanyeditswe
(indoctrinated) ke badichaba ba neng ba ngola Sesotho ka mora selemo sa 1833!!
D (di) //.
Daniele (ta-ni-e-le) /Daniel/ Buka ya bibele ya bomashome a mabedi le metso e
tsheletseng (26) testamenteng ya kgale.
Deuteronoma (di-ute-raw-naw-ma) /deuteronomy/ Buka ya bohlano (5) ya bibele
testamenteng ya kgale. Tem. Lebitso lena, “deuteronoma” le bolela “tshoantshiso ya
molao” ka puo ya Sesotho.
Di (di) /pluralizing preffix/ Sehlongoapele se ngatafatsang lentsoe kapa mantsoe a
dintho kapa diphoofolo. Mohl. ntja=dintja, kgomo=dikgomo, sepekere=dipekere, jj
Di (di) /they (things)/ Seemedi se sebedisoang ho emela mabitso a ka bongateng a
dintho. Mohl. Di teng kaofela. Di tsamaile le rangoane. Di kgutlile di kgathetse
haholo. Di ntle ha di dutse fatshe.
Dia (dia) /of things: they are/ Seemedi kapa leemedi le bontshang ntho tse ka
bongateng. Mohl. Dia tsamaya. Dia bonahala. Dia kenyeletsoa le tsona.
Ditshoantsho tsa mefuta ya dinonyana tse phatlaladitsoeng bukeng ena ha dia
hatisoa kaofela. Tlh. Ho molemo ho kopanya lentsoe lena ho qoba tlhaloso e sa
utloahaleng ya lentsoe “a” ha e arotsoe ho “di” joalo ka “di a” bakeng sa “dia”.
Dia (di-a) (diha) /cause to fall, plunge, stumbe/ Ho isa fatshe ka sepheo sa ho loana,
natha kapa ho otloa; ho isa boemong bo tlase ka ho tlosa boemong ba boetapele; ho
tlosa mmuso ka dikgoka ka sepheo sa ho kenya o mmuso omong. Ho etsa hore eng
kapa eng e wele. (bap. diha). Tem. Lentsoe le nepahetseng haholo la puo ya Sesotho
ke “ diha” hofeta “dia”. Lentsoe “dia”(they) le sebedisoa haholo joalo ka seemedi se
hlalosang dintho ka bongateng joalo ka: “dia tsamaya”. “Dia baba”. Jj.
Diabanneng (di-a-ban-ne-ng) /man’s confrontation/ Ketso e thata kapa e boima eo
ho nahanoang hore e tshoanetse banna feela. Bothata boo motho a kopanang le bona
bophelong. (bap. seabanneng) (mm. liabanneng).
73
74
74
75
Difaqane (di-fa-qa-ni) /great slump, tribal wars/ Nako tsa kgale tsa dintoa tsa
merabe tseo di neng di etsahala Afrika e ka Borwa, mehleng ya morena Moshoeshoe
le Chaka. Nako eo tlala e kgolo eneng e rena ka yona: motho a ja motho, ntja e ja ntja,
ho le hobe. (bap. faqana) (mm. lifaqane).
Dife (di-fe) (difeng) /which ones/ Lebotsa le sebedisoang bakeng sa ho tseba tseo ho
buuwang ka tsona di le ka bongateng. (bap. Ding).
Diha (di-ha) /cause to fall, plunge, stumble/ Ho isa fatshe ka sepheo sa ho loana,
natha kapa ho otloa; ho isa boemong bo tlase ka ho tlosa boemong ba boetapele; ho
tlosa mmuso ka dikgoka ka sepheo sa ho kenya o mmuso omong. Ho etsa hore eng
kapa eng e wele. (bap. dia). Tem. Lentsoe le nepahetseng haholo la puo ya Sesotho
ke “ diha” hofeta “dia”. Lentsoe “dia”(they) le sebedisoa haholo joalo ka seemedi se
hlalosang dintho ka bongateng joalo ka: “dia tsamaya”. “Dia baba”. Jj.
Dihaba (di-ha-ba) /vegetable leaf/ Lekgapetla kapa makgapetla a moroho kapa
semela se sebedisoang joalo ka sejo. /bon. Dihaba/ (bap. mahlaku) (mm. lihaba).
Dihalefote (di-ha-le-fo-te) /share cropping/ Bolemi kapa temo eo batho ba babedi
ba dumellanang ho lema tshimo ya emong ka sepheo sa ho fumana chai mmoho;
bolemi ba karolelano boo sepheo sa bona eleng ho thusa monga tshimo ya sa
kgoneng. /bon. dihalefote/ (bap. seahlolo).
Dihaeya (di-ha-e-ya) /miracles/ Boteng ba ketsahalo tse makatsang mmohi kapa
mobohi. (bap. mehlolo, meka, diepeepe) (sheb. Haeya bakeng sa tshebediso).
Dihaka (di-ha-ka) /wisdom teeth/ Meno a hlahang motho ya hodileng kapa ya
fetileng bongoana. Meno a hlahang dilemong tse pakeng tsa 16 le 20. Tlh. Lentsoe
lena le sebedisoa le le ka bongateng nako e ngata. (bap. haka) (mm. lihaka).
Dihele (di-he-le) /hell/ Sebaka seo ho dumeloang hore satane o dula teng; moo rafifi a
dulang teng kapa a tla isoa teng ka tsatsi la kahlolo. Lehae la satane. /bon. Dihele/.
Dihloho (di-hlaw-haw) /news head lines/ Selelekela sa ditaba tse phatlalatsoang.
Dihlong (di-hlo-ng) /shy, shyness/ Ponahalo ya ho tshaba ho bua kapa ho etsa ketso e
itseng. Tlholeho ya ho nka mohato ka baka la ho tshoha kapa ho tshaba batho.
Dihibo (di-hi-baw) /touch game/ Papadi ya ho thetsana ka matsoho mme ya
thitsitseng pele a balehe; ya thitsitsoeng a mathise ya mothitsitseng ho fihlela le yena
a mo thetsa. /bon. Dihibo/ (bap. hiba) (mm. lihibo).
Dihoro (di-haw-raw) /ricketts/ Ponahalo ya masapo a maoto a sa emang hantle ka
baka la lefu le bakoang ke tlhokeho ya lebese kapa bosio ba dijo tse akgang
khalesiamo (calcium). Tshoteho ya masapo ka baka la phepo e mpe. (bap. sehoro).
Dika (di-ka) /surround/ Ho ba ka mahlakoreng ohle a motho kapa ntho e itseng. Ho
loana kapa ho loantsha ka sehlopha. (mm. lika).
Dikadika (di-ka-di-ka) /encapsulate, enclose/ Ho potapota ka mahlakore ohle; ho ba
ka nqa tsohle tsa ntho; ho ba ka mahohle hoa ntho kapa motho. (mm. likalika).
Dikadika (di-ka-di-ka) /sceptic, skeptic, doubtfull/ Ho bontsha pelaelo kapa ho se
dumele ka ho etsa kapa ho bua kgahlanong le. (bap. tsilatsila).
Dikae (di-kae) /date/ Lebotsa kapa lentsoe le bontshang hore moetsi o batla ho tseba
nako kapa letsatsi la kgoedi ho ya ka alemanaka. /bon. Dikae/ Mohl. Ebe o tla fihla
ka dikae? Kajeno ke diake, ngoaneso? (bap. nako) (mm. likae).
Dikanyetsa (di-kan-yets-a) /besiege, encircle, blockade/ Ho futuha ka bongata kapa
mmoho. Ho hlasela sera ka ho futuha ka sehlopha kapa bongata. (mm. likanyetsa).
Dikela (di-ke-la) /to set/ Hoa letsatsi: ho nyamela bophirima. Ho phirima hoa letsatsi.
Diketekete (di-ke-te-ke-te) /multitude, masses/ Palo e kgolo ya batho e tlileng
sebokeng, papading, pitsong kapa kopanong e itseng. Tem. Lentsoe lena le sebedisoa
le le ka bongateng ha le hlalosa boemo ba batho ba bangata. (bap. Sekete).
75
76
76
77
77
78
tikoloho, sebaka le lefatshe. /bon. Ditaba/ (mm. litaba). Mael. Ho kena ditaba ka
sehlotho: ho ba ditabeng tse sa o ameng ebile o sa mengoa.
Ditebele (di-te-bi-li) /boxing/ Papadi ya ho otlana ka makotofa. Setebele ha se
sebedisoa joalo ka papadi ya ho hlodisana. (bap. Tebela, setebele) (mm. litebele).
Diteboho (di-te-bu-haw) /compliments/ Takaletso ya mahlohonolo, katleho le ntho
tse ntle. (bap. teboho) (mm. liteboho).
Ditolobonya (di-to-lo-bon-ya) /female Basotho musical/ (sheb. Letolobonya bakeng
sa tshebediso).
Ditema (di-te-ma) /Basotho mural decoration/ Mekgabo le mekgabiso ya Basotho e
etsoang matlong a mahaeng ka ho dila, ho neta, ho phara le ho kenya mebala e metle
matlong. Mekgabiso ya ditshoantsho e etsoang ke Basotho matlong a bona. /bon. 0/
Ditemetoane (di-te-me-twa-ni) /tonsils, tonsilitis/ Bokudi bo bakoang ke kokoana
hloko bo ruruhisang mmetso, bo etse hore mmetso o hlolehe ho koenya hantle. Tlh.
Lentsoe lena le sebedisoa le le ka bongateng hangata. (mm. litemetoane).
Ditheohelang (dit-he-u-he-la-ng) /good news/ Hoa ditaba kapa diketsahalo: tse
monate ebile di thabisa haholo. Mael. Tse sa jeseng ditheohelang: ditaba kapa
diketsahalo tse mpe ebile di sa utloise monate. (bap. Mathemalodi).
Dithole (dit-hu-le) /rubbish, garbage/ Tshila ya ntlo e fielehang kapa e fieloang ho
isoa thotobolong. (bap. letlakala, matlakala, lenya). (mm. lithole).
Dolara (do-la-ra) (to-la-ra) /dollar/ Chelete ya United States ya Amerika eo e
sebedisoang hape ke dinaha tse ding tsa lefatshe. /bon. Didolara, ditolara/ (mm.
tolara).
Duba (du-ba) /mess up/ Ho kopanya dintho. Ho kopakopanya ka tsela e sitisang; ho
isa koana le koana; ho ferekanya maikutlo. Mael. Ho duba thankga: ho kopakopanya
maemo a dintho ka lebaka la pherekano. (mm. luba).
Duba (du-ba) /mix/ Ho isa ka tlase ka hodimo, ka hodimo ka tlase. Ho etsa motsoako
o kopane hantle. (mm. luba).
Dubaduba (du-ba-du-ba) /besmirch/ Phetako ya ho duba. (mm. lubaluba).
Dubakanya (du-ba-kan-ya) /disarrange/ Ho kopanya dintho ka tsela e mpe e
hlokang makgethe. Ho ferekanya ka diketso tse hlokang taolo. (mm. lubakanya).
Dubakanyo (du-ba-kan-yaw) /disarrangement/ Ketso ya ho dubakanya kapa ho
kopanya dintho ka tsela e mpe e hlokang makgethe. Ho ferekanya ka diketso tse
hlokang taolo. (mm. lubakanyo, tubakanyo).
Dubile (du-bi-le) // Bokgale ba ho duba. (mm. lubile).
Dubiloe (du-bi-lwe) // Boetsuwa le bokgale ba ho duba. (mm. lubiloe, dubilwe).
Dubisa (du-bi-sa) /mislead/ Ketsiso ya ho duba. Mohl. Ho dubisa thankga. Mael. Ho
dubisa thankga: ho kopakopanya maikutlo a emong ka ho ferekanya kelello.
Dudisa (du-di-fsa) /stay with/ Ketsiso ya ho dula. (mm. lubisa).
Dudisa (du-di-sa) /detain/ Ho koalla chankaneng hofihlela letsatsi la nyewe kapa la
lekgotla ha le kopana.
Dudiso (du-dis-aw) /detention/ Ketso ya ho dudisa kapa ho koalla chankaneng
hofihlela letsatsi la nyewe kapa la lekgotla ha le kopana. (mm. lubiso).
Dubisoa (du-bi-swa) // Boetsuwa ba ho dubisa. (mm. lubisoa, dubiswa).
Duka (du-ka) /to impurify water/ Ho tshilafatsa metsi ka ho a kenya tshila kapa ntho
e sa hloekang. Ho etsa hore metsi a be mabe. (mm. luka).
Dula (du-la) /sit/ Ho beha marao hodima setulo, fatshe kapa ntho e itseng. (mm. lula).
Dula (du-la) /stay/ Ho ba sebakeng se itseng ntle le ho tsamaya. Ho ba sebakeng moo
o ahileng teng kapa moo o tsoaletsoeng teng. Tlh. Lentsoe lena “dula” ke lentsoe la
semelo la Sesotho. Basotho ba dula setulong, ka hoo lentsoe “setulo” hase lentsoe la
78
79
79
80
80
81
Eee
PALE:
Tlhaku ya bohlano (5) ya Sesotho. Yona e tshoere mahokahanyi, maetsi, diemelo,
mareho le tse ding ka ho lekana. Leetsi le qalang ka “E” hangata le fetohela ho “K”
ha eba lereho/lebitso. Mohlala: ema=kemo, ebola=kebolo, edibanya=kedibanyo,
elahloko=kelohloko, enta=kento, eka=keko, eketsa=keketso, eketseha=keketseho,
etsisa=ketsiso, etsetsana=ketsetsano, jwalo jwalo.
E (e) /ee/.
E (e) /objective concord/.
E (i) /is/ Mohl. e ntle, e bohale.
E (e) /this one/ Lesupa le bontshang ntho efe kapa efe e le ka bonngweng, e haufi.
E (e) /that which/ Mohl. E bonahalang e le ntle haholo. E ratang ho loana ka
lebaka le sio. E fapaneng le tseding.
E (e) // Tlhaku e bakang hore amang a maetsi a puo ya Sesotho a fetohele ho
malatodi ha e kenyeletsoa qetellong ya leetsi. Mohl. Tshaba=tshabe, matha=mathe,
nahana=nahane, bona=bone, utloa=utloe, utsoa=utsoe, natha=nathe, thola=thole, jj.
Sena se bolela hore ha ho thoe motho o wa “nahana”, ha ho tshoane le ha ho thoe ha
a “nahane”. Moelelo o fapana haholo ka lebaka la tlhaku “E” e qetellong ya lentsoe.
Ea (ya) /of/ Seemedi se bontshang thuo ka ho supa seo eleng sa motho kapa ntho e
itseng. Mohl. Ea ntate. Ea hao. Ea ka. (mm. Ya).
Eaba (ya-ba) /henceforth, and then/ Ho tloha moo; ka mora moo. (mm. Yaba).
Eabo (ya-baw) /his, hers/ Seemedi se emelang mmuuwa kapa se bontshang thuo ya
motho emong ntle le mmuwi. Ntho eo eleng ya mmuuwa. (bap. tsabo) (mm. Yabo).
Eaka (ya-ka) /my, mine/ Seemedi se bontshang thuo e mabapi le mmuwi ntle le
motho e mong kapa mmuuwa. Ntho eo eleng ya mmuwi kapa moetsi. (mm. yaka).
Eba (e-ba) /dwidle, decline, fade, diminish/ Ho fokotseha hoa boemo bo boholo;
ho fela ka ho ya tlase; ho felloa ke sekgahla sa ho etsa ketso; ho fokotseha hoa
ketsahalo e itseng. Mohl. Ekare bokudi ba hae bo a eba. O bonahala a phetse hantle
ka mora ho eba hoa lehlaba. (bap. kokobela). Tlh. Lentsoe lena, “eba” le batlile le
tshoana le la senyesemane, “to ebb” le ha lona e se sothofatso ya ho eba.
Eba (i-ba) /be, have/ Mohl. Eba le mohau hle ngoaneso. Eba o tla kgutla neng?
Eba re tla mo fumana tje? Eba le maikemisetso ha o batla ho atleha.
Ebaeba (eba-eba) // Ho leketla hoa makala a ditholoana ka baka la ho beha hoa
sefate; ho leketla hoa lekala ka baka la boima ba ditholoana sefateng. Ho imeloa ke
peho ya ditholoana. (mm. Kebokebo).
Ebang (e-ba-ng) /if/ Ka lebaka la, ho tla etsahala se itseng kapa sena.
Ebanyaneng (e-ban-ya-ning) /if by then/ Ka lebaka la; ho tla etsahala se.
Ebe (i-be) /so that, thereafter/ Ka mora moo; ho latele. Ho tloha moo. Mohl. O
tlameha o qale ka ho hlapa ebe o wa ja. O lokeloa ke ho ja pele ebe o wa tsamaya.
81
82
Ebe (e-be) /interrogative pronoun: are you? Is it?/ Lebotsa le batlang ho tseba se
tlang ho etsahala kapa se etsahetseng. Mohl. Ebe u tla khutla? Ebe bohle ba teng?
Ebe see o se buisoa ke eng? Ebe thato ya hae e tla phethahala tje?
Ebile (e-bi-le) /consequently, and, moreso/ Hofeta moo; hodima moo; hape ho le
ka tsela e itseng. (bap. Lejoale, abile). Tem. Mantsoe “abile” mmoho le “ebile” a na
le phapang e kgolo ka meelelo.
Ebileng (e-bi-le-ng) /consequently/ Hofeta moo; hodima moo.
Ebola (e-bo-la) /to peel/ Ho ntsha kapa ho tlosa lekgapetla: ho ntsha bokahodimo ba
tholoana; ho tlosa se aparetseng bokantle ba tholoana kapa sejalo se nang le
bokantle. (bap qaqapolotsa).
Ebolaka (e-bu-la-ka) /to peel repeatly/ Phetako ya ho ebola kapa ho ntsha kapa ho
tlosa lekgapetla kgafetsa. Ho ebola hangata ka potlako.
Ebolela (e-bu-le-la) /to peel for/ Ketsetso ya ho ebola. Ho ebola bakeng sa.
Eboleloa (e-bu-le-lwa) // Boetsuwa ba ho ebolela.
Eboloa (e-bu-lwa) // Boetsuwa ba ho ebola.
Ebotse (e-bu-tse) // Bokgale ba ho ebola.
Ebotsoe (e-buts-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho ebola.
Echo (i-chaw) /say it/ Ho bolela se batloang; ho bua se lebeletsoeng kapa seo eleng
sona se batlahalang. (bap. Bua).
Edimola (edi-mu-la) /yawn/ Ho ahlamisa molomo ka baka la tlala, mokgathala kapa
boroko. Ketsahalo ya ho ahlamisa molomo ntle le ho o ahlamisa ka bowena. Boemo
ba tlholeho bo bakoang ke phepelo ya moya. (bap. ahlama).
Edimoloha (edi-mu-lu-ha) /to yawn/ Ho ahlamisa molomo ka baka la tlala,
mokgathala kapa boroko. Ketsahalo ya ho ahlama hoa molomo ntle le ho o
ahlamisoa ke moetsi. Puleho ya lehano e etsahalang ka boyona. (bap. ahlama) .
Edimoloho (edi-mu-lu-haw) /yawning/ Boemo ba ho edimoloha: Puleho ya lehano
e etsahalang ka boyona. Boemo ba tlholeho bo bakoang ke phepelo ya moya. (bap.
kedimoloho).
Ee (ye) /yes/ Lentsoe le bontshang ho dumela se buuwang kapa se hlalosoang;
lentsoe le bontshang ho dumellana le polelo ya mmuwi kapa taelo ya mmui.
E-e (air-air) /no, no/ Lentsoe le bontshang ho hanyetsana le se buuwang kapa se
hlalosoang; lentsoe le bontshang ho se dumellane le se etsahalang kapa se buuwang
ke mmui. (bap. Che, che bo).
Eena (ye-na) /him, she/ Seemedi se sebedisoang bakeng sa motho e motshehadi
kapa e motona. (bap. yena). Mohl. Eena o tsamaua le bona. Rona re tsamaya le
eena. Eena le nna rea utloana.
Eeng (ye-ng) (yeng) /lets go/ Lentsoe le sebedisoang ke mmuwi ho laela kapa ho
kopa babuwiswa ho tsamaya kapa ho tloha sebakeng ho ya ho seseng ka bongata.
Mohl. Ha re eeng hle banna nako e tsamaile. Re kopa hore re eeng bohle. Ho itsoe
lona le eeng ka ho panya hoa leihlo. (sheb. yeng bakeng sa tshebediso).
Efe (e-fe) /which one/ Lebotsa kapa lentsoe le sebedisoang ho batla karabo ka ho
qolla ntho hara tse ding. /bon. Dife/.
Efela (e-fe-la) (efeela) /indeed/ Lentsoe le netefatsang se boleloang kapa ketsahalo e
etsahalang.
Efeng (e-fi-ng) /which one/ Lebotsa le qollang ka ho botsa ho batla karabo ho
enngwe ya ntho tse boletsoeng. /bon. Difeng/.
Ehee (e-he-e) /exclamation: thus it! of course yes!/ Lekgotsa le bontshang
kananelo ya nepahalo ya ketsahalo. Lentsoe le netefatsang nepo ya ketso.
82
83
Eisa (e-i-sa) /to outcast/ Ho nyenyefatsa ka dipuo le diketso kapa ho nyefola motho
ka lebaka la boemo ba hae bo tlase. Ho nkela motho fatshe ka baka la boemo ba hae
bo fatshe kapa diketso tsa hae tse itseng.
Eiseha (e-i-se-ha) // Ketsahalo ya ho isa kapa ho se ratoe ke batho kapa ntho tse
itseng ka baka la seemo se itseng. (bap. keiseho).
Eisitse (ei-si-tse) // Bokgale ba ho eisa.
Eisitsoe (ei-sits-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho eisoa.
Eisoa (ei-swa) // Boetsuwa ba ho eisa. (mm. Eiswa) .
Eitse (e-i-tse) /when he/she/it, after he/she/it/ Lentsoe le bontshang ketsahalo ka
mora ketso e itseng. Boemo bo etsahetseng ka mora ketsahalo e itseng. Mohl. Eitse
hobane a tsamaye, ba sala ba bua ka yena.
Eiye (e-i-ye) /onion leaf/ Lehaba la ananyese le sebedisoang joalo ka senoko se
natefisang dijo kapa ho etsa kgodu e monate motsoakong wa dijo tse phehiloeng;
lehaba la semela sa ananyese. /bon. dieiye/ (bap. ananyese).
Eka (e-ka) /betray/ Ho isa motho boemong bo bobe ka ho mo qhekanyetsa kapa ho
mo phelekanyetsa. Ho etsa hore motho a hlaheloe ke tsietsi ka baka la diketso tsa
moetsi, tse mpe. Ho lahlehisa motho emong ka ho mo kenya kotsing. (bap. rekisa).
Eka (ik-a) /as if/ Lentsoe le akanyang ketsahalo ya dintho kapa boemo ba ketso.
Ekaba (i-ka-ba) /if possible, may you, can be/ Lentsoe le sebedisoang ho botsa ka
boikokobetso ka sepheo sa ho kopa ntho e itseng. Monyetla wa hore se itseng se ka
etsahala kapa sa bolela ntho e itseng. Mohl. Ekaba o mosadi kapa monna?Ekaba o
tla ja hona joale kapa ka phirimana? Ha ho tsotelehe hore ekaba moruti kapa tsotsi
empa re batla nnete.
Ekaka (i-ka-ka) /it seems, seemingly/ Lentsoe le supang ketsahalo e makgatheng a
ho etsahala kapa e kannang ya etsahala ho tloha hona joale. Ho akanya ketsahalo ya
dintho kapa boemo ba ketso ntle le bonnete bo felletseng.
Ekana (e-ka-na) /betray each other/ Ketsetsano ya ho eka: ho isa motho boemong
bo bobe mme le yena a etse ya mo entseng ketso e joalo ka ho mo qhekanyetsa kapa
ho mo phelekanyetsa. Ho baka boemo ba ho eka pakeng tsa batho ba babedi kapa ba
fetang moo.
Ekang (i-ka-ng) /as if/ Ponahalo ya ketsahalo e batlang ho etsahala ka ho akanya
kapa ho nahana ntle le ho tseba.
Ekare (i-ka-ri) /looks like/ Kakanyo ya ho lebella ketsahalo e itseng pele e etsahala
kapa ntle le ho tseba. Mohl. Ekare pula e tla na kajeno.
Ekareng (i-ka-ri-ng) /as if is/ Kakanyo ya ho lebella ketsahalo e itseng pele e
etsahala kapa ntle le ho tseba. Mohl. Ke eng ekareng o wa re tella tje monna!
Eke (e-ke) /thus it!/ Lentsoe le sebedisoang ho nepahatsa seo ho buuwang ka sona
ka ho dumellana le sona ka ho kgotsa. Mohl. Eke! O nepile! Eke! O tla hantle.
Ekeditse (e-ke-di-tse) // Bokgale ba ho eketsa.
Ekeditsoe (e-ke-dits-we) // Bokgale le boetsuwa ba ho eketsa
Ekee (e-kee) /exclamation: thus it! of course yes!/ Lekgotsa le netefatsang bonnete
ba puo kapa ketsahalo e itseng. (bap. ehee).
Ekeke (e-ke-ke) /it will never/ Lentsoe le bontshang hore motho, ntho, ketso kapa
ketsahalo e itseng etla hloleha ho phethahala. (bap. nkeke, nkekebe).
Eketsa (e-ke-tsa) /increase/ Ho etsa hore ntho kapa dintho di be ngata. Ho phaella
ho seo se seng se le teng. Ho ngatafatsa ho tse teng.
Eketsana (e-ke-tsa-na) /to multiply (of leaving things) / Ketsetsano ya ho eketsa:
ho etsa hore ntho kapa dintho di be ngata. Ho phaella ho seo se seng se le teng; ho
ngatafatsa kapa ho atisa ho tse teng. (bap. atisana).
83
84
84
85
85
86
Eng (e-ng) /what!/ Lebotsi kapa lentsoe le botsang ka ho batla karabo ka tsela e
hlokang tlhompho. Lebotsa la tello kapa la ho halefa.
Eng-kapa-eng (ing-ka-pa-ing) /anything/ Ho hong le hohong ho teng, hoo ho
buuwang ka hona, ho fumanehang kapa ho tholahalang. (bap. neng-kapa-neng)
Eng-le-eng (ing-le-ing) /anything/ Ho hong le hohong ho teng, hoo ho buuwang ka
hona, ho fumanehang kapa ho tholahalang. (bap. neng-kapa-neng).
Eno (e-nu) /that one/ Lesupa kapa lentsoe le bontshang kapa ho supa motho kapa
ntho e hojana (bap. enono).
Enngwe (en-ng-we) (enngoe) /another one/ Lentsoe le bontshang ntho ka ho e qolla
ho tse ding tse ngata. /bon. tseding/. (bap. emong, seseng).
Enoa (e-nwa) (enwa) /this person/ Lesupi kapa lentsoe le bontshang kapa supang
motho ya haufinyane haholo.
Enoa (in-wa) /drink/ Taelo ya ho noa. Ho bolella mmuiswa ho koenya metsi kapa
lero.
Enono (e-nu-nu) /exactly that one/ Lesupi kapa lentsoe le bontshang kapa ho supa
motho kapa ntho e hojana ka ho toboketsa. (bap. eno).
Enta (ent-a) /immunise, inject, inoculate/ Ho hlaba ka nale kapa nalete ka sepheo
sa ho fedisa mafu kapa lefu le itseng. (bap. kento).
Ente (en-te) /injection, syringe, needle/ Sesebedisoa se jarang moriana o itseng, se
sebedisoang ho hlaba mokudi kapa motho ya nang le bohloko bo itseng. Sesebedisoa
se thusang ho enta mokudi ka sepheo sa pheko kapa motho ya batlang ho kenya
sethethefatsi mmeleng. /bon. Diente/.
Entse (en-tse) /did, done/ Bokgale ba ho etsa. (bap. etsa).
Entsoe (ents-we) /done/ Bokgale le boetsuwa ba ho etsa. (bap. etsahatsa).
Eo (e-o) /that person/ Lesupi kapa lentsoe le bontshang kapa le supang motho ka ho
bontsha tello kapa ho se hlomphe
Eohle (yo-hle) /whole/ Lentsoe le bontshang kakaretso ya ntho ka botlalo ba yona.
Eona (yaw-na) /it (anything)/ Seemedi se bontshang ntho kapa se sebedisoang
bakeng sa lebitso la ntho e itseng ntle le ho le bitsa.
Epa (ep-a) /dig/ Ho etsa mokoti; ho cheka mobung ka sepheo sa ho etsa mokoti kapa
ho bula fatshe.
Epela (ep-el-a) /bury/ Ho kenya tlasa mobu. Ho kenya mofu tlasa mobu ka lekese
kapa ntle le lona. Ho pata tlasa mobu. Ketsetso ya ho epa.
Episa (ep-is-a) /to cause to dig/ Ketsiso ya ho epa.
Episoa (e-pi-swa) // Boetsuwa ba ho epa kapa ho episa.
Epolla (epul-la) /exhume/ Ketsollo ya ho etsa mokoti; ho cheka mobung ka sepheo
sa ho ntsha se ka tlasa mobu kapa se epetsoeng.
Esaia (e-sa-ya) /Isaiah/ Buka ya bibele ya mashome a mabedi le metso e meraro ka
mora buka ya Sefela sa difela. Tem. Isaia ke moprofeta ya phetseng dilemong tsa bo
740, Jerusalema, pele ho tlhaho ya Morena Jesu, mme a ruta dilemo tse mashome a
mane nakong tseo.
Erekisi (e-re-ki-si) /pea/ Mofuta wa semela seka nawa, se polokoe, se setala se
hlahang ka nako tse ngata tsa selemo. (bap. nawa).
Esale (e-sa-li) /ever since/ Ho tloha nakong e itseng e sa boleloeng; kgale ho tloha
nako e fetileng.
Esdrase (es-dra-se) /Ezra/ Buka ya bibele ya leshome le metso e mehlano kamora
dikoronike.
Ese (e-si) /not/ Lentsoe le sebedisoang ho hanyetsa kapa le sebedisoang joalo ka
lelatodi kapa lefetodi. Mohl. Ke batla joala ese lebese. O bua ka molomo, ese nko.
86
87
Esebeng (e-se-be-ng) /only to find that/ Lentsoe le sebedisoang hore ha ntho kapa
ketsahalo e itseng e sa etsoe ho tla etsahala se itseng. Mohl. O tlameha ho rapela ka
nako tsohle esebeng wa keneloa ke satane.
Esekiele (ese-ki-ele) /Ezekiel/ Buka ya bibele ya bomasheme a mabedi le metso e
mehlano (25) testamenteng ya kgale.
Esele (i-si-li) /different one/ Enngwe ntle le e lebeletsoeng. E fapaneng le e
batloang kapa e lebeletsoeng. Seqolli se hlakisang ntho eo ho buuwang ka yona ka
ho kgetholla hara tse ding.
Esele (e-se-le) /donkey, an ass/ Mofuta wa phoofolo ya hae e thokoa kapa thokoana
ya sebopeho sa pitsi empa yona e le nyane. Seruuwa, seka pitsi, se se thokoa kapa se
se sootho ka mmala, empa se le kgutshoanyane hofeta pitsi; se sebedisoang bakeng
sa ho belesa meroalo e boima. (bap. pokola, tonki).
Esemesa (e-se-me-sa) /to SMS, message by cellular phone/ Ho romella molaetsa
ka fonofono ya letheka; ho romella puo kapa tsebiso ka fonofono ya lethaka; ho
ngola molaetsa o fitisoang ka fonofono ya letheka. Tlh. Lentsoe kapa ditlhaku tsena
ke tsa sejoalejoale tse tsamaisanang le theknoloji ya kajeno.
Esemeso (e-se-me-saw) /SMSing/ Ketso ya ho esemesa: ho romella puo kapa
tsebiso ka fonofono ya lethaka; ho ngola molaetsa o fitisoang ka fonofono ya
letheka. /bon. Di-esemese/.
Eseng (I-si-ng) /not that/ Lentsoe le sebedisoang ho bontsha khanyetso mabapi le
ketsahalo kapa boemo bo itseng: lehanyetsi. Lentsoe le sebedisoang ho hanyetsa
kapa le sebedisoang joalo ka lelatodi. Mohl. Re itse re batla joala, eseng lebese.
Rona re ja dihoapa le mantatana, eseng pere. Seo eseng Sesotho se a utloahala. Seo
se seng teng ha re bue ka sona hona joale.
Esere (e-se-re) /maybe not/ Ka mohlomong; ka tsela enngwe. Mohl. O tlameha ho
dula o le malala a laotsoe esere dira tsa fihla o robetse.
Esita (e-si-ta) /even/ Le ha ho le joalo; le ka tsela e tshoanang le ya. Mohl. Ke re
bohle ha re a loka esita le mopapa.
Esitana (e-si-ta) /even/ Le ha ho le joalo; le ka tsela e tshoanang le ya. Mohl. Bohle
ha re a loka esitana le moruti wa heno.
Eso (e-saw) /mine: of a thing/ Seemedi se bontshang hore thuo ke ya mmuwi kapa
ya bo mmuwi.
Eso (e-saw) /not yet/ Lentsoe le sebedisoang ho hanyetsana le ketsahalo kapa boemo
bo sa phethahalang ka ho hanyetsana le bona. Mohl. Ha re batle eso holeng. Re
batla eso tshilafatsoeng. Eso lokeng yona e ka kgutlela ho monga yona.
Esong (e-saw) /not yet/ Lentsoe le sebedisoang ho hanyetsana le ketsahalo kapa
boemo bo sa phethahalang ka ho hanyetsana le bona ka ho toboketsa. Mohl. Ha re
batle esong ho hole. Re batla esong ho tshilafatsoe. Esong ho loke yona e ka
kgutlela ho monga yona. Esong ho fihle hona joale e kgutlele morao.
Esthere (ese-the-re) /Esther/ Buka ya bibele ya leshome lemetso e supileng (17)
testamenteng ya kgale.
Eta (e-ta) /visit/ Ho ya sebakeng se itseng. Ho chaka.
Etela (e-te-la) /to visit/ Ketsetso ya ho eta.
Etella (e-tel-la) /precede/ Ho ba ka pele kapa wa pele ho etsa ketso e itseng; ho ba
boemong ba ho ba pulamadiboho ka mokgoa o itseng; ho ba moetapela wa boemo.
Eteloa (e-te-lwa) // Boetsuwa ba ho etela.
Etetse (e-te-tse) // Bokgale ba ho eta.
Etetsoe (e-tets-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho etela.
Etile (e-ti-le) // Bokgale ba ho eta.
87
88
Etla (e-tla) /it will, shall/ Lentsoe le bontshang ketsahalo e etsahalang nako e tlang
kapa kamoso. (bap. otla). Mohl. Etla bonahala hosane. Re utloile hore etla hosane.
Etla (e-tla) /come/ Ho etsa hore ntho kapa motho a atamele haufi. Ho laela
mmuiswa hore a atamele ke mmuwi.
Etlang (e-tla-ng) /come all) Bongata kapa taelo ya ho tla: ho bolella bongata ba
batho ho atamela haufinyane. /bap. tlong/.
Etlare (e-tla-re) /when, thereafter/ Ka mora ketsahalo e itseng; ho tloha moo kapa
ka mora moo. Mohl. Etlare ha le bona maru a mangata, ebe le tla hae.
Etlere (e-tle-ri) /while/ Nakong eo ho ntseng ho etsahala se itseng. Mohl. Etlere ha
o ntse o bala buka ena. Etlere ha o ntse o bua, o se lebale ho pheha.
Etlo (e-tlo) /come, come on/ Ho etsa hore ntho kapa motho a atamele haufi. Ho laela
mmuiswa hore a atamele ke mmuwi. Mohl. Etlo koano wena ngoanana tooe!
Etlong (e-tlo-ng) /come all/ Bongata kapa taelo ya ho tla; ho bolella bongata ba
batho ho atamela haufinyane. /bap. etlang/. Mohl. Etlong bohle monyako o butsoe.
Etsa (ets-a) /do/ Ho bopa ketso, ntho kapa ho sebetsa ka tebello le sepheo sa ho
fumana se itseng. Ho fetola boemo ka ho bua kapa ho sebetsa; ho bontsha ketsahalo
ka dipuo kapa ka mosebetsi.
Etsahala (etsa-ha-la) /happen/ Ho hlaha hoa boemo bo hohelang mahlo. Ho hlaha
hoa ketso e sa lebelloang kapa e lebelletsoeng. Boemo ba se nkang sebaka kapa se
tsoelang pele.
Etsahalang (etsa-ha-la-ng) /what is happening?/ Se itshetlehileng hodima
ketsahalo; se bonoang ke mmohi kapa babohi ka mahlo a bona ha se tsoela pele kapa
se etsahala. Mohl. Keng se etsahalang mo? Ho etsahalang mona lapeng.
Etsahatsa (etsa-ha-tsa) /implement, fulfilment/ Ho etsa hore ntho e itseng e
bonahale ka ho nka mohato kapa ho sebetsa. Ho phethahatsa se lebeletsoeng.
Etsahetse (e-tsa-he-tse) /happened, implemented/ Bokgale ba ho etsahatsa.
Etseletsa (etse-le-tsa) /accuse falsely/ Ho buela wa heno leshano. Ho bua leshano ka
motho emong hose joalo.
Etsetsa (etse-tsa) /do for/ Ketsetso ya ho etsa; ho etsa ketso e itseng bakeng sa
motho kapa ntho enngwe.
Etsoa (ets-wa) /done/ Boetsuwa ba ho etsa. (bap. entsoe). (mm. etswa, entswe).
Etsoe (ets-we) (etswe) /moreover/ Ho tloha moo; ntle le moo; hofeta moo; ka tsela
eo; ka hofeta ka moo ho boleloang kapa ho hlalosoang kateng.
Etsolla (etsul-la) /undo/ Ho etsa ketso kapa boemo bo kgutlele maemong a sona a
pele kapa setloaeding.
Etsuwa (ets-u-wa) (etsuoa) /being done/ Boemo ba ho etsa nakong ya honajoale
kapa kamoso . (bap. Etsoa, entsoe). Mohl. Ena yona e tla etsuwa hona joale kapa
hosane. E tla etsuwa neng? E tla etsuwa hosane.
Etsuwe (ets-u-we) (etsuoe) /done/ Boetsuwa ba ho etsa.
Eu (e-u) /exclamation: is that so!/ Lekgotsa le bontshang ho makatsoa ke taba kapa
ketsahalo e boleloang.
Ewa (e-wa) (eoa) /collapse, fall/ Ho ya fatshe ka lebaka la ho diwa ke ntho e itseng;
ho wela fatshe.
88
89
Fff
PALE:
Tlhaku ya botshelela ya Sesotho. Yona e akga ka mareho le maetsi. Amang a mareho
a thatafatsa modumo ha eba mareho. Mohlala: fana=phano, fapanya=phapanyo,
fapohela=phapohelo, faola=phaolo, jwalo jwalo.
F(ef).
Fa (fa) /give/ Ho neha ka letsoho; ho abela ka ho neha; ho neha ka ho arola.
Faboriki (fa-bo-ri-ki) /factory/ Moaho o moholo oo ho hlahisoang kapa ho etsoang
dintho teng. Sebaka sa tlhahiso ya dintho tse itseng. /bon. difaboriki/.
Fadile (fa-di-le) // Bokgale ba ho fala.
Fadiloe (fa-di-lwe) // Boetsuwa le bokgale ba ho fala. (mm. fadilwe).
Fadimeha (fa-di-me-ha) /to be sleepless, to be vigilant/ Ho dula mahlo a butsoe ntle
le ho robala; ho se robale ka baka la mosebetsi kapa morero o itseng; ho ba malala-a-
laotsoe.
Fadimeho (fa-di-me-haw) /sleeplessness, vigilance/ Ketso ya ho fadimeha kapa ho
dula mahlo a butsoe ntle le ho robala. (bap. phadimeho).
Faea (fa-ya) /mix/ Ho kenya phofo metsing a belang ka sepheo sa ho pheha bohobe
kapa ho etsa papa. Kopanyo ya phofo le metsi a belang. Tlh. Lentsoe le nepahetseng
ke “faha” eseng “faea”.
Fafatsa (fa-fa-tsa) /springle/ Ho tshela metsi ka letsoho kapa ntho e itseng hodima;
ho tshela senoko hodima sejo; ho tshela moriana hodima ntho e itseng.
Fafatsa (fa-fa-tsa) /drizzle/ Ho na hoa pula e nyane haholo; ho otla hoa lefafatsane;
ho wa hoa marothodi a manyenyane haholo a pula.
Fafi (fa-fi) /gambling/ Boemo ba ho bapala ka chelete ka sepheo sa ho e thola ese ele
ngata kapa e phaellane ka mora ho fana ka dipalo (numbers) tse itseng ho mochaena;
ho bapala diketo ka chelete ka ho efa mochaena.
Fafoha (fa-fu-ha) // Ketsahalo ya ho fafola: Ho hula letsoho kapa leoto ha bohloko
ka tsela eo ekang lesapo le hotsutsoe manoanyetsong. Ho hula ka ho hotsula.
Fafola (fa-fu-la) // Ho hula letsoho kapa leoto ha bohloko ka tsela eo ekang mosifa
kapa lesapo le hotsutsoe manoanyetsong.
Fafolaka (fa-fu-la-ka) // Phethako ya ho fafola.
Fafoleha (fa-fu-le-ha) // Ketsahalo ya ho fafola: e boemong ha ho fafoloa ha bobebe;
eo holeng bonolo ho hula letsoho kapa leoto la yona ha bohloko ka tsela eo ekang
mosifa kapa lesapo le hotsutsoe manoanyetsong.
Fafoloa (fa-fu-lwa) // Boetsuwa ba ho fafola.
Fafotse (fa-fu-tse) // Bokgale ba ho fafola.
Fafotsoe (fa-futs-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho fafola.
Faha (fa-ha) /water and meal mixture/ Ho kenya phofo metsing a belang ka
sepheo sa ho pheha bohobe kapa ho etsa papa. Kopanyo ya phofo le metsi a belang.
Fahla (fa-hla) /obscure, obstruct, unseeing/ Ho tshiroa hoa leihlo kapa mahlo ka
lebaka la se keneng hara ona; ho tshira leihlo kapa mahlo ho bakang pono e fokolang
ya nakoana. (bap. Foufala). Mael. Ho fahla mmuso ka lehlabathe: ho kgentsha; ho
koatisa; ho utloisa bohloko bo boholo; ho sithabetsa pelo; ho hlabehisa; ho kgopisa;
ho hlokofatsa maikutlo.
89
90
90
91
Fanya (fan-ya) /err/ Ho etsa phoso; ho etsa ketso tse sa batleheng. Mael. Mmesa
mohloane ha a fanye: motho ya lebeletseng ketso e itseng ya bohlokoa eo a sa
tlamehang ho etsa phoso, hohang.
Fanyeha (fan-ye-ha) /swing, sway/ Ho etsa hore ntho e leketle. (bap. leketlisa).
Fanyeha (//) /suspend/ Ho bebofatsa kotlo ya kahlolo ka ho etsa hore ya molato a se
dule chankaneng dilemo tse beiloeng.
Fanyeha (//) /to hang/ Ho bolaya ka ho leketlisa ka thapo molaleng.
Fanyehile (fan-ye-hi-le) // Bokgale ba ho fanyeha.
Fanyehiloe (fan-ye-hil-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho fanyeha.
Fanyehoa (fan-ye-hwa) // Boetsuwa ba ho fanyeha.
Faola (fa-ul-a) /castrate/ Ho poma setho sa botona sa motho kapa phoofolo e tona;
ho tlosa lerete; ho fedisa bonna kapa botona.
Faolla (fa-ul-la) /to provide with saved food/ Ho ntsha dijo kapa mofao o neng o
patiloe kapa o beiloe sebakeng se itseng se sa bonoeng.
Faollela (fa-ul-le-la) // Ketsetso ya ho faolla.
Faolletse (fa-ul-le-tse) // Bokgale ba ho faolla.
Faolletsoe (fa-ul-lets-we) // Bokgale le boetsuwa ba ho faolla.
Faolleloa (fa-ul-le-lwa) // Boetsuwa ba ho faollela.
Faoloa (fa-u-lwa) /castrated/ Boetsuwa ba ho faola.
Faotse (fa-u-tse) /castrated/ Bokgale ba ho faola.
Faotsoe (fa-u-tswe) /castrated/ Boetsuwa le bokgale ba ho faola.
Fapana (fa-pa-na) /disagree/ Ho se dumellane ka puo. Ho hloka tshebedisano
mmoho qetong ya dipuisano kapa ditaba. Ho se utloane ka puo kapa ho hloka
tumellano. Ho ngangisana ka mantsoe.
Fapana (fa-pa-na) /come across/ Ho kopana le motho kapa ntho tseleng empa ho sa
uwe sebakeng seleseng. Ho kopana tseleng.
Fapane (fa-pa-ne) /evil/ E mobe kapa ya diketso tse mpe; ya mekgoa e fosahetseng
tse sa rateheng; ya pelo e mpe. Mohl. Ngoana motho eo o fapane haholo, hle!
Fapantsha (fa-pa-nts-ha) /mislead/ Ketsiso ya ho fapanya: ho kgelosa ntho kapa
motho kgahlanong le emong ka ho mmuwa hampe; ho lahla motho ka dipuo tse mpe.
Fapantshitse (fa-pa-nts-hi-tse) // Bokgale ba ho fapantsha.
Fapantshitsoe (fa-pa-nts-hits-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho fapantsha.
Fapanya (fa-pan-ya) /mislead/ Ho kgelosa ntho kapa motho kgahlanong le emong ka
ho mmuwa hampe; ho lahla motho ka dipuo tse mpe.
Fapanya (fa-pan-ya) /misplace, misfile/ Ho bea ntho moo e sa lokelang teng; ho
kopakopanya dintho ka ho beha madulong a fosahetseng.
Fapanyetsana (fa-pa-nye-tsa-na) /exchange, interchange, reciprocate, swap/ Ho
fana ka ntho bakeng sa ho fumana enngwe; ho kgaohana le ntho e itseng ka lebaka la
ho batla enngwe e tshoanang le yona kapa e batlileng e tshoana le yona; ho fetolelana
mosebetsi ka ho nka wa emong, emong le yena a nke wa hao.
Fapanyetsa (fa-pa-nye-tsa) /interchange/ Ho beha emong kapa seseng sebakeng sa
emong; ho nka sebaka sa emong.
Fapanyoa (fa-pan-wa) // Boetsuwa ba ho fapanya. (mm. fapanywa).
Fapoha (fa-pu-ha) /go astray, irrelevent/ Ho tsoa tseleng; ho bua ntho e sa
hlokahaleng kapa e sa amaneng le eo ho buuwang ka yona; ho tsoa lekoteng; ho
lahleha ka dipuo.
Fapohela (fa-pu-he-la) /sojourn/ Ho kena sebakeng pele ho fihloa moo ho uwang
teng; ho chakela tulo nakoana; ho etela sebaka seo eseng seo ho uwang ho sona.
Fapoheloa (fa-pu-he-lwa) // Boetsuwa ba ho fapohela.
91
92
92
93
93
94
Feela (fe-el-a) /only, just/ Ntle le maikemisetso amang kapa kgetho enngwe; ka
sepheo se sa tsitsang kapa se hlokang botio; ka ho etsa ketso ntle le lebaka kapa
khopolo e tsitsitseng. (bap. tjee).
Feelo (fi-e-law) /semicolon/ Letshwao le bontshang ho kgefutsa hoa polelo nako e
telele, ebe polelo e tsoela pele. Letshwao le arolang dipolelo tse serapaneng seleseng
tse amanang. (mohl. ( ; ). (bap. kgutlo, kgutloana, makalo, sakana).
Feeloana (fe-el-wana) /comma/ Mohl. ( , ) Letshwao le bontshang ho kgefutsa hoa
polelo nakoana, ebe e tsoela pele; letshwao le sebedisoang ho arola dipolelo kapa
mantsoe a fetang bonngwe. (bap. tlami, sakana, tsejana, potso).
Fefa (fe-fa) // Ho tlosa bokahodimo ba letlalo kapa ntho e mahoashe; ho ebola
bokantle ba ntho e itseng ka ho hohla.
Fefenene (fe-fe-ne-ne) /perfect landing/ Lekgotsa le bontshang ho dula kapa ho
fihla fatshe hoa sefofane ka mora ho fofa. Ho dula ho tsoa hodimo ka tsela e hlokang
tshethiso. Ho dula hamonate ho tsoa hodimo.
Fefenene (//) /helicopter/ Mofuta wa sefofane o hlokang mapheo a tloaelehileng, o
dulang bakeng tse ngata ntle le boema fofane feela. (bap. Seroala-nkgoana).
Fefentse (fe-fen-tse) // Bokgale ba ho fefenya.
Fefentsoe (fe-fents-we) // Boetsuwa ba ho fefenya.
Fefenya (fe-fen-ya) /to speed a car/ Ho kganna sepalangoang ka lebelo le leholo
haholo; ho potlakisa koloi kapa sepalangoang. (bap. pepetla).
Fefenyo (fe-fen-yaw) /speedometer, speed/ Lenakana le botshang lebelo leo
sepalangoang se tsamayang ka lona. Ketso ya ho fefenya.
Fefenyoa (fe-fen-wa) // Boetsuwa ba ho fefenya.
Fefisa (fe-fi-sa) // Ketsiso ya ho fefa.
Fefoha (fe-fu-ha) /wind dispersal/ Ho tsamaya le moya; ho fofisoa ke moya.
Fefohela (fe-fu-he-la) // Ketsetso ya ho fefoha.
Fefohetse (fe-fu-he-tse) // Bokgale ba ho fefoha.
Fefola (fe-fu-la) /to disperse by wind/ Ho nkoa ke moya; ho tsamaisoa moyeng ke
moya; ho sututsoa ke moya sepakapakeng.
Fefolaka (fe-fu-la-ka) // Phetako ya ho fefola.
Fefoleha (fe-fu-le-ha) // Ketsahalo ya ho fefoha: e kgonang ho nkoa, tsamaisoa kapa
ho sututsoa ke moya sepakapakeng.
Fefoloa (fe-fu-lwa) // Boetsuwa ba ho fefola.
Fefotse (fe-fu-tse) // Bokgale ba ho fefola.
Fefotsoe (fe-futs-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho fefola.
Fehelo (fi-hel-aw) /rage/ Ketso ya ho feheloa: pontsho ya bohale kapa ho kgena ho
hlokang taolo. (bap. kgobohello).
Feheloa (fi-hel-wa) /to have rage/ Ho bontsha bohale bo boholo bo hlokang taolo;
ho kgena ka tsela e sa tshoareheng kapa e sa laoleheng. (bap. kgobohelloa).
Fehetsoe (fe-hets-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho feheloa.
Fehla (fe-hla) /stir, mix/ Ho kopanya motsoako ka lefehlo; ho etsa hore ntho di
tsoakehe ka ho duba kapa ho tsitsinya motsoako. (bap. duba).
Fehlile (fe-hli-le) // Bokgale ba ho fehla.
Fehlisa (fe-hli-sa) // Ketsiso ya ho fehla.
Fehlisoa (fe-hli-swa) // Ketsiso ya ho fehla.
Fehloa (fe-hlwa) // Boetsuwa ba ho fehla
Feiki (fe-iki) /fig tree/ Mofuta wa sefate se senyane se behang ditholoana tse
bitsoang ka lebitso la sefate seo. /bon. difeiki/
94
95
95
96
96
97
hore moya o kene. /bon. difesetere/ Tlh. Batho babang ba sebedisa lentsoe,
“fensetere”.
Feta (fi-ta) /pass by/ Ho tsamaya pela; ho ba ka pele ka ho tsamaya; ho sia ka ho
tsamaya; ho tsamaya kapele ka sepheo sa ho sia.
Feta (fi-ta) (hofeta) /beside, otherwise/ Ntle le moo; hoseng joalo. Ka lebaka leo le
boleloang. (bap. hosengjoalo). (sheb. Hofeta bakeng sa tshebediso).
Fetana (fi-ta-na) // Ketsetsano ya ho feta: ho tsamaya pela, ka ho siana; ho siana ka
ho tsamaya; ho tsamaya kapele ka sepheo sa ho siana. (bap. siasiana).
Feteha (fe-te-ha) // Ketsahalo ya ho feta: ho ba boemong ba ho kgona ho feta ntho
kapa motho ha bobebe. Ho feta ha bonolo ntle le tshitiso.
Feteletsa (fi-te-le-tsa) /exaggarate, magnify, overstate/ Ho hlahisa le ho phatlalatsa
taba ka tsela eo ekang e kgolo, ntle, kgahleha, mpe kapa nyane hofeta kamoo eleng
kateng; ho hodisa kapa nyenyefatsa chebeho, mokgoa le sebopeho sa ntho hofeta
kamoo seleng kateng. (bap. hasahasa, khasakhaso).
Fetella (fit-el-la) /worsen/ Ho ba mobe hofeta pele; ho etsa tse mpe hofeta pele; ho
ba boemng ba mpefalo e kgolo.
Fetelletse (fi-tel-le-tsi) (fetelletseng) /extreme/ Hoa boemo bo botle kapa bo bobe:
bo hodimo hofeta kamoo ho hlokahalang ka teng; bo fetang tekanyo.
Fetha (fit-ha) /to abort/ Ho bolaya lesea le so tsoaloeng kapa le boemong ba ho
tsoaloa; ho fedisa bophelo ba lekgabunyane le ka popelong kapa le sa tsoa tsoalo; ho
fedisa bophelo pele bo ba teng. (bap. folotsa, nyopisa).
Fetho (fet-haw) /abortion/ Ketso ya ho bolaya lesea le so tsoaloeng kapa le boemong
ba ho tsoaloa; ho fedisa bophelo ba lekgabunyane le ka popelong. (bap. mofethe).
Fethoa (fet-hwa) /aborted/ Boetsuwa ba ho fetha. (bap. fenetha).
Fetile (fi-ti-le) // Bokgale ba ho feta.
Fetisa (fe-tisa) /pass/ Ho tlosa ntho sebakeng seseng ho isa ho seseng.
Fetisa (fe-ti-sa-na) /to drible/ Ho etsa menyakoe le dikguba ka bolo ya maoto; ho isa
sebapadi seseng sa bolo hodimo le tlase ka ho pikitlaka, sidilaka le ho thellisa bolo.
Fetisetsa (fe-ti-se-tsa) /refer/ Ho isa taba pele bakeng sa tharollo ya bothata ba yona.
Fetisetsoa (fe-ti-sets-wa) /referred to/ Boetsuwa ba ho fetisetsa.
Fetisisa (fe-ti-si-sa) /most/ Ka tsela e kgolohadi hofeta tse ding; ka boemo bo
bontshang boholo hofeta amang. Ketsisiso ya hofeta: ka tsela e fetang tseding haholo;
ka tsela e phahameng hofeta tsohle; ka mokgoa o moholo hofeta emeng kapa yohle.
Fetisitsoe (fe-ti-sits-we) /referred/ Bokgale ba ho fetisetsa.
Fetoa (fe-twa) // Boetsuwa ba ho feta: ho siwa ke nthoe itseng.
Fetoha (fe-tu-ha) /to change, repend/ Ho ba sebopehong seseng; ho ba boemong bo
bong; ho ba maikutong amang; ho ba monahanong kapa kelellong e nngwe; ho etsa
dinchafatso kapa maemo a macha.
Fetoha (fe-tu-ha) /to turn/ Ho etsa hore mmele o shebe sebakeng seseng; ho lebisa
mmele nqa e nngwe. Ho etsa hore maemo a nke sebopeho seseng. (bap. phetoho).
Fetoha (//) /transform, revolve/ Ho etsa sebopeho se secha; ho nka tsela e lebisang
tokolohong kapa boemong bo itseng. Ho lebisa boemong bo bocha.
Fetohaka (fe-tu-ha-ka) /restless/ Phetako ya ho fetoha: ho fetoha ha ngata kapa ho
etsa hore mmele o shebe sebakeng seseng; ho lebisa mmele nqa e nngwe.
Fetohela (fe-tu-he-la) /turn against/ Ho ba kgahlanong le; ho se tsamaisane le; ho se
etse ntho e batloang ke.
Fetohile (fe-tu-hi-le) // Bokgale ba ho fetoha.
Fetola (fe-tu-la) /respond/ Ho araba potso; ho fana ka karabo; ho fana ka puo e
batloang; ho lebisa karabo ho mmuwi kapa motho ya botsang.
97
98
Fetola (fe-tu-la) /translate/ Ho etsa puo e utloahale ka leleme leleng; ho ngola puo e
itseng ka puo ya sechaba seseng. (bap. toloka).
Fetolaka (fe-tu-la-ka) // Phetako ya ho fetola.
Fetolana (fe-tu-la-na) /to communicate/ Ketsetsano ya ho fetola: ho buisana ka
sepheo sa ho fana molaetsa; ho buisana ka sepheo sa ho utloana kapa ho utloisisana.
Fetolela (fe-tu-le-la) /to turn inside out/ Ketsetso ya ho fetola kapa ho tlisa bokahare
kantle, kapa bokantle kahare.
Fetolela (fe-tu-le-la) /to translate/ Ho etsa mongolo kapa puo ya sechaba seseng ka
puo ya bobedi kapa ya badichaba; ho etsa puo e utloahale ka leleme leleng; ho ngola
puo e itseng ka puo ya sechaba seseng.
Fetotse (fe-tu-tse) // Bokgale ba ho fetola.
Fetotsoe (fe-tuts-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho fetola.
Fi (fi!) /exclamation: sudden darkness/ Lekgotsa le bontshang boemo ba lefifi;
seemo sa tlhokeho ya kganya ka botlalo. (bap. lefifi).
Fiedisa (fi-edi-sa) /to sweep correctly/ Ketsiso ya ho fiela: ho tlosa dithole kapa
matlakala moo a sa batlahaleng teng.
Fiela (fi-ela) /sweep/ Ho tlosa dithole kapa matlakala ka lefielo; ho sututsa dithole
mmoho le matlakala; ho hloekisa ka lefielo.
Fifala (fi-fa-la) /to be dark/ Ho fela hoa kganya; ho ntshofala ka baka la tlhokeho ya
letsatsi, kganya kapa lebone.
Fifatsa (fi-fa-tsa) /darken/ Ketsiso ya ho fifala: ho fedisa kganya kapa ponahalo e
ntle; ho baka lefifi ka ho tima lebone kapa sesosa sa kganya. Ho baka lerotho.
Fifatso (fi-fats-aw) /darkening/ Ketso ya ho fifatsa: ho etsa hore ho be lefifi kapa ho
se be le kganya. Ho fedisa kganya kapa ponahalo e ntle; ho baka lefifi ka ho tima
lebone kapa sesosa sa kganya. (bap. ntshofatso, phifatso).
Fifatsoa (fi-fa-tswa) /darkened/ Boetsuwa ba ho fifatsa.
Fihla (fi-hla) /arrive/ Ho ba sebakeng ka nako e itseng; ho ba teng ka nako e
lebeletsoeng; ho re balakatha!
Fihlela (fi-hle-la) /achieve/ Ho thola boemo bo itseng ka mora mosebetsi o itseng; ho
phomella ho atleha. (bap. hofihlela).
Fihlela (fi-hle-la) /reach/ Ketsahalo ya ho fihla. Ho atleha ho fihla sebakeng.
Fihlella (fi-hlel-la) /achieve, accomplish, attain, fulfil, obtain, procure/ Ho
phethahatsa se batloang kapa se labalabeloang; ho ba boemong ba ho fumana se
sebeleditsoeng.
Fihlelletse (fi-hlel-le-tse) /achieved/ Se fumanoeng ka mora mosebetsi kapa boiteko
bo etsoang; seo ho phomeletsoeng ho se fumana.
Fihlile (fi-hli-le) /arrived/ Bokgale ba ho fihla.
Fihlisa (fi-hli-sa) /bad welcome/ Ho ananela sebakeng ka tsela e sa lokang; ketsiso
ya ho fihla; ho amohela sebakeng ka ho phoqa. (bap. amohela). Mohl. Maobane
barutuwa ba kgale ba ne ba fihlisa ba bacha.
Fihlisoa (fi-hli-swa) // Boetsuwa ba ho fihla.
Fika (fi-ka) /the rock/ Lejoe le leholo haholo; lejoe la selomo. Lejoe le leholo haholo
ka sebopeho sa bolelele ba ho ya hodimo; lejoe la selomo, thaba kapa lehaha le
boima ka baka la boholo ba lona. /bon. mafika/ (bap. lefika).
File (fi-le) /gave/ Bokhale ba ho fa.
Filemone (fi-le-mo-ne) /Philemon/ Buka ya leshome le metso e robedi (18) ya bibele
testamenteng e ncha.
Filoe (fi-lwe) /given/ Bokgale le boetsuwa ba ho fa kapa ho fana. (bap. fanoa).
98
99
Filoe (fi-lwe) /gifted/ E nang kapa ya nang le mpho ya tlhaho kapa tsebo ya ho etsa
ketso tse itseng hofeta ba bang.
Fina (fi-na) /fold/ Ho mena ka ho etsa nyane; ho nyenyefatsa ka ho phutha bakeng sa
ho etsa ntho e be kgutshoane kapa e be nyane. (bap. koba).
Finahana (fi-na-ha-na) /to be firm/ Ho ba manganga ka ntlhakemo ya puo e fanoang
ntle le ho fetoha; ho ba le ntlhakemo e sa tsitsinyeheng.
Finahatsa (fi-na-ha-tsa) // Ketsiso ya ho fina: ho etsa hore boemo ba se buuwang bo
se fetohe ha bobebe; ho bontsha manganga ka ntlhakemo ya puo e fanoang ntle le ho
fetoha; ho ba le ntlhakemo e sa tsitsinyeheng.
Finahatso (fi-na-hats-aw) /firmness/ Ketso ya ho finahatsa: ho etsa hore boemo ba
se buuwang bo se fetohe ha bobebe; ho bontsha manganga ka ntlhakemo ya puo e
fanoang; ntle le ho fetoha; ho ba le ntlhakemo e sa tsitsinyeheng.
Fineha (fi-ne-ha) /foldable/ E kgonang ho finoa kapa ho menoa ka ho etsoa nyane.
Finehile (fi-ne-hi-le) /folded/ E boemong ba ho fineha. Bokgale ba ho fina.
Finnoe (fin-nwe) (finnwe) /folded/ Bokgale le boetsuwa ba ho fina.
Finoa (fi-nwa) /folded/ Boetsuwa ba ho fina.
Finyela (fin-ye-la) /to duck/ Ho qoba se lahleloang ka ho qoba kapa ho suthisa
karolo enngwe ya mmele kapa mmele ohle. Tlh. Mantsoe, “finyela” le “finyella” a na
le meelelo e sa tshoaneng hohang.
Finyella (fin-yel-la) /to arrive savely/ Ho fihla sebakeng ka kgotso; ho fihla moo ho
uwang ntle le mathata; ho tsamaya hantle ho ya sebakeng seseng. (bap. phinyello).
Fiolo-ya-meru (//) /African Goshawk/ Mofuta wa nonyana e jang nama, haholo
dihahabi le nonyana tseding tse nyane; e hlooho e thokoa, e mahlo a masootho, e
molala o mosweu, e mokokotlo o mosootho le maoto a masehla. /bon. Difiolo/.
Fitisa (fi-ti-sa) /pass/ Ho tlosa ntho sebakeng seseng ho isa ho seseng. Tlh. Lentsoe
le nepahetseng ke “fetisa” hofeta “fitisa”.
Fitisana (fi-ti-sa-na) // Ketsetsano ya ho fetisa: ho fetisa emong mme le yena a fitise
ya mo fitisitseng. Tlh. Lentsoe le nepahetseng ke “fetisana” hofeta “fitisana”.
Fitisana (fi-ti-sa-na) /drible/ Ho etsa menyakoe le dikguba ka bolo ya maoto; ho isa
sebapadi seseng sa bolo hodimo le tlase ka ho pikitlaka le ho sidilaka bolo. Tlh.
lentsoe le nepahetseng ke “fetisana” hofeta “fitisana”.
Fitisetsa (fi-ti-se-tsa) /refer/ Ho isa taba kapa ntho e itseng pele bakeng sa tharollo;
ho lebisa se nang le bothata pele. Tlh. Lentsoe le nepahetseng ke “fetisetsa”.
Fitisetso (fi-ti-sets-aw) /referral/ Ketso ya ho fetisetsa. Tlh. Lentsoe le nepahetseng
ke “phetisetso”. (bap. phetisetso).
Fitisisa (fe-ti-si-sa) /more than/ Ka tsela e fetang e tloaelehileng; ka tsela e kgolo,
mpe, ntle kapa nyane hofeta tsohle. (sheb. fetisisa).
Foba (fu-ba) // Motho eo le nyetseng sebakeng seleseng le yena; monna wa ngoana
bo mosadi wa hao. /bon. bofoba/ (bap. soare).
Focho (fu-chu) /disco/ Sebaka sa ho fochosela kapa ho tjeka: moo ho fochoseloang
teng; moo ho tjekoang teng. (bap. famo, motjeko) (mm. fochong, fotjho).
Fochosela (fu-chu-se-la) /to dance/ Ho tsitsinya mmele bakeng sa seletsa tsa mmino.
99
100
100
101
101
102
Fometsa (fu-me-tsa) /rust/ Ho baka mafome: ho etsa hore tshepe kapa ntho e
tshoanang le tshepe e hlahe mafome. Ho baka ho eboha hoa tshepe ka ho e beha moo
honang le mongobo; ho etsa hore tshepe e tlhotlhorehe kapa e jehe bokahodimo ka
baka la ngobiso kapa boemo bo itseng. Tlh. Hona le batho ba sebedisang lentsoe,
“rusa” bakeng sa “fometsa”. Lentsoe “rusa” ke sothofatso ya “rust”. (bap. rusisa).
Fometso (fu-me-tso) /rusting/ Ketso ya ho fometsa: pako ya mafome kapa ho etsa
hore tshepe kapa ntho e tshoanang le tshepe e hlahe mafome. Ho baka ho eboha hoa
tshepe ka ho e beha moo honang le mongobo; ho etsa hore tshepe e tlhotlhorehe kapa
e jehe bokahodimo ka baka la ngobiso kapa boemo bo itseng. (bap. rusiso, ruso).
Fometsoa (fu-me-tswa) // Boetsuwa ba ho fometsa. (bap. rusisoa).
Fonaneng (fu-na-ni-ng) /good night!/ Ho sadisa hantle bosiu kapa ha ho lo roabaloa;
salang hantle bosiong bona! (bap. sala-hantle, dumelang!).
Fonetiki (fo-ne-ti-ki) (fonotiki) /phonetics/ Thuto ya medumo ya mantsoe ho ya ka
puo efe kapa efe; thuto e bontshang le ho hlalosa modumo wa lentsoe. Mongolo o
hlalosang modumo wa puo ya sechaba. /bon. difonetiki/
Fonofono (faw-naw-faw-naw) /telephone/ Sesebedisoa se sebedisoang sa ho bua le
motho a hole; sesebedisoa sa ho fetisa molaetsa ho motho ya hole. (bap. mohala).
Fopha (fup-ha) /beat with a reed/ Ho otla ka lehlaka la semela; ho otla ka thupa e
metsi; ho otla ka ntho e lesoe kapa mongobo.
Fopha (fawp-ha) /to tumble dry/ Ho fedisa metsi seaparong; ho tlhotlha metsi
nakong ya ho hlatsoa diaparo. Ho omisa kapa ho tlhotla ka mora ho hlatsoa ka metsi
kapa mochini wa ho hlatsoa.
Fophaka (fup-ha-ka) // Phetako ya ho fopha: ho otlaka ka lehlaka la semela; ho otla
ka thupa e metsi; ho otla ka ntho e lesoe kapa mongobo.
Fophile (fop-hi-le) // Ketsahalo ya ho fopha.
Fophisa (fawp-hi-sa) /dry/ Ketsiso ya ho fopha: ho ntsha metsi seaparong kapa ho
omisa ntho e itseng; ho ntsha mongobo.
Fophisitse (fawp-hi-si-tse) // Bokgale ba ho fophisa.
Fophisitsoe (fawp-hi-sits-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho fophisa.
Fopotla (fu-pu-tla) // Ho baka hore motho kapa ntho e be boemong bo tshoaneloang
ke thohako kapa photolo.
Fopotleha (fu-pu-tle-ha) /nugatory, worthless/ Hoa sebopeho sa motho: eo mekgoa
ya hae e mebe e mo etsang hore e be ntho feela kapa a tshoaneloe ke thohako kapa
photholeho. (bap. Photholeha).
Fopotlehile (fu-pu-tle-hi-le) /nugatory, worthless/ Ya mekgoa le ditloaelo tse mpe
tse lokeloang ke photolo. Ya mobe hofeta satane.
Fopotleho (fu-pu-tle-haw) /nugatory state/ Ketso ya ho fopotleha kapa ho ba le
mekgoa e lokeloang ke ho photholoa.
Fopotlo (fu-pu-tlaw) // Ketso ya ho fopotla: ho baka hore motho kapa ntho e be
boemong bo tshoaneloang ke thohako kapa photholo.
Foqa (fu-qa) /over eat/ Ho ja haholo; ho nyofa; ho ja hofeta tekanyo.
Foqisa (fu-qi-sa) /over feed/ Ketsiso ya ho foqa: ho jesa hofeta tekano.
Foqiso (fu-qi-saw) /gluttony/ Ketso ya ho foqisa: boemo ba senyofu kapa ho ja
haholo hofeta tekanyo. (bap. bonyofu).
Fora (fu-ra) /Lesotho evangelical church/ Enngwe ya kereke tsa pele tsa naha ya
Lesotho e theiloeng dilemong tsa bo 1833. /bon difora/
Fora (fo-ra) /france/ Naha ya mafora e tholahalang Yuropa.
Foro (fo-ro) /furrow/ Tsela e etseditsoeng ho tsamaya metsi. (bap. lengope).
102
103
Fosa (fo-sa) /to transgress, sin/ Ho etsa ho sa lokang; ho etsa sebe; ho tlola molao;
ho tsoa tseleng.
Fosa (//) /err, mistake/ Ho etsa phoso; ho tlaila ka diketso kapa ka puo.
Fosa (//) /miss/ Ho otla ka thoko; ho otla mafosi. Ho hloleha ho nepa. (bap. nepa).
Fosahala (fo-sa-ha-la) /inaccurate, invalid/ Ho ba boemong bo sa nepahalang.
Fosahatsa (fo-sa-ha-tsa) // Ho etsa hore boemo bo fosahale: bo hloke nepahalo kapa
nnete e lebeletsoeng; bo se ke ba loka joalo ka ha ho lebelletsoe.
Fosahetse (fo-sa-he-tse) /invalid, inaccurate, wrong/ E sa lokang kapa e
sebopehong se sa lokang; eo eseng yona e lebeletsoeng. Mohl. Hobaneng o re fa e
fosahetseng? Ke bomamg babang ba thotseng e fosahetseng? Qeto ya bona e ne e
fosahetse ka botlalo. Re bone hore e fosahetse.
Fosana (fo-sa-na) // Ketsetsano ya ho fosa.
Fosetsa (fo-se-tsa) /offend, to wrong/ Ketsetso ya ho fosa: ho etsetsa motho phoso.
Fosetso (fo-se-tso) /offence/ Ketso ya ho fosetsa: ho etsetsa motho phoso; ho siteloa
motho. Tshitelo ya Modimo. (bap. Phosetso).
Fota (fu-ta) /to irk/ Ho tena ka diketso tse itseng ka nako e latellanang; ho latella ka
ho qholotsa kapa ho utloisa bohloko maikutlong. Mohl. Motho a tla re fota hoseng!
Fotakela (fu-ta-ke-la) // Ketsetso ya ho fota: ho ba setena ka ho etsa ketso e itseng ho
motho ha ngata; ho latella ka ho qholotsa.
Fotakelo (fu-ta-ke-law) // Ketso ya ho fotakela: ho ba setena ka ho etsa ketso e itseng
ho motho ha ngata; ho latella ka ho qholotsa.
Fotha (fut-ha) // Motsoako o etsang lehadima ha o etsoa ke ngaka ya setho.
Fothela (fut-he-la) // Ho etsa fotha; ketsetso ya fotha.
Fotheloa (fut-he-lwa) // Boetsuwa ba ho fotha.
Fothodisa (fut-hu-di-sa) // Ketsisiso ya ho fothola.
Fothola (fut-hu-la) /weed out/ Ho ntsha semela mmoho le motloang wa sona; ho
ntsha setlamatlama kapa sefate le mothapo wa sona. (bap. qoqola, hotsula, qotsula).
Fotholaka (fut-hu-la-ka) /to weed out repeatly/ Phetako ya ho fothola.
Fotholako (fut-hu-la-kaw) /repeat weeding out/ Ketso ya ho fotholaka.
Fotholela (fut-hu-le-la) // Ketsetso ya ho fothola.
Fotholo (fut-hu-law) /weeding out/ Ketso ya ho fothola: qoqolo ya semela mmoho le
motloang wa sona; mokgoa wa ho ntsha setlamatlama kapa sefate mmoho le mothapo
wa sona.
Fothotse (fut-hu-tse) // Bokgale ba ho fothola.
Fothotsoe (fut-huts-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho fothola.
Fotseke (fu-tse-k) /go away!/ Lekgotsa le bontshang ho tebela ntja kapa ho bua le
motho hampe ka ho mo rohaka. Tem. Lentsoe lena ha se la puo ya Sesotho
hantlentle: lentsoe le nepahetseng la Sesotho ke “ha e ye!”. Lentsoe, “fotseke” le tsoa
puong ya Seafrokanse, “voetsek”. Le ha ho le joalo, lentsoe lena le se le sebedisoa ke
bongata ba dipuo tsa batho ba batsho joalo ka ha e ka ke la bona.
Fotsekisa (fo-tse-ki-sa) /expel like a dog/ Ho tebela kapa ho leleka joalo ka ntja.
Fotsekiso (fu-tse-ki-so) /expulsion/ Ketso ya ho fotsekisa: tloaelo ya ho tebela kapa
ho leleka joalo ka ntja. Teleko e mpe e tshoanang le ya ho tebela ntja.
Foufala (fo-u-fa-la) /go blind/ Ho lahleheloa ke pono ya mahlo; ho se kgone ho bona
ka baka la ho koaleha mahlo kapa ka lebaka la bokudi bo itseng.
Foufatsa (fo-u-fa-tsa) /to cause to be blind/ Ketsetso ya ho foufala: ho baka hore
mahlo a se bone; ho fedisa pono ya mahlo.
Foufatsoa (fo-u-fats-wa) // Boetsuwa ba ho foufala.
103
104
104
105
105
106
106
107
Ggg
PALE:
Tlhaku ya bosupa ya puo ya Sesotho. Sesotho se sebedisa tlhaku ena haholo empa
eseng ho qala mantsoe. Hona ho bolela hore moo “G” e sebedisoang hona le
ditlhaku tse ding. Re ka qolla haholo mantsoeng a qalang ka “K”. mohlala: kgomo,
kgama, kgora, kgona, kganya, kgarebe, kgotso, kgethollo, jwalo jwalo. Hantlentle,
puo ya Setswana ke yona e nang le mantsoe a mangatanyana a qalang ka “G” puong
tsa lelapa la Sesotho (sotho speaking).
Gau (ga-u) /gold medal/ Tlotla ya gauta eo motho a e tholang ka ho hlola papadi e
itseng kapa ditlhodisano tse itseng.
Gauta (kga-u-ta) /gold/ Serafjoa se tholahalang botebong ba lefatshe se boleng bo
hodimo; serafjoa se sebedisoang ho etsa masale, direng, sefaha le mabenyane amang a
theko e hodimo.
Gauteng (kga-u-te-ng) /place of gold/ Sebaka seo ho fumanoang gauta e ngata teng.
Gauteng (//) /Gauteng Province/ Enngwe ya diprofinsi tsa Afrika Borwa, e bohareng
ba naha.
Genese (ge-ne-se) /genesis/ Buka ya pele ya testamente ya kgale. Tem. Tlhaloso ya
Genese (genesis) ho ya ka puo ya Sesotho ke “tshimoloho”, “qaleho” kapa “qalo”.
Sena se bolela hore mantsoe a mararo a boletsoeng a ka sebedisoa bakeng sa lereho
molata, “Genesis” eleng sothofatso ha e bitsoa “Genese”.
Golgotha (kgawl-kgawt-ha) /calvary/ Sebaka sa masapo a hlooho, haholo a batho,
seo Morena Jesu a thakgisitsoeng teng. Ho ya ka buka ya bibele ya Luka (23:33
mmoho le Mattheu 27:33): moo Morena Jesu a thakgisitsoeng teng. (bap. lehata).
107
108
Hhh
PALE:
Tlhaku ya borobedi ya Sesotho. Yona e akga ka maetsi, diemedi (maemedi), makgotsa
le mareho. Mareho a tlhaho a tlhaku ena a sebedisa ditlhaku “K” le “T” ha eba
mareho. Maetsi a pele a sebedisa “K” e lateloang ke “H”. Mohlala: haba=khabo,
habanya=khabanyo, hela=khelo, habela=khabelo, haeletsa=khaeletso, hola=kholo,
hema=khemo, hemesela=khemeselo hula=khulo, hoeshetsa=khoeshetso,
hotsula=khotsulo, jj. Mmadi a ele hloko hore ke setlamo hore tlhaku “K” e lateloe ke
tlhaku “H” ebang “H” e lateloa ke sedumi joalo ka mehlala e fanoeng kahodimo. Ho
bolelang hore ha ho lentsoe la Sesotho le bitsoang “kgemeselo”, “kgotsulo” le
amang a qalang ka tlhaku “H” ha a rehofatsoa. Empa mantsoe a nepahetseng ke
“khemeselo”, (ho tsoa ho hemesela) “khotsulo” (ho tsoa ho hotsula).
H (eich) //.
Ha (ha) /at someone’s/something’s place/ Lentsoe le bontshang thuo ka ho supa
sebaka sa mmuuwa; sebaka sa moetsuwa kapa mmuuwa. (bap. ho).
Ha (ha) /when I, when they, when it/ Lentsoe le bontshang ho etsahala hoa ketsahalo
ka ho bontsha nako. Moh. Ha ke tsamaya, ke ha di kgutla.
Ha (ha) /whilst, while/ Ka nako eo ho etsahalang se itseng; nakong eo se itseng se
ntse se etsahala. Mohl. Ke tla o bona ha ke ntse ke phela.
Ha (ha) /whereas/ Ka tsela enngwe e itseng; ka mokgwa omong o fapaneng.
Haba (ha-ba) /to depress a tummy/ Ho honyetsa mpa ka ho hula moya.
Haba (ha-ba) /go swiftly, hurry/ Ho potlakela sebakeng se itseng; ho tsamaya kapele
bakeng sa ho ya kaekae.
Habahaba (ha-ba-ha-ba) /collosal, huge, stupendous/ E kgolo haholo; e sephara
ebile e le tenya; e bophora bo boholo; e kgolohadi. /bon. Dihabahaba/.
Habakuke (ha-ba-ku-ke) /Habakkuk/ Buka ya bibele ya bomashome a mararo le
metso e mehlano (35) ya testamente ya kgale. Tem. Lebitso lena, “habakuke”
(habakkuk) ke lebitso la seheberu la moprofeta ya neng a dula Jerusalema le bolelang
ho “imamaretsa ka thata ho” kapa “ho mamarela kapa ho itshetleha ho”.
Habanya (ha-ban-ya) /slight look/ Ho sheba ntho kapa motho ka ho se shebesisi
hantle; ho lebisa leihlo ka ho se natse haholo; ho sheba ntle le botio. (bap. qekotsa).
Habanyo (ha-ban-yaw) /act of slight look/ Ketso ya ho habanya: ho sheba ntho kapa
motho ka ho se shebesisi hantle; ho lebisa leihlo ka ho se natse haholo; ho sheba ntle
le botio. (bap. Khabanyo).
Habedi (ha-be-di) /twice/ Ka makgetlo a fetang bonngwe; ka makgetlo a ka tlase ho
boraro kapa tharo. (bap. pedi, bobedi).
Habedisa (ha-be-di-sa) // Ketsisiso ya ho habela: ho habela hantle, ka botlalo.
Habela (ha-be-la) /cut vegetables/ Ho poma moroho kapa meroho ha sesane bakeng
sa ho pheha le ho ja.
Habelaka (ha-be-la-ka) /to cut vegetables repeatly/ Phetako ya ho habela.
108
109
109
110
Haella (ha-el-la) /scarce, limited, few/ Ho hlokahala hoa ntho ya bohlokoa; ho ba sio
hoa ntho e molemo; ho ba ntle le. (bap. nyane).
Haelletse (ha-el-le-tse) // Bokgale ba ho haella.
Haelletsoe (ha-el-lets-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho haella.
Haelloa (ha-el-lwa) /to be short of/ Boetsuwa ba ho haella.
Haeloa (ha-el-wa) // Ketsetso ya ho haela: ho haha kapa aha bakeng sa. Mael.
Lentsoe la morena le haeloa lesaka: seo morena kapa motho e moholo a se buang se
tlameha ho ananeloa le ho hlonchoa.
Haeno (ha-e-nu) /at your place/ Seemedi se supang sebaka sa mmuuwa kapa
moetsuwa ntle le ho se hlalosa. Lentsoe le botshang thuo ya sebaka sa moetsuwa kapa
mmuuwa. (bap. Heno, mohaeno).
Haeno (//) /exclamation: go away!/ Lekgotsa le bontshang ho leleka kapa ho tebela
motho ka bohale. Mohl. Haeno ntja tooe!
Haesale (ha-i-sa-le) /ever since, never before/ Ho tloha ka nako e itseng, kgale.
Lentsoe le bontshang ho makalla ketsahalo e lebeletsoeng nako e telele empa esa
etsahale; ho kgotsa boemo ba ketso kapa ketsahalo e makatsang. Mohl. Ha ke so bone
bokgabane bo tjena haesale.
Haeso (ha-e-su) /at my place/ Seemedi se supang thuo ya sebaka ke mmuwi kapa
moetsi. Moo eleng sebaka sa mmuwi kapa moetsi. (bap. Heso, heno, mohaeso).
Haeya (ha-e-ya) /phenomenon, wonder/ Ketso kapa ketsahalo e akgang mohlolo,
dimakatso le meka mmoho le boqhetseke. /bon. dihaeya/ (mm. Haeea). Tlh. Lentsoe
lena, “haeya” le sebedisoa le le ka bongateng hangata.
Hafa (ha-fa) /to battle, struggle/ Ho hula ka thata; ho sokola. Mael. Ho hafa ka
nkatana: ho hula ka thata.
Hafola (ha-fu-la) /halve, divide/ Ho arola ka ho lekana. Tlh. Lentsoe lena ke leetsi
molata: hase lentsoe la Sesotho le ha batho ba bangata ba rata ho le sebedisa.
Hafolela (ha-fu-le-la) /divide for/ Ketsetso ya ho hafola. (bap. arolela).
Haggai (ha-ka-i) /haggai/ Buka ya bibele ya bomashome a mararo a metso e supileng
(37) testamenteng ya kgale. Tem. Haggai ke lebitso la moprofeta ya phetseng
dilemong tsa bo 520 pele ho tsoalo ya Kreste.
Hahaba (ha-ha-ba) /creep, crawl/ Ho tsamaya ka mpa; ho hosha ka bokatlase ba
mmele. (bap. kgasa).
Hahabela (ha-ha-be-la) /ambush/ Ho noanyetsa motho kapa ntho e itseng ka ho
hahaba. Ketsetso ya ho hahaba. (bap. nanarela, nwanyetsa).
Hahabisa (ha-ha-bi-sa) /to drag down/ Ketsiso ya ho hahaba.
Hahabo (ha-ha-baw) /at her or his village or place/ Sebaka sa bo mmuuwa; moo
mmuwa a dulang, a hlahetseng kapa a tsoang teng.
Hahlamela (ha-hla-me-la) /to have an effect on/ Ho ba le tshutshumetso nthong e
itseng; ho ba le tlhotlholetso. (bap. Kgahlamela).
Hahlametse (ha-hla-me-tse) // Bokgale ba ho hlahlamela.
Hahlano (ha-hla-nu) /five times. fifth/ Ka palo e fetang bonne empa e le ka tlase ho
tshelela. Ka makgetlo a mahlano; ka ho feta bonne kapa nne. (bap. Bohlano).
Haholo (ha-ho-lo) /too much, more, greatly/ Ka tsela e tletseng sebaka; ka ho etsa
ka tsela e kgolo kapa e fetang tekanyo; e hlokang bonyane hohang; e tsahalang ka ho
fetisisa. (bap. hanyane).
Haholoanyane (ha-hu-lwan-ya-ni)/more especially when/ Ka tsela eo eleng
bohlokoa haholo halatela se batloang, se batloang ho tsejoa kapa se hlalosoang ebile
ho buuwa ka sona. (bap. haholoholo). (mm. haholwanyane).
110
111
111
112
112
113
113
114
114
115
Hara (ha-ra) /amongst, among/ Sebaka se pakeng tsa ntho tse pedi; bohareng ba
dintho tse itseng; bohareng ba ketsahalo kapa ketso. (bap. pakeng).
Hara (har-a) /enfold, fold/ Ho phutha maoto ka tsela e itseng; ho dula ka ho sotha
maoto; ho sothaka maoto ka ho dula.
Haraka (ha-ra-ka) /to rake/ Ho tlosa dithole kapa matlakala ka haraka.
Haraka (ha-ra-ka) /a rake/ Sesebedisoa sa ho tlosa matlakala le dithole; sesebedisoa,
seka lefielo se sebedisoang ho fiela ka ho hohola matlakala kapa dithole. /bon.
diharaka/.
Hararo (ha-ra-ru) /thrice/ Ka makgetlo a fetang bobedi kapa pedi; ka makgetlo a ka
tlase ho bone kapa nne.
Hare (ha-re) /deep end/ Sebaka se potelletsaneng kapa se hole bakeng sa ho fihleloa;
sebaka se hole ka baka la ho se fihlellehe hoa sona; sebaka se ipatileng kapa se
patehileng.
Harela (ha-re-la) /roll around/ Ho pota mmele ohle kapa karolo; ho ba nqa tsohle
kapa sebakeng se itseng sa mmele ka ho thatela; ho dika ntho e itseng.
Hareng (ha-ri-ng) /cotton/ Sesebedisoa sa ho roka kapa ho kopanya seaparo;
sesebedisoa seka kgoele se sebedisoang le nalete bakeng sa ho roka kapa ho etsa
diphahlo. /bon. dihareng/.
Harepa (ha-re-pa) /harp/ Seletsa sa mmino se entsoeng ka maballo a kgutlo tharo
mmoho le maseka le sekupu. /bon. diharepa/ (sheb. diletsa).
Harese (ha-ri-si) /barley/ Semela, seka koro, seo hlooho tsa sona kapa dithotse di
sebedisoang joalo ka sejo kapa ho etsa mofuta wa joala. /bon. diharese/.
Harobedi (ha-ru-be-di) /eight times/ Ka makgetlo a fetang bosupa kapa supa; ka
makgetlo a ka tlase ho borobong kapa robong. (bap. Borobedi).
Harobong (ha-ru-bu-ng) /nineth/ Ka makgetlo a fetang borobedi kapa robedi; ka
makgetlo a ka tlase ho leshome. (bap. Borobong).
Harola (ha-ru-la) /devour/ Ho hlasela ka ho ntsha dinama; ho bolaya ka ho
kopakopanya ditho tsa mmele; ho hlasela ka ho sebedisa meno a bohale.
Harolaka (ha-ru-la-ka) /to devour repeatly/ Phetako ya ho harola: ho harola ka
makgetlo a mangata.
Hasa (ha-sa) /spread/ Ho isa hohle ka bongata; ho isa dibakeng tse ngata. Ho lebisa
nqa tse fapaneng ka moya kapa ka ntho e itseng. Ho jala ditaba tse molemo kapa tse
mpe dibakeng tse fapaneng. Ho hlahisa puo e mabapi le ketsahalo e itseng ka ho
bolella bongata ba batho.
Hasahasa (ha-sa-ha-sa) /to gossip/ Ho bua hampe ka motho kapa ntho bosiong ba
yona; ho bua ka lebitso la motho hampe ntle le nnete kapa bonnete.
Hasahasa (//) /propagandize/ Ho bua kgahlanong le mokga o mong wa sepolotiki
hampe ka ho etsa hore mokgoa wa heno o hlole; ho bua hantle ka mokgatlo kapa
mokga wa heno le ha nnete e le sio; ho bua ka lebitso la motho, moetapele kapa naha,
hampe ntle le nnete. (bap. khasakhaso, feteletsa, pheteletso).
Hasaka (ha-sa-ka) /spread repeatly/ Phetako ya ho hasa.
Hasana (ha-sa-na) /disperse/ Ketsetsano ya ho hasa: ho tloha kapa ho tsamaya ka ho
arohana; ho tloha ka ho ya dibakeng tse fapaneng. (bap. phasalla).
Hasane (ha-sa-ne) /scattered/ E boemong bo tletseng sebaka kaofela; tse tletseng
hohle; e bonoang hohle moo leihlo le bonang teng.
Hasane (ha-sa-ne) // Bokgale ba ho hasa.
Hasanya (ha-san-ya) /disperse/ Ketsetso ya ho hasa: ho baka hore dintho di hasane.
Hase (ha-se) /orphan animal/ Phoofolo ya kgutsana: e hlokang mma yona mmoho le
ntata yona. /bon. dihase/ (bap. kgutsana).
115
116
116
117
117
118
HETLANTSHO (HETLA-NTSO)
118
119
119
120
Hlahisa (//) /produce/ Ho etsa hore ntho ebe teng; ho tlisa ditholoana kapa ntho e
itseng; ho sebetsa ka sepheo sa ho bontsha tema.
Hlahisitse (hla-hi-si-tse) /suggested/ Bokgale ba ho hlahisa.
Hlahisoa (hla-hi-swa) // Boetsuwa ba ho hlahisa.
Hlahla (hla-hla) // Ho bula mahlo haholo ka baka la ho tshoha; ho bula mahlo ka
lebaka la tshabo, letsoalo kapa ho makala. Mohl. Wa hlahla matlo tje molato keng?
Hlahlafethe (hla-hla-fi-thi) /haphazard, haphazardly/ Ka tsela e hlokang makgethe;
ka mokgoa kapa tsela e sa bontsheng tlhophiso e ntle; hampe ntle le ho hlophisa.
Hlahlamana (hla-hla-ma-na) /consecutive/ Ho tla ka mora ntho enngwe: tse
etsahalang ka ho latellana; e tlang ka mora enngwe ka tatelano kapa tatellano.
Hlahlame (hla-hla-me) // Bokgale ba ho hlahlama.
Hlahlamisa (hla-hla-mi-sa) // Ketsiso ya ho hlahlamana: ho etsa hore ntho di latellane
kapa di etsahale ka tatellano.
Hlahlamisitse (hla-hla-mi-si-tse) // Bokgale ba ho hlahlamisa.
Hlahlamisitsoe (hla-hla-mi-si-tswe) // Boetsuwa le bokgale ba ho hlahlamisa.
Hlahlangoa (hla-hla-ng-wa) // Boetsuwa ba ho hlahlama. (mm. Hlahlangwa).
Hlahlangoe (hla-hla-ng-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho hlahlama.
Hlahlatha (hla-hlat-ha) // Ho tsamaya moo tsela eleng sio; ho tsamaya hlatheng moo
ho tletseng joang le mofero. Ho tsamaya nahathote.
Hlahlathela (hla-hlat-he-la) // Ketsahalo ya ho hlahlatha: ho tsamaya moo tsela eleng
sio; ho tsamaya hlatheng moo ho tletseng joang le mofero.
Hlahlathile (hla-hla-thi-le) // Bokgale ba ho hlahlatha.
Hlahlathisa (hla-hla-thi-sa) // Ketsiso ya ho hlahlatha: ho etsa hore ntho kapa motho
a tsamaye moo tsela eleng sio; ho tsamaisa hlatheng moo ho tletseng joang, majoe le
mofero mmoho le mangope. (bap. qhafutsa).
Hlahlathisoa (hla-hla-thi-swa) // Boetsuwa ba ho hlahlatha.
Hlahlela (hla-hle-la) /imprison, apprehend/ Ho kenya kapa ho isa chankaneng; ho
isa ntloana-tshoana; ho koalla teronkong.
Hlahlela (//) /refile, reload/ Ho kenya kulo sethunyeng kapa sebetsa se thunyang; ho
ekeletsa ntho e felang kapa eka nnang ya fela.
Hlahlella (hla-hlel-la) /assist/ Ho fa motho ya hlokang ntho e itseng; ho ekeletsa
motho ntho eo a e qetileng.
Hlahlellana (hla-hlel-la-na) // Ketsetsano ya ho hlahlella.
Hlahloba (hla-hlu-ba) /examine, inspect/ Ho shebisisa sephetho, sebopeho, mokgoa
kapa boemo ba ketsahalo kapa ketso e itseng. (bap. Tlhatlhobo).
Hlahlobisa (hla-hlu-bi-sa) /examine extensively, analyze/ Ketsisiso ya ho hlahloba:
ho hlahloba haholo ka sepheo le morero wa ho fumana nnete ya ketso, ketsahalo kapa
boemo ba ntho e itseng, ka botlalo, ntle le ho jalletsa. (bap. Tlhatlhobiso).
Hlajoa (hla-jwa) /stabbed/ Boetsuwa ba ho hlaba. (mm. Hlajuwa).
Hlaka (hla-ka) /clear/ Ho utloahala kelellong; ho utloahala ditsebeng; ho utloisiseha
polelong le mantsoeng a buuwang. (bap. Tlhako).
Hlakahlothoana (hla-ka-hlut-hwa-na) /African red-eyed Bulbul/ Mofuta wa
nonyana e mahlo a makgubedu; e masiba a mmala o bosoothoana bo hlakileng le
setono se sesehla se kopaneng le botsho; e phelang haholo ka ditholoana le
dikokoanyana, ebile e rata metsi haholo. /bon. dihlakahlothoana/.
120
121
HLAKAHLOTHOANA.
Hlakametsa (hla-ka-me-tsa) /meet half way/ Ho atamela pela motho kapa ntho e
tlang; ho ya nqa ya motho ya tlang. (bap. kgahlametsa) Tem. Lentsoe lena,
“hlakametsa” (hlangameza) ha le sebedisoe ke Bakone feela: Basotho ba Maluting
mmoho le ba Natala (Nquthu) ba le sebedisa haholo hofeta ba mabalane. (bap.
kgahlametsa).
Hlakametso (hla-ka-me-tso) /meeting half way/ Ketso ya ho hlakametsa: ho atamela
pela motho kapa ntho e tlang; ho ya kapa ho tsamayela nqa ya motho ya tlang. (bap.
Tlhakametso, lehlakametsa).
Hlakisa (hla-ki-sa) /clarify, specify/ Ho etsa hore puo, polelo, ketso kapa ketsahalo e
utloahale; ho beha taba pepeneneng; ketsiso ya ho hlaka. (bap. Tlhakiso).
Hlakodisa (hla-ku-di-sa) // Ketsiso ya ho hlakola: ho baka ho hlakola kapa ho qobella
motho emong ho hlakola.
Hlakola (hla-ku-la) /erase/ Ho tlosa ka ho phumula; ho phumula ntho hore ese
bonahale; ho nyametsa ponahalo ya ntho e itseng.
Hlakola (//) /february/ Kgoedi ya bobedi ya selemo ho ya ka alemanaka ya lefatshe
la kajeno; kgoedi e tlang ka mora ya pele, kapa e lateloang ke Pherekgong; kgoedi e
tlang pele ho Hlakubele. (bap. tlhakola). Tem. Nqa tseding tsa naha kgoedi ena e
bitsoa “Tlhakola”, hlakubele yona e bitsoa “Tlhakubele”.
Hlakotha (hla-kut-ha) /swerve/ Ho tsamaya ka thoko ho tsela; ho tsamaya ka potlako
ntle le kotloloho ya tsela; ho tsamaya ka ho hlahlathela. (bap. tlhakotho).
Hlakothile (hla-kut-hi-le) /swerved/ Bokgale ba ho hlakotha.
Hlakothisa (hla-kut-hi-sa) /cause to swerve/ Ketsiso ya ho hlakotha: ho baka ho
tsamaya ka thoko ho tsela; ho baka ho tsamaya ka potlako ntle le kotloloho ya tsela;
ho baka ho tsamaya ka ho hlahlathela. (bap. tlhakothiso).
Hlakothisoa (hla-kut-hi-swa) /swerved/ Boetsuwa ba ho hlakothisa.
Hlaku (hla-ku) /leaf/ Lekgapetla la semela; lehlaku la semela sefe kapa sefe. Enngwe
ya dikarolo tsa semela, eo hangata eleng tala ka mmala, e sebopeho se sephara, e
hlahang mahlakoreng a lekala la semela. /bon. mahlaku/ (bap. Lehlaku) Tem.
Lentsoe le nepahetseng ke “lehlaku” hofeta “hlaku” le ha le lona le lokile ha ho
kenyeletsoa sehonyetsi, ‘hlaku. (bap. tlhaku).
Hlakubele (hla-ku-be-le) /march/ Kgoedi ya boraro ya selemo ho ya ka alemanaka
ya lefatshe la kajeno; kgoedi e tlang ka mora Hlakola. (bap. tlhakubele).
Hlala (hla-la) /to divorce/ Ho tlohela mosadi kapa monna eo le nyalanang le yena ka
molao; ho fedisa kamano ya lenyalo; ho lesa kopano ya lenyalo e amang batho ba
babedi ba nyalaneng. Mohl. Motho wa pele wa ho hlala lefatsheng ke mang?
Hlalana (hla-la-na) // Ketsetsano ya ho hlala: ho hlala ka ho etsetsana.
Hlalefa (hla-li-fa) /clever/ Ho ba le tsebo eo batho babang ba e hlokang; ho ba le
bohlale ba ho etsa dintho tseo babang ba sa kgoneng ho di etsa.
Hlalefela (hla-li-fe-la) // Ketsetso ya ho hlalefa: ho hlalefa bakeng sa.
Hlalefetse (hla-li-fe-tse) // Ho ba boemong ba hofeta babang ka ho etsa diketso tse
itseng; ho ba boemong ba ho tseba hofeta babang.
Hlalefile (hla-le-fi-le) /clever, intelligent/ E, kapa ya bontshang tlhalefo: ya
bontshang ho tseba hofeta babang. Pontsho ya ho hlalefa kapa bohlale.
121
122
122
123
Hlaodisa (hla-u-di-sa) /help to hoe/ Ketsiso ya ho hlaola: ho etsa hore motho a tlose
lehola ka mohoma. Ho thusa ho hlaola.
Hlaodisa (//) /penalise/ Ho fana ka kahlolo ka ho lefisa ya entseng molato ntle le ho
mo koalla chankaneng; ho lefisa moetsi wa phoso tefo e itseng.
Hlaola (hla-u-la) /to hoe/ Ho tlosa lehola tshimong kapa serapeng sa dijalo; ho ntsha
semela se sa batlahaleng tshimong kapa serapeng sa dijalo.
Hlaotse (hla-u-tse) // Bokgale ba ho hlaola.
Hlaotsoe (hla-uts-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho hlaola.
Hlapa (hla-pa) /insult/ Lentsoe kapa puo e rohakang; ketso kapa polelo e akgang
tlhapa; puo e mpe e utloisang mmuuwa kapa moetsuwa bohloko. (bap. tlhapa).Tlh.
lentsoe le nepahetseng ke “tlhapa” hofeta “hlapa”.
Hlapantsha (hla-pa-nts-ha) /make an oath, undertaking/ Ketsiso ya ho hlapanya: ho
etsa hore motho a hlapanye kapa a nke kano.
Hlapanya (hla-pan-ya) /vow/ Ho ikana ho bua kapa ho etsa ketso ya nnete; ho nka
kano ka ho ipofa; ho etsa puo kapa ketso ya tshepiso e sa tlamehang ho koeneheloa;
ho rera ho tsamaisana le se batloang le ho phethisa nnete e batlahalang.
Hlapaola (hla-pa-u-la) /insult/ Ho bitsa mantsoe a mabe ho motho; ho lebisa tlhapa
ho motho kapa ntho e itseng; ho sebedisa thohako kgahlanong le. (bap. rohaka).
Hlaphodisa (hlap-hu-di-sa) // Ketsiso ya ho hlaphola: ho etsa hore motho a je sejo se
senyane se nang le senoko se bohale.
Hlaphola (hlap-hu-la) /snack eating/ Ho ja sejo se senyane se nang le senoko se
bohale; ho ja bohashana ba sejo ka sepheo sa ho matlafatsa mmele.
Hlaphoha (hlap-u-ha) /recover/ Ho tsoha bokuding; ho tsoha mokgathaleng kapa
borokong; boikutlo ba ho matlafala. Ho tsoha morolo.
Hlaphoheloa (hlap-u-he-lwa) /to recover/ Boetsuwa ba ho hlaphoha.
Hlaphohetsoe (hlap-hu-ets-we) /sober/ Ya boemong ba kelello le mmele bo hlokang
tai, sethethefatsi, ho kula kapa bohloko. Ya maikutlo le kelello e phodileng. Ya ntle le
ho tawa kapa botawa.
Hlaphohetsoe (hlap-hu-ets-we) /recovered/ Boetsuwa le bokgale ba ho hlaphoha.
Hlaphoho (hla-phu-haw) /sobriety, nonindulgence, soberness/ Ketso ya ho
hlaphoha: boemo ba ho tsoha bokuding; ho tsoha mokgathaleng kapa borokong;
boikutlo ba ho matlafala. Ho tsoha morolo. Ho ba ntle le tai kapa sethethefatsi.
Hlapile (hla-pi-le) /clean/ E kapa ya boemong ba bohloeki ka baka la ho tola kapa ho
itlhatsoa ka metsi. Bokgale ba ho hlapa.
Hlapisa (hla-pi-sa) /bath, to cleanse part of the body/ Ho hloekisa mmele ka ho
hlapa ka metsi le sesepa; ho intlefatsa ka ho tola. Ketsetso ya ho hlapa.
Hlapisa (hla-pi-sa) /compensate, atone, refund/ Ho kgutlisa ka baka la
ditshenyehelo; ho lefa seo motho a se lahlehetsoeng mosebetsing; ho fa chelete kapa
phahlo ka baka la boemo ba se kgutlisitsoeng bo sa lokang; ho lefa bakeng sa
ditshenyehelo. (bap. buseletsa).
Hlapisitse (hla-pi-si-tse) /cleansed/ Bokgale ba ho hlapisa.
Hlapisitsoe (hla-pi-si-tswe) /cleansed/ Boetsuwa ba ho hlapisa.
Hlapisoa (hla-pi-swa) /washed, cleansed/ Boetsuwa ba ho hlapa.
Hlapolla (hlap-ul-la) /dilute/ Ho tshela metsi senong se matla ka tatso; ho eketsa
metsi motsoakong o itseng bakeng sa ho fedisa bohale ba tatso ya sejo kapa seno. Tlh.
Lentsoe “hlapolla” le “hlapolosa” ha a bolele ntho e le nngwe ka puo ya Sesotho.
Hlapollotse (hla-pul-lu-tse) /diluted/ Bokgale ba ho hlapolla. (bap. hlapolositse).
Hlapollotsoe (hla-pul-lu-tswe) /diluted/ Boetsuwa le bokgale ba ho hlapolla.
123
124
Hlapolosa (hlap-ul-lu-sa) /to soften solid liquid/ Ho etsa sejo, seka motoho o tiileng,
kapa seno se tiileng se hlephe ka ho tshela metsi kapa ho kenya motsoako o itseng; ho
etsa seno se thatafetseng repherephe. Tlh. Lentsoe “hlapolla” le “hlapolosa” ha a
bolele ntho e le nngwe.
Hlapolositse (hla-pu-lu-si-tse) /softened/ Bokgale ba ho hlapolosa.
Hlapolositsoe (hla-pu-lu-si-tswe) /softened/ Bokgale le boetsuwa ba ho hlapolosa.
Hlase (hla-se) /spark/ Leqhome la lelakabe la mollo; lekumane la leshala la mollo;
mollo o thunyang lelakabe. Tlh. Lentsoe le nepahetseng ke “tlhase”.
Hlasela (hla-se-la) /invade, attack/ Ho futuha bakeng sa ntoa; ho kena sebakeng ka
sepheo sa ho loana; ho futuhela ka mantsoe a bohale; ho omanya ka dipuo tse mpe; ho
ja motho ka bohale.
Hlaseloa (hla-se-lwa) /attacked/ Boetsuwa ba ho hlasela.
Hlasetse (hla-se-tse) /attacked/ Bokgale ba ho hlasela.
Hlasetsoe (hla-sets-we) // Bokgale le boetsuwa ba ho hlasela.
Hlasi (hla-si) /exclamation: sudden awaking/ Lekgotsa le bontshang ho tsoha
hanghang borokong; lentsoe le bontshang ho raoha borokong hanghang.
Hlasimoloha (hla-si-mo-lo-ha) /vigilant, to be conscious/ Ho dula kelello e le batsi;
ho dula ka kutlo le tlhokomelo ya se etsahalang tikolohong kapa sebakeng.
Hlatha (hlat-ha) /to mate/ Ho boka hoa dintja; ho kotana hoa dintja. Tlh. Lentsoe
lena ha le sebedisoe bathong hohang hobane ke tlhapa ha le sebediso ho bona: le
amana le diphoofolo. Ka puo ya Sekone (nguni) le na le moelelo o mong.
Hlathaka (hlat-ha-ka) // Phetako ya ho hlatha.
Hlathe (hlat-he) /jungle/ Sebaka seo ho sa duleng batho ho sona; sebaka sa meru,
dihlahla le diphoofolo; sebaka se hlaha. /bon. Dihlathe/ (bap. thota, thoteng). Mael.
Hlathe e lelekisa tsebe: ponahalo ya ho thaba kapa ho bontsha ho kgotsofala ha ho
etsahala ketso e itseng.
Hlatsa (hla-tsa) /vomit/ Ho ntsha dijo ka molomo ka baka la motsoako o sa
dumellaneng; ho ntsha tse tsoang ka maleng ka molomo ka baka la bokudi.
Hlatsetsa (hla-tse-tsa) /vomit at/ Ketsetso ya ho hlatsa.
Hlatsinyane (hla-tsin-ya-ne) /African Stonechat/ Mofuta wa Nonyana e tholahalang
Afrika e ka Borwa mmoho le naha ya Lesotho, e hlooho e ntsho le molala o mosweu,
le sefuba se sekgunong mmoho le setono se masiba a matsho. /bon. Dihlatsinyane/.
(mm. Tlhatsinyane).
HLATSINYANE
124
125
125
126
126
127
Hloeba (hlwe-ba) (hlweba) /float with foam/ Hoa lekoeba: ho phophoma ka hodimo;
ho bontsha ho butsoa hoa joala ba Sesotho. Mael. Dia bela dia hloeba, makgulo ho
psha a matala, koma re sala re di otla ka hlooho: motho ho tsofala le ho kgathala ya
neng a le motle, matla, a tseba ho bina, e le kgeleke, a le mafolofolo ebile a tumme
haholo mme a qetelle a tsofetse, a le mobe ebile a hloka matla le botle joalo ka pele.
Hloebile (hlwe-bi-le) // Hoa joala: bo bontshang ho butsoa ka baka la ho phophoma
makoeba; bo nang le tatso ya ho butsoa le tokafalo.
Hloeka (hlwe-ka) /clean/ Ponahalo ya makgethe; bosio ba tshila. Ho ba ntle le sekodi
kapa tshilafatso; ho ba ntle ka ‘baka la ho hlatsoa.
Hloekisa (hlwe-ki-sa) /to clean/ Ho tlosa ditshila kapa dithole; ho etsa hore ho be
makgethe ka ho hlatsoa, fiela kapa ho phumula.
Hloekisisa (hlwe-ki-si-sa) /purify/ Ketsisiso ya ho hloekisa.
Hloela (hlwe-la) /inspect/ Ho chakela ka sepheo sa ho lekola.
Hloele (hlwi-le) // Bokgale ba ho hloa kapa ho hloella. (bap. hloelletse). Mael.
Mathata a hloele manolo hodimo: ho boima hofeta kamoo ho neng ho lebeletsoe
kateng. Ha ho bonolo ho ya ka tsela eo eneng e nahannoe.
Hloella (hlwel-la) /climb on/ Ketsahalo ya ho hloa: ho ya ka hodima thaba kapa
sefate kapa ntho enngwe le enngwe ya tlhaho. Tlh. Ho “hloella” le ho “kalama” ke
mantsoe a bontshang ho ya ka hodima ho ntho e itseng, empa ntho tseo ho uwang ka
hodima tsoana ha di tshoane. Mohl. O kalama ntho e tsamayang joalo ka pere, koloi,
sekepe, sefofane, jj. O hloella ntho e emeng joalo ka sefate, thaba, selomo, ntlo,
letsoapo, selomo, jj. (bap. Palama, kalama, kalla).
Hloelletse (hlwel-le-tse) Bokgale ba ho hloella. (bap. hloele).
Hloentsha (hlwe-nts-ha) // Ketsiso ya ho hloenya: ho etsa kapa ho baka ho hloenya:
ho baka ho fetola tshobotsi ya sefahleho ka ho e mpefatsa; ho sosobanya sefahleho ka
baka la bohloko bo itseng. (mm. Hlwentsha, hloentsa).
Hloenya (hlwen-ya) // Ho fetola tshobotsi ya sefahleho ka ho e mpefatsa; ho
sosobanya sefahleho ka baka la bohloko bo itseng, haholo ho kgena.
Hlohla (hlaw-hla) /to fill/ Ho kenya ntho e itseng ka hara mokotla, kapa setshelo, ka
ho e katela ka bongata hore e tlale haholo.
Hlohleleditse (hlo-hle-le-di-tse) /incited, influenced/ Bokgale ba ho hlohleletsa.
Hlohleleditsoe (hlo-hle-le-dits-we) /incited/ Boetsuwa le bokgale ba ho hlohleletsa.
Hlohleletsa (hlo-hle-le-tsa) /to influence, incite/ Ho etsa hore motho a etse ketso e
itseng a sa ikemisetsa; ho baka hore ketsahalo e itseng e etsahale ka ho jalletsa emong
ka dipuo. (bap. Tlhotlheletso) (mm. Hlohlelletsa).
Hlohleletsoa (hlaw-hle-lets-wa) /to be influenced/ Boetsuwa ba ho hlohleletsa.
Hlohlodingoane (hlo-hlo-ding-wa-ne) /tumble/ Mokgoa wa ho phethola mmele ka
ho isa hlooho fatshe le ho phahamisa maoto. Papadi ya ho jethema moyeng le ho
jethoha ka ho ema ka maoto fatshe. /bon. Dihlohlodingoane/ (mm. Hlohlolingoane).
Hlohlona (hlaw-hlaw-na) /itchy/ Ho ba botsikinyane; e batlang ho pikitloa ka baka la
botsikinyane; e batlang ho ngoauwa.
Hlohlonela (hlaw-hlaw-ne-la) // Ketsahalo kapa ketsetso ya ho hlohlona: ho hlohlona
bakeng sa; ho ba boemong ba ho batla ho ingoaya.
Hlohloneloa (hlaw-hlaw-ne-lwa) // Boetsuwa ba ho hlohlonela.
Hlohloneloa (hlaw-hlaw-ne-lwa) /lustfull/ Ho ba le takatso ya thobalano e sa lokang;
ho lakatsa ka mokgoa o mobe; ho batla ho boka. (bap. tsoheloa, qhangoa).
Hlohlonetsoe (hlo-hlo-ne-tswe) // Bokgale le boetsuwa ba ho hlohlona.
Hlohlonne (hle-hlon-ne) // Bokgale ba ho hlohlona.
Hlohlontsha (hlo-hlo-nts-ha) /to cause to itch/ Ketsiso ya ho hlohlona.
127
128
128
129
129
130
130
131
131
132
132
133
133
134
134
135
lena, “hofeta” le utlohala joalo ka karolo ya mantsoe a mabedi a fapaneng: “ho feta”.
Sepheo sa ho a kopanya ho etsa lentsoe leleleng ke ho qoba pherekano e ka hlahang
ya ho hlalosa lentsoe, “feta” le ikemetse. Empa moo le sebedisoang leleleng ke ha le
hlalosa motsamao joalo ka ha re ka re: “a feta pela sefate”. “A feta ho se ya
mmonang”. Mona lentsoe lena le hlalosa ho tlohela ka morao; ho matha haholo ka
sepheo sa ho feta motho kapa ntho. (bap. feta).
Hofihlela (ho-fi-hle-la) /untill, till/ Ka nako e hlalosoang ka mora potso; ka nako e
boleloang ka ho hlalosa. Tem. Lentsoe lena, “hofihlela” ke karolo ya mantsoe a
mabedi a fapaneng: “ho fihlela”. Sepheo sa ho a kopanya ho etsa lentsoe leleleng ke
ho qoba pherekano e ka hlahang ya ho hlalosa lentsoe, “fihlela” le ikemetse. (sheb.
fihlela bakeng sa tshebediso).
Hofola (hu-fu-la) /pull roughly/ Ho hula ha bohloko ka thata; ho hula ntle le
qenehelo ka ho utloisa bohloko. (bap. tsukutla, hulaka).
Hofolaka (hu-fu-la-ka) // Phetako ya ho hofola: ho hofola ha ngata.
Hofotse (hu-fu-tse) // Bokgale ba ho hofola.
Hofotsoe (hu-futs-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho hofola.
Hoha (ho-ha) /hi, hello! Hola!/ Tumediso kapa tumedisano ya banna; lekgotsa le
sebedisoang ho dumedisa motho e motona. Mohl. Hoha monna heso!!
Hohang (ho-ha-ng) /of course no!/ Lekgotsa le bontshang khanyetso kapa ho se
dumella le ketso kapa ketsahalo e itseng. (bap. Lekgale) Mohl. Nkekebe ka tsamaya
hohang! Che, hohang ha ho joalo!
Hohela (haw-he-la) /attract, attractive/ Ho nkeha kapa ho bitsa ka baka la chebahalo
e ntle; ho kgahla leihlo; ho ba le chebeho e ntle. (bap. hoeela).
Hohetse (ho-he-tse) // Bokgale ba ho hohela.
Hohetsoe (ho-he-tswe) /attracted/ Boetsuwa le bokgale ba ho hohela.
Hohla (hu-hla) /abrase/ Ho etsa hore ntho e mahoashe e be boreledi; ho tlosa lerole
kapa dithole nthong e itseng ka ho e otlanya le lebota. Ho sebedisa sefalo ho tlosa
mahoashe.
Hohla (//) /thwack/ Ho shapa kapa ho natha ka ho kopanya le mabota.
Hohle (ho-hle) /everywhere/ Sebakeng sohle; kae le kae moo mahlo a finyellang
teng; sebaka ka botlalo le bophara ba sona. (bap. kae-kapa-kae).
Hohle-hohle (//) /everywhere/ Sebakeng sohle; kae le kae moo mahlo a finyellang
teng; sebaka ka botlalo le bophara ba sona. (bap. kae-kapa-kae).
Hohlehohle (ho-hle-ho-hle) /by all means/ Ka tsela yohle eo ho kgonahalang ka
yona; ka mekgoa yohle e teng. Mohl. O tlamehile ho fihla ka hohlehohle!
Hohola (hu-hu-la) /erode/ Hoa mobu: ho nkoa ke metsi kapa moya nakong tsa pula
ya sekgohola le moya o mongata; ho tsamaisa mobu le metsi kapa moya; ho nkoa ke
metsi . (bap. kgohola).
Hohola (hu-hu-la) /eradicate, efface, root out/ Ho tlosa ka sefefo; ho fedisa ka
sekgohola; ho ntsha kapa ho timetsa ka sefefo.
Hoholeha (hu-hu-le-ha) /effaceble/ Ketsahalo ya ho hohola: ka tsela ya ho tsamaisa
mobu le metsi kapa moya; ho nkoa ke metsi.
Hoholella (hu-hu-lel-la) /efface with/ Ho hohola mmoho le; ho nkoa hoa mobu ke
metsi kapa moya mmoho le.
Hohong (ho-hu-ng) /another one/ Seemedi se bontshang ntho ka ho e qolla hara tse
ding. (bap. Emong, babang, tseding, enngwe, lethonyana).
Hoja (ho-ja) /if/ Ebang ka; ebang wa, ebang ra; ebang tsa; ebang ya. (bap. ebang)
Hojana (hu-ja-na) /further/ Hole hanyane; bohole bo fetang bo tloaelehileng.
135
136
Hojane (ho-ja-ni) only if/ Ebang ke ile ka; ebang o ile wa, ebang re ile ra; ebang di ile
tsa; ebang e ile ya (bap. ebang).
Hojaneng (ho-ja-ni-ng) /only if/ Ebang ke ile ka; ebang o ile wa, ebang re ile ra;
ebang di ile tsa; ebang e ile ya (bap. ebanyaneng).
Hoka (hu-ka) /connect/ Ho kopanya ntho kapa sebaka le; ho etsa hore ntho di
kopane; ho etsa hore dintho di be mmoho.
Hokae (hu-ka-e) /where/ Lesupa le bontshang sebaka ka ho botsa; lentsoe le batlang
ho tseba sebaka. Mohl. O ya hokae ha o tloha mo? Ke motho wa hokae eo?
Hokahana (hu-ka-ha-na) // Ketsahalo ya ho hokahanya.
Hokahantse (hu-ka-han-tse) // Bokgale ba ho hokahanya.
Hokahantsoe (hu-ka-hants-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho hokahanya.
Hokahanya (hu-ka-han-ya) /amalgamate, combine, connect/ Ho etsa hore dibaka di
kopane; ho etsa hore dintho tse itseng di be mmoho tlasa taolo e le nngwe. Ho etsa
hore bongata e be bonngwe. (bap. kopanya).
Hoki (ho-ki) /pig/ E nngwe ya diphoofolo tsa hae eo hangata e bang tenya, e jang
dimela kapa nama, ebile e le bohlasoa haholo. /bon. dihoki/ (bap. kolobe).
Hoko (ho-ko) /pig-sty/ Ntlo ya hoki; lahae la kolobe; moaho wa fariki.
Hola (hu-la) /grow/ Ho eketseha hoa mmele ka bolelele kapa botenya; ho eketseha
hoa kelello ka baka la dilemo tse phetsoeng.
Hola (ho-la) /that one/ Lesupa le bontshang ntho e hole; lentsoe le supang ntho e
hole. (bap. hoane).
Hole (hu-le) /far away, distance/ Sebaka seo ho nkoang nako e telele ha ho uwa ho
sona; sebaka seo seseng haufi kapa haufinyana.
Holea (hu-le-a) /to tie an animal/ Ho tlama ka thapo, ketane kapa ropo; ho tlama
ntho, motho kapa phoofolo hore e se balehe. (mm. Kholeo).
Holea (hu-le-a) /enslave/ Ho etsa hore motho e be lekgoba; ho etsa hore motho a be
ditlamong kapa chankaneng; ho etsa hore ntho kapa motho a se lokolohe, itaole kapa
a se ipusi. (bap. kgolehong) (mm. Kholeo, kholehong).
Holeng (hu-li-ng) /that is, the way that is/ Ka tsela eo ntho, ketso, mokgoa, tlhaloso
kapa boemo bo etsahalang ka teng. Mohl. Ka tsela eo holeng thata ka yona. Ka tsela
eo holeng hole ka teng ha ke bone hore ke tla fihla. (bap. oleng, seleng).
Holo (haw-law) /hall/ Moaho o moholo oo ho etsetsoang mokete o itseng teng.
Holoba (haw-law-ba) /creep/ Ho tsamaya joalo ka ntho e hlokang maoto; ho hosha ka
mpa fatshe. (bap. hahaba, kgasa, huhuba).
Holobela (haw-law-be-la) /creep towards/ Ketsetso ya ho holoba.
Holobile (ho-lo-bi-le) // Bokgale ba ho holoba.
Holobisa (ho-lo-bi-sa) /to creep down/ Ketsiso ya ho holoba.
Holobisoa (ho-lo-bi-swa) // Boetsuwa ba ho holoba.
Holofaditse (haw-law-fa-di-tse) /crippled/ Bokgale ba ho holofatsa.
Holofaditsoe (haw-law-fa-di-tswe) /crippled/ Boetsuwa le bokgale ba ho holofatsa.
Holofala (haw-law-fa-la) /crippled/ Ho se tsebe ho sebedisa setho kapa ditho tse
itseng tsa mmele ka baka la kotsi; ho hloleha ho sebedisa ditho tsa mmele ka baka la
temalo ya boko kapa bokudi bo itseng.
Holofatsa (haw-law-fa-tsa) /to cripple/ Ho etsa hore ntho kapa motho a hlolehe ho
sebedisa setho sa mmele, kapa kelello ka baka la bokudi, temalo kapa kotsi e itseng.
Holofatsoa (haw-law-fa-tswa) /crippled/ Boetsuwa ba ho holofatsa.
Holofetse (haw-law-fe-tse) /crippled/ E boemong ba kholofalo: e sebopehong se sa
kgoneng ho sebedisa setho kapa ditho tse ding tsa mmele ka lebaka la ho lemala kapa
ho tsoa kotsi. (bap. omelletse, kokobane).
136
137
Homa (hu-ma) // Ho kuta moriri hanyane; ho poma moriri kapa boya ka hodimo
feela; ho se kutisisi moriri.
Homa (hu-ma) // Ho etsa eka o shapa motho ka ntho e itseng empa hose joalo; ho etsa
eka ntho e itseng e ya otloa empa ho se joalo.
Homahoma (hu-ma-hu-ma) // Phethako ya ho homa: ho etsa, ka makgetlo, eka o
shapa motho ka ntho e itseng empa hose joalo.
Homela (hu-me-la) // Ho apareloa ke bohome: ho potapotoa ke peo ya semela se
homelang. (bap. bohome).
Homeloa (hu-me-lwa) // Boetsuwa ba ho homela.
Hometse (hu-me-tse) // Bokgale ba ho homela.
Hometsoe (hu-mets-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho homela.
Homme (hum-me) /consequently/ Ka hoo; ka baka leo kapa ketsahalo eo.
Hommeng (hum-ming) /consequently/ Ka hoo; ka baka leo kapa ketsahalo eo.
Homohomo (haw-maw-haw-maw) /confabulate, confabulation/ ho ba le puo kapa
puisano e sa tsitsang kapa e hlokang botio. Mohl. Ha re ke re re homohomo nna le
wena. (bap. lehomohomo).
Homohomotha (haw-maw-haw-mut-ha) /to confabulate/ Ho bua le motho kapa ho
ba le puisano e sa tsitsang kapa e hlokang botio.
Homohomotho (haw-maw-haw-mut-haw) /confabulation/ Ketso ya ho
homohomotha: puisano e hlokang botio; puo ya bosoasoi.
Homohomotsa (haw-maw-haw-maw-tsa) (confabulate) Ho bua le motho kapa ho ba
le puisano e sa tsitsang kapa e hlokang botio.
Homohomotso (haw-maw-haw-maw-tso) (confabulation) Ketso ya ho
homohomotsa kapa ho ba le puisano e hlokang botio.
Homotha (hu-mu-ta) /chat/ Ho bua le motho emong ka thoko ho kopano; ho bua
thoko ho sehlopha kapa kopano. (bap. lehomohomo).
Homotho (haw-mut-haw) /chatting/ Puisano kapa puo ka thoko ho kopano kapa
sehlopha sa batho. (bap. lehomohomo) .
Hona (ho-na) /this one/ Lesupi le bontshang ntho e haufinyana; lentsoe le supang
ntho e haufinyana. (bap. hoane, hola) Mohl. Ke batla hona ho hotlenyana.
Hona (haw-na) /this/ Mohl. Hona ho batla ho lokisoa. Hona ho monate.
Hona (hu-na) /there is, are/ Lentsoe le supang le ho bontsha ho teng, se teng, ba teng
kapa tse teng, Mohl. Hona le monyenyetsi wa hore sefefo se tla kgutla. Hona le puo e
itseng. Hona le batho ba ratang ho etsa ngangisano ka puo ya Sesotho.
Honajoale (haw-na-jwa-le) /now/ Ka sona sebaka sena; ka nako yona ena; ntle le
kgale kapa hosane; eseng maobane kapa kamoso. (bap. hanghang, hajoale, nengneng,
neng-kapa-neng) (mm. Honajwale).
Honana (ho-na-na) /this one here/ Lesupi le bontshang ntho e haufinyana ka ho
toboketsa; lentsoe le supang ntho e haufinyana ka ho toboketsa.
Honela (ho-ne-la) /giant/ Motho ya mmele o moholo, o phahameng, o nang le
ditshika tse kgolo, ebile o le matla haholo; motho ya nang le matla a maholo a mmele;
lekejakejane la motho. (bap. senatla).
Honeneng (hu-ni-ni-ng) /untill when/ Ho fihlela neng; keneneng. (bap. Keneneng).
Honeng (hu-ni-ng) /how long, untill when/ Ho fihlela neng. (bap. keneng).
Hong (hu-ng) /what thing/ Lebotsa le botsang ka ho qolla diemedi kapa lesupa joalo
ka hona, hono, jj. Mohl. Ke hong hoo? Hoo ba buang ka hona ke hong?
Hong (hu-ng) /coincidental, coincidence, happening same time/ Ka nako e le
nngwe; ka nako e tshoanang.Tsela eo diketsahalo kapa ketso e etsahalang ka nako e le
nngwe. Ho etsahala ka nako e le nngwe. (bap. sehong).
137
138
138
139
139
140
140
141
Iii
PALE:
Tlhaku ya borobong (9) ya Sesotho. Bongata ba mantsoe a qalang ka “I” ke maetsi a
bitsoang maiketsi kapa leiketsi. Hona ho bolela hore tlhaku efe kapa efe enang le
leetsi eka qala ka “I”. Hona ho bontsha hore ketso e etsahala ho moetsi. Mohlala:
bona=ipona, sheba=icheba, tsamaya=itsamayela, hlanya=itlhantsha,
araba=ikaraba, ruta=ithuta. Sena se etsa hore tlhaku “I” e be le mantsoe a mangata
ao eseng a semelo.
Hape, leiketsi kapa lentsoe le qalang ka tlhaku “I” le ka etsa pokeletso ya mantsoe
(vocabulary) a fetang leshome leleleng. Mohl. Lentsoe “utloa” le tsoala mantsoe a
latelang: ikutloa, utloella, utloang, utloahala, utloahatsa, utloanang, utloe, utloile,
utloileng, utloana, utloisisa, utloisa, kutlo, kutloano, kutloisiso, kutloiso,
kutloahalo, kutloahatso, maikutlo, moikutloi. Mantsoe ana kaofela a ka fana ka
meelelo e fapaneng ha a hlalosoa.
Tlhokomediso: hase maetsi ohle a qalang ka tlaku “I” a bitsoang maiketsi (leiketsi).
Ho ntse hona le maetsi a semelo a qalang ka tlaku ena. Mohl. idibanya, ila, ine, inolla,
inetse, jj. Bongata ba maetsi a qalang ka “I” a fetohela ho “BO” ha eba mareho.
Mohlala: ikarabela=boikarabelo, ipona=boipono, itsamaisa=boitsamaiso,
Ikaha=boikaho, ikisa=boikiso, ikarabela=boikarabelo, jwalo jwalo. Ha se mantsoe
kaofela a bitsoang maiketsi a kenyeleditsoeng tlhaku ena- empa ho kgethiloe mantsoe
a tloaelehileng feela.
I (ae) /i/.
I (i) /prefix/ Sehlongoapele se etsang hore leetsi ebe leiketsi ka ho hokeloa qalong ya
lentsoe. Mohl. Ichapa=shapa, ipolaya=bolaya, icheba=sheba, inamolela=namolela,
itsamayela=tsamaya, ikgalema=kgalema, ikgalemela=kgalemela, ithuta=ruta,
inahanela= nahanela, ipoba=bona, ichadima=shadima, ipuella=buella, jj.
Ichadima (i-cha-di-ma) // Leiketsi la ho shadima. Ho sheba bowena (mm.
boichadimo, chadimo, shadimana, shadimile, shadimisisa, shadimme, shadinngoe).
Ichahlisa (i-cha-hli-sa) // Leiketsi la ho shahlisa. (mm. boichahliso, shahlile,
shahlisoa, shahlisitse, shahlisitsoe, moichahlisi).
Ichapa (i-cha-pa) // Leiketsi la ho shapa. (mm. boichapo, shapeha, chapeho, shapile,
shapiloe, shapana, chapano, shapisa, shapisoa, chapiso, moichapi).
Icheha (i-che-ha) // Leiketsi la ho cheha. (mm. boicheho, chehile, chehiloe, chehoa,
cheholla, chehollo, cheholloa, chehana, chehano, mochehi).
Ichekela (i-che-ke-la) /dig for oneself/ Leiketsi la ho chekela. (mm. boichekelo,
chekeloa, cheketse, cheketsoe, chekile, chekiloe, mocheki).
Ichena (i-che-na) // Leiketsi la ho shena. (mm. boicheno, shenela, sheneloa, shenne,
shennoe, cheno, shenana, chenano, moicheni).
Ichii (i-chi) / exclamation: ouch!/ Lekgotsa le bontshang ho utloa bohloko ka ho
ntsha seboko; lentsoe le sebedisoang ke moitsuwa ho bontsha bohloko ka ho hoeletsa
kapa ho lla ka modumo o tshoanang le lentsoe lena.
141
142
142
143
Ikana (i-ka-na) /to swear/ Leiketsi la ho kana: ho hlapanya kapa ho bua puo e
bolelang nnete; ho itlama ka ho bua nnete. (mm. kano, kanne, kantsha, kantshoa).
Ikanya (i-kan-ya) // Leiketsi la ho anya: ho anya menoana hoa ngoana kapa motho
ya tloaetseng ho etsa joalo. (mm. antsha, antshoa, antse, anyisa, anyisoa, moanyi).
Ikanyesa (i-kan-ye-sa) // Leiketsi la ho anyesa: ho anya ntle le thuso ya mang kapa
mang. (mm. kantsho, kanyeso, antsha, antshoa, antse, anyisa, anyisoa, moanyi).
Ikapa (i-ka-pa) // Leiketsi la ho kapa: ho lematsa setho seseng sa mmele ka phoso ka
ho otla ka ntho e itseng. (mm. kapo, kapana, kapano, kapjoa, kapile, kapiloe, kapela,
kapelo, mokapi, moikapi).
Ikapara (i-ka-pa-ra) /to be poor/ Leiketsi la ho apara: ho bantle lediaparo; ho
futsaneha ka tsela eo ho bonahalang ka ho hloka diaparo. (mm. boikaparo, ikapere,
apere, apesa, apesoa, apesitse, apesitsoe, moaparo).
Ikapesa (i-ka-pe-sa) // Leiketsi la ho apesa: ho apara ntle le ho thusoa. (mm.
boikapeso, kapeso, apesoa, kapesano, apesana, apesitse, apesitsoe, moaparo).
Ikapola (i-ka-pu-la) /undress oneself/ Leiketsi la ho apola: ho hlobola diaparo ka
bowena ntle le thuso. (mm. boikapolo, apotse, apotsoe, apoloa, kapolo, moapodi).
Ikaraba (i-ka-ra-ba) // Leiketsi la ho araba: ho ipha karabo ya potso kapa dipotso tse
botsoang. (mm. boikarabo, boikarabelo, boikarabello, karabo, karabelo, karabiso,
arabela, arabella, arabeloa, arabetse, arebetsoe, arajoa, arabisa, arabisana,
moikarabelli, moikarabedi, moikarabi).
Ikarabella (i-ka-ra-bel-la) /accountable, responsible/ Leiketsi la ho arabela: ho fana
ka karabo mabapi le potso tse botsoang ka bowena. (mm. boikarabo, boikarabelo,
boikarabello, karabo, karabelo, karabiso, arabela, arabella, arabeloa, arebetse,
arebetsoe, arajoa, arabisa, arabisana, moikarabelli, moikarabedi, moikarabi).
Ikarola (i-ka-ru-la) /separate oneself/ Leiketsi la ho arola: ho ya nqa tse fapaneng ka
ho ya koana le koana. (mm. boikarolo, karolo, karolelano, karolelo, arotse, arotsoe,
arolela, aroleloa, aroloa, moarodi).
Ikarolela (i-ka-ru-le-la) /share for oneself/ Leiketsi la ho arolela: ho ipha dintho tse
tlamehang ho aroloa ntle le ho laeloa joalo. (mm. boikarolelo, boikarolo, karolo,
karolelano, karolelo, arotse, arotsoe, arolela, aroleloa, aroloa, moarodi).
Ikatametsa (i-ka-ta-me-tsa) /approach/ Leiketsi la ho atametsa: ho atamela
haufinyane. (mm. boikatametso, katamelo, katametso, katamelano, atametsoa,
atametse, atameditse, atameditsoe, atamela, atamelana, atamelane, moikatametsi).
Ikatela (i-ka-te-la) /to be alert/ Ho ba boemong ba ho itukisa kapa malala a laotsoe
kgahlanong le tsietsi e ka etsahalang. (mm. Boikatelo).
Ikatela (i-ka-te-la) // Leiketsi la ho katela: ho ithatela haholo ka dikobo nakong ya ho
robala. (mm. boikatelo, katetse).
Ikatisa (i-ka-ti-sa) /self produce/ Leiketsi la ho atisa: ho ikekeletsa ka ho ipha
bongata ba ntho e itseng; ho ikhudisa kapa ho iketsa kgolo. (mm. boikatiso, katiso,
katisano, atisoa, atisitse, atisitsoe, atile, atisana, seatisi, moatisi).
Ikatisetsa (i-ka-ti-se-tsa) // Leiketsi la ho atisetsa: ho ikekeletsa ka ho ipha bongata
ba ntho e itseng. (mm. boikatisetso, boikatiso, katiso, katisano, atisoa, atisitse,
atisitsoe, atile, atisana, seatisi, moatisi).
Ikatolosa (i-ka-tu-lu-sa) /self expanding/ Leiketsi la ho atolosa: ho ata ntle le ho
atisoa; ho eketseha ntle le ho eketsoa. (mm. boikatoloso, katoloso, atolosoa, atolotse,
atolotsoe, atolla, atolloa, seatolosi).
Ikebolela (i-ke-bu-le-la) // Leiketsi la ho ebolela: ho ebola ntle le ho thusoa kapa ho
etsetsoa joalo. (mm. boikebolelo, kebolo, kebolelano,ebolelana, kebolela, eboleloa,
143
144
144
145
145
146
146
147
147
148
148
149
149
150
150
151
151
152
152
153
153
154
154
155
155
156
156
157
157
158
158
159
159
160
160
161
161
162
162
163
thibo, thijoa, thibile, thibiloe, thibela, thibeloa, thibetse, thibetsoe, thibeloa, thibang-
thibang, mothibi, sethibathibane).
Ithibolla (it-hi-bul-la) /unblock oneself/itself/ Leiketsi la ho thibolla: ho ba
boemong ba ho tlosa se thibileng lesoba ntle le thuso ya eng kapa eng. (mm.
boithibollo, thibollo, thibolloa, thibollotse, thibollotsoe).
Ithimodisa (it-him-odi-sa) /pretent to sneeze/ Leiketsi la ho thimodisa: ho etsa eka
ho thimola ho teng empa ho se joalo. (mm. boithimodiso, thimodiso, thimodisoa,
thimodisitse, thimosisitsoe, thimola).
Ithitamisa (it-hit-a-mi-sa) // Leiketsi la ho ritamisa: ho tlosa masalla a masepa
lesobeng la dibono ka bowena ntle le ho thusoa. (mm. boithitamiso, thitamisano,
ritamisana, thitamiso, ritamisa, ritamisoa, ritame, ritamela, seritama).
Ithoala (it-hwa-la) /to be pregnant/ Ho ba moimana: ho ba le lesea ka popelong; ho
ba le bophelo ka popelong. Leiketsi la ho roala. (mm. boithoalo, thoalo, moroalo)
Ithoesa (it-hwe-sa) /burden oneself/ Leiketsi la ho roesa: ho kgona ho beha nkgo
kapa ntho e itseng hloohong ntle le ho thusoa. (mm. boithoeso, thoeso, thoesano,
roesana, roetse, roala, roaloa).
Ithoetse (it-hwe-tse) /pregnant/ E boemong ba ho bontsha kemaro; e tshehadi e
nang le bophelo ka popelong; e ka tsoalang ka mora dikgoedi tse itseng ka lebaka la
kemaro. (bap. imme, emere, mmeleng).
Ithohaka (it-haw-ha-ka) /insult oneself/ Leiketsi la ho rohaka: ho lebisa tlhapa kapa
thohako ho bowena. (mm. boithoahako, thohako, thohakano, rohakana, rohakile,
rohakiloe, morohaki).
Ithoka (it-haw-ka) /to make poet, to praise sing/ Leiketsi la ho roka: ho rorisa ka
dipuo le mmino; ho phahamisa ka mantsoe a monate a nang le thoriso; ho beha
hodimo ka mantsoe a lokileng a pina kapa thothokiso. (mm. boithoko, thoko, rokoa,
rokile, rokiloe, moroki, moithoki).
Ithola (it-haw-la) // Leiketsi la ho thola: ho iphumana ka mora ho se tsebe se
tlamehang ho etsoa; ho fihlella sepheo sa hao. (mm. boitholo, tholano, tholoa,
thotse).
Itholela (it-hu-le-la) /to be neutral/ Ho se bontshe tshekamelo kapa lehlakore ka ho
thola kapa ho se ntshe maikutlo. Ho thola feela tje. Leiketsi la ho thola.
Ithoma (it-hu-ma) /to shit oneself/ Ho nyela bowena: ho ntshetsa masepa diaparong
tse aperoeng; ho inyela; ho nyela diaparo tse aperoeng. (mm. boithomo, ithomile)
Ithoma (//) /send oneself/ Leiketsi la ho roma: ho ya ntle le ho isoa; ho ikisa kaekae
ka bowena ntle le ho romeletsa kapa ho roma emong. (mm. boithomo, thomo,
thomano, romana, romme, ronngoa, ronngoe, romela, romeloa, rometse, rometsoe,
morumuwa).
Ithonkga (it-hun-kga) /to aggravate an injury/ Leiketsi la ho thonkga: ho etsa hore
leqeba le be bohloko ka phoso ka ho le thetsa hampe. (mm. boithonkgo, thonkgo,
thonkgeho, thonkgeha, thonkgoa, thonkgehile, thonkgile, thonkgiloe).
Ithorisa (it-ho-ri-sa) /self praise, to praise self, boast/ Ho fana ka thoriso bakeng sa
bowena ntle le ho etsoa joalo. Ho iphahamisa ka dipuo. Leiketsi la ho rorisa.
Ithotela (it-hu-te-la) /self pissing/ Leiketsi la ho rotela: ho rotela diphate kapa
diaparo ka lebaka la bokudi kapa boemo bo itseng, bo sa tloaelehang. (mm.
boithotelo, thotelo, roteloa, rotetse, rotetsoe, rotile, moroto, serota).
Ithunya (it-hun-ya) /shoot oneself/ Leiketsi la ho thunya: ho tobetsa konopo ya
sethunya ka phoso kapa ka boikemistso ka tsela e bakang hore kulo e tsoe mme e o
bolaye kapa e o ntshe kotsi. (mm. boithunyo, thunyano, thunyana, thuntse, thuntsoe,
sethunya).
163
164
Ithuta (it-hu-ta) /learn, imbile/ Ho batla tsebo e ncha ka ho bala, sebetsa, ngola kapa
ho ikoetlisa. Ho fumana bohlale bo bocha lekgetlo la pele ka ho etsa ketso e itseng;
ho ipha tsebo ka ho leka ho etsa ketso e itseng. Leiketsi la ho ruta.
Ithutile (it-hu-ti-le) /learned/ Bokgale ba ho ithuta.
Itia (i-ti-a) /fall oneself/ Leiketsi la ho dia: ho itahlela fatshe. (mm. boitio, tielo,
diela, diela, dietse, dielana, tielano, madiela) (bap. itihela).
Itihela (iti-he-la) /cust down oneself/ Leiketsi la ho dihela: ho itahlela fatshe ka
phoso kapa ka baka la ho teneha le ho kgena. (mm. boitio, tielo, diela, diela, dietse,
dielana, tielano, madiela).
Itima (iti-ma) /to fast/ Leiketsi la ho tima: ho ba ntle le dijo; ho hana kapa ho tlohela
sejo kapa seno. (mm. boitimo, timano, timana, tinngoe, timme).
Itlama (itla-ma) /commit oneself/ Leiketsi la ho tlama: ho ipeha boemong ba ho
phethahatsa morero o itseng; ho nka maikarabelo a itseng ntle le ho qobelloa kapa ho
laeloa joalo. (mm. boitlamo, tlamo, setlamo, tlameha, tlameho, tlamme, tlanngoe,
tlangoa, moitlami).
Itlamahanya (itla-ma-han-ya) /associate, affiliate/ Leiketsi la ho tlamahanya: ho
ipapisa le mokga, sehlopha kapa leano le itseng ka bowena ntle le ho qobelloa. (mm.
boitlamahanyo, boitlamo, tlamahanyoa, tlamahantse, tlamahantsoe, moitlamahanyi)
Itlatlarietsa (itla-tla-ri-etsa) /complain loudly, vociferous complaining/ Ho belaela
ka ho etsa lerata le leholo. Leiketsi la ho tlatlarietsa. (mm. boitlatlaritso, tlatlarietso,
tlatlarietsoa, tlatlarieditse, tlatlarieditsoe, moitlatlarietsi).
Itlefetsa (itle-fi-tsa) /clobber, hit oneself/ Leiketsi la ho tlefetsa: ho inatha sefahleho
ka lebaka la ho kgena haholo. (mm. boitlefetso, tlefetso, tlefetsano, tlefetsana,
tlefetsoa).
Itlhaba (itl-ha-ba) /stab oneself/ Leiketsi la ho hlaba: hi ikenya thipa kapa ntho e
motsu ka phoso kapa ka boomo. (mm. boitlhabo, tlhabo, tlhabano, hlabana, hlabile,
hlabela, hlajoa, mohlabi).
Itlhahafatsa (itl-ha-ha-fa-tsa) /to be ferocious, wild/ Leiketsi la ho hlahafatsa: ho
ipheha maemong a hlokang setsoalle. (mm. boitlhahafatso, tlhahafatso, hlahafatsoa,
hlahafaditse, hlahafaditsoe, hlaha, bohlaha).
Itlhahanela (itl-ha-ha-ne-la) /rush, hurry up/ Ho tsamaya nako e sa dumela; ho
tsamaya nako e sa le teng; ho phakisa ka lebaka la ho fihla pele. Leiketsi la ho
hlahanela. (mm. boitlhahanelo, tlhahanelo, itlhahanetse) (bap. phakisa, potlaka).
Itlhahisa (itl-ha-hi-sa) /appear, manifest oneself/ Leiketsi la ho hlahisa.: ho
iponahatsa ka mora ho nyamela; ho ba teng hape ka mora ho ba sio. (mm.
boitlhahiso, tlhahiso, tlhahisano, hlahisana, hlahisitse, hlahisitsoe, moitlhahisi).
Itlhahisa (itl-ha-hi-sa) /show off, boast/ Ho bontsha bowena; ho hlahisa seo oleng
son ntle le ho pata; ho ipontshahatsa kapa ho iponahatsa pepeneneng.
Itlhakisa (itl-ha-ki-sa) /clarify, elucidate oneself/ Leiketsi la ho hlakisa: ho bua ka
tsela eo se buuwang se utloahalang hantle. (mm. boitlhakiso, tlhakiso, tlhakisetso,
hlakisetsa, hlakisetsoa, hlakisoa, hlakile, hlakisitse, hlakisitsoe, moitlhakisi).
Itlhakola (itl-ha-ku-la) /dust oneself, erase/ Leiketsi la ho hlakola: ho itlosa
maphemphe kapa bohlasoa bo bonahalang. (mm. boitlhakolo, tlhakolo, tlhakola,
hlakoloa, hlakotse, hlakotsoe, hlakoleha, tlhakoleho, mohlakola).
Itlhapaola (itl-ha-pa-ula) /insult oneself/ Leiketsi la hohlapaola: ho lebisa thohako
ho wena; ho ithohaka. (mm. boitlhapaulo, tlhapaolo, tlhapaolano, hlapaola,
hlapaolana, hlapaotse, hlapaotsoe) (bap. ithohaka).
164
165
165
166
166
167
167
168
168
169
169
170
170
171
171
172
Jjj
PALE:
Tlhaku ya leshome (10) ya Sesotho. Yona e akga ka maetsi le mareho a tloahelehileng
a puo ya Sesotho. Bongata ba maetsi a tlhaku yena a fetohela ho “T” ha a isoa
marehong/mabitsong. Mohlala: jala=tjalo, jeha=tjeho, jabela=tjabelo, jesa=tjeso,
jara=tjaro, jethemisa=tjethemiso, jalletsa=tjalletso, jj.
J (jei) /jei/.
Ja (ja) /eat/ Ho kenya sejo ka molomong, ho se hlafuna le ho se koenya. Tem. Ho ja
ho akga diketsahalo tse mmaloa tse akgang ho lahlela ka hanong, ho hlafuna le ho
koenya. Mael. Moja morao o tshoana le moja pele: motho ya jeleng morao o tla
kgora joalo ka ya jeleng pejana. Se setle se etsahetseng ho emong pejana se tla
etsahala ho emong hamorao. Mael. Ho ja sa mpana phahloha: ho ja hofeta tekanyo.
Ho ja haholo. Mael. Ho ja monakaladi wa kebolela: ho dula le ho phomola hamonate
ntle le mosebetsi o boima. Ho roba monakedi. Mael. Ha a di hadikela ho di ja: o etsa
ntho tse sa tloaelehang kapa tsa mahlanya. Mael. Motsamai o ja noha: motho ya
leetong ya lapileng o ja eng kapa eng eo a e fuwang kapa eo a kopanang le yona. Ya
lapileng o ja tsohle. Mael. Ho ja tsuo: ho jalletsa motho emong.
Jabela (ja-bel-a) /to clab/ Ho otla ka bohare ba letsoho; ho natha ka mpama.
Jabelaka (ja-be-la-ka) /clab repeatly/ Phetako ya ho jabela.
Jabelana (ja-be-la-na) /clab each other/ Ketsetsano ya ho jabela.
Jabeloa (ja-be-lwa) // Boetsuwa ba ho jabela.
Jabetse (ja-be-tse) // Bokgale ba ho jabela.
Jabetsoe (ja-bets-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho jabela.
Jadile (ja-di-le) // Bokgale ba ho jala.
Jadiloe (ja-di-lwe) // Boetsuwa le bokgale ba ho jala.
Jaha (ja-ha) /speed/ Ho tsamaya ka pele; ho bontsha potlako ka ho tsamaya ka pele.
Jahella (ja-hel-la) /speed after/ Ho tsamaya ka pele ka mora ntho kapa motho.
Jahile (ja-hi-le) // Bokgale ba ho jaha.
Jahisa (ja-hi-sa) /to hurry/ Ketsiso ya ho jaha: ho etsa ntho kapa motho a jahe.
Jahisoa (ja-hi-swa) /sped/ Boetsuwa ba ho jaha. (mm. Jahiswa).
Jaka (ja-ka) /sojourn/ Ho etela sebaka nakoana; ho dula sebakeng nako e nyane.
Jaka (ja-ka) /hire/ Ho lefella chelete bakeng sa bodulo; ho dula sebakeng ka tefo. Ho
ba mojaki. Tlh. Batho ba bangata ba sothofatsa lentsoe la senyesemane, “hire” ba le
bitse “hirile” kapa ho “hira”.
Jakile (ja-ki-le) // Bokgale ba ho jaka.
Jakisa (ja-ki-sa) // Ketsiso ya ho jaka: ho etsa hore ntho kapa motho a jake.
Jakisoa (ja-ki-swa) // Boetsuwa ba ho jaka.
Jakobo (ja-ko-bo) /james/ Buka ya leshome le metso e mmedi (12) ya bibele
testamenteng e ncha. Tem. Ha ho tsebahale hantle hobaneng lebitso lena, “james” le
sothofaditsoe ho “jakobo” ha sothofatso ya lebitso “jacob” le yona e le “jakobo”.
Tebello e ne e le hore sothofatso ya “james” ekaba “jamese”, eseng “jakobo”.
Jala (ja-la) /to plant, germinate/ Ho kenya peo mobung ka sepheo sa hore e etse
sejalo kapa semela; ho lema sejalo ka ho tsetela peo.
172
173
Jalajala (//) /defame, spread gossip/ Ho bua ka lebitso la motho emong hampe,
hohle hohle; ho tsamaisa le ho hasa leshano.
Jalajetse (ja-la-je-tse) // Bokgale ba ho jalajala.
Jalla (jal-la) // Ketsetso ya ho jala.
Jalleditse (jal-le-di-tse) /cheated/ Bokgale ba ho jalletsa.
Jalleditsoe (jal-le-di-tswe) /cheated/ Boetsuwa le bokgale ba ho jalletsa.
Jalletsa (jal-le-tsa) /to cheat/ Ho qhekanyetsa ka ketso kapa puo.
Jalletse (jal-le-tse) // Ketsetso ya ho jalla: ho jala bakeng sa.
Jalletsoa (jal-lets-wa) /cheated/ Boetsuwa ba ho jalletsa.
Jara (ja-ra) /load over/ Ho beha moroalo lehetleng; ho pepa ntho e boima mahetleng.
Jarela (ja-re-la) // Ketsetso ya ho jara, kapa ho nkela motho emong boima ba hae.
Jarella (ja-rel-la) /persevere/ Ho mamella bohloko kapa boima.
Jarile (ja-ri-le) // Bokgale ba ho jara.
Jariloe (ja-ri-lwe) // Boetsuwa ba ho jara.
Jarisa (ja-ri-sa) // Ketsiso ya ho jara.
Jarisana (ja-ri-sa-na) // Ketsetsano ya ho jara.
Jarolla (ja-rul-la) /off load/ Ketsollo ya ho jara: ho beha moroalo fatshe.
Jarolloa (ja-rul-lwa) // Boetsuwa ba ho jarolla.
Jase (ja-se) // Baki e kgolo; seaparo se seholo se fihlang tlasa magoele. /Bon. dijase/
Jea (je-a) /edible/ Ketsahalo ya ho jeha: e koenyehang, e hlafunehang, e latsoehang.
Jeha (je-ha) /edible, eatable/ Ketsahalo ya ho jeha: e koenyehang, e hlafunehang.
Jehofa (je-haw-fa) /Jehovah/ Lebitso leleng la Modimo, Mmopi wa lefatshe le batho
le tsohle tse hlodiloeng ka bophara ba lefatshe. /bon. 0/.
Jele (ji-le) /ate/ Bokgale ba ho ja. Mael. Naha e jele boya: kotsi di hohle naheng;
botlokotsebe bo tletse kapa bo atile naha yohle. Mael. Metsotso e jele babedi: nako e
ile; nako e tsamaile haholo; nako e se e re sihile haholo
Jeloe (ji-lwe) (jelwe) /eaten/ Boetsuwa le bokgale ba ho ja. (bap. jewe). (mm. jelwe).
Jeme (je-me) /jam/ Mofuta wa sejo sa motsoako wa ditholoana o tsoekere, o
latsoehang hamonate, o matheketheke. /bon. dijeme/.
Jeremane (je-re-ma-ne)/Red-headed Finch/ Mofuta wa Nonyana e fumanoang
Lesotho le dikarolong tse ding tsa Afrika e ka Borwa; e hlooho e kgubedu, mmele o
mosoothoana le matheba a masweu a masiba. /bon. Dijeremane/.
JEREMANE
173
174
174
175
Joetsa (jwe-tsa) /tell, relate to/ Ho bolella motho taba; ho hlalosetsa ketsahalo kapa
polelo. Mael. Ho joetsa sefahlamahlo: ho bolella motho taba ka ho mo toba ntle le
tshabo.
Johanne (jaw-han-ne) /John/ Buka ya bone (4) ya bibele testamenteng e ncha.
Johanne 1 (jaw-han-ne) /John 1/ Buka ya bomashome a mabedi le metso e meraro
(23) ya bibele testamenteng e ncha.
Johanne 2 (jaw-han-ne) /John 2/ Buka ya bomashome a mabedi le metso e mene (24)
ya bibele testamenteng e ncha.
Johanne 3 (jaw-han-ne) /John 3/ Buka ya bomashome a mabedi le metso e mehlano
(25) ya bibele testamenteng e ncha.
Joko (jo-ko) /yoke/ Lefatsa le betliloeng hantle ho sebedisoa bakeng sa ho pana
dikgomo ho hula ntho e itseng e boima; lekala la sefate le leholo, le betliloeng, le
bewang molaleng wa diphoofolo tse itseng ka ho di pana bakeng sa ho hula moroalo.
Jonase (jaw-na-si) /Jonah/ Buka ya bibele ya bomashome a mararo a metso e mmedi
(32) testamenteng ya kgale e tlang ka mora Buka ya Obadia.
Jonna (jon-na) /exclamation: poor me! Oh no!/ Lekgotsa le bontshang ho tshosoa
ke ketsahalo e itseng e tshosang; lentsoe le sebedisoang ho bontsha ho tshoha.
Jonna-we (jon-na-we) /exclamation: please, don’t!/ Lekgotsa le sebedisoang ke
motho ya hlokofatsoang ho bontsha hore moetsi a emise ka ketso ya hae.
Jonnanna (jon-nan-na) /exclamation: poor me/ Lekgotsa le bontshang bohloko ka
ho hoeletsa ke moetsuwa. Lentsoe le bontshang khoeletso bakeng sa ho utloa bohloko.
Jonnanna-we (jon-nan-na-we) /exclamation: poor me, please!/ Lekgotsa le
sebedisoang ke motho ya hlokofatsoang ho bontsha hore moetsi a emise ka ketso ya
hae; lentsoe le sebedisoang ho hoeletsa ka baka la bohloko bo utloang ke moetsuwa.
Joo (jo-oo) /exclamation: poor me!/ Lekgotsa le sebedisoang ho bontsha ho makala
kapa ho makalla ketsahalo e itseng; lentsoe le sebedisoang bakeng sa ho tshosoa ke
ketsahalo e itseng. (bap. jonna-we!).
Joshua (jo-shu-a) /Joshua/ Buka ya botshelela (6) ya bibele testamenteng ya kgale e
tlang ka mora Deuteronoma, a lateloe ke buka ya Baahlodi.
Jowe (jo-we!) /exclamation: help me please!/ Lekgotsa le bontshang hore se
etsahalang se a tshosa kapa se bohloko. Lentsoe le sebedisoang ke moetsuwa, a
hoeletsa ho bontsha bohloko kapa letsoalo la ketsahalo e itseng. (bap. jonna, joo).
Jowe (ju-we) /eaten/ Boetsuwa ba ho ja.
Jowe (ju-we) /defeated/ Hoa papadi kapa tlhodisano: ho hloloa ke sehlopa seseng
kapa motho emong.
Juda (ju-ta) /jude/ Buka ya bomashome a mabedi le metso e tsheletseng (26) ya
bibele testamenteng e ncha.
175
176
Kkk
PALE:
Tlhaku ya leshome le motso o lemong (11) ya puo ya Sesotho. Ke e nngwe ya ditlhaku
tse nang le mantsoe a mangatahadi a puo ya Sesotho. E akga ka mareho, maetsi,
maemedi le mekgabo emeng ya Sesotho. Maetsi a qalang ka tlhaku ena ona a
sebedisa yona tlhaku ena ha eba mareho. Mohlala: kapa=kapo, kena=keno,
kwala=kwalo, kolotisa=kolotiso, kupetsa=kupetso, kalama=kalamo, kopa=kopo, jj.
K (khei) /kay/.
Ka (ka) /personal pronoun “I”/ Seemedi se sebedisoang bakeng sa motho a le ka
bonngweng nakong e fetileng. Mohl. Ka tsamaya. Ka bona. Ka nyakalla. (bap. ke).
Ka (ka) /preposition: with/ Lebopi: lentsoe le bopang polelo ka ho hokela lentsoe
qalong ya lona ho fana ka moelelo o phethahetseng kapa o tletseng. Ka molamu ona.
Ka boraro ba lona. Ka matla ohle. Ka boikgantsho.
Ka (ka) (ka mora hore) /preposition: after/ Lebopi le bontshang se etsahalang ha ho
feta ketsahalo e itseng ebile le lateloa ke lentsoe “mora” hangata. Mohl. Ka mora
hore ba tsamaye, ra sala re ithuta hohong ka bona.
Ka (ka) /an adverb following an adjective/ Lethusi le nepahatsang moelelo wa
lekgethi kapa lehlalosi. Mohl. Ka boomo. Ka nnete.
Ka (ka) /with, by/ Mohl. Ke mo otlile ka molamu. Ke sebeditse ka mochini o
moholo. Ke rata ho bua ka puo ya Sesotho.
Ka (ka) /about/ Lebopi le bontshang kamano le seo ho buuwang ka sona. Mohl. O
bua ka eng monna heso? Hobaneng o bua ka Thabo kajeno? Che ke kgotsofetse ha o
mpha tlhaloso ka thuto ena.
Kabasa (ka-ba-sa) /dominate, reign, preside/ Ho laola ka baka la ho tshajoa; ho
laola ka lebaka la bonatla kapa dikgoka; ho ba ka sehlohlolong ka lebaka la boemo
kapa boetapele. (bap. lekabasa).
Kabaso (ka-ba-so) /domination, dominance/ Ketso ya ho kabasa: taolo ka lebaka la
ho tshajoa; ho laola ka lebaka la bonatla kapa dikgoka; boemo ba ho ba ka
sehlohlolong ka baka la boemo kapa boetapele.
Kabela (ka-be-la) /thwack/ Ho natha, shapa kapa ho otla ha bohloko ka thupa e
ommeng; ho natha ka ntho e thata e ommeng.
Kabela-manong (ka-be-la-ma-no-ng) // Seo ka lebaka la tlhaho, seemo kapa
sebopeho sa sona se tlamehang ho lebana le mathata; motho eo ho dumeloang hore o
lokeloa ke mathata. Mael. Ngoana moshanyana ke kabeloa manong: motho e motona
o lokeloa ke ho fuwa mathata ohle le ha ho sa kgonahale.
176
177
177
178
Kakalatsa (ka-ka-la-tsa) /to knock down/ Ho dia fatshe ka ho otla ka setebele kapa
ntho e itseng; ho diela ka ho natha kapa ho mamola.
Kakalatso (ka-ka-la-tso) /knocking down/ Ketso ya ho kakalatsa: ho dia fatshe ka
ho otla ka setebele kapa ntho e itseng; ho diela ka ho natha kapa ho mamola.
Kakalatsoa (ka-ka-la-tswa) /knocked down/ Boetsuwa ba ho kakalatsa.
Kakalla (ka-kal-la) /lie down/ Ho dula fatshe ka mokokotlo; ho paqama ka
mokokotlo kapa ka ho sheba hodimo nakong ya ho robala. (bap. paqama).
Kakalletse (ka-kal-le-tse) // Bokgale ba ho kakalla.
Kakallo (ka-kal-law) /liying down/ Ketso ya ho kakalla: ho paqama ka mokokotlo
fatshe, mmele o shebile hodimo.
Kakalopa (ka-ka-lu-pa) /to wander, meander/ Ho tsamaya ntle le morero kapa
sepheo se sa bonahaleng; ho sollaka ntle le sepheo sa bohlokoa. Ho tsamaya joalo ka
sekakalope. Ho ya koana le koana.
Kakalopo (ka-ka-lu-paw) /wandering/ Ketso ya ho kakalopa kapa ho tsamaya ntle le
morero kapa sepheo sa bohloka. Motsamao le mokgoa wa sekakalope.
Kakana (ka-ka-na) /heavy dagga smoking/ Mokgoa wa ho tsuba matekoane ka ho a
hula fatshe leifong la ona ka lehlakana. /bon. dikakana/.
Kakapa (ka-ka-pa) /macho, machismo/ Motho e motona ya nang le ponahalo ya
ditshika, tshobotsi, mmele le mokgoa wa senna; motho ya nang le boiphihlelo ka ho
etsa ntho kapa ketso e itseng. /bon. Dikakapa/ (bap. kakarapa, mmampodi).
Kakarapa (ka-ka-rap-a) /superstar/ Motho ya tsebahalang lefatshe ka bophara ka
baka la mmino kapa ketso tse itseng tsa ho tuma. /bon. Dikakarapa/ Tem. “Kakapa”
le “kakarapa” ke mantsoe a mabedi a nang le meelelo e fapaneng.
Kakaretso (ka-ka-rets-o) /generalisation, conclusion/ Ketso ya ho akaretsa: ho
kgutsufatsa puo ka botlalo ka ho kenyeletsa ntlha tse itseng; ho qetella puo ka ho e
phethela ka bokgutshoanyane.
Kakasa (ka-ka-sa) /weight lift/ Ho nka ntho e boima; ho phahamisa ntho e boima.
Kakasana (ka-ka-sa-na) /lift each other/ Ketsetsano ya ho kakasa.
Kakasano (ka-ka-sa-naw) // Ketso ya ho kakasana.
Kakasitse (ka-ka-si-tse) // Bokgale ba ho kakasa.
Kakasitsoe (ka-ka-sits-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho kakasa.
Kakaso (ka-ka-saw) /weight lifting/ Ketso ya ho kakasa: ho phahamisa ntho e
boima. Tloaelo ya ho jara meroalo e boima. Mohl. Kakaso e se e le papadi e
tloaelehileng haholo metseng ya ditoropo. Mmele o matla o motle ka lebaka la ho
ikoetlisa ka kakaso.
Kakasoa (ka-ka-swa) // Boetsuwa ba ho kakasa.
Kakata (ka-ka-ta) /to severe, disfigure/ Ho otla ka ho senya tshobotsi; ho shapa ka
ho mamola. Ho mamolaka sefahleho.
Kakatana (ka-ka-ta-na) /severe each other/ Ketsetsano ya ho kakata.
Kakatano (ka-ka-ta-naw) // Ketso ya ho kakatana.
Kakatela (ka-ka-te-la) /cleave firmly/ Ho tshoara ntho tse ngata tse boima ka
letsoho, ka nako e le nngwe; ho tshoara ha boima ka seatla. (bap. kakatlela).
Kakatelo (ka-ka-te-law) // Ketso ya ho kakatela: ho tshoara ntho tse ngata tse boima
ka letsoho, ka nako e le nngwe; ho tshoara ha boima ka seatla. (bap. kakatlelo).
Kakatetse (ka-ka-te-tse) // Bokgale ba ho kakatela: e boemong ba ho tshoara ntho tse
ngata tse boima ka letsoho ka nako e le nngwe; ho tshoara ha boima ka seatla.
Kakatile (ka-ka-ti-le) /disfigured/ Bokgale ba ho kakata.
Kakatiloe (ka-ka-ti-lwe) // Bokgale le boetsuwa ba ho kakata.
178
179
179
180
180
181
181
182
182
183
183
184
KATIBA/ DIKATIBA
184
185
Katsekatse (//) /kitten/ Ledinyane la katse. Ngoana mosia kapa katse. /bon.
dikatsekatse/ (bap. mosiana).
Ke (ke) /is/ Mohl. Ke motho e moholo. Ke lehlanya la rona. Ke ngoana ngoanana
kapa wa moshanyana.
Ke (//) /I/ Seemedi se sebedisoang bakeng sa motho ka bonngweng nakong ya joale
ka ho hlalosa boemo bofe kapa bofe. Mohl. Ke mmone ebile ke kgotshe ke yena.
Ke (//) /who/ Mohl. Ke mang ya itseng le tsamaye? Ke mang ya reng Sesotho ha se
puo e nonneng haholo ka mantsoe?
Keakea (ki-a-ki-a) /enigma, emotional burden/ Boemo bo hlokang tharollo: bo
sitisang tsoelopele ya maikutlo kapa phethahalo ya se hlokahalang le se
labalabeloang. /bon. Dikeakea/ (bap. mohlolo, dihaeya).
Kebesela (ke-be-se-la) /shaky, unstable/ E hlokang botsitso ba ho ema hantle; e sa
kgoneng ho tsitsa ka boemo kapa moemo; e sa kgoneng ho tshetlela.
Kebeselo (ke-be-se-law) /shakiness/ Ketso ya ho kebesela kapa ho hloka botsitso ba
ho ema hantle; boemo kapa moemo o sa tsitsang.
Kebokebo (ke-baw-ke-baw) // Ketso ya ho ebaeba: ho leketla hoa makala a
ditholoana ka baka la ho beha hoa sefate; ho leketla hoa lekala ka lebaka la boima ba
ditholoana sefateng. Ho imeloa ke peho ya ditholoana tse ngata sefateng.
Kebolela (ke-bu-le-la) (sheb. Ebolela bakang sa tshebediso). Mael. Ho ja
monakaladi wa kebolela: ho dula le ho phomola hamonate ntle le mosebetsi o boima.
Ho roba monakedi.
Kebolo (ke-bu-law) /peeling/ Ketso ya ho ebola kapa ho tlosa lekgapetla: ho ntsha
bokahodimo ba tholoana; ho tlosa se aparetseng bokantle ba tholoana kapa sejalo se
nang le bokantle. (bap qaqapolotso). (mm. Kebolela).
Kedimoloho (ke-di-mu-lu-haw) /yawning/ Ketso ya ho edimoloha kapa ho ahlamisa
molomo ka baka la tlala, mokgathala kapa boroko. Puleho ya molomo e etsahalang
ntle le thato ya monga ona. (bap. edimoloho).
Keiseho (ke-i-se-haw) /outcast/ Ketso ya ho eiseha kapa ho kgesa motho ka baka la
boemo ba hae bo itseng. Boemo ba seeiso kapa motho ya sa ratoeng ka mabaka a
itseng. Ho se ratoe kapa ho se natsoe ka lebaka la boemo bo tlase kapa bo kgesehang
haholo. (bap. seeiso, moeisi).
Keiso (ke-i-so) /outcasting/ Ketso ya ho eisa. Ho se natse ka baka la ho nyatseha; ho
se ratoe ka baka la boemo bo tlase. (bap. seeiso, eisa).
Keke (ke-ke) /never/ Ho tla hloleha ho ba joalo; seo ho buuwang ka sona se tla
hloleha; leletho. (bap. Nkekebe) Mohl. A keke a tsamaya. O keke wa kgetha ho
tsamaya feela tjena ntle le ho sadisa hantle. Ba keke ba utloisisa puo ena ya heso
hobane ha ba ikemisetsa ho mamela.
Kekebe (ke-k-be) /never/ Ho tla hloleha ho ba joalo; seo ho buuwang ka sona se tla
hloleha; leletho. (bap. Nkekebe) Mohl. A kekebe a tsamaya. O kekebe wa kgetha ho
tsamaya feela tjena ntle le ho sadisa hantle. Ba kekebe ba utloisisa puo ena ya heso
hobane ha ba ikemisetsa ho mamela. (bap. nkekebe).
Kekeletso (ke-ke-le-tso) /an increase, increment/ Ketso ya ho atisetsa moputso.
185
186
186
187
KEOWE (KEOOE)
Kepa (ke-pa) /chisel/ Tshepe e thata e ka sebedisoang ho petsola lejoe, patsi kapa
ntho e thata. /bon. dikepa/ (bap. chesele).
Kepo (ke-paw) /digging/ Ketso ya ho epa: ho cheka sekoti; ho etsa mokoti.
187
188
188
189
189
190
Ketsollo (kets-ul-law) /undo, undo verb, opposite/ Ketso e bontshang hore boemo
ba ketsahalo e itseng bo a fetoloa hore bo fapane le ba pele. Ketso ya ho etsolla se
entsoeng kapa se etsahalang. Mohl. Hata=hatoha, haka=hakolla, koba=kobolla, jj.
Kga (kga) /to scoop, pluck/ Ho nka ka sekgello: ho nka metsi ka setshelo ho tloha
setshelong seseng; ho nka metsi ho tloha sedibeng kapa nokeng ho a tshela ka
nkgong kapa setshelong.
Kgaba (kga-ba) /decorative, decorate/ Ho ba ntle kapa motle ka ho kenya
mokgabiso; ho ntlefatsa sebopeho kapa tshobotsi ka ho kgabisa.
Kgaba (//) /table spoon/ Sesebedisoa se sebedisoang ho thusa ho ngoatha, fuduha le
ho ja dijo. /bon. dikgaba/.
Kgabana (kga-ba-na) /teaspoon/ Sesebedisoa se senyane se sebedisoang ho ngoatha,
fuduha le ho ja dijo. /bon. dikgabana/.
Kgabane (kga-ba-ni) /gentleman/ Motho wa metsamao e metle ya iphotlileng;
motho wa boitshaoro bo lokileng. /bon. Makgabane/ Tem. Bongata ba lebitso lena,
“kgabane” ha se “dikgabane” empa ke “makgabane”.
Kgabareng (kga-ba-re-ng) /eventually/ Qetellong ya ketsahalo kapa puo; phellong
kapa pheletsong ya ketsahalo kapa ketso e itseng. (bap. nengneng, sethathong).
Kgabedisa (kga-be-di-sa) /cut/ Ketsisiso ya ho kgabela: ho kgabela hantle.
Kgabela (kga-be-la) /cut, chop/ Ho poma moroho hore o be dikotoana; ho habela
semela se jewang hore se kgone ho phehoa kapa ho jewa. (bap. habela).
Kgabella (kga-bel-la) // Ho kgabela mmoho le; ketsetso ya ho kgabela.
Kgabetla (kga-be-tla) /whack, wallop/ Ho otla ka letsoho kapa ntho e itseng ha
bohloko hampe; ho nathaka le ho shapaka.
Kgabetlo (kga-be-tlaw) /whacking, walloping/ Ketso ya ho kgapetla: kotlo e
bohloko ka letsoho kapa ntho e itseng hampe haholo.
Kgabetse (kga-be-tse) /cut/ Bokgale ba ho kgabela. (bap. pomme).
Kgabetsoe (kga-be-tswe) /cut/ Boetsuwa le bokgale ba ho habela.
Kgabisa (kga-bi-sa) /decorate/ Ho ntlefatsa ka ho kenya mokgabo; ho etsa hore ntho
e be ntle ka ho kenyeletsa mokgabo. (bap. kgaba).
Kgabiso (kga-bi-saw) /decoration/ Ketso ya ho kgabisa: ho ntlefatsa ka ho kenya
mokgabo; ho etsa hore ntho e be ntle ka ho kenyeletsa mokgabo. (bap. mokgabiso).
Kgabo (kga-baw) /embellishment, ornamentation/ Ketso ya ho kgaba: ho ba ntle
kapa motle ka ho kenya mokgabiso; ho ntlefatsa ka sebopeho kapa tshobotsi ka ho
kgabisa. (bap. Mokgabo).
Kgabo (kga-bo) /ape/ Mofuta wa tshoene seka motho, e matsoho a malelele, le
sefuba se sephara. /bon. dikgabo/.
Kgabola (kga-bu-la) /mangle/ Ho tsenkolla ka meno ke phoofolo e hlaha kapa e
kgolo; ho senya tshobotsi kapa setho sa mmele ka ho ranthanya. (bap. mokgabodi).
Kgabolo (kga-bu-law) /mangling/ Ketso ya ho kgabola: ho tsenkolla ka meno ke
phoofolo e hlaha kapa e kgolo; ho senya tshobotsi kapa setho sa mmele ka ho
ranthanya. (bap. habola, khabolo).
Kgabutla (kga-bu-tla) // Ho hata lekgaba la poone kapa la dijalo ha bohlasoa; ho
hela hampe, ka tsela e hlokang kelo hloko.
Kgabutlo (kga-bu-tlo) // Ketso ya ho kgabutla: ho hata lekgaba la poone kapa la
dijalo ha bohlasoa; ho hela hampe, ka tsela e hlokang kelo hloko.
Kgadi (kga-di) // Ho kgadisetsa motho emong ka ho bontsha seo moetsi a nang le
sona; ho bontsha sejo kapa ntho e itseng ka ho qholotsa kapa ho phoqa. Tlh. Lentsoe
lena, “kgadi” le sebedisoa joalo ka lekgotsa moelelong o hlalositsoeng. (sheb.
kgadikgadi bakeng sa tshebediso).
190
191
191
192
192
193
KGAJOANE (KHAJOANE)
193
194
194
195
KGALODI (KHALOLI)
195
196
196
197
197
198
198
199
KGATAJOE (KHATAJOE)
199
200
200
201
201
202
202
203
Kgetho (kget-haw) /choice/ Boemo ba ho qolla se batloang hara tse ngata; ho supa se
ratoang ka ho se qolla.
Kgetholla (kge-thul-la) /discriminate/ Ho etsetsa ka ho se lekane; ho fa ka tsela e
hlokang tekano; ho sebedisa kgesollo ho ya ka mmala, maemo, botona, botshehadi,
morabe kapa bodulo. (bap. Kgesolla).
Kgethollo (kget-hul-law) /apartheid, segregation/ Ketso ya ho kgetholla: boemo ba
ho etsetsa ka ho bontsha leeme ho ya ka mmala, maemo, botona, botshehadi, morabe
kapa bodulo. (bap. Kgesollo).
Kgetholloa (kge-thul-lwa) /discriminated against/ Boetsuwa ba ho kgetholla.
Kgethollotse (kge-thul-lu-tse) /discriminated/ Bokgale ba ho kgetholla.
Kgethollotsoe (kge-thul-luts-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho kgetholla.
Kgetlo (kge-tlaw) // (sheb. Lekgetlo bakeng sa tshebediso).
Kgetshe (kge-ts-hi) /exclamation: sudden down fall/ Lekgotsa le bontshang ho
wela mokoting kapa sekgetsheng, hanghang. Mohl. Ke ne ke tsamaya ha ke tla re
kgetshe ka mokoting!
Kgetshemela (kge-ts-he-me-la) // Ho wela sekgetsheng; ho wela mokoting o tibileng
haholo; ho wela lengopeng. Ho kena hara sekgetshe.
Kgetshemelo (kge-ts-him-el-aw) /quick sand trapping/ Ketso ya ho kgetshemela:
ho wela sekgetsheng kapa mokoting; ho wela mokoting o tibileng haholo wa mofero;
ho wela lengopeng. (bap. sekgetshe).
Kgetshemelo (kge-ts-him-el-aw) /sedimentation/ Pokeletso ya lehlabathe, mahohola
kapa ntho tse tsamayang le metsi botebong ba lewatle kapa moo honang le sekgetshe.
Kgetsi (kge-tsi) /knapsack/ Mokotla wa modisana oo hangata o jaroang lehetleng, o
tshelang ntho tsa bohlokoa tse nyenyane, ebile di sa imele. /bon. Dikgetsi/
Kgidi (kgi-di) /exclamation: wow!/ Lekgotsa le bontshang ho makalla ketso kapa
ketsahalo ho ya ka boemo ba yona. (bap. kgele). Mohl. Kgidi! Ya tla ba ntle ntho!
Kgididi (kgi-di-di) /exclamation: wow!/ Lekgotsa le bontshang ho makalla
ketsahalo e ntle kapa e makatsang ka ho toboketsa. (bap. kgelele). Mohl. Kgididi! Ya
tla ba ntle ntho banna! Kgididi! A tla ba motle ngoana batho!
Kgile (kgi-le) // Bokgale ba ho kga.
Kgiloe (kgi-lwe) // Boetsuwa le bokgale ba ho kga.
Kgina (kgi-na) /to brake, stop/ Ho emisa sepalangoang kapa ntho e tsamayang; ho
thiba ntho hore e se tsamaya kapa e se thetehe. (Bap. sekgini, haneo, boriki).
Kgino (kgi-naw) /braking/ Ketso ya ho kgina: kemiso ya sepalangoang kapa ntho e
tsamayang kapa e ka thetehang. (bap. Sekgini).
Kginolla (kgi-nul-la) /unbrake, loosen/ Ketsollo ya ho kgina: ho etsa hore ntho e
emisitsoeng e tsamaye kapa e thetehe ka ho hatoha sekgini.
Kginollo (kgi-nul-law) /un-braking, loosening/ Ketso ya ho kginolla: ho etsa hore
ntho e emisitsoeng e tsamaye kapa e thetehe ka ho hatolla sekgini.
Kgirila (kgi-ri-la) /scrape, weed out, root out/ Ho tlosa lehola kapa joang ka
kgarafu kapa mohoma. Ho tlosa bokahodimo ba.
Kgirilo (kgi-ri-law) /scraping/ Ketso ya ho kgirila: tloso ya lehola kapa joang ka
kgarafu kapa mohoma. Tloso ya bokahodimo ba joang.
Kgisa (kgi-sa) // Ketsiso ya ho kga: ho thusa ho nka metsi sedibeng kapa moo a leng
teng bakeng sa motho emong. Mohl. Ke tla o kgisa metsi hobane ha o kgone.
Kgisana (kgi-sana) // Ketsatsano ya ho kga: ho kgella emong metsi mme le yena a
kgelle ya mo kgellang.
Kgitla (kgi-tla) /midnight/ Nako, hara mpa ya bosiu; bohare ba bosiu. (bap. nyele).
203
204
Kgitla (//) /jab, punch, tab/ Ho otla ka ho tebelaka; ho natha ka setebele. Mael. Ho
kgitla lejoe: ho ba boemong ba ho hloka mohlodi; ho ba boemong ba ho se dumellane
ka dipuo; ho se tsoelepele ka lebaka la ho hloka tumellano.
Kgitlo (kgi-tlaw) /jabing, tabing/ Ketso ya ho kgitla: ho otla ka ho tebelaka; ho
natha ka setebele.
Kgoaba (kgwa-ba) /of animal colour: grey with white spots/ Hoa mmala wa
phoofolo e tona: e thokoa enang le maroborobo a masoeu.
Kgoabana (kgwa-ba-ni) /of female animal: grey with white spots/ Hoa mmala wa
phoofolo e tshehadi: e thokoana enang le maroborobo a masoeu. (mm. khoabana).
Kgoabetlella (kgwa-be-tlel-la) /to strive/ Ho etsa dintho le ho leka ho ipatlela tse
batlahalang ka bowena ntle le thuso ya mang kapa mang; ho itshokolela ho fumana se
batlahalang ntle le thuso ya motho emong. (bap. ikgoabetlella).
Kgoabetlello (kgwa-be-tlel-law) /strive/ Ketso ya ho kgoabetlella: ho etsa dintho le
ho leka ho ipatlela tse batlahalang ka bowena ntle le thuso ya mang kapa mang; ho
itshokolela ho fumana se batlahalang ntle le thuso ya motho emong.
Kgoabitla (kgwa-bi-tla) /to scratch vigorously/ Ho ngoaya ha bohloko ka makgetlo
a mangata; ho ngoaya ka thata kgafetsa kgafetsa.
Kgoabitlo (kgwa-bitl-aw) /vigorous scratching/ Ketso ya ho kgoabitla: ho ngoaya
ha bohloko ka makgetlo a mangata; ho ngoaya ka thata kgafetsa kgafetsa.
Kgoacha (kgwa-cha) /creep/ Ho etsa lerata hara joang hoa ntho e hahabang; ho
tsamaya ka mpa ka ho etsa modumo hara mofero. (mm. kgwatjhasela).
Kgoachasela (kgwa-cha-se-la) /creep towards/ Ho etsa modumo hoa ntho e
hahabang hara joang kapa mofero empa e sa bonoe.
Kgoachaselo (kgwa-cha-sel-aw) /creeping/ Ketso ya ho kgoachasela: kutloahalo ya
sehahabi kapa nyamatsana hara mofero kapa joang bo boholo. (mm. kgwatjhaselo).
Kgoachola (kgwa-chu-la) // Ho ntsha sebakeng se patehileng; ho hlahisa pepeneneng
se neng se patehile. (bap. kgoasolla) (mm. Kgwatjhola).
Kgoacholo (kgwa-chu-law) // Ketso ya ho kgoachola: ho ntsha sebakeng se
patehileng; ho hlahisa pepeneneng se neng se patehile. (mm. Kgwatjholo).
Kgoadi (kgwa-di) /of a colour of male animal:/ Hoa mmala wa phoofolo e tona: e
maroborobo kapa e mebala e fapaneng letlalong leleleng. E mebala e qaqohaneng
ebile e fapane ho sa natsoe mofuta wa mmala. (bap. kgoatshana).
Kgoaela (kgwa-el-a) /hide, conceal/ Ho nka ntho e itseng ka ho e pata mmeleng hore
e se bonoe; ho utsoa kapa ho nka ka ho pata kaekae. (bap. pata).
Kgoaella (kgwa-el-la) /hide for/ Ketsetso ya ho kgoaela.
Kgoaello (kgwa-el-law) // Ketso ya ho kgoaela: mokgoa wa ho pata, haholo sejo, ka
sepheo sa ho fana ka sona pele moo ho uwang teng.
Kgoahla (kgwa-hla) /dry corn/ Poone e ommeng nakong tsa mariha; poone e thata, e
ommeng, e loketsoeng ho kgotholoa. /bon. dikgoahla/ (bap. lephurakgoahla).
Kgoakgoathela (kgwa-kgwat-he-la) /adhesive, sticky/ Ho ba hodima ntho ka tsela e
mamaretseng haholo; ho mamarela ka thata. (bap. kganathetse, kganathela).
Kgoakgoathelo (kgwa-kgwat-he-laa) /adhesiveness/ Boemo kapa ketso ya ho
mamarela hodima ntho ka thata ntle le ho tloha ha bonolo. (bap. sekgoakgoathedi).
Kgoakgoathetse (kgwa-kgwat-he-tse) /adhesive/ E boemong bo mamaretseng ka
thata haholo; e sa kgoneng ho tloha ha bonolo moo e mamaretseng teng.
Kgoakgoathetse (kgwa-kgwat-he-tse) // Bokgale ba ho kgoakgoathela.
Kgoale (kgwa-le) /field rat/ Mofuta wa tadi ya naheng e moreto, e jewang ke
batsomi kapa ba kgoasang ditadi. /bon. Dikgoale/.
204
205
KGOALE (KHOALE)
Kgoana (kgwa-na) /edible rat, striped mouse/ Mofuta wa tadi ya naheng, e motsero
mokokotlong, e thokoa ka mmala, e jewang. /bon. dikgoana/. (mm. Khoana).
Kgoao (kgwa-u) (kgwao) /sceptism, doubt/ Ponahalo ya ho belaela; boteng ba ho se
tshepe. (mm. Khoao).
Kgoapha (kgwap-ha) // Ho kalama pere kapa phoofolo e kalangoang ka tsela eo
mokalami a kekeng a wela: ka tsela ya ho manamisa maoto mmeleng wa ntho e
kaletsoeng.
Kgoapho (kgwa-phu) // Ketso ya ho kgoapha kapa ho kalama pere kapa phoofolo e
kalangoang ka tsela eo mokalami a kekeng a wela: ka tsela ya ho manamisa kapa ho
mamaretsa maoto mmeleng wa ntho e kaletsoeng.
Kgoaqatsa (kgwa-qa-tsa) /yesterday beer/ Joala bo setseng maobane. Joala ba tsatsi
le fetileng. Tlh. Batho babang ba bitsa lentsoe lena, “qoakgatsa” kapa “qoakatsa” ha
lentsoe le nepahetseng ka Sesotho sa mmankgonthe e le “kgoaqatsa” kapa “selatsa”.
Kgoasa (kgwa-sa) /to hunt little animals/ Ho tsoma diphoofolo; ho batlana le
diphoofolo naheng ka sepheo sa ho di bolaya bakeng sa dijo. (bap. tsoma).
Kgoasitse (kgwa-si-tse) /hunted/ Bokgale ba ho kgoasa.
Kgoasitsoe (kgwa-si-tswe) // Boetsuwa le bokgale ba ho kgoasa.
Kgoaso (kgwa-so) /hunting of little animals/ Ketso ya ho kgoasa: patlo ya
diphoofolo tse nyane naheng ka sepheo sa ho di bolaya bakeng sa dijo.
Kgoasoa (kgwa-swa) (kgwaswa) /hunted/ Boetsuwa ba ho kgoasa.
Kgoasolla (kgwa-sul-la) /divulge/ Ho ntsha se patiloeng; ho hlahisa se patiloeng; ho
beha pepeneneng kapa phatlalatsa.
Kgoasollo (kgwa-sul-law) /divulging/ Ketso ya ho kgoasolla: ho ntsha se patiloeng;
ho beha pepeneneng kapa phatlalatsa.
Kgoatha (kgwat-ha) // Ho nka kapa ho thetsa dijo, mafura kapa ntho e itseng ka
monoana; ho lebisa monoana nthong ka sepheo sa ho nka kapa ho utloa tatso kapa
sebopeho sa yona.
Kgoathatha (kgwa-tha-tha) /cow rope/ Mofuta wa thapo, haholo ya letlalo e
sebedisoang bakeng sa ho tlama kgomo molaleng. /bon. Dikgoathatha/ (mm.
Khoathatha).
Kgoathela (kgwat-he-la) // Ketsetso ya ho kgoatha: ho thusa ho kgoatha.
Kgoathisa (kgwat-hi-sa) // Ketsiso ya ho kgoatha: ho etsa hore motho a kgoathe.
Kgoathiso (kgwat-hi-saw) // Ketso ya ho kgoathisa.
Kgoatho (kgwat-haw) // Ketso ya ho kgoatha: ho nka kapa ho thetsa dijo, mafura
kapa ntho e itseng ka monoana; ho lebisa monoana nthong ka sepheo sa ho nka kapa
ho utloa tatso.
205
206
206
207
DIKGODUMODUMO
DINOSUAR TRICERATOP
BRONTOSAURUS
207
208
208
209
209
210
KGOHO
KGOHONOKA (KHOHONOKA)
Kgoiti (kgwi-ti) /mole/ Phoofotsoana seka tadi, e mahlo a manyane, e phelang tlasa
mobu, le ho etsa mekoti e mengata, e diphaposi, tlasa mobu. /bon. dikgoiti/.
210
211
Kgoiti (//) /arable land/ Naha e mobu o motle bakeng sa temo ya dijalo; sebaka sa
mobu o nonneng bakeng sa ho jala le ho lema. /bon. dikgoiti/.
Kgoitimohlaka (kgwi-ti-mo-hla-ka) /Eurasian Bittern/ Mofuta wa Nonyana e kgolo
e masiba a masootho bo maroboko; e phelang ka ho ja ditlhaphi, dinqanqana le
diphoofotsoana tse ding tsa metsing. /bon. Dikgoitimohlaka/ (mm. Khoiti-mohlaka).
Kgoitinyana (kgwe-tin-ya-na) /Little Bittern/ Mofuta wa nonyana e nyane e
mokobolo o molelele le molala o mokgutshoane; e bokahodimo (mokokotlo) bo
mmala o motsho le mapheo a nang le matheba a masweu ha e tshehadi e ka ba le
mmala o mosoothoana; e fumanoang haholo mehlakeng kapa bakeng tse nang le
joang bo boholo. /bon. Dikgoitinyana/. (mm. Khoitinyane)
Kgoka (kgu-ka) /bore, annoy/ Ho etsa hore motho kapa ntho e tenehe ka ho etsa
diketso tse tenang; ho utloisa pelo bohloko ka ho phehella ho etsa ketso e itseng
kgafetsa ho moetsuwa.
Kgokahane (kgu-ka-ha-ni) /coherent/ E nang le ponahalo kapa boemo ba kopanyo
kapa kgokahanyo; e kapa tse atamelaneng mmoho.
Kgokahantsoe (kgu-ka-hants-we) // Bokgale le boetsuwa ba ho kgokahanya.
Kgokahanya (kgu-ka-han-ya) /cohere/ Ho kopanya ka ho etsa ntho e le nngwe; ho
etsa kopano ya ntho tse ngata ka ho atametsa mmoho haholo. (bap. kopanya).
Kgokahanyo (kgu-ka-han-yaw) /coherence, cohesion/ Ketso ya ho kgokahanya:
mokgoa wa kopanyo ka ho etsa ntho tse fapaneng ntho e le nngwe. Katametso ya
ntho tse ngata e bakang bommoho. /bon. dikgokahanyo/. (bap. kopanyo).
Kgokahanyoa (kgu-ka-han-yoa) // Boetsuwa ba ho kgokahanya.
Kgokanaphiri (kgu-ka-nap-hi-ri) /unity/ Boemo ba ho etsa dintho ka sehlopha;
tumellano ya batho ba bangata. /bon. 0/ (bap. kopano, marematlou).
Kgokeha (kgu-ke-ha) // Ketsahalo ya ho kgoka: ho teneha kapa ho tenoa; ho utloisa
bohloko ka diketso tse tenang.
Kgokeho (kgo-ke-haw) // Ketso ya ho kgokeha: ho teneha kapa ho tenoa; ho utloisa
bohloko ka diketso tse tenang.
Kgokgotha (kgu-kgut-ha) /to empty/ Ho ntsha kaofela, ntho eo eseng metsi, ka
pitseng, mokotleng kapa setshelong. (bap. Tsholla, phophotha).
Kgokgotho (kgu-kgut-haw) /emptying/ Ketso ya ho kgokgotha: ho ntsha kaofela,
ntho eo eseng metsi, ka pitseng, mokotleng kapa setshelong.
Kgokolotsa (kgu-ku-lu-tsa) /pick up from ground/ Ho nka matlakala kapa dithole
fatshe; ho nka ka letsoho ntho tse ngata tse nyane fatshe. (bap. thonaka).
Kgokolotso (kgu-ku-luts-aw) /collective picking up/ Ketso ya ho kgokolotsa: ho nka
matlakala kapa dithole fatshe; ho nka ka letsoho ntho tse ngata tse nyane fatshe.
Kgokong (kgo-ko-ng) /blue wildebeest/ Mofuta wa kgama e putsoahadi e
tholahalang haholo Afrika. /bon. dikgokong/
Kgola (kgu-la) /to harvest fruits/ Ho nka tholoana sefateng; ho hula kapa ho theola
tholoana hodima sefate bakeng sa ho ja. Ho kotula ditholoana sefateng.
Kgola (//) /hoof/ Bohato ba leoto la phoofolo le thata, seka lenaka. /bon. Dikgola/.
Kgoleho (kgu-le-haw) /bondage/ Ketso ya ho holeha: boemo ba ho ba motshoaruwa;
ho ba ditlamong kapa ntloanatshoana; ho ba lekgoba. (bap. bokgoba) (mm. kholeho).
Kgolo (kgu-lu) /big/ E sebopeho se setenya, se sephara kapa e nang le chebahalo e
phahameng; e tletseng sebaka; e imelang ka lebaka la botenya kapa bophara.
Kgolo (kgaw-law) /believe, faith/ Ketso ya ho kgoloa: ho ba le tumelo ya; ho
dumellana le thero ya bodumedi e itseng. (bap. tumelo).
Kgolo (kgu-law) /harvest of fruits/ Ketsoya ho kgola: ho tlhotlhora ditholoana
sefateng; ho nka ditholoana sefateng.
211
212
Kgoloa (kgaw-lwa) /to believe/ Ho dumela thero ya lentsoe kapa seo Modimo a se
bolelang; ho dumellana le se ngotsoeng bukeng ya bibele; ho tshepa hore se buuwang
se tla etsahala. Ho ba modumedi. (bap. Lekgoloa).
Kgolokgotha (kgu-lu-kgu-tha) /drip/ Ho batla ho wela, kapa ho wela, ka baka la ho
hakoa kapa ho thula lejoe kapa ntho e itseng fatshe.
Kgolokgotheha (kgu-lu-kgu-te-ha) /stumble/ Ho thekesela ka baka la ho hakoa, ho
kgopjoa kapa ho thellisoa ke ntho eitseng. Ho lahleheloa ke taolo ya motsamao.
Kgolokgotheho (kgu-lu-kgu-te-haw) /stumbling/ Ketso ya ho kgolokgotheha:
thekeselo e bakoang ke thelliso kapa khako. Tahlehelo ya motsamao ka lebaka la ho
kgopjoa ke ntho e fatshe.
Kgolokgotho (kgu-lu-kgu-thaw) /dripping/ Ketso ya ho kgolokgotha: boemo ba ho
batla ho wela, kapa ho wela, ka baka la ho hakoa kapa ho thula lejoe kapa ntho e
itseng fatshe. (bap. Kgopa, kgopjoa).
Kgolokoe (kgu-lu-kwe) /crab/ Mofuta wa phoofotsoana ya metsing e jewang, e
maoto a tsheletseng a hlabang, e tsamayang ka lekeke, e kgonang le ho phela naheng
ka nako tse ding. /bon. Makgolokoe/ (bap. kgala, lekgala) (mm. Lekholokoe).
Kgomathela (kgu-mat-he-la) /adhesive/ E mamarelang ha e thetsana le ntho
enngwe: eo boemo ba yona bo bakang ho tshoarana ka ho mamarela ntle le ho tloha
ha bobebe. (bap. mamarela, qamathela, kgoakgoathela, kganathela).
Kgomathelo (kgu-mat-he-law) /adhesiveness, adhesion/ Ketso ya ho kgomathela:
ho mamarela ka mora ho thetsana le ntho e itseng. (bap. qamathelo, kgoakgoathelo).
Kgomatheloa (kgu-mat-he-lwa) // Boetsuwa ba ho kgomathela. (bap. mamareloa).
Kgomathetsa (kgu-mat-he-tsa) /adhere, bind, weld, glue/ Ho kopanya mmoho ka
tsela e itseng. Ho hokahanya ntho tse pedi kapa tse fetang moo.
Kgomathetse (kgu-ma-the-tse) /attached, joined/ Bokgale ba ho kgomathetsa.
Kgomathetso (kgu-mat-he-tso) /welding, binding/ Ketso ya ho kgomathetsa kapa ho
kopanya mmoho dintho tse itseng, haholo tshepe. (bap. Sekgomathetsi, cheseletso).
Kgomo (kgo-mu) /cattle/ Enngwe ya diphoofolo tsa hae, e ruuwang, e maoto a
mane, e manaka kapa e chitjana le mohatla. /bon. dikgomo/ Mael. Ho opa kgomo
lenaka: ho bua se nepahetseng kapa se utloahalang. Mael. Kgomo ya lebese ha e
itsoale: hangata ngoana ha a futse motsoadi. Mael. Kgomo e tshoaroa ka dinaka,
motho ka dipuo: motho o tshoaroa ka dipuo tsa hae ho seo a se entseng. Mael.
Kgomo ha enye bolokoe kaofela: motho ha a tlameha ho bua makunutu le ditaba
tsohle tsa hae. Mael. Kgomo ha e fuleloe: ha ho ditshenyehelo ho ruwa kgomo. Mael.
Kgomo ha di na motloha pele: katleho ha e bakoe ke ho ba wa pele. Mael. Ha le fete
kgomo le je motho: kgomo e ka teloa ya neheloa bakeng sa ho lopolla motho. Mael.
Lepotlapotla le ja podi, lesisitheho le ja kgomo: ho se potlakele dintho ho tlisa
katleho. Mael. Motsoalle wa hlooho ya kgomo: motho eo emong anang le kamano e
ntle haholo ya bokgotsi. Mael. Lebitla la kgomo ke molomo: kgomo ha e shoele ha e
patoe lebitleng empa e ya jewa. Mael. Ha ho kgomo ya boroko: ha ho motho ya
dumelletsoeng ho ja feela ntle le ho sebetsa; o keke o fuwa feela ntle le ho sebetsa.
Mael. Kgomo ya boroko: motho ya botsoa haholo. Sekgoba. Mael. Ho boka
dikgomo: ho dumedisa.
DIKGOMO, KGOMO
212
213
213
214
214
215
215
216
Kgotha (kgaw-tha) /to touch with/ Ho thetsa ka ntho e itseng ka tsela e tenang ya
etsoang joalo. Mohl. Keneng o kgotha mosetsana eo! Tlohela ho nkgotha hle monna!
Kgothala (kgut-ha-la) /encouraged, inspire/ Ho ba boemong ba tshutshumetso: ho
thola morolo wa ho etsa ketso e itseng; ho fumana matla a ho tsoelapele ka ho fuwa
mantsoe a monate, ka mora bothata.
Kgothaletsa (kgut-ha-le-tsa) /encourage/ Ho susumetsa ho etsa ketso e itseng; ho
bua puo e etsang hore motho a nke mohato kapa bohato.
Kgothaletso (kgut-ha-le-tso) /encouragement, inspiration/ Ketso ya ho kgothaletsa:
ho susumetsa ho etsa ketso e itseng; ho bua puo e etsang hore motho a nke mohato.
Kgothalla (kgut-hal-la) /persist/ Ho latella ho etsa ketso e itseng le ha ho le thata; ho
ba le sepheo se sa tsitsinyeheng sa ho fihlella boemo bo itseng le ha ho le thata.
Kgothallo (kgut-hal-law) /persistance/ Ketso ya ho kgothalla: ho latella ho etsa
ketso e itseng le ha ho le thata; ho ba le sepheo se sa tsitsinyeheng sa ho fihlella
boemo bo itseng le ha ho le thata kapa ho sa kgonahale.
Kgothalo (kgu-tha-law) /courage/ Boemo kapa ketso ya ho kgothala: ho tsoelapele
ntle le tshabo; mokgoa wa ho ba le matla a ho etsa se itseng ntle le letsoalo kapa ho
nyahama. Matla a pelo le maikutlo. (bap. sebete). (mm. khothalo).
Kgothatsa (kgut-ha-tsa) /console, inspire/ Ho bua mantsoe a monate ho motho ya
mahlomoleng kapa ya lahlehetsoeng; ho bua mantsoe a monate ho motho ya
tsietsing; ho bebofaletsa bohloko ba pelo kapa moya ka dipuo kapa mantsoe a
thobang maikutlo.
Kgothatso (kgut-hats-aw) /consolation, inspiration/ Ketso ya ho kgothatsa: ho bua
matsoe a monate ho motho ya mahlomoleng kapa ya lahlehetsoeng, ya hara tsietsi; ho
bebofaletsa bohloko ba pelo kapa moya ka dipuo kapa mantsoe a thobang.
Kgothatsoa (kgu-tha-tswa) /encouraged, consoled/ Boetsuwa ba ho kgothatsa.
Kgothetse (kgo-the-tse) /inspired, inspirited, dilligent/ E bontshang kgothatso: ya
sebetsang ka tsela e bontshang morolo ka mora ho joetsoa ditaba tse monate kapa tse
kgothatsang.
Kgotho (kgut-hu)/exclamation: sudden entering/ Lekgotsa le supang kapa le
bontshang ho kena monyako ka ho kgothometseha hanghang. Mohl. Ke eo motho a
fihla a re kgotho monyako a sa kokota le ho kokota. (bap. Thoso). Tlh. Batho ba
bangata ba kgetha lentsoe “thoso” hofeta “kgotho”. Tem. Lentsoe “kgotho” le tsoa ho
leetsi “kgothometsa” eleng ho tsamaya kapa ho kena ka ho kgothometseha.
Kgothola (kgut-hu-la) /detach/ Ho ntsha ntho e itseng ho enngwe; ho tlosa ntho e
mamaretseng ka tsela e itseng. Ho tlosa poone seqong sa yona. Mohl. Rona re qetile
ho kgothola poone seqong. O keke wa kgothola mabele mmokong, empa o ka a pola.
Kgotholo (kgut-hu-law) /detachment/ Ketso ya ho kgothola kapa ho ntsha ntho e
itseng ho enngwe; ho tlosa ntho e mamaretseng ka tsela e itseng. Ho ntsha poone
seqong sa yona.
Kgothomeditse (kgut-hu-me-di-tse) // Bokgale ba ho kgothometsa.
Kgothomeditsoe (kgut-hu-me-di-tswe) // Boetsuwa ba ho kgothometsa.
Kgothometsa (kgut-hu-me-tsa) // Ho sututsa ka sepheo sa ho diela. Ho lahleheloa ke
taolo ya motsamao ka baka la ho kgopjoa.
Kgothometseha (kgut-hu-me-tse-ha) // Ketsahalo ya ho kgothometsa: ho sututseha
ntle le ho sututsoa. Ho ba makgatheng a ho batla ho wela.
Kgothometseho (kgut-hu-me-tse-haw) // Ketso ya ho kgothometseha: ho sututseha
ntle le ho sututsoa. Ho ba boemong ba ho batla ho wela.
Kgothometso (kgut-hu-me-tso) // Ketso ya ho kgothometsa: tshututso ka sepheo sa
ho diela. Tahlehelo ya taolo ya motsamao ka baka la ho kgopjoa.
216
217
217
218
KGUBE (KHUBE)
Kgudu.
218
219
KGUPA (KHUPA)
Kgusa (kgu-sa) /wean/ Ho etsa hore ngoana kapa namane e tlohele ho anya lebese;
ho lesedisa namane kapa ngoana letsoele.
Kguso (kgu-so) /weaning/ Ketso ya ho kgusa: tlohediso ya ho nyanya letsoele;
tesediso ya ho anya letsoele; ho lesedisa namane kapa ngoana letsoele.
Kgutla (kgu-tla) /return/ Ho boela moo o tsoang teng; ho ya morao.
Kgutlela (kgu-tle-la) /backslide/ Ho boela mokgoeng o mobe wa kgale.
Kgutlelana (kgu-tle-la-na) /reconcile/ Ho ba mmoho ka mora ho qoaketsana; ho
boelana ka mora qhoebeshano; ho dumellana ka mora phapang; ho utloana ka mora
ho loantshana. Ketsetsano ya ho kgutlela.
Kgutlelano (kgu-tle-la-naw) /reconciliation/ Ketso ya ho kgutlelana: poelano ka
mora qhoebeshano; tumellano ka mora diphapang; kutloano ka mora toantshano.
Kgutlelo (kgu-tle-law) /backsliding/ Ketso ya ho kgutlela: poelo mokgoeng le
diketsong tse mpe tsa kgale. Mohl. Kgutlelo ya Seeiso matekoaneng ha re e rate
bohle. Hobaneng batho ba sebedisang dithethefatsi ba na le kgutlelo?
219
220
220
221
221
222
222
223
223
224
224
225
225
226
226
227
227
228
228
229
Kodi (ko-di) /defect/ Letheba le tshilafatsang setho sa mmele kapa mmele; lebadi le
sa hloekang mmeleng. /bon. dikodi/ (bap. sekodi).
Kodiamalla (ko-di-ya-mal-la) /sad song, dirge/ Pina e binoang ha ho na le ketsahalo
e bohloko; pina ya banna ya paka-mahlomola; pina ya ho itokisatsa ho loana kapa ho
ya ntoeng. /bon. 0/. (mm. Kodiyamalla, koli-ea-malla).
Koditshana (ko-dits-ha-na) /wild currant, Rhus divaricata/ Mofuta wa sefate se
seputsoa seo hangata se melang thabeng le dilomong ebile makala a sona a sebedisoa
joalo ka molamu kapa patsi . /bon. dikoditshana/ (mm. kolitsana).
Kodu (ko-du) /thyroid cartilage, adam’s apple/ Leshoetla la mmetso le bonahalang
molaleng; enngwe ya setho sa mmele, ya molala, e hlahellang ho motho e motona
haholo. /bon. dikodu/ (bap. qoqotho).
Kodumela (ko-du-me-la) /downturn, degenerate, languish/ Ho ya tlase ho tsoa
hodimo; ho eba hoa ponahalo; ho nyamela ka mokgoa oo sebopeho se kekeng sa
hlola se bonahala hantle.
Kodumelo (ko-du-me-law) /degeneration, downturn/ Ketso ya ho kodumela:
mokgoa wa ho ya tlase ho tsoa hodimo; ketso ya ho nyamela ka mokgoa oo sebopeho
se kekeng sa hlola se bonahala hantle.
Kodumetse (ko-du-me-tse) /degenerated, dwiddled/ E boemng ba ho kodumela
kapa ho ya tlase le ho nyamela butle. Bokgale ba ho kodumela.
Kodutsoku (ko-du-tso-ku) (Kolutsoku) /Red-throated Wryneck/ Mofuta wa
nonyana e phelang ka ho ja mothamo wa maroana, matsoaitsoai le mefuta emeng ya
dikokonyana; e masiba a masootho bo kopantseng le bosweu mmoho le bokgunong;
e etsang ntloana ya yona ka ho phunya sefate lesoba. /bon. Dikodutsoku/.
KODUTSOKU (KOLUTSOKU)
229
230
Koeetsa (kwe-etsa) /swiming pool/ Sebaka sa lapeng kapa motseng seo ho sesoang
ho sona. /bon. dikoeetsa/ (mm. Kweetsa).
Koefa (kwe-fa) /swanky move/ Ho tsamaya hoa koatola ha e ikonka; ho tsamaya
joalo ka pere ya koefa. (bap. tebuka).
Koefa (//) /horse walk/ Ho tsamaya kapa ho hata ka ho ikonka joalo ka pere.
Koefa (//) /to distribute in bulks/ Ho rekisa ka bongata kapa ka thoto.
Koefa (kwe-fa) /sport horse/ Koatola e sebedisoang bakeng sa dipapadi joalo ka ho
tlola, ho phahamisa leoto le ho etsa kguba kapa boqhetseke.
Koefisa (kwe-fi-sa) // Ketsiso ya ho koefa.
Koefiso (kwe-fi-saw) // Ketso ya ho koefisa.
Koefisoa (kwe-fi-swa) // Boetsuwa ba ho koefa.
Koekoe (kwe-kwe) (kwekwe) /Common Quail/ Mofuta wa nonyana ya naheng e
ratoang haholo ke badisana. /bon. dikoekoe/ Mael. Koekoe ya morao e tloha le
sepolo: motho ya etsang dintho ka lenama o fumana mathata kapa ha a fumane letho.
Koekoelemao (kwe-kwe-le-mao) /Common Sandpiper/ Mofuta wa nonyana e
masiba a bokahodimo ba mmele a mathokoa, le a masweu a bokatlase ba mmele; e
maoto a makgutshoane; e fumanoang haholo dibakeng tsa dinoka. /bon.
dikoekoelemao/. (mm. Koekoe-lemao, kwekwelemao).
KOEKOELEMAO (KWEKWELEMAO)
230
231
231
232
Kofi (ko-fi) /coffee/ Seno se chesang se entsoeng ka peo e haitsoeng ya dimela tse
itseng. /bon. dikofi/.
Koietsa (ko-i-etsa) /to lull/ Ho etsa hore motho, haholo ngoana, a robale; ho etsa
hore boroko bo be teng ka ho etsa diketso tse itseng. Ho robatsa.
Koietso (ko-i-ets-aw) /lullaby, sleeping song/ Ketso ya ho koietsa: ho etsa hore
motho a robale; ho etsa hore boroko bo be teng ka ho etsa diketso tse itseng.
Koka (ko-ka) /still/ Ho dula fela ntle le ho etsa letho.
Kokamelo (ku-ka-me-law) /directorship/ Ketso ya ho okamela: Ho ba ka
sehlohlolong sa ho laola boemo bo itseng; ho etsa mosebetsi wa mookamedi; ho
sebetsa joalo ka mookamedi (bap. okamela, taolo).
Kokela (kaw-ke-la) /to be still for/ Ketsetso ya ho koka: ho dula ntle le ho etsa letho.
Kokelo (kaw-ke-law) /act of being still for/ Ketso ya ho kokela.
Koko (ko-ko) /exclamation: knock knock!/ Lekgotsa le sebedisoang bakeng sa ho
kena monyako, ka sepheo sa ho buleloa.
Koko (//) /monster/ Phoofolo e kgolo, e tshosang ya ditshomong; phoofolo e kgolo,
e tshosang ya ditorong; ntho e kgolo e tshosang. Setshosa bana. /bon. dikoko/.
Kokoana (ko-kwa-na) /virus, phathogen, antigen/ Mofuta wa sebupuwa se senyane
ka ho fitisisa, se fumanoang dithong kapa mmeleng wa ntho tse phelang, se bakang
mafu le mahloko a fapaneng, mme se qetelle se kodisa le ho bolaya phofu ya sona ha
se sa alafjoe kapa se sa thibeloe. /bon. dikokoana/.
Kokoanahloko (//) /bacteria, germ, virus/ Mofuta wa kokoanyana e nyane seka
sebupuwa, eo hangata e sa bonahaleng ka leihlo, eo boteng ba yona mmeleng bo
atisang lefu kapa bokudi bo itseng ebang e sa phekoloe kapa e sa thibeloe. Mofuta wa
phoofotsoana, seka lero, eo boteng ba yona bo bakang lefu. /bon. dikokoanahloko/
Kokoanyana (ko-kwan-ya-na) /insect/ Enngwe ya dibupuwa tse nyane, e fofang,
hahabang kapa e tsamayang. Enngwe ya lefapha la dibupuwa tse nyane, tse nang le
masiba, kapa dikgaketla, kapa maoto a mangata. /bon. Dikokoanyana/
DIKOKOANYANA, KOKOANYANA
Phepheng Notshi.
232
233
letsetse nta
233
234
KOKOI
KOKOMORU
234
235
Kokomosa (ku-ku-mu-sa) /dilate/ Ho etsa hore setho sa mmele, sejo kapa ntho e
kokomohe: e shebahale joalo ka ha eka e ruruhile. Ketsiso ya ho kokomoha.
Kokomoso (ku-ku-mu-saw) /dilativeness/ Ketso ya ho kokomosa: Ho etsa hore
setho sa mmele, sejo kapa ntho e kokomohe: e shebahale joalo ka ha eka e ruruhile.
Kokomosoa (ku-ku-mu-swa) // Boetsuwa ba ho kokomosa.
Kokona (ku-ku-na) /debone, remove flash from bone/ Ho tlosa nama lesapong; ho
ebola nama lesapong; ho momona lesapo ka sepheo sa ho tlosa nama ho lona.
Kokoneha (ku-ku-ne-ha) /deboneble/ Ketsahalo ya ho kokona: eo holeng bonolo ho
e kokona kapa ho ntsha nama e masapong a yona.
Kokoneho (ku-ku-ne-haw) /deboning/ Ketso ya ho kokoneha: boemo ba ho tloha
nama masapong ha bobebe kapa ha bonolo.
Kokonile (ku-ku-ni-le) /deboned/ Bokgale ba ho kokona.
Kokonisa (ku-ku-ni-sa) /cause to debone/ Ketsisiso le ketsiso ya ho kokona.
Kokoniso (ku-ku-ni-so) // Ketso ya ho kokonisa: ho thusa ho kokona.
Kokonnoe (ku-kun-nwe) (kokonwe) /deboned/ Boetsuwa le bokgale ba ho kokona.
Kokono (ku-ku-naw) /deboning/ Ketso ya ho kokona: Ho tlosa nama lesapong; ho
ebola nama lesapong; ho momona lesapo ka sepheo sa ho tlosa nama ho lona.
Kokonoa (ku-ku-nwa) /deboned/ Boetsuwa ba ho kokona.
Kokonono (kaw-kaw-naw-naw) /superstar/ Motho ya tsebahalang haholo ka baka la
setumo sa ho bina, tjeka, bapala kapa tsebo ya papadi e itseng. /bon. dikokonono/
(bap. kgalala). Tem. Batho ba bang ba fapanya mantsoe ana: “kokonono” le
“konokono”. Mantsoe ana ha a bolele ntho tse tshoanang hohang. (bap. Konokono).
Kokosa (ko-ko-sa) /display, exhibit/ Ho hlahisa pepeneneng; ho etsa phatlalatsa
kapa pontsheng ka sepheo sa ho bapatsa kapa bopaki. (bap. pepesa).
Kokoso (ko-ko-so) /displaying, exhibition/ Ketso ya ho kokosa: tlhahiso
pepeneneng; phatlalatso e pontsheng ka sepheo sa ho bapatsa kapa bopaki. (bap.
pepeso, pontsho).
Kokota (kaw-kaw-ta) /to knock at the door/ Ho otla lemati ka sepheo sa ho batla ho
buleloa; ho etsa modumo, lerata kapa puo e supang hore moetsi o batla ho buleloa
monyako. Letshwao kapa sesupo sa ho batla ho buleloa.
Kokotela (kaw-kaw-te-la) /knock at/ Ketsetso ya ho kokota: ho kokota bakeng sa.
Kokotela (//) /to fake, counterfeit, copy, fabricate, forge/ Ho fetola sebopeho sa
pele sa ntho e ncha; ho etsa ntho ya nnete e tshoane le ya bosawana; ho tshoantsha
ntho ka tsela eo e shebahalang e le ya nnete; ho etsa boqhekanyetsi ba ho fumana se
batloang; ho jalletsa ka ho sebedisa botsotsi kapa bokebekoa.
Kokotelo (kaw-kaw-telaw) /forgery, fabrication, copying/ Ketso ya ho kokotela:
phetolo ya sebopeho sa pele sa ntho e ncha; tshoantshiso ya bosawana; ho tshoantsha
ntho ka tsela eo e shebahalang e le ya nnete; ho etsa boqhekanyetsi ba ho fumana se
batloang; ho jalletsa ka ho sebedisa botsotsi kapa bokebekoa.
Kokoto (kaw-kaw-taw) /knocking/ Ketso ya ho kokota: mokgoa wa ho otla lemati
kapa lehlafi ka sepheo sa ho batla ho buleloa; ho etsa modumo, lerata kapa puo e
supang hore moetsi o batla ho buleloa monyako. Letshwao la ho batla ho buleloa
monyako. (bap. mokokoto).
Kola (kaw-la) /to hunt insects/ Ho thonaka lerutle kapa kokonyana tse nyane; ho
tsoma ditsie kapa mofuta wa ditsie. (bap. kgoasa, tsoma).
Kola (kaw-la) /quick picking up/ Ho thonaka, qhautsa kapa ho nka ka potlako e
kgolo. Ho nka ntho fatshe ka pelenayana.
235
236
Kolla (kol-la) /of water: to spring/ Ho tsoa metsi sedibeng; ho tsoa hoa metsi
mohloding wa noka. (bap. phophotsa, runya). Mael. Ho kolla ntshi hanong: ho
sotleha kapa ho fumaneha haholo.
Kollo (kol-law) /springing/ Ketso ya ho kolla: ho tsoa metsi sedibeng; ho tsoa hoa
metsi mohloding wa noka.
Kollo (kawl-law) /collection by picking up/ Ketso ya ho olla: phutho ya dintho tse
qhalaneng fatshe; thonako ya dintho tse wetseng fatshe. (bap. olla).
Kolo (kaw-law) /insect hunting/ Ketso ya ho kola: tloaelo kapa mosebetsi wa ho
thonaka lerutle kapa kokonyana tse nyane; ho tsoma ditsie kapa mofuta wa ditsie.
Koloba (kaw-law-ba) /damp, dip, douse/ Ho neloa ke pula; ho ba metsi kapa
mongobo ka baka la ho hasoa ka metsi kapa ntho e metsi. (bap. metsifatsa, thapisa).
Kolobe (ku-lu-be) /pig/ Phoofolo ya hae, e mafura; e bohlasoa haholo; e jang joang,
nama kapa ntho tse ngatanyana tse jehang ho yona. /bon. dikolobe/.
KOLOBE
236
237
237
238
238
239
239
240
240
241
241
242
242
243
243
244
244
245
245
246
246
247
Lll
PALE:
Tlhaku ya leshome le metso e mmedi ya Sesotho. Ha se nnete hore Basotho ha ba na
“D”. Ho sebedisa “L” bakeng sa “D” ho bolela hore Basotho ha ba tsebe ho
247
248
Tlhokomediso: Bongata ba maetsi a qalang ka “L” a nka tlhaku “T” ha eba mareho.
Mohlala: lekanya= tekanyo, lebella = tebello, lakatsa= takatso, jwalo jwalo.
Bongata ba mareho a qalang ka “L”, bongata ba ona a qala ka “M”. mohlala:
lejoe=majoe, lefatshe=mafatshe, lekase=makase, jwalo jwalo.
L (el) //.
La (la) /of people: you/ Seemedi se emelang batho bao ho buuwang le bona ka
bongateng. Mohl. La bapala, La kgutla.
La (la) /of days/ Mohl. La boraro, la bone. La pholokgoaba..
La (la) /of/ Mohl. la hao, la tau, la bona .
Labalaba (la-ba-la-ba) /long for/ Ho hopola motho, sebaka kapa ntho e itseng
haholo; ho lakatsa ho bona; ho lakatsa ho ja sejo kapa ho utloa se itseng; ho lakatsa
kapa ho hloloheloa.
Labalabedisa (la-ba-la-be-di-sa) /cause to long for/ Ketsiso ya ho labalaba.
Labalabela (la-ba-la-be-la) /long for/ Ketsahalo ya ho labalaba. (bap. lakatsa).
Labobedi (la-bu-be-di) /Tuesday/ Letsatsi la boraro la beke. Tlh. Ha ho thoe
labobedi, ha ho bolele hore letsatsi lena ke la bobedi bekeng, empa ke la boraro ka
tatellano ya palo. Letsatsi la pele la beke ke Sontaha. (sheb. beke bakeng sa tlhaloso).
Labohlano (la-bu-hla-nu) /Friday/ Letsatsi la botshelela la beke ka Sesotho: le tlang
ka mora labone, le lateloe ke moqebelo. /bon. Bolabohlano/.
Labone (la-bu-ne) /Thursday/ Letsatsi la bohlano la beke le tlang ka mora laboraro,
ebe le lateloa ke Labohlano. /bon. Bolabone/.
Laboraro (la-bu-ra-ru) /Wednesday/ Letsatsi la bone la beke le tlang ka mora
Labobedi, ebe le lateloa ke Labone. /bon. Bolaboraro/.
Laborathori (la-bu-rat-ho-ri) /laboratory/ Sebaka seo ho etsoang diteko teng;
sebaka seo boramahlale ba etsang diteko ho sona. /bon. Dilaborathori/.
Laecha (la-i-cha) /load/ Ho nka dintho tse ngata kapa tse boima le ho di beha hodima
sebaka se itseng. (bap. malaecha).
Laeha (la-e-ha) // Ketsahalo ya ho laya: e kgonang ho eletsoa.
Laeha (//) // Ho amohela nepahatso ya bobe ha bo hlahela mmuuwa kapa moetsuwa.
Laehile (la-e-hi-le) // Bokgale ba ho laeha.
Laela (la-e-la) /instruct, command, order/ Ho fana ka taelo; ho joetsa motho kapa
ntho se tlamehang ho etsoa. Ho bolella emong se tlamehang ho phethoa.
Laetsa (la-e-tsa) /give messege, give a memo/ Ho fana ka molaetsa; ho fana ka puo e
tlamehang ho fetisetsoa ho motho emong. (bap. taetso).
Lahla (la-hla) /throw out, cast off, discard, dump/ Ho tlosa pontsheng; ho tlosa se
sa hlokahaleng; ho nyametsa ka ho tsamaisa.
Lahla (//) /exclamation: what a disaster!/ Lekgotsa le sebedisoang ho bontsha bobe
ba se etsahalang kapa se etsoang ke moetsi se sa ratoeng ke emong. Mohl. Thabo o
utsoitse hape, lahla! Ke qala ho bona ntho e tjena, lahla!
248
249
249
250
Lala (la-la) (ho lala) /let there be peace/ Ho ba le boemo ba kgotso; ho kgaotsa ho
loana kapa ho halefa. (sheb. Lale bakeng sa tshebediso).
Lale (la-le) /let there be peace/ Ho bale kgotso nakong ya ntoa kapa khalefo; ho
batla kgotso, kgutso kapa toka. Mohl. Ha e lale hle Mokoena, re keke ra hlola re
pheta. Ha e lale motaung! Mael. Ha e lale makoala re none: ha ho be le kgotso
bakeng sa rona bohle ba ratang toka le kgutso.
Lalametsa (la-la-me-tsa) /to swallow quickly/ Ho koenya ka potlako e kgolo; ho
metsa kapelenyana; ho isa le mmetso ka ho panya hoa leihlo.
Lalametso (la-la-me-tso) /quick swallowing/ Ketso ya ho lalametsa: boemo ba ho
metsa kapelenyana; ho isa le mmetso ka ho panya hoa leihlo.
Lalla (lal-la) // Ho emela motho kapa ntho moo ho patehileng bakeng sa ho mo
hlekefetsa; ho emela motho nqa e sa bonahaleng ka sepheo sa ho mo noanyetsa
bakeng sa tlhaselo. (mm. Lalletse, lalletsoe).
Lalla (lal-la) /exclamation: it’s a goal!/ Lekgotsa le bontshang hore ntlha e kene,
haholo papading ya bolo ya maoto.
Lalletse (lal-le-tsi) // Bokgale ba ho lalla.
Lalletsoe (lal-le-tswe) // Boetsuwa le bokgale ba ho lalla.
Lantshoekge (la-nts-hwe-kge) /extreme speed/ Lebelo le leholo haholo la motho;
potlako ya ho matha e tshoanang le ya ntshoekge. /bon. Labontshoekge/.
Laofatsa (la-u-fa-tsa) /regulate/ Ho etsa hore boemo, mokgoa, tloaelo kapa ketso e
itseng e be molao; ho fetolela molaong; ho etsa hore boemo bo latele molao.
Laofatso (la-u-fa-tso) /regulation/ Ketso ya ho laofatsa: mokgoa wa ho etsa hore
tloaelo kapa ketso e itseng e be molao; phetolelo ya tloaelo ho molao; ho etsa hore
boemo bo latele molao kapa semolao. /bon. Ditaofatso/ (bap. taofatso).
Laola (la-u-la) /conduct, direct, dominate, lead/ Ho ba boemong ba molaodi; ho
etsa ketso tsa moetapele; ho ba le matla a ho laela; ho ba ka sehlohlolong sa ho etella
pele. (bap. kabasa).
Laolla (la-ul-la) /off load/ Ho theola kapa ho laecholla moroalo; ho beha moroalo o
boima sebakeng seseng. (bap. theola, laecholla).
Laotse (la-u-tse) /controlled/ Bokgale ba ho laola.
Laotsoe (la-u-tswe) /controlled/ Bokgale le boetsuwa ba ho laola: boemo ba fuwa
taolo mmoho le taelo. Mael. Malala a laotsoe: ho ba boemong ba ho itukisetsa ketso
kapa ketsahalo efe kapa efe.
Lapa (la-pa) /hungry/ Ho lakatsa sejo; ho ba le kutlo ya tlhokeho ya dijo maleng; ho
batla dijo; ho tshoaroa ke tlala. Ho lakatsa se jewang.
Lapa (//) /poor/ Ho futsaneha: ho ba boemong ba motho ya hlokang ntho tse
hlokahalang tsa bophelo; ho ba ntle le dijo kapa se jewang. Mohl. Ke kgale ke bona
hore ngoaneso o wa lapa ka mora hoba a nyaloe ke Sefika.
Lapeng (la-pe-ng) /home/ Moo ho dulang motho teng; moo lelapa kapa motho a
robalang le ho tsoha teng; seahelo sa motho. /bon. malapeng/ (bap. lelapa, hae).
Lapile (la-pi-le) /hungry, famished, starved/ Bokgale ba ho lapa: e kapa ya
boemong ba ho batla dijo; ya lakatsang se jewang; ya nang le tabatabelo ya sejo.
Lapisa (la-pi-sa) /make hungry/ Ketsiso ya ho lapa: ho etsa hore ntho kapa motho a
batle dijo; ho labalabedisa sejo. Tlh. Ka puo ya Setswana lentsoe lena, “lapisa” le na
le moelelo omong.
Lapisitse (la-pi-si-tse) // Bokgale ba ho lapa.
Lapisitsoe (la-pi-si-tswe) // Boetsuwa le bokgale ba ho lapa.
Lapisoa (la-pi-swa) // Boetsuwa ba ho lapa.
250
251
Lara (la-ra) // Ho ema ka tebello ya ho bona ntho kapa se itseng; ho lalla ntho e
tlamehang ho tshoaroa kapa ho bonoa; ho ba boemong ba se batlang ho chehoa.
Larela (la-re-la) // Ketsetso ya ho lara: ho lalla.
Larile (la-ri-le) /waited in vain/ Bokgale ba ho lara.
Larinya (la-rin-ya) /highly toxic substance/ Mofuta wa chefu e holofatsang
kapelenya ebile e bolaya bongata ba tseo di noeleng. Chefu e bohale haholo hofeta
tse ding ka lebaka la motsoako wa yona. /bon. Larinya/.
Larisa (la-ri-sa) /cause to wait in vain/ Ketsiso ya ho lara: ho baka ho lara: ho baka
ho emisa ka tebello ya ho bona ntho kapa se itseng.
Lata (la-ta) /fetch/ Ho tlisa haufi; ho atametsa pela.
Latela (la-te-la) /fetch for/ Ketsetso ya ho lata: ho lata bakeng sa.
Latela (//) /follow/ Ho tsamaya ka mora ntho kapa motho; ho tla ka morao ho. (mm.
latelang, e latelang, tse latelang).
Latelana (la-te-la-na) /successive, row, insuccesion/ Ho tla ka morao ho hohong
kapa enngwe; ho tla ka lenane kapa tlhatlhamano. (bap. latellana) Tlh. Mantsoe,
“latelana” le “latellana” a batlile a tsoana haholo ka meelelo.
Latella (lat-el-la) /stalk, haunt, pursue/ Ho shebana kapa ho natsa motho ka ho
bontsha maikemisetso a mabe; ho lakaletsa bobe ka ho etsa diketso tse mpe; ho sala
motho kapa ntho e itseng morao ka sepheo se sebe.
Latellana (lat-el-la-na) /consecutive, succeed/ Ketsetsano ya ho latela: ho tsamaya
ka mora ntho kapa motho. Ketsahalo ya ho tla ka morao ka tlhatlhamano; mokgoa wa
ho hlahlamana.
Latellana (//) /successive, row, insuccesion/ Ho hlahlamana ka lenane: ho tla ka
mora enngwe kapa ho etsahala ka tatellano.
Latellisa (la-tel-li-sa) /make a sequence/ Ketsiso ya ho latella: ho hlahlamanya ka
tatellano kapa ho tla ka morao ho.
Latellisa (la-tel-li-sa) /pursue/ Ho batlisisa ka ho ba ka mora; ho natsa ka sepheo sa
ho thola karabo. (bap. batlisisa).
Latellisisa (la-tel-li-si-sa) /investigate/ Ketsisiso ya ho latella: ho etsa dipatlisiso tsa
boemo bo itseng; ho phenyokolla ka sepheo sa ho batla bonnete ba taba e itseng.
Latha (lat-ha) /to walk like a fool/ Ho tsamaya joalo ka lathalatha; ho tsamaya joalo
ka motho e molelele ya sa phelang hantle kelellong. Ho tsamaya joalo ka motho ya
lemetseng ditho tsa mmele, haholo maoto.
Lathalatha (lat-ha-lat-ha) /tall foolish person/ Motho ya molelele ya sa fellang
kelellong kapa mmeleng; motho ya sa itekanelang sebopehong sa mmele eo
motsamao wa hae o sa tloaelehang. /bon. dilathalatha/ (bap. obuobu, otseotse).
Lathasela (lat-ha-se-la) /move, walk foolishly/ Ketsiso ya ho latha: ho tsamaya joalo
ka lathalatha; ho tsamaya joalo ka motho e molelele ya sa phelang hantle kelellong.
Lathaselo (lat-ha-se-law) /foolish walk/ Ketso ya ho lathasela: motsamao wa
lathalatha. Motsamao wa sehole se selelele.
Lathasetse (la-tha-se-tse) // Bokgale ba ho lathasela.
Latofatsa (la-tu-fa-tsa) /vindicate/ Ho fumana motho a hloka molato: ho se fum ane
phoso kapa se bakang kahlolo kgahlanong le moqusuwa. (mm. latofaditse).
Latofatso (la-tu-fa-tso) /vindication/ Ketso ya ho latofatsa: ho fumana motho a
hloka molato: ho se fumane phoso kapa se bakang kahlolo kgahlanong le moqusuwa.
Latola (la-tu-la) /deny/ Ho hana nyenyenye; ho hana ka botlalo; ho se dumele
hohang; hore che kapa ho se dumele se etsoang kapa se buuwang. (mm.Tatolo,
boitatolo, latoleloa, latotse, latolang, molatodi) (bap. koeneha) Mael. Ho latola
bosehla: ho hana ka botlalo; ho hana nyenyenye.
251
252
252
253
Lebadi (le-ba-di) /defect, blemish, scar/ Letheba le mmeleng kapa sethong seseng
sa mmele; mmala o mmeleng kapa nthong e itseng o sa tshoaneng le omong kapa
emeng. /bon. mabadi/ (bap. sekodi).
Lebadi (leb-a-di) /selective pronoun/ Lentsoe le sebedisoang ho botsa ka ho qolla
hara tse ding, hohong, seseng, emong, enngwe kapa batho babang. Mohl. Mong?
Bang? Ofe? Dife? jj.
Lebaka (le-ba-ka) /a reason, circumstance/ Seo ketsahalo kapa ketso e etsahalang
ka sona; seo kapa hoo ketsahalo e itshetlehileng karabong ya yona.Tem. Lentsoe lena
le ka sebedisoa ntle le ho hokela, “le” qalong ya lona mme ya ba “baka” ntle le ho
sebedisa sehonyetsi. Mohl. Baka laka le a utloahala. Ka baka leo, ke tla tsamaya ke
le mong.
Lebaka (lib-a-ka) /bakery/ Sebaka seo ho bakoang borotho ho sona; moaho oo ho
phehoang le ho etsoa bohobe bo bongata ka sepheo sa ho rekisoa. /bon. mabaka/
Lebala (le-ba-la) /forget/ Ho lahleheloa ke khopolo; ho se natse ho hopola; ho tsoa
mohopolong kapa kelellong.
Lebala (lib-a-la) /ground/ Fatshe moo ho hatoang teng; fatshe mobung moo ho
fieloang teng; sebaka se thata sa mobu sa lapeng kapa moo ho bapalloang teng.
Lebala (//) /stadium/ Moaho o moholo o kampetsoeng moo ho bapalloang teng;
sebaka se nang le bodulo ba batho ba bangata seo ho etsetsoang dipapadi,
ditlhodisano, dikopano tse kgolo le mekete teng. /bon. mabala, mabaleng/.
Lebaleha (le-ba-le-ha) /forgetful/ Ketsahalo ya ho lebala: ho lahleheloa ke khopolo;
ho se natse ho hopola; ho tsoa mohopolong kapa kelellong.
Leballa (le-bal-la) /forgive, reconcile, remit, exornerate/ Ho tshoarela motho ya
fositseng; ho tsoarela melato kapa diphoso; ho se latellisisi bobe ba kgale. Mael. Ho
inela matsoho metsing: ho leballa diphoso kapa mefokolo. (bap. kgutlelana).
Leballo (le-bal-law) /brandering/ ?? Thupa e tshetshane e sebedisoang mmoho le
dikapa ho rulela ntlo kapa moaho. /bon. maballo/ (bap. tshia, kosene, kapa).
Lebana (le-ba-na) /confront, face/ Ho kopana le kotsi; ho kgahlana le boemo bo
thata; ho ya ho motho ya itseng ka sepheo sa ho bua kapa ho loana le yena.
Lebanta (le-ban-ta) /belt/ Seaparo sa letheka se thusang ho tshoara borikgoe kapa
mose hore o se wele; ntho e thusang seaparo hore se tie thekeng. /bon. Mabanta/.
Lebanta-kgatiso (//) /magnetic tape/ Seka lesela sa thekenoloji seo hangata se
tholoang ho dihlahisoa tsa dikhomputha, se sebedisoang bakeng sa ho fana ka
phatlalatso, palo, dipalopalo, medumo le ditshoantsho. (bap. palopatlo).
Lebanya (le-ban-ya) /direct to/ Ho lebisa sebakeng kapa nthong e itseng; ho isa kapa
ho kgahlanya le. Ho shebisa nqa ya seo mahlo a tshoanelang ho sheba ho sona.
Lebase (le-ba-se) /boss/ Mmampodi mosebetsing; motho eo eleng yena ya moholo
ka boemo ba mosebetsi. /bon. Mabase/ Tlh. Lentsoe lena, “lebase” le na le modumo
o tshoanang le wa lentsoe la senyesemane, “the boss”. (bap. sebase).
Lebatama (le-ba-ta-ma) /heatwave/ Mofuthu o moholo hofeta tekanyo; boteng ba
mofuthu o moholohadi o utloahalang moyeng. /bon. Mabatama/ (bap. mocheso).
Lebatowa (le-ba-tu-wa) (lebatooa) /region, phase, zone/ Karolo ya sebaka e
fapaneng le enngwe ka bodulo; sebaka seseng sa mokga, sehlopha kapa tsamaiso se
fapaneng le seseng. /bon. mabatowa/ (mm. Lebatooa).
Lebatowa (le-ba-tu-wa) (lebatooa) /constituency, constituent/ Karolo ya sehlopha
sa mokga kapa mokgatlo se phethahatsang tabatabelo ya mokga dikgethong. Karolo
ya sebaka sa naha mmoho le baahi ba sona e emelang takatso e itseng. Karoloana e
eketsang boholo ba sehlopha kapa phethahalo ya sepheo se itseng. /bon. Mabatowa/.
253
254
254
255
Lebete (le-be-te) /spleen/ Enngwe ya ditho tsa mmele e fumanoang tlasa pelo, pela
mpa, e sebetsanang le madi ebile e thusa ho tshireletsa mmele ka ho o hloekisa
kgahlanong le maloetse. /bon. Mabete/.
Lebetlela (li-be-tle-la) // Mofuta wa molamu, o thata, o motle wa bokgabane, wa
maemo a hodimo, oo hangata o etsoang ka ho betloa ka mochini kapa seetsoa se
itseng. /bon. Mabetlela/.
Lebewana (le-be-wa-na) /representative, deputy, vice/ Motho ya emelang mokga,
sehlopha, naha kapa moetapele bosiong ba ya emeloang; motho ya emelang naha ya
habo naheng tse ding. /bon. Mabewana/.
Lebidi (le-bi-di) /wheel/ Leoto la sepalangoang; bohato bo sedikadikoe bo etsang
hore sepalangoang kapa ntho e itseng e tsamaye ka ho lokoloha. /bon. Mabidi/
Lebile (le-bi-le) /headed to/ E shebileng nqa e itseng; eo mmele wa yona o shebileng
sebakeng se itseng. Bokgale ba ho leba.
Lebisa (le-bi-sa) /to direct towards/ Ketsiso ya ho leba: ho isa nqa e itseng.
Lebitla (le-bi-tla) /grave/ Mokoti oo mofu a patoang kapa a epeloang teng; sebaka
seo motho ya hlokahetseng kapa ya shoeleng ebile a patoa ho sona; lehae la ba
shoeleng; lehae la mofu. /bon. mabitla/ Mael. Lebitla la kgomo ke molomo: kgomo
ha e shoele ha e epeloe lebitleng, empa e a jewa.
Lebitso (le-bi-tsaw) /noun/ Lentsoe le sebedisoang ho reha kapa ho bitsa ketso efe
kapa efe; thehello ya leetsi lefe kapa lefe; lereo/lereho ha le sebedisoa polelong.
Mohl. mareho a maetsi: amana=kamano, babela=pabelo, chabisa=chabiso,
diaha=tieho, emisa=kemiso, fepa=phepo, hauha=khauho, lakatsa=takatso,
mamola=mamolo, nolofatsa=nolofatso, otla=kotlo, phehisa=phehiso, qapa=qapo,
rohaka=thohako, sebetsa=tshebetso, tataisa=tataiso, utloa=kutlo, sheba=chebo,
makatsa=semaka, jj. Mohl. mareho kapa mabitso a semelo: thaba, mokoti, leru, ntlo,
ntja, motho, jj.
Lebitso (//) /name/ Lentsoe le sebedisoang ho bitsa motho, ntho, sebaka kapa
sebopeho. Lereo la ntho efe kapa efe. /bon. Mabitso/ (bap. lereo). Mael. Lebitso
‘lebe ke seromo: lebitso le fuwang motho le na le ho hlalosa boemo bo bobe kapa bo
botle ba hae.
Lebitsohokoa (le-bi-tso-hu-kwa) // Kopano kapa kopanyo ya mabitso a mabedi kapa
hofeta moo ho etsa lebitso le leleng; Mohl. Sejamonna, pelompe, ntatemoholo, jj.
Leboa (le-bu-a) (lebowa) /north/ Sebaka se shebaneng le boroa; sebaka se ka
lehlakoreng le letsehadi la bophirima le letona la bochabela. Tlh. Batho ba bang ba
sebedisa “lebowa” bakeng sa “leboa”. (bap. borwa, bophirima, bochabela).
Lebodi (le-bo-di) /dark grey edible wild rat/ Mofuta wa tadi ya naheng, seka kgoto,
e kgolo, e thokoa bo botsho, e jewang. /bon. mabodi/.
Lebodiqhoa (le-bo-diq-hu-wa) /ice rat/ Mofuta wa tadi e jang dimela; ya dibaka tse
phodileng: e bonahalang haholo nakong tsa Mariha hofeta Lehlabula kapa nakong tsa
mocheso. /bon. Mabodiqhoa/ (mm. leboli-leqhoa).
Leboella (le-bo-el-la) /resevered grazeland/ Sebaka sa naha sa joang ba diphoofolo
tse ruuwang seo diphoofolo di sa dumelloang ho fudisoa hofihlela nako e behiloeng,
e tlang /bon. maboella/ (bap. letobo). Tlh. Hantlentle mantsoe, “leboella” mmoho le
“letobo” a na le meelelo e tshoanang phapang ke peho ya mekolokotoane feela.
Leboha (le-bu-ha) /grateful, thankful/ Ho bontsha ho ananela se fanoang; pontsho
ya teboho kapa kananelo ka ho bua mantsoe a matle; ho busetsa botle ho motho ya
entseng botle.
Lebohela (le-bu-he-la) /grateful, thankful for/ Ketsetso ya ho leboha: ho leboha
bakeng sa; ho bontsha kananelo bakeng sa.
255
256
256
257
257
258
LEDINYANE
258
259
Leetsane (le-etsa-ne) (leetsani) /reciprocal verb/ Ketso kapa leetsi le bontshang hore
se etsahalang se pakeng sa moetsi le moetsuwa. Pontsho kapa sesupo sa hore moetsi
o etsa ketso ho moetsuwa, mme moetsuwa le ena o e etsa ho moetsi. Mohl. Hatana,
chakelana, otlana, shebana, utloana, ngangisana, mathisana, jj. (bap. ketsetsano).
Leetsetsi (le-e-tse-tsi) // Ketso kapa leetsi le bontshang hore moetsi wa ketso o etsa
se itseng ho moetsuwa. Ketso e bontshang hore motho o thusa e mong ka ho mo
etsetsa ntho e itseng. Mohl. hatela, chakisa, otlela, shebela, utloisa, nepisa jj. (bap.
ketsetso).
Leetsi (le-e-tsi) /verb/ Lentsoe le etsang ketso. /bon. Maetsi/ Tem. Ho na le phapang
e kgolo pakeng tsa mantsoe, “leeketsi”, “leetsi”, “leetsuwa” le “leiketsi”. Tem. Ka
puo ya Sesotho, mefuta ya maetsi e mengata ka tsela e makatsang. Mohl. Leetsane
kapa ketsetsano, leetsisi kapa ketsetso, leetsisi kapa ketsiso, leetsoa kapa boetsuwa,
leetsolli kapa ketsollo, leetsuwa, ketsisiso, leiketsi, ketsahalo le phethako.
Leetsisa (li-e-tsi-sa) /exclamation word/ Lentsoe le sebedisoang joalo ka lekgotsa
ho bontsha modumo wa se etsahalang. Mohl. Qapu! laitseke! Thoa! Jj.
Leetsisi (li-e-tsi-si) /causative verb/ Ketso e bontshang hore moetsi o baka hore ntho
e etsahale ho motho kapa ntho e itseng. Ketso ya ho etsisa kapa ho baka hore motho
kapa ntho e etse ketso e itseng. Pako ya ketso kapa ketsahalo. Mohl. Hatisa, chakisa,
otlisa, shebisa, utloela, nepela, tlontlolla, jj. /bon. maetsisi/ (bap. ketsiso).
Leetsoa (li-ets-wa) /passive verb/ (sheb. Boetsuwa bakeng sa tshebediso).
Leetsolli (le-e-tsul-li) /undo verb, opposite verb/ Ketso kapa leetsi le bontshang
hore boemo ba ketsahalo e itseng bo a fetoloa hore bo fapane le ba pele. Ketso ya ho
etsolla se entsoeng kapa se etsahalang. Mohl. Hata=hatoha, haka=hakolla,
koba=kobolla, jj. (bap. ketsollo).
Leetsuwa (le-ets-uwa) // Leetsi le bontshang hore ketso kapa ketsahalo e hlahela
moetsuwa kapa mmuuwa; leetsi le sebedisang tlhaku “M” joalo ka sehlongoapele ho
qala lentsoe le ho bontsha hore se etsahalang se etsoa kapa se etsahala ho motho;
leetsi le supang se etsahalang ho mmuuwa. Tem. Lentsoe “boetsuwa” le “leetsuwa” a
fapana ka se hokeloang qalong le qetellong ya leetsi: boetsuwa bo qetella ka “oa”
kapa “wa” ha leetsuwa le qala ka “M kapa N”. Mohl. Boetsuwa: mathisa=mathisoa,
nanarela= nanareloa, nahana=nahanoa, otla=otloa, fepa=fepjoa, olla=olloa, jj.
Leetsuwa: mathisa=mmathisa, nanarela=nnanarela, nahana=nnahana, otla=nkotla,
fepa=mphepa, olla=nkolla, qobella=nqobella, jj.
Lefa (le-fa) /pay/ Ho fana ka chelete kapa ntho e itseng bakeng sa ntho e nkuweng;
ho fa moetsi seo eleng sa hae bakeng sa lebaka le itseng. (bap. patala).
Lefa (li-fa) /inheritance, patrimony, bequest/ Thepa, leruo kapa letlotlo le tholoang
ka boemo ba ho ba mojalefa; letlotlo leo motho a le fuwang ka baka la boemo ba hae;
se fuwang motho ntle le ho se sebeletsa. /bon. Mafa/ (bap. mojalefa). Mael. Sethoto
ke lefa la ba bohlale: motho ya hlokang bohlale o nkeloa leruo kapa tse ntle tseo a
nang le tsona ke ba hlalefileng.
Lefafatsane (le-fa-fa-tsa-ni) /drizzle/ Pula e nang hanyane; pula e fafatsang ntle le
ho kolobisa haholo. /bon. Mafafatsane/.
Lefahla (le-fa-hla) /twin/ Motho ya tshoanang le emong ebile a hlahile ka nako e le
nngwe le yena. Ngoanabo motho ya tshoanang le yena ka tshobotsi kapa seemo ebile
ba hlahile ka tsatsi leleleng. /bon. Mafahla/ (bap. lepatoe).
Lefaloa (le-fa-lwa) (lefalwa) /Goose, shelduck/ Mofuta wa nonyana ya lelapa la
letata, e mokobolo o mokgubetsoana, masiba a molala le hlooho a masootho, masiba
a mmele a masweu le mapheo a masootho kapa kgubedu kapa kgunong; le phelang
259
260
LEFALOA (LEFALWA)
260
261
261
262
Lefu (le-fu) /death, decease, dying/ Phelo ya bophelo nameng; ho tsoa hoa moya
mmeleng kapa nameng; tlhokeho kapa phello ya bophelo. Boemo ba ho shoa kapa ho
bolawa; boemo ba ho hlokahala. /bon. mafu/ Mael. Moputso wa sebe ke lefu: tlolo ya
molao e baka timelo kapa ho shoa. Mael. Lefu leholo ke ditsheho: Se bohloko haholo
se sa tlamehang ho tshehoa se na le ho tshehisa. Mael. Lefu le qoleng ya kobo: motho
a ka shoa neng kapa neng ho sa lebelloa.
Lefu (//) /disease, ailment, illness, infection, sickness, affliction/ Bohloko bo
bakoang ke bokudi; boloetse bo bakoang ke temalo ya mmele kapa setho seseng sa
ona; boikutlo bo fokolang ba mmele kapa kelello.
Lefuba (le-fu-ba) /tubercolosis/ Bokudi bo bakoang ke kokoanahloko e tsamayang
moyeng, e hlaselang matshoafo, e etse hore motho a kgohlele haholo, a ntshe
dikgohlela, a be le mocheso kapa mohatsela o moholo, a fufuleloe bosiu, mme a
qetella a fokotse haholo hofihlela a shoa ha a sa thole pheko. /bon. mafuba/ (bap.
sefuba).
Lefufa (le-fu-fa) /jealousy, envy, resentment/ Boemo ba ho hloya motho ka baka la
seo anang le tsona kapa sona; lehloyo le lebisoang ho motho ya ratang kapa ya
ferehang molekane wa emong. /bon. mafufa/ (bap. Mona, poulelo).
Lefufuro (le-fu-fu-raw) /cartilage/ Seka lesapo se tholahalang manoanyetsong a
mmele kapa dithong tse ding tsa mmele, se bonojana hofeta lesapo. Karolo ya setho
sa mmele e tshoanang le lesapo empa yona e le bonolo. /bon. Mafufuro/. (bap.
leshoetla, lesatjoana).
Lefuleholo (le-fu-le-hu-lu) /funny pain/ Boemo bo bonahalang bo le bohloko empa
bo baka setsheho. Mael. Lefuleholo ke ditsheho: se bohloko se na le ho tshehisa;
bohloko ba motho emong bo na le ho tshehisa babang kapa emong. /bon. 0/
Lefuma (le-fu-ma) /beggery, destitution, indigence/ Boemo ba ho kopa ka baka la
tlhopheho; ketso ya ho ba mokopakopa ka baka la tshotleho. (bap. bofuma).
Lefupu (le-fu-pu) /bundle of vegetable/ Karoloana ya moroho o boemong ba ho
habeloa ebe o wa phehoa; seshobana se ka letsohong sa moroho o boemong ba ho
phehoa ebile o ka habeleha. /bon. Mafupu/.
Lefuputsoana (le-fu-puts-wa-na) /milligram/ Motso wa boima o monyane haholo o
lekanang le dikgato tse sekete (1000) tsa boima. /bon. Mafuputsoana/ (bap. sempha,
semphanyana) (mm. Lefuputswana).
Lefura (le-fu-ra) /fat, oil/ Enngwe ya maro a mmele kapa ntho e itseng, a bakang
botenya, a qhibidihang ha a fumana mofuthu kapa mocheso. /bon. mafura/.
Lefura (le-fu-ra) /accelarator/ Sesebedisoa sa sepalangoang se sebedisoang ho
eketsa lebelo ha le pepetoa kapa le hatoa ka leoto. /bon. mafura/ Mael. Ho hata
mafura: ho etsa koloi e tsamaye ka ho potlaka.
Lefutso (le-fu-tsaw) /birth right, heritage, patrimony/ Ketso ya ho futsa: tshoano
ka diketso, tshobotsi, sebopeho kapa mokgoa ka lebaka la kamano ya madi.
Lefuwa (le-fu-wa) (lefuoa) /paid/ Boetsuwa ba ho lefa.
Lefuwe (le-fu-we) (lefuoe) /paid/ Bokgale le boetsuwa ba ho lefa.
Leha (le-ha) /although, even if, even though/ Lentsoe le sebedisoang ho kopanya
dipolelo ka ho bontsha se latelang ka mora se boletsoeng. Mohl. Ke tla tsamaya leha
ho ka thoe ke sale. Re tlamehile ho sebetsa leha ho chesa haholo.
Lehae (le-ha-e) /residence, dwelling, habitation/ Sebaka seo ho dulang motho kapa
phoofolo teng; ntlo ya phoofolo kapa motho. (bap. heso, habo).
Lehae (le-ha-e) /rural/ Ya motseng: moo ho nang le masimo, diruuwa, temo le
bophelo bo iketlileng bo hlokang marangrang. Naha kapa sebaka sa bolemi le thuo ya
diphoofolo e hlokang marangrang a fumanoang metseng ya ditoropo; karolo ya
262
263
LEHALANYANE
263
264
Lehano (le-ha-no) /mouth inside/ Karolo kapa setho sa mmele se akgang bokahare
ba molomo mmoho le meno, marenene, lehalapa le leleme. /bon. Mahano/. Tem ha
ho buuwa ka “lehano” ha ho hlalosoe “molomo”, empa bokahare ba ona.
Lehanyatsa (le-han-ya-tsa) /tender corn/ Poone e bonolo e so fihleng boemong ba
ho butsoa; qalo ya popeho ya seqo sa poone se so bontsheng ho butsoa kapa botlalo
ba peo. /bon. Mahanyatsa/.
Lehanyetsi (le-han-ye-tsi) /opposite/ Lentsoe le bontshang phapang ho leleng;
lentsoe, lereho kapa lebitso le hanyetsanang le leleng; lentsoe kapa lebitso le
kgahlanong le leleng. /bon. Mahanyetsi/ Mohl. Hodimo=tlase, hole=haufi,
kgutshoane= telele, jj.) (bap. Lefetodi, lehana).
Lehapu (le-ha-pu) /watermelon/ Mofuta wa semela sa tjoto e kgolo, se sefubetsoana
kahare, se nang le lero le lengata. /bon. Mahapu/ (bap. tjoto).
Lehaqasi (le-ha-qa-si) /African Black Swift/ Mofuta wa nonyana e fumanehang
haholo dibakeng tsa dinoka, diphulana kapa dikoeetsa ebile e phela ka
diphoofotsoana tsa dibakeng tseo. /bon. Mahaqasi/. Tem. Nonyana ena e na le
mefuta e mengata.
Leharasoa (le-ha-ra-swa) /ragamuffin, fail-pop/ Motho wa boemo bo tlase, ya
aparang diaparo tse tshila, tse tabohileng ka baka la tlhopeho. /bon. Maharoasoa/
Leharasoana (le-ha-ra-swa-na) /tatterdemalion, guttersnipe/ Ngoana wa boemo bo
tlase, ya aparang diaparo tse tshila, tse tabohileng ka baka la tlhopeho le tshotleho;
ngoana ya hlophehileng haholo, ya hlokang diaparo. /bon. maharasoana/.
Lehare (le-ha-re) /razor/ Sesebedisoa se ntlha e sesesane se beolang moriri wa
hlooho kapa bohoete ba mmele. /bon. Mahare/ (bap. seshoashoaila).
Lehare (le-ha-ri) /symmetry, midpoint, nucleus/ Se arolang sedikadikoe ka ho
lekana; sebaka se hare ho ntho e chitja kapa e sedikadikoe; bohare ba ntho efe kapa
efe; qalo ya ntho e phelang e bohareng. /bon. Mahareng/.
Lehata (le-ha-ta) /skull/ Lesapo la hlooho la motho kapa phoofolo. /bon. mahata/.
Lehata (//) /liar, fabricator, perjurer/ Motho ya hlokang nnete; motho ya
fetohelang leshanong eo qalong aneng a tshepisitse ho bua nnete. /bon. Mahata/.
Lehata (li-ha-ta) /calvary, golgotha/ Sebaka kapa thota ya masapo a hlooho, haholo
a batho, seo Morena Jesu a thakgisitsoeng teng. Ho ya ka buka ya bibele ya Luka
(23:33 mmoho le Mattheu 27:33): moo Morena Jesu a thakgisitsoeng teng. (bap.
Golgotha).
Lehata-mmoho (le-ha-tam-maw-haw) /congressman/ Motho ya welang mokgatlong
kapa mokgeng wa batho ba tsamaisanang ka sepheo sa tumelo e le nngwe ya
dipolotiki kapa tloaelo e tshoanang. /bon. Mahata-mmoho/.
Lehatlelo (le-ha-tle-law) /menstruation, menstrual/ Boemo ba motho e motshehadi
bo qalang dilemong tse tlase tsa bongoanana, bo etsahalang kgoedi le kgoedi ka ho
dutla hoa madi ka setho sa botshehadi, eleng sesupo sa ho thubeha hoa lehe la pelehi
kapa sesupo sa ho ka ima. Ho ya kgoeding ke mosadi. /bon. mahatlelo/ (bap.
selomi). (mm. selumi).
Lehe (li-hi) /egg/ Kgaketla eo bokahare ba yona bo nang le bophelo ya nonyana kapa
kgoho eo ha e fuwangoa e fanang ka tsuonyana kapa ledinyane la nonyana. /bon.
Mahe/. Mohl. Kgoho e kakatletsang lehe ke la yona.
Lehehemu (le-he-he-mu) /hoopoe, Grey Crowned Crane/ Mofuta wa nonyana e
nang le masiba a mokgabiso a hlooho a matle, seka sekola, e tholahalang bakeng tse
ngata tsa lefatshe, e dulang haholo naheng. /bon. mahehemu/ (sheb. Dinonyana,
nonyana).
264
265
Lehehle (li-he-hle) /orator/ Motho wa dipuo tse hohelang, tse etsang hore
momamedi a latele se buuwang; motho ya nang le tsebo ya ho bua. /bon. mahehle/.
Lehehlehehle (li-he-hle-he-hle) /talkative person/ Motho ya buang haholo ka
bokgabane ba ho batla ho mameloa. /bon. mahehlehehle/. (bap. lehalahala).
Lehele (le-he-le) /Long-tailed Widowbird/ Mofuta wa nonyana e setono se
selelelehadi, e fumanoang haholo dibakeng tse bulehilng tsa joang ba dithota; e
behelang meferong kapa joang bo bolelele; e phelang haholo ka peo ya dimela le
mefuta ya dikokonyana. /bon. mahele/. (bap. molepe, lepau, tjobolo).
Lehelehele (li-he-le-he-le) /liar/ Motho wa dipuo tse hlokang nnete kapa bonnete;
motho ya leshano haholo. /bon. mahelehele/ (bap. lemenemene) (bap. lehata).
Lehelo (le-he-law) /Long-tailed Widowbird/ Mofuta wa nonyana e setono se
selelele ya lelapa la tjobolo. /bon. mahelo/. (mm. Lepau, Molepe, Tjobolo). Tlh.
Lebitso le nepahetseng haholo ke “lehele” hofeta “lehelo” le ha batho ba dibakeng tse
ding ba sebedisa lebitso la bobedi.
Lehetla (li-he-tla) /shoulder/ Sebaka sa mmele pakeng tsa molala le qaleho ya
letsoho; moo letsoho le qalang teng. /bon. mahetla/.
Lehlaahlela (li-hla-a-hle-la) /gun magazine/ Mokotla wa tshepe o hlahlelang kapa o
tshoarang dikulo. Setshelo sa dikulo. /bon. Mahlaahlela/.
Lehlaahlela (li-hla-a-hle-la) /handcuff/ Se sebedisoang ho tlama motshoaruwa hore
a se chopohe kapa balehe. /bon. mahlaahlela/ Mael. Lehlaahlela le lla ka leleng:
batho ba tlemeha ho thusana.
Lehlaba (li-hla-ba) /pain/ Bohloko bo teng sethong sa mmele; bohloko bo bakoang
ke ho kula kapa ho se phele hantle hoa setho seseng sa mmele. /bon. mahlaba/
Lehlabaphio (le-hla-bap-hi-aw) /conspirator, conspirer, traitor, plotter/ Motho ya
rekisang ba habo ho ba direng; motho ya nkang ditaba tsa mokgatlo kapa mokga wa
habo ho di phatlalatsa mokgeng kapa mokgatlong o mong; motho ya lahlehisang
sehlopha sa habo ka ho tshehetsa sehlopha seseng. Sehloela. Lehana. /bon.
Mahlabaphio/. Mael. Lehlabaphio o ila mojalefa: Motho ya mona o hononela ba
bang, ba nang le tsa bona. (bap. lehana).
Lehlabathe (le-hla-bat-he) /sand soil/ Mobu o tletseng makumane a lejoe la lesehla;
mobu o akgang lesehla. /bon. Mahlabathe/ (bap. lesehla, lehlohlojane). Mael. Ho
fahla mmuso ka lehlabathe: ho kgentsha; ho koatisa; ho utloisa bohloko bo boholo;
ho sithabetsa pelo; ho hlabehisa; ho kgopisa; ho hlokofatsa maikutlo.
Lehlabihlabi (le-hla-bi-hla-bi) /spike, prickle/ Mmutloa wa semela o hlabang; setho
sa semela se hlabang ha se thetsoa. /bon. Mahlabihlabi/ (bap. tshehlo, mmutloa).
Lehlabo (le-hla-baw) /awl/ Seetsoa kapa sesebedisoa sa ho phunya letlalo masoba;
sesebedisoa se motsu, se phunyang letlalo masoba. /bon. mahlabo/.
Lehlabula (le-hla-bu-la) /summer/ Nako ya selemo e chesang, eo boholo ba
lehlakore la letsatsi le leng ka boroa ba lefatshe, e qalang kgoeding ya Tshitoe
hofihlela Hlakubele ka boroa ba lefatshe. (bap. hlabula).
Lehlafi (le-hla-fi) /door/ Sebaka sa moaho kapa ntlo moo ho kenoang teng se
bulehang le ho koaleha. Bokeno ba monyako, moaho kapa ntlo se bulehang le ho
koaleha. (bap. monyako, lemati, bokeno).
Lehlahana (le-hla-ha-na) /representative/ Motho ya emelang emong bosiong ba
hae; motho ya sebetsang mosebetsi wa motho ya sio; morumuwa ya buellang
mokgatlo, naha kapa sechaba sa habo. /bon. mahlahana/.
Lehlahana (le-hla-ha-na) /officer, public servant/ Motho ya sebeletsang mmuso;
mosebeletsi wa sechaba wa mmuso, ya etsang mosebetsi o kgethehileng; motho ya
265
266
266
267
267
268
268
269
269
270
270
271
kapa ya tloaetseng ho soasoa. /bon. Makako/ Mohl. O nchebe hantle nna hobane ha
le lekako. (bap. sesoasoi).
Lekala (le-ka-la) /branch/ Karolo ya sefate kapa semela, e nang le mahlaku, e tsoang
kutung ya sefate kapa semela. /bon. Makala/.
Lekala (le-ka-la) /branch, division/ Mocha o itseng wa thuto; karolo enngwe ya
mokgatlo kapa sehlopha; karoloana ya mokga ha e hlalosoa ka sebaka. /bon. makala/.
Lekalekana (le-ka-le-ka-na) /equal, same/ E kapa tse tshoanang kapa tse
sebopehong se bapelang haholo. Ho ba boemong, sebopehong kapa maemong a
tshoanang ntle le ho kgetholla bomorabe, sebopeho, botona, botshehadi kapa botona.
Lekalekanya (le-ka-le-kan-ya) /to equate, to equalize, to level/ Ho etsa hore ntho di
tshoane ka sebopeho, dintlha kapa chebahalo. Ho lekanya. (bap. tekatekano,
tekatekanyo).
Lekana (le-ka-na) /equal/ E boemong bo tshoanang ba bolelele, bokgutshoanyane,
botenya kapa bophara; eo ditokelo tsa yona di tshoanang bakeng sa batho bohle.
Lekane (li-ka-ne) /enough/ E felletseng ka phepelo, ka ho etsahala kapa ka ho fuwa.
Lekanela (le-ka-ne-la) // Ho ba boemong bo tsitsitseng. (bap. itekanetse, itekanela).
Lekantse (le-kan-tse) /purported/ Bokgale ba ho lekanya.
Lekanya (le-kan-ya) /equalise/ Ho etsa hore dintho di tshoane; ho etsa hore dintho di
be boemong bo lekang ka palo. Ketsetso ya ho lekana. /bon. Maleka/.
Lekanya (//) /measure/ Ho thola boima kapa bobebe ba dintho ka ho di beha
sekaleng. /bon. Maleka/.
Lekanya (le-kan-ya) /purport/ Ho bua ka ho akanya kapa ho etsisa; ho hlahisa ka ho
bapisa ka tsela e itseng. (bap. akanya, lekanyisa).
Lekanyane (le-kan-ya-ne) /wild dog/ Mofuta wa phoofolo e hlaha, seka ntja, e
fumanoang haholo naheng. /bon. makanyane/ (bap. phiri, lefiritshoana). Mael.
Lekanyane ho phela le diretsana (diretse): ba atlehang bophelong ke ba sa tshabeng
phephetso tse thata; ba atlehang bophelong ke ba sa qobeng mathata kapa ba sebete.
Lekanyetsa (le-kan-ye-tsa) /size, asses, evaluate, tape, measure/ Ho fa ka tsela e
tshoanang; ho hlahloba ka sepheo sa ho rekisa kapa sa ho arolela.
Lekanyisa (le-kan-yi-sa) /allude/ Ho bua taba ka ho akanya kapa ho tshoantsha.
Lekaota (le-ka-u-ta) /vagrant, rolling stone/ Motho, haholo wa monna, ya etsang
borata kapa thato ya hae ka ho robala hohle le ho solla hohle. /bon. Makaota/.
Lekarapa (le-ka-ra-pa) /helmet/ Mofuta wa katiba e thata ho tshireletsa hlooho ya
mosebetsi mmaeneng kapa ya sebetsang sebakeng se ka bang kotsi. /bon. Makarapa/
Lekase (le-ka-se) /casket, coffin/ Lebokose le tshelang mofu; lebokose le
etseditsoeng ho kenya motho ya shoeleng lebitleng. /bon. Makase/ (bap. lekese).
Lekau (le-ka-u) // Mofuta wa nonyana, seka kgoho, ya hae. /bon. Makau/.
Lekea (li-ke-a) (lekeha) /temptable/ Ketsahalo ya ho leka: e etsang hore motho a
batle ho etsa phoso, sebe kapa ketso e sa batlahaleng. (bap. moleko) (sheb. Lekeha
bakeng sa tshebediso).
Lekeha (li-ke-ha) /frustrated/ Ho ba boemong ba ho kopangoa maikutlo; ho ba
boemong ba ho feroloa menahano le mehopolo. Mohl. Ngoana batho o dula a
lekeha ke ho kgutlisoa joalo joalo ke lefapha la tsa sehae. (bap. tekeho).
Lekeha (li-ke-ha) /temptable/ Ketsahalo ya ho leka: e etsang hore motho a batle ho
etsa phoso, sebe kapa ketso e sa batlahaleng.
Lekehile (li-ke-hi-le) /frustrated/ E boemong ba ho kopakopangoa maikutlo; e
boemong ba ho feroloa menahano le mehopolo ka lebaka la ho sitiseha ho fihlella
sepheo se batloang kapa se labalabeloang. Mohl. Ke ikutloa ke lekehile ke monna
enoa wa letawa ya noang letsatsi le letsatsi.
271
272
LEKGALA/MAKGALA
272
273
273
274
LEKGOABA (LEKGWABA)
274
275
275
276
276
277
277
278
LEKUNKUROANA (LEKUNKURWANA)
278
279
Lelebe (li-le-be) /libia minora/ Ditho tse bonojana tsa bokahare ba setho sa motho e
motshehadi kapa phoofolo e tshehadi. Nama tsa nnyoana. /bon. Malebe/.
Lelefala (le-le-fa-la) /enlongate/ Hoa puo, ntho kapa ketsahalo: ho ba telele; ho ya
lolololo; ho nka nako e ngata. Ho etsahala molebe. Ho ba telele.
Lelefalo (le-le-fa-law) /enlongating/ Ketso ya ho lelefala: boemo kapa sebopeho sa
ho ba telele; ho ya lolololo; ho nka nako e ngata. Ho ba telele.
Lelefatsa (le-le-fa-tsa) /prolong/ Ketsetso ya ho lelefala: ho etsa hore ntho, puo kapa
ketsahalo e be telele, e nke nako e ngata.
Lelefatso (le-le-fa-tsaw) /prolonging/ Ketso ya ho lelefatsa: mokgoa wa ho etsa hore
ntho, puo kapa ketsahalo e be telele, e nke nako e ngata.
Leleiri (le-le-i-ri) /napkin/ Seaparo se aparoang ke lesea kapa lekgabunyane le so
kgoneng ho ithusa. Seaparo se aparoang ke motho ya ikakelang; lesela le aparoang ke
motho ya ithomang. /bon. Maleiri/.
Leleka (le-le-ka) /expel, to fire, terminate/ Ho tlosa motho sebakeng seo a dulang
ho sona; ho tebela kapa ho ntsha motho moahong kapa mosebetsing; ho poma
tshebedisano mokgeng, sehlopheng kapa mokgatlong; ho fedisa dikamano le.
Leleka (le-le-ka) /expatriate/ Ho tlosa motho wa molata naheng eo eseng ya habo ka
ho mo isa naheng ya habo kapa lefatsheng la habo.
Lelekela (le-le-ke-la) /lead, precede, usher, preside over/ Ho bontsha tsela; ho ba
ka pele ka ho etsa dintho; ho etsa mosebetsi wa moetapele; ho ba pulamadiboho; ho
tshoara teu; ho itlhaba pele ka boemo; ho etsa selelekela.
Lelekisa (le-le-ki-sa) /run after, go after/ Ho matha ka mora motho kapa ntho e
itseng ka sepheo sa ho e tsoara; ho mathisa ka morero wa ho qhautsa. Mael. Hlathe e
lelekisa tsebe: ponahalo ya ho thaba kapa ho bontsha ho kgotsofala ha ho etsahala
ketso e itseng.
Lelele (le-le-le) /tall/ Hoa ntho: e phahameng ho ya hodimo; e sebopeho se seholo ha
e hlalosoa ka bophahamo ba yona. (bap. telele). Tlh. Ho na le phapang pakeng tsa
mantsoe, “lelele” le “lelelele”.
Lelelele (li-le-le-le) /of a thing: tall or long/ Hoa ntho, sebopeho kapa boemo boo
lebitso la bona le qalang ka tlhaku “L”: bo nang le chebahalo e telele; e nang le
sebopeho se yang hodimo haholo; e nkang nako ho fihlelloa ka lebaka la bolelele ba
yona. Mohl. Ke tsamaile leeto le lelelele haholo. Letlalo la tlou le lelelele ha le
phuthollotsoe. Lebitso lena, mmamokgodutsoanehadi le lelelele haholo. Tlh. Ho na
le phapang pakeng tsa mantsoe, “lelele” le “lelelele”.
Leleleng (li-li-li-ng) /one thing, one day, same day/ Ka nako e tshoanang ya
letsatsi; ka motsotso kapa hora e le nngwe ya letsatsi. Mohl. Bana ba hlahileng ka
letsatsi leleleng ba bitsoa mafahla. Ke qetile mosebetsi ka letsatsi leleleng ka hora
tse pedi. Ke batla leleleng feela. Re nkile letsatsi leleleng ho tloha Maseru ho ya
Matoabeng. Ke lehehemu leleleng feela le setseng motseng wa ha Sebophe.
Leleme (li-li-mi) /tongue/ Setho sa mmele se fumanoang ka hara lehano se thusang
bakeng sa ho bua, ho koenya le tlhafuno ya dijo. /bon. Maleme/ Mael. Motho ya
leleme: motho ya leshano haholo. Mael. Ho ba leleme: motho ya buang ka batho
babang bosiong ba bona. Ho ba leshano. Mael. Ho ba mathe le leleme: ho ba le
setsoalle se seholo le. Ho utloana haholo le. Mael. Ho anya leleme: ho nonya
maikutlo; ho batla taba ka ho botsa potso e itseng.
Lelemela (le-le-me-la) /palatable, nectereous/ E monate ha e jewa; e theohelang ha
bonolo mmetsong ka baka la monate wa yona. (bap. monate).
Lelemela (//) /easy going/ Hoa motsamao kapa ketsahalo: o bonolo, o monate.
279
280
Leleng (le-li-ng) /other one, another one, each one/ Enngwe hape ntle le e
boletsoeng; le ka boleloang kapa la bitsoa ntle le leo le seng le bitsitsoe. (bap.
seseng, bobong, tseding, emong, babang, enngwe, omong) Tem. Lentsoe lena
“leleng” le na le moelelo o fapaneng haholo le “le leng” (that is). Mael. Lehlaahlela
le lla ka leleng: batho ba tlemeha ho thusana ho phethahatsa morero o itseng.
Lelente (li-len-te) /ribbon/ Mofuta wa lesela le letle le sebedisoang bakeng sa
mekgabiso e fapaneng. /bon. Malente/ (mm. Mmamalente).
Lelepa (li-li-pa) /puzzle/ Se qhaqhollotsoeng ebe se a lokisoa ho aha sebopeho se
itseng; puo kapa ketso e thata ho e hlalosa kapa ho e lokisa. Puo kapa boemo bo thata
haholo ho bo hlalosa. /bon. Malepa/ (bap. selotho).
Lelera (li-li-ra) /wander/ Ho tsamaya hohle ka sepheo se sio; ho sollaka hohle ka
morero o sa bonahaleng. (bap. moleleri).
Leloala (le-lwa-la) /grinding machine/ Mochini o silang poone, mabele kapa koro
ho e etsa phofo; omong wa mechini o sebedisoang bakeng sa ho haila kapa ho sila.
Leloangloahla (le-lwan-lwa-hla) /debris, wreckage/ Ntho tse setseng ebile di hasane
ka mora sefefo, ho reketla hoa lefatshe kapa sekgohola se matla; ntho tse
soahlamaneng ka mora ho wa hoa meaho kapa ho qhoma hoa diqhomane. (bap.
maloangloahla). (mm. Lelwanglwahla). Tem. Lentsoe lena le sebedisoa le le ka
bongateng hangata le ha le na le bonngwe.
Leloapi (le-lwa-pi) /juicy thick crust/ Thatafalo ya bokahodimo ba ntho e metsi;
seemo se ka hodimo se tiileng sa ntho e lero seka metsi. /bon. maloapi/ (bap.
lekoeba, okola).
Leloele (le-lwe-le) /red-hot poker/ Mofuta wa semela se lekala leleleng le
otlolohileng, le mahlaku a manyane hofeta lekala; le behang dipalesa tse kgubedu, tse
motsu tse nang le ponahalo ya ho hlaba. /bon. Maloele/. (mm. Lelwele).
Lelofa (le-law-fa) /loafer, absenteeist/ Motho ya atisang ho ba sio mosebetsing;
motho ya dutseng hae a sa sebetse. /bon. Malofa/ Tem. Lentsoe lena, “lelofa” le
tshoana le sothofatso ya lentsoe, “loafer” eo ka puo ya Sesotho eleng: “sekgoba”.
Leloko (le-lu-ku) /family member/ Motho eo eleng wa lelapa ho ya ka tsoalano kapa
kamano; motho eo eleng wa sehlopha sa lelapa ka morabe. /bon. Baleloko/.
Leloko (le-lu-ku) /generation, posterity/ Batho ho ya ka tlhatlhamano ya lelapa ho
tloha ho bonkgono le bontatemoholo ba shoeleng ho fihlela hona joale. Batho ho ya
ka letlobo la sekgalekgale ho fihla ho la kajeno. /bon. meloko/ (bap. moloko) Tem.
Bongata ba lentsoe lena, “leloko” le a fapana ho ya ka moelelo: bongata ba batho ba
lelapa ke “baleloko” ha tlhatlhamano ya lelapa e le “meloko”.
Lelomolo (le-lo-mu-law) /holiday/ Letsatsi la phomolo leo ka lona ho etsoang
sehopotso sa letsatsi leo honeng ho etsahala diketso tse itseng tse mabapi le bochaba,
sechaba kapa bodumedi bo itseng. /bon. malomolo/.
Lelomolo (le-lo-mu-law) /cultural event, festival/ Ketsahalo ya setso eo ho yona ho
hlajoang phoofolo, le ho ritela joala, le ho mema batho ho phethahatsa moetlo o
itseng wa sechaba se itseng; phethahatso ya moetlo joalo ka ho tlosa seqoma, ho
kgusa ngoana, ho roala kapa ho rola thapo, ho hlajoa hoa kgutshoane ya nku ya kwae
bakeng sa ngoetsi e ncha, jj. Phethahatso ya phahlo. /bon. malomolo/ (bap. moetlo).
Lelora (le-law-ra) /mountain sage, buddleya salviifolia/ Mofuta wa sefate se melang
matsatseng, dithabeng kapa pela dilomo, se sebedisoang joalo ka patsi. /bon. malora/.
Lelothoane (li-lawt-hwa-ni) /wild sage, buddleja albomaculata/ Semela se hlaha sa
naha seo mahlaku a sona anang le ho sebedisoa joalo ka moriana. /bon. malothoane/.
Lema (li-ma) /plough, cultivate/ Ho etsa hore mobu o be boemong ba ho kenngoa
peo kapa dijalo ka ho o phetola ka mohoma; ho etsa hore mobu o medise dijalo.
280
281
281
282
Lenaila (le-na-ila) /hairy legs/ Hoa phoofolo, haholo pitsi: e maoto a boya; e tletseng
moetse kapa boya bo bolelele maotong; e maoto a makgisa. /bon. Manaila/.
Lenaka (le-na-ka) /horn/ Seka lesapo le hlahang hloohong kapa sefahlehong sa tse
ding tsa diphoofolo, se sebedisoang bakeng sa ho loana kapa ho itshireletsa; lesapo le
hlahetseng hloohong ya phoofolo. /bon. Masapo/.
Lenakana (le-na-ka-na) /antenna/ Seka lehlokoa le bonojana, le tsitsinyehang le
hlahang hloohong ya mefuta e meng ya dikokoanyana. /bon. manakana/.
Lenala (le-na-la) /nail/ Seka leshoetla le hlahang qetellong ya monoana; lesatjoana le
hlahang qetelong ya monoana bakeng sa ho o tshireletsa. /bon. Manala, dinala/ Mael.
Ho ikenya tshotso dinaleng: ho ikenya hara mathata; ho ipakela bothata kapa
mahlomola.
Lenama (le-na-ma) /slow/ E etsang dintho butle; e sebetsang, tsamayang kapa buang
ntle le potlako kapa matjato. (bap. lesisitheho, butle).
Lenane (le-na-ni) /sequence, chronology, order/ Tsela kapa sebopeho seo ntho di
hlophisoang ka tatellano ka yona. /bon. Manane/.
Lenanenetefatso (le-na-ni-ni-ti-fa-tso) /checklist/ Lethathama la ntho tlamehanh ho
etsoa pele ho qaloa ho etsa mosebetsi kapa ketso e itseng. /bon. mananenetefatso/.
Lenaneo (le-na-neo) /programme/ Ketsahalo e hlophisetsoeng ho etsahala ka nako e
kgethiloeng. /bon. Mananeo/.
Lenanethuto (le-na-ne-thu-taw) /syllabus/ Karolo ya thuto eo eleng yona e
tlamehang ho baloa le ho rutoa selemong se itseng. /bon. Mananethuto/.
Lengae (le-ng-a-e) /song track, song number/ Pina ha e kgethoa kapa e qolloa hara
tse ding tse ngata; pina ho ya ka tatellano ya tsona. Pina e binoang ke lekoloane ka
mora ho tsoa mophatong. /bon. Mangae/.
Lengae (le-ng-a-e) /circumcision ceremony song/ Pina e binoang ke lekoloane ka
mora ho tsoa mophatong. /bon. Mangae/.
Lengana (le-nga-na) /wormwood, Artemisia afra/ Mofuta wa semela se monko o
monate, o bohale, o botala bo bothokoa, se hlahang matsoapong, se sebedisoang joalo
ka moriana wa mafu a fapaneng. /bon. Mangana/.
Lengangajane (le-ng-ang-aja-ni) /try fruit/ Tholoana e omisitsoeng; tholoana e
thatafaditsoeng ka letsatsi. /bon. Mangangajane/ Tem. Batho ba bangata ba sebedisa
lentsoe lena le le ka bongateng le ha le na le bonngwe.
Lengangane (le-nga-nga-ni) /Hadeda Ibis/ Mofuta wa nonyana, seka lekgoaba, e
ntsho e ngangaetsang ha e lla, ya lelapa la mokgotlo. /bon. Mangangane/ (mm.
Lengaangane).
Lengau (le-nga-u) /leopard/ Mofuta wa phoofolo, seka katse kapa qoabi, e dulang
meferong, e mmala o mosehla le matheba a matsho, o phelang ka ho tsoma
dinyamatsana tsa naha. /bon. Mangau/ (bap. nkoe).
Lengawana (le-nga-wa-na) /cheetah/ Mofuta wa phoofolo, seka langau, o mosesane
ka mmele, o lebelo haholo, o mmala o mosehla le matheba a matsho joalo ka lengau,
o phelang naheng ka ho tsoma dinyamatsana. /bon. mangawana/
Lengele (le-nge-le) /tranquility, lull, calm / Nako eo ho thotseng haholo ka yona;
nako ya tlhokeho ya lerata le morusu. (bap. lenyele) Tlh. Batho babang ba bitsa
lentsoe lena, “lenyele” bakeng sa “lengele”.
Lengeloi (le-ng-e-loi) /angel/ Sebupuwa seo ho nahanoang hore se dula lehodimong
le Modimo; sebupuwa sa semoya, se nang le ponahalo ya kganya, se nang le mapheo
kapa ponahalo e joalo. /bon. Mangeloi/ Tlh. Lentsoe le nepahetseng ke “lengeloi”
hofeta “lenyeloi”. Tem. Ha ho tlosoa tlaku ya pele eleng “L” ya lentsoe lena,
282
283
“lengeloi” mmoho le tlhaku tse pedi tsa ho qetela “oi”, ho sala “engel”, mme sena se
ka netefatsa hore lebitso lena ke la molata “angel”.
Lengeloi (le-ng-e-loi) /well mannered lady/ Motho, haholo wa mosadi kapa e
motshehadi, e motle, ya hlokang dikgang ebile a le diketso tse ntle tse ratoang ke
monna wa hae kapa batho le sechaba ka kakaretso. /bon. mangeloi/.
Lengenengene (le-nge-ne-nge-ne) // Seetsoa se kentsoeng majoana a masesane, se
bakang modumo ha se tsitsinyoa nakong ya mmino. Seletsa sa mmino seka kgetsi ya
maiketsetso, e tshetsoeng majoana a bakang modumo o moholo. /bon.
Mangenengene/. (bap. Morutlhoane, leshohleshoehle).
Lengesemane (le-ng-isi-ma-ni) /Englishman/ Moahi wa England ya buang
senyesemane, ya hlahetseng naheng eo. /bon. Mangesemane/ (bap. lenyesemane).
Lengetane (le-ng-eta-ni) /pottery/ Seetsoa sa letsopa se thubehang joalo ka nkgo,
mopotjoane, leritshoana le tseding. /bon. mangetane/.
Lengetse (le-nge-tse) /head ornament/ Ntho e sebedisoang ho kgabisa hlooho joalo
ka boya ba molala wa pitsi, boditsi kapa masiba a nonyana e ntle. Mokgabiso kapa
mokgabo wa hlooho kapa karolo enngwe ya mmele. /bon. mangetse/ (bap.
lenyetse).
Lengoaparela (le-ng-wa-pa-re-la) /metacarpus, metacarpal/ Leleng la masapo a
manyane a mangata, a letsoho, pele ho menoana, le thusang tshotheho le tsitsinyeho e
ntle ya letsoho. /bon. Mangoaparela/ (bap. lenoanyetso) (mm. Lengwaparela).
Lengoele (le-ngwe-le) (lengole) /knee/ Lesapo le pakeng tsa serope le mmomo le
etsang hore leoto le kobehe mme le kgone le ho laola motsamao; setho sa mmele seo
ho kgumangoang ka sona. /bon. Mangoele/ Tlh. Batho babang ba bitsa lentsoe lena
“lengole” ho ya ka dibaka tsa Basotho. (mm. Lengwele).
Lengole (e-ng-ole) /knee/ Lesapo le pakeng tsa serope le mmomo le etsang hore
leoto le kobehe mme le kgone le ho laola motsamao; setho sa mmele seo ho
kgumangoang ka sona. /bon. Mangole/ Tlh. “Lengole” le ‘lengoele” ke ntho e le
nngwe: phapang ke tsela eo e bitsoang ho ya ka dibaka.
Lengolo (le-ngo-law) /letter/ Molaetsa o ngotsoeng bakeng sa ho baloa; mongolo o
ngotsoeng ho fana ka molaetsa o itseng joalo ka taba, pale, tshomo kapa ketsahalo; se
ngotsoeng leqhepheng kapa pampiring joalo ka molaetsa. /bon. Mangolo/
Lengolo (//) /qualification/ Leqhephe le thata le pakang boemo ba motho ba thuteho
ya mocha o itseng wa thuto; bopaki bo ngotsoeng ba thuteho. /bon. Mangolo/.
Lengope (li-ng-aw-pe) /gully, donga/ Mokoti seka phulama e kgolo e bakoang ke
khoholeho ya mobu o mongata ke metsi; sebaka se chekehileng ka baka la khoholeho
ya mobu mme se tsamaya metsi a manyane hofeta a noka. /bon. Mangope/. Mael.
Ho ntsha mosi ka lengope: ho phinya kapa ho tshoinya.
Lenkoane (lin-kwa-ni) /gully/ Mokoti seka phulama e kgolo e bakoang ke
khoholeho ya mobu o mongata ke metsi; sebaka se chekehileng ka baka la khoholeho
ya mobu mme se tsamaya metsi a manyane hofeta a noka. /bon. Mankoane/.
Lenkoane (lin-kwa-ni) /gully person/ Moahi wa mankoaneng: motho ya dulang
motseng o tletseng mangope. /bon. mankoane/.
Lenkunkuroane (len-kun-ku-rwa-ne) /Turtle-Dove/ Mofuta wa nonyana ya lelapa
la leeba kapa letsibana. /bon. mankunkuroane/ (mm. lenkukurwane).
Lenngoe (len-ng-we) (lenngwe) // Bokgale le boetsuwa ba ho lema.
Leno (le-nu) /that one/ Lesupa le bontshang ntho e hojana eo lebitso la yona le
qalang ka “L”. /bon. Ano/ Mohl. Lejoe leno ke la morall.a
283
284
Leno (le-nu) /yours: of nouns starting with “L”/ Seemedi se bontshang hore thuo
kea mmuuwa kapa moetsuwa. /bon. Tseno/ Mohl. Lelapa leno le hloekile. Leno
lona le ikgetha hara amang. Leno lona ke a le tseba.
Lenoabo (le-nwa-bu) /type of chameleon/ Mofuta wa sehahabi, seka
mokgodutsoane, o lenama haholo ka motsamao, o phelang difateng kapa dihlahleng
tse kgolo ka ho kola dikokoanyana, o fetolang mmala wa ona ho ya ka sebaka seo o
leng ho sona. /bon. Manoabo/ (bap. lempeshe).
Lenoanyetso (len-wan-ye-tso) /bone joint dislocation/ Sebaka seo lesapo leleng le
arohaneng le leleng ka lebaka la ho tsoa kotsi, ho lemala kapa ho noanyetseha. /bon.
Manoanyetso/ (bap. lengoaparela).
Lenoanyetso (len-wan-ye-tso) /arthritis/ Lefu le hlaselang sebaka seo masapo a
kopanang teng ka lebaka la ho fokola hoa lefufuro. /bon. Manoanyetso/.
Lenoanyetso (len-wan-ye-tso) /metatarsal, metatarsus/ Setho kapa bohato ba leoto
moo ho fumanoang masapo a manyane, a mangata ebile a teteane bakeng sa ho thusa
motsamao o tsitsitseng. Leleng la masapo a manyane a bohato ba leoto, a mangata,
ka mora leqaqailane. /bon. Manoanyetso/ (bap. lengoaparela).
Lenong (le-no-ng) /vulture/ Nonyana e kgolo, e hlooho e lekuroana hangata, e
phelang ka ho ja setopo sa phoofolo kapa ntho tse shoeleng le tse bodileng, e dulang
naheng, dilomong. /bon. Manong/ Mael. Ngoana moshanyana ke kabeloa manong:
motho e motona o lokeloa ke ho fuwa mathata ohle le ha ho sa kgonahale.
Lenonyane (le-non-ya-ne) /vulture/ Mofuta wa nonyana, seka lenong, o hlooho e
lekuroana mmoho le molala o hlokang masiba, e mapheo a maholo, e dulang
dilomong tsa dithaba, e phelang ka ho ja ntho tse shoeleng. /bon. Manonyane/ (bap.
ntsu, ntsukobokoo).
Lenqosa (lin-qu-sa) /messenger, representative/ Motho ya emelang emong bakeng
sa ho mmuella; motho ya sebetsang joalo ka morumuwa ho etsa mosebetsi bakeng sa;
motho ya emelang emong lekgotleng la dinyewe. /bon. Manqosa/ (bap. moemedi).
Lento (len-tu) /foot/ /bon. manto/ (sheb. Leoto bakeng sa tshebediso).
Lentsoe (lin-tswe) /word/ Modumo o ngotsoeng wa eng kapa eng e bontshang puo
efe kapa efe; modumo wa puo ya molomo o ngotsoeng ebile o ka hlalosoa; modumo
o etsang puo kapa polelo mme o ngoloa bakeng sa ho baloa le ho ruta ba batlang ho
tseba ho ngola le ho bala. /bon. Mantsoe/ Mael. Lentsoe la morena le haeloa lesaka:
seo morena kapa motho e moholo a se buang se tlameha ho ananeloa le ho hlonchoa.
Lentsoe (lin-tswe) /voice/ Modumo o etsoang ke molomo ho ntsha puo e nang le
moelelo; modumo o etsoang ke leleme, qoqotho le molomo ho etsa pina; modumo wa
leleme le molomo ha ho binoa. /bon. mantsoe/.
Lentsoe (//) /word of God, sermon/ Thero ya phutheho ya kereke ha ho baloa bibele
ke moruti kapa motho ya balang ka taba tse monate tsa bibele e halalelang; phano ya
ditaba tsa Modimo ho ya ditemana le dikgaolo tsa bibele. /bon. 0/.
Lentsoeta (lents-we-ta)/common platanna, xenopus laevis/ Mofuta wa senqanqana
se sebopeho sekang sa lehe, se thellang haholo; se nang le ponahalo e bosootho bo
maroboko; se mangoaparela a matsho; se fumanoang haholo metsing a dinoka,
dikooetsa le matamo ebile se dula dibakeng tseo hofeta naheng. /bon. Mantsoeta/
284
285
LENTSOETA
285
286
286
287
bohlale ba hae. Mael. Ho qela ho leoto: ho tsamaya kapa ho tloha sebakeng. Mael.
Leoto ke moloi: motho o tsamaya a fihle le moo a sa tshoanelang ho fihla teng.
Leotoana (le-u-twa-na) (leotwana) /chicken feet/ Setho sa mmele se thusang ho ema
hoa nonyana kapa kgoho; tlhaloso ya setho seo ha e le sejo. /bon. maotoana/ (bap.
tlhakoana, tlhako).
Leotsa (le-u-tsa) /sharpen/ Ho etsa hore ntho, haholo thipa kapa lerumo, le kgone ho
seha ha bobebe ka ho etsa hore le be bohale.
Lepa (le-pa) /forecast, foretell/ Ho bolela kapa ho hlalosa ketsahalo kapa ketso e tlo
etsahala pele e etsahala. (bap. bolepi).
Lepae (le-pa-e) // Seaparo se sebedisoang bakeng sa ho phuthela kapa ho pepa le ho
jara ngoana. /bon. Mapae/ (bap. leleiri).
Lepaku (le-pa-ku) /hunting dog/ Mofuta wa ntja e sebedisoang bakeng sa ho tsoma;
setsomi sa ntja. /bon. Mapaku/.
Lepalapala (le-pa-la-pa-la) /heath, open place/ Sebaka sa naha se otlolohileng se
hlokang motheo le moepa. /bon. Mapalapala/ (bap. thota, thoteng).
Lepamo (le-pa-mu) // ?? /bon. mapamo/.
Lepane (le-pa-ni) /pan/ Pitsa e sebedisoang bakeng sa ho hadika kapa ho butsoisa
dijo ntle le ho sebedisa metsi. /bon. Mapane/.
Lepantiti (le-pan-ti-ti) /prisoner/ Motho ya koalletsoeng ntloanatshona; motho ya
molato ya ahloletsoeng ho dula chankaneng nako e itseng. Tem. Lentsoe lena ke
sothofatso ya lentsoe la molata “bandit” le bolelang ho hong ho ya ka puo ya naha ya
lona le sebaka sa teng sa Mexico le Amerika. /bon. Mapantiti/ (bap. motshoaruwa).
Lepantsula (le-pan-tsu-la) /fast urban dancer/ Motho wa motse setoropo ya
fochoselang ka matjato, eo ho nahanoang hore diketso tsa hae di tshoana le tsa koata
kapa tsotsi. Motho wa mekgoa, mmino le diketso tse hlaha. /bon. Mapantsula/.
Leparaka (le-pa-ra-ka) /stretcher/ Se sebedisoang bakeng sa ho nka kapa ho jara
mokudi; se sebedisoang ho nka mobabi. /bon. Maparaka/. (bap. Lempara).
Lepato (le-pa-taw) /burial/ Ketso ya ho beha mofu kapa ntho e shoeleng lebitleng ka
lekese. Ketso ya ho epela mofu mabitleng. /bon. Mapato/ (bap. pato, phupu).
Lepatso (le-pa-tsu) /a crack, cleavage/ Sebaka se bulehileng sa lejoe, moaho kapa
thaba; puleho e peperaneng. /bon. Mapatso/. (mm. Lepetso).
Lepau (le-pau) /Long-tailed Widowbird/ Mofuta wa nonyana e setono se
selelelehadi, e fumanoang haholo dibakeng tse bulehilng tsa joang ba dithota; e
behelang meferong kapa joang bo bolelele; e phelang haholo ka peo ya dimela le
mefuta ya dikokonyana. /bon. mapau/. (bap. Lehele, molepe, tjobolo).
Lepeletsa (le-pe-le-tsa) /to dangle/ Ho leketlisa ntho kapa motho; Ho etsa hore ntho
e tsitsinyehe kapa e tsamaye moyeng ka ho tshoara bokahodimo ka tsela e itseng.
Lepeletsa (le-pe-le-tsa) /to speed on a flat surface/ Ho etsa hore ntho e tsamayang e
tsamaye ka ho lokoloha sebakeng se hlokang moepa kapa motheo.
Lepeletse (le-pe-le-tse) /flat/ Hoa tsela kapa sebaka: se hlokang motheo le moepa.
Lepella (le-pel-la) /speed on a flat surface/ Ho tsamaya, matha, letsima kapa ho
potlaka moo ho hlokang motheo kapa moepa teng. (bap. theteha).
Lepellisa (le-pel-li-sa) /cause to sepeed/ Ketsiso ya ho lepella.
Lepera (li-pe-ra) /leprosy/ Mofuta wa boloetse bo bakang hore ditho tsa mmele di
hloke kutlo, le ho eboha kapa ho qhetsoha ebile le baka phetoho ya mmala wa letlalo
mmoho le tshobotsi ya sefahleho. /bon. mapera/.
Lepesho (le-pe-shu) /traditional men’s underwear/ Mofuta wa seaparo se tenoang
ke batho ba batona ho koahela mmele tlasa letheka feela. /bon. Mapesho/.
287
288
288
289
289
290
kapa motho ya sa tsoa bolla. /bon. Maqapha/ (bap. tshea, lepesho, lepeshoana,
thitana).
Leqaqa (le-qa-qa) /white poor person/ Motho wa lekgowa ya hlophehileng; motho
ya hlophehileng wa thuto e hodimo kapa ya tsebang haholo. /bon. Maqaqa/.
Leqaqane (le-qa-qa-ne) /civet/ Mofuta wa phoofolo ya leloko kapa lelapa la qoabi, e
phelang naheng ka ho ja nama ya diphoofolo tse nyane ho yona. /bon. maqaqane/.
LEQAQANE
Leqase (le-qa-se) /straw mat/ Moalo o entsoeng ka lodi kapa semela se itseng, o
aloang fatshe bakeng sa ho dula kapa ho paqama. /bon. Maqase/ (bap. moseme).
Leqatha (le-qat-ha) /newly weds house/ Ntlo ya banyalani ba bacha; ntlo e sa tsoa
ahoa ya batho ba qetang ho nyalana. /bon. Maqatha/. (bap. Leqhofa).
Leqeba (le-qe-ba) /wound, sore/ Sebaka sa mmele moo ho nang le lepatso, borurusi,
madi, letoma kapa boladu ba temalo; se bonahatsang temalo. Setho sa mmele se
bontshang ho lemala kapa bokudi. /bon. Maqeba/.
Leqebekoane (le-qe-be-kwa-ne) /dumbling/ Bohobe ba phofo ya koro bo pheiloeng
ka mosi wa metsi a belang mme wa kokomoha ho bontsha putso. /bon.
maqebekoane/.
Leqele (le-qe-le) /lefty, left-handed or footed Motho ya sebedisang letsoho kapa
leoto le letshehadi haholo hofeta le letona. /bon. Maqele/.
Leqeme (le-qe-me) /shortage, scarce, deficiency, deficit, scarcity/ Bosio ba ntho e
batlahalang; tlhokahalo ya ntho tsa bohlokoa bophelong. /bon. Maqeme/ Mohl.
Leqeme la mosebetsi le tletse.
Leqephe (liq-hep-he) /a page/ Karolo ya buka e latellang enngwe kapa e
hlahlangoang ke enngwe; palo ya buka ho ya ka palo ya karolo. /bon. Maqephe/.
Leqhama (le-qha-ma) /correlation, link, connection/ Kamano pakeng tsa mekga,
sehlopha kapa dinaha. Tsamaisano ka tshebedisano e itseng; kutloano pakeng tsa
batho kapa dihlopha. /bon. maqhama/.
Leqheka (leq-he-ka) /trick, plan/ Ketso e kgethoang bakeng sa ho fetola morero wa
pele o hlolehileng; ho nka leano leleng ha la ho qala le hloleha; ho batla ho etsa ketso
enngwe e fapaneng le ya pele ha ho le thata. /bon. Maqheka/.
Leqhekoana (leq-he-kwa-na) /very old woman/ Mosadimoholo kapa nkgono ya
hodileng haholo dilemong. /bon. Maqhekoana/ (bap. setsohotsana).
Leqheku (leq-he-ku) /very old man/ Monnamoholo kapa ntatemoholo ya hodileng
haholo dilemong. /bon. Maqheku/ (bap. setsohatsana).
Leqhetso (leq-he-tsu) /particle/ Lekumane la ntho e qhetsohileng ho enngwe e
kgolo; ntho e nyane e thubehileng ho e kgolo. /bon. maqhetso/
Leqhetsoana (leq-hets-wa-na) /piece, particle/ Lekumane le lenyane haholo la ntho
e qhetsohileng ho enngwe. /bon. maqhetsoana/.
Leqhoa (leq-hwa) /ice/ Metsi a thatafetseng ka baka la mohatsela o moholo; metsi a
tiileng ka baka la serame. /bon. maqhoa/ (bap. Lehloa, serame, qhoqhoane).
Leqhoae (leq-hwa-e) (leqhwae) /blanket pin/ Sesebedisoa se sebedisoang ho
qhoaela kobo kapa seaparo. /bon. maqhoae/ (bap. Lemao, sepelete).
Leqhoele (leq-hwe-le) /waist string/ Thapo kapa kgoele eo ho tlangoang letheka ka
yona bakeng sa tumelo e itseng. /bon. maqhoele/.
Leqhoetha (leq-hwet-ha) // /bon. maqhoetha/ (sheb. leqoetha bakeng sa tshebediso).
290
291
Leqhofa (le-qho-fa) /dead person’s hut/ Ntlo eo motho a sa tsoa shoella ka hara
yona; ntlo ya mofu. /bon. maqhofa/ (Bap. leqatha). Tem. Ka mora lepato, ntlo ya
mofu ha e sa bitsoa leqhofa.
Leqhoko (leq-hu-ku) /provokative/ E, kapa ya qalang le ho utloisa motho kapa ntho
bohloko moyeng; ya etsang diketso tse halefisang motho emong. Ya diketso tse
phephetsang maikutlo a motho emong. (bap. lenyokonyane).
Leqhome (leq-hu-me) /popcorn/ Poone e qhommeng ka baka la mocheso mme ya
hlahisa bosoeu ba bokahare ba yona; poone e hlahisitseng bokahare bo bosoeu ka
baka la ho hadikoa. /bon. Maqhome/ (bap. Leqoashapa).
Leqhotsa (leq-ho-tsa) /Xhosa/ Moahi wa Afrika Borwa ya buang puo ya seqhotsa, ya
lelapa la sekone, eo hangata semelo sa hae eleng Profinsi ya Kapa Bochabela le
bakeng tse ding tsa Afrika Borwa. /bon. Maqhotsa/.
Leqhubu (leq-hu-bu) /wave, surf, tide/ Boemo ba metsi a etsang maqhutsu, a
tsamayang a ya hodimo le tlase. Se sebedisoang ke sealemoya kapa thelefishine ho
amohela molaetsa wa puo kapa setshoantsho. /bon. Maqhubu/.
Leqhutsu (leq-hu-tsu) /uneveness/ E hlokang boreledi, e mahoashe kapa e sa
lekaneng ka sebopeho; e sa otlolohang; e nang le ho hlahella hoa ho kokomoha hoa
ntho e itseng. /bon. Maqhutsu/.
Leqiphe (leq-hip-he) /mopani worm/ Seboko se setenya haholo sa sefate sa morara
kapa mofuta o itseng wa semela, seo se sebedisoang joalo ka sejo dibakeng tse ding
tsa Afrika Borwa. /bon. Maqiphe/ (mm. Masonja).
Leqoashapa (le-qwa-sha-pa) /fried corn/ Poone e hadikiloeng mollong wa fatshe
mobung ntle le ho sebedisa pitsa kapa lepane. /bon. Maqoashapa/ (bap. sebera).
Leqobete (le-qo-be-te) (leqwebete) // ??
Leqoetha (li-qwet-ha) /lawyer/ Motho ya emelang emong lekgotleng la dinyewe;
mmuelli kgotla; moemedi wa moqosi kapa moqosuwa kgotla. /bon. maqoetha/.
Leqoetha (li-qwet-ha) /ambassador/ Motho ya emelang naha ya habo machabeng
kapa naheng enngwe. /bon. Maqoetha/ (bap. Lenqosa, leqosa) Tem. Ka puo ya
sekone, lentsoe lena “leqoetha” moelelo wa lona o bolela seseng.
Leqola (le-qaw-la) /edge/ Bophetho ba seaparo, haholo kobo. Qetello ya lemeno la
kobo kapa seaparo se seholo. /bon. Maqola/ Mael. Lefu le leqoleng la kobo: motho a
ka shoa neng kapa neng ho sa nahanoa.
Leqope (le-qu-pe) // (sheb. Lekope bakeng sa tshebediso).
Leqosa (lin-qu-sa) /messenger, representative/ Motho ya emelang emong bakeng sa
ho mmuella kgotla; motho ya sebetsang joalo ka morumuwa ho etsa mosebetsi
bakeng sa motho emong; motho ya emelang emong lekgotleng la dinyewe joalo ka
mmuwelli. /bon. Maqosa/ (bap. moemedi). Tlh. Lentsoe “leqosa” le “lenqosa” a na
le moelelo o tshoanang, phapang ke dibaka tseo Basotho ba dulang ho tsona.
Leqotha (le-qut-ha) /scale/ Boemo bo mahoashe ba letlalo ka mora manala; keboho
ya letlalo la menoana moo manala a qalang teng. Mahoashe a letlalo la diphoofolo
tseding. /bon. Maqotha/.
Leqothantja (le-qut-hant-ja) /nail biting/ Keboho ya letlalo la menoana moo ho
qalang manala teng. Tloaelo ya ho ja manala. /bon. Maqotha-ntja/ (mm. leqotha-
ntja).
Lequloana (le-qu-lwa-na) /informal gathering/ Kopano ya batho eo sepheo sa yona
se hlokang taba tse monate. Kopano kapa seboka sa batho ba nang le morero o seng
motle. /bon. Maquloana/ (bap. lemuloana, pitso).
291
292
Lera (le-ra) /cataract, opaque, opacity/ Lefu la mahlo le bakang thibelo ya kganya
kapa pono e tloaelehileng; bofofu bo bakoang ke ho hloleha hoa leihlo ho
bontshahatsa kganya ka lebaka la karolo e sa lokang e aparelang leihlo. /bon. mara/.
Leraba (le-ra-ba) /trap, snare/ Se sebedisoang ho cheha kapa ho tshoasa; sefi kapa
boemo bo dielang motho kapa phoofolo. /bon. Maraba/ (bap. sefi, kupu, ketle).
Mael. Tlhapi folofela leraba hobane metsi a pshele o a bona: tlohela ho tletleba
hobane baheno ba hlahetsoe ke kotsi kapa ba shoele o ba bona.
Lerabele (le-ra-be-le) /rebel/ Motho ya fetohelang mokga, sehlopha kapa naha ya
habo, a tshehetse ba direng. /bon. Marabele/ Tem. Lentsoe lena “lerabele” ke
sothofatso ya lentsoe la molata “rebel”. (bap. lehana).
Lerako (le-ra-ko) /wall, hedge/ Kaho e arolong sebaka sa ntlo kapa moaho; kaho eo
bokahare ba yona eleng ntlo kapa moaho oo ho dulang batho. Moaho o qalang fatshe
ho motheo kaho ebile o hloka marulelo kapa phethahalo ya se bitsoang ntlo. /bon.
Marako/ (bap. lebota).
Leralla (le-ral-la) /hill, ridge/ Thaba e nyane e hlokang matsoapo le dilomo tse
kgolo; tutudu e tshoanang le thaba. /bon. Marallana/ (bap. letsoapo).
Lerallana (le-ral-la-na) /hillock/ Leralla le lenyane haholo. /bon. Marallana/.
Lerama (le-ra-ma) /cheeck/ Karolo ya sefahleho e ka tlasa leihlo, pela mahlakore a
nko, qetellong ya molomo. /bon. Marama/.
Lerantha (le-rant-ha) /dilapidated cloth/ Seaparo kapa ntho e tabuhileng haholo ka
baka la botsofadi kapa bokgale ba yona; ntho e shebahalang e le boemong bo sa
lokiseheng. /bon. Marantha/ (bap. Malabulabu).
Leranthana (le-rant-ha-na) // Lerantha le lenyane: seaparo se senyane kapa ntho e
tabuhileng haholo ka baka la botsofadi kapa bokgale ba yona. Nyenyefatso ya
lerantha. /bon. maranthana/ (bap. leharasoana, leharasoa).
Lerao (le-ra-o) /buttock/ Setho sa mmele se ka tlasa bomorao ba letheka, ka hodima
qaleho ya serope, seo hangata se nang le pokello ya nama e ngata haholo, se
sebedisoang bakeng sa ho dula. /bon. Marao/ (bap. sebono).
Lerapo (le-ra-po) /rope, leather string, strap/ Kgoele kapa thapo e entsoeng ka
letlalo la phoofolo le suuweng, e sebedisoang bakeng sa ho tlama kapa ho fasa. /bon.
Marapo/ Mael. Lerapo la papa: seshebo kapa seo ho jelelloang bohobe ka sona.
Mael. Ho suwa lerapo la puleng: ho etsa ketso e sa thuseng la letho; ho tsitlallela ho
etsa ketso hlokang mosola. Tlh. Batho babang ba sebedisa lekoko bakeng sa lerapo
ha ba sebedisa maele ana.
Leraretsi (le-ra-re-tsi) /multiple word/ Lentsoe, haholo lereho, le ahiloeng ebile le
bopiloe ka mantsoe a fetang bonngwe; lebitso kapa lereho le akgang mantsoe a
mmaloa leleleng. /bon. Mararetsi/ Mohl. Marema-tlou, kae-kapa-kae, neng-kapa-
neng, motho-feela-makgetha, ntja-pedi, leebana-kgoroana, mang-mang, tshoene-
motho, masa-a-kokometse, jj. (bap. Lebitsohokoa).
Lerashea (le-ra-she-a) /Russian/ Moahi wa naha ya Rashea, e Asia, ya buang puo ya
serashea. /bon. Marashea/ (bap. morashea) Tem. Hangata lelapa la batho ba buang
Sesotho (Basotho ba Borwa, Lebowa le Batswana) ba kgetha ho sebedisa tlhaku “L”
bakeng sa tlhaku “M” ho bitsa motho wa mofuta o mong.
Lerata (le-ra-ta) /noise/ Modumo o moholo o bakoang ke ho buwela hodimo, tetso
ya diletsa, kopano ya dintho, ho qhoma hoa ntho e itseng kapa ho wela hoa ntho e
itseng. /bon. marata/ (bap. tlhodio).
Lerato (le-ra-to) /love/ Maikutlo a tibileng a thato kgahlanong le motho kapa ntho e
itseng; boemo ba pelo kapa kelello bo bontshang ho lakatsa kapa ho hoheloa ke
292
293
motho kapa ntho e itseng. Maikutlo kapa boemo ba batho ya ratanang ka ho bontsha
dipuo le diketso tse itseng. Ketso ya ho rata motho kapa ntho. /bon. 0/ (bap. Thato).
Leratsoana (le-rats-wa-na) /small rope, string, shoe lace/ Nyenyefatso ya lerapo:
lerapo le lenyane. /bon. maratsoana/.
Lere (le-re) /rod/ Molamu o sebedisoang ke motho bakeng sa ho ikokotlela, ho
itshireletsa kapa ho loana. Thupa kapa molamu o sebedisoang ho tshihetsa motsamao
wa motho. /bon. 0/ (bap. seikokotlelo).
Lereko (le-re-ku) /elegance/ Pontsho ya mohau o neheloang motho ntle le ho loka
hoa hae; lerato la semoya le lebisoang ho moetsadibe; mohau o sa hlokeng tefo kapa
tefello. Tshoarelo ya diphoso. /bon. 0/ (bap. mosa).
Lerematlou (le-re-ma-tlou) /unity/ Motho wa kakanyo kapa monahano o tshoanang
le wa sehlopha kapa mokgatlo wa batho ba habo. /bon. Marematlou/ Mael.
Marematlou a ntsoe leng: ba tsamaisanang mmoho ba bua puo e tshoanang; ba
mokgatlo o le mong ba kgema mmoho. (bap. marematlou, motshehetsi).
Lerenene (le-re-ni-ni) /gum/ Nama e kgubedu kapa e kgubetsoana ya lehano, e
tshiheditseng le ho tshoara meno hore a mamarele masapong. /bon. Marenene/.
Lereho (li-re-o) (lereo)/noun/ Lentsoe le sebedisoang ho reha kapa ho bitsa ketso efe
kapa efe; thehello ya leetsi lefe kapa lefe; lereo/lereho ha le sebedisoa polelong.
Mohl. mareho a maetsi: amana=kamano, babela=pabelo, chabisa=chabiso,
diaha=tieho, emisa=kemiso, fepa=phepo, hauha=khauho, lakatsa=takatso,
mamola=mamolo, nolofatsa=nolofatso, otla=kotlo, phehisa=phehiso, qapa=qapo,
rohaka=thohako, sebetsa=tshebetso, tataisa=tataiso, utloa=kutlo, sheba=chebo,
makatsa=semaka, jj. Mohl. mareho kapa mabitso a semelo: thaba, mokoti, leru,
ntlo, ntja, motho, jj.
Lerete (li-re-te) /testicle/ Setho sa bonna se ikarabellang tlhahisong ya dithoere;
setho sa motho e motona se qetellong ya kooma se jereng dithoere tsa ho tsoadisa
nakong ya thobalano. /bon. Marete/ (bap. lekolota).
Leri (le-ri) /step ladder/ Sesebedisoa se sebedisoang bakeng sa ho thusa ho kalama
kapa ho hloella hodima ntho e itseng. /bon. Dileri/ Tem. Lentsoe lena le utloahala
jolao ka sothofatso ya lentsoe la molata “step ladder”. (bap. sehloelli).
Leribe (le-ri-be) // Enngwe ya ditereke tsa naha ya Lesotho pakeng tsa Butha-Buthe
le Berea eo motse moholo wa sona eleng Hlotse.
Leritshoana (le-rits-hwa-na) /clay container/ Mofuta wa setshelo sa Sesotho o
entsoeng ka letsopa le besitsoeng, o ka sebedisoang ho tshela mefuta ya dino tse
fapaneng. /bon. maritshoana/ (mm. leritshwana) (bap. moritshoana).
LERITSHOANA
293
294
LERUTLE
Lesa (le-sa) /stop, discontinue, cease/ Ho kgaotsa ho etsa ketso, ketsahalo, tloaelo
kapa mokgoa o itseng; ho emisa ho tsoelapele ka ketso e itseng. (bap. Tlohela).
Lesa (le-sa) /abandon, quit, desert/ Ho sia motho kapa ntho e itseng e le nngwe; ho
tlohela mosebetsi kapa ketsahalo e itseng.
Lesabasaba (le-sa-ba-sa-ba) /grassy plain, savannah/ Sebaka se motsitsa se tletseng
joang bo bongata; thota e tletseng joang bo bongata. /bon. masabasaba/ (bap. thota.
Lesaka (le-sa-ka) /kraal/ Sebaka seo ho koalloang diruuwa joalo ka dikgomo, dinku
kapa dipodi teng; moo diphoofolo tse ruuwang di koalloang teng; ntlo kapa lehae la
294
295
seruuwa. /bon. Masaka/ (bap. setala). Mael. Lentsoe la morena le haeloa lesaka: seo
morena kapa motho e moholo a se buang se tlameha ho ananeloa le ho hlonchoa.
Lesakana (le-sa-ka-na) /bracket/ Letshoaho la puo le sebedisoang ho kenyeletsa
lentsoe kapa mantsoe a polelo a itseng ka ho a qolla polelong. Letshoaho le qollang
lentsoe kapa mantsoe ka ho a arola ho amang. Mohl. ( ) Ke tsamaile (mmoho le
yena) maobane ka ba ka kgutla le yena.
Lesako (le-sa-ko) /gap/ Sekgeo se teng pakeng sa meno seo motho a tsoaloang le
sona; sebaka se hlokang leino kapa meno mareneneng sa tlholeho. /bon. Masako/.
(bap. Sesene) Tlh. Sesene le lesako ke mantsoe a mabedi a bolelang ntho tse
fapaneng: “lesako” ke sebaka se mareneneng se bulehileng ka tlhaho, ha “sesene” e
le sebaka se hlokang leino kapa meno ka lebaka la ho lahleheloa ke leino kapa meno
ka tsela e itseng.
Lesale (le-sa-le) /ring/ Se roaloang monoaneng, tsebeng kapa sethong seseng sa
mmele ka sepheo sa ho kgabisa; mokgabo wa kgauta, silefere kapa moetso o itseng
wa boleng bo hodimo o roaloang tsebeng kapa monoaneng. /bon. Masale/.
Lesalla (le-sal-la) /leftover, remnant, surplus/ Se setseng ka mora nako ya dijo;
sejo se setseng ha ho jewa; sejo se hlafunnoeng mme sa sala sejaneng; motho ya
saletseng morao ha ho tsamauwa. /bon. Masalla/.
Lesamane (le-sa-ma-ne) /squirrel/ Mofuta wa phoofolo ya naheng, seka tadi, e nang
le mohatla o boya bo bongata, e tloaelehileng ka ho kalama difate kapa ho cheka le
ho kena mekoting. /bon. masamane/ (bap. mohloathupa).
Lesapo (le-sa-paw) /bone/ Setho sa mmele, se sesoeu, se tshihetsang motsamao wa
mmele le ho tshireletsa ditho tse bonojana tsa mmele kapa dikahare. /bon. masapo/.
Mael. Ho ja masapo a hlooho: ho nahanisa se boletsoeng. Ho nahana haholo ka
boemo bo itseng. Ho nahana ka ho batla tharolloa ya bothata bo itseng. Mael. Lesapo
la masapo: molekane waka eo ke mo ratang haholo.
Lesapuwana (le-sa-pu-wa-na) /bridegroom’s mother’s supper/ Dijo, haholo nama
ya kgomo ya selelekela, tse jewang ke mma monyadi le metsoalle ya hae nakong ya
phirimana. /bon. Masapuwana/.
Lesatjoana (le-sat-jwa-na) /cartilage/ Seka lesapo se tholahalang manoanyetsong a
mmele kapa dithong tse ding tsa mmele, se bonojana hofeta lesapo. Karolo ya setho
sa mmele e tshoanang le lesapo empa yona e le bonolo. /bon. Masatjoana/.
Lesea (le-se-a) /infant/ Ngoana e monyane ya so tsebeng ho tsamaya, ya so tsebeng
phapang ya botle le bobe, eo kelello ya hae e song ho tsitsi. Motho ya monyane
haholo dilemong. /bob. Masea/ (bap. lekgabunyane, ngoana).
Lesebo (le-se-bo) /god’s gift/ Se fanoang ho badimo; phabadimo; phabafatshe;
mokete kapa lelomolo la ho leboha ba fatshe. /bon. Masebo/ (mm. Disebo).
Lesedi (le-se-di) /light/ Boteng ba kganya kapa ponahalo e bakoang ke letsatsi,
kgoedi, naledi kapa lebone. /bon. Masedi/ (bap. kganya).
Lesedinyana (le-se-din-ya-na) /newspaper, magazine/ Pampiri e hlahisang le ho
phatlalatsa ditaba le diketsahalo tsa tikoloho. /bon. Masedinyana/
Lesehla (le-se-hla) /sand stone, sedimentary rock/ Mofuta wa lejoe le bonojana le
hoholehang ha bonolo, le bakang mobu wa lehlabathe ha le phophoreha. /bon.
Masehla/ (bap. lehlabathe, lehlohlojane).
Leseka (le-se-ka) /wire, electric string/ Mofuta wa thapo e tshetshane e tsamaisang
motlakase. Mofuta wa thapo e sebedisoang ho kgabisa molamu. /bon. Maseka/ (bap.
boseka).
Lesela (li-si-la) /cloth, linen/ Se sebedisoang ho etsa seaparo kapa sesebedisoa sa ho
kgabisa bokahare ba ntlo ha se rokiloe. /bon. Masela/.
295
296
Lesela (li-se-la) /abandon, forsake, jilt, leave/ Ho kgaotsa ho etsa ketso, ketsahalo,
tloaelo kapa mokgoa o itseng; ho emisa ho tsoelapele ka ketso e itseng; ho kgaotsa ho
sebetsa kapa ho ba le kamano le. (bap. tlohela, tlosa).
Lesele (li-si-li) /different one/ Seqolli se hlakisang ntho eo ho buuwang ka yona ka
ho kgetholla hara tse ding. Leo eseng lona le batloang. Mohl. Lejoe lesele. Lesole
lesele. Re batla lesele, eseng lena. Che ha re batle lena, re batla lesele.
Lesella (le-sel-la) /free, leave alone/ Ho tlohela se tshoeroeng hore se lokolohe; ho
fuparolla se atlaretsoeng ka letsoho hore se lokolohe. Ho fana ka tokoloho ho se
tshoeroeng kapa se ditlamong. (mm. tesello).
Lesene (li-se-ne) /canny, dexterous, astute/ E bohlale bo jalletsang; e kgonang ho
susumetsa ka dipuo kapa diketso tsa boqhekanyetsi. (bap. masene) Tlh. Lentsoe lena
le sebedisoa le le ka bongateng hangata eleng “masene”.
Lesenke (li-sen-ke) /corrugated iron/ Mofuta wa tshepe e sebedisoang ho rulela, ho
koahela le ho kupetsa kapa ho etsa meaho. /bon. masenke/.
Lesepa (le-si-pa) /excrement, faece/ Se tsoang ka lesoba la sebono se jeloeng nako e
fetileng; dijo tse tsoang ka lesoba la sebono tseo mmele o sa di hlokeng. Manyala a
tsoang ka mosima wa lerao. /bon. Masepa/ (bap. lenyela).
Lesere (le-se-re) /lurcene, alfalfa/ Mofuta wa furu e boleng bo hodimo, e
sebedisoang ho fepa diphoofolo, haholo tsa hae. /bon. Masere/.
Lesetedi (le-se-te-di) /settler/ Motho ya dulang naheng eo eseng ya habo kapa eo a
sa tsoalloang ho yona. /bon. Masetedi/ Tlh. Lentsoe lena ke sothofatso ya lebitso la
molata “settler”. (bap. letsoantle, modichaba, molata, lekwerekwere).
Lesetla (le-se-tla) // Motho ya setlang: ya otlang ha bohloko ka letsoho; ya
mamolang ka tsela e mpe, e utloisang ya nathoang bohloko. /bon. bomasetla.
Lesetlaoka (le-se-tla-o-ka) /termite/ Enngwe ya dikokoanyana, seka seboko, e
senyang haholo ka ho ja ka ho ebola le ho heletsa. /bon. masetlaoke/.
Leshala (le-sha-la) /coal/ Serafjoa se setsho, seka lejoe, se sebedisoang ho besa kapa
ho etsa mollo. Ponahalo e kgubedu ya mollo wa patsi e tukang. /bon. Mashala/.
Leshano (le-sha-nu) /falsehood, untruth, deceit/ Tlhokeho ya nnete; bosio ba puo e
supang bonnete; ketsahalo kapa puo e hlokang nnete. /bon. Mashano/.
Lesheleshele (le-she-le-she-le) /morning porridge/ Mofuta wa motoho oo hangata o
nowang hoseng, oo motsoako wa ona eleng metsi a belang le phofo ya poone kapa ya
mabele. /bon. Masheleshele/ (bap. tomotomo).
Leshoabe (le-shwa-be) /type of wild vegetable/ Mofuta wa moroho wa naha o nang
le tatso e shoabaselang kapa o mahoashe ha o jewa. /bon. Mashoabe./
Leshoata (li-shwa-ta) /aftershave/ Boemo ba letlalo le sa tsoa beoloa le bontshang
seka makgopho. Mahoashe a letlalo la motho le tlositsoeng moriri, maboya, ditedu
kapa bohoete.(bon. Mashoata).
Leshodu (le-sho-du) /thief/ Motho ya utsoang; motho ya nkang seo eseng sa hae ntle
le tumello. /bon. Mashodu/. Mael. Leshodu ke le tshoeroeng: motho ya tshoeroeng a
utsoa ke yena leshodu, empa ya sa tshoaroang a etsa joalo ha se lona. Mael.
Motsoalle wa leshodu ke leshodu: motho ya nang le kamano le ya etsang bobe o
tshoana le yena.
Leshodu (le-sho-du) /stingy person/ Motho ya timanang haholo; motho eo ho leng
thata haholo ho yena hore a ka fana. bon. Mashodu/.
Leshoehleshoehle (le-shwe-hle-shwe-hle) // Seetsoa sa maiketsetso se kentsoeng
majoana a masesane, se bakang modumo ha se tsitsinyoa nakong ya mmino. Seletsa
sa mmino seka kgetsi e tshetsoeng majoana a bakang modumo o moholo. /bon.
Mashoehleshoehle/. (bap. Morutlhoane, lengenengene). (mm. Leshwehleshwehle).
296
297
297
298
LESUHLANGETO
298
299
LETATA
Letata (li-ta-ta) /goat, ox or sheep’s hide/ Kobo e entsoeng ka letlalo la nku, pholo
kapa podi, le suuweng. /bon. Matata/ (bap. Setipana, lefoqo).
Letatanoka (le-ta-ta-nu-ka) ) /african black duck/ Mofuta wa nonyana ya lelapa la
matata, e bonahalang haholo pela dinoka le diphulana; e mmala o motsho le
maroboko kapa matheba a masoeu. /bon. Matatanoka/.
Letawa (le-ta-wa) /alcoholic, drunkard/ Motho ya tawang haholo, ya noang joala
letsatsi leleng le leleng, mme a hloleha ho bo tlohela; motho ya hloloang ke tahi ka
ho etsa diphoso ha a noele. Motho ya noang joala hofeta tekano. /bon. Matawa/.
Letebele (le-te-be-le) /nguni speaking person/ Moahi wa Afrika Borwa ya Buang
puo ya setebele, eo hangata a tholahalang profinsing ya Mpumalanga. /bon.
Matebele/ Tem. Hangata lelapa la Sesotho (Basotho ba Borwa, lebowa le Batswana)
ha ba sebedisa lentsoe lena “letebele” ba akaretsa le ho bolela leloko lohle la batho ba
buang dipuo tsa sekone (nguni speaking people) joalo ka Amazulu, Amaxhoza,
299
300
300
301
LETHOPJE (MATHOLOPJE)
301
302
302
303
303
304
304
305
305
306
306
307
307
308
308
309
Llela (l-le-la) /cry for/ Ketsetso ya ho lla. Mael. Ho llela motsotso: ho itshola kapa
ho itshoaya phoso ka lebaka la botlaila bo entsoeng pejana.
Lleloa (l-le-lwa) // Boetsuwa ba ho lla. Mael. Moiketsi ha a lleloe: motho ya
ikarabellang mathateng a hae ha a tlameha ho utloeloa bohloko.
Llile (l-li-le) /cried/ Bokgale ba ho lla.
Llisa (l-li-sa) /poignant, sad/ Ketsiso ya ho lla: ho etsa hore motho a utloe bohloko
ka baka la ketso kapa ketsahalo e itseng; ho hlomola pelo kapa ho utloisa bohloko.
Lliwe (l-li-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho lla. (mm. Llioe).
Lloa (l-lwa) // Boetsuwa ba ho lla. Mohl. Kea bona hore mona ho a lloa.
Loana (lwa-na) /to fight, assault, battle, clash, conflict, brawl/ Boemo ba ho
otlana, shapana, mulana, qoaketsana kapa ho behana matsoho kapa ho sebedisa
dibetsa kgahlanong le motho kapa batho ka tsela e ka ntshang kotsi kapa ya bolaya;
ho futuhela ntho kapa motho ka sepheo sa ntoa; ho hlasela ka sepheo sa ho se
kgotsofale kapa kgotsofatsoe; ho bua mantsoe a bohale a ntoa. (mm. Lwana).
Loanela (lwa-ne-la) /fight for/ Ketsetso ya ho loana: ho loana bakeng sa.
Loantsha (lwa-nts-ha) /fight against/ Ketsiso ya ho loana.
Loantshoa (lwa-nts-hwa) /fought at/ Boetsuwa ba ho loana.
Lobokana (law-baw-ka-na) ?? /disband, scatter, disunite/ Ho arohana ka ho
tlalatlala le sebaka; ho betseha ka ho ya nqalong tse fapaneng; ho ya koana le koana.
Lobokano (law-baw-ka-naw) /scattering, disbanding/ Ketso ya ho lobokana:
mokgoa wa ho arohana ka ho tlalatlala le sebaka; ho betseha ka ho ya nqalong tse
fapaneng; ho ya koana le koana. (bap. Tobokano).
Lodi (lo-di) /cyperus marginatus/ Mofuta wa joang o hlokang mahlaku, oo hangata o
hlahang bakeng tse mongobo kapa pela metsi, o sebedisoang bakeng sa ho loha hape
o ka sebedisoa joalo ka moriana wa mafu a thobalano. /bon. 0/ (mm. lelodi, loli).
Loela (law-ela) /to get momentum/ Hoa ketsahalo: e nkang kapa e bang le sekgahla
ha e tsoela pele; ebang monate ha e tsoela pele. Mohl. Mokete ona o wa loela.
Loela (law-ela) /condense, undilute, thicken/ Hoa motsoako wa metsi: ho etsa hore
seno se hlapolohileng haholo se tsebe ho noeha ka ho kenya motsoako omong o
matla, o fanang ka tatso enngwe. (bap. hlapolosa, hlapolla).
Loetse (lwe-tse) /september/ Kgoedi ya borobong ya alemanaka ya kajeno, e tlang
ka mora Phato, e lateloe ke Mphalane. Kgoedi ya pele ya selemo sa Sesotho, eo
bophelo ba dimela tse tala bo qalang ho hloma. /bon. 0/ (mm. lwetse).
Loetse (lwe-tse) /complete, full, concentrated/ E tletseng kapa e felletseng.
Lofa (law-fa) /abscond/ Ho ba sio mosebetsing ntle le mabaka; ho ipha dimenyane
ntle le tsebiso; ho nyamela mosebetsing. Tem. Lentsoe lena ke sothofatso ya lentsoe
la molata “loafer”, lentsoe le nepahetseng la sesotho ke “sio” kapa “nyamela”.
Lofile (lo-fi-le) /absent/ Bokgale ba ho lofa. (bap. sio).
Lofisa (lo-fi-sa) // Ketsiso ya ho lofa.
Lofisitsoe (lo-fi-sits-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho lofa.
Lofisoa (lo-fi-swa) // Boetsuwa ba ho lofa.
Loha (lu-ha) /braid/ Ho etsa moloho wa moriri; ho tlama moriri ka tsela e makgethe
ya bokgabane; ho etsa mafito moriring ka sepheo sa ho kgabisa.
Loha (lu-ha) /sew, knit, plait, weave/ Ho etsa thapo ka kgoele kapa mofuta o itseng
wa semela; ho mena kapa ho kopanya ka hareng, kgoele kapa thapo. (bap. Roka).
Lohle (lo-hle) /all: of words starting with “L” / Lentsoe kapa seemedi se
sebedisoang ho akaretsa ntho eo lebitso la yona le qalang ka tlhaku “L” joalo ka:
lehloa lohle, lewatle lohle, lehoatata lohle, jj.
309
310
310
311
311
312
312
313
Mmm
PALE:
Tlhaku ya leshome le metso e meraro (13) ya Sesotho. Ka puo efe kapa efe ya Afrika
Borwa, kapa Afrika e ka Borwa, tlhaku “M” e ya mothofatsa: e etsa hore mareho a
mangatanyana a hlalose motho. Hape, tlhaku “M” ke enngwe ya ditlhaku tse
ngatahadi puong tsa batho ba batsho. Mabitso a batho le a dichaba a fumanwa
tlhakung ena.
M (em) //.
Ma (ma) /pluralizing prefix/ Sehlongoapele se sebedisoang bakeng sa ho ngatafatsa
mantsoe a qalang ka tlhaku “L”. Mohl. Lengeloi=mangeloi, letanta=matanta,
lerata=marata, lesole=masole, lejoe=majoe, lewatle=mawatle, lefatshe=mafatshe, jj.
Ma (ma) /verbs personifying prefix/ Sehlongoapele se mothofatsang maetsi kapa
mantsoe a itseng a puo ya Sesotho ho a etsa motho kapa ho hlalosa motho le mokgoa
kapa sebopeho sa hae. Mohl. Tsosa=matsoso, tseba=matseba, ja=maja, jara=majara,
lefana=malefane, sututsa=masututsa, pedi=mabedi, jj. Tlh. Sehlongoapele sena ha se
bolele hore lentsoe le ka bongateng, empa se etsa hore leetsi ebe motho. Bongata
(plural) ba mantsoe a joalo bo teng. Mohl. Matsoso=bomatsoso, matseba=bomatseba,
majara=bomajara, malefane=bomalefane, masututsa=bomasututsa, jj.
Maan (ma-an!) /exclamation: please!/ Lekgotsa le sebedisoang ho hanyetsana le puo
kapa ketsahalo e itseng ka bohale. Mohl. O seke wa nkomanya maan! Tlh. Lentsoe
lena le ratoa ho sebedisoa ke batho ba batsho, haholo Basotho, le ha ho sa tsebahale
qaleho ya lona le lebaka. Ka puo ya Afrikaans lentsoe lena hale sebedisoe joalo ka
lekgotsa, empa le na le moelelo omong o fapaneng le tshebediso ya batho ba batsho.
Mabalane (ma-ba-la-ne) /urban area, suburb/ Sebaka se pela toropo; motse o
haufinyane le ditoropo. /bon. 0/ (bap. lehaeng).
Mabalankoe (ma-ba-lan-kwe) (mabalankwe) /summary/ Ketso e etsoang ka ho
kgutsufatsa kapa ka bokgutshoanyane; kakaretso ya kapele; ho bala kapa ho ngola ka
ho kgutsufatsa polelo kapa moqoqo o molelele. /bon. mabalankoe/.
Mabalankoe (ma-ba-lan-kwe) (mabalankwe) /highlights/ Ketsahalo e bontshang
pontsho e itseng ka bokgutshoanyane kapa ka ho qapoqapola. /bon. mabalankoe/
Mabapa (ma-ba-pa) /in connection with/ Ka lebaka le amanang le; ka tsela e
amanang le; ka sepheo sa ho amana le.
Mabapi (ma-ba-pi) /near/ Haufinyane le kapa pela ntho e itseng; lehlakoreng le
haufinyane le; nqa e pela ntho e itseng. Tlh. Batho babang ba sebedisa lentsoe
“mabapa” bakeng sa “mabapi” ho bolela haufinyane le.
313
314
Macha (ma-cha) /new ones, fresh ones/ Hoa dintho tse ngata: tse sa tsoa hlahisoa
kapa tse sa tsoa fihla; tse so sebedisoeng kapa tse maemong a matle; tse sa tsoa rekoa,
tseo eleng hona di fihlang. (bap. ncha).
Machaba (ma-cha-ba) /international/ E etsahalang lefatsheng ka bophara; e
tholahalang hohle lefatsheng; e teng dinaheng tsohle tsa lefatshe; e emelang kapa eo
tshebeletso ya yona e fihlang dinaheng tsohle tsa lefatshe. (bap. sechaba).
Machache (ma-cha-che) /type of blanket/ Mofuta wa kobo ya setso ya Basotho;
enngwe ya dikobo tsa Basotho e ntle haholo. /bon. Machache/.
Madambadamba (ma-tam-ba-tam-ba) /chaos and disorder/ Boemo ba moferefere,
morusu le mokutu; boemo bo hlokang taolo le tsepamo; mokgoa wa ho etsa diketso
tse sa tloaelehang. /bon. 0/ Mohl. Bana ba banyane ba noa joala le bontata bona
sena ke madambadamba feela. Tshepo Tshola o re peto ya makgabunyane mehleng
ya kajeno ke madambadamba feela.
Madi (ma-di) /blood/ Lero le lefubedu le tholahalang mmeleng ohle wa motho kapa
phoofolo; lero le lekgubedu le tsamaisoang ke methapo ya mmele ho potoloha ka
thuso ya pelo. /bon. 0/ (mm. mali).
Madiela (ma-di-ela) /defaulter, deceiver/ Motho ya hlolehang ho lefa seo a se
rekileng. Motho ya dielang ba bang ka dipuo kapa ka ho sebedisa matla.
Madiela (ma-di-ela) /retiring person, pensioner/ Motho ya boemong ba ho tlohela
mosebetsi kapa ketso e itseng ka baka la maemo a botsofe kapa mabaka a itseng;
motho ya dilemong tsa botsofe, ya sa hloleng a sebeletsa monga hae. /bon.
bomadiela/.
Madimabe (ma-di-ma-be) /bad luck, misfortune, ill-omened/ Hoa boemo ba motho:
ya hlokang lehlohonolo; eo ntho tsa hae di sa etsahaleng ho ya ka morero; eo ntho tse
mpe di etsahalang ho yena. (bap. Bomadimabe) (mm. malimabe).
Madimong (ma-di-mu-ng) /operation theatre/ Sebaka sa kokelo kapa kalafo moo
batho ba kulang ba buweloang teng: ho roka, ho ntsha le ho lokisa ditho tse itseng tsa
mmele, tse bakang bohloko kapa bokudi. /bon. 0/ (mm. malimong).
Madito (ma-di-to) /I saw it first on the ground/ Lekgotsa kapa puo e bontshang hore
mmuwi o bone ntho e itseng fatshe pele ho emong; lentsoe le sebedisoang ke mmuwi
ho bontsha seo a se boneng pele ho mmuwiswa. Mohl. Madito motsoala!
314
315
315
316
316
317
317
318
318
319
319
320
Mamela (ma-me-la) /listen/ Ho sebedisa tsebe bakeng sa ho utloa; ho etsa hore tsebe
e nke puo e buuwang kapa molaetsa. Ho ba boemong ba ho nka modumo wa puo ka
ho sebedisa tsebe le kelello. (bap. thea).
Mamella (ma-mel-la) /persevere, endure, hang on/ Ho pheella ho etsa ketso e itseng
le ha ho le thata; ho tsoela pele ka ho thola le ha ho le bohloko; ho tsitlallela ho latela
boemo bo itseng ho fihlella morero o batloang o fumanoa. (bap. latella).
Mamello (ma-mel-law) /perseverence, endurance, persitance/ Ketso ya ho
mamella: pheello ya ho etsa ketso e itseng le ha ho le thata; ho tsoela pele ka ho thola
le ha ho le bohloko; ho tsitlallela ho latela ketso e itseng ho fihlella boemo bo
batloang bo fihlelloa le ha ho le thata. /bon. 0/ ( bap. tatello). Mael. Mamello e tsoala
katleho: ho tiisetsa mathateng ho a putsa; katleho e fumanoa ke ba nang le tiisetso
bophelong.
Mamola (ma-mu-la) /hit, batter, smack, smite/ Ho otla ka letsoho ntle le ho
qenehela; ho shapa ka seatla, haholo, ntle le ho hauhela.
Mamolo (ma-mu-law) /hiting, smacking, punching/ Ketso ya ho mamola: ho otla ka
letsoho ntle le ho qenehela; ho shapa ka seatla, haholo, ntle le ho hauhela.
Mamoloa (ma-mu-lwa) // Boetsuwa ba ho mamola.
Mamolaka (ma-mu-la-ka) /hit or smack repeatly/ Phethako ya ho mamola: ho
mamola ka makgetlo a mangata.
Mamolako (ma-mu-la-ko) /repeat hitting or smacking/ Ketso ya ho mamolaka:
mokgoa wa ho mamola ka makgetlo a mangata.
Mamolakoa (ma-mu-la-kwa) // Boetsuwa ba ho mamoloka.
Mamoloa (ma-mu-lwa) // Boetsuwa ba ho mamola.
Mamotse (ma-mu-tse) // Bokgale ba ho mamola.
Mamotsoe (ma-mu-tswe) // Boetsuwa le bokgale ba ho mamola.
Manaila (ma-na-ila) /hairy legs/ Hoa phoofolo, haholo pitsi: e maoto a boya; e
tletseng moetse kapa boya bo bolelele maotong; e maoto a makgisa. (bap. lenaila).
Mane (ma-ni) /over there, yonder/ Lesupa le bontshang sebaka se hojana ntle le ho
bitsa lebitso la sona. (bap. mono, monono).
Mane (ma-ne) /foursome/ Hoa palo ya dintho tse ka bongateng: tse fetang boraro ka
palo empa di le ka tlase ho hlano; tseo palo ya tsona e fetang tharo, di le ka tlase ho
bohlano. (bap. nne, bone). Mael. E kgopjoa e le maoto mane: mang le mang a ka etsa
phoso ho sa natsoe boemo ba hae ba borui, bofutsana, boholo, bonyane kapa bohlale
ba hae.
Maneha (ma-ne-ha) /stuck, paste/ Ho beha hodima ntho e itseng ka ho mamaretsa.
Maneho (ma-ne-ha) /stucking, pasting/ Ketso ya ho maneha: ho beha hodima ntho e
itseng ka ho mamaretsa. Peho ya ntho hodima seseng ka ho mamaretsa kapa ho
kgomathetsa. (bap. mamaretsa, mamaresto).
Manene (ma-ni-ni) /over there/ Lesupa le bontshang sebaka se hojana ntle le ho bitsa
lebitso la sona ka ho toboketsa. Mohl. Ke batla ho ya manene honajoale!
Mang (ma-ng) /who/ Lebotsa kapa lebotsi le batlang ho tseba motho eo ho buuwang
ka yena; lentsoe le sebedisoang bakeng sa ho botsa motho eo ho buuwang ka yena;
lentsoe le batlang ho tseba mmuuwa. /bon. Bomang/ Mohl. Ke mang eo a halefileng
hakanakana? Batho ba ba bua ka mang hantlentle?
Mang (//) /plural: what type?/ Lentsoe le sebedisoang bakeng sa ho batla ho tseba
mofuta wa motho kapa mofuta wa ntho eo ho buuwang ka yona. Mohl. Majoe a ke
mofuta mang: moralla kapa lesehloa?
Mang-kapa-mang (//) /whoever, anybody/ Motho kapa batho ntle le ho kgetholla;
motho kapa batho kaofela ho sa siwe ba bang kapa emong. /bon. Bomang kapa mang/
320
321
321
322
322
323
323
324
324
325
Masawana (ma-sa-wa-na) /hoax/ Puo kapa ketso e hlokang bonnete kapa nnete;
phatlalatso e fosahetseng kapa e nyopileng. /bon. Masawana/ (mm. masaoana).
Maselamose (ma-se-la-mu-se) /enchantment, occultism, sorcery/ Tsebediso ya
meriana, boloi le memeya e ditshila ho fihlella sepheo se batloang; mokgoa wa ho
sebedisa boqhekanyetsi ba meriana kapa boloi ho phethahatsa morero o batloang;
ketso e etsoang ka palehelo ya nnete le toka. /bon. Maselamose/
Masene (ma-se-ne) /canning, astute/ E bohlale bo jalletsang; e kgonang ho
susumetsa ka dipuo kapa diketso tse itseng. (bap. lesene, maqiti).
Masene (//) /intelligence, cleverness/ Tsebo ya dithuto tsa sekolo; tlhalefo e mabapi
le thuto ya sekolo le diketso tsa teng. Bokgoni ba ho etsa dintho tsa letsatsi le letsatsi
ntle le thupello e phethahetseng. Ketso ya ramahlale kapa rabohlale. Botsebi kapa
tsebo ya ho etsa ntho tse ngatanyana ntle le thupello. /bon. 0/ (bap. bohlale).
Maseneke (ma-se-ne-ke) /vivacious, scintillating/ E tletseng bophelo le ho bontsha
matjato; e bontshang thabo le mafolofolo; e kganyang kgotso ebile e bontsha matjato.
Mohl. Ditaba di maseneke. Ke thabile hobane tsohle di maseneke.
Masenya (ma-sen-ya) /demolisher, destroyer/ Motho ya senyang; ntho e heletsang
moaho; se bakang tshenyo le diqabang. /bon. Bomasenya/ (bap. sesinyi).
Masesane (ma-se-sa-ni) /thin ones/ Tse nyane kapa tse otileng ka sebopeho; tse
hlokang bophara kapa botenya; tse sa nonang. (bap. sesane, tshetshane, lesesane).
Masetlapelo (ma-se-tla-pe-lu) /poignancy, emotionalism/ Ketsahalo kapa ketso e
amang maikutlo; boemo bo utloisang pelo bohloko, bo nyarolang maikutlo; ketsahalo
e llisang. (mm. masetla-pelo).
Masianoke (ma-sia-no-ke) /cormorant/ Mofuta wa nonyana e tshoana le bokatlase
bo bosweu; e phelang pela dinoka kapa lewatle, e molala le qoqotho e telele, e
phelang ka dibupua tsa metsing. /bon. Bomasianoke/ (bap. lekekeruwane) (mm.
mmamasianoke).
MASIANOKE
325
326
326
327
327
328
328
329
329
330
Mela (mi-la) /germinate, bud, vegetate/ Ho tsoa mobung hoa peo e jetsoeng; ho
hlaha hoa semela se secha hara mobu. (bap. lema, semela).
Melo (mi-law) /germination/ Ketso ya ho mela: ho tsoa mobung hoa peo e jetsoeng;
ho hlaha hoa semela se secha hara mobu. (bap. semela, semelo).
Mema (me-ma) /invite/ Ho tlisa motho moketeng; ho etsa hore motho a be teng
moketeng; ho joetsa motho hore a tle moketeng kapa ketsahalong e itseng.
Memela (me-me-la) /canvass/ Ketsetso ya ho mema: ho tlisa batho mokgatlong,
mokgeng kapa sehlopheng ka tsela e otlolohileng. Mohl. Re na le ho bona
boradipolotiki ba memela bongata ba batho mekgatlong nakong tsa dikgetho.
Memelo (me-me-la) /canvassing/ Ketso ya ho memela: mokgoa kapa tloaelo ya ho
tlisa batho mokgatlong, mokgeng kapa sehlopheng ka tsela e otlolohileng.
Memetsa (me-me-tsa) /yell, scream/ Ho hoeletsa haholo ka lentsoe le phepa; ho lla
haholo ka seboko se seholo; ho buela hodimo ka lentsoe le phahameng. (bap.
hoeletsa) Tem. Lentsoe lena, “memetsa” le tshoana le la puo ya sekone, “memeza”.
Memetso (me-me-tso) /yelling, screaming/ Ketso ya ho memetsa: ho hoeletsa haholo
ka lentsoe le phepa; ho lla haholo ka seboko se seholo; ho buela hodimo ka lentsoe le
phahameng. (bap. khoeletso, lerata, seboko).
Memeya (mi-me-ya) /evil spirits/ Moya o ditshila wa satane le mangeloi a hae;
boemo ba diketso tse sa etsoeng ke motho ya phelang hantle. /bon. 0/
Memo (me-maw) /invitation/ Ketso ya ho mema: ho tlisa motho moketeng; ho etsa
hore motho a be teng moketeng; ho joetsa motho hore a tle moketeng kapa
ketsahalong e itseng ya momemi.
Mena (me-na) /fold/ Ho etsa hore ntho e phuthehe ka tsela eo e bang nyane; ho
nyenyefatsa ka ho phutha.
Menahala (me-na-ha-la) /foldable/ Ketsahalo ya ho mena: e kgonang ho menoa.
Menahalo (me-na-ha-law) /foldableness/ Ketso ya ho menahala: bokgoni ba ho etsa
hore ntho e menahale.
Menahana (me-na-ha-na) /disappear, desert, vanish/ Ho nyamela ntle le ho bolela;
ho ipha dimenyane; ho nyamela ntle le ho tsebisa lelapa kapa batho; ho kena pooneng
kapa ho baleha ntle le ho rerisa mang kapa mang.
Menahano (me-na-ha-naw) /disappearance, vanishing/ Ketso ya ho menahana: ho
nyamela ntle le ho bolela; ho ipha dimenyane; ho nyamela ntle le ho tsebisa lelapa
kapa batho; ho kena pooneng kapa ho baleha.
Menahatsa (me-na-ha-tsa) /duplicate, increase/ Ho etsa hore ntho e phahellane; ho
etsa hore ntho e fete bonngwe ka bongata; ho atisa se hlahisoang kapa se fanoang.
Menahatso (me-na-ha-tso) /doubling, duplication/ Ketso ya ho menahatsa: ho etsa
hore ntho e phahellane; ho etsa hore ntho e fete bonngwe ka bongata; ho atisa se
hlahisoang kapa se fanoang. /bon. dimenahatso/.
Meneka (mi-ni-ka) /to roll painfully/ Ho bidika fatshe ka baka la bohloko; ho
raharaha ka baka la bohloko; ho tsitsinyoa ke bohloko.
Meneko (mi-ni-kaw) /painfull rolling/ Ketso ya ho meneka: boemo ba ho bidika
fatshe ka baka la bohloko; ho raharaha ka baka la bohloko; ho tsitsinyoa ke bohloko.
Meneleditse (mi-ne-le-di-tse) /colluded/ Bokgale ba ho meneletsa.
Meneletsa (me-ne-le-tsa) /collude/ Ho sebedisa bomenemene bakeng sa ho fumana se
batloang; ho qhekanyetsa kapa ho ba lemenemene. (bap. qhekanyetsa).
Meneletso (me-ne-le-tso) /collusion/ Ketso ya ho meneletsa kapa tshebediso ya
bomenemene bakeng sa ho qhekanyetsa; mokgoa kapa tloaelo ya ho qhekanyetsa
kapa ho sebedisa bokebekoa bakeng sa ho phethahatsa bobe kapa morero o itseng.
Mengoa (men-ng-wa) /invited/ Boetsuwa ba ho mema. (mm. mengwa).
330
331
331
332
332
333
MMADIWACHE (‘MALIOACHE)
333
334
finyelloang teng ntle le ho kgutla. Ho shoa, lefu kapa boemo bo isang lebitleng. Mohl.
Monnamoholo o re sihile: o tsoha a ile ha mmamaotoanafinyela hoseng hona.
Mokotjo o kula haholo hoo ekang o tla ya ha mmamaotoanafinyela. (bap. boyabatho).
Mmamarungoana (m-ma-ma-ru-ng-wa-na)/Pin-tailed Whydah/ Mofuta wa nonyana
e setono se masiba a maleleletsana; e fumanoang haholo merung, mapalapaleng a
joang le dibakeng tsa temo; e phelang ka ho ja dithotse le dikokonyana tse nyane; e
masiba a masootho le metoa e mesweu, le mokobolo o mokgubedu. /bon.
bommamarungoana/. (bap. selahla).
Mmamasianoke (m-ma-ma-sia-nu-ke) /female cormorant/ Mofuta wa nonyana e
tshoana e tshehadi, e phelang pela dinoka kapa lewatle, e molala le qoqotho e telele, e
phelang ka dibupua tsa metsing. /bon. Bommamasianoke/ (bap. Masianoke).
Mmamenotoananala (m-ma-mi-naw-twa-na-na-la) /Black-winged Stilt/ Mofuta wa
nonyana e maotoana a masesane haholo. /bon. bommamenotoananala/ (mm.
mmamonotoana-nala).
Mmamodukule (m-ma-mo-du-ku-le) /type of insect/ Mofuta wa kokoanyana e
tshehadi, e fofang, e setono se selelele, eo ditshiba tsa yona di bakang modumo o
tshoanang le lebitso la yona. /bon. Bommamodukule/ (bap. modukule).
Mmamohlankana (m-ma-mu-hla-nka-na)/bridegroom’s mother/ Motsoadi e
motshehadi wa monyadi; mma mohlankana ya nyalang. /bon. Bommamohlankana/.
Mmamoholo (m-ma-mu-hu-lu) /my mother’s elder sister/ Ngoanabo mme waka e
moholo; ausi e moholo wa mme waka. Mosadi wa moholoane wa ntate waka. /bon.
Bommamoholo/ Tem. Ka puo ya Sesotho, ngoanabo mme waka ya motshehadi e
moholo o bitsoa nkgono le ha sena se sa fane ka moelelo o hlakileng hobane ka nako
enngwe motho eo ho buuwang ka yena a le monyane haholo dilemong. (bap.
mmangoane, rangoane, nkgono).
Mmamohooaneng (m-ma-mu-hu-wa-ne-ng) /cheilantes eckloniana/ Mofuta wa
semela seo mahaba kapa mahlaku a sona a sebedisoang joalo ka kwae ya ho tsujoa ha
a omisitsoe. /bon. Bommamohooaneng, mehooaneng/ (mm. Mmamohowaneng).
Mmamokete (m-ma-mu-ki-ti) /African hoopoe/ Mofuta wa nonyana e hlooho e
mekgabiso ya mebala ya masiba, ya lelapa la lehehemu. /bon. bommamokete/.
Mmamokete (m-ma-mu-ki-ti) /lady host/ Motho e motshehadi eo eleng yena ya
amohelang baeti. /bon. Bommamokete/.
Mmamokgodutsoane (m-ma-mo-kgo-duts-wa-ne)/female lizard/ Mofuta wa
sehahabi se setshahadi se phelang mapatsong a majoe, hae kapa naheng, se letlalo le
boreletsana, se botalana bo botshoana. /bon. Bommamokgodutsoane/.
Mmamokgorong (m-ma-mo-kgo-ro-ng) /guitar/ Mofuta wa seletsa se entsoeng ka
maseka, lekopokopo le thupa e betliloeng, le ntshang modumo ha se otloa ka lenala
kapa sesebedisoa se itseng. /bon. Bommamokgorong/ (bap. sekgangkule).
Mmamolalana (m-ma-mo-la-la-na) /featherless neck fowl/ Kgoho ya hae e hlokang
masiba a molala; kgoho e senang masiba molaleng. /bon. Bommamolalana/.
Mmamolangoana (m-ma-mo-la-ngwa-na) /Secretarybird/ Mofuta wa nonyana e
tshehadi, e molala o molele haholo le maoto a malelele, e mokobolo o sephara, o
moholo bakeng sa ho kobola le ho inola diphofu tsa ona. /bon. Bommamolangoana/.
334
335
MMAMOLANGOANA
MMAMPHEMPHE
335
336
MMANKGODIKGODI (‘MANKHOLIKHOLI)
MMANKI, DIMMANKI
336
337
337
338
338
339
339
340
Mmesa (m-me-sa) /fire stater/ Motho ya besang mollo; motho ya etsang hore mollo
o tuke kapa o hotele. Mael. Mmesa mohloana ha a fanye: motho ya fuweng
boikarabelo bo itseng ba maemo a hodimo ha a tlameha ho etsa phoso.
Mmeta (m-me-tea /kiss me/ Leetsuwa la ho meta: ho thetsana mmuwi ka dipounama
ho bontsha lerato; ho thetsana ka molomo ho bontsha tumediso; ho aka ka baka la
lerato kapa tumediso. (mm. Mmete, meta, metisa, metiso, metile, metoa, metiloe).
Mmethe (m-met-he) /sorghum or corn bag/ Mokotla o sebedisoang bakeng sa ho
tshela mabele, poone, phofo ya mabele kapa ya poone e kotutsoeng ka mora ho poloa,
siloa kapa ho kgotholoa. /bon. Dimmethe/.
Mmetlakgola (m-me-tla-kgu-la) /charity begins at home/ ?? Mael. Mmetlakgola o
lebisa ho wa habo: motho ya kgonneng ho atleha kapa ho phomella ho fihlela maemo
a matle o joetsa ba habo hore le bona ba tsebe ho a fihlella. (mm. mmetlakhola).
Mmetli (m-me-tli) /sculptor/ Motho ya betlang sefate, lejoe, ho etsa setshoantsho sa
ntho e itseng; ya sebetsanang le letsopa, lejoe kapa patsi ho etsa setshoantsho kapa
sebopeho se nang le chebeho. /bon. Babetli/ (bap. sebetli).
Mmetso (m-mi-tsaw) /alimentary canal/ Tsela ya dijo le dino e qalang ka hanong ho
isa ka mpeng; setho sa mmele seo eleng sona se jarang tse jewang le tse nowang ho di
tsamaisa le mmele hofihlela tse sa hlokahaleng di tsoa ka sebono joalo ka masepa.
Mmetso (//) /tonsils/ Bokahare ba molala, sekgutlong sa leleme, seo ha se na le
tshoaetso e itseng se bakang bohloko bo boholo, bo etsang hore ho be thata ho koenya
le ho noa. /bon. Mmetso/ (bap. temetoane/.
Mmidimidi (m-mi-di-mi-di) /traffic, crowd/ Bongata ba batho le makoloi mmileng
nakong tsa hora tse itseng. Tlh. Lentsoe lena le utloahala joalo ka la puo ya Sepedi
kapa Setswana. (bap. sephethephethe, tshubutlellano).
Mmila (m-mi-la) /road, route/ Tsela e kgolo e sebedisoang ke dipalangoang; moo ho
tsamayang makoloi teng; tsela ya makoloi. /bon. Mebila/ (bap. tsela).
Mmilalebelo (m-mi-la-le-be-law) /freeway/ Tsela e kgolo ya dipalangoang tse
tsamayang sephethephetheng, tse potlakileng haholo, ebile hangata e fumanoa kantle
ho mahae. /bon. mebilalebelo/.
Mminathoko (m-mi-nat-haw-kaw) /hymn singer/ Motho ya qalang sefela; motho ya
phokolang pina kapa sefela. /bon. Babinathoko/ (bap. sefela).
Mmino (m-mi-naw) /music/ Modumo o etsoang ke diletsa; lerata le bakoang ke ho
tidinya seletsa ka sepheo sa ho etsa pina; lentsoe le tsoang molomong ho bopa pina;
puo e potlakileng ya batho kapa motho e etsang pina. /bon. Mmino/.
Mmishone (m-mi-sho-ne) /missionery, mission station/ Sebaka kapa moaho wa
sekgalekgale wa baruti le thuto e itshetlehileng bodumeding.
Mmitedi (m-mi-te-di) /goat dung, sheep dung/ Masepa a podi kapa nku; mantle a
nku kapa podi. /bon. Mmitedi/ (bap. moitedi).
Mmitsa (m-mi-tsa) /charmer, gorgeous, magnetic/ Se bitsang bongata ba batho ka
baka la botle, monate kapa sebopeho sa sona; se hohelang bongata ba batho. (mm.
Bitsa, bitsoa, bitsitse, pitso).
Mmoba (m-mo-ba) /sugar cane/ Lehlaka la semela sa tsoekere se monate ha se jewa;
lehlakana le nang le tsoekere e monatjana. /bon. mmoba/.
Mmofu (m-mo-fu) /type of cow/ Mofuta wa kgomo e tshehadi e fanang ka lebese le
lengata. /bon. Mebofu, mmofu/ (bap. tsoetse).
Mmohi (m-mo-hi) /spectator/ Motho ya shebeletseng ketsahalo e itseng; motho ya
bohileng ketsahalo; motho ya lebisitseng leihlo nqa ya ketsahalo e itseng; motho ya
tadimileng kapa shebeletseng papadi. /bon. Babohi/ (bap. mobohi).
340
341
341
342
kgubetsoana, tse nkgang hamonate nakong tsa lehoetla. /bon. Meroboi/. Tem. Semela
sena ke sa molata le ha se fumanoa mona Afrika e ka borwa.
Mmotoane (m-mu-twa-ne) /artificial, bogus, counterfeit/ Eo eseng ya nnete; ya
maiketsetso eo eseng ya tlholeho kapa ya nnete; e batlileng e tshoana le ya nnete
empa e se yona; ya papadi. /bon. mmetoane/ (bap. mmankgonthe, sebele).
Mmotsi (m-mo-tsi) /interrogator/ Motho ya botsang: ya batlang ho tseba lebaka; ya
batlang karabo ya potso. /bon. babotsi/ (bap. sebotsi, lebotsa, lebotsi).
Mmoulo (m-mo-u-lo) /mule/ Mofuta wa phoofolo e kopantseng pitsi le esele;
motsoako wa pere le tonki; phoofolo e hlahang ha pokola le koatola di hohelana kapa
di tlolelana. /bon. Dimmoulo/.
Mmu (m-mu) /moo: cow’s sound/ Modumo kapa sello sa kgomo ho ya ka Mosotho.
Mmuane (m-mu-ane) /mist, vapor/ Seka leru se hlahang nakong tsa mongobo wa
boemo ba lehodimo mme se nyamele kapelenyana. /bon. 0/ Mael. Monono ke mohodi
ke mmuane: letlotlo kapa borui bo boholo bo na le ho fela kapele; motho a keke a ba
le leruo bophelo bohle ba hae.
Mmuelli (m-mu-el-li) /lawyer, advocate/ Motho ya emelang emong lekgotleng la
dinyewe kapa kgotla. /bon. Babuelli/ (bap. leqoetha, lenqosa, leqosa, moemedi).
Mmuhi (m-mu-hi) /spectator/ Motho ya shebeletseng ketsahalo e itseng papading,
thelefisheneng, jj. /bon. Babohi/ (bap. mmuuwa, mmuiswa, mmuwi). Tlh. Lentsoe le
nepahetseng ke “mmohi” le “mobohi” hofeta “mmuhi”.
Mmui (m-mu-i) /speaker/ Motho ya ntshang puo kapa ya fanang ka puo; motho ya
buang, a tlaleha ketsahalo e itseng. /bon. Babui/ (bap. sebui, mmuwi) Tem. Bongata
ba “mmui” ha se “dibui” haholo ha ho buuwa ka sebopeho puo sa Sesotho.
Mmui (//) (mmuwi) /first person/ Motho wa pele eo ketso e etsahalang ho yena;
motho ya buwang kapa ya hlahisang taba ka boyena. /bon. Babui/.
Mmuisoa (m-mu-is-wa) /second person/ Motho wa bobedi eo ho buuwang le yena;
motho eo ketsahalo e etsoang ka baka la hae; motho eo ketso e etsoang ho yena;
moetsuwa ha a hlalosoa ka ketso kapa ketsahalo. /bon. Babuisoa/ (mm. Mmuiswa).
Mmusa (m-mu-sa) (‘musa) /conqueror, conquistador/ Motho, ho ya ka mmuso kapa
puso tsa sekgalekgale, ya ka sehlohlolong ka puso kapa taolo; motho ya busang naha
kapa mabotho a bahlodi. /bon. Bommusa/.
Mmusapelo (m-mu-sa-pe-lu) /trifolium burchellium/ Setlama sa naheng se melang
bakeng tsa matsoapo le maralla se sebedisoang joalo ka moriana wa mahloko a pelo.
Mmusi (m-mu-si) /the ruler/ Morena ya okametseng naha le puso ya yona; motho ya
busang batho le naha. Motho ya eteletseng pele mmuso le naha. /bon. Babusi/ (bap.
Morena, lebusa, sehanka).
Mmusisi (m-mu-si-si) /emperor/ Mookamedi wa naha le batho ba yona, wa
sekgalekgale, ya sebedisang moetlo wa nako tsa kgale. /bon. Babusisi/.
Mmuso (m-mu-saw) /government, dominion, empire/ Tsamaiso ya naha, moruo wa
yona le batho ba teng; tshebeletso le taolo ya naha ha ho bapisoa le moruo le sechaba
sa teng. /bon. Mebuso/ (bap. puso, mobuso). Mael. Ho fahla mmuso ka lehlabathe:
ho kgentsha; ho koatisa; ho utloisa bohloko bo boholo; ho sithabetsa pelo; ho
hlabehisa; ho kgopisa; ho hlokofatsa maikutlo.
Mmutla (m-mu-tla) /hare/ Mofuta wa phoofolo, seka pela kapa tadi, o ditsebe tse
kgolo, o ratang ho qhomaqhoma, o phelang majoeng a dithaba le meferong. (bap.
pela). Mael. Ho robatsa mmutla: ho qhekanyetsa ka ho thetsa.
Mmutlanyana (m-mu-tlan-ya-na) /hare/ Mmutla o monyane: mofuta wa phoofolo,
seka tadi e kgolohadi kapa e kgolo hofeta pela, e ditsebe tse kgolo, e ratang ho
qhomaqhoma, e jang dimela kapa dihoete. /bon. Meutlonyane/ (mm. mmutlanyane).
342
343
Mmutlanyane.
343
344
MOAHO/MEAHO
344
345
345
346
MODIANYEWE (MOKOROTLO)
346
347
MODISADIPELA (MOLISA-LIPELA)
347
348
348
349
349
350
350
351
maemo a hodimo kapa ba hlotseng ntoeng, dipapading kapa tlhodisanong tse itseng;
katiba ya kgauta kapa silefere ya borena. /bon. Mefapahloho/ (bap. sekola).
Mofapohedi (mo-fa-pu-he-di) /sojourner/ Motho ya fapohelang sebaka nakoana;
motho ya kgelohelang tseleng kapa sebakeng seseng pele a fihla ho seo a yang ho
sona ka sepheo sa ho phomola. /bon. Bafapohedi/.
Mofapohi (mo-fa-pu-hi) /backslider/ Motho ya etsang diketso tse mpe, tseo pele a
neng a sa di etse; motho ya feteletsang sebe hofeta pele. /bon. Bafapohi/.
Mofaso (mu-fa-saw) /reserve/ Motho ya kenelang emong ha a kgathetse kapa ho
mothusa; ntho e sebedisoang ha enngwe e fela. /bon. Bafaso, mefaso/ Tem. Hona le
batho ba ratang ho sothofatsa lentsoe la senyesemane, “reserve” ba le bitse “risefe”
bakeng sa ho sebedisa lentsoe la Sesotho: “mofaso”.
Mofe (mu-fe) /give her or him/ Taelo ya ho fa. (sheb. Mofa bakeng sa tshebediso).
Mofehlo (mo-fe-hlaw) /buttermilk/ Lebejana le hlahang motsoakong wa lero nakong
ya ho fehla; motsoako wa lebejana o bakong ke lero. /bon. 0/.
Mofehlo (mo-fe-hlaw) (lefehlo) /traditional doctors’ cultural event/ Mokete kapa
lelomolo la mathuela; mosebetsi wa setho wa ho beha mokoma e mocha. /bon.
Mafehlo/ (bap. lefehlo).
Mofelehetsi (mo-fe-le-he-tsi) /escorter/ Motho ya tsamayang le emong ka sepheo sa
ho mmontsha tsela kapa ho mo thusa. /bon. Bafelehetsi/.
Mofenethi (mo-fe-ne-thi) /molestor, abuser/ Motho ya lematsang emong mmeleng
ka ho etsa ketso e mpe kapa ho mo lematsa setho se itseng sa mmele. Motho ya
hlokometsang le ho sotla ba hlokang matla; motho wa diketso tsa ho fenetha ba
hlokang molato. /bon. Bafenethi/.
Mofeng (mo-fi-ng) /handle/ Se sebedisoang kapa se thusang ho tshoara ntho e itseng;
mohele wa ntho e kakatleloang ka letsoho. /bon. Mefeng/.
Mofeng (mo-fe-ng) /of a person: who?/ Lebotsa le sebedisoang ho batla ho tseba
motho eo ho buuwang ka yena; seemedi se sebedisoang bakeng sa motho ya sa
tsejoeng; lentsoe le batlang ho tseba mofuta wa motho. /bon. Bafeng/ (bap. ofeng).
Moferefere (mo-fe-re-fe-re) /commotion/ Boemo ba pherekano, sephethephethe,
morusu, letshethetshethe, lejojo, mokutu le tlhokeho ya botsitso. /bon. Meferefere/.
Moferekanyi (mo-fe-re-kan-yi) /terrorist, insurgent/ Motho ya bakang boemo ba
pherekano, sephethephethe, morusu, letshethetshethe, lejojo, mokutu le tlhokeho ya
botsitso; motho ya chehang maraba a diqhomane ka sesupo le tumelo ya tokoloho ho
ba direng; motho ya ferekanyang kapa wa morero wa ho kopakopanya sechaba le
naha ka diketso tse itseng. /bon. Baferekanyi/ (bap. Boferekanyi).
Mofero (mu-fe-raw) /jungle/ Sebaka sa difate, metsi, mongobo, joang kapa dimela
tse kgolo moo ho chesang ebile ho phela le ho fumanoa diphoofolo tsa dibaka tseo;
sebaka sa meru, dikoeetsa le dihlahla tse kgolo. /bon. Mefero/.
Mofetakatsela (mo-fi-ta-ka-tse-la) /passerby/ Motho ya iphetelang tseleng ntle le ho
natsa kapa ho tsotella ba mo shebileng. /bon. Bafetakatsela/.
Mofethe (mo-fe-the) /abortionist/ Motho ya bolayang ngoana ya so hlaheng kapa ya
makgatheng a ho hlaha; motho ya bolayang lekgabunyane le so tsoaloeng kapa le
boemong ba ho tsoaloa kapa le qetang ho tsoaloa. /bon. bafethe/ (bap. sefolotsoana).
Mofeti (mo-fi-ti) /passerby/ Motho ya fetang ka tsela: eo a sa tsotelleng ba ka
mathoko kapa ba mo shebileng. /bon. bafeti/ Tlh. Lentsoe le nepahetseng haholo ke
“mofeti” hofeta “mofiti”. (bap. mofetakatsela).
Mofetoledi (mu-fe-tu-le-di) /translator/ Motho ya fetolelang puo enngwe ho
enngwe: ya ngolang se ngotsoeng ka puo ya badichaba ho e hlalosa ka puo ya habo
kapa puo e fapaneng le ngotsoeng kapa e buuwang. /bon. bafetoledi/ (bap. toloko).
351
352
352
353
ntja: ho sebeletsa lefela; ho sebetsa ka thata, ha boima ntle le ho putsoa. Mael. Monna
o tla phela ka mofufutso wa phatla ya hae: motho (haholo monna kapa motho e
motona) o tla sebetsa ka thata ho fihlella kapa ho fumana seo a se batlang. Mael. Ho
ja mofufutso wa phatla ya hao: ho phela ka seo o tla se sebeletsa kapa seo o se
sebeletsang.
Mofumahadi (mo-fu-ma-ha-di) /queen/ Mosadi wa morena; motho e motshehadi ya
nyetsoeng ke morena kapa boreneng; mohatsa morena. /bon. Mafumahadi/.
Mofumahadi (mo-fu-ma-ha-di) /wife, Mrs/ Motho wa mosadi ya nyetsoeng; motho
e motshehadi ya nang le monna ka semolao kapa lenyalo; mohatsa motho e motona;
molekane wa monna. /bon. Mafumahadi/ (bap. mohatsa, molekane).
Mofumahatsana (mo-fu-ma-ha-tsa-na) /miss/ Motho e motshehadi ya so nyaloeng;
mosetsana kapa ngoanana ya so nyaloeng; moroetsana kapa mosadi ya phelang ntle le
lenyalo. /bon. Mafumahatsana/ Tem. Ka puo ya Sesotho, phapang mahareng a
“lefetoa” le “mofumahatsana” ke hore: lefetoa ke motho e motshehadi ya boemong bo
fetileng hore a ka nyaloa le ha monyetla o monyane o ntse o le teng, ha
mofumahatsana e le tsela eo motho e motshehadi a so nyaloeng semmuso a bitsoang
ka yona. (bap. lefetoa).
Mofumanehi (mo-fu-ma-ne-hi) /the poor/ Motho ya fumanehileng; motho ya
hlokang dintho tsa bohlokoa bophelong; motho ya sa kgoneng ho iphidisa ka baka la
ho hloka. /bon. Bafumanehi/ (bap. mohlophehi).
Mofuputsi (mo-fu-pu-tsi) /investigator, reseacher, detective/ Motho ya fuputsang
boemo ba taba e itseng; motho ya batlanang le bonnete ba ketso kapa ketsahalo e
itseng; motho wa seponesa kapa sefokisi ya fuputsang ketsahalo e mpe, e amanang le
polao, bokebekoa, boqhekanyetsi kapa tlolo e itseng ya molao. /bon. Bafuputsi/.
Mofuta (mo-fu-ta) /breed, category, genre, species/ Motho kapa ntho e fapaneng le
tse ding ha e hlalosoa ho ya ka sebopeho sa mmele, mmala, bolelele,
bokgutshoanyane, moetlo, morabe, puo, bochaba, moetso, botona, botshehadi kapa
tsela e itseng. /bon. Mefuta/ (bap. moetso). Mael. Mofuta ha o nkgoe ka nko e se
qoba la kwae: mohlankana kapa moroetsana o ithuta molekane le ba habo ba se ba
dula mmoho.
Mofuthu (mo-fut-hu) /warmth/ Mocheso o motle, o loketseng bophelo; mocheso wa
bokahare ba ntlo, kobo kapa seaparo o amohelehang. /bon. Mefuthu/ (bap. mocheso).
Mofuthu (mo-fut-hu) /hospitality/ Boemo ba ho amohela motho ka matsoho a
mabedi; ketso ya ho ananela motho ka tsela e ntle, e thabisang; kananelo ya moeti ka
ho etsa le ho bontsha diketso tse ntle. /bon. Mefuthu/ Mohl. Ha ke fihla
Masoalakahleng, ke ratile mofuthu oo batho ba teng ba nkamohetseng ka ona.
Mofutsana (mo-fu-tsa-na) /destitute, pauper/ Motho ya futsanehileng: motho ya
hlokang dintho tsa bohlokoa bophelong; motho ya sa kgoneng ho iphidisa ka baka la
ho hloka; motho ya senang letho. /bon. Bafutsana, mafutsana/ (bap. mohlophehi).
Mofutsoela (mo-fu-tswe-la) /mixture, concoction/ Motsoako wa ntho tse ngatanyana
tse etseditsoeng ho jewa kapa ho nowa. Ntho e futsoetsoeng. /bon. Mefutsoela/.
Mofutsoela (mo-fu-tswe-la) /salad/ Kopanyo ya dijo tse fapaneng ho etsa kapa ho
hlahisa sejo se secha se latsoehang ka tsela enngwe. /bon. mefutsoela/.
Mofutuhi (mo-fu-tu-hi) /assailant, assaulter, raider/ Motho ya futuhang: ya
hlaselang motho kapa naha enngwe ka sepheo sa ntoa kapa ya hlaselang ntho kapa
motho ka mantsoe kapa ntoa. Motho ya boemong ba ntoa ya tlakatlakelang, hlaselang
le ho phahamela ba bang. /bon. Bafutuhi/.
Mohaeno (mu-ha-enu) /your compatriot, your countryman/ Motho eo eleng
moahisane kapa letsoalla la naha ya mmuisoa. /bon. Bahaeno/.
353
354
354
355
355
356
MOHETLE
Mohiri (mo-hi-ri) /lodger, tenant, border/ Motho ya dulang sebakeng, a lefa chelete
bakeng sa bodulo; motho ya jakileng ka sepheo sa ho lefa; mojaki wa ntlo kapa
moaho. /bon. Bahiri/ (bap. mojaki) Tlh. Lentsoe lena le na le modumo o tshoanang le
lentsoe la senyesemane, “hire”.
Mohiri (mo-hi-ri) /employer/ Motho ya fang ba bang mosebetsi bakeng sa ho ba lefa
ka mora ho phetha mosebetsi. /bon. Bahiri/ (bap. mongaka).
Mohiruwa (mo-hi-ru-wa) /tender, employee/ Motho ya mengoang ho etsa mosebetsi
o itseng bakeng sa tefo; motho ya sebeletsang emong tlasa ditumellano tse itseng;
mosebeletsi ya lefjoang ke monga mosebetsi. /bon. Bahiriwa/.
Mohla (mu-hla) /when, date/ Nakong e itseng, e fitileng kapa e tlang e sa hlalosoeng;
ka nako e itseng. /bon. 0/ (mm. mohlang, mohlangoo).
Mohlaare (mu-hla-are) (mohlahare) /jaw, jaw bone/ Karolo ya sefahleho e thusang
meno ho hlafuna; lesapo la sefahleho le tshoereng meno le seledu. /bon. Mehlaare/.
Mohlaba (mu-hla-ba) /beer distillation ramnant/ Masalla a motlhotlo a setseng
nakong eo ho tlhotlhoang joala; moroko, seka phofo, o setseng nakong eo ho etsoang
kapa ho riteloang joala. /bon. Mehlaba/. (bap. mohlakola).
Mohlaba (mu-hla-ba) /of colour: red and black/ Hoa mmala wa ntho kapa motho:
ya letlalo le mmala o kopantseng bokgubedu le botsho. /bon. 0/.
Mohlabane (mo-hla-ba-ni) /warrior, legend/ Motho ya hlotseng ntoa; motho ya
loanang ka bokgabane ka sepheo sa ho hlola le ho hapa; motho ya bontshang bompodi
ntoeng; motho ya tummeng ka tlholo kapa khapo; motho ya tloaelehileng mekgoeng
ya ho hlola. /bon. Bahlabane/ (bap. mohale).
Mohlabi (mu-hla-bi) /slaughterer/ Motho ya mengoang ho hlaba phoofolo kapa
seruuwa se bolawang; motho ya nang le tsebo ya ho hlaba. /bon. bahlabi/.
Mohladi (mo-hla-di) /the divorcer/ Motho ya hlalang: ya tlohelang molekane kapa
mohatsae ka lebaka le itseng; ya fedisang kamano ya lenyalo ka ho lesa mosadi kapa
monna wa hae. /bon. Bahladi/.
Mohladuwa (mo-hla-du-wa) /divorcee/ Motho ya hladuweng: ya tlohetsoeng ke
molekane kapa mohatsae ka lebaka le itseng; eo dikamano tsa hae tsa lenyalo di
fedisitsoeng; eo kano ya lenyalo e fedisitsoeng kgahlanong le yena. /bon. Bahladuwa/.
Mohlaena (mu-hla-ena) /everyday/ Hoa ketsahalo kapa ketso: e etsahalang letsatsi le
letsatsi; letsatsi leleng le leleng; Nako le nako ya letsatsi leleng le leleng; matsatsi ka
ho latelana. /bon. Mehlaena/.
Mohlaena (mu-hla-ena) /nowaday/ Nako ya kajeno le diketsahalo tsa kajeno; nako
ya sejoalejoale e akgang diketso le maemo a kajeno. /bon. Mehlaena/.
Mohlafuno (mo-hla-fu-naw) /jaw bone/ Karolo ya sefahleho e thusang meno ho
hlafuna; lesapo la sefahleho le tshoereng meno le seledu. /bon. mehlafuno/.
Mohlahare (mu-hla-ha-re) /jaw bone, jaw/ Karolo ya sefahleho e thusang meno ho
hlafuna; lesapo la sefahleho le tshoereng meno le seledu. /bon. Mehlare/ Tlh. Batho
ba bang ba sebedisa lentsoe “mohlaare” bakeng sa “mohlahare”. (bap. mohlaare).
356
357
357
358
Mohlape (mu-hla-pe) /herd, flock/ Sehlopha sa diphoofolo tse ruuwang kapa tsa
naheng; diphoofolo tse tsamayang ka bongata, tse tshoanang. /bon. Mehlape/.
Mohlehle (mo-hli-hli) /abundant, adeguate/ E ngata ha e fanoa; e fuwang ka
bongata; e eketsehileng haholo bakeng sa ho sebedisoa. /bon. 0/.
Mohlehlisa (mo-hle-hli-sa) /holiday resort/ Sebaka sa ho iketla ka mora matsatsi a
phomolo; sebaka seo o ka tsamayang ka ho iketla le ho hlehla teng. /bon. mehlehlisa/.
Mohlehlisa (//) /holiday maker/ Motho ya etsang hore ho be monate sebakeng ka ho
etsa hore ho iketloe, ho qhanolloe, ho phomoloe. /bon. bahlehlisa/.
Mohlehlo (mu-hle-hlwa) // Pokeletso ya mafura a mangata a bonahalang pela mala
kapa dikahare tsa phoofolo e qetoang ho buuwa. /bon. mehlehlo/.
Mohlekefetsi (mu-hle-ke-fe-tsi) /molester, abuser/ Motho ya hlekefetsang: ya
utloisang bohloko ka ho etsa diketso tse lematsang mmele; ya utloisang bohloko ka
dipuo tse utloisang pelo bohloko. /bon. Bahlekefetsi/ (bap. taukobong).
Mohleki (mu-hle-ki) /cleaner/ motho ya hlekang: ya etsang hore sebaka se be
makgethe ka ho fiela kapa ho phahla diphahlo ka ho di beha maemong a tsona; motho
ya etsang hore sebaka se be setle, se hloeke. /bon. bahleki/.
Mohloa (mu-hlwa) /lawn/ Joang bo hlahang lapeng bakeng sa ho dula, paqama kapa
ho roba monakedi; mofuta wa joang bo botle bo lengoang pela moaho, ntlo, serapeng
kapa lebaleng la dipapadi. /bon. Mehloa/ (mm. mohlwa).
Mohloaare (mu-hlwa-a-re) (mohloahare) /olive tree, olive oil/ Mofuta wa sefate se
makgapela a matenya a matala ka diphihlo tsohle tsa selemo, se bonahalang haholo
dibakeng tse chesang, se behang ditholoana tsa lebitso la sona ebile se hlahisa mofuta
wa mafura a sebedisoang ho etsa ntho tse ngatanyana. /bon. mehloaare/.
Mohloaare (mo-hlwa-re)(mohloaare o hlaha) /wild olive/ Mofuta wa sefate se
methapo e matla haholo; se melang mabopong a dinoka moo ho ommeng; se
hlahisang dipalesa tse bosehlana bo bosweu. /bon. mehloare/.
Mohloane (mu-hlwa-ne) /small grasshoper/ Enngwe ya marutle a manyane ka ho
fitisisa. /bon. Mehloane/ Mael. Mmesa mohloane ha a fanye: motho ya lebeletseng
ketso e itseng ya bohlokoa eo a sa tlamehang ho etsa phoso, hohang.
Mohloanyane (mu-hlwan-ya-ne) /very small grasshoper/ Enngwe ya marutle a
manyane ka ho fitisisa. /bon. mehloanyane/.
Mohloathupa (mo-hlwa-thu-pa) /tree squirrel/ Mofuta wa qoabi, setsetse kapa
phoofolo ya leloko la mosha ha e hlalosoa ho ya ka ho hloella sefate kapa lekala la
semela ha bobebe. /bon. mehloathupa/.
Mohloatshepe (mu-hlwa-ts-he-pe) /kikuyu grass/ Mofuta wa joang o sebedisoang
joalo ka mohloa kapa joang ba diotloana, mekgabiso le mabala. /bon. Mehloatshepe/
Mohlodi (mo-hlu-di) /winner/ Motho ya hlolang kapa ya hlotseng; motho ya
hapileng sekola sa tlholo; boemo ba motho ya hlotseng; motho ya hapileng papadi
kapa ya tsoileng boemong ba pele tlhodisanong e itseng. /bon. Bahlodi/.
Mohlodi (mo-hlo-di) /source, fountainhead, wellspring/ Eng kapa eng eo eleng
sesosa sa boemo, ketsahalo, ketso, qalo kapa qaleho ya ntho kapa boemo bo itseng; se
bakang qaleho ya ntho e itseng. Sebaka seo metsi a noka, molatsoana kapa molapa a
qalang ho runya teng. /bon. Mehlodi/ (bap. sesosa).
Mohlodi (mu-hlaw-di) /Creator, God/ Mmopi le moetsi wa batho le lefatshe; mmopi
wa bophelo le tlholeho; moetsi wa qalo le qetello; mothei wa tlhaho le sepakapaka;
ntata rona ya mahodimong; ntata morena Jesu Chreste mmoloki wa batho bohle ba
dumelang ho yena; makgona tsohle ho badumedi. /bon. 0/.
358
359
359
360
MOHOFA
360
361
MOHOKAJANE
Moholo (mo-hu-lu) /big, great/ Hoa motho kapa ntho: e, kapa ya boemo bo hodimo;
e, kapa ya nang le sebopeho se seholo sa mmele; e, kapa ya atileng le ho tlala sebaka
se seholo. /bon. Meholo, baholo/.
Moholo (mo-hu-lu) /elder/ Hoa boemo ba motho: ya hodileng dilemong; eo eleng
kgale a phela, ya tsebang haholo ka tsa bophelo. /bon. Baholo/.
Moholoane (mu-hu-lwa-ne) /elder brother/ Ngoaneso e motona, ya moholo ho nna;
ngoaneso eo ke mo hlahlamang, e motona. Abuti. /bon. Baholoane/ (bap. moshana).
Moholobela (mo-ho-lo-be-la) /maturity or fertility blanket/ Mofuta wa kobo ya
Basotho eo hangata e aparoang ke batho ba seng ba bollotse ebile ba fetile boqai,
bothisa kapa boshanyana. /bon. meholobela/.
Moholodi (mu-ho-lo-di) /Blue Crane/ Mofuta wa nonyana e kgolo e telele; e
boputsoa bo bothookoa ebile bo le lefifi pela setono; e maoto a matsho le mokobolo o
mokgutshoane; e phelang ka peo ya dimela, diphoofotsoana tsa naha mmoho le
dikokonyana; e fumanoang haholo mapalapaleng le dithoteng tsa joang. /bon.
Meholodi/
MOHOLODI (MOHOLOLI)
361
362
362
363
363
364
364
365
365
366
Mojaki (mo-ja-ki) /lodger, tenant, border/ Motho ya dulang sebakeng, a lefa chelete
bakeng sa bodulo; motho ya jakileng ka sepheo sa ho lefa; mochaki ho ntlo kapa
moaho. /bon. Bajaki/ (bap. mohiri).
Mojaki (mo-ja-ki) /settler, sojorner/ Motho ya jakang: ya etelang sebaka nakoana ka
sepheo se itseng; ya dulang kapa ya tlileng sebakeng nakoana ka morero o itseng; ya
fihlileng sebakeng kapa naheng e itseng ka ho fapohela feela. /bon. Bajaki/.
Mojalajadi (mo-ja-la-ja-di) /gossip monger/ Motho ya tsamayang a bua ka batho
babang hohlehohle; maratahelele; motho ya senyang lebitso la motho ka ho bua bobe
bathong kaofela. /bon. bajalajadi/.
Mojalefa (mu-ja-le-fa) /heir, heiress/ Motho ya loketsoeng ke lefa; eo letlotlo le
leruo le tlamehang ho fuwa yena ho ya ka boemo ba hae; ya tshoaneloang kapa ya
kgethiloeng ho nka maruo le matlotlo. /bon. Majalefa, bomojalefa, bajalefa/ (bap.
Tjamafa, mojadihloho). Mael. Lehlabaphio o ila mojalefa: Motho ya mona o
hononela ba bang, ba nang le tsa bona.
Mojamorao (mu-ja-mu-ra-o) /looser/ Motho ya etsang dintho kapa diketso tse itseng
qetellong; senqete sa motho; motho ya sallang morao ha ho etsoa mosebetsi kapa
ketso e itseng mme hangata a lahleheloe. /bon. Bajamorao/ Mael. Mojapele o
tshoana le mojamorao: motho ya jang morao o tla tshoana le ya jeleng pele ka ho
kgora. Ya atlehileng hajoale a ka hloleha le yena nako etlang mme a tshoane le ya sa
atlehang.
Mojapele (mu-ja-pi-le /winner/ Motho ya etsang dintho ka pele ka sepheo sa ho
bokeletsa bakeng sa bokamoso; motho ya hlolang ka baka la ho itlhahanela ha a etsa
dintho. /bon. Bajapele/ Mael. Mojapele o tshoana le moja morao: motho ya jang
morao o tla tshoana le ya jeleng pele ka ho kgora: ya atlehileng hajoale a ka hloleha le
yena nako etlang mme a tshoane le ya sa atlehang.
Mojapere (mu-ja-pe-re) /Mosotho: informal word/ Mosotho ha a hlalosoa ke
merabe emeng ho latela kamano ya hae le pere. Tem. Lebitso lena “mojapere” le na
le tlhapaolo le ho rona ha le sebedisoa ho hlalosa Mosotho. Empa ha le sebedisoa
joalo ka mokgabo puo le na le moelelo. Hape, hase Basotho kaofela ba jang
mantatana le sehoapa sa pere. (bap. Moshoehsoe).
Mojari (mo-ja-ri) /loader/ Motho ya jereng kapa ya ratang ho jara: ya behileng
moroalo o boima lehetleng. /bon. bajari/ (bap. majara).
Moji (mu-ji) /cheater/ Motho ya sebedisang boqhekanyetsi bakeng sa ho fumana seo
a se batlang. /bon. baji/ Mael. Le pele di na le baji: moo o yang teng o tla fumana ba
hlalefileng hofeta wena ba tlang ho o qhekanyetsa.
Moji (mu-ji) /eater/ Motho ya jang ha ho etsoa thothokiso kapa mokgabo puo; motho
ya hlafunang le ho koenya sejo. /bon. Baji/ Mael. Le pele di na le baji: moo motho ya
hlokometsang batho babang a yang teng, o tla kopana le ba mo hlolang kapa ba tla mo
etsa hampe le yena.
Mojo (mu-jaw) /ingestion/ Ketso ya ho ja: ho tloha hoa sejo se jewang ka molomong
ha se qeta ho hlafunoa, ho ya le mmetso, mala le mohodu, hofihlela tse sa hlokahaleng
di tsoa ka lesoba la sebono. /bon. Mejo/.
Mokadi (mu-ka-di) /trunk, penis/ Nko ya tlou. Setho sa monna sa botona. Setho sa
mmele sa botona kapa phoofolo e tona. /bon. Mekadi/ (bap. ntoto, kwae).
Mokalami (mo-ka-la-mi) /passenger/ Motho ya kalameng sepalangoang empa a sa se
laole; motho ya ka hara sepalangoang joalo ka moeti, mosebeletsi kapa motsamai.
Motho ya etang a le hara sepalangoang. /Bon. bakalami/ (bap. mopalami).
Mokalli (mo-kal-li) /rider/ Motho ya kaletseng phoofolo e kalangoang: ya kalameng
koatola, pokola kapa phoofolo e sebedisoang joalo ka sepalangoang. /bon. bakalli/.
366
367
367
368
368
369
369
370
Mokgoa (mu-kgwa) (mokgwa) /motive/ Lebaka leo eleng sesosa sa ketsahalo; seo
eleng lebaka la ketso e itseng. /bon. Mekgoa/ Mohl. Mugabe a keke a pheella ho
busa naha ka mahahapa: ho na le mokgoa o itseng. (bap. sepheo).
Mokgoabo (mo-kgwa-baw) /marsh, waterlogged soil/ Sebaka, seka lengope, se
tsamayang metsi a mangata haholo nakong tsa dipula feela. /bon. Mekgoabo/.
Mokgoabo (mo-kgwa-baw) /swiming crassula/ Mofuta wa semela se phaphamalang
hodima metsi ebile se hola ka ho nama. /bon. Mekgoabo/ (mm. Mokhoabo).
Mokgoaebane (mo-kgwa-eba-ne) /Cape Crow/ Mofuta wa nonyana e ntshohadi ka
mmala ebile e na le mokobolo o motsho; e tholahalang haholo dithoteng tsa difate tse
qaqohaneng; e phelang ka marutle, dikgalabolokoe; marutle le dikokonyana mmoho
le ditholona. /bon. mekgoaebane/ (bap. Lekgoaba) (mm. mokgwaebane,
mokhoabane).
MOKGOAEBANE (MOKHOAEBANE)
Mokgodutsoane Mmankgoshepe
Sefekekoane Mmampharoane
370
371
371
372
Mokoko
372
373
373
374
Mokopu (mo-ko-pu) /pumkin/ Omong wa dijalo tse nang le tholoana seka kotola, e
kgolo, e hlabosang ha e jewa, e behoang ke molebo. /bon. Mekopu/. Mael. Monna ke
mokopu o wa nama: motho e motona o kgona ho ya kae le kae ka tsa marato le ho
fereha.
MEKOPU, MOKOPU
374
375
MOKUDUBETE
375
376
Mola (mu-la) /line/ Se thadiloeng fatshe ho arola; se arolang dibaka tse pedi kapa tse
fetang bobedi. /bon. Mela/.
Molaetsa (mo-la-etsa) /message/ Puo e tsoang ho motho emong, e tlamehang ho
fetisetsoa ho emong; puo e tsoang ho mmuwi, e fetisetsoa ho mmuwisoa eo yena a tla
e fetisetsa ho mmuuwa. /bon. Melaetsa/.
Molaetsa (mo-la-etsa) /theme, meaning/ Se hlalosang ketsahalo kapa ketso; se
hlalosang moelelo wa taba. /bon. Melaetsa/.
Molafu (mo-la-fu) /jester/ Seqabolane sa motho: motho ya tshehisang, wa diketso tsa
bosoasoi. /bon. Melafu, bomolafu/ (bap. seqabolane).
Molahlehi (mu-la-hle-hi) /the lost, the disorientated/ Motho ya lahlehileng: ya sa
tsebeng moo a yang teng le moo a tsoang teng; ya sa tsebeng seo a se etsang; ya
sebakeng seo a sa tlamehang ho ba ho sona. /bon. Balahlehi/.
Molahluwa (mu-la-hlu-wa) /outcast/ Motho ya lahluweng: ya sa ratoeng kapa ya
ronehang; eo ba habo ba sa mo tsotelleng. /bon. Balahluwa/ (bap. mohlouwa).
Molakolako (mo-la-ko-la-ko) /migrant/ Motho wa naha enngwe lefatsheng leo eseng
la habo. Motho eo eseng moahi wa naha ka tlhaho. /bon. Melakolako/.(bap.
Letsoantle, motsoantle).
Molala (mo-la-la) /neck/ Setho sa mmele se pakeng tsa hlooho le mahetla, se
tsheheditseng hlooho. /bon. Melala/.
Molala (mo-la-la) /over there/ Lesupa le bontshang sebaka se hojana ka ho
toboketsa; lentsoe le supang sebaka ntle le ho bitsa lebitso la sona ka ho toboketsa.
Molamo (mo-la-mo) /my husband’s sister/ Kgaitsedi ya monna waka; ngoanabo
monna waka e motshehadi; motho e motshehadi eo molekane waka eleng ngoanabo
ka tsoalo. /bon. bomolamo/.
Molamu (mo-la-mu) /fighting stick, sherperd’s rod/ Thupa e sebedisoang ke
modisa kapa modisana bakeng sa ho laola diphoofolo le ho itshireletsa ntoeng; thupa
e sebedisoang joalo ka sebetsa. /bon. Melamu/ Mael. Ho busetsa molamu sefateng:
ho iphetetsa kapa ho etsa se entsoeng ho wena ho moetsi. (bap. Boiphetetso).
Molangoana (mu-lang-wa-na) /type of bird/ Mofuta wa nonyana e molala o molele
haholo le maoto a malelele, e mokobolo o sephara, o moholo bakeng sa ho kobola le
ho inola diphofu tsa yona. /bon. Melangoana/ (bap. mmamolangoana).
Molangoana (mu-lang-wa-na) /small stick/ Molamu o monyane. /bon. Melangoana/
Molao (mo-la-aw) /commandment, enactment, regulation/ Se etseditsoeng ho laola
batho le metsamao ya bona; se laolang mekgoa le diketso tsa batho; se ngotsoeng
bakeng sa ho netefatsa toka le botsitso ba naha, mmoho le sechaba sa teng; se
bontshang tsela eo dintho di tlamehang ho etsoa ka yona; se sebedisoang ho kotela
diketso tsa mokgelohi le moetsasebe. /bon. Melao/.
Molaodi (mu-la-udi) /director, commander, manager/ Motho wa boemo bo
phahameng ka mosebetsi, eo batho babang ba ikarabellang ho yena; motho ya laolang
masole le boemo ba ntoa; motho wa boikarabelo bo hodimo mosebetsing; mmampodi
kapa mpodi ka boemo ba tshebetso. /bon. Balaodi/.
Molaodi-kakaretso (//) /general manager/ Motho wa boemo bo phahameng ka
mosebetsi hofeta molaodi ya tloaelehileng, eo eleng yena ya fanang ka diqeto le
sephetho sa ho qetela. /bon. Balaodi-kakaretso/ (bap. mongodi-kakaretso).
Molaola-sephethephethe (//) /traffic cop/ Motho eo mosebetsi wa hae eleng ho laola
dipalangoang mmileng nakong ya tshubutlellano. /bon. Balaola-sephethephethe/.
Molaong (mu-la-ong) /legitimate, authorised, legal/ E dumelletsoeng kapa e
chaeloang monoana; e lokileng hore e ka etsoa; e dumellanang le molao o ngotsoeng
wa mokga, mokgatlo kapa naha. /bon. 0/.
376
377
377
378
378
379
MOLEPE
379
380
380
381
MOLOMOKGABA (MOLOMO-KHABA)
381
382
haholo la Sesotho ke “mmomori” hofeta “momodi” le ha batho ba dibaka tse ding tsa
naha ya Afrika Borwa ba sebedisa “momodi”. (bap. mmomori).
Momona (mu-mu-na) /lick/ Ho tlosa ka leleme; ho phumula kapa ho pikitla ka
leleme; ho neka pele ho koenyoa. Ho qhebidihisa ka leleme. (bap. neka).
Momonne (mu-mun-ne) /licked/ Bokgale ba ho momona.
Momonnoe (mu-mun-nwe) /licked/ Boetsuwa le bokgale ba ho momona.
Momono (Mu-mu-naw) /licking/ Ketso ya ho momona: ho tlosa ka leleme; ho
phumula kapa ho pikitla ka leleme; ho neka pele ho koenyoa.
Momonoa (Mu-mu-nwa) /licked/ Boetsuwa ba ho momona.
Momorana (mo-mo-ra-na) /to flatten stomack/ Ho etsa hore mpa ebe nyane ka ho
hula moya; ho kokobanya mpa ka ho hula moya.
Momorane (mo-mo-ra-ne) /flat/ Hoa mpa: e nyenyefaditsoeng ka ho hula moya; e
entsoeng hore e be nyane ka tsela e itseng.
Momoretsa (mu-mu-re-tsa) /swallow, gulp, drink/ Ho noa seno ka potlako e kgolo;
ho koenya metsi kapelenyana. (sheb. Momorotsa bakeng sa tshebediso).
Momoretso (mu-mu-re-tso) /swallowing, gulping/ Ketso ya ho momoretsa: ho noa
seno ka potlakoe kgolo; ho koenya metsi kapelenyana.
Momorotsa (mu-mu-ru-tsa) /swallow, gulp, drink/ Ho noa seno ka potlako e kgolo;
ho koenya metsi kapelenyana. Tlh. Lentsoe le nepahetseng ke “momorotsa” hofeta ho
“momoretsa”.
Mona (mu-na) /jealousy/ Boemo ba ho se lakaletse babang katleho; lehloyo le
bontshoang kgahlanong le motho eo ntho tsa hae di tsamayang hantle; maikutlo a
hanyetsanang le katleho ya motho emong. /bon. 0/ (bap. lefufa, poulelo).
Mona (mo-na) /here/ Lesupa le bontshang ntho e haufinyane haholo; lentsoe le
sebedisoang ho bontsha ntho e haufi haholo.
Monahanedi (mu-na-ha-ne-di) /prejudiced person/ Motho ya nahanelang emong
ntle le ho tseba bonnete ba taba; motho ya akanyang ntle le ho tseba nnete ka motho:
ya fanang ka maikutlo a fosahetseng kgahlanong le motho. /bon. Banahanedi/.
Monahani (mu-na-ha-ni) /thinker/ Motho ya sebedisang boko ho nahana; motho ya
hloahloa ka ho etsa hore monahano ebe ketso. /bon. banahani/.
Monahano (mu-na-ha-naw) /an idea, thinking/ Kgopolo e tlang pele e buuwa ka
molomo; leqheka le nahanoang, leo eleng lona le ka etsoang ketso; ketso ya ho
nahana: ho lotha ka pelo se tlamehang ho etsoa. /bon. Menahano/.
Monahano (mu-na-ha-naw) /imagination/ Boemo ba ho bopa ntho e sio ka kelello;
kakanyo e fosahetseng kapa maikutlo a bontshang ntho e sio. /bon. Menahano/
Monakaladi (mu-na-ka-la-di) /yellow-nut grass, cyprus ututatus/ Semela, seka
sehoete, seo bokatlase ba sona bo nang le kotola e eboloang, e jewang bokahare. /bon.
Menakaladi/ Mael. Ho ja monakaladi wa kebolela: ho dula le ho phomola hamonate
ntle le mosebetsi o boima. Ho roba monakedi. (mm. monakalali).
Monakedi (mu-na-ke-di) /leisure/ Boemo ba ho ithabisa nakong tsa phomolo, ka
mora mosebetsi; ho ya monateng ka mora mosebetsi. /bon. 0/.
Monamodi (mu-na-mo-di) /arbitrator, reconciliator/ Motho ya namolang: ya
kenang dipakeng tsa batho kapa mahlakore a loantshanang ka sepheo sa ho fedisa
dikgohlang kapa ho se utloane. /bon. Banamodi/.
Monamoledi (mo-na-mo-le-di) lawyer, advocate/ Motho ya emelang emong
lekgotleng la dinyewe kapa kgotla. /bon. Banamoledi/ (bap. leqoetha, lenqosa,
leqosa, moemedi).
382
383
383
384
384
385
Monnamoholo (//) /old man/ Motho e motona ya hodileng haholo dilemong; monna
ya boemong ba boqheku kapa botsofadi. /bon. Banna-baholo/ (bap. ntate-moholo,
mmamoholo) (mm. monna-moholo).
Monnana (mun-na-na) /lad, young man/ Monna e monyane dilemong; motho e
motona ya sa tsoa feta bohlankana. /bon. Bannana/ (bap. mohlankana) (mm.
monnanyana).
Mono (mo-nu) /there/ Lesupa le bontshang sebaka se thoko; lentsoe le supang sebaka
se hojana le mmuwi.
Monoana (mun-wa-na) /finger, toe/ Karolo kapa setho sa letsoho kapa botlase ba
leoto, se nang le masapo le mangoaparela kapa matseparela, e nang le karolo tse hlano
tse thusang ho tshoara, ho tseperela kapa ho fupara le ho nka. /bon. Menoana/ Mael:
ho chaela monoana: ho fana ka tumello ya ho etsa se itseng. (mm. Monwana).
Monoang (mu-nwa-ng) /mosquito/ Kokoanyana e fofang, e bonahalang haholo
nakong tsa mocheso, dibakeng tse sa hloekang, e bakang borurusi kapa bokudi bo
itseng ha e lomme motho. /bon. Menoang/ (mm. Monwang).
Monoebelele (mu-nwe-be-le-le) /easy going/ Ka tsela e bobebe; ka mokgoa o bonolo
wa ho etsa ketso e itseng. (mm. Monwebelele).
Monohi (mo-nu-hi) /assumer, foreteller/ Motho ya nohang: ya bontshang le ho bua
ka se tla etsahala pele se etsahala. /bon. Banohi/ (bap. senohi).
Monokotshoai (mu-naw-kawts-hwa-i) /strawberry/ Mofuta wa tholoana e kgubedu
kapa kgubetsoana e hlabosang, e tholahalang semeleng seo hangata se melang naheng
kapa dibakeng tse nang le majoe. /bon. Menokotshoai/ (mm. Monokotshwai).
MONOKOTSHOAI
Monongoaha (mu-nu-ng-wa-ha) /this year/ Selemo sena; selemo sona sena, seo
releng ho sona. /bon. 0/ (bap. isao) (mm. monongwaha).
Monono (mo-nu-nu) /over there/ Lesupa le bontshang sebaka se thoko ka ho
toboketsa; lentsoe le supang sebaka se hojana le mmuwi ka ho toboketsa.
Monono (mu-naw-naw) /wealth, affluence, asset, opulence/ Boteng ba leruo la naha
le batho ba yona; borui ba motho kapa batho ba tulo e itseng; ho ba teng hoa matlotlo
le thepa e ngata ya dichelete; boteng ba dirafjoa le matlotlo a naha kapa motho; ho
phophoma hoa ditlhoko tsa bophelo kaofela le seo chelete e ka di rekang; nala le
kgora. /bon. Menono/. Mael. Monono ke mohodi ke mmuane (mouwane): letlotlo
kapa borui bo boholo bo na le ho fela kapele; motho a keke a ba le leruo bophelo
bohle ba hae: tsohle dia fela. Mael. Kgopi e rahoa ke monono: motho ya hlokang
teboho kapa ya nyedisang mothusi wa hae.
Monono (mu-naw-naw) /obesity, fatness/ Boemo ba ho nona: ho ba motenya; ho ba
le mmele o moholo, o mafura. /bon. Menono/.
Monontsha (mu-nonts-ha) /fertilizer/ Se sebedisoang le ho kengoa mobung ho
nontsha dijalo; motsoako o atlehisang le ho matlafatsa dimela le dijalo ka ho o
kopanya le mobu. /bon. Menontsha/ (bap. manyolo).
Monoto (mu-naw-taw) /lanky calf or shin/ Seemo sa maoto a masesanyane; mmomo
o otileng, o lesapo le lesesane. /bon. Menoto/.
Monotoana (mu-nawt-wa-na) /lankiness/ Boemo ba ho ba le monoto kapa lesapo la
mmomo le lesesane haholo. /bon. Menotoana/ (mm. Monotwana).
385
386
386
387
387
388
sona. Makgatheng a seo ke neng ke batla ho se etsa. Mohl. Moo honang le kgotso
teng, setsoalle se sengata. Moo honang le lehloyo teng batho ha ba chake. Moo ke
neng ke re ke ya mo qetella, ba nthiba. Tem. Ka puo ya Sesotho polelo tse tshoanang
le “mo lapeng, mo tlung, mo lebaleng, jj, ha di sebedisoe: ho bolelang hore lentsoe le
nepahetseng la puo ya Sesotho ke “moo” hofeta “mo”.
Mookamedi (mo-u-ka-me-di) /director, manager/ Motho ya okametseng: ya ka
sehlohlolong sa ho laola boemo bo itseng; ya etsang mosebetsi wa ho okamela kapa
ho ba ka hodima basebetsi ka tsamaiso. /bon. Baokamedi/.
Mookamedi-kakaretso (//) /managing director, director/ Motho ya okametseng
basebetsi mmoho le mosebetsi ohle hofeta baokamedi kaofela. /bon. Baokamedi-
kakaretso/ (bap. mongodi-kakaretso).
Mookgo (mu-aw-kgaw) /tear/ Metsi a tsoang mahlong ka baka la ho lla kapa ho
thaba; seka metsi se hlahang leihlong, se bodila, se bakoang ke ditsheho, sello kapa
bokudi ba mahlo. /bon. Meokgo/ (bap. keledi).
Mooki (mu-o-ki) /nurse/ Motho ya okang bakudi: eo mosebetsi wa hae eleng ho
shebana le bababi le ho oka maqeba le mahloko a bona. /bon. Baoki/
Mooko (mu-aw-kaw) /core, theme/ Seo eleng taba kgolo; seo eleng bohare ba
ketsahalo kapa puo ya bohlokoa. /bon. Meoko/ Tlh. lentsoe le nepahetseng ke
“mooko” hofeta “mmoko”.
Mookodi (mu-o-ko-di) /rainbow/ Seka leru se hlahang ha pula e qeta ho na, se nang
le mebala e mengata e bakoang ke boemo ba mahlasedi a letsatsi. Tlh. Lentsoe le
nepahetseng haholo ke “mookodi” hofeta “mmokodi”.
Mookotaba (mu-aw-kaw-ta-ba) (mooko-taba) /main theme, main topic/ Taba eo
eleng yona e ka sehlohlolong eo ho buuwang ka yona sebokeng, pitsong kapa
kopanong. /bon. meokotaba/ (mm. Mooko-taba).
Moomo (mu-aw-maw) /shin/ (sheb. Mmomo bakeng sa tshebediso).
Mootlatshepe (mu-otla- ts-hi-pi) /blacksmith plover/ Mofuta wa nonyana e ntsho e
kopantseng le boputsoana kapa bothokoa bo hlakileng; e maoto a malelele a etsang
hore e kgone ho potlaka; e tholahang haholo bakeng tse ommeng pela dikoetsa,
dinoka le matsha. /bon. Meotlatshepe/ (mm. Mo-otla-tsepe).
Mootli (mu-o-tli) /beater, boxer/ Motho ya otlang: ya utloisang emong kapa babang
bohloko ka ho ba shapa kapa ho ba natha ka setebele. Motho ya tebelang ntho e
itseng. /bon. baotli/ (bap. raditebele).
Mootloana (mu-otl-wa-na) /puppy/ Ntja e nyane eo eseng kgale e tsoetsoe, eo e
ntseng e thekesela ka lebaka la ho hloka botsitso ba maoto a fokolang. Ntjanyana e sa
tsoa tsoaloa, kapa e nang le nakoana e hlahile. /bon. meotloana/ (mm. Mootlwana).
Mopakapaka (mo-pa-ka-pa-ka) /African-Rail/ Mofuta wa nonyana e fumanoang
haholo bakeng tse metsi, pela dinoka; e masiba a mokokotlo a masootho, sefuba le
bokatlase bo bothokoa mmoho le mpa e phatshoa, maoto le mokobolo o mokgubedu;
e phelang ka ho ja diphoofotsoana tsa metsing . /bon. mepakapaka/.
MOPAKAPAKA
388
389
389
390
390
391
e tlang; ya senolang boemo ba hosane kapa nako e tlang. /bon. Baporofeta/ (bap.
Senohi, molepi, modupa).
Moprista (mo-pris-ta) /priest, rabi/ Motho ya fanang ka thero e mabapi le lentsoe la
Modimo; motho ya rutang ka bibele. /bon. Baprista/ (bap. Moruti) Tlh. Lentsoe lena
ke sothofatso ya “priest” ha lentsoe le nepahetseng la Sesotho e le “moruti”.
Moputso (mo-pu-tsaw) /wage, renumeration, earning/ Se fumanoang ka mora
mosebetsi kapa tshebetso; se newang motho ya sebeditseng ka mora nako eo ho
dumellanoeng ka yona; tefo ya motho ya sebeletsang emong kapa mmuso ka mora ho
qeta kapa ho phetha mosebetsi. /bon. Meputso/ (bap. puseletso).
Moputso (mo-pu-tsaw) /result, product/ Se hlahellang ka mora ketso kapa ketsahalo
e itseng; seo eleng sesosa kapa sephetho sa boemo bo itseng. /bon. Meputso/ Mael.
Moputso wa sebe ke lefu: Phoso le tlolo ya molao e ka baka ho shoa kapa timelo.
Moqabanyi (mo-qa-ban-yi) /inciter, instigator/ Motho ya qabanyang: ya etsang hore
ho be le diqabang kapa qabano; ya etsang hore babang ba se utloane kapa ba
loantshane. /bon. baqabanyi/.
Moqala (mo-qa-la) /crowbar/ Tshepe e thata, e boima, e sebedisoang bakeng sa ho
cheka kapa ho epa moo ho leng thata haholo. /bon. Meqala/ (bap. leqala).
Moqapi (mu-qa-pi) /inventor, composer/ Motho ya qapang: eo eleng yena wa pele
wa ho etsa ntho e itseng; wa pele ho bopa kapa ho hlahisa sesebedisoa se secha; eo
eleng yena ya sibollotseng ntho e itseng. /bon. Baqapi/ (bap. seqapi, mohlahisi).
Moqapo (mo-qa-po) /traditional basotho girls’ dance/ Mofuta wa motjeko wa
banana ba Basotho oo hangata o etelloang pele ke pina. /bon. Meqapo/ (bap. Famo).
Moqaqi (mo-qa-qi) // Motho ya qaqileng: ya tsebang seo a buang ka sona; ya tsebang
ditaba tsa hae. /bon. baqaqi/ (bap. moqaqisi).
Moqaqisi (mo-qa-qi-si) /a person who clarifies/ Motho ya qaqisang: ya etsang hore
se buuwang se utloahale kapa se hlalosehe ka tsela e bonolo. /bon. baqaqisi/.
Moqathatso (mo-qat-ha-tso) /sandal/ Seeta se bulehileng kahodimo; seqathola se
masoba ka mathoko kapa hodimo, seo hangata se roaloang nakong tsa mocheso; seeta
se bonahatsang leoto. /bon. Meqathatso/.
Moqato (mo-qat-taw) /lad’s G-string, man’s underwear/ Seaparo sa motho e
motona se koahelang setho sa bonna feela le karoloana ya dibono; seaparo sa batho ba
batona, seka tsheya, se aparoang kahare. /bon. Meqato/.
Moqatsohi (mu-qa-tsu-hi) /sprinter/ Motho ya qatsohang: ya mathang ka lebelo le
leholo, ka nako e kgutshoane. /bon. Baqatsohi/ (bap. Qatsoha, qatsoho, ntshoekge).
Moqebelo (mu-qe-be-law) /Saturday, sabbath/ Letsatsi la bosupa la beke; letsatsi la
ho qetela bekeng; letsatsi leo ho ya ka bibele, Modimo a phomotseng ka lona ha a
qeta ho bopa le ho hlola lefatshe le bophelo. /bon. Meqebelo/ Tem. Tlhaloso e
phethahetseng ya letsatsi lena e tholahala bibeleng e halalelang hofeta ho batho bafe
kapa bafe.
Moqeki (mu-qe-ki) // Motho ya qekang: ya hlokomelang ka sepheo sa ho baballa
motho kapa ntho.Ya hlokomelang ntho hore e se senyehe kapa e se utloe bohloko; ya
buang ka boikokobetso ka sepheo sa ho fumana seo a se batlang. /bon. Baqeki/.
Moqekisi (mu-qe-ki-si) /begger/ Motho ya qekisang: ya phelang ka ho kopa dijo le
ntho tse ding tse ngata bakeng sa ho iphedisa. /bon. Baqekisi/ (bap. mokopakopa).
Moqekoa (mu-qe-kwa) /stepmother/ Mosadi wa ntate eo eseng mme ya ntsoalang;
molekane wa ntate eo eseng mme ka tsoalo. /bon. Baqekoa/ (bap. mmangoane).
Moqeqebo (mo-qi-qi-baw) /exorbitance, enormousness/ Boemo ba theko e hodimo;
bongata le boholo ba ntho tse itseng; boteng bo fetang tekanyo kapa kamoo ho
hlokahalang ka teng. /bon. Meqeqebo/ Tlh. Batho kapa bangodi ba bangata ba puo ya
391
392
392
393
393
394
Ho fatela morao joalo ka kgoho: ho sebetsa ntle le tema. Ho etsa ntho e hlokang
thuso. Ho sebeletsa lefeela.
Morao (//) /recent, recently/ Hoa ketso, ketsahalo kapa boemo: e etsahalang
matsatsing a joale; e qetang ho etsahala; ya hona joale; e etsahatseng haufinyane; eo
eseng kgale e etsahetse. /bon. 0/.
Moraorao (mo-ra-u-ra-u) /latest, lately, current, recently/ E etsahalang nakong tsa
joale, matsatsing a kajeno; e ncha haholo; e sa tsoa sibolloa.
Morapalla (mu-rap-al-la) /colossal, enormous, immense/ Hoa sebopeho sa mmele
wa motho kapa phoofolo: ya, kapa e kgolo haholo ka seemo sa mmele, haholo ha e
shejoa e rapalletse; e, kapa ya tletseng sebaka ka baka la boholo ba yona; e bophara
bo kopaneng le botenya le bolelele; e kgolohadi. /bon. Meraparapa/.
Moraparapa (mo-ra-pa-ra-pa) /mammoth, titanic/ E kgolo ka ho fetisisa tse ding ka
mmele kapa chebeho ya sebopeho; e phahameng hofeta tseding ka sebopeho sa
mmele kapa bophahamo; e tenyahadi ha e shejoa e rapalletse. /bon. Meraparapa/.
Morapedi (mu-ra-pe-di) /worshiper/ Motho ya rapelang Modimo wa hae: ya
kgumamelang le ho rapela eo a nang le tumelo ho yena. Motho ya bontshang tumelo
ka ho rapela Modimo kapa modingoana wa hae. /bon. Barapedi/ (bap. thapelo).
Morara (mo-ra-ra) /vine tree, grape, wine/ Sefate se hlahisang ditholoana tsa sefate
seo; ditholoana tsa sefate sa morara, tse tala kapa kgubedu ka mmala. /bon. Merara/
Morarapa (mu-ra-ra-pa) /mammoth/ Phoofolo, seka tlou kapa lelapa la tlou, e
kgolohadi, eo ho dumeloang hore e kile ya phela nakong tsa dikgodumodumo, nakong
tsa kgale. /bon. Merarapa/ (bap. Moraparapa).
Morara-wa-thaba (//) /Bitter grape/ Mofuta wa semela sa lelapa la sefate sa morara,
se melang haholo dithabeng, se behang ditholoana tse bodila. /bon. Merara-ya-thaba/.
Morashea (mu-ra-she-a) /Russian/ Moahi wa naha ya Rashea, e Asia, ya buang puo
ya Serashea. /bon. Marashea./
Moratani (mu-ra-ta-ni) /lover/ Motho ya ratanang: eo aleng boemong ba lerato le
emong; ya ratang kgarebe kapa mohlankana haholo. /bon. Baratani/ (bap. serati).
Moratata (mo-ra-ta-ta) /machine-gun/ Sethunya se ntshang dikulo tse ngata haholo
ha se sebedisoa ho bolaya le ho thunya batho ba bangata. /bon. Meratata/.
Morati (mu-ra-ti) /supporter, fan/ Motho ya tshehetsang sehlopha sa habo sa papadi
e itseng haholo. /bon. Barati/ (bap. motshehetsi).
Morati (mu-ra-ti) /lover/ Motho ya ratanang: eo aleng boemong ba lerato le emong;
ya ratang kgarebe kapa mohlankana haholo. /bon. Baratani/ (bap. moratani, serati).
Moratuwa (mu-ra-tu-wa) /darling, dear/ Motho ya ratoang haholo ke molekane wa
hae; motho e motshehadi kapa e motona ya ratanang le emong; kgarebe kapa
mohlankana ya leratong ha a bitsoa ke molekane wa hae. /bon. Baratuwa/ (bap. ratu).
More (mo-re) /brother/ Ngoaneso e motona: moholoane waka; abuti waka; kgaitsedi
yaka e tona. /bon. Bomore, bare/.
Moreki (mu-re-ki) /consumer, customer/ Motho ya rekang: ya ntshang chelete
bakeng sa ho lefa seo a se nkang; ya nkang thepa ka ho e lefella. /bon. Bareki/ (bap.
mosebeletsuwa, mosebeletsi).
Morebele (mu-ri-bi-li) /of time: gone; at one’s heels/ Hoa nako: e tsamaileng ka
potlako; eo nako ya yona e ka felang neng kapa neng; e ileng haholo. hoa motho: ya
mathang ka potlako ho tla feta emong: ya diretheng tsa emong ka ho potlaka kapa ho
tsamaya. /bon. merebele/ ?? Mohl. Ha re mathe re tiise, Thabiso o re behile
merebele.
394
395
395
396
Morifi (mo-ri-fi) /bowl/ Enngwe ya dijana tse tebileng, tsa setso, e sebedisoang ho
tshela dijo tse lero kapa metsi. /bon. merifi/ (bap. moritshoana).
Moriphaboliki (mo-ri-pha-bo-li-ki) /republican/ Motho ya dumelang ho mmuso wa
rephaboliki. Tloaelo ya motho wa naha ya rephaboliki. /bon. Bariphaboliki/.
Moriri (mo-ri-ri) /hair/ Seka boya se hlahang hloohong kapa se aparetseng hlooho
kapa ditho tse ding tsa mmele. /bon. Moriri, meriri/ (bap. boya).
Moritaoke (mo-ri-ta-u-ke) /sophistry, subterfuge, fraudulence/ Mokgoa kapa tloelo
ya ho etsa dintho ka tsela ya bomenemene. Tsela e sa otlolohang ya ho etsa dintho ka
sepheo sa ho jalletsa. (bap. tsuo).
Moritedi (mo-ri-re-di) /brewer/ Motho ya ritelang joala: ya etsang joala ka ho
kopanya mmela le metsi a bedisitsoeng ho etsa setoto, ho kenya tomoso le ho tlhotla
ka mora ho kopanya metsoako kaofela. (bon. Baritedi) (bap. seritedi).
Morithi (mo-ri-thi) /shade/ Sebaka se hlokang kganya ya letsatsi; sebaka seo letsatsi
le sa chabeleng ho sona. Sebaka se phodileng ka baka la tlhokahalo ya mahlasedi a
letsatsi. /bon. merithi/ (bap. serithi) Tlh. “morithi” le “serithi” ke mantsoe a mabedi a
sa hlaloseng ntho e le nngwe.
Moritshoana (mo-rits-hwa-na) (moritshwana) /wedding or marriage plan/ Sesupo
sa mohlankana ya batlang ho nyala; pontsho ya hore mohlankana o kgahliloe ke
moroetsana, mme o batla ho nyala. Ho raha moritshoana: ho bulela dikgomo ka
madungoadungoane ho di nehela manamane a tsona hore di anye lebese ka sesupo sa
hore ya etsang ketso eo o batla ho nyala. /bon. 0/.
Moro (mu-raw) /gravy/ Metsi kapa lero le etsoang ke nama kapa dijo tse nonneng;
lero le tsoang nameng e phehiloeng. /bon. Mero/ (bap. lero, kgodu) Mael. Ho tshola
tlhako morong: ho baleha ka lebelo le leholo. Mael. Moro kgotla ha o okoloe: ditaba
di bewa pepeneneng ntle le ho patoa.
Moroa (mu-rwa) /bushman/ Emong wa baahi ba kgale ba Afrika Borwa ya
tholahalang ka nqa tse ka bophirima ba naha, ya phelang ka ho tsoma dibakeng tse
ommeng le mahoatata. /bon. Baroa/ (mm. morwa, barwa).
Moroalathoto (mo-rwa-la-thu-tu) /porter/ Motho ya jereng moroalo ka sepheo sa ho
o lebisa nqa enngwe ho tloha ho enngwe. Motho ya lebisang mokudi ho tloha
sebakeng seseng ho ya ho seseng sa phekolo kapa kalafo. /bon. baroalathoto/.
Moroalli (mu-rwal-li) /firewood collector/ Motho ya roallang patsi kapa dibeso;
motho ya tsomanang le ntho tsa ho etsa mollo joalo ka patsi. /bon. Baroalli/.
Moroallo (mu-rwal-law) /flood/ Boteng ba metsi a mangata haholo a bakoang ke pula
tsa metloebelele le medupi; ponahalo ya metsi a mangatahadi, a tletseng hohle, a pula
e ngata. /bon. Meroallo/.
Moroalo (mo-rwa-law) /load, weight, cargo, freight, ton/ Boima bo nkoang kapa bo
laechoang; thoto e ngata, e boima haholo; se jarisoang sepalangoang se boima; se
imelang ha se kakasoa. /bon. Merolalo/ (bap. boima). Mael. Tlou ha sitoe ke
moroalo: se sengata seo motho a nang le sona se keke sa mo hlola. Mael. senkhanang
se nthola moroalo: seo ke hlokang katleho ho sona se fokotsa boima boo ke nang le
bona; ya sa nkutloisiseng o nkimolla mathateng.
Moroalo (mo-rwa-law) /burden, stress/ Boemo bo sitang kelello le matla a motho; se
kgathatsang maikutlo le monahano; ketso e tenang maikutlo. /bon. Meroalo/.
Moroba (mu-ro-ba) /nomad/ Motho ya tsamayang hohle a sa dule sebakeng seleseng
ka baka la mosebetsi wa hae o itseng. /bon. meroba/. (bap. lerobane).
Morobadi (mu-ro-ba-di) /sleeper/ Motho ya robetseng: ya ratang boroko. /bon.
barobadi/ (bap. raboroko).
396
397
MEROHO, MOROHO
TAPOLE (POTATO)
EREKISI MOKOPU
BITIRUTI (BEETROOT)
KHUKHUMBA (CUCUMBER)
397
398
SEPINICHI (SPINACH)
CHIDISI MOKOPU
398
399
399
400
400
401
MOSEME, MESEME
401
402
MOSHA (SQUIRREL)
402
403
MOSIA
Mosia (mo-sia) /Basotho clan group: of the cat/ Karolo ya morabe wa Basotho ba
rehelletsoeng ka mosia, ba anang katse. /bon. Basia/
Mosiana (mo-si-a-na) /kitten/ Ledinyane la mosia; mosia o monyane. /bon.
Mesiana/.
403
404
404
405
405
406
406
407
407
408
408
409
MOTINTINYANE
Motinyane (mo-tin-ya-ne) /warble/ Nonyana e nyane haholo hofeta tse ding; mofuta
wa nonyana e nyanenyana haholo ya naheng e mebalabala. /bon. metinyane/. Tlh.
Nonyana ena e na le mefuta e mangata lefatsheng. Tem. Ka puo ya Sesotho,
“motinyane” mmoho le “motintinyane” ke ntho e le nngwe.
Motjeko (mut-je-kaw) /jive, dance/ Tsitsinyo ya mmele bakeng sa mmino; ho
thothometsa mmele bakeng sa mmino wa diletsa. /bon. Metjeko/ (bap. choachoaselo).
Motjeko (mut-je-kaw) /party, bash, get-together/ Mokete wa diletsa moo ho
tjekoang le ho noa majoala teng; mokete wa semetletsa wa batho ba bacha moo ho
fochoseloang teng; mokete wa monyaka le boithabiso moo ho tjekoang teng;
bommoho ba batho bakeng sa keteko ka ho fochosela. /bon. Metjeko/ (bap. timiti).
Motjetje (mot-jit-ji) /fast drinking, gulping/ Ho noa ntle le ho kgefutsa; ho noa ntle
le ho phomola; ho noa ka pele ntle le ho emisa. /bon. 0/ (bap. metsa, paparetsa). Tlh.
Lentsoe le nepahetseng haholo ke “motjetje” hofeta “mosheshe”.
Motjodi (mot-jo-di) /cowbird, African Pied Wagtail/ Mofuta wa nonyana e ratang ho
tsamaya le diphoofolo, eo hangata e jang mekgase e tholahalang diphoofolong. /bon.
Metjodi/.
409
410
MOTJODI (COWBIRD)
MOTJODIMATSATSA (MOTJOLI-MATSATSA)
410
411
molala o mosweu mmoho le karolo tseding tsa hlooho tse tshweu; e mokobolo o
moholohadi; e phelang ka diphoofotsoana le dimela tsa mesting. /bon. metlathomo/.
MOTLATHOMO
411
412
412
413
Motona (mo-tu-na) /male/ Hoa motho: ya nang le ditho tsa mmele tsa bonna; ya nang
le tshobotsi ya senna kapa monna. /bon. Batona/ (bap. Motshehadi).
Motopo (mu-taw-paw) /oval/ Ya sebopeho sa lehe; e sedikadikoe se hlokang bochitja
bo phethahetseng. /bon. Metopo/ (bap. chitja, sedikadikoe).
Motsamai (mu-tsa-mai) /walker, traveller/ Motho ya tsamayang kapa ya etelang
sebakeng se itseng. /bon. Batsamai/ (bap. mohahlaudi). Mael. Motsamai o ja noha:
motho ya leetong ya lapileng o ja eng kapa eng eo a e fuwang kapa eo a kopanang le
yona. Ya lapileng o ja tsohle.
Motsamaisi (mo-tsa-ma-isi) /director, manager/ Motho ya moholo mokgatlong,
mosebetsing, kapa tshebeletsong ya tsamaiso e itseng. Motho eo eleng yena ya
tshoereng mokobobo wa tsamaiso ya letsema kapa leano. Ramosebetsi eo eleng
mookamedi. /bon. batsamaisi/ (bap. molaodi, molaodi-kakaretso, mookamedi).
Motsamao (mo-tsa-mao) /the walk, step/ Tsela ya ho tsamaya e sa tshoaneng le
emeng; mohato wa leoto. /bon. Metsamao/.
Motsana (mo-tsa-na) /village/ Sebaka se senyane haholo sa lehae, moo ho dulang
batho ba banyane, ba phelang ka ho lema le thuo ya diphoofolo, babile ba busoa ke
morenana. /bon. Metsana/.
Motse (mo-tse) /family/ Lelapa la motho le akgang mosadi, monna le bana; monyadi
kapa monyaduwa mmoho le bana kapa batho ba sebedisang lebitso kapa seboko
seleseng, ba dulamoahong kapa ntlong e le nngwe. /bon. Metse/ (bap. lelapa).
Motse (mu-tse) /village/ Sebaka sa mahaeng moo ho dulang batho ba lemang, ba
ruileng diphoofolo ebile ba phela bophelo bo hlokang lerata le marangrang. Sebaka se
busoang ke morena kapa morenana. /bon. metse/.
Motse (mo-tse) /town/ Sebaka seo ho dulang batho ba malapa a fapaneng; senang le
meaho e mengata e fapaneng; se akgang marangrang a mebila, dikotopo tsa
sejoalejoale, motlakase le meaho ya ditoropong. /bon. Metse/.
Motseki (mo-tse-ki) /plaintiff, complainant/ Motho ya tsekang: ya tlisang sello kapa
tletlebo kgotla; ya tlisang sello kgahlanong le motsekisoa. /bon. batseki/ Tlh. Mantsoe
“moitseki” le “motseki” a na le meelelo e fapaneng haholo.
Motsekisi (mo-tse-ki-si) /accuser/ Motho ya tsekisang: ya nang le pelaelo
kgahlanong le emong ya mo etsang hampe. /bon. batsekisi/ (bap. moqosi).
Motsekisoa (mo-tse-ki-swa) (motsekiswa) /defendant/ Motho ya tsekisoang: eo
nyewe eleng kgahlanong le yena; ya qosoang kgotla; ya tlisitsoeng lekgotleng la
dinyewe ka baka la molato o itseng. /bon. batsekisoa/ (bap. moqosuwa).
Motsemoholo (mo-tse-mo-ho-lo) /capital town, capital city/ Sebaka sa meaho e
meholo e kalamaneng; e akgang mebila e meholo le meaho ya kgoebo le thekiso,
marangrang a boemo bo hodimo; enang le dikantoro tsa tsamaiso ya mmuso le ya
mmasepala. Motse kapa sebaka sa naha se seholo hofeta metse yohle e fumanoang
naheng; toropo e kgolo haholo ya naha. Motse o moholohadi wa naha. /bon.
metsemeholo/ (bap. ntlokgolo) (mm. motse-moholo) /bon. Metse-moholo/.
Motsero (mo-tse-raw) /coloured line/ Mola o mmala kapa mebala o fumanoang
haholo mmeleng wa phoofolo kapa phoofotsoana. /bon. metsero/. (bap. moreto,
maroboko).
Motsetedi (mo-tse-te-di) /investor/ Motho ya tsetelang: ya behang chelete kapa
letlotlo la hae sebakeng sa poloko bakeng sa ho fumana phaello. /bon. batsetedi/.
Motshabi (mots-ha-bi) /the afraid, the frightened/ Motho ya tshabang: ya nang le
letsoalo la ntho e itseng. /bon. batshabi/.
Motsheanong (mots-he-ano-ng) /May/ Kgoedi ya bohlano ya selemo, etlang ka mora
Mmesa, e lateloang ke Phupjane.
413
414
414
415
415
416
416
417
417
418
418
419
419
420
420
421
421
422
422
423
MPHUBETSOANA (MPHUBETSWANA)
423
424
424
425
Mpshe
425
426
426
427
Nnn
PALE:
Tlhaku ya leshome le metso e mene (14) ya Sesotho. Jwalo ka tlhaku “M” le yona eka
sebedisoa ho maetsi a bitsoang leetsuwa jwalo ka: natha=nnatha, roma=nthoma,
sheba=ncheba, nepa=nnepa, kgaolela=nkgaolela, jj.
N (en) /en/.
Na (na) /with/ Mohl. Ke na le bona. Ke na le mme le ntate.
Na (na) /have, had/ Ho ba le. Mohl. Ke na le chelete. Ke na le mokotla. Ke ne ke na
le mosadi. Ke na le bokgoni ba ho ngola buka ke le mong.
Na (na) /to rain/ Hoa pula: ho tla fatshe ho tsoa marung; ho wela fatshe ho hlaha
hodimo; ho tsholohela fatshe.
Naa (na-a) // Lebotsa le sebedisoang ho batla karapo. Mohl. Na ebe o tla ba teng
moketeng wa lenyalo? Na ke yona ntho e ka o kgentshang e?
427
428
Naha (na-ha) /country, land/ Karolo ya lefatshe e nang le mobu, dimela, majoe,
metsi, diphoofolo, batho le tsohle tse bonoang ke leihlo, eo e welang tlasa taolo ya
batho kapa motho, eo e nang le moedi. /bon. Dinaha/ (bap. lefatshe) Mael. Naha e
jele boya: kotsi di hohle naheng; botlokotsebe bo tletse kapa bo atile sebaka le naha
yohle. Mael. Ho ipha naha: ho baleha sebakeng; ho tloha ka ho nyamela. Mael. Ho
tlalloa ke naha: ho ba mathateng a maholo a bakang hore motho a se tsebe seo a ka se
etsang. Ho thatafalloa haholo; ho ba tebetebeng.
Nahana (na-ha-na) /think, beckon/ Ho sebedisa kelello ho bopa maikutlo; ho bua le
ho akanya ka pelo se tlamehang ho etsoa. /bon. Nahanang/.
Nahanela (na-ha-ne-la) /suspect/ Ho ba le maikutlo a kgahlanong le motho kapa
ntho e itseng, empa a hloka bonnete. Ketsetso ya ho nahana.
Nahanela (na-ha-ne-la) /considerate/ Ho ba le maikutlo a kutloelo bohloko
kgahlanong le emong; ho utloela bohloko ka ho etsetsa emong botle. Ho bontsha
maikutlo a hlokang boinahanelo.
Nahanella (na-ha-nel-la) /assume/ Ho akanya se ka etsahalang ntle le bonnete bo
felletseng; ho lekanya ntle le ho tseba hantle.
Nahanello (na-ha-nel-law) /assumption/ Ketso ya ho nahanella: ho akanya se ka
etsahalang ntle le bonnete bo felletseng; ho lekanya ntle le ho tseba hantle.
Nahanisa (na-ha-ni-sa) /consider, ponder/ Ho ipha nako ya ho hlahloba le ho
shebisisa seo ho buang ka sona kapa se hlahisoang ke motho; ho thuhisa qeto e
fanoeng pele maikutlo a fanoa. Ketsisiso ya ho nahana. (bap. lohotha).
Nahaniso (na-ha-ni-saw) /reconsideration, pondering/ Ketso ya ho nahanisa: ho
ipha nako ya ho hlahloba le ho shebisisa seo ho buang ka sona kapa se hlahisoang ke
motho; ho thuhisa qeto e fanoeng pele maikutlo a fanoa.
Nahanisoa (na-ha-ni-swa) // Boetsuwa ba ho nahana.
Nahanne (na-han-ne) /thought/ Bokgale ba ho nahana. (bap. nahanoa).
Nahannoe (na-ha-nwe) /premeditated, planned, thought/ Boetsuwa ba ho nahana: e
entsoeng ka maikemisetso a kelello le monahano.
Nahano (na-ha-naw) /thinking/ Ketso ya ho nahana: ho sebedisa kelello ho bopa
maikutlo; ho bua le ho akanya ka pelo se tlamehang ho etsoa. (bap. monahano).
Nahathote (na-hat-hu-te) /wilderness, wasteland/ Sebaka se hlaha bakeng sa ho
phela batho; sebaka se hlokang bophelo bakeng sa motho. /bon. Dinahathote/.
Naheng (ha-he-ng) /grazeland/ Sebaka seo diphoofolo di fulang teng; moo makgomo
le diruuwa tse ding di jang joang teng. /bon. 0/ (bap. Thoteng, thota, naha).
Nahume (na-hu-me) /Nahum/ Buka ya bibele ya bomashome a mararo le metso e
mene (34) ya testamente ya kgale.
Nakedi (na-ke-di) /pole cat, weasel, skunk/ Mofuta wa phoofolo e ntsho, e
itshireletsang ka ho ntsha lero seka lephoka le bohale haholo. Phoofolo seka katse e
itshireletsang kgahlanong le tlhaselo ka ho ntsha seputa. /bon. Dinakedi/.
Naketshana (na-kets-ha-na) /a type of animal/ Nakedi e nyane. /bon. Dinaketshana/.
Nako (na-kaw) /time, duration, era, period, term/ Se supang bolele ba ketsahalo ka
ho bontsha motsotsoana, motsotso, hora le letsatsi; bolele ba ketsahalo e itseng ha e
bapisoa ka metsotso kapa dihora; se bontshang beke kapa letsatsi la kgoedi ho tloha
ho motsotsoana ho isa ho selemo; boemo boo ho pheloang ho bona ha ho bapisoa le
ba kgale ha ho etsahala se itseng. /bon. Dinako/ (bap. tshupanako).
Nako (na-kaw) /clock, watch/ Sesebedisoa se supang le ho bontsha motsotsoana,
motsotso le hora ya letsatsi. /bon. dinako/ (bap. tshupanako).
428
429
429
430
430
431
Nare (na-re) /buffalo/ Enngwe ya diphoofolo tse kgolo, e hlaha, seka kgomo, enang
le manaka a maholo le hlooho e thata, e jang joang, e tholahalang haholo Afrika.
Kgomo e hlaha ya naheng. /bon. Dinare/ (mm. monareng, dinareng).
Nare.
431
432
432
433
Nchocho (nchaw-chaw) /sharp pointed, very vigilent/ Hoa leihlo: le bonang hantle
se etsahalang ntle le ho fanya; le tadimang ntle le ho panya; le sa fanyeng ha le
shebile. Hoa thipa kapa sebetsa: se kapa e bohale haholo. (mm. ntjhotjho). Mael. Ho
sheba ka leihlo le nchocho; ho ba leihlo le nchocho: ho ba hlokolosi ka se etsahalang
ka sepheo sa ho thibela phoso kapa bobe bo ka etsahalang. Ho ba malala a laotsoe; ho
ikatela.
Nchoeisa (nchwe-isa) // Leetsuwa la ho choeisa: ho baka hore ke nyele masepa a
metsi haholo. (mm. choeya, lechoeya, choeile).
Nchopodisa (ncho-pu-di-sa) // Leetsuwa la ho chopodisa: ho etsa hore ke kgone ho
baleha; ho baka hore ke kgone ho itahla kapa ho tsoa ditlamong. (mm. chopola,
chopotse, chopolo, chopodisoa, chopohile, tjhopolo).
Nchofa (nchaw-fa) // Leetsuwa la ho chofa: ho ntshututsa; ho nkisa morao ka ho
sututsa kapa ho nkgoechisa. (mm. mochofo, chofile, chofachofana).
Ne (ne) /was/ Leetsi le emelang motho a le mong eo a hlalosang boemo ba hae ka
bokgale. Mohl. Ke ne ke le motle. Ke ne ke ratile ho ba morui empa ka hloleha.
Nea (ne-a) /give/ Ho fa; ho isa ho emong ka letsoho; ho lebisa se teng ho motho kapa
ntho e se hlokang. (bap. neha). Tlh. Lentsoe le nepahetseng haholo ke “neha”.
Neana (ne-a-na) (nehana) /share/ Ketsetsano ya ho neha: ho neha emong mme le
yena a nehe ya mo nehang. Tlh. Lentsoe le nepahetseng haholo ke “nehana”.
Neano (ne-a-naw) /sharing/ Ketso ya ho neana: ho neha emong mme le yena a nehe
ya mo nehang. Tlh. Lentsoe le nepahetseng haholo ke “nehaoa”. (bap. nehano).
Neha (ne-ha) /give/ Ho fa; ho isa ho emong ka letsoho; ho lebisa se teng ho motho
kapa ntho e se hlokang. Tem. Leha batho babang ba sebedisa lentsoe “nea” ho ya ka
dibaka, lentsoe le nepahetseng ke “neha” hofeta “nea.”
Nehana (ne-ha-na) /share/ Ketsetsano ya ho neha: ho neha emong mme le yena a
nehe ya mo nehang.
Nehano (ne-ha-naw) /sharing/ Ketso ya ho nehana: ho neha emong mme le yena a
nehe ya mo nehang. Neho ka ho etsetsana.
Nehela (ne-he-la) /surrender, abdicate/ Ho lahla tshepo ka se tlamehang ho
phethahala kapa ho etsahala; ho inehela ho se batlang ho hlola kapa sera; ho fa bobe
kapa tlholeho monyetla. (bap. inehela).
Nehela (//) /offer/ Ho fana ka se teng bakeng sa sesupo sa lerato; ho fana ka karolo ya
leruo ho ya ka sedumedi kapa tumelo; ho neha kereke karolo ya diphahlo, thoto kapa
chelete e teng.
Nehelana (ne-he-la-na) // Ketsetsano ya ho nehela.
Nehelano (ne-he-la-naw) // Ketso ya ho nehelana.
Neheletsa (ne-he-le-tso) /consign, hand over, transmit/ Ho isa sebakeng seseng ka
sepheo sa ho fa. Ho fa ka sepheo sa ho fetisa se fanoang ho ya ho emong; ho fetisa
ntho e itseng le ho e beha sebakeng seseng.
Neheletsana (ne-he-le-tsa-na) // Ketsetsano ya ho neheletsa: ho neheletsa emong
mme le yena a neheletse ya mo nehang kapa ya mo neheletsang.
Neheletsano (ne-he-le-tsa-naw) // Ketso ya ho neheletsa: boemo kapa mokgoa wa ho
neheletsa emong mme le yena a neheletse ya mo neheleditseng.
Neheletso (ne-he-le-tso) /transfer, consignment, hand over/ Ketso ya ho neheletsa:
ho isa sebakeng seseng. Ho fa ka sepheo sa ho fetisa se fanoang ho ya ho emong; ho
fetisa ntho e itseng le ho e beha sebakeng seseng.
Nehella (ne-hel-la) /unleash/ Ho lokolla ntho, phoofolo kapa motho hore a hlasele
ntho e itseng. Mohl. Ke tla u nehella ka dintja. Ba mo nehella ka dinotshi tsa
semane. Ke eo Mugabe a nehella sechaba sa habo ka masole.
433
434
434
435
Nepahatsa (ne-pa-ha-tsa) /to correct, justify/ Ho etsa hore ntho ebe boemong bo
lokileng, bo lebeletsoeng ka sephetho se setle. Mohl. O nepahatsa joang mokgoa wa
ho tekatsa o na le molekane? Ha ho lebaka la ho nepahatsa bofebe kapa bohlola.
Bofume ha bo nepahatse botekatsi kapa bofebe.
Nepahatso (ne-pa-ha-tso) /correctiveness, justification/ Ketso ya ho nepahatsa: ho
etsa hore ntho ebe boemong bo lokileng, bo lebeletsoeng ka sephetho se setle. Mohl.
Nepahatso ya hore mmuso wa kgethollo ke ona o tlisitseng bofuma ha se nnete.
Nepahetse (ne-pa-he-tse) /correct, approapriate, accurate/ E lokileng ka nako e
tshoanetseng; e hlokang phoso kapa sekodi; e loketseng boemo. E ntle holatela
tebello.
Nepana (ne-pa-na) /parallel, co-exist, matching/ Ho ba boemong bo bapelaneng le
ntho e itseng. Ho phela ka ho utloana le ha ho le thata; ho phedisana mmoho le ha
kutloano e le nyane; ho buisana tlasa maemo a thata; ho ba marematlou kapa ho
ntshana se inong hara ditoantshano.
Nepano (ne-pa-naw) /co-existance, correspondence/ Ketso ya ho nepana: ho phela
ka ho utloana le ha ho le thata; ho phedisana mmoho; ho buisana tlasa maemo a thata;
ho ba marematlou kapa ho ntshana se inong. (bap. tshoano).
Nepile (ne-pi-le) /correct/ Bokgale ba ho nepa: ho ba boemong ba ho nepa kapa ho
etsa se tshoanetseng; ho se fose. (bap. nepahetse).
Nepisa (ne-pi-sa) /improve, mend, redress, reform/ Ho etsa hore ntho e loke; ho
lokisa se fosahetseng; ketsiso ya ho nepa. (bap. lokisa).
Nepisisa (ne-pi-si-sa) // Ketsisiso ya ho nepa.
Nepisiso (ne-pi-si-saw) // Ketso ya ho nepisisa.
Nepiso (ne-pi-saw) /improvement, redress, reformation/ Ketso ya ho nepisa: ho
lokisa se fosahetseng; ketso ya ho etsa se sebe se be setle; tokiso ya maemo a mabe;
tokafatso ya maemo. /bon. Dinepiso/ (bap. tokiso).
Nepo (ne-paw) /correction, correctness/ Ketso ya ho nepa: ho etsa ketso e itseng ka
tsela e lebeletsoeng; ho bua se batloang; ho etsa se sa fosahalang; ho otla botsekeng;
ho etsa se lokileng.
Nepola (ne-pu-la) /to grind fermented grain/ Ho sila kapa ho haila motsoako wa
phofo e thapileng, ebile e lomositsoe, ya mabele kapa ya poone bakeng sa ho etsa
motoho o bonojana haholo; ho hlophisa le ho sila metsoako ya poone kapa ya mabele
a ngobisitsoeng bakeng sa ho etsa lesheleshele le fapaneng le le tloaelehileng.
Nepolo (ne-pu-law) /fermented grain grinding/ Ketso ya ho nepola: mokgoa wa ho
haila motsoako wa phofo e thapileng, ebile e lomositsoe, ya mabele kapa ya poone
bakeng sa ho etsa motoho o monate, o bonojana haholo. Tlhophiso le tshilo ya
metsoako ya poone kapa ya mabele a ngobisitsoeng bakeng sa ho etsa lesheleshele le
fapaneng le le tloaelehileng.
Nepoloa (ne-pu-lwa) // Boetsuwa ba ho nepola.
Nepotse (ne-pu-tse) // Bokgale ba ho nepola.
Nepotsoe (ne-pu-tswe) // Boetsuwa le bokgale ba ho nepola.
Nesa (ne-sa) // Ketsiso ya ho na: ho etsa hore pula e theohe marung; ho etsa hore pula
e wela fatshe ho hlaha hodimo; ho etsa hore pula e tsholohele fatshe.
Neso (ne-saw) // Ketso ya ho nesa: ho etsa hore pula e theohe marung; ho etsa hore
pula e wela fatshe ho hlaha hodimo; ho etsa hore pula e tsholohele fatshe. Mohl. Neso
ya pula e bakoa ke maru mmoho le moya o phodileng ho tsoa lehlakoreng le itseng.
Nesoa (ne-swa) // Boetsuwa ba ho nesa.
Neta (ne-ta) /smear, daub/ Ho tlotsa haholo ka mafura; ho pikitla ka mafura ka ho
anela sebaka se sengata. (bap. tlotsa).
435
436
436
437
437
438
Ngamoha (ng-a-mu-ha) /cleave, fracture, chip/ Ho buleha hoa lefika, lejoe, lesapo
kapa ntho e thata ka lehare. Ho ba le lepetso kapa lepatso. (bap. petsoha).
Ngamoho (ng-a-mu-haw) /cleavage, fracture/ Ketso ya ho ngamoha: ho buleha hoa
lefika, lejoe, lesapo kapa ntho e thata ka lehare. Ho ba le lepetso kapa lepatso. (bap.
lepetso, petsoho).
Ngamola (ng-a-mu-la) /to trouble, irk/ Ho etsa diketso tse pheellang ho kgathatsa
maikutlo; ho baka setena kapa ho ba le setena; ho hlopha ka ho etsa se sa ratoeng.
Ngamolo (ng-a-mu-law) /troublesome, irksome/ Ketso ya ho ngamola: pheello ya ho
kgathatsa maikutlo; ho ferekanya maikutlo; ho hlopha ka ho etsa se sa ratoeng.
Nganga (ng-a-ng-a) /intransigent, argue, hellbent/ Ho bontsha manganga; ho ba le
nkane; ho hana ho hanyetsoa kapa ho tshoawa phoso; ho satallisa molala. Ho tsoela
pele ka ho etsa se sa batloeng kapa se sa ratoeng.
Ngangaetsa (ng-a-ng-a-etsa) // Ho lla joalo ka lengangane: ho etsa modumo o
tshoanang le wa nonyana e bitsoang lengangane.
Ngangaetso (nga-nga-e-tso) // Ketso ya ho ngangaetsa: tlhahiso ya modumo wa
nonyana e bitsoang lengangane.
Ngangana (ng-ang-ana) /to draw/ Ho ba maleka; ho ba boemong bo lekanang ba
dintlha; ho se be le mohlodi. Ho lekana ka palo ya dintlha tsa papadi.
Ngangane (ng-ang-ane) // E boemong bo lekanang le enngwe ka dintlha; seemo se sa
bontsheng mohlodi kapa motho ya lahleheloang.
Ngangano (ng-ang-ano) /a draw, stalemate/ Ketso ya ho ngangana: ho ba maleka;
ho ba boemong bo lekanang ba dintlha; ho se be le mohlodi. Tekano ka palo ya
dintlha tsa papadi. (bap. tekano, tekanyo).
Ngangella (nga-ngel-la) /persistant, persist/ Ho tsoela pele ka se sa batlahaleng; ho
hana kgalemo le ha keletso e le teng.
Ngangello (nga-ngel-law) /persistance, stubborness/ Ketso ya ho ngangella: ho
tsoela pele ka se sa batlahaleng; ho hana kgalemo ha keletso e le teng.
Ngangisa (ng-ang-isa) /urgue with, debate/ Ho etsa kgang ka ho bua kgahlanong le.
Ngangisana (ng-ang-isa-na) /to urgue with, bicker/ Ho etsa kgang pakeng tsa batho
ba babedi kapa ba fetang moo; ho etsa puo e sa dumellaneng kapa e hanyetsanang.
Ngangisano (ng-ang-isa-naw)/argument, debate, wrangle / Ketso ya ho ngangisana:
mokgoa wa ho etsa kgang pakeng tsa batho ba babedi kapa ba fetang moo; ho etsa
puo e sa dumellaneng kapa e hanyetsanang le seo motho emong a se bolelang.
Ngangiso (ng-ang-iso) /argument, debate, bickering/ Ketso ya ho ngangisa: tloaelo
ya ho etsa kgang kapa ho bua kgahlanong le.
Ngangisoa (ng-ang-is-wa) /wrangled/ Boetsuwa ba ho ngangisa.
Ngango (ng-ang-aw) /intransigence/ Ketso ya ho nganga: pontsho ya manganga; ho
ba le nkane; ho hana ho hanyetsoa kapa ho tshoahoa phoso; ho satallisa molala. (bap.
manganga).
Ngano (ng-a-nu) /virgina/ Setho sa botshehadi sa motho e motshehadi; setho sa ho
tsoala sa motho ya belehang; karolo ya setho sa mosadi e sebedisoang bakeng sa ho
tsoala, ho rota kapa pokano. /bon. dingano/.
Nganola (ng-anu-la) /to open thighs wide/ Ho bula dirope hoa motho e motshehadi
bakeng sa ho hlahisa setho sa botshehadi pepeneneng. (bap. takalatsa, parola).
Nganolo (ng-anu-law) // Ketso ya ho nganola: tloaelo kapa mokgoa wa ho bula dirope
hoa motho e motshehadi bakeng sa ho hlahisa setho sa botshehadi pepeneneng.
Nganoloa (ng-anu-lwa) // Boetsuwa ba ho nganola.
Nganotse (ng-anu-tse) // Bokgale ba ho nganola: ya sebopehong se butseng dirope
bakeng sa ho hlahisa setho sa botshehadi pepeneneng.
438
439
439
440
440
441
441
442
bongata; ho ngola buka ya pale kapa diketsahalo. /bon. mengolo/ Mohl. Ngolo ya
buka e maqhephe a sekete e batla chelete e ngata haholo. Ngolo ya patlamantsoe ke
mosebetsi moholo haholo.
Ngolophelo (ng-aw-law-phi-law) /biography/ Lengolo, phatlalatso kapa buka e
hlalosang bophelo ba motho; setlankane se hlalosang motho. /bon. dingolophelo/.
Ngongora (ng-aw-ngaw-ra) /to worry, trouble/ Ho kgathatsa boemo ba kelello ka
diketso tse sa rateheng; ho sotla monahano ka mekgoa le diketso tse bohloko.
Ngongoreha (ng-aw-ng-aw-re-ha) /worried, grief/ Ho ba boemong ba kgathatso ya
maikutlo ka baka la taba tse mpe kapa tse sa rateheng; ho ba boemong ba ho sotleha
monahanong ka baka la ketsahalo tse itseng.
Ngongorehisa (ng-aw-ng-aw-re-hi-sa) /to worry/ Ketsiso ya ho ngongoreha.
Ngongorehiso (ng-aw-ng-aw-re-hi-so) /worrisome/ Ketso ya ho ngongoreha.
Ngongoreho (ng-wa-ngaw-re-haw) /worry, grievience, anxiety/ Ketso ya ho
ngongoreha: mokgoa wa ho ba boemong ba kgathatso ya maikutlo ka baka la taba tse
mpe kapa tse sa rateheng; ho ba boemong ba ho sotleha monahanong ka baka la
ketsahalo kapa tebello e sa phethahaleng. /bon. dingongoreho/.
Ngongoro (ng-aw-ng-aw-raw) /a worry/ Ketso ya ho ngongora: ho kgathatsa boemo
ba kelello ka diketso tse sa rateheng; ho sotla monahano ka mekgoa le diketso tse
bohloko. (bap. tlhopho).
Ngoo (ng-oo) /exclamation: very dry!/ Lekgotsa le bontshang sebopeho sa ho oma;
lentsoe le hlalosang boemo ba ho oma ka ho makala kapa ho kgotsa. Mohl. Nakong
tsa komello sediba sa rona se oma ngoo!
Nka (nka) /take/ Ho fana ka ntho e itseng ka ho nelehetsa ka letsoho; ho laela
moetsuwa hore a amohele se fanoang.
Nka (nka) /exclamation: take this!/ Lekgotsa le bontshang ho otla motho eo ho
loanoang le yena ka ho mo utloisa bohloko ka seo a shatjoang ka sona.
Nka (//) /I can/ Leetsi le bontshang seo moetsi anang le bokgoni ba ho se etsa.
Nkabe (nka-be) /I might have/ Leetsi le bontshang seo moetsi anang le bokgoni ba
ho se etsa ka ho bontsha pelaelo kapa boitsholo.
Nkabela (nka-be-la) /thwack/ Leetsuwa la ho kabela: ho otloa, ho natoa kapa ho
shapjoa. (mm. kabetse, kabetsoe, kabelana, kabalano).
Nkadima (nka-di-ma) // Leetsuwa la ho adima kapa kadima: ho mpha se tlamehang
ho kgutlissetsoa ho monga sona; ho mpha nakoana. (mm. kadimo, kadimile, adimiloe,
nkadimeng, kadingoa, kadinngoe, adingoa).
Nkahela (nka-he-la) // Leetsuwa la ho ahela: ho nthusa ho aha; ho etsa moaho bakeng
saka. (mm. aha, ahoa, ahiloe, ahile, ahisana, kahisano, moahisane, kahisano, kaho,
moaho, seahi).
Nkakata (nka-ka-ta) // Leetsuwa la ho kakata: ho nkotla ka ho ntshenya tshobotsi; ho
mmamolaka ka tsela e utloisang sefahleho kapa mmele waka bohloko. (mm. kakatoa,
kakataka, kakatana, kakatile, kakatiloe, kakato, sekakatoa).
Nkakela (nka-ke-la) // Leetsuwa la ho kakela: ho ntshela ka masepa; ho nnyela: ho
mpuela dipuo tse mpehadi. (mm. kaka, kakile, kakeloa, kaketsoe, lekaka, makaka).
Nkalama (nka-la-ma) // Leetsuwa la ho kalama: ho hloella hodimo ho nna; ho ba ka
hodimo ho nna. (mm. kalame, kalangoa, kalamisa, kalamiso, kalamisoa, kalamo).
Nkalla (nkal-la) // Leetsuwa la ho kalla: ho ya ka hodimo ho nna. (mm. kalletse,
kalletsoe, kalamo, kalangoa, kalangoe, kalamana, kalamano, mokalami).
Nkalosa (nka-lu-sa) // Leetsuwa la ho alosa: ho shebana le metsamao le mekgoa yaka;
ho disana le nna. (mm. kaloso, alosoa, alositsoe, alosetsa, alosetsoa, kalosetso).
442
443
443
444
444
445
445
446
446
447
447
448
NKGODI (NKHOLI)
448
449
449
450
450
451
451
452
452
453
453
454
454
455
Nngalo (n-ng-a-law) /location, region, vicinity/ Sebaka seo ho dulang batho ho sona;
motse wa batho ba itseng, ba fapaneng le babang; sebaka se sa tshoaneng le tse ding
ha se bapisoa le tsona; tlhaloso ya sebaka ho ya ka boemo ba sona bo fapaneng le
dibaka tse ding. /bon. 0/ (bap. sebaka).
Nngaolela (n-nga-u-le-la) // Leetsuwa la ho ngaolela: ho etsa modumo kapa sello sa
mosia kgahlanong le nna. (mm. ngaolelo, ngaola, ngaolo, ngaotse, ngaodisa,
ngaodiso, ngaodisoa, mongaolo).
Nngata (n-nga-ta) // Leetsuwa la ho ngata: ho mpata ka ntho e itseng, haholo lejoe
kapa se ka lahleloang. (mm. ngato, ngatoa, ngatile, ngatiloe, ngatana, ngatano).
Nngatafaletsa (n-nga-ta-fa-le-tsa) // Leetsuwa la ho ngatafaletsa: ho nkekeletsa ho
seo ke nang le sona ka bongata. (mm. ngatafaletso, ngatafaletsoa, ngatafaleditse,
ngatafaleditsoe, ngatafatso, ngatafatsoa, ngatafala).
Nngatafalla (n-nga-ta-fal-la) // Leetsuwa la ho ngatafalla: ho ba boemong ba ho ba
ngata haholo bakeng saka. (mm. ngatafallo, ngatafalloa, ngatafalletse, ngatafalletsoe,
bongata, sengatafatsi, mongatafatsi.
Nngoapa (n-ngwa-pa) // Leetsuwa la ho ngoapa: ho seha nna ka lenala kapa ntho e
ngoapang. (mm. ngwapa, ngoapo, mongoapo, ngoapana, ngoapano, ngoapile,
ngoapiloe, ngoapangoapana, ngoapangoapano).
Nngoaparela (n-ngwa-pa-re-la) // Leetsuwa la ho ngoaparela: ho sebedisa menoana
kapa manala ka sepheo sa ho itshoareletsa ho nna; ho etsa hore motho a se wele fatshe
ka ho itshoarella ka nna. (mm. ngoaparelo, ngoapareloa, ngoaparetse, ngoaparetsoe,
lengoaparela).
Nngoapisa (n-ngwa-pi-sa) // Leetsuwa la ho ngoapisa: ho baka hore ke ngoatjoe kapa
ke sehoe ka manala. (mm. ngoapiso, ngoapisoa, ngoapile, ngoapiloe, ngoapana,
ngoapano, mongoapi, mongoapo).
Nngoathela (n-ngwat-he-la) /to serve food/ Leetsuwa la ho ngoathela: ho mpha dijo;
ho mphomosetsa tse jewang. (mm. ngoathelo, ngoatheloa, ngoathetse, ngoathetsoe,
ngoathile, sengoathana, ngwathelo).
Nngoathisa (n-ngwat-hi-sa) // Leetsuwa la ho ngoathisa: ho nthusa ho ngoatha kapa
ho baka hore ke tshole sejo. (mm. ngoathiso, ngoathisoa, ngoathisana, ngoathisano,
ngoathisitse, ngoathisitsoe, sengoathana, ngoatha).
Nngoe (n-ng-we) (nngwe) /one/ Palo ya pele; palo e tlang pele ho pedi; e hlokang
bongata.
Nngoe (n-ng-we) /another one/ E fapaneng le tse ding; e sa tshoaneng le tse ding ha e
hlalosoa; e latelang ho e boletsoeng. /bon. ding/ (mm. Nngwe).
Nngolla (n-ngol-la) // Leetsuwa la ho ngolla: ho ngola lengolo le tlang ho nna; ho
ngola bakeng saka. (mm. ngollo, ngolloa, ngolletse, ngolletsoe, mongolo, mongodi,
sengoloa, ngola).
Nngongorehisa (n-ngo-ngo-re-hi-sa) /worry/ Leetsuwa la ho ngongorehisa: ho baka
hore ke ngongorehe; ho etsa hore ke kgathatsehe moyeng ka diketso tse itseng. (mm.
ngongorehiso, ngongorehisoa, ngongorehile, mongongorehi).
Nno (n-no) /keep on/ Tsoela pele ka; tsoela pele o; tsoela pele ka ho. Mohl. Nno
tsamaye. Nno tsoele pele ka ho ithuta ka thata.
Nnoanyetsa (n-nwan-ye-tsa) (nnwanyetsa) // Leetsuwa la ho noanyetsa: ho ntlhaha
lesumatha; ho hlaha ke sa lebella ka sepheo sa ho ntlhasela kapa ho mphutuhela; ho
futuha nna ntle le ho bonoa. (mm. noanyetso, noanyetsoa, noanyetsile, noanyetsiloe,
monoanyetsi, nwanyetsa).
Nnoesa (n-nwe-sa) // Leetsuwa la ho noesa: ho nthusa ho koenya kapa ho noa metsi
kapa lero. (mm. noeso, noesoa, noele, noa, noesitse, noesitsoe, seno, senui).
455
456
456
457
457
458
458
459
NOKO
459
460
Nolofatsa (naw-law-fa-tsa) /to tame/ Hoa phoofolo: ho etsa hore e hlaha e thape; ho
etsa hore bohlaha ba phoofolo bo fokotsehe kapa bo fele.
Nolofatso (naw-law-fa-tso) /simplification/ Ketso ya ho nolofatsa: ho etsa hore ntho
e be bonolo; ho etsa hore boemo bo be bobebe; ho etsa hore bothata bo fele. (bap.
pebofatso).
Nolofatso (naw-law-fa-tso) /taming/ Hoa phoofolo: ketso ya ho etsa hore phoofolo e
hlaha e thape; ho etsa hore bohlaha ba phoofolo bo fokotsehe.
Nolofatsoa (naw-law-fa-tswa) /tamed, simplified/ Boetsuwa ba ho nolofatsa.
Nolonolo (naw-law-naw-law) /straightforwardness/ E sa hlokeng tlhaloso e ngata; e
bobebe ho e utloisisoa. Mael. Nolonolo e ya inolofaletsa, thatathata e ya
ithatafaletsa: boemo bo bonolo bo hlokang manganga bo etsetsa moetsi manolo, empa
manganga a thathafaletsa monga ona maemo.
Nomoro (naw-maw-raw) /number/ Se sebedisoang ho bala lenane la dintho ka
tatellano; se bontshang le ho hlalosa tatellano le lenane la dintho. Tlh. Lentsoe le
nepahetseng ke “palo” hofeta “nomoro”. Nomoro ke sothofatso ya lentsoe “number”
eleng lentsoe la senyesemane mmoho le afrikaans. /bon. dinomoro/.
Nona (naw-na) /to be fat/ Ho ba motenya; ho ba le mmele o moholo o nang le
mafura; ho eketseha le ho hola hoa mmele. (bap. Nonopela). Mael. Ha e lale
makoala re none: ha ho be le kgotso bakeng sa rona bohle ba ratang toka le kgutso.
None (naw-ne) /blesbok/ Mofuta wa phoofolo ya naheng, seka letsa le leholohadi, eo
hangata e nang le sefahleho se nang le mmala o mosoeu, e mmele o mokgunong kapa
mokgunoana. /bon. dinone/ Mael. O seke wa kgahloa ke none e feta; ho kgahloa ke
none e feta: O se lekehe ke se bonoang ka mahlo se ka kgelosang boemong bo botle.
Nonebetsane (naw-ne-be-tsa-ne) /earth worm/ Mofuta wa seboko sa mobu o seretse,
o bonahalang haholo dibakeng se tletseng metsi, mongobo kapa lesoe. /bon.
dinonebetsane/ Tem. Lentsoe “nohanametsana” le “nonebetsane” a na le meelelo e
tshoanang: phapang ke pitsetso ho ya ka dibaka tsa Basotho.
Nonne (nawn-ne) /fat/ Hoa sebopeho sa motho kapa phoofolo: e mmele o moholo ka
baka la phepo e ngata kapa mofuta o itseng wa sejo; e nang le phaello ya dinama le
mafura a mangata; e mmele o eketsehileng haholo. (bap. Nonopetse).
Nonne (nawn-ne) /of soil: rich/ Hoa mobu: o tletseng phepo e ngata ka baka la
motsoako wa ona; o kgonang ho atlehisa dijalo kapa dimela.
Nono (nu-nu) // Ntho e tshosang, e tshabehang ha e shejoa. Setshosa ngoana, kapa se
sebedisoang ho tshosa. /bon. dinono/ (bap. koko).
Nonopela (no-no-pe-la) /to be fit, robust, covalesce/ Hoa mmele: ho ba le mmele o
tletseng hantle, hamonate. Ho ba le mmele o motenya, o ratehang hantle. Ho atleha
hoa mmele ho pakahatsang ho fola ka mora ho kula.
Nonopelo (no-no-pe-law) /able-bodied, convalescence/ Ketso ya ho nonopela:
boemo ba mmele o tletseng hantle wa motho ya fodileng ka mora ho kula. Botenya bo
shebahalang hantle ba mmele wa mosadi. Boemo kapa mokgoa wa ho bontsha ho fola
hoa mmele ka ponahalo ya nona.
Nonopetsa (no-no-pe-tsa) /cause to be fit/ Ho baka nonopelo.
Nonopetse (no-no-pe-tsi) /fit/ Hoa mmele: o motenya hamonate; o motle ebile o na le
chebahalo e ntle le ha o le motenya.
Nonosa (nu-nu-sa) /scare/ Ho tshosa ka ntho e tshajoang; ho etsa hore motho a be le
tshabo ka ho bontsha ntho e tshabehang, e tshosang.
Nonosile (nu-nu-si-le) // Bokgale ba ho nonosa.
Nonoso (nu-nu-so) /scaring/ Ketso ya ho nonosa: ho tshosa ka ntho e tshajoang; ho
etsa hore motho a be le tshabo ka ho bontsha ntho e tshabehang, e tshosang.
460
461
DINONYANA, NONYANA
PHIKOKO. LEKGOABA (CROW)
MASIANOKE(CORMORANT)
KOKOLOFITOE LEHEHEMU
(HERON) (HOOPOE)
SEPHOOKO MMANKGANE
461
462
MPSHE LENONG
KOEKOELEMAO (SANDPIPER)
462
463
463
464
NTSUKOBOKOBO (fisheagle)
464
465
465
466
466
467
LEKGOABA (CROW)
MOTJODI (WAGTAIL)
467
468
468
469
LETSHOANAFIKE (WHEATEAR)
469
470
Nonyo (non-yo) /aptitude/ Ketso ya ho nonya: ho leka tsebo ya motho kapa maikutlo
a hae ka ho mmotsa dipotso tse batlang karabo tse hloahloa kapa tse hlalefileng.
Notlela (naw-tle-la) /lock/ Ho sebedisa senotlolo bakeng sa ho koala lemati; ho etsa
hore lemati le se bulehe ka ho kenya senotlolo.
Notleleha (naw-tle-le-ha) /lockable/ E kgonang ho notleloa.
Notleleha (naw-tle-le-ha) /jammed/ E boemong bo sa kgoneng ho buleha,
phuthuloha, etsahala, sotheha, tsitsinyeha kapa ho nahana ha bobebe.
Notlelehile (naw-tle-le-hi-le) /jammed, locked/ E boemong ba ho notleleha.
Notlella (naw-tlel-la) // Ketsetso ya ho notlela.
Notlelletse (naw-tlel-le-tse) /locked/ Bokgale ba ho notlella.
Notlelletsoe (naw-tlel-le-tswe) /locked/ Boetsuwa le bokgale ba ho notlella.
Notlello (naw-tlel-law) /locking for/ Ketso ya ho notlella.
Notlelloa (naw-tlel-lwa) (notlellwa) /locked/ Boetsuwa ba ho notlela.
Notlelo (naw-tle-law) /locking/ Ketso ya ho notlela: ho sebedisa senotlolo bakeng sa
ho koala lemati; ho etsa hore lemati le se bulehe ka ho kenya senotlolo.
Notleloa (naw-tle-lwa) /locked/ Boetsuwa ba ho notlela. (mm. Notlelwa).
Notletse (naw-tle-tse) /locked/ Bokgale ba ho notlela.
Notletsoe (naw-tlets-we) (notletswe) /locked/ Boetsuwa le bokgale ba ho notlela.
Notlolla (no-tlul-la) /unlock/ Ho bula lemati kapa lehlafi le notletsoeng; ho etsa hore
se kentsoeng senotlolo se bulehe. Ketsollo ya ho notlela.
Notlollo (no-tlul-law) /unlocking/ Ketsollo ya ho notlela: pulo ya lemati kapa lehlafi
le notletsoeng; ho etsa hore se kentsoeng senotlolo se bulehe.
Notlolloa (no-tlul-lwa) (notlollwa) /unlocked/ Boetsuwa ba ho notlolla.
Notlollotse (no-tlul-lo-tse) /unlocked/ Bokgale ba ho notlolla.
Notlollotsoe (no-tlul-lo-tswe) (notlollotswe) // Boetsuwa le bokgale ba ho notlolla.
Notloloha (no-tlu-lu-ha) /unlocking/ Ho buleha hoa se notletsoeng; ho buleha hoa
lemati ka mora ho notleloa.
Notloloho (no-tlu-lu-haw) /unlocking/ Ketso ya ho notloloha: pulo ya se notletsoeng
ka senotlolo; puleho ya lemati ka mora ho koaloa ka senotlolo.
Noto (naw-taw) /iron, metal hammer/ Tshepe e boima, e thata haholo e sebedisoang
bakeng sa ho otlella kapa ho kokotella. /bon. dinoto/.
Noto (naw-taw) /nonsense/ Ntho kapa puo e hlokang kelello; ketso e hlokang kelello
kapa moelelo. Mohl. O bua noto. Ha ke rate motho ya buang noto.
Noto (//) /zero, nothing/ Letho: ntle le lethonyana; ntle le ntho e itseng; bosio ba eng
kapa eng; bofeela kapa lefeela la mafeela. Ha ho letho. /bon. 0/.
Nowa (nu-wa) (nooa) // Boetsuwa ba ho noa.
Nqa (nqa) /towards, beyond/ Ka lehlakoreng le itseng la sebaka seo ho buuwang ka
sona; sebaka seseng se sa tshoaneng le seo ho buuwang ka sona. Kaekae moo ho sa
boleloeng lebitso la teng. Mohl. O tswa nqa efe? (bap. nqena, nqane, efe).
Nqabanya (nqa-ban-ya) // Leetsuwa la ho qabanya: ho etsa hore ke be le qabang le
motho emong. (mm. qabanyo, qabanyoa, qabane, qabantse, qabantsoe, moqabanyi).
Nqabella (nqa-bel-la) /standstill, stuck/ Leetsuwa la ho qabella: ho thiba motsamao
kapa tsitsinyeho yaka; ho etsa hore ke setisehe ho tloha kapa ho tsamaya sebakeng; ho
nkoalla kapa ho nthibela sebakeng. (mm. qabello, qabelloa, qabelletse, qabelletsoe).
Nqabola (nqa-bu-la) // Leetsuwa la ho qabola: ho baka hore ke tshehe kapa ke
keketehe; ho ntshehisa kapa ho mpaka setsheho. (mm. qabolo, qaboloa, qabotse,
qabotsoe, qaboleha, qaboleho, qabolehile, seqabolane).
470
471
471
472
qetello, qetelloa, qetellong, qeteletse, qeteletsoe, qetile, qetiloe, qeta, qetana, qetano,
qeto, qetoa).
Nqethola (nqet-hu-la) // Leetsuwa la ho qethola: ho etsa hore ke wele ka senketse; ho
etsa hore ke sekame ka bomorao ba mokokotlo. (mm. qetholo, qetholoa, qethohile,
qethohisa, qethohisoa, qethoha, qethoho, qetho!).
Nqhadisa (nq-ha-di-sa) // Leetsuwa la ho qhadisa: ho nthusa ho qhala; ho baka hore
ke tsholle se ka setshelong. (mm. qhadiso, qhadisoa, qhadile, qhadisitse, qhadisitsoe,
qhala, qhalo, qhaloa, qhalana, qhalano).
Nqhaqhollela (nq-haq-hul-le-la) // Leetsuwa la ho qhaqhollela: ho nthusa ho
qhaqholla kapa ho heletsa le ho choatla se ahiloeng. (mm. qhaqhollelo, qhaqholleloa,
qhaqhollotse, qhoqhollotsoe, qhaqhollisa, qhaqhollisoa).
Nqhatsetsa (nq-ha-tse-tsa) // Leetsuwa la ho qhatsetsa: ho mpha ka ho tshela
setshelong saka. (mm. qhatsetso, qhatsetsoa, qhatsitse, qhatsitsoe, qhatsetsana,
qhatsetsano, moqhatsi).
Nqhauletsa (nq-ha-u-le-tsa) // Leetsuwa la ho qhauletsa: ho nthusa ho qhautsa. (mm.
qhauletso, qhauletsoa, qhautsa, qhautse, qhautsoe, qhautsana, qhautsano, qhau!).
Nqhautsa (nq-ha-utsa) // Leetsuwa la ho qhautsa: ho nnanabela ka letsoho ka potlako
e kgolo; ho ntshoara kapelenyana pele ke chopoha; ho nshoara ka letsoho hanghang
pele ke baleha kapa ke phonyoha. (mm. qhautso, qhautsoa, qhautse, qhautsoe,
qhautsana, qhautsano, qhau!).
Nqhekanyetsa (nq-he-kan-ye-tsa) // Leetsuwa la ho qhekanyetsa: ho sebedisa
bonokoane ho fumana se batloang kgahlanong le nna; ho etsa diketso tsa senokoane
ho nna bakeng sa ho thola ntho e batloang; ho ntjalletsa ka dipuo tsa boqhekanyetsi
bakeng sa ho fumana se itseng. Ho etsa leqheka la ho thola se batloang ho nna ka
boqhekanyetsi kapa bokebekoa. (mm. qhekanyetso, qhekanyetsoa, qhekanyeditse,
qhekanyeditsoe, boqhekanyetsi, moqhekanyetsi).
Nqhela (nq-he-la) // Leetsuwa la ho qhela: ho nkisa ka thoko ka ho ntshututsa kapa ho
nthesela. (mm. qhelo, qheloa, qhelela, qhelelo, qheleloa, qhetse, qhetsoe, moqhedi).
Nqhetsolela (nq-he-tsu-le-la) // Leetsuwa la ho qhetsolela: ho mpha se arotsoeng ka
lehare kapa se entsoeng makumane. (mm. qhetsolelo, qhetsoleloa, qhetsotse,
qhetsotsoe, qhetsolaka, qhetsolako, leqhetso, leqhetsoana).
Nqhibollela (nq-hi-bul-le-la) // Leetsuwa la ho qhibollela: ho nthusa ho qhibolla kapa
ho tlosa majoe kapa ntho tse hatileng tseding ka boima. (mm. qhibollelo, qhibolleloa,
qhibollo, qhibolloa, qhibolotse, qhibolotsoe, seqhibolli).
Nqhitsetsa (nqhi-tse-tsa) // Leetsuwa la ho qhitsetsa: ho tsoa madi kapa lero le
bakang ho wela kapa ho phalla ho nna. (mm. qhitsiso, qhitsisoa, qhitsa, qhitso,
qhitsile).
Nqhitsisa (nq-hi-tsi-sa) // Leetsuwa la ho qhitsisa: ho baka hore ke be le phallo ya
madi kapa lero. (mm. qhitsiso, qhitsisoa, qhitsa, qhitso, qhitsile).
Nqhoaela (nq-hwa-ela) (nqhwaela) // Leetsuwa la ho qhoaela: ho nthusa ho tlama
kobo kapa seaparo ka lemao. (mm. qhoaelo, qhoaeloa, qhoaetse, qhoaetsoe,
qhoaelana, qhoaelano, leqhoae).
Nqhoaella (nq-hwa-el-la) // Leetsuwa la ho qhoaella: ho nketsetsa mosebetsi wa ho
qhoaela. (mm. qhoaello, qhoaelloa, qhoaetse, qhoaetsoe, qhoaedisa, qhoaediso).
Nqhobela (nq-haw-be-la) // Leetsuwa la ho qhobela: ho nthusa ho qhoba. (mm.
qhobelo, qhobeloa, qhobetse, qhobetsoe, seqhoba, moqhobi).
Nqholotsa (nq-ho-lo-tsa) /provoke/ Leetsuwa la ho qholotsa: ho etsa ke kgene ha ke
phephetsoa; ho mpaka bohale ka ho etsa diketso tse halefisang; ho etsa hore ke batle
472
473
473
474
474
475
475
476
Ntefa (nte-fa) /pay me/ Leetsuwa la ho lefa: ho mpha chelete yaka eo ke o adimileng
yona; ho mpha seo ke o fileng sona pejana. (mm. tefo, lefjoa, lefella, lefelloa,
lefelletse, lefelletsoe, lefile, molefi, molefe, malefetsane).
Ntefela (nte-fe-la) // Leetsuwa la ho tefela: ho bontsha ho tefa kgahlanong le nna; ho
iketsa motefi ho nna. (mm. tefelo, tefa, tefisa, tefiso, boitefiso, tefela, tefeloa,
setefane, motefi).
Ntefella (nti-fel-la) // Leetsuwa la ho lefella: ho ntsha tefo bakeng saka. (mm. tefello,
lefelloa, lefelletse, lefelletsoe, boitefello, lefile, molefi, molefe, malefetsane).
Nteka (nte-ka) /tempt/ Leetsuwa la ho leka: ho nnonya maikutlo; ho etsa hore ke etse
ketso e mpe; ho mphephetsa monahano. (mm. teko. Lekoa, lekeha, tekeho, lekile,
lekiloe, moleko, lekana, tekano).
Ntekana (nte-ka-na) // Leetsuwa la ho lekana: hoa seaparo: ho ba boemong bo
tshoanelang mmele waka ka boholo kapa bonyane. (mm. tekano, lekanya, lekanyoa,
tekanyetso, lekantse, lekantsoe, boitekanyo).
Ntela (nte-la) /adopt/ Leetsuwa la ho tela: ho fana ka nna; ho mpha motho kapa batho
babang bakeng sa ho nkhodisa. Ho lebala ka nna. (mm. telo, teloa, tetse, tetsoe,
boitelo).
Ntelela (nte-le-la) // Leetsuwa la ho llela: ho baka seboko bakeng saka. (mm. sello,
lletse, lletsoe, llile, selallane, llela, lla, llisa, llisoa, llaka).
Ntella (ntel-la) // Leetsuwa la ho tella: ho bonthsa tello kgahlanong le nna. Ho
nnyatsa. (mm. tello,tellisa, telleha, telleho, telliso, boitelliso, telletse, telletsoe).
Ntellisa (ntel-li-sa) // Leetsuwa la ho tellisa: ho baka hore babang ba ntelle; ho etsa
hore emong a hloke tlhompho ho nna. (mm. telliso, tello,tellisa, telleha, telleho,
boitelliso, telletse, telletsoe).
Ntematsa (nte-ma-tsa) // Leetsuwa la ho lematsa: ho etsa hore ke be le leqeba; ho
nkutloisa bohloko bo boholo mmeleng. (mm. tematso, lematsoa, lemaditse,
lemaditsoe, lematsana, tematsano, molemadi, lemetse).
Ntemela (nte-me-la) // Leetsuwa la ho lemela: ho nthusa ho lema. (mm. temelo,
temo, bolemi, lemme, lenngoe, lemetse, lemetsoe, lemela, lemeloa, molemi).
Ntemosa (nte-mu-sa) // Leetsuwa la ho lemosa: ho mpha keletso kapa maele. (mm.
temoso, lemosoa, lemositse, lemositsoe, lemosana, temosano, lemoha, lemohile,
temoho, molemohi).
Ntena (nte-na) // Leetsuwa la ho tena: ho baka hore ke halefe ka lebaka la diketso tsa
hao tse hlokang kelello. (mm. teno, tenoa, tenne, tenana, tenano, setenane, setena,
tenehile, teneha, teneho).
Ntentsha (nte-nts-ha) // Leetsuwa la ho tentsha: ho nthusa ho apara. (mm. tentsho,
tentshoa, tena, tenoa, moteno, moteni, seteni).
Ntenya (n-tin-ya) /fat man, obese male/ Monna e motenya haholo; motho e motona
ya nonneng haholo. /bon. bontenya/ (bap. masututsa, motenya, popompo).
Nteoletsa (nte-u-le-tsa) // Leetsuwa la ho leotsa: ho nthusa ho etsa hore thipa, lerumo
kapa ntho e sehang e be bohale kapa motsu. (mm. teoletso, teotso, leotsoa, leoditse,
leoditsoe, seleotsi, moleotsi).
Ntesa (nte-sa) // Leetsuwa la ho lesa: ho ntlohela kapa ho tlosa letsoho la hao ho nna;
ho tloha ho nna. Ho emisa ho nkgathatsa. (mm. teso, lesoa, leseloa, lesetse, lesetsoe).
Ntesella (nte-sel-la) // Leetsuwa la ho lesella: ho kgaotsa ho ntlhokomela. (mm.
tesello, leselloa, lesellana, tesellano, teso, lesoa, leseloa, lesetse, lesetsoe).
Nteteka (nte-te-ka) // Leetsuwa la ho teteka: ho nkotla ka tsela e ntematsang haholo;
ho nchapa. (mm. teteko, tetekoa tetekile, tetekiloe, tetekana, tetekano, ntetekeng).
476
477
477
478
478
479
479
480
NTJA/ DINTJA
Ntja (nt-ja) /nonsense, rubbish/ Ho bua puo e tsoileng tseleng; ho etsa ketso e
manyala, e sa ratoeng ke babang. Mohl. Monna enoa o bua ntja. Ho kganna ntja: ho
kganna sepalangoang ka tsela e fosahetseng, e sa dumeleheng.
Ntjabela (nt-ja-be-la) // Leetsuwa la ho jabela: ho nnatha kapa ho nkotla ka letsoho;
ho nchapa ka seatla. (mm. tjabelo, jabeloa, jabetse, jabetsoe, jabelana, tjabelano,
jabelaka, tjabelako, mojabedi, mojabeng).
Ntjahella (nt-ja-hel-la) // Leetsuwa la ho jahella: ho tla ka morao ho nna ka sekgahla
kapa lebelo le leholo; ho mmathisa ka potlako e kgolo. (mm. tjahello, jahelloa, jahile,
jahisa, jahisoa, tjahiso, mojaho, mojahi).
Ntjajoang (nt-ja-jwa-ng) /mountain blue grass, poa binata/ Mofuta wa joang ba
matsatseng bo bolelele, bo boholo. /bon. Dintjajoang/ (mm. Ntjajwang).
Ntjakisa (nt-ja-ki-sa) // Leetsuwa la ho jakisa: ho mpha bodulo bo lefelloang; ho
ntefisa bakeng sa bodulo. (mm. tjakiso, jakisoa, jakile, bojaki, mojaki).
Ntjala (nt-ja-la) /defame/ Leetsuwa la ho jala: ho bua ka lebitso laka hampe haholo;
ho bua bobe ka nna bosiong baka. (mm. tjalo, jaloa, jadile, jadiloe, jalana, tjalano,
jetse, jetsoe, jalajala, tjalatjalo, boitjalo, mojadi).
Ntjalatjala (//) // Leetsuwa la ho jalajala: ho hasa lebitso laka hohle le ho mpua
hampe. (mm. tjalatjalo, jalajaloa, jalajetse, jalajetsoe, moitjalatjadi, mojalajadi).
Ntjalletsa (nt-jal-le-tsa) /cheat me/ Leetsuwa la ho jalletsa: ho sebedisa
boqhekanyetsi kgahlanong le nna. (mm. tjalletso, jalletsoa, jalleditse, jalleditsoe,
jalletsana, tjalletsano, mojalletsi).
Ntjamme (nt-jam-me) /my bother, my sister, my compariot/ Motho eo eleng
motsoalle le emong ka tsela ya tsebano ya lelapa, boahisane kapa leloko; ngoaneso ho
ya ka ho tshoana hoa seboko kapa diboko. /bon. bontjamme/ Tem. Ha se mang le
mang ya tlamehang ho bitsa motho emong “ntjamme”, empa kamano ya diboko le
morabe e bohlokoa haholo.
Ntjanyana (nt-jan-ya-na) /puppy/ Ledinyane la ntja; ngoana ntja. /bon. dintjanyana/
Ntjapedi (//) /reinforcement, double strength, velocity/ Matlafatso ya motho kapa
sehlopha bakeng sa ho tiisa bohale le matla a seng a le teng; phaello ya matla bakeng
sa ho hlasela sera kapa se loantshoang. /bon. 0/ Mael. Ntjapedi ha e hloloe ke sebata:
batho ba fetang bonngwe ha ba hloloe ke ntoa kapa boemo bo boima.
Ntjara (nt-ja-ra) // Leetsuwa la ho jara: ho mphahamisa ka ho mpeha lehetleng la hao;
ho nthoala ka lehetla. (mm. tjaro, jaroa, jarisa, tjariso, jarisana, tjarisano, jarile,
jariloe, jere, jeroe, jarella, tjarello, mojari, majara).
Ntjarela (nt-ja-re-la) // Leetsuwa la ho jarela: ho nthusa ho jara; ho mpebofaletsa
moroalo. (mm. tjarelo, tjarelano, tjariso, jareloa, jarisa, jarisoa, jarile, mojari, majara).
480
481
Ntjella (nt-jel-la) // Leetsuwa la ho jella: ho qeta dijo tsaka pele nna ke kgora; ho
nqetela se jewang ka ho phaka. (mm. tjello, jelloa, jesa, jesoa, jele, jesitse, jesitsoe,
jesana, tjesano, moji, moja, mojadihloho, sejo).
Ntjethemela (nt-jet-he-me-la) // Leetsuwa la ho jethemela: ho qothomela kapa ho
tlolela ho nna ka sepheo sa ho ntoantsha. (mm. tjethemelo, jethemeloa, tjethemo,
jethemetse, jethemetsoe, jethe! Mojethemi).
Ntjethemisa (nt-jet-he-mi-sa) // Leetsuwa la ho jethemis: ho nthusa ho jethema kapa
ho qothoma. (mm. tjethemiso, jethemisoa, jethemisitse, jethemisitsoe, mojethemi).
Ntjoetsa (nt-jwe-tsa) // Leetsuwa la ho joetsa: ho mpolella ditaba tseo ke sa di tsebeng
le tseo ke di tsebang; ho ntlhahisetsa puo. (mm. tjoetso, joetsoa, joetsitse, joetsana,
tjoetsano, boitjoetso, moitjoetsi).
Ntlabola (ntla-bu-la) // Leetsuwa la ho tlabola: ho nkotla ka mpama e chesang; ho
ntlatsela ka seatla. (mm. tlabolo, tlaboloa, tlabotse, tlabotsoe, tlabohile, tlabolana,
tlabolano, setlabolane).
Ntlaidisa (ntla-idi-sa) // Leetsuwa la ho tlaidisa: ho baka hore ke bine hampe; ho etsa
hore ke bue mantsoe a mabe, a sa lokang. (mm. tlaidiso, tlaidisoa, tlaitse, tlailela,
tlailelo, tlaileloa, letlaila, ntlailane, botlaila).
Ntlailane (ntla-ila-ne) /bad singer/ Motho ya tlailang: ya sa tsebeng ho bina kapa ho
bua mantsoe a matle; ya sa tsamaisaneng le morethetho wa pina. Mael. Letlaila le
tlailela moreneng: motho ya etsang diphoso o tshoareloa ke bahabo ha a leka ho
bontsha boiteko (bap. letlaila).
Ntlama (ntla-ma) /commit/ Leetsuwa la ho tlama: ho nkenya ditabeng tseo ke sa di
tsebeng. (mm. tlamo, setlamo, tlamme, tlangoa, tlanngoe, tlamehile, tlameho,
tlameha, motlami).
Ntlamolla (ntla-mul-la) // Leetsuwa la ho tlamolla: ho baka hore ke tlamolohe: ke be
ntle le ditlamo. (mm. tlamollo, tlamolloa, tlamollotse, tlamollotsoe, motlamolli).
Ntlatsa (ntla-tsa) // Leetsuwa la ho tlatsa: ho mpha kapa ho nneha se tlatsang seo ke
nang le sona se senyane. (mm. tlatso, tlatsoa, tlatsetsa, tlatsetso, tlatsitse, tlatsitsoe,
tlatseha, tlatseho, tlatsana, tlatsano, motlatsi).
Ntlatsela (ntla-tse-la) // Leetsuwa la ho tlatsela: ho nnatha ka seatla ha bohloko
haholo; ho mpabola ka letsoho. (mm. tlatselo, tlatseloa, tlatsetse, tlatsetsoe, tlatselaka,
tlatselako, tlatseleha, tlatseleho, tlatse!).
Ntlatsetsa (ntla-tse-tsa) // Leetsuwa la ho tlatsetsa: ho etsa hore seo ke nang le sona se
tlale haholo; ho mpha kgaphakgapha. (mm. tlatsetso, tlatsetsoa, tlatseditse,
tlatseditsoe, tlatsetsana, tlatsetsano, motlatsi).
Ntle (ntle) /nice, good, better, cute/ Hoa ntho: enang le chebeho e kgahlang leihlo; e
bohehang hantle. (bap. motle, setle, botle).
Ntle (ntle) /beside, except for / Hofeta moo; ka lebaka leleng le itseng. Mohl. Ntle le
moo ke tla batla sekete sa diranta. Ntle le hore ba qosoe bakeng sa molato wa bona,
ba ile ba tetekoa ke batho.
Ntle (//) /without, apart from/ Ka thoko ho se boleloang kapa se hlalosoang; ho sa
kenyeletsoe se itseng. Mohl. Nka tsamaya ntle le wena. Bophelo ba hae bo fetohile
ntle le moratuwa wa hae.
Ntlha (ntl-ha) /point/ Palo e fumanoang ho atisa tse teng; karolo ya palo e tholoang
papading e itseng e ka bakang tlholo kapa boemo ba pele ha e eketseha. Se
fumanoang ka mora tlhodisano. /bon. dintlha/ Mael. Lemao le ntlha pedi: motho ya
qabanyang babang kapa metsoalle ka ho bua dipuo tse fapaneng bathong bao.
Ntlha (//) /point, fact/ Puo e nang le moelelo ha e hlaisoa kopanong kapa sebokeng sa
dipuisano /bon. dintlaha/.
481
482
482
483
483
484
484
485
Ntlhola (ntl-hu-la) /look after me/ Leetsuwa la ho hlola: ho tla mpona moo ke dulang
teng; ho tla sheba hore na ke ntse ke ya joang. (mm. tlholo, hloloa, hlolana, tlholano,
hlotse, hlotsoe).
Ntlholla (ntl-hawl-la) /outrage oneself/ Leetsuwa la ho hlolla: ho etsa se makatsang,
se bontshang tello, se sa tloaelehang kapa e kgesehang ho nna; ho etsa se sa
dumeleheng ho nna. (mm. tlhollo, hlolloa, hlolletse, hlolletsoe, boitlhollo, mohlolli,
sehlola, mohlolo).
Ntlhomisa (ntl-hu-mi-sa) // Leetsuwa la ho hlomisa: ho baka hore ke hlome kapa ke
be morui; ho mpha letlotlo le etsang hore ke be morui. (mm. tlhomiso, hlomisoa,
hlomme, hlomisana, tlhomisano, boitlhomiso, mohlomi).
Ntlhomola (ntl-ho-mu-la) // Leetsuwa la ho hlomola: ho nkutloisa bohloko ka diketso
tse itseng; ho ntlhonamisa pelo. Ho mpefatsa boemo ba monahano waka ka se
etsahalang ho wena. (mm. tlhomolo, hlomoloa, hlomotse, hlomoleha, tlhomoleho,
boitlhomolo, mohlomohi, mahlomola).
Ntlhompha (ntl-homp-ha) /respect/ Leetsuwa la ho hlompha: ho bontsha tlhompho
ho nna. (mm. tlhompho, hlompjoa, hlompheha, tlhompheho, hlomphisa, hlomphisoa,
tlhomphiso, hlomphehile, hlomphile, hlomphiloe, mohlomphehi).
Ntlhompholla (ntl-homp-ul-la) // Leetsuwa la ho hlompholla: ho ntella kapa ho
botsha diketso tse hlokang tlhompho ho nna. (mm. tlhomphollo, hlompholloa,
hlomphollotse, hlomphollotsoe, mohlompholloi).
Ntlhotlheletsa (ntl-hotl-he-le-tsa) // Leetsuwa la ho hlohleletsa: ho baka hore ke etse
diketso tse itseng ntle le boikemisetso. (mm. tlhotlheletso, hlohleletsoa, hlohleleditse,
hlohleleditsoe, hlohleletsana, tlhotlheletsano, mohlohleletsi).
Ntlhotlhontsha (ntl-hotl-honts-ha) // Leetsuwa la ho hlohlontsha: ho baka hore
maikutlo a ka a hlohlone. (mm. tlhotlhontsho, hlohlontshoa, hlohlonne, hlohlona,
tlhotlhono, hlohlontshitse, hlohlontshitsoe).
Ntlhonamisa (ntl-hu-na-mi-sa) // Leetsuwa la ho hlonamisa: ho baka hore ke
hloname kapa ke hloke monyaka le thabo. (mm. tlhonamiso, hlonamisoa, tlhonamo,
hlonama, hlonamela, tlhonamelo, mohlonami).
Ntlhopha (ntl-hup-ha) // Leetsuwa la ho hlopha: ho pheella ka ho etsa diketso tse sa
rateheng ho nna. (mm. tlhopho, hlopjoa, hlophile, hlopheha, tlhopheho, boitlhopho,
bohlophehi, hlophehisa, tlhophehiso, mohlophehi).
Ntlhophehisa (ntl-hup-he-hi-sa) // Leetsuwa la ho hlophehisa: ho etsa kapa ho baka
hore ke be mohlophehi. (mm. tlhophehiso, hlophehisoa, hlophehile, hlophile,
hlopheha, tlhopheho, boitlhopho, bohlophehi, hlophehisa, tlhophehiso, mohlophehi).
Ntlhorisa (ntl-ho-ri-sa) /persecute/ Leetsuwa la ho hlorisa: ho etsa hore ke hlore kapa
ke be ntle le kgotso. Ho ntlhokofatsa haholo. (mm. tlhoriso, hlorisoa, hlorile,
hlorisana, tlhorisano, hlorisitse, hlorisitsoe, mohlorisoa, mohlorisi, mohlori).
Ntlhotha (ntl-hut-ha) // Leetsuwa la ho hlotha: ho ntja ka bohale bo boholo; ho
nkhalefela. (mm. tlhotho, hlothoa, hlotheha, tlhotheho, hlothile, hlothiloe, mohlothi).
Ntlhothola (ntl-hut-hu-la) // Leetsuwa la ho hlothola; ho ntshoara ka tsela e mpe
haholo, e hlokang kutloelo bohloko. (mm. tlhotholo, hlotholoa, hlothotse, hlothotsoe,
hlothaka, tlhothako, hlothana, tlhothano, mohlothi).
Ntlhotsisa (ntl-ho-tsi-sa) // Leetsuwa la ho hlotsisa: ho ntematsa ka tsela e bakang
hore ke hlotse. (mm. tlhotsiso, hlotsisoa, hlotsitse, boitlhotsiso, moitlhotsisi, sehlotsa).
Ntlo (ntlu) /house/ Lehae la motho; moo ho dulang batho teng; moaho o etseditsoeng
ho phela batho; setshabelo sa batho se akgang marulelo le mabota. /bon. dintlo,
matlo/.
485
486
486
487
487
488
488
489
489
490
490
491
491
492
492
493
493
494
494
495
495
496
496
497
Nya (nya) /to shit, excreate/ Ho ntsha masepa ka sebono; ho nyela. Mael. Ho nya
matsete: ho ntsha makunutu; ho bua pinyane. (bap. Nyela).
Nyadisa (nya-di-sa) // Ketsiso ya ho nyala: ho baka hore motho a kene lenyalong
kapa a nyale. (mm. nyadiso, nyadisoa, nyalana, nyalano, nyetse, nyetsoe, lenyalo,
monyadi, monyaduwa, monyala) Mael. Monyala ka pedi o nyala wa hae: motho ya
ratang kgarebe kapa moroetsana wa hae o mo nyala le ha a hloka dikgomo kapa
chelete e batlahalang bakeng sa lenyalo.
Nyafa (nya-fa) /to extract clay/ Ho kga, nka kapa ho ngoatha letsopa sebakeng seo le
tholahalang ho sona. (bap. rafa, ngofa).
Nyafo (nya-fo) /clay extraction/ Ketso ya ho nyafa: ho kga kapa ho ngoatha letsopa
sebakeng seo le tholahalang ho sona (bap. rafo) (mm. thafo).
Nyaha (nya-ha) /wet, water, quench/ Ho ngobisa se ommeng; ho metsifatsa se
hlokang mongobo; ho nyorolla; ho fedisa lenyora. Mohl. Ke batla ho nyaha qoqotho
ka joala. A ko mphe metsi moo ke batla ho nyaha qoqotho.
Nyahama (nya-ha-ma) /demoralize, discourage/ Boemo ba ho etsa hore moya o be
fatshe; ho fedisa mafolofolo a kelello le mmele; ho sulafaletsa letsatsi.
Nyahame (nya-ha-me) /discouraged, demoralized/ E boemong bo bakang hore
moya o be fatshe; bo fedisang mafolofolo a kelello le mmele; bo sulafaletsang letsatsi.
Nyahamisa (nya-ha-mi-sa) /demoralize/ Ketsiso ya ho nyahama: ho etsa hore moya
o be fatshe; ho fedisa mafolofolo a kelello le mmele; ho sulafaletsa letsatsi ka diketso
tse mpe kapa tse sa kgahliseng.
Nyahamiso (nya-ha-mi-saw) /demoralization, discouragement/ Ketso ya ho
nyahamisa: mokgoa wa ho etsa hore moya o be fatshe; ho fedisa mafolofolo a kelello
le mmele; tshulafaletso ya letsatsi ka diketso tse mpe.
Nyahamisoa (nya-ha-mi-swa) /demoralized/ Boetsuwa ba ho nyahamisa.
Nyahamme (nya-ham-me) /demoralized/ Bokgale ba ho nyahama: e boemong bo
nyahameng kapa bo hlokang mafolofolo a kelello.
Nyahamo (nya-ha-maw) /demoralization, discouragement/ Ketso ya ho nyahama:
ho etsa hore moya o be fatshe; ho fedisa mafolofolo a kelello le mmele; ho sulafaletsa
letsatsi; tshulafaletso ya letsatsi ka diketso tse mpe.
Nyahladitse (nya-hla-di-tse) /jilted, deserted/ Bokgale ba ho nyahlatsa.
Nyahladitsoe (nya-hla-dits-we) // Bokgale le boetsuwa ba ho nyahlatsa.
Nyahlatsa (nya-hla-tsa) /abandon, desert/ Ho tlohela ka tsela e mpe; ho lesa ka
mokgoa o sa rateheng; ho fedisa kamano hanghang, ka tsela e bosula.
Nyahlatso (nya-hla-tsaw) /abandonment, desertion/ Ketso ya ho nyahlatsa: ho
tlohela ka tsela e mpe; ho lesa ka mokgoa o sa rateheng; ho fedisa kamano hanghang,
ka tsela e bosula.
Nyahlatsoa (nya-hlats-wa) /abandoned, deserted/ Boetsuwa ba ho nyahlatsa.
Nyakalla (nya-kal-la) /to be ecstatic/ Ho ba le thabo e kgolo; ho bontsha monyaka o
kgaphatsehang; boikutlo ba ho thaba haholo.
Nyakallisa (nya-kal-li-sa) /cause to be ecstatic/ Ketsiso ya ho nyakalla.
Nyakalletse (nya-kal-le-tse) /ecstatic/ Ketsahalo ya ho nyakalla: ho ba le thabo e
kgolo; ho bontsha monyaka o kgaphatsehang; boikutlo ba ho thaba haholo.
Nyakallo (nya-kal-law) /ecstacy, euphoria/ Ketso ya ho nyakalla: ho ba le thabo e
kgolo; ho bontsha monyaka o kgaphatsehang; boikutlo ba ho thaba haholo. (bap.
monyaka, senyaka, motlotlo).
Nyala (nya-la) /marry, wed/ Ho ba le molekane semmuso; ho dula le mosadi kapa
monna ka baka la lenyalo; ho ntsha bohadi ka sesupo sa ho bontsha kaho ya motse
kapa lelapa; ho etsa mokete wa lenyalo. Mael. Monyala-ka-pedi o nyala wa hae:
497
498
DINYAMATSANA, NYAMATSANA
498
499
TONKI/POKOLA
ZEBRA (QOAKGA)
NAKEDI
TAKIN SQUIRREL
499
500
WALLABY DEER
MOONGOSE MOONGOSE
KOLOBEMORU NOKO
KGAMA
MMUTLANYANA MMUTLANYANA
KANGAROO KANGAROO
500
501
GROPHER
DORMOUSE
KGOANA LEBODI
501
502
502
503
503
504
504
505
505
506
506
507
507
508
Nyopa (nyu-pa) /fail, collapse, crumple/ Ho hloleha hoa leqheka, leano, letsapa kapa
morero o reriloeng pejana; ho wa hoa leqheka le nahannoeng pele.
Nyopa (nyu-pa) /barren person, sterile person/ Motho, haholo e motshehadi, ya sa
kgoneng ho emara; mosadi ya sa kgoneng ho emola kapa ho emara. /bon. dinyopa/.
Nyopafaditse (nyu-pa-fa-di-tse) // Bokgale ba ho nyopafatsa.
Nyopafaditsoe (nyu-pa-fa-di-tswe) // Boetsuwa le bokgale ba ho nyopafatsa.
Nyopafala (nyu-pa-fa-la) /impotent, infertile, sterile/ Ho ba boemong ba ho se
kgone ho tsoala kapa ho tsoadisa; ho hloka matla a thobalano kapa ho boka; ho felloa
ke matla a botona kapa botshehadi. Tem. Lentsoe lena “nyopafala” le sebedisoa ho
motho e motona mmoho le e motshehadi ha le sebedisoa joalo ka leetsi, empa le
sebedisoa ho e motshehadi haholo ha le sebedisoa le bitsoa “nyopa”.
Nyopafalo (nyu-pa-fa-law) /impotence, infertility, sterility/ Ketso ya ho nyopafala:
boemo ba ho se kgone ho tsoala kapa ho tsoadisa; bokudi ba ho hloka matla a
thobalano kapa ho boka; ho felloa ke matla a botona kapa botshehadi. (bap. phaolo).
Nyopafatsa (nyu-pa-fa-tsa) /sterilise/ Ho baka hore mmele kapa setho sa thobalano
se hlolehe ho sebetsa; ho hloleha ho boka ka lebaka la bokudi bo amang setho sa
thobalano. Mohl. Ho noa joala le ho tsuba haholo ho ka nyopafatsa motho. Ho na le
dithethefatsi tse nyopafatsang motho ha a di sebedisa hofeta tekanyo.
Nyopafatso (nyo-pa-fa-tso) /sterilisation/ Ketso ya ho nyopafatsa: boemo ba ho
hloleha hoa setho sa thobalano; phelo ya takatso ya thobalano kapa pokano ka lebaka
la bokudi kapa ho lemala hoa setho sa botona kapa botshehadi. (bap. phaolo).
Nyopafatsoa (nyu-pa-fa-tswa) /sterilised/ Boetsuwa ba ho nyopafala.
Nyopile (nyu-pi-le) /failed/ Bokgale ba ho nyopa.
Nyopisa (nyu-pi-sa) /miscarry, abort/ Ho etsa hore bophelo bo ka popelong ya
mosadi bo fele; ho fedisa bophelo ba lekgabunyane, mmelewa kapa mmeleuwa pele a
hlaha; ho bolaya lesea pele le hlaha kapa ka mora tlhaho ya lona popelong.
Nyopisa (nyu-pi-sa) /abort, call off/ Ketsiso ya ho nyopa: ho etsa hore leqheka,
leano, letsapa kapa morero o reriloeng pejana o hlolehe.
Nyopiso (nyu-pi-saw) /abortion, miscarriage/ Ketso ya ho nyopisa: ho etsa hore
bophelo bo ka popelong ya mosadi bo fele; ho fedisa bophelo ba lekgabunyane pele le
hlaha; ho bolaya lesea pele le hlaha kapa ka mora tlhaho ya lona popelong.
Nyopiso (nyu-pi-saw) /calling off, halt/ Ketso ya ho nyopisa: ho etsa hore leqheka,
leano, letsapa kapa morero o reriloeng pejana o hlolehe.
Nyopisoa (nyu-pi-swa) /aborted/ Boetsuwa ba ho nyopisa. (mm. nyopiswa).
Nyopo (nyu-paw) /fiasco, debacle, failure, disater/ Ketso ya ho nyopa: ho hloleha
hoa leqheka, leano, letsapa kapa morero o reriloeng pejana; ho wa hoa leqheka le
nahannoeng pele. Tlholeho ya morero o tlamehang ho phethahatsoa.
Nyopo (nyu-paw) /barreness, unproductiveness/ Boemo ba ho hloleha ho tsoala ka
baka la ho se emare; tlholeho ya ho ba le ngoana kapa bophelo popelong ka baka la
bokudi bo itseng; bothata ba ho emola. (bap. nyopa).
Nyora (nyo-ra) /thirsty/ Ho ba boemong ba ho lakatsa metsi kapa seno; ho kgalla
metsi kapa se nowang; ho labalabela metsi.
Nyoriloe (nyo-ri-lwe) /thirsty/ Bokgale ba ho nyora: ho batla metsi kapa seno; ho
kgalla se nowang; ho labalabela metsi kapa seno. (mm. nyorilwe).
Nyorisa (nyo-ri-sa) /to cause thirst/ Ketsiso ya ho nyora: ho etsa hore lenyora le be
teng; ho etsa hore tabatabelo ya metsi e be teng.
Nyoroa (nyo-rwa) /thirsty/ Boetsuwa ba ho nyora: ho batla metsi kapa seno; ho
kgalla se nowang kapa se nyahang qoqotho. (mm. nyorwa).
508
509
Nyorolla (nyo-rul-la) /to quench thirst/ Ho noa metsi kapa seno se itseng ka mora
lenyora; ho koenya metsi kapa lero le itseng ho fedisa lenyora.
Nyorollo (nyo-rul-law) /thirst quenching/ Ketso ya ho nyorolla: ho noa metsi kapa
seno se itseng ka mora lenyora; ho koenya metsi kapa lero le itseng ho fedisa lenyora.
Nyorolloa (nyo-rul-lwa) // Boetsuwa ba ho nyorolla. (mm. nyorollwa).
Ooo
PALE:
Tlhaku ya leshome le metso e mehlano (15) ya Sesotho. Yona e tletse ka maemedi
(personal pronouns) le masupi (demontrative pronouns). Mareo a semelo ona a
mmaloa haholo. Moo honang le lereo le qalang ka tlhaku ena, lebitso leo ha se la
Sesotho hangata.
O (Ou) //.
O (aw) //.
O (o) //.
O (u) /he or she in the past tense/ Seemedi se mothofatsang; lentsoe le sebedisoang
bakeng sa motho ka ho bontsha seo a se etsang nako ya joale. Mohl. O tsamaya le
batho ba bangata. O kgutla a le mong. (bap. a).
O (u) /you are/ Seemedi se toboketsang ka ho hlalosa seo motho aleng sona. Mohl. O
motle haholo ngoanaka. O mobe ha o rata.
O (o) /it: adjective with words (things) starting with “M”/ Tlhaku e sebedisoang ho
hlalosa lentsoe ka ho toboketsa lekgethi ebile le sebedisoa haholo le mantsoe a qalang
ka “M”. Mohl. Mose o motle. Moloho o molelele. Molomo o mosesane.
Oa (wa) /of/ Seemedi se bontshang thuo; lentsoe le sebedisoang ho bontsha seo eleng
sa muuwa kapa motho wa boraro. Mohl. Mosadi oa morena. Oa boraro yena ha re
mmatle. Ke monna oa bokae ya hlekefetsang basadi? (bap. sa, ba, tsa, ya) (bap. sa,
ba, tsa, ya) (mm. wa).
Oa (wa) /you/ Mohl. Oa kgetha ho thola le ha ho sa dumelehe. O ile oa tsamaya ntle
le tumello ya ntatao le mmao, hobaneng?
Oabo (wa-baw) /his, hers/ Seemedi se bontshang hore motho eo ho buuwang ka yena
ke wa bo mmuuwa. Lentsoe le bontshang hore thuo ke ya mmuuwa. /bon. babo/
Oai (wa-i) /exclamation: is that so!/ Lekgotsa le bontshang ho makalla ketso kapa
ketsahalo eo ho nahanoang hore ekeke ya etsahala.
Oaka (wa-ka) (waka) /mine/ Seemedi se bontshang thuo ka ho bontsha seo eleng sa
mmui kapa motho ya buang. /bon. tsaka/.
Obadia (aw-ba-dia) /Obadiah/ Buka ya bibele ya bomashome a mararo le motso o le
mong (31) testamenteng ya kgale.
509
510
Obe (o-be) /monster/ Phoofolo e kgolo, e tshabehang ya ditshomo. Sebata, seka koko
se hlalosoang dipaleng tsa kgalekgale kapa ditshomong. /bon. diobe/.
Obuobu (o-bu-o-bu) /a clumsy fool/ Motho ya sa itekanelang kelellong ka baka la
sebopeho sa hae sa mmele kapa bohloko ba hlooho; motho ya sebopeho se sebe sa
mmele ka baka la lefu le itseng. /bon. diobuobu/ (bap. otseotse, leobu).
Obusela (o-bu-se-la) /to walk like a fool/ Ho tsamaya joalo ka obuobu: motsamao wa
motho ya sa itekanelang kelellong ka baka la sebopeho sa hae sa mmele kapa bohloko
ba hlooho.
Obutsa (o-bu-tsa) /to walk like a fool/ Ho tsamaya joalo ka obuobu: motsamao wa
motho ya sa itekanelang kelellong ka baka la sebopeho sa hae sa mmele kapa bohloko
ba hlooho.
Oela (we-la) /fall/ Ho ya fatshe ka baka la ho diwa; ho tonamela fatshe. (mm. wela).
Oena (we-na) (wena) /you/ Seemedi se bontshang motho eo ho buuwang le yena;
seemedi se bontshang kapa supang mmuuwa ke mmuwi ntle le ho sebedisa lebitso la
hae. /bon. lona/ (mm. uena, wena).
Oeso (we-su) /mine/ Seemedi se bontshang thuo ka ho supa hore mmuuwa ke motho
wa bo mmuwi. /bon. beso/ (bap. weso).
Oetse (we-tse) /fell/ Bokgale ba ho wela. (mm. wetse).
Ofe (o-fe) /which one/ Lebotsa le batlang ho tseba motho eo ho buuwang ka yena;
lentsoe le sebedisoang ho hlalosa motho eo ho buuwang ka yena ka ho qolla.
Ofeng (o-fe-ng) /which one/ Lebotsa le batlang ho tseba motho eo ho buuwang ka
yena ka ho toboketsa; lentsoe le sebedisoang ho hlalosa motho eo ho buuwang ka
yena ka ho qolla le ho toboketsa.
Ofisiri (o-fi-si-ri) /officer/ Motho ya sebeletsang mmuso, ya etsang mosebetsi o
itseng; mosebeletsi wa mmuso. /bon. diofisiri/ Tlh. Lentsoe lena, “ofisiri” lea
itlhalosa hore ha se la puo ya Sesotho. Hore hobaneng Basotho ba le sebedisa ha ho
tsebahale lebaka. Lentsoe le nepahetseng la sesotho ke “lehlahana”.
Ohle (o-hle) /all/ Leakaretsi le bontshang seo ho buang ka sona ka botlalo ba sona;
lentsoe le sebedisoang ho akaretsa mabitso a dintho. /bon. tsohle/ (bap. kaofela).
Ohleohle (//) (ohle-ohle) /everything/ leakaretsi le supang le ho bontsha ntho enngwe
le enngwe ka ho phethahala; lentsoe le bontshang le ho supa dintho kaofela tseo ho
buuwang ka tsona. /bon. tsohle-tsohle/ (bap. kaofela).
Oho (o-ho!) /exclamation: as expected!/ Lekgotsa le bontshang hore mmui o bona
kapa o utloa seo aneng a se lebeletse ka masoabi kapa ho teneha. Mohl. Oho! Ke
bone hore o tla hana. Oho! Ha ke makale ha ke utloa a bua tjena.
Okamela (u-ka-me-la) /of a director: lead/ Ho ba ka sehlohlolong sa ho laola boemo
bo itseng; ho etsa mosebetsi wa mookamedi; ho sebetsa joalo ka mookamedi.
Okola (o-ku-la) /skim/ Ho tlosa bokahodimo ba ntho e metsi, haholo lekoeba kapa
leloapi, le ka setshelong. Mael. Moro kgotla ha o okoloe: ditaba di bewa pepeneneng
ntle le ho patoa.
Okone (aw-kaw-ne) /organ/ Mofuta wa seletsa se seholo se emang ka ditshietso, se
ntshang modumo o bakoang ke moya wa ho tobetsa dikonopo tsa bokahodimo ba
sona. /bon. diokone/ (bap. piano) (sheb. Seletsa, diletsa).
Okotse (o-ku-tse) // Bokgale ba ho okola.
Okotsoe (o-ku-tswe) // Boetsuwa ba ho okola. (mm. okotswe).
O la (aw-la) /she was, he was/ Leetsi le toboketsang bokgale ba ketsahalo e mabapi le
eo ho buuwang ka yena. Tlh. Moelelo wa “o la” o akga ka popeho ya mantsoe a
mabedi eleng “O” mmoho le “la”. Mohl. O la tsamaya=o tsamaye, o la kgutlisoa=o
kgutlisitsoe, o la kena sekolo Leribe=o kena sekolo Leribe.
510
511
Ola (o-la) /that one / Lesupa le bontshang ntho e hojana. Mohl. Motse ola o hole ke
wa morena Mopedi. Ola ona ha se wa morena Potlaki.
Olala (o-la-la) that one over there/ Lesupa le bontshang ntho e hojana ka ho
toboketsa. Mohl. Motse olala o hole ke wa morena Mopedi. Olala motse ona ha se
wa morena Potlaki.
Ole (o-le) /that one/ Lesupa le bontshang ntho e hojana. Mohl. Mose ole o mane
sefateng ke wa mang? Che ole ona ha se waka kapa wa rona.
Ole (o-le) /oil/ (sheb. Lefura bakeng sa tshebediso).
Olele (o-le-le) /that one over there/ Lesupa le bontshang ntho e hojana ka ho
toboketsa. Mohl. Mose olele o mane sefateng ke wa mang? Che olele ona ha se waka
kapa wa rona.
Oleng (u-li-ng) /that is, the way that is/ Ka tsela eo ntho, ketso, mokgoa, tlhaloso
kapa boemo bo etsahalang ka teng. Mohl. Ka tsela eo oleng motle ka yona. Ka tsela
eo oleng mokgutshoanyane ka yona. (bap. holeng).
Olla (awl-la) /collect by picking up/ Ho phutha ntho tse qhalaneng fatshe; ho
thonaka ntho tse wetseng fatshe.
Olletse (awl-le-tse) // Bokgale ba ho olla.
Olletsoe (awl-lets-we) /picked up/ Bokgale le boetsuwa ba ho olla.
Ollisa (awl-li-sa) /cause to pick up/ Ketsiso ya ho olla.
Ollisoa (awl-li-swa) /picked up/ Boetsuwa ba ho olla. (mm. Olliswa).
Olosa (o-lu-sa) /pour out/ Ho ntsha se sa batlahaleng ka ho tsholla ka ho fetisa pela
moya; ho arola dithole ho se batloang. (mm. koloso, olositse, olositsoe).
Olositse (o-lu-si-tse) /poured out/ Bokgale ba ho olosa.
Olositsoe (o-lu-si-tswe) // Boetsuwa le bokgale ba ho olosa.
Oma (aw-ma) /dry/ Ho etsa hore ntho e hloke mongobo, metsi kapa lesoe. Mael.
Phiso di omile methaladi: dijo di fedile ka botlalo.
Oma (u-ma) // Ho kuta moriri kahodimo feela.
Omana (aw-ma-na) /rebuke, scold/ Ho halefela ka mantsoe; ho bua mantsoe a
bohale a kgalemo kapa komang kgahlanong le.
Omangoa (aw-ma-ng-wa) /scolded/ Boetsuwa ba ho omana. (mm. omangwa).
Omanthana (aw-mant-ha-na) /to be thirsty/ Ho lakatsa seno; ho batla se nowang; ho
nyoroa kapa ho tshoaroa ke lenyora. (bap. nyoroa).
Omanthane (aw-mant-ha-ne) /thirsty/ E, kapa ya lakatsang seno; e, kapa ya batlang
se nowang kapa se nyorollang.
Omantsha (aw-ma-nts-ha) // Ketsetso ya ho omanya: ho etsa hore motho a kgarungoe
kapa a kgalengoe ka bohale.
Omanya (aw-man-ya) /scold, reprimand/ Ho eletsa ka ho bua ka bohale kapa ho
kgaruma. Ho otla ka puo kapa leleme ka lebaka la phoso e entsoeng.
Omela (u-me-la) /to mix mealie and malt, saturate/ Ho kenya mohlaba kapa tomoso
ya ona hara motoho wa setoto bakeng sa ho phethahatsa joala.
Omella (aw-mel-la) /dry, sapless/ Ho ba sebopehong se hlokang mongobo kapa
lesoe; ho hloka metsi kapa mongobo.
Omella (aw-mel-la) /pursue, stalk/ Ho latella ka tsela e hlokang botle kapa monate;
ho salama morao.
Omelletse (o-mel-le-tse) /dry, parched, dehydrated/ E hlokang metsi kapa lero le
hlokahalang; e hlokang mongobo.
Omelletse (o-mel-le-tse) /of body limbs: paralysed/ Hoa ditho tsa mmele: tse
kokobaneng haholo ka lebaka la ho lemala kapa lefu le holofatsang. (bap. holofetse).
Ometse (u-me-tse) // Bokgale ba ho omela.
511
512
512
513
Ore (u-re) /he, she says/ Seo mmuwi a se bolelang honajoale. Bojoale ba itse. Tem.
Lentsoe lena le utloahala joalo ka mantsoe a mabedi joalo ka “O” mmoho le “RE”
empa ho molemo ho sebedisa lentsoe lena le kopane ho koekoetla pherekano ya ho
hlalosa lentsoe kaleng. (bap. itse).
Oreng (u-ri-ng) /what do you say/ Lebotsa le sebedisoang ho batla karabo ho motho
eo ho buuwang le yena; lentsoe le batlang ho tseba se buuwang ke mmui. /bon.
bareng/ Tlh. Ditsebi tsa puo ya Sesotho di dumela hore “oreng” ke mantsoe a mabedi,
mme e tlameha ho ngoloa tjena: “o reng”. Empa ha ho motho ya kgonang ho hlalosa
lentsoe “reng” ka tsela e utloahalang ha le ikemetse.
Orile (o-ri-le) // Bokgale ba ho ora.
Orisi (o-ri-si) // Lefu le bakoang ke ho noa joala hofeta tekanyo ebile le baka hore
mokudi a thothomele haholo; ho thothomela hoa ditho tse ding tsa mmele ho bakong
ke ho noa joala haholo. /bon. Diorisi/ (bap. dilatsoa, papalase, setlamatlama).
Oroa (aw-rwa) // Boetsuwa ba ho ora. (mm. Orwa).
Oroha (o-ru-ha) /to go home/ Ho kgutlela kapa ho boela hae kapa lapeng ka mora
nako e itseng. Ho kgutlela hae mantsiboya. Ho ya haeno ho tloha sebakeng seseng.
Mael. Ho boka ha di oroha: ho lebella sephetho sa se etsahalang kapa se buuwang
honajoale, hamorao.
Orohela (o-ru-he-la) /go homeward/ Ketsetso ya ho oroha: ho boela hae kapa lapeng
ka mora nako e itseng. Boemo ba ho kgutlela hae kapa lapeng mantsiboya.
Orohile (o-ru-hi-le) // Bokgale ba ho oroha.
Orohisa (o-ru-hi-sa) /make to go home/ Ketsiso ya ho oroha.
Orohisoa (o-ru-hi-swa) // Boetsuwa ba ho oroha. (mm. Orohiswa).
Orosa (o-ru-sa) /to send home/ Ketsiso ya ho oroha: ho baka hore ntho kapa motho a
boele hae ka mora nako e itseng; ho baka hore motho a kgutlele hae; ho etsa hore
phoofolo, haholo seruuwa, se boela hae ho tsoa naheng nakong ya mantsiboya.
Orosoa (o-ru-swa) // Boetsuwa ba ho orosa. (mm. Oroswa).
Osele (u-si-li) /different one/ Seemedi qollo se bontshang motho eo ho buuwang ka
yena ka ho mo qolla. Seqolli se hlakisang motho eo ho buuwang ka yena ka ho
kgetholla hara babang. /bon. basele, mosele, disele/.
Ota (aw-ta) /to be thin/ Ho ba mosesane; ho ba le mmele o monyane ka baka la tlala
kapa bokudi; ho hloka botenya kapa monono.
Ota (aw-ta) /slim/ Ho fokotseha hoa mmele o motenya; ho fokotseha hoa botenya ba
mmele ka baka la boitapiso kapa ho sebedisa ditlhare tse otisang.
Otile (aw-ti-sa) /thin, slim/ Ya mosesane; e tshetshane kapa e hlokang botenya.
Otisa (aw-ti-sa) /make thin or slim/ Ketsiso ya ho ota: ho etsa hore ntho kapa motho
a fokotsehe sebopeho se setenya sa mmele.
Otisitse (o-ti-si-tse) // Bokgale ba ho otisa.
Otisitsoe (o-ti-sits-we) // Bokgale le boetsuwa ba ho ota. (mm. otisitswe).
Otisoa (aw-ti-swa) // Boetsuwa ba ho ota. (mm. Otiswa).
Otla (aw-tla) /punish, beat/ Ho etsa diketso tse hlokofatsang mmele kapa kelello ya
motho; ho sotla maikutlo; ho hlophehisa ka diketso tse itseng.
Otla (u-tla) /you will, you shall/ Bomoso ba ketsahalo kapa ketso ya motho ya tla ba
boemong ba ho etsa se itseng nako etlang. (bap. bo tla).
Otlaka (aw-tla-ka) /punish repeatly/ Phetako ya ho otla: ho otla hangata.
Otlakoa (aw-tla-kwa) (otlakwa) /beaten repeatly/ Boetsuwa ba ho otla.
Otlanya (aw-tlan-ya) /hit against/ Ho mulanya ntho e thata kgahlanong le enngwe e
tiileng; ho batanya ka thata kgahlanong le.
Otlile (o-tli-le) /punished/ Bokgale ba ho otla.
513
514
514
515
Ppp
PALE:
Tlhaku ya leshome le metso e tsheletseng (16) Sesothong. Yona e akga ka mareho le
maetsi. Bongata ba maetsi a qalang ka “B” a nka moelelo wa “P” jwalo ka:
bapala=papadi, bona=pono, beha=peho, babatsa=pabatso, bapatsa=papatso, jj.
515
516
516
517
PALADITHUPA (PALALITHUPA)
517
518
DIPALESA, PALESA
518
519
519
520
520
521
PAPAKGAELE (PARROT)
521
522
Paqama (pa-qa-ma) /lie down/ Ho robala fatshe kapa hodima ntho e itseng ka mpa.
Paqamakeiti (pa-qa-ma-ke-iti) /unofficial border gate/ Sebaka sa moedi wa naha
moo batho ba tshelelang ka nqa enngwe ka ho kgukguna le ho tsamaya ka ho se
bonoe; moedi wa naha o seng molaong. /bon. Dipaqamakeiti/ Mohl. Afrika Borwa e
se e tletse ka dipaqamakeiti tse ngata. Ebe naha ya Botswana e na le paqamakeiti
kapa che? (bap. pholokgoaba). (mm. paqama-keiti).
Paqamisa (pa-qa-mi-sa) /to cause to lie down/ Ketsiso ya ho paqama: ho etsa hore
motho kapa ntho e paqame fatshe ka mpa.
Paqamiso (pa-qa-mi-saw) /causing to lie down/ Ketso ya ho paqamisa: ho etsa hore
motho kapa ntho e paqame fatshe ka mpa.
Parola (pa-ru-la) /widen/ Ho etsa hore setho sa mmele, haholo setho sa botshehadi, se
bulehe hofeta sebopeho sa sona ka ho sebedisa setho sa bonna se seholo haholo.
Parola (//) /to molest sexually/ Ho robala kapa ho boka ngoana e monyane kapa
motho e motshehadi ka tsela eo setho sa botshehadi se hlokofatsoang.
Paroletsa (pa-ru-le-tsa) /to take a short route/ Ho nka tsela e kgutshoanyane; ho
tsamaya ka tsela e hlokang bolelele. (bap. Kgaoletsa).
Paroletsa (pa-ru-le-tsa) /stradle/ Ho hata moleng kapa moo ho sa tlamehang ho hatoa
kapa ho tsamaya teng ka sepheo sa ho batla ho potlaka.
Paroletso (pa-ru-le-tso) /short route taking/ Ketso ya ho paroletsa: ho nka tsela e
kgutshoanyane; ho tsamaya ka tsela e hlokang bolelele.
Parolo (pa-ru-law) /sexual molestation/ Ketso ya ho parola: ho robala kapa ho boka
ngoana e monyane kapa motho e motshehadi ka tsela eo setho sa botshehadi se
hlokofatsoang ka ho se atolosa.
Parolo (pa-ru-law) /vaginal widening/ Ketso ya ho parola kapa ho etsa hore setho sa
mmele, haholo sa botshehadi, se bulehe hofeta sebopeho sa sona.
Pasa (pa-sa) /identity document/ Bukana ya boitsebiso ya moahi wa naha, e nang le
dilemo tsa monga yona, setshoantsho, lefatshe la tlhaho le tlhaloso ya botona kapa
botshehadi. /bon. dipasa/.
Paseka (pa-se-ka) /passover/ Lelomolo la bana ba Israele le etsoang kapa le qalang
ka letsatsi la leshome le metso e mene (la 14) ya kgoedi ya bone (Mmesa) leo eleng
sehopotso sa tokollo ya Baheberu kgolehong ya Egepeta, leo Majuta a le bitsang
“Pesack”. Tem. Paseka e hlalosoang mona ha e amane le ho bitsoang “Labohlano le
halalelang” hohang. Hore mmadi a utloisise seo Paseka e se bolelang, ho molemo ho
bala buka ya Exodus, kgaolo ya 12, temana ya 23 ho isa ho 27. (bap. sabata).
Paseka (//) /easter holiday/ Letsatsi (Labohlano) leo ho dumeloang hore Morena Jesu
o ile a thakgisoa ka lona mme a tsoha ka mora matsatsi a mararo (mmantaha). Tem.
Ha ho moo bibele e hlalosang le ho bua ka Labohlano le halalelang le Mmantaha wa
teng joalo ka Paseka. Paseka ha e bolele “Easter holiday” empa e bolela seseng hape.
Basotho ha ba na lebitso la “Easter Holiday” empa bana le Paseka e boleloang le ho
hlalosoa ho buka ya Eksoda (Exodus) 12: 23-27.
Pata (pa-ta) /hide/ Ho beha moo ho sa bonahaleng; ho beha moo mahlo a sa fihleng.
Pata (pat-a) /bury/ Ho boloka setopo sa motho lebitleng; ho epela mofu kapa moshui
lebitleng. (bap. epela, tsetela).
Pata (pa-ta) (pateng) /road, path/ (sheb. Mmila bakeng sa tshebediso).
Patala (pa-ta-la) /pay/ Ho lefella se rekiloeng kapa se loketsoeng ke tefo. Ho
nehelana ka chelete bakeng sa se rekoang kapa se rekisoang. (bap. lefa, lefella).
Patalo (pa-ta-nta) /payment/ Ketso ya ho patala: tefello ya se rekiloeng; nehelano ya
chelete bakeng sa se rekisoang. /bon. Dipatala, dipatalo/ (bap. tefello, tefo).
522
523
PATAPELANALA
Patata (pa-ta-ta) /sweet potato/ Mofuta wa tapole e tsoekere haholo. /bon. Dipatata/
Patela (pa-te-la) /hide for/ Ketsetso ya ho pata: ho pata bakeng sa.
Patetso (pa-te-tso) /cooling, refrigeration, chilling, freezing/ Ketso ya ho batetsa: ho
etsa hore ntho e bate; ho tlosa mocheso ka ho hatsetsa.
Patile (pa-ti-le) /hiden/ Bokgale ba ho pata.
Patiloe (pa-ti-lwe) // Boetsuwa ba ho pata. (mm. Patilwe).
Patisane (pa-ti-sa-ne) /narrow/ Hoa tsela: e tshetshane haholo, e mahlakore a
atamelaneng haholo. (bap. hebehebe, mopatisane).
Patiso (pa-ti-so) /cooling/ Ketso ya ho batisa kapa ho etsa ntho e felloe ke mocheso.
Patiwe (pa-ti-we) /secret, incognito/ Se sa tlamehang ho tsejoa. /bon. dipatiwe/.
Patlamantsoe (pa-tla-mants-we) /dictionary, vocobulary/ Buka e hlalosang mantsoe
a puo ho ya ka mongolo wa sechaba sa teng. Tlh. Patlamantsoe ha se sebopeho-puo
(grammer) empa ke buka e hlalosang mantsoe a puo. (mm. Bukantswe).
Patlisiso (pa-tli-si-saw) investigation, enquiry, inquest/ Ketso ya ho batlisisa ho etsa
phuputso tsa ketsahalo e itseng; ho batlana le ntho e itseng; ho tsomana le bonnete ba
ketso e itseng. /bon. dipatlisiso/ (bap. phuputso).
Patlo (pa-tlo) /searching/ Ketso ya ho batla: ho sheba ntho e sa fumanoeng kapa e
ipatileng. Ho shebana kapa ho tsomana le nnete kapa bonnete ba ntho e itseng.
Patlollo (pa-tlol-law) // Sebaka se pela masaka a diruuwa seo ho tsamawang ho sona
ke ba ikgethileng. /bon. dipatlollo/ (bap. motsoetseng).
Patlollo (pa-tlol-law) /pavement/ Sebaka se fatshe sa motero kapa bokeno ba motero
se entsoeng ka majoe a betliloeng. /bon. dipatlollo/.
Patlollong (pa-tlol-lo-ng) /centre stage/ Sebaka se bulehileng sa motse, sa kgoebo tse
ngatanyana, moo ho tsamayang batho ba bangata mmoho le dipalangoang. (bap.
motsoetseng).
Pato (pa-taw) /burial/ Ketso ya ho pata: ho beha mofu kapa ntho e shoeleng lebitleng
ka lekese. Ketso ya ho epela mofu mabitleng. (bap. lepato, phupu).
Patsi (pa-tsi) /firewood/ Se sebedisoang ho besa mollo se entsoeng ka makala a difate
kapa dimela tse ommeng. /bon. dipatsi/.
Patsoha (pa-tsu-ha) /to cleave/ Ho kgephoha hoa lefika kapa letlapa le leholo; ho ba
le lepatso kapa puleho lefikeng kapa lejoeng. (bap. petsoha).
523
524
524
525
525
526
526
527
527
528
528
529
Pepo (//) /labour, baby delivery/ Ketso ya ho pepa kapa ho ntsha ngoana ka setho sa
ho tsoala; tsoalo ya lekgabunyane. (bap. thari).
Peqa (pi-qa) /mess up/ Ho kopanya ka ho tsoaka ka bohlasoa le ho itshilafatsa.
Peqo (pi-qaw) /messing up/ Ketso ya ho peqa: ho kopanya ka ho tsoaka ka bohlasoa
le ho itshilafatsa. Tshilafatso e bakoang ke motsoako o qhalanang.
Peralla (pi-ral-la) /to stare stupidly/ Ho sheba kapa ho lebisa mahlo nthong kapa
mothong ka tsela e tshoanang le ya sephoqo kapa semaumau. Ho sheba ka tsela ya
bowatla. Ho tadima ka tsela e tshoanang le ya sehole.
Perallo (pi-ral-law) /stupid stare/ Ketso ya ho peralla: chadimo joalo ka sephoqo; ho
lebisa mahlo nthong kapa mothong ka tsela e tshoanang le ya semaumau.
Pere (pe-re) /horse/ Phoofolo e ruuwang hae, e sebedisoang haholo bakeng sa ho
kalangoa le ho phetha mabaka a maeto. Tlh. Lentsoe la semelo la Sesotho ke
“koatola” kapa “pitsi” le ha bongata ba Basotho ba rata ho sebedisa lebitso “pere”eo
eleng sothofatso ya lebitso la Seburu “perd”. (bap. pitsi, koatola, pokola, esele).
Perekisi (pe-re-ki-si) /peach/ Mofuta wa tholoana e nang le peete e tenya kahare, eo
bokantle ba yona bo jewang, ebile e ka nka mebala e fapaneng ho ya ka mofuta wa
yona. /bon. diperekisi/.
Perela (pe-re-la) /pearl/ Lejoana la theko e hodimo, le boreledi, le tholahalang
mofuteng wa sebupuwa sa metsing se bitsoang “pearl”. /bon. diperela/.
Peretla (pe-re-tla) /fart/ Ho ntsha moya o bakang lerata le leholo ka sebono; ho
tshoinya haholo. (bap. phinya).
Peretlo (pe-re-tlaw) /farting/ Ketso ya ho peretla: ho ntsha moya o bakang lerata le
leholo ka lesoba la sebono. (bap. sephinya).
Pesalema (pe-sa-le-ma) /Psalm, sacred song or hymn/ Mmino wa moqapi le
mongodi wa Dipesalema; mmino wa bohalaledi. /bon. Dipesalema/.
Pesella (pe-sel-la) /to haunch/ Ho koba mokokotlo ka ho isa hlooho morao le ho
sututsa mpa pele. (bap. sepesa).
Pesello (pe-sel-law) /huanch, haunching/ Ketso ya ho pesella: ho koba mokokotlo ka
ho isa hlooho morao le ho sututsa mpa pele. (bap. sepesa).
Peso (pe-so) /fire making/ Ketso ya ho besa: ho etsa hore mollo o tuke. Ho hotetsa
patsi kapa leshala hore lelakabe lebe teng. (bap. besa).
Pesola (pe-su-la) // Ho phahamisa mpa e kgolo; ho tsamaya ka ho isa mpa e kgolo
pele. Mohl. Leponesa le letenya le pesola dimpa.
Pesolo (pe-su-law) // Ketso ya ho pesola: ho phahamisa mpa e kgolo: ponahalo ya
mpa e kgolo.
Peta (pi-ta) /chest/ Sefuba se phahameng se nang le mesifa; sefuba se seholo sa
monna ya matla kapa ya ikoetlisang. /bon. dipeta/ (bap. sefuba, selota).
Petano (pi-ta-naw) // Ketso ya ho betana: ho dielana kapa ho wisana fatshe ka ho
batla ho hlola papading e joalo.
Petano (//) /wrestling/ Papadi ya ho dielana fatshe ka ho bontsha hore ke mang ya
matla kapa ya tsebang haholo.
Petekedisa (pe-te-ke-di-sa) /cause to stammer/ Ketsiso ya ho peteketsa.
Petekedisoa (pe-te-ke-di-swa) // Boetsuwa ba ho peteketsa. (mm. Petekediswa).
Peteketsa (pi-ti-ke-tsa) /stutter, stammer, stumble/ Ho bua ka ho koenya mantsoe;
ho bua ka ho tshoha kapa ka lentsoe le nang le tshabo.
Peteketse (pi-ti-ke-tse) /stumbled/ Bokgale ba ho peteketsa.
Peteketso (pi-ti-ke-tso) /stumbling, stammering/ Ketso ya ho peteketsa: ho bua ka
ho koenya mantsoe; ho bua ka ho tshoha kapa ka lentsoe le nang le tshabo.
529
530
530
531
531
532
532
533
533
534
534
535
535
536
536
537
Phaposi (pha-pu-si) /room, apartment/ Karolo enngwe ya ntlo e kgolo kapa moaho
eo ho dulang batho ho yona. Enngwe ya moaho wa ntlo; sebaka seseng sa bodulo sa
ntlo kapa moaho; karolo ya ntlo eo ho duloang ho yona e nang le lebitso, tshebediso
kapa tlhaloso e sa tshoaneng le tse ding. /bon. diphaposi/ (bap. kamore, motlotloana).
Phaqa (pha-qa) /sound of walking/ Modumo wa motsamao wa bohato ba leoto ntle
le seeta.
Phaqaphaqa (pha-qa-pha-qa) /sandal/ Seeta se bulehileng kahodimo; seqathola se
kenyang moya leotong, mme se roaloa haholo nakong tsa mocheso. /bon.
diphaqaphaqa/ (bap. moqathatso, seeta, seqathola).
Phaqasela (pha-qa-se-la) /to walk foolishly/ Ho tsamaya joalo ka sephoqo; ho hata
joalo ka sehole. (bap. lathasela).
Phaqaselo (pha-qa-se-law) /foolish walk/ Ketso ya ho phaqasela: motsamao wa
sephoqo; mohato wa sehole.
Phara (pha-ra) // Ho lahlela seretse leboteng bakeng sa ho dila.
Pharama (pha-ra-ma) /to sit lazily/ Ho dula fatshe joalo ka motho ya botsoa; ho dula
fatshe ntle le ho sebetsa kapa mosebetsi. (mm. pharame).
Pharame (pha-ra-mi) /lazy relaxation/ E dutseng fatshe ka tsela e bontshang botsoa
bo boholo; ya dutseng ka mokgoa o supang botsoa. Mohl. Ke neng o pharame moo o
sa sebetse. Hobaneng o pharame pele o fiela lebala?
Pharamo (pha-ra-maw) /lazy sitting, iddling/ Ketso ya ho pharama: ho dula fatshe
joalo ka motho ya botsoa; ho dula fatshe ntle le ho sebetsa kapa mosebetsi.
Pharela (pha-re-la) /controversy, controversial/ Ketso e bakang dipuo tse sa feleng
ebile e ya lolololo; keakea ya taba e bakang kgang sechabeng kapa ba e mametseng;
tabahadi e mpe e bakang dikgohlang le ho se utloane. /bon. Dipharela/ (bap. kgang).
Pharela (pha-re-la) /enigma, conundrum, paradox/ Boemo bo hlokang tharollo;
boemo bo thata ha bo hlalosa ka baka la tlhokeho ya kutloisiso ya bona. Seo nnete
kapa bonnete ba sona eleng patuwe. /bon. dipharela/ (bap. qaka, keakea).
Pharelo (pha-re-law) /stuck/ Ketso ya ho farela: ho dula kapa ho tshoaseha sefateng
bakeng sa ho wela fatshe; ho se tsebe ho tsitsinyeha ka baka la ho tshoaseha.
Pharoe (pha-rwe) /type of grasshoper/ Mofuta wa lerutle le leholo la naheng, le
jewang. /bon. dipharoe/ (bap. kgopi). (mm. Pharwe).
Phasalla (pha-sal-la) /scatter, disseminate/ Ho tsamaya ka ho fofisoa ke moya; ho
qhalana ka ho ba hohle kapa ho ya dibakeng tse fapaneng.
Phasallo (pha-sal-law) /scattering, dissemination/ Ketso ya ho phasalla: ho tsamaya
ka ho fofisoa ke moya; ho qhalana ka ho ba hohle kapa ho ya dibakeng tse fapaneng.
Phasaphasa (pha-sa-pha-sa) /huge/ E kgolo bo makatsang; e tletseng sebaka ka
boholo kapa bophara. /bon. Diphasaphasa/.
Phasoloha (pha-su-lo-ha) /talk carelesly, to talk passively/ Ho bua ntle le ho nahana
se buuwang; ho bua hanghang pele ho hlahloba puo e tlo buuwa.
Phasoloho (pha-su-lo-haw) /careless talk, passive talk/ Ketso ya ho phasoloha:
tloaelo ya ho bua ntle le ho nahana se buuwang; ho bua hanghang pele o hlahloba puo
e tlo buuwa.
Phate (pha-te) /famine/ Boemo ba tlala e kgolo kapa tlhokeho ya seshebo; bosio ba
dijo tse lekaneng batho ba teng. /bon. 0/ (bap. mphote, tlala).
Phate (pha-te) /madras, bed/ Sebaka seo ho robaloang ho sona; moalo o sebedisoang
bakeng sa ho robala. /bon. diphate, diphateng/ (bap. moseme, leqase). Tem. Ha ho
tsebahale hobaneng ha bongata ba Basotho ba sebedisa lentsoe “bethe” ha “phate”
kapa “moalo” e le kgetho e nepahetseng ya puo ya Sesotho. Bethe ke sothofatso ya
537
538
PHATHAKALLE
Phathatsa (pha-tha-tsa) /to touch, caress, fondle, pat/ Ho thetsa ka tsela e sa lokang
kapa e etsahatsang ketso e itseng; ho thetsa ka tsela e bolelang seseng se sa
kgotsofatseng; ho tshoara ka ho phephetsa.
Phathatso (pha-tha-tsaw) /touching, caressing/ Ketso ya ho phathatsa: ho thetsa ka
tsela e sa lokang kapa e etsahatsang ketso e itseng; ho thetsa ka tsela e bolelang
seseng se sa kgotsofatseng; ho tshoara ka ho phephetsa.
Phathiella (phat-hi-el-la) /to burden, encumber/ Ho jarisa moroalo kapa boima bo
sitisang tsoelopele; ho fana ka moroalo kapa bothata bo sitisang.
Phathiello (phat-hi-el-law) /burdening, encumbrance/ Ketso ya ho phathiella: ho
jarisa moroalo kapa boima bo sitisang tsoelopele; ho fana ka moroalo kapa bothata bo
sitisang. /bap. mophathielli/.
Patiane (pa-tia-ne) (phathiane) /bushveld turpentine grass/ Mofuta wa joang bo
babang haholo ebile bo le bosula bakeng sa ho fuloa; bo melang haholo dithoteng,
kgoeding ya Mphalane ho isa Mmesa. /bon. Diphathiane/.
Phatla (pha-tla) /forehead/ Bokapele ba hlooho ka hodima mahlo; karolo ya mmele
eo bokapele ba hlooho bo theohelang. /bon. diphatla/. Mael. Ho ja mofufutso wa
phatla ya hao: ho phela ka seo o tla se sebeletsa kapa seo o se sebeletsang.
Phatlalla (pha-tlal-la) /flee/ Ho baleha ka sepheo sa ho tloha ho ntho e kotsi; ho tloha
sebakeng ka ho matha ka lebaka la ho baleha.
Phatlallo (pha-tlal-law) /flight/ Ketso ya ho phatlalla: ho baleha ka sepheo sa ho tloha
ho ntho e kotsi; ho tloha sebakeng ka ho matha ka lebaka la ho baleha.
Phatlaladitse (pha-tla-la-di-tse) // Bokgale ba ho phatlalatsa.
538
539
539
540
540
541
Pheha (phe-ha) /to cook/ Ho etsa dijo di butsoe bakeng sa ho ja; ho etsa hore dijo di
be boemong ba ho jewa ka ho di butsoisa.
Pheha (phi-ha) (phea) /deny, object/ Ho hanyetsana le se buuwang kapa se
etsahalang; ho se arabe potso ka ho dumela se botsoang. (bap. phea).
Phehela (phe-he-la) /cook for/ Ketsetso ya ho pheha: ho etsa dijo bakeng sa motho
emong; ho lokisa se jewang ka ho butsoisa.
Phehelo (phe-he-law) /cooking for/ Ketso ya ho phehela: ho ho etsa dijo bakeng sa
motho emong.
Phehiloe (phe-hi-lwe) /cooked/ Bokgale ba ho pheha.
Phehisa (phe-hi-sa) /help to cook/ Ketsiso ya ho pheha.
Phehisa (phe-hi-sa) /compete/ Ho etsa ditlhodisano.
Phehisa (phi-hi-sa) /to object/ Ho hanyetsa se buuwang. Ketsiso ya ho pheha.
Phehisana (phe-hi-sa-na) /to compete/ Ketsetsano ya ho phehisa.
Phehisano (phe-hi-sa-naw) /competetion/ Ketso ya ho phehisana.
Phehiso (phe-hi-so) /cooking together/ Ketso ya ho phehisa: ho thusa ho pheha.
Phehiso (phe-hi-so) /objection/ Ketso ya ho phehisa: ho hanyetsana le se buuwang.
Phehla (phe-hla) /to soften, soothe, melt/ Ho ba bonojana kapa ho ba metsi ka baka
la motsoako o kentsoeng.
Phehla (phe-hla) /love mixture, love charm/ Motsoako oo ho dumeloang hore o
fuwa molekane bakeng sa ho mo thetefatsa kelello; motsoako oo ho dumeloang hore o
etsa hore moetsuwa a rate moetsi. (bap. korobela).
Phehla (phe-hla) /anaesthetic/ Motsoako o phehlellisang motho nakong eo a leng
karolong ya bookelo, madimong, moo a tlong ho buuwa teng . Se fuwang mokudi ho
etsa hore a robale pele ngaka e sebetsana le ditho tsa hae tsa mmele. /bon. diphehla/
Phehlella (phe-hlel-la) /melt, liquidize/ Ho ba metsi kapa ho ba le lero ka lebaka la
ho kenya motsoako o itseng.
Phehlello (phe-hlel-law) /melting/ Ketso ya ho phehlella: ho ba metsi kapa ho ba le
lero ka lebaka la ho kenya motsoako o itseng.
Phehlisa (phe-hli-sa) /liquefy/ Ketsiso ya ho phehla: ho etsa hore ntho e phehle.
Phehliso (phe-hli-so) /liquefaction/ Ketso ya ho phehlisa: ho etsa hore ntho e phehle.
Pheho (phe-haw) /cooking/ Ketso ya ho pheha: ho etsa dijo di butsoe bakeng sa ho ja;
ho etsa hore dijo di be boemong ba ho jewa ka ho di butsoisa.
Phehoa (phe-hwa) /cooked/ Boetsuwa ba ho pheha.
Pheisa (phe-i-sa) /refute/ Ho hanyetsa kapa ho bua kgahlanong le.
Phekiso (phe-ki-so) /winning/ Ketso ya ho fekisa: ho hlola ditlhodisanong kapa
papading ya ho batla mohlodi.
Phekgo (phe-kgo) /impediment/ Se thibelang ketso kapa ketsahalo e itseng; se etsang
hore boemo bo itseng bo se phethahale.
Phekgola (phe-kgu-la) /hamper, hinder, impede/ Ho thibela tsoelopele ya
motsamao; ho hanela phethahatso ya morero o itseng.
Phekgolo (phe-kgu-law) /hampering/ Ketso ya ho phekgola: ho thibela tsoelopele ya
motsamao; ho hanela phethahatso ya morero o itseng.
Pheko (phe-ku) /cure, heal, treatment/ Se sebedisoang ho fodisa bokudi kapa lefu;
se sebedisoang ho thibela boloetse kapa boemo bo bobe. /bon. Dipheko/.
Phekola (phe-ku-la) /to cure, to heal/ Ho sebedisa moriana ho fodisa bokudi kapa
lefu; ho sebedisa moriana ho thibela kapa ho fokotsa bohloko. (bap. fodisa).
Phekolo (phe-ku-law) /healing/ Ketso ya ho phekola: ho sebedisa moriana bakeng sa
ho fodisa bokudi kapa lefu; ho sebedisa moriana bakeng sa ho thibela kapa ho fokotsa
bohloko. /bon. Diphekolo/ (bap. phodiso).
541
542
542
543
PHEPHENG
543
544
Phephesela (//) /run like butterfly/ Ho matha kapa ho tsamaya kapelenyana joalo ka
serurubele ka baka la mmele o monyane.
Phepheseleng (phe-phe-se-le-ng) /tavern/ Moo ho rekisoang joala semmuso; sebaka
se nang le sesupo se bontshang hore joala bo a rekisoa. /bon. diphepheseleng/.
Phepheselo (phe-phe-se-law) /butterfly running/ Ketso ya ho phephesela: ho matha
kapa ho tsamaya kapelenyana joalo ka serurubele ka baka la mmele o monyane.
Phephetha (phe-phet-ha) /expatriate/ Ho tlosa motho ya tlileng naheng eo eseng ya
habo ntle le molao kapa tumello, ho mokgutlisetsa naheng ya habo.
Phephetho (phe-phet-haw) /expatriation/ Ketso ya ho phephetha: ho tlosa motho ya
tlileng naheng eo eseng ya habo ntle le molao kapa tumello, ho mokgutlisetsa naheng
ya habo. (bap. phaphatheha, mophaphathehi, mophephethoa).
Phephetsa (phe-phe-tsa) /to challenge/ Hoa papadi ya ditebele: ho ba boemong ba ho
loantsha mmampodi kapa motho ya tshoreng sekola. (bap. mophephetsi).
Phephetsa (phe-phe-tsa) /provoke, enrage, exasperate/ Ho qholotsa motho kapa
phoofolo hore e loane; ho qala kapa ho kgentsha ka tsela e bakang ntoa kapa tlhaselo;
ho mema ntoa. (bap. qholotsa, qala) (mm. pepetsha).
Phephetso (phe-phe-tso) /provocation, exasperation/ Ketso ya ho phephetsa: ho
qholotsa motho kapa phoofolo hore e loane; ho qala kapa ho kgentsha ka tsela e
bakang ntoa kapa tlhaselo; memo ya ntoa.
Phephetso (phe-phe-tso) /challenge/ Boemo ba mophephetsi: ho ba boemong ba ho
loantsha mmampodi kapa motho ya tshoereng sekola. (bap. mophephetsi).
Phephi (phe-phi) /baby sorry/ Lekgotsa kapa lentsoe le sebedisoang ho thudisa
ngoana ha a lla kapa a utloile bohloko.
Phepo (phe-paw) /nutrition, feeding/ Ketso ya ho fepa: ho fa dijo; ho kenya sejo ka
molomong sa; ho matlafatsa ka dijo.
Phepo (phe-paw) /nourishment, nutriment, nutrition/ Boemo ba ho sebetsana le
mofuta wa dijo tse tlamehang ho fanoa ho ya ka tlhokeho ya motho kapa maemo a
mmele. /bon. Diphepo/.
Pherekano (phi-ri-ka-naw) /commotion, disorder/ Ketso ya ho ferekana: ho etsa
hore ntho kapa motho a se nahane hantle; ho kopanya kelello hore e se nahane hantle;
ho kopakopana hlooho.
Pherekanyo (phi-ri-kan-yaw) /confusion/ Ketso ya ho ferekanya: ho kopakopanya
boemo ba kelello kapa monahano. (bap. moferefere).
Pherekgong (phe-re-kgu-ng) (pherekhong) /January/ Kgoedi ya pele ya selemo sa
sejoalejoale, e lateloang ke Hlakola.
Pherese (phe-re-se) /purple/ Motsoako wa mmala o mokgubedu le o moputsoa.
Pherolo (phe-ru-law) // Ketso ya ho ferola: ho etsa hore mmele kapa setho seseng sa
ona se tsitsipane ka baka la sejo se jeweng se sa latsoeheng hantle; ho tsitsipana hoa
maikutlo ka baka la ditaba tse mpe tse boleloang.
Phesela (phi-si-la) /crash, fracture/ Ho hata ka boima bo boholo ka tsela e
qhetsolang kapa e thubang se hatoang.
Pheselaka (phe-se-la-ka) // Phetako ya ho phesela: ho phesela hangata.
Pheselako (phe-se-la-kaw) // Ketso ya ho pheselaka kapa ho phesela ka makgetlo a
fetang bobedi kapa a mangata.
Pheselo (phi-si-law) /crashing/ Ketso ya ho phesela: mohato, bohato kapa ho hata ka
boima bo boholo ka tsela e qhetsolang kapa e thubang se hatoang.
Pheseloa (phi-si-lwa) // Boetsuwa ba ho phesela.
Phesente (phe-sen-te) /percent, percentage/ Palo e itseng ha e bapisoa ho tsoa
lekgolong kapa ho lekgolo. Tekanyo e mabapi le lekgolo. /bon. Diphesente/.
544
545
545
546
546
547
547
548
548
549
549
550
550
551
551
552
552
553
553
554
Photla (phaw-tla) /face wash/ Ho hlatsoa sefahleho ntle le ho akaretsa mmele ohle;
ho hloekisa sefahleho ka metsi le sesepa.
Photlo (phaw-tlaw) /face washing/ Ketso ya ho iphotla kapa ho photla: tlhatso ya
sefahleho ntle le ho akaretsa mmele ohle; tlhoekiso ya sefahleho ka metsi le sesepa.
Phu (phu) /exclamation: very smelly!/ Lekgotsa le hlalosang tsela eo ntho e nkgang
ka yona; lentsoe le bontshang boemo ba monko.
Phuamiso (phu-a-mi-so) /hatching act/ Ketso ya ho fuamisa: ho etsa hore kgoho
kapa nonyana e behelang e hlahisa mahe kapa e fane ka mahe.
Phuamo (phu-a-maw) /hatching/ Ketso ya ho fuama: ho dula hodima lehe ke kgoho;
ho dula hodima lehe ka sepheo sa ho futhumatsa bakeng sa ho qhotsisa.
Phuana (phu-a-na) (phuwana) // Boemo ba ho kunyakunya hoa boko ba ngoana
hloohong ka baka la phokolo kapa bokudi; tsitsinyeho ya karolo ya hlooho ya ngoana
e bakoang ke boemo bo itseng. /bon. diphuana/ (bap. hlowana).
Phukalla (phu-kal-la) /to leave quickly/ Ho tsamaya ka ho tloha sebakeng ka
matjato; ho tloha ka sekgahla se seholo sebakeng.
Phukalla (phu-kal-la) /to spread/ Ho tloha ka ho hasana le sebaka; ho tloha ka ho
phasalla kapa ho leba dibakeng tse fapaneng.
Phukallo (phu-kal-law) /leaving/ Ketso ya ho phukalla: ho tloha ka ho hasana le
sebaka; ho tloha ka ho phasalla kapa ho leba dibakeng tse fapaneng.
Phukga (phu-kga) /swim/ Ho sesa. Ho tsamaya ka hodima metsi ntle le ho kgaqa; ho
tsamaya metsing ka mpa le ho sebedisa matsoho ho thibela ho qoela.
Phukgisa (phu-kgi-sa) /mess up, besmirch/ Ho etsisa motho emong diphoso ntle le
maikemisetso; ho kopakopanya ditebello le maikemisetso a matle a motho emong. Ho
baka boemo bo bobe. Ketso ya ho dubisa thankga. (bap. phunkgana).
Phukgiso (phu-kgi-saw) /messing up, besmirching/ Ketso ya ho phukgisa: ho etsisa
motho emong diphoso ntle le maikemisetso; ho kopakopanya ditebello le
maikemisetso a matle a motho emong.Ho baka boemo bo bobe. Ketso ya ho dubisa
thankga.
Phukgisoa (phu-kgi-swa) // Boetsuwa ba ho phukgisa. (mm. phukgiswa).
Phukgo (phu-kgaw) /swimming/ Ketso ya ho phukga: ho tsamaya ka hodima metsi
ntle le ho kgaqa; ho tsamaya metsing ka mpa le ho sebedisa matsoho ho thibela ho
qoela.
Phula (phu-la) /rivulet/ Sebaka seo ho tsamayang metsi ho sona se hlahang
letsoapong, lerallaneng, mohloding, selomong kapa thabeng, seo boemo ba sona
boleng ka tlase ho noka. /bon. diphula/ (bap. molapo, noka).
Phulana (phu-la-na) /rivulet/ Sebaka se senyane seo ho tsamayang metsi a manyane
ho sona a hlahang letsoapong, mohloding, lerallaneng kapa thabeng, seo boemo ba
sona boleng katlase ho noka. /bon. diphulana/ (bap. molatsoana, nokana).
Phulo (phu-law) /grazing, grass eating/ Ketso ya ho fula: ho ja joang ke diphoofolo;
boemo ba ho phela ka ho ja dimela.
Phumano (phu-ma-naw) /finding/ Ketso ya ho fumana: ho thola; ho sibolla; ho
kopana le motho kapa ntho e itseng ka mora patlo. Ho ba le se batloang ka mora ho
lahleha.
Phumudisa (phu-mu-di-sa) // Ketsiso ya ho phumula: ho etsa hore motho a phumule
kapa a tlose metsi ka botlalo hodima ntho enang le mongobo kapa lesoe.
Phumudiso (phu-mu-di-so) // Ketso ya ho phumudisa: ho baka ho phumula kapa ho
etsa hore motho a phumule kapa a tlose metsi ka botlalo hodima ntho enang le
mongobo kapa lesoe.
554
555
555
556
556
557
557
558
PIDIPIDI-SA-MABELETE (PILIPILI-SA-MABELETE)
Pidisi (pi-di-si) /tablet, pill/ Mofuta wa moriana, seka leqhetsoana, o nowang le metsi
ho kokobetsa kapa ho fedisa bohloko, lehlaba kapa bokudi. /bon. dipidisi/.
Pidisi (//) /troublesome person/ Motho ya bakang morusu bathong babang; motho ya
hlokang kgotso ka ho baka lenyokonyane le diphapang. (mm. pilisi).
Pihi (pi-hi) /orbituary/ Tloaelo le mokgoa wa ho bua le ho tlaleha ka bophelo ba
mofu; puo e mabapi le bophelo, pale le diketsahalo tsa moshui. Phatlalatso e amanang
le mofu; se boleloang ka diketso le diketsahalo tsa moshui. Pale ya motho ya
shoeleng. /bon. dipihi/ (bap. phupu).
Pikitla (pi-ki-tla) /rub/ Ho sebedisa letsoho ka ho le tsamaisa hodima setho seseng sa
mmele ka baka la botsikinyane kapa ho tshasa moriana.
Pikitlisa (pi-ki-tli-sa) /cause to rub/ Ketsiso ya ho pikitla: ho etsa hore motho kapa
letsoho la hae le pikitle.
Pikitliso (pi-ki-tli-saw) /rubbing/ Ketso ya ho pikitlisa: mokgoa wa ho tsamaisa
letsoho hodima setho seseng sa mmele bakeng sa ho tshasa moriana kapa ho ipikitla.
Pikitlo (pi-ki-tlaw) /massage/ Ketso ya ho pikitla: ho sebedisa letsoho ka ho le
tsamaisa hodima setho seseng sa mmele ka baka la botsikinyane kapa ho tshasa
moriana.
Pina (pi-na) /song/ Pokeletso ya mantsoe kapa diletsa tsa mmino ho etsa modumo;
ketso ya ho etsa mmino ka modumo wa molomo kapa seletsa. /bon. dipina/
Pinakelo (pi-na-ke-law) /repeat thwacking/ Ketso ya ho binakela: ho otlaka kgafetsa
ha bohloko.
Pino (pi-naw) /singing/ Ketso ya ho bina: pokeletso ya mantsoe kapa diletsa tsa
mmino ho etsa modumo; ketso ya ho etsa mmino ka modumo wa molomo kapa
seletsa. (bap. mmino) Mohl. Pino ya pina ena e bosula. Pino tsohle tsa dipina tse
hlophisitsoeng ke Mohapeloa di monate.
Pintsho (pi-nts-haw) (pintshong) /music audition/ Mokgoa wa ho leka ho bina ka ho
kenela dipontsho tsa ho bina ka sepheo sa ho fumana sebini se ka phomella kapa sa
558
559
atleha; mokgoa wa ho bintsha sehlopha sa batho bakeng sa diteko tsa mmino. /bon.
dipintsho, dipintshong/.
Pinyane (pin-ya-ne) /secret/ Puo e patehileng, e sa tlamehang ho buuwa; puo eo
eleng lekunutu, e sa tshoaneloeng ke pepeso kapa phatlalatso. /bon. dipinyane/
Pipetso (pi-pe-tso) /suffocation, smothering, choking/ Ketso ya ho bipetsa: ho koala
moya. Ho etsa moya o fele; ho koala moya ka ho kgama.
Pipi (pi-pi) /a baby penis/ Kooma e nyane ya ngoana; kooma e tshetshane kapa e
otileng e shebahalang joalo ka ya lesea. /bon. dipipi/
Pipiri (pi-pi-ri) /pepper/ Mofuta wa semela se sebedisoang joalo ka senoko se
natefisang dijo, se ka nkang mmala o mokgubedu, tshehla kapa o motala.
Pipitlela (pi-pi-tle-la) /constipate/ Ho baka boemo ba ho tlalellana ka mpeng ka baka
la dijo tse sa lokang kapa motsoako wa dijo tse sa kopaneng.
Pipitlelo (pi-pi-tle-law) /constipation/ Ketso ya ho pipitlela: boemo ba ho tlalellana
ka mpeng ka baka la dijo tse sa lokang kapa motsoako wa dijo tse sa kopaneng.
Pipitleloa (pi-pi-tle-lwa) /constipated/ Boetsuwa ba ho pipitlela.
Pipitletsa (pi-pi-tl-tsa) /constipating/ Ketsiso ya ho pipitlela: ho baka boemo ba ho
tlalellana ka mpeng ka baka la dijo tse sa lokang kapa motsoako wa dijo tse sa
kopaneng.
Pipitletse (pi-pi-tle-tse) // Bokgale ba ho pipitlela kapa pipitletsa. Ho ba boemong ba
ho tlalellana ka mpeng ka lebaka la se jeweng.
Pipitletso (pi-pi-tle-tso) /constipation causing/ Ketso ya ho pipitletsa: pako ya
boemo ba ho tlalellana ka mpeng ka baka la dijo tse sa lokang kapa motsoako wa dijo
tse sa kopaneng.
Pipitletsoe (pi-pi-tle-tswe) /constipated/ Boemo ba ho pipitleloa: ho ba boemong bo
tlalallaneng ba mpa ka lebaka la dijo tse jeloeng; boikutlo ba tlalallano ya mpa.
Pitika (pi-ti-ka) /to roll down/ Ho wela fatshe ka ho theteha nqa e le nngwe; ho
dieloa fatshe ka baka la ho otloa ha bohloko; ho wela fatshe le ho theteha ka baka la
bokudi bo dielang. Tem. Phapang pakeng tsa ho “pitika” le ho “bidika” ke hore
lentsoe la pele le bolela ho wela fatshe ntle le ho theteha moo honang le motheo; ha
lentsoe la bobedi le bolela ho dieloa fatshe ka ho theosa kapa ho ya le motheo.
Pitikanya (pi-ti-kan-ya) /drub, knock, clobber/ Ketsiso ya ho pitika: ho dia ka ho
theta fatshe ka lebaka la ho otloa kapa bokudi.
Pitikanyo (pi-ti-kan-yaw) /drubbing/ Ketso ya ho pitikanya: ho diwa fatshe ka ho
theta ka lebaka la ho otloa kapa bokudi.
Pitiki (pi-ti-ki) /party/ Mokete wa boithabiso wa semetletsa moo ho nang le joala,
dijo le mmino wa diletsa. /bon. dipitiki/ (bap. timiti).
Pitiko (pi-ti-ko) /rolling down/ Ketso ya ho pitika: ho wela fatshe ka ho theteha nqa e
le nngwe; ho dieloa fatshe ka baka la ho otloa ha bohloko; ho wela fatshe le ho
theteha nqa e le nngwe ka baka la bokudi bo dielang.
Pitikoe (pi-ti-kwe) /circle, round/ Hoa sebopeho: e chebahalo e sedikadikoe kapa e
chitjana. /bon. dipitikoe/ (bap. chitja).
Pitla (pi-tla) /rock/ Lejoe le leholo haholo la thaba kapa selomo; lejoe le sephara
haholo ebile le le boima. /bon. dipitla/ (bap. lejoe).
Pitla (//) /to hit with a rock/ Ho otla kapa ho lahlella ka pitla kapa lejoe le leholo
haholo la thaba kapa selomo.
Pitlo (pi-tlaw) /hitting with a rock/ Ketso ya ho pitla: ho otla kapa ho lahlella ka pitla
kapa lejoe le leholo haholo la thaba kapa selomo.
Pitsa (pi-tsa) /pot/ Se sebedisoang ho tshela dijo tse apehoang; sesebedisoa se
bokahare bo mohamo se sebedisoang bakeng sa ho tshela dijo tse tlo phehoa. /bon.
559
560
dipitsa/ (bap. poto) Mael. Pitsa ho fahoa e belang: motho ya diehang ho nyala
kgarebe o tla rakoa mme mohlankana emong a mo nyale pele. Mosetsana ya
tsilatsilang o rakoa ke babang mme ba qetelletse ba nkile mohlankana wa hae.
Pitsa (pi-tsa) /herbal medicine mixture/ Moriana wa setho o hlophisitsoeng hantle, o
kopantsoeng le emeng ho phekola bohloko bo totileng.
Pitsana (pi-tsa-na) /small pot/ Pitsa e nyane. /bon. dipitsana/.
Pitsana (pi-tsa-na) /urine stand/ Setshelo se sebedisoang bakeng sa ho rota; pitsa ya
moroto. /bon. dipitsana/ (bap. thuwana).
Pitseng (pi-tse-ng) /blanket for the initiates/ Mofuta wa kobo ya Basotho, ya
bokgabane, eo hangata e aparoang ke makoloane kapa batho ba batona ba sa tsoa
bolla. /bon. Pitseng/.
Pitsetso (pi-tse-tso) /spelling/ Ketso ya ho bitsetsa: ho ngola le ho hlalosa lentsoe
kapa mantsoe ka tsela eo a ngoloang ka yona ho ya ka puo enngwe. Tlhatlhobo e
etsoang ho nonya tsebo ya ho ngola mantsoe a puo. /bon. dipitsetso/.
Pitsetso (//) /summon, solicitation, supplication/ Ketso ya ho bitsetsa: ho mema
motho kapa batho bakeng sa ho tla thusa boemong bo itseng. Ho mema kgotla kapa
lekgotleng la dinyewe ka sepheo sa qoso kapa joalo ka paki.
Pitsi (pi-tsi) /horse/ Phoofolo e kgolo ya hae, e ditlhako tse thata, e matla haholo, e
thapisitsoeng kgalekgale, e sebedisoang ho hula ha e pannoe le ho jara moroalo o
boima. Seruuwa se sebedisoang joalo ka sepalangoang; phetha maeto le mabaka ya
Mosotho. Tem. Lebitso la semelo (original) la Sesotho la pitsi kapa pere ke “koatola”
lebitso le tsoang modumong wa tlhako ya pitsi ha e tsamaya, “koato”. Lebitso “pere”
le sebedisoa haholo hofeta “koatola” le ha “pere” e le sothofatso ya lebitso la Seburu
“perd”. Pitsi ke kgetho enngwe ya lebitso la Sesotho la pere, leha le sebedisoa ke
Batswana le Bapedi haholo. /bon. Dipitsi/ Tlh. Ha ho thoe motho ke mojapere, ha se
mokgabo puo o qadiloeng ke Basotho, empa ke badichaba ba ahelaneng le Basotho.
Hofeta moo, ke tshebediso e fosahetseng ha ho thoe motho ke mojapere hobane ho
jewa dihoapa le mantatana a koatola. (bap. Koatola, pere, mosia).
560
561
PJEMPJETE
Poana (pu-wa-na) (powaneng) /in public place/ Moo ho tletseng batho ka bongata;
moo ho nang le mang le mang; moo holeng bonolo ho bonana kapa ho bonoa. (bap.
patlollo, patlollong, pepeneneng).
Pobolo (pu-bu-law) /sickly sound, groaning/ Ketso ya ho bobola: ho etsa modumo
wa motho kapa ntho e kulang.
Pochoselo (paw-che-se-law) /gentleness and softness/ Ketso ya ho bochosela: enang
le bonolo; e nang le kutloahalo ya bonolo ha ho duloa hodima yona. Kutloahalo ya ho
bothosela. (bap. bothoselo, mabothobotho).
Podi (pu-di) /goat/ Phoofolo ya hae, seka nku, eo hangata enang le boya bo bosoeu bo
bolelele, e manaka, e ratang ho tsamaya mesikong ya dilomo le dithaba ha e fula, e
lerata hofeta nku. /bon. dipodi/ (bap. potsanyane) (mm. poli).
Podilekgoana (po-di-le-kgwa-na) (pudulokgoana) /type of insect/ Mofuta wa
kokoanyana e bosula, e nkgang hampe haholo. /bon. dipodilekgoana/ Tem. Batho ba
dibaka tse ding tsa Basotho ba e bitsa “sempodulokgoana”. (mm. polulokhoana).
Podiso (po-di-saw) /decomposition/ Ketso ya ho bodisa: ho etsa hore ntho e bole
kapa e fetole sebopeho ka ho senyeha. (mm. poliso).
Podulokgoana (p-du-lo-kgwa-na) // (sheb. Podilekgona bakeng sa tshebediso).
Poeho (pu-e-haw) /loveliness/ Ketso ya ho boheha: ho shebahala hantle hoa sefahleho
le mmele ka baka la bohloeki le makgethe. (bap. poheho).
Poelano (pu-ela-naw) /reconciliation, reunion/ Ketso ya ho boelana: ho kgutlelana
ka ho kgema mmoho hape ka mora ho loantshana kapa dikgohlang. Kopano ya batho
ba nkileng nako ba sa bonane; mokete wa ho kopana wa botsoalle. /bon. Dipoelano/.
Poelo (pu-e-law) /back sliding/ Ketso ya ho boela: ho kgutlela morao bobeng hape;
ho etsa diketso tsa kgale tse mpe.
Pofa (paw-fa) /bull dog/ Ntja e hlooho e kgolo, e molomo o rephileng, e bohale ka
nako tse ding, e nang le ho sebedisoa bakeng sa ho lebela. /bon. dipofa/
Poheho (pu-he-haw) /loveliness, prettiness/ Ketso ya ho boheha: ho shebahala hantle
hoa sefahleho le mmele ka ‘baka la bohloeki le makgethe. Tlh. Lentsoe le
nepahetseng ke “poheho” hofeta “poeho”.
Pohliso (po-hli-saw) /air breakage/ Ketso ya ho bohlisa: ho ntsha moya ka lehano
kapa molomo ka mora ho noa kapa ho ja.
Pohlo (paw-hlaw) /air breakage/ Ketso ya ho bohla: ho ntsha moya ka lehano kapa
molomo ka mora ho noa kapa ho ja.
561
562
POHO
Poholo (pu-hu-law) /barking/ Hoa ntja: ketso ya ho bohola kapa ho etsa modumo,
sello, khalefo kapa bohale ba modumo wa ntja; ho lla hoa ntja kapa phoofolo e
tshoanang le yona.
Pohopedi (paw-haw-pe-di) /velocity/ Keketseho ya matla ka lebaka la bongata kapa
ngatafalo ya sehlopha; phaello ya matla kapa sefutho sa ho etsa ketso e itseng.
Pohotshehla (paw-hawts-he-hla) /bitter wort/ Semela se hlaha sa naha se
sebedisoang joalo ka moriana kapa moroho. /bon. 0/. (bap. leshokgoa).
Poisano (pu-i-sa-naw) (puisano) /negotiation, bargaining, diplomacy/ Ketso ya ho
buisana: ho ba le puo ka ho kopana sebokeng bakeng sa ho rarolla qaka kapa bothata
bo itseng; tharollo ya mathata kapa qhoebeshano ka ho buisana. /bon. dipoisano/.
Poiso (po-i-saw) (puiso) /conversation, dialogue/ Ketso ya ho buisa: ho etsa moqoqo
kapa ho ba le lekomo le motho emong.
Poka (pu-ka) /haunt/ Ho batloa ke se sa bonahaleng ka ho phehella kapa ka ho
latella; ho latellisa motho borokong kapa ditorong; ho latellisisoa ke memeya e
ditshila.
Poka (pu-ka) /rife/ Hoa boemo kapa ketsahalo: ho etsahala ka tsela e iphetang kapa
ka tsela e tlang joalo joalo. (bap. pokile).
Pokano (pu-ka-naw) /gathering/ Ketso ya ho bokana: ho tla sebokeng kapa ho
kopana sebakeng se itseng. Ho etsa sehlopha sa batho kapa dintho tse ngata. /bon.
dipokano/ (bap. Sehlopha, seboka).
Pokano (paw-ka-naw) /sexual intercourse/ Ketso ya ho bokana: ho robalana le
motho; ketso ya ho kotana kapa ho sathana.
Pokanyo (pu-kan-yaw) /unification/ Ketso ya ho bokanya: ho etsa hore dintho kapa
batho ba be mmoho kapa nqa e le nngwe. (bap. kopanyo, pokeletso).
Pokela (pu-ke-la) /to haunt/ Ketsetso ya ho poka: ho batloa ke se sa bonahaleng ka
ho phehella kapa ka ho latella; ho latellisa motho borokong kapa ditorong; ho
latellisisoa ke memeya e ditshila.
Pokeletso (pu-ke-le-tso) /unification/ Ketso ya ho bokeletsa: boemo ba ho tlisa
mmoho dintho kapa batho ba qhalaneng kapa ba sa duleng mmoho.
Pokeletso (pu-ke-le-tso) /accumilation, conglomeration/ Ketso ya ho bokeletsa: ho
etsa hore dintho di be ngata kapa di ngatafale. Ho eketsa ka ho ngatafatsa. Phaello ya
dintho tse ngata.
Pokella (pu-kel-la) /heap, stack, stockpile/ Bongata kapa boholo ba ntho e
bokelletsoeng; se bokelletsoeng hofeta tlhokeho. /bon. dipokella/.
Pokello (pu-kel-law) /collection/ Ketso ya ho bokella: ho etsa qubu kapa qhowa ya
dintho. Ho thonaka ka ho etsa bongata ba dintho. Ho etsa lethathama la se batloang.
Pokello (pu-kel-law) /assemblence/ Ketso ya ho bokella: ho kopanya mmoho dintho
tse bopang seseng se seholo.
562
563
563
564
Polo (paw-law) /decomposition/ Ketso ya ho bola: ho etsa hore ntho e lahle boleng
ba yona ka ho senyeha kapa ho fetola sebopeho se setle. Ho etsa hore ntho e nkge ka
baka la bokgale kapa ho hloka bophelo bo botle. (bap. sebodu, sebolo).
Polo (paw-law) /corruption/ Hoa sebopeho sa motho kapa batho: ketso ya ho bola:
ho nka le ho sebedisa chelete kapa thepa ya mmuso kapa ya mosebetsi ka
boqhekanyetsi; tloaelo ya ho utsoa thoto kapa diphahlo tsa mosebetsi ntle le tumello
ya ramosebetsi. (bap. bobodu, manyofonyofo, sebolo).
Polokeho (pu-lu-ke-haw) /savety/ Boemo ba ho bolokeha: e tlasa tshireletso kapa
bolebedi; e kekeng ya hlekefetsoa, utsoa, bolawa kapa lemala ka baka la ho ba le
molebedi kapa tebelo. Boteng ba tshireletso le tebelo.
Polokelong (pu-lu-ke-lo-ng) /bank/ Sebaka kapa moaho o sebedisoang ho boloka
chelete ya batho ba tsetetseng maruo a bona; moo ho bolokoang le ho ntsha kapa ho
kadima chelete. /bon. dipolokelong/ Tlh. Ke batho ba mmaloa haholo ba sebedisang
lentsoe lena “polokelong” ha bongata bo sebedisa lentsoe “banka” eo eleng sothofatso
ya lentsoe “bank”.
Poloko (pu-lu-kaw) /preservation, conservation/ Ketso ya ho boloka: ho beha ntho
moo e tshireletsehileng teng; ho etsa hore ntho e se fele kapa e nyamele; ho etsa hore
ntho e dule e le teng kapa e le ngata nako e telele. (bap. phemiso, pholoso).
Polokoana (pu-lu-kwa-na) /small round parcel/ Polokoe e nyane: sephutheloana sa
ntho e chitjana kapa e sedikadikoe e nyane haholo. /bon. Dipolokoana/.
Polokoe (pu-lu-kwe) /round substance/ Hoa sebopeho sa ntho: e chebahalo e
sedikadikoe kapa e chitjana. (bap. chitja, pitikoe). (mm. Polokwe).
Polokoe (pu-lu-kwe) (polokwe) /steamed bread loaves/ Bohobe ba koro bo
futhumaditsoeng le ho phehoa ka mocheso wa metsi. /bon. dipolokoe/.
Polokong (pu-lu-ke-lo-ng) /fort, fortress/ Sebaka sa thaba, seka sehlaba, seo honeng
ho dula batho nakong tsa kgale bakeng sa tshireletso ya bahlasedi; sebaka sa thaba, se
bokeno bobong kapa makeno a mmaloa, seo ho dulang batho bakeng sa ho bolokeha
kgahlanong le bafutuhi. /bon. dipolokong/ (bap. sehlaba).
Polokong (pu-lu-ko-ng) /bank/ Sebaka kapa moaho o sebedisoang ho boloka chelete
ya batho ba tsetelang maruo a bona; moo ho bolokoang le ho ntsha kapa ho kadima
chelete teng. /bon. dipolokolong/ (bap. polokelong) Tlh. Ke batho ba mmaloa haholo
ba sebedisang lentsoe lena “polokelong” kapa “polokong” ha bongata bo sebedisa
lentsoe “banka” eo eleng sothofatso ya lentsoe “bank”. (bap. polokelong).
Polomashoashoe (po-lo-ma-shwa-shwe) /alligator/ Mofuta wa sehahabi sa lelapa la
koena kapa e batlileng e tshoana le koena haholo. /bon. dipolomashoashoe/.
Polopoqo (pu-lu-pu-qu) /exclamation: down he/she fell on the sand!/ Lekgotsa le
bontshang boemo ba ho wela fatshe hara lepoqo; lentsoe le sebedisoang ho bontsha
modumo wa ho wa hara mobu kapa lepoqo.
Polopotloana (pu-lu-putl-wa-na) /a short fat person/ Motho, haholo ngoana, e
motenya, e mokgutshoanyane haholo; motho wa sebopeho sa mmele o qabolang kapa
se tshehisang. /bon. dipolopotloana/ (bap. patantana).
Polotso (pu-lu-tsaw) /circumcision/ Ketso ya ho bolotsa: ho isa lebolloang kapa ho
poma letlalo la pele la kooma kapa la ntlha ya yona. (bap. lebollo).
Poma (pu-ma) /cut/ Ho kgaola ka lehare; ho seha ka ho baka sekoto kapa dikotoana;
ho arola ka ho kapa ka seleme kapa thipa. (bap. retla).
Poma (//) /excommunicate, banish, repudiate/ Ho thibela diketso tse itseng tsa
motho kapa mokga; ho ntsha mokgatlong le ho emisa tshebeletso; ho emisa ho nka
seabo mosebetsing wa kereke; ho tlosa tsamaisong kapa tshebeletsong ya mosebetsi;
ho leleka le ho kgetholla mokgeng kapa mokgatlong.
564
565
565
566
566
567
567
568
568
569
569
570
Psha (p-sha) (pcha)/to dry/ Ho fela hoa metsi nokeng, sedipeng kapa mohloding wa
ona; ho emisa ho phalla metsi ka baka la komello. (mm. Pjha). Mael. Madiba ho
psha a matala: ho shoa hoa morena e moholo, ho fela hoa lerua le leholohadi le ho wa
hoa motho e moholo sechabeng. Ho fela hoa motho kapa ntho ya bohlokoa e phetseng
nako e telele. Mael. Dia bela dia hloeba, makgulo ho psha a matala: koma re sala re
di otla ka hlooho: motho ho tsofala le ho kgathala ya neng a le motle, matla,
mafolofolo ebile a tumme haholo mme a qetelle a tsofetse, a le mobe ebile a hloka
matla le botle.
Pshamathe (p-sha-mat-he) /eloquence, oration/ Puo e monate haholo; thotokiso e
ratehang; phatlalatso e ratehang; dithoko tsa sebele. /bon. dipshamathe/.
Pshatla (p-sha-tla) // Ho lahlela fatshe ka sepheo sa ho thuba; ho dia ka sepheo sa ho
petsola; ho peperanya, petsola kapa ho thuba ka ho otlanya kgahlanong le ntho e thata.
Pshatlanya (p-sha-tlan-ya) /disintegrate, smash, splinter/ Ho peperanya, petsola
kapa ho thuba ka ho otlanya kgahlanong le ntho e thata e fatshe kapa e emeng.
Pshatlanyo (p-sha-tlan-yaw) /breakage, smashing, splinter/ Ketso ya ho pshatlanya:
ho peperanya, petsola kapa ho thuba ka ho otlanya kgahlanong le ntho e thata e fatshe
kapa e emeng.
Pshatleha (p-sha-tle-ha) /breakable/ Ho ba boemong bo thubehang, peperanang kapa
petsohang ka baka la ho otlangoa kgahlanong le ntho e thata. (mm. choatleha).
Pshatleho (p-sha-tle-haw) /breaking/ Ketso ya ho pshatleha: ho ba boemong bo
thubehang, peperanang kapa petsohang ka baka la ho otlangoa kgahlanong le ntho e
thata. (bap. choatla) (mm. choatleho).
Pshatlile (p-sha-tli-le) /broke/ Bokgale ba ho pshatla. (bap. choatlile).
Pshatliloe (p-sha-tli-lwe) /broken/ Boetsuwa le bokgale ba ho pshatla.
Psheha (pshe-ha) // Ho nyela masepa a metsi ka bala la ho sebedisa mala kapa ho ba
le bokudi; ho ntsha manyela a metsi kapa a matheketheke ka sebono. Ho choeya kapa
ho kaka manyela a metsi. (bap. lepsheha, lechoeya).
Pshehela (pshe-he-la) // Ketsetso ya ho psheha: ho nyela masepa a metsi ho.
Pshehelo (pshe-he-law) // Ketso ya ho psheha: nyelo ya masepa a metsi ho.
Pshehisa (pshe-hi-sa) /lax/ Ketsiso ya ho psheha: ho etsa hore motho a nyele masepa
a metsi ka baka la ho sebedisa mala kapa ho ba le bokudi; ho etsa hore motho a ntshe
manyela a metsi kapa a matheketheke ka sebono. (bap. choeya, choeha).
Pshehiso (pshe-hi-saw) /laxation/ Ketso ya ho pshehisa: mokgoa wa ho etsa hore
motho a nyele masepa a metsi ka lebaka la ho sebedisa mala kapa bokudi; ho etsa
hore motho a ntshe manyela a metsi kapa a matheketheke ka sebono.
Pshemodisa (pshe-mu-di-sa) /cause to breakout/ Ho thusa ho etsa hore motho kapa
phoofolo e tlanngoeng e kgone ho baleha ka ho lokolloa.
Pshemodiso (pshe-mu-di-so) /breaking out/ Ketso ya ho pshemodisa: thuso ya ho
etsa hore motho kapa phoofolo e tlanngoeng e kgone ho baleha ka ho lokolloa.
Pshemodisoa (pshe-mu-dis-wa) // Boetsuwa ba ho pshemodisa. (mm. chemodisoa).
Pshemola (pshe-mu-la) /slip away, skip, breakaway/ Ho kgona ho baleha ka lebaka
la ho lokolloa, lokoloha, tlamoloha kapa ho tlamolloa; ho ba boemong ba ho tsoa
ditlamong ka ho chopola kapa chopoha. (mm. chemola).
Pshemolo (pshe-mu-law) /get away/ Ketso ya ho pshemola: ho kgona ho baleha ka
lebaka la ho lokolloa, lokoloha, tlamoloha kapa ho tlamolloa; ho ba boemong ba ho
tsoa ditlamong. (mm. chemolo).
Pshemotse (p-she-mu-tse) // Bokgale ba ho pshemola. (mm. chemotse).
570
571
571
572
572
573
573
574
Qqq
574
575
PALE:
Tlhaku ya leshome le metso e supileng (17) ya puo ya Sesotho. Yona e akga ka
mareho (mabitso) le maetsi a tlholeho a Sesotho. Tje ka ha ho se ho hlalositsoe,
Sesotho se na le mantsoe a mangata a sebedisang le a qalang ka “Q” hofeta ‘puo tse
ngata tsa Afrika Borwa kapa lefatsheng. Ka nako tse ding polelo e ka akga ka
mantsoe a tlhaku ena fela.
Q (khiu) //.
Qa (qa) //.
Qabachana (qa-ba-cha-na) /little finger/ Monoana o monyane hofeta emeng. /bon.
Diqabachana/ (mm. Qabatjhana).
Qabana (qa-ba-na) /feud, quarrel/ Ho se utloane ka dipuo; ho se dumellane ka
maikutlo kapa ka qeto; ho se tsamaisane mmoho ka monahano.
Qabane (qa-ba-ne) /quarrelled, at loggerheads/ Bokgale ba ho qabana: e kapa ya
boemong ba qabano kapa ho se utloane ka dipuo; ho se dumellane ka maikutlo kapa
ka qeto; ho se tsamaisane mmoho ka monahano.
Qabanela (qa-ba-ne-la) // Ketsetso ya ho qabana.
Qabanelo (qa-ba-ne-law) // Ketso ya ho qabanela.
Qabang (qa-ba-ng) /quarrel/ Se bakang ho se utloane ka dipuo; se bakang ho se
dumellane ka maikutlo kapa qeto; se bakang dikgohlano le ho se tsamaisane mmoho.
Qabano (qa-ba-naw) /feuding, quarrelling, loggerhead/ Ketso ya ho qabana: ho se
utloane ka dipuo; ho se dumellane ka maikutlo kapa ka qeto; ho se tsamaisane mmoho
ka monahano.
Qabantse (qa-ban-tse) // Bokgale ba ho qabanya.
Qabantsoe (qa-bants-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho qabanya.
Qabantsha (qa-ban-ts-ha) // Ketsiso ya ho qabanya.
Qabantshitse (qa-bants-hi-tse) // Bokgale ba ho qabantsha.
Qabantshitsoe (qa-bants-hits-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho qabantsha.
Qabantsho (qa-ban-ts-haw) // Ketso ya ho qabantsha.
Qabantshoa (qa-bants-hwa) // Boetsuwa ba ho qabantsha.
Qabanya (qa-ban-ya) // Ho etsa hore batho ba se utloane ka dipuo; ba se dumellane
ka maikutlo le qeto; ba se tsamaisane mmoho ka menahano.
575
576
576
577
577
578
578
579
579
580
580
581
581
582
582
583
583
584
584
585
585
586
586
587
587
588
Qhibidiha (qhi-bi-di-ha) /melt/ Ho ba metsi hoa leqhoa, sefako, lehloa kapa lero le
thatafetseng; ho metsifala hoa leqhoa, sefako, lehloa kapa ntho e hoammeng.
Qhibidihisa (qhi-bi-di-hi-sa) /cause to melt/ Ho etsa hore metsi a thatafetseng joalo
ka leqhoa, sefako kapa lehloa a hlapolohe; ho etsa hore lero le hoammeng kapa le
thatafetseng le be metsi. Ketsiso ya ho qhibidiha.
Qhibidihiso (qhi-bi-di-hi-saw) /causing melting/ Boemo ba ho qhibidihisa: ho etsa
hore metsi a thatafetseng joalo ka leqhoa, sefako kapa lehloa a hlapolohe; ho etsa hore
lero le hoammeng kapa le thatafetseng le be metsi. Ketsiso ya ho qhibidiha.
Qhibidihisoa (qhi-bi-di-hi-swa) /melted/ Boetsuwa ba ho qhibidihisa.
Qhibidiho (qhi-bi-di-haw) /melting point/ Boemo ba ho qhibidiha: ho ba metsi hoa
leqhoa, sefako, lehloa kapa lero le thatafetseng; ho metsifala hoa leqhoa, sefako,
lehloa kapa ntho e hoammeng ka lebaka la mofuthu kapa mocheso.
Qhibolla (qhi-bul-la) /unearth, dig up/ Ho ntsha majoe fatshe kapa ho epa ka sepheo
sa ho fumana se ka tlase; ho epolla se epetsoeng. Ho patolla se patehileng.
Qhibollo (qhi-bul-law) /unearthing/ Ketso ya ho qhibolla: ho ntsha majoe fatshe
kapa ho epa ka sepheo sa ho fumana se ka tlase; ho epolla se epetsoeng. Patollo ya se
patehileng. (bap. kepollo, diepollo).
Qhibolloa (qhi-bul-lwa) // Boetsuwa ba ho qhibolla. (mm. Qhibollwa).
Qhiledisa (qhi-le-di-sa) /cause to limp/ Ketsiso ya ho qhiletsa: ho etsa hore motho a
tsamaye ha bohloko ka baka la ho tsoa kotsi.
Qhilediso (qhi-le-di-so) /limping/ Ketso ya ho qhiledisa: motsamao o bohloko o
bakoang ke ho tsoa kotsi.
Qhiledisoa (qhi-le-di-swa) // Boetsuwa ba ho qhiletsa. (mm. Qhilediswa).
Qhiletsa (qhi-le-tsa) /to limp/ Ho tsamaya ha bohloko ka baka la ho tsoa kotsi.
Qhiletso (qhi-le-tso) /limping/ Ketso ya ho qhiletsa. Motsamao wa ka mora kotsi
kapa ho lemala ho bakang motsamao o sa tloaelehang. (bap. qhuqho).
Qhinya (qhin-ya) // Ho raha ntho e itseng hanyane; ho sebedisa leoto bakeng sa ho
kgahlela kapa ho natha.
Qhinyetsa (qhin-ye-tsa) // Ho raha hanyane ka ho se tiise leoto; ho raha ka tsela e
hlokang matla. Ho etsa kapa ho baka moqhinyetsane.
Qhinyetso (qhin-ye-tso) // Ketso ya ho qhinyetsa: ho raha hanyane ka ho se tiise
leoto; ho raha ka tsela e hlokang matla. (bap. moqhinyetsane).
Qhinyo (qhin-yaw) // Ketso ya ho qhinya: ho raha ntho e itseng hanyane; ho sebedisa
leoto bakeng sa ho kgahlela kapa ho natha.
Qhitoe (qhi-twe) (qhitwe) /one-eyed-person/ Motho ya leihlo leleng; motho ya
bonang ka leihlo leleleng. /bon. boqhithoe/ (bap. moihloe, mohoboko).
Qhitsa (qhi-tsa) /ooze, drip/ Ho tsoa madi hoa leqeba; ho dutla kapa ho phalla hoa
madi a tsoang sethong seseng sa mmele. Ho dutla lero
Qhitsisa (qhi-tsi-sa) /to cause to ooze/ Ketsiso ya ho qhitsa: ho etsa hore leqeba le
tsoe madi; ho etsa hore setho seseng sa mmele se dutle madi.
Qhitsiso (qhi-tsi-saw) /causing oozing/ Ketso ya ho qhitsisa: ho etsa hore leqeba le
tsoe madi; ho etsa hore setho seseng sa mmele se dutle madi.
Qhitso (qhi-tsaw) /oozing/ Ketso ya ho qhitsa: ho dutla kapa ho phalla hoa madi a
tsoang sethong seseng sa mmele.
Qho (qhaw) /always/ Ka nako tsohle; nako enngwe le enngwe. Tem. Lentsoe lena
“qho” ha le na moelelo le modumo wa Sesotho le ha Basotho ba mabalane ba rata ho
le sebedisa. (bap. qha).
Qhoa (qhwa) /exclamation: a whip sound/ Lekgotsa le sebedisoang ho hlalosa
modumo wa sephadi.
588
589
589
590
590
591
591
592
QILOANE
Qoabi (qwa-bi) /wild cat/ Katse e kgolohadi e hlaha ya naheng, e phelang ka ditadi le
diphoofotsoana tsa naheng. /bon. diqoabi/ (bap. setsetse, katse, mosia, tlokoa).
Qoabika (qwa-bi-ka) /move like a cat, cat walk/ Ho tsamaya joalo ka katse kapa
qoabi; ho ba le motsamao kapa ho hata joalo ka qoabi; ho tsamaya ka ho nanya, ntle le
ho etsa modumo. (mm. Qwabika).
Qoabikile (qwa-bi-ki-le) // Bokgale ba ho qoabika. (mm. Qwabikile).
Qoabikisa (qwa-bi-ki-sa) // Ho etsa hore motsamao o tshoane le wa qoabi; ho etsisa
qoabi ha e tsamaya: ho hata ka ho nanya ntle le modumo kapa lerata.
Qoabikiso (qwa-bi-ki-saw) // Ketso ya ho qoabikisa: ho etsa hore motsamao o
tshoane le wa qoabi, lengau, lengawana, nkoe kapa phoofolo ya lelapa la dikatse; ho
etsisa qoabi ha e tsamaya, ho hata ka ho nanya ntle le modumo kapa lerata.
Qoabikisoa (qwa-bi-ki-swa) // Boetsuwa ba ho qoabikisa. (mm. Qwabikiswa).
Qoabiko (qwa-bi-kaw) /cat’s movement, cat walk/ Motsamao wa qoabi: ho tsamaya
ka ho nanya, ntle le ho etsa modumo. (mm. Qwabiko).
Qoabiko (qwa-bi-kaw) /swanky move or walk/ Motsamao o bontshang kguba le
boqhetseke; mohato wa boikgantsho.
Qoakatsa (qwa-ka-tsa) /yesterday’s beer/ Joala bo setseng maobane; moqophothi o
sa felang tsatsing le fetileng. /bon. 0/ (bap. kgoaqatsa) (mm. kgwaqatsa).
Qoaketsa (qwa-ke-tsa) /assail, aggress/ Ho fa bothata ka ho loantsha ho sa lebelloa;
ho hlasela ntle le tebello; ho etsa ketso e sa lebelloang. (bap. Qaketsa).
Qoaketsana (qwa-ke-tsa-na) // Ketsetsano ya ho qoaketsa: ho bontsha lehloyo ka ho
hlaselana kapa ho loantshana ho sa lebelloa. (mm. Qwaketsana).
Qoaketsano (qwa-ke-tsa-naw) /enemty, animosity/ Boemo ba ho qoaketsana: ho
bontsha lehloyo ka ho hlaselana kapa ho loantshana ho sa lebelloa.
Qoaketso (qwa-ke-tso) /aggression, assailment/ Ketso ya ho qoaketsa: ho fa bothata
ka ho loantsha ho sa lebelloa; ho hlasela ntle le tebello; ho etsa ketso e sa lebelloang.
592
593
Qoakga.
Qoako (qwa-ko) /wild cat/ Mofuta wa qoabi kapa setsetse. Katse ya naheng e hlaha.
Qoba (qaw-ba) /avoid, evade/ Ho tloha kapa ho tshirela pela ntho; ho baleha kapa ho
sutha pela motho kapa ntho; ho se arabe potso e botsoang ka ho e baleha.
Qoba (qu-ba) (quba) // ?? Mohl. Mofuta ha o nkgoe ka nko e se qoba la kwae:
mohlankana kapa moroetsana o ithuta molekane le ba habo ba se ba dula mmoho.
Qobana (qaw-ba-na) /to face, confront/ Ho kopana kapa ho lebana le ntho kapa
motho tseleng kapa sebakeng; ho teana le boemo bo hlokang monate; ho ba hara
mathata kapa bothata bo itseng.
Qobana (qaw-ba-na) // Ketsetsano ya ho qoba.
Qobane (qaw-ba-ne) // Bokgale ba ho qobana.
Qobano (qaw-ba-naw) /confrontation/ Boemo ba ho qobana: ho kopana kapa ho
lebana le ntho kapa motho tseleng kapa sebakeng; ho teana le boemo bo hlokang
monate; ho ba hara mathata kapa bothata bo itseng. (bap. teano, teanyo).
Qobano (qaw-ba-naw) /avoidance/ Ketso ya ho qobana: boemo ba ho tloha kapa ho
tshirela pela ntho; ho baleha kapa ho sutha pela motho kapa ntho; ho se arabe potso e
botsoang ka ho e baleha. (bap. koekoetlo).
Qobella (qu-bel-la) /force, coerce, pressurize/ Ho baka hore motho a etse ketso e
itseng ka sheshe kapa mahahapa; ho etsisa ketso ka dikgoka; ho laela moetsuwa ho
etsa seo a sa se batleng; ho etsisa moetsuwa diketso ntle le tumello ya hae.
Qobello (qu-bel-law) /coercion, force, pressure/ Ketso ya ho qobella: ho baka hore
motho a etse ketso e itseng ka sheshe kapa mahahapa; ho etsisa ketso ka dikgola; ho
etsisa ketso ka dikgoka; ho laela moetsuwa ho etsa seo a sa se batleng; ho etsisa
moetsuwa diketso ntle le tumello ya hae. (bap. kotloqobello).
Qobelloa (qu-bel-lwa) // Boetsuwa ba ho qobella.
Qobile (qo-bi-le) // Bokgale ba ho qoba.
Qobo (qaw-baw) /avoidance/ Ketso ya ho qoba: ho tloha kapa ho tshirela pela ntho;
ho baleha kapa ho sutha pela motho kapa ntho; ho se arabe potso e botsoang ka ho e
baleha kapa ho e koekoetla.
Qobo (qo-bo) /gunnera perpensa/ Semela se hlaha se melang dibakeng tse metsi
ebile se sebedisoa joalo ka moriana. /bon. diqobo/.
Qoela (qwi-la) /submerge, sink/ Ho kena tlasa metsi ntle le ho kgaqa; ho kena
botebong ba metsi ntle le ho noela kapa ho kgaqa. (bap. kgaqa). (mm. Qwela).
Qoelo (qwi-law) /submergence, sinking/ Ketso ya ho qoela: mokgoa wa ho kena
tlasa metsi ntle le ho kgaqa; ho kena botebong ba metsi ntle le ho noela kapa ho
kgaqa. (bap. seqwedi) (mm. seqoedi).
Qoetse (qwi-tse) /sunk, submerged/ Bokgale ba ho qoela. (mm. qwetse).
Qoi (qo-i) /so be it/ Lekgotsa le sebedisoang ho dumellana le tshomo ke bao ba e
mametseng. Ha ho be joalo; ha ho etsahale joalo. Mohl. Bare e ne re: qoi!
593
594
594
595
595
596
596
597
Rrr
597
598
PALE:
Tlhaku ya leshome le metso e robedi (18) ya Sesotho. Yona e akga ka mareho/mabitso
le maetsi. Maetsi a fetoleloang marehong a nka tlhaku ya “T” jwalo ka rata=thato,
robala=thobalo, robalana=thobalano, ruta=thuto, ritela=thitelo, reha=theho, jj.
598
599
599
600
600
601
601
602
602
603
603
604
604
605
605
606
606
607
607
608
608
609
609
610
610
611
Ritsiso (ri-tsi-saw) /cripling/ Ketso ya ho ritsa: ho etsa hore ntho kapa motho a
tsamaye joalo ka seritsa kapa motho ya holofetseng ditho tsa mmele. (bap. seritsa).
Roadisa (rwa-di-sa) /help to load/ Ketsiso ya ho roala: ho beha moroalo kapa boima
hodima hlooho ya motho kapa ntho enngwe. (mm. rwadisa).
Roahaka (rwa-ha-ka) (rohaka) /to insult, curse/ Ho bua ditlhapa kgahlanong le
motho kapa ntho; ho bua mantsoe a etsahatsang kapa a phethahatsang boemo le ketso
e mpe. (bap. rwaka, rohaka) Tem. Lentsoe le nepahetseng ke “rohaka” hofeta
“roahaka”. (mm. rwahaka).
Roaka (rwa-ka) (rohaka) /to insult/ Ho bua ditlhapa kgahlanong le motho kapa ntho;
ho bua mantsoe a etsahatsang ketso e mpe. (sheb. rohaka bakeng sa tshebediso).
Roala (rwa-la) /to load/ Ho beha moroalo hloohong; ho beha boima hodima ntho e
itseng; ho jarisa boima. (mm. rwala).
Roalla (rwal-la) /to collect firewood/ Ho batlana le patsi kapa dibeso; ho batla se
sebedisoang ho etsa mollo wa ho pheha, ho ikomosa kapa ho futhumatsa.
Roallisa (rwal-li-sa) /cause to collect firewood/ Ketsiso ya ho roalla.
Roba (raw-ba) /break/ Ho kgaola ka ho etsa dikoto; ho arohanya thupa kapa lesapo;
ho poma ka ho arohanya.
Robala (ro-ba-la) /sleep/ Ho kena dikobong bakeng sa ho kgaleha; ho ba diphateng
kapa moalong ka sepheo sa boroko; ho ya le sephume sa boroko; ho phomotsa kelello
ka ho kgaleha le ho se nahane tse etsahalang nakong ya ho tsoha.
Robala (ro-ba-la) /to be stupid/ Ho se elelloe se etsahalang ka baka la bowatla; ho se
natse diketsahalo tsa bohlokoa ka baka la bothoto; ho ba sethoto. (sheb. Robetse
bakeng sa tlhaloso).
Robalaka (ro-ba-la-ka) /sleep contineously/ Phetako ya ho robala: ho robala
makgetlo a mangata: ho kena dikobong ka sepheo sa ho kgaleha kgafetsa kgafetsa.
Robalana (ro-ba-la-na) /copulate/ Ho ba le kamano ya dikopo; ho bokana; ho robala
ka sepheo sa thobalano. Ketsetsano ya ho robala.
Robatsa (ro-ba-tsa) /cause to sleep, induce/ Ketsiso ya ho robala: ho etsa kapa ho
baka hore motho a robale kapa a kgalehe ka ho mofa dithethefatsi kapa dino tse
kgalehisang. Mael. Ho robatsa mmutla: ho qhekanyetsa ka ho thetsa.
Robatsa (//) /bore/ Ho etsa diketso tse hlokisang mafolofolo; ho baka hore motho a
tshoaroe ke boroko ka dipuo kapa diketso tse hlokang monate, ebile di tena.
Robatsoa (ro-bats-wa) /bored, induced/ Boetsuwa ba ho robala. (mm. robatswa).
Robedi (ro-be-di) /eight/ Palo e ka hodimo ho supa empa e le ka tlase ho robong.
Robeha (raw-be-ha) /to fracture/ Ho ba le temala lesapong kapa sethong se nang le
lesapo; ho tsoa kotsi lesapong.
Robehile (ro-be-hi-le) /fractured/ E boemong ba ho lemala lesapo; e tsoileng kotsi
ho amang a masapo. Bokgale ba ho robeha.
Robetse (ro-be-tse) /asleep/ E, kapa ya kgalehileng kapa ya keneng dikobong; ya
diphateng ka sepheo sa ho kgaleha. Ya tshoeroeng ke boroko.
Robetse (ro-be-tse) // Bokgale ba ho robala.
Robetse (ro-be-tse) /dull, stupid/ Ya thothofetseng kelello; ya etsang diketso tsa
sethoto kapa lewatla; ya hlokang bohlale. Mohl. Wena o robetse ke ka hoo ba ratang
ho o jalletsa.
Robile (raw-bi-le) /broke, broken/ Bokgale ba ho roba.
Robong (ru-bu-ng) /nine/ Palo e ka hodimo ho robedi empa e le ka tlase ho leshome.
Rofa (raw-fa) /scold, berate, castigate, upbraid/ Ho bua le motho ka tsela e mpe; ho
omanya ha bohloko ntle le tlhompho. Mohl. Ke lekile ho hlalosa empa motho a re
rofa hampe haholo. Hobaneng o rofa batho ba baholo bakeng sa hore o bue le bona
611
612
hantle? Tem. Le ha batho ba mahaeng, haholo diterekeng tse ding tsa nana ya
Lesotho ba rata ho sebedisa lentsoe lena “rofa”, ha le utloahale joalo ka la semelo la
Sesotho. (mm. rofola, rofotse, rofotsoe).
Rohaka (ro-ha-ka) /curse, insult/ Ho bua ditlhapa kgahlanong le motho kapa ntho;
ho bua mantsoe a etsahatsang ketso e mpe. Tlh. Batho ba bangata ba bitsa lentsoe
lena ka mekgoa e fapaneng e fosahetseng joalo ka: “roaka” kapa “roahaka” ha
lentsoe le nepahetseng e le “rohaka”. (mm. thohako).
Rohakana (ro-ha-ka-na) /to insult, insulting/ Ya buang ditlhapa kgahlanong le
motho kapa ntho; ya buang mantsoe a etsahatsang ketso tse mpe, tse tshabehang.
Roboto (raw-baw-taw) /robot, traffic light/ Lebone la mmileng le ikarolang ka
mebala e meraro eleng o mokgubedu, motala le o mosehla eo sepheo sa ona eleng ho
laola sephethephethe sa dipalangoang le batho. /bon. diroboto/.
ROBOTO, DIROBOTO
612
613
Romela (ru-me-la) /post, send/ Ho isa thoto, phahlo kapa thepa sebakeng seseng ho
tsoa ho seseng.
Romeletsa (ro-me-le-tsa) /to go and represent/ Ho isa motho sebakeng ho ya emela
morumi; ho roma morumuwa ho ya phethahatsa takatso ya morumi. Mael. Pela e ne e
hloke mohatla ka lebaka la ho romeletsa: motho ya romeletsang babang o tla hloka
tse ntle tsa bohlokoa bophelong; ho robeletsa ho etsa hore motho a lahleheloe ke tsa
bohlokoa.
Romeletse (ru-me-le-tsi) /sent/ Bokgale ba ho romeletsa.
Romeletsoe (ru-me-lets-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho romella.
Romella (ru-mel-la) /post, transmit, dispatch/ Ho sebedisa poso ho tsamaisa lengolo
kapa thepa e tlamehang ho ya sebakeng seseng ho tloha ho seseng.
Romotsa (ru-mu-tsa) /to chew roughly, crunch/ Ho hlafuna ka ho thuba hampe le ho
baka lerata; ho choatla ka meno. Tlh. Lentsoe le nepahetseng haholo ke “romotsa”
hofeta “ramotsa”.
Romotseha (ru-mu-tse-ha) // E kgonang ho hlafuneha ka ho thujoa hampe le ho baka
lerata; e kgonahalang ho choatloa ka meno.
Romotseho (ru-mu-tse-haw) // Ketso ya ho romotseha: boemo ba ho hlafuneha ka ho
thuba hampe ka meno le ho baka lerata ka ketso e joalo.
Romotso (ru-mu-tso) /crunching, tough chewing/ Ketso ya ho romotsa: ho hlafuna
ka ho thuba hampe le ho baka lerata; ho choatla ka meno.
Romotsoa (ru-muts-wa) // Boetsuwa ba ho romotsa.
Romotso (ru-mu-tsaw) /rough chewing/ Ketso ya ho ramotsa: ho hlafuna ka ho thuba
hampe le ho baka lerata; ho choatla ka meno.
Rona (ru-na) /us, we/ Seemedi se sebedisoang bakeng sa batho ba bangata kapa ba ka
bongateng; lentsoe le emelang batho ba bangata kapa ho supa babuwi ka bongateng.
Rona (ro-na) /incompatible/ Ho ba boemong bo sa dumellaneng ka diketso, tloaelo,
mekgoa, sebopeho, tumelo le motsamao. (Bap. hanana).
Ronana (ru-na-na) /incompatible to each other/ Ketsetsano ya ho rona: ho hanana
ka diketso, maikutlo, kelello, motsamao, sebopeho le mekgoa.
Ronano (ru-na-naw) /incompatibility/ Ketso ya ho ronana: boemo ba ho hanana ka
diketso, maikutlo, kelello, motsamao, sebopeho le mekgoa.
Roneha (ru-ne-ha) /despicable, detestable, disgraceful/ Hoa puo kapa ketsahalo: e
mpe haholo; e lokeloang ke ho kgesoa; e sa rateheng hohang; eo hoseng ya e ratang.
Roneho (ru-ne-haw) /despicability/ Ketso ya ho roneha; boemo ba ho ba mpe haholo;
ho lokeloa ke kgeso; ho hloka thateho kapa ho rateha.
Ronngwe (run-ng-we) /sent/ Bokgale le boetsuwa ba ho roma. (mm. ronngoe).
Rontabole (ron-ta-bu-le) /round thatched house/ Mofuta wa ntlo e sedikadikoe e
ahetsoeng bokgabane; ntlo e chitjana e ntle ya bokgabane. /bon. Dirontabole/.
Ropa (raw-pa) /cheat, defraud/ Ho jalletsa ka ho nka seo eseng sa hao ka tsela e
mpe; ho qhekanyetsa ka ho fumana ka botsotsi kapa bokebekoa. Tlh. Lentsoe lena ke
sothofatso ya lentsoe la senyesemane, “rob”. (bap. jalletsa, qhekanyetsa, hlalefela).
Ropa (//) /to rope/ Ho tlama phoofolo naheng kapa pela joang ka ketane ka sepheo sa
ho etsa hore e fule sebakeng seleseng. Tlh. Lentsoe lena ke sothofatso ya lentsoe la
senyesemane, “rope”. (bap. tlama, bofa, thatela, holea).
Ropesamotsoetse (ru-pi-sa-muts-wets-e)/new mother’s blanket/ Kobo e boima
haholo e chesang hamonate, e aparoang ke motsoetse ka mora ho beleha. Kobo efe
kapa efe ya motsoetse, e boima, e futhumalang haholo. /bon. diropetsamotsoetse/.
Ropo (raw-paw) /rope/ Thapo e entsoeng ka metsoako ya dikgoele tse thata haholo e
sebedisoang ho tlama phoofolo, haholo seruuwa. /bon. diropo/ Tem. Lebitso lena ke
613
614
614
615
615
616
616
617
Sss
617
618
PALE:
Tlhaku ya leshome le metso e robong (19) ya Sesotho. Ka ho tshoana, yona ena le
maetsi, mareho a semelo/tlhaho, mareho melata, masupi le mekgabo puo emeng ya
Sesotho. Amang a maetsi a nka tlhaku ya “T” ha eba mareho. Mohlala: seha=tsheho,
sosobanya=tshosobanyo, soma=tshomo, sita=tshito, sotleha=tshotleho, sotha=tshotho,
sudubanya=tshudubanyo, soasoa=tshoaso, jj.
Tlhokomediso: moo leetsi la tlhaku “S” le lateloang ke “H” lereho la teng le nka
tlhaku “C” jwalo ka: sheba=chebo, shadima=chadimo, shadimeha=chadimeho, jj
618
619
619
620
620
621
621
622
hloko; sejo se matlafatsang mmele le ho aha ditho tsa ona. /bon. dihaha-mmele/ Tem.
Batho babang ba ngola lentsoe lena ka tsela e latelang: “sehahammele”.
Seahelo (si-a-he-law) (sehaelo) /habitat/ Sebaka seo ho dulang phoofolo kapa motho
ho sona: moo ho dulang ntho e phelang teng. /bon. Diahelo/ (bap. Bolao, selao).
Seahi (se-a-hi) /builder/ Motho ya ahang moaho kapa meaho: ya etsang hore matlo,
mabota le marulelo a phethahale; ya qalang ntlo kapa moaho fatshe, qalong; eo
mosebetsi wa hae eleng ho aha. /bon. diahi/ (bap. moahi). Tlh. “Moahi” ke motho ya
dulang sebakeng, “seahi” ke motho ya ahang.
Seahlolo (se-a-hlu-law) /share cropping/ Bolemi kapa temo eo batho ba babedi ba
dumellanang ho lema tshimo ya emong ka sepheo sa ho fumana chai mmoho. Bolemi
ba karolelano boo sepheo sa bona eleng ho thusa monga tshimo ya sa kgoneng. /bon.
diahlolo/ (bap. dihalefote). Tem. Hangata mokgoa ona wa temo o etsoa ke batho ba
kojoana di kgutshoanyane kapa ba sa kgoneng ka lebaka la chelete.
Sealemabopo (se-ya-le-ma-bu-paw) /Greenshank/ Mofuta wa nonyana e
bokahodimo bo bosootho bo bothokoa, bokatlase bo bosweu, e mokobolo o molelele;
e fumanoang haholo pela mabopo a dinoka, dikooetsa le mawatlana; e phelang ka ho
ja dibupuwa tsa metsing tse nyane. /bon. dialemabopo/.(mm. seea-le-mabopo).
SEALEMABOPO (SEA-LE-MABOPO)
SEALEMOYA
622
623
623
624
SEBATA, DIBATA
TAU TAUNYANA
LENGAWANA(CHEETAH)
624
625
LENGAU (LEOPARD)
PHOKOJOE LENGAU
LENGAU LENGAU
PHIRI(SPOTTED HYENA)
625
626
626
627
SEBETSA, DIBETSA
627
628
Sebini (se-bi-ni) /singer/ Motho ya binang: eo mosebetsi wa hae eleng ho bina pina;
ya tsebang ho phokola pina kapa ho etsa mmino; ya sebedisang seletsa sa mmino kapa
lentsoe la hae ho etsa pina. Motho ya kgonang ho palaola. /bon. dibini/.
Sebitsa (se-bi-tsa) /wild bitter vegetable/ Moroho o hlaha o babang haholo, o
fumanoang pela dithotobolo, pela mahae le mangopeng, o ratang ho mela le ho
bonahala nakong tsa serame. /bon. dibitsa/ (bap. qhela).
Seboba (se-bu-ba) /tsetse fly/ Mofuta wa kokoanyana e fofang, e modumo o moholo
o bakoang ke masiba a yona, e ratang ho hlorisa diphoofolo. /bon. diboba/.
Seboche (se-bo-che) /dimple/ Sekoti se bonahalang karolong enngwe ya mmele
haholo moo ho nonneng kapa ho tletseng dinama. /bon. Diboche/.
Sebochoa (se-baw-chwa) /convict/ Motho ya koalletsoeng ntloanatshoana ka baka la
bobe boo a bo entseng; motshoaruwa ya molato chankaneng. /bon. dibochoa/ (bap.
lepantiti) Tlh. Lentsoe lena lena le modumo wa lentsoe la sekone, “sbotshwa”.
Sebodu (se-bo-du) /carcass, malodorous/ Setopo sa ntho e shoeleng e bakang
lephoka kapa monko o mobe, o nkgang hampe. Ntho enang le lephoka le nkgang
haholo joalo ka ponyonyo. /bon. dibodu/ (bap. setopo).
Sebodu (//) /bad smell/ Lephoka le lebe haholo le bakoang ke ntho e senyehileng
kapa e bodileng. /bon. dibodu/ (bap. ponyonyo).
Seboduloana (se-bo-du-lwa-na) /rotten parcel, shit parcel/ Mokotla o tshetseng
ntho tse bodileng; mokotla wa sebodu. /bon. diboduloana/ (bap. thotobolo).
Sebohodi (se-bu-hu-di) /dejay, radio presenter/ Motho ya sebetsang tshebeletsong
ya kgaso kapa sealemoya ka ho phatlalatsa ditaba tse etsahalang; ya ikarabellang ho
hlophisa dipuisano bakeng sa bamamedi le ho bapalla bamamedi mmino. /bon.
dibohodi/.
Sebohodi (se-bu-hu-di) /announcer/ Motho ya boholang: ya hoelehetsang ho fana ka
tlaleho sechabeng sa motse. /bon. dibohodi/ (bap. bohola).
Seboka (se-bu-ka) /convention, congress, conference/ Kopano ya batho ba bangata
bao sepheo sa bona se tshoanang; pokano ya batho ba tlileng ho mamela puo kapa
tharollo ya taba; kopano ya batho ba lebeletseng phatlalatso ya boemo kapa taba e
itseng. /bon. diboka/ (bap. pitso, kopano, mmoka, phutheho, lemuloana).
Seboka (//) /gathering/ Phutheho ya batho ba kgemang mmoho sebakeng; pitso ya
sechaba eo sepheo sa yona eleng ho mamela sebui se itseng. /bon. diboka/.
Sebokeng (se-bu-ke-ng) /convention centre, gathering place/ Sebaka seo batho ba
kopanelang teng bakeng sa lemuloana, pitso, kopano kapa mokete. Moo ho
kopaneloang teng bakeng sa mokete wa boithabiso kapa wa bohloko; sebaka sa
phatlalatso ya qeto ya mokga kapa ya ho hlomamisa morena. /bon. dibokeng/.
Seboko (se-bu-ku) /worm/ Enngwe ya dikokoanyana tse nyane, e maoto a mangata, e
hlokang masapo, e tsamayang ka ho hahaba, eo hangata e phelang ka ho ja dimela, e
dulang mobung kapa dimeleng ka nako tse ding. /bon. diboko/.
Seboko (se-baw-kaw) /cry, yelling/ Ketso ya ho bokolla: Ketso ya ho lla kapa ho lela:
boemo ba ho ntsha modumo o moholo ka molomo ka baka la bohloko ba leqeba kapa
ho lahleheloa; boemo ba ho bontsha ho hlonama ka ho hoeletsa le ho ntsha dikgapha;
628
629
629
630
leakaretsi, letshwao la puo, dika polelo, maele le tseding tse ngata. Tshebediso ya
mantsoe, tlhaloso le peleto kapa pitsetso ya ona puong. /bon. 0/.
Sebopi (se-bu-pi) /moulder/ Se kgonang ho etsa sebopeho sa ntho ka ho tshoana le
yona (sebopi). Se bopang ntho e tshoanang le yona. /bon. Dibopi/.
Sebota (se-baw-ta) /team leader/ Motho ya tsoereng boikarabello bohle ba sehlopha
sa batho ba sebetsang mmoho. /bon. dibota/ (bap. mmampodi). Tem. Lentsoe lena le
utloahala joalo ka la sekone “sbonda” le ha Basotho ba le sebedisa haholo dibakeng
tsa mahaeng.
Sebotho (se-but-hu) /large faeces/ Qubu e kgolo haholo ya masepa a motho a le
mong; pokella ya masepa a mangata a nyeloang ke motho a le mong. /bon. dibotho/.
Sebotsi (se-bo-tsi) /questionnare/ Lethathama la dipotso tse tlamehoang ho arajoa
bakeng sa ho hlahloba maikutlo kapa tsebo. /bon. dibotsi/ (bap. Mmotsi, lebotsa).
Sebouledi (se-bou-le-di) /jealous person/ Motho ya boulelang: ya bontshang lerato
ka tsela ya ho hloya motho ya ratang kapa eo ho nahanoang hore o rata moratuwa wa
hae: ya nahanelang moratuwa wa hae hore o ratana le mangmang empa ho se joalo: ya
sa batleng hore moratuwa wa hao a bue, buisoe kapa a qoqe le batho babang ka lebaka
la puolelo. /bon. Dibouledi/.
Sebuela-thoko (se-bu-elat-hu-kaw) /microphone/ Seetsoa se sebedisaong ho eketsa
modumo wa lentsoe. /bon. dibuela-thoko/ (mm. sebuelathoko).
Sebueng (se-bu-eng) /talkative person, chatterist/ Motho ya dulang a bua ka nako
tsohle le ha hose ya mo mametseng; motho ya moqoqo le taba tse ngata, ya sa
kgaotseng ho bua. /bon. dibueng/.
Sebui (se-bu-i) /speaker/ Motho ya buang: eo mosebetsi wa hae eleng ho bua kapa ho
fana ka puo e mabapi le boemo kapa ketsahalo e itseng; ya kgethiloeng ho buella
sechaba, mokga kapa mokgatlo. /bon. dibui/ (bap. mmuwi, mmui).
Sebulabulane (se-bu-la-bu-la-ne) /tin opener/ Seetsoa se sebedisoang ho bula paniki
ya botlolo kapa bokahodimo ba lebekere le koetsoeng. /bon. dibulabulane/.
Sebupi (se-bu-pi) /furnace/ Sebaka sa mollo o moholo o chesang haholohadi;
lelakabe le leholo haholo la mollo. /bon. Dibupi/.
Sebupuwa (se-bu-pu-wa) /creature/ Eng kapa eng e hlodiloeng ke mmopi, enang le
bophelo le madi ho sa natsoe kelello ya yona. /bon. dibupuwa/.
Sebupuwa (//) /schizophrenia/ Motho ya sa itekanelang hantle kelellong; motho eo
kelello ya hae e sa tshoareng hantle kapa eo diketso tsa hae di sa tloaelehang ha ho
bapisoa le batho ba phelang hantle bokong. /bon. dibupuwa/.
Seburu (se-bu-ru) /afrikaanse/ Enngwe ya dipuo tsa baahi ba Afrika Borwa tse
buuwang ke Maburu mmoho le batho ba mmala; puo ya Maafrokanere ha e hlalosoa
ke batho ba batsho ba Afrika Borwa. (bap. leburu).
Sebuthu (se-but-hu) /giant faeces/ (sheb. Sebotho bakeng sa tshebediso).
Sebutsoabutsoane (se-buts-wa-buts-wa-ne) /fried pumkin/ Mokopu o besitsoeng
kapa o hadikiloeng bakeng sa ho jewa. Mokopu o butsoisetsoeng ka mocheso kapa
mofuthu wa mollo bakeng sa sejo. /bon. dibutsoabutsoane/ (mm. sebutswabutswane).
Secha (si-cha) /modernization/ Boemo ba sejoalejoale le diketso tsa batho ba bacha;
mekgoa le ditloaelo tse etsahalang mehleng ya kajeno tsa batho ba banyane dilemong
ba kelello tse potlakileng. /bon. 0/ (bap. bocha, mocha, sejoalejoale).
Sechaba (se-cha-ba) /nation, population, populace/ Palo ya batho bohle naheng e
akaretsang basadi, banna le bana; palo yohle ya batho ba dulang lefatsheng la bo bona
ho kenenyeletsoa le merabe yohle ya naha eo. /bon. dichaba/ (bap. motho). Mael.
Morena ke morena ka sechaba: moetapele o ba teng ka lebaka la batho feela
630
631
631
632
632
633
Seetsoa (si-ets-wa) /apparatus, appliance, device, equipment/ Ntho efe kapa efe e
entsoeng ka matsoho a motho kapa thuso ya mochini eo phethaholo ya yona e
hlahisang ntho e ncha le ho thusa ho sebetsa mosebetsi o itseng ka yona. /bon.
dietsoa/ (bap. sesebedisoa, letsoaki) (mm. seetswa).
Sefadi (se-fa-di) // Motho kapa ntho e sebedisoang bakeng sa ho fala: ho tlosa
bokahodimo ba lekoko kapa ntho e itseng; e sebedisoang bakeng sa ho ebola
bokahodimo ba letlalo kapa lekoko le ho le etsa boreledi./bon. difadi/.
Sefafatsi (se-fa-fa-tsi) /sprinkler/ Se sebedisoang ho tshela metsi ka ho fafatsa; se
ngobisang ka ho fafatsa. /bon. Difafatsi/.
Sefaha (se-fa-ha) /necklace, bead/ Kgoele kapa thapo e noketsoeng mabenyane kapa
mekgabo ya theko e hodimo, e kengoang molaleng joalo ka mokgabiso wa mmele
kapa molala. /bon. difaha/ (bap. kgoeetsa).
Sefahlamahlo (//) /forthrightly, plainly, blatantly/ Hoa puo: e buuwang ntle le ho
pata; e lebisoang ho motho ho sa natsoe hore etla mo kgentsha kapa che; e buuwang
ntle le ho nahanela ya joetsoang. /bon. 0/ (mm. sefahla-mahlo). Mael. Ho joetsa
sefahlamahlo: ho bolella motho taba ka ho mo toba ntle le tshabo.
Sefahleho (se-fa-hle-haw) /face, countenance, frontage/ Bokapele ba hlooho bo
akgang phatla, mahlo, dintshi, marama, mmopo, ditsebe, seledu, nko le molomo;
sebopeho se ka pele sa ntho e itseng; bokapele ba ntho kapa hlooho ya motho;
tshobotsi ya ntho e phelang. /bon. difahleho/ (bap. lehano).
Sefako (se-fa-kaw) /hail/ Metsi a pula, seka leqhoa, a hoamisitsoeng ke mohatsela wa
lehodimo, a bonahalang nakong tsa dipula tse matla tse tsamaisanang le moya kapa
sefefo. /bon. 0/ (bap. lehloa, serame).
Sefalabohoho (se-fa-la-bu-haw-haw) /venus/ Enngwe ya dinaledi eo eleng ya bobedi
ka tatellano ho tloha ho letsatsi.
Sefalabohoho (se-fa-la-bu-haw-haw)/pot scraper, skuurpot/ Sesebedisoa se thusang
ho hloekisa masalla a bohobe bo salletseng pitseng ka mora ho tshola dijo;
sesebedisoa se sebedisoang ho hohla kapa ho ntlefatsa pitsa ka ho phumula masalla a
papa a tiileng. /bon. difalabohoho/ (bap. sefalo).
Sefalo (se-fa-law) /fale/ Tshepe e sebedisoang ho tlosa, ka ho phumula kapa ho
kgoabitla, bokahodimo ba ntho e mahoashe kapa e tlamehang ho faloa. /bon. difalo/.
Sefapano (se-fa-pa-nu) /cross/ Dikotoana tse pedi tsa mapolanka, dithupa, majoe a
betliloeng, ditshepe kapa ntho tse itseng tse beiloeng kapa tshetlehiloeng ka ho fapana
ho etsa sesupo sa tumelo. Ho ya ka tumelo ya sekreste: moo morena Jesu a
shoeletseng teng bakeng sa baetsadibe. /bon. difapano/.
Sefapano (se-fa-pa-nu) /truly, for sure, is true/ Kannete: ka tsela e bontshang
bonnete kapa nnete; ka tsela e sa bontsheng leshano.
Sefate (se-fa-te) /tree/ Enngwe ya dimela tse holang ka bolele hofeta tse ding, se kutu
e tenya e telele, se mahaba kapa mahlaku a maholo a mangata, e makala a malele ho
ya ka moetso wa semela sena, se phelang dilemo tse telele hofeta dimela tse
tloaelehileng. /bon. difate/ Mael. Ho busetsa molamu sefateng: ho iphetetsa kapa ho
etsa se entsoeng ho wena ho moetsi. Mael. Ho tshetleha sefate: ho thibela batho ba
motse kapa sebaka seseng ho kena motsoetseng ka mora kuruetso ya ngoana.
Sefate (si-fa-te) /tree emblem blanket/ Mofuta wa kobo ya Basotho, e ntle haholo,
ebile e na le setshoantsho sa sefate, e ka aparoang ke mang le mang. /bon. difate/.
Sefati (se-fa-ti) /excavator, digger/ Mochini o etsang mokoti; mochini kapa
sesebedisoa se epang fatshe ho ntsha mobu kapa majoe. /bon. difati/.
Sefatla (se-fa-tla) /bull’s forehead skin/ Letlalo la phatla la poho le sebedisoang ho
etsa seeta. /bon difatla/. (mm. fatla).
633
634
634
635
635
636
SEHAHABI/DIHAHABI
KGUDU PHATHAKALLE
LENOABO SEFELEKOANE
MARABE (cottonmouth)
636
637
TLHATLHAMETSI
ANACONDA
KOENA (CROCODILE)
637
638
638
639
SEHLOHLO
Sehloho (se-hlu-hu) /cruel/ E hlokang mohau; e hlokang lerato ebile e le pelo e mpe;
e bontshang diketso le maikutlo a kgopo.
639
640
640
641
641
642
642
643
643
644
SEITLHOAELEDI (SEITLHWAELEDI )
644
645
645
646
646
647
Sekesa (si-ki-sa) /type of jive, dance/ Ho tjeka bakeng sa mmino ka ho etsa motjeko
wa kgale o sebedisang haholo menoana, maoto le letheka; mofuta wa motjeko wa
kgale wa dilemo tsa bo 1970. (bap. motjeko, moqoqopelo, focho, fochoselo).
Sekete (si-ki-ti) /thousand/ Makgolo a leshome: palo e bopiloeng ka nngwe le bonoto
(haholetho) ba bararo. Mohl. 1000. /bon. dikete/.
Seketsa (si-ke-tsa) /pap and vegetable mixture menu/ Sejo se etsoeng ka motsoako
wa bohobe ba poone le moroho o phehiloeng. /bon. diketsa/ (bap. sekele, potele).
Seketsoana (se-kets-hwa-na) /boat/ Sekepe se senyane, se jarang motho a le mong
kapa batho ba banyane haholo ka palo. /bon. diketsoana/ (mm. seketswana).
Sekgahla (si-kga-hla) /fast, quickly, quickness/ Matla a ho etsa ketso ka potlako e
kgolo; mafolofolo a nang le sefutho, a sebedisoang ho etsa ketso. /bon. 0/.
Sekgahla (si-kga-hla) /potential/ E nang le boemo ba ho etsa ketso e itseng ka matla
kapa ka boiphihlelo; ya ka kgonang ho fihlella boemo bo itseng.
Sekgakgatha (se-kga-kgat-ha) /mass, mob, throng, crowd/ Sehlopha sa batho ba
bangata seo sepheo sa sona eleng pokano ka morero o itseng, haholo o hlokang botle
kapa monate. /bon. dikgakgatha/ Tem. Mantsoe “sekakata” le “sekgakgatha” a na le
meelelo e fapaneng. (bap. phiphitha, lesuti).
Sekgale (si-kga-le) /olden, old-fashion, consecutive/ Mokgoa wa ho etsa diketso ka
tsela ya nako e fetileng; tloaelo ya ho sebetsa, etsahatsa kapa ho phethahatsa merero
ka tsela ya nako e fetileng. /bon. 0/.
Sekgalekgale (//) /antique, ancient/ Hoa boemo kapa ntho: bo neng bo etsahala le ho
etsoa kgale kapa nako e fetileng; ya nako e fetileng, e tsofetseng haholo; e fetiloeng
ke dinako. /bon. 0/ (bap. seholoholo).
Sekgametsi (se-kga-me-tsi) /bride/ Motho e motshehadi ya sa tsoa nyaloa; ngoetsi e
ncha; ngoanana eo eseng e le mosadi kapa ya sa tsoa ba mosadi; molekane e mocha
wa monna. /bon. dikgametsi/ (bap. makoti, ngoetsi, monyaduwa).
Sekgane (se-kga-ne) /umbrella/ Sesebedisoa se bulehang, se thusang ho tshireletsa
motho kgahlanong le mocheso wa letsatsi kapa pula. /bon. dikgane/ /bon. Dikgane/
Sekgankule (se-kga-nku-le) /violin/ Seletsa sa Sesotho se entsoeng ka maseka a thata
le lekopokopo le ntshang modumo o mosesane, le tidinyoang ka thutsoana kapa
monoana ho etsa modumo kapa molodi o monate. /bon. dikgankule/ (bap.
mmamokgorong, rasekgankule) (mm. Sekhankule) (sheb. Diletsa, seletsa).
Sekgapane (se-kga-pa-ne) /dry dung/ Bolokoe bo ommeng bo sebedisoang joalo ka
sebeso. /bon. dikgapane/ (bap. kgapane).
Sekgecha (se-kge-cha) /loaf/ Karolo ya bohobe bo jewang; sekoto se felletseng sa
bohobe ba koro; karolo ya ntho e jewang. /bon. dikgecha/.
Sekgechane (se-kge-cha-ne) (sekgechana) /half a loaf/ Karolo e nyane ya bohobe;
sekotona sa bohobe ba koro; karoloana ya se jewang. /bon. dikgechane/ Mohl. Ke
kopa hore o ntlele le sekgechane sa bohobe mane lebenkeleng.
Sekgele (se-kge-le) /umbrella/ Sesebedisoa se thusang ho tshireletsa motho
kgahlanong le letsatsi kapa pula. /bon. dikgele/ (bap. sekgane). Batho babang ba
sebedisa lentsoe, “sekgane” bakeng sa “sekgele”.
Sekgello (se-kgel-law) /water drawer/ Sekotlolo kapa setshelo se sebedisoang ho kga
metsi sedibeng kapa ka nkgong. /bon. dikgello/.
Sekgeo (se-kge-u) /void, hollow/ Puleho e teng nthong e itseng; ponahalo ya lesoba
hodima ntho; bosio ba ntho e thibang lesoba kapa mokoti. /bon. dikgeo/.
Sekgeo (se-kge-u) /gap, ommision/ Bosio kapa ponahalo ya motho ya sebetsang
mosebetsi o itseng; bosio ba sebapadi se bapalang lehlakoreng leleng la papadi. /bon.
dikgeo/.
647
648
SEKGO
648
649
649
650
SEKOENQE (SEKWENQE)
650
651
651
652
652
653
enngwe; sehlahisoa sa naha enngwe . /bon. dilata/ (bap. molata) Tem. Lentsoe,
“molata” ke motho, ha “selata” e le phahlo, thoto kapa thepa efe kapa efe e tlisoang
naheng ho tsoa ho enngwe.
Selatsa (se-la-tsa) /yesterday beer/ Joala bo setseng maobane, bo nowang kajeno;
joala bo sa felang tsatsi le fetileng. /bon. dilatsa/ (bap. Kgoaqatsa, lekele).
Sele (se-le) /that one/ Lesupi le bontshang ntho e hojana eo lebitso la yona le qalang
ka “S” ka bonngweng. /bon. tsela/.
Sele (si-le) /of rain: stopped, clear/ Hoa boemo ba pula: e emisitseng kapa e
kgaoditseng ho na; e sa tsoeleng pele ho na kapa ho tsholoha ho tsoa marung. Mael.
Le sele ebile le sele le bohoeng ba ntja: ha ho ponahalo ya maru hohle lehodimong
Sele (si-li) /different one/ Lentsoe le sebedisoang ho qolla seo ho buang ka sona;
seqolli se kgethang seo ho buang ka sona ka ho hlakisa. Mohlala wa diqolli: sesele,
bosele, disele, mosele, basele, esele, osele.
Sele (si-le) /silly/ E kapa ya boitshoaro bo hlokang botio; ya mekgoa e hlokang botle
kapa botio. Tem. Le ha Basotho ba sebedisa lentsoe lena hangata, le utloahala joalo
ka sothofatso ya lentsoe la senyesemane, “silly”. (bap. hosa).
Seledu (se-le-du) /chin/ Lesapo le ka tlasa molomo le aparetsoeng ke letlalo la nama;
bokatlase ba ho qetela ba sefahleho, tlasa molomo. /bon. diledu/
Selee (se-le-ye) /coward/ Motho ya tshabang ho loana; motho ya letsoalo la ho nka
bohato bo thata. /bon. dilehe/ (bap. selehe).
Seleeme (si-li-eme) /neutral, neutrality/ Ya kapa e bontshang tlhokeho ya leeme
kapa tsela e sa bontshahatseng kgetho e otlolohileng; mokgoa wa ho etsa dintho ka
tsela e hlokang tshekamelo. Mohl. Morena De Klerk o seleeme ha ho buuwa ka
ditaba tsa kgethollo. Che, nna ke tla ba seleeme tabeng ena: nkeke ka hlahisa
maikutlo a ka. Hobaneng eka o seleeme tje monna, bontsha maikutlo a hao! Ho seo o
se botsang nna ke seleeme.
Selehae (si-li-hae) /civic, local, domestic, manicipal/ Hoa ketsahalo, mosebetsi
mokgoa kapa tshebeletso: e etsahalang motseng kapa ka hara naha; eo eseng ya
machaba empa e le ya hae. (bap. lehae, ntoahae).
Selehe (se-le-he) /craven, coward, dastard/ Motho ya tshabang ho loana; motho ya
letsoalo la ho nka bohato bo thata. /bon. dilehe/ Tem. Lentsoe le nepahetseng ke
“selehe” hofeta “selee”.
Selei (se-le-i) // Seetsoa se mahlakore a mararo a mafatsa, se sebedisoang ho jara
moroalo o huloang ke dipholo kapa dipokola tse pannoeng. /bon. dilei/ (bap. seleu).
Selekane (se-le-ka-ne) /covenant, alliance/ Tshepiso enang le tiisetso e etsoang ke
Modimo ho batho ba dumelang ho Yena le molao wa Hae; tumellano e nang le
tshepiso ha e phethahatsoa. /bon. dilekane/ (bap. molekane).
Selekoe (se-le-kwe) /loam soil/ Mobu o nonneng haholo bakeng sa ho jala dijalo;
mobu o entsoeng ka motsoako wa lehlabathe le letsopa. /bon. dilekoe/ Tem. Lentsoe
le nepahetseng ke “selokoe” hofeta “selekoe”. (bap. selokoe).
Selelapa (si-li-la-pa) /nepotism/ Mokgoa wa ho etsetsa ba leloko kapa seng ntho tse
ntle joalo ka ho fa mosebetsi o lefang tshebeletsong tsa mmuso kapa tsamaiso. (bap.
bolapa, leeme, selapa, lelapa). Mohl. Batho babang ba akanya hore mokga wa ANC o
sebedisa selelapa bakang sa ho fana ka mosebetsi.
Selelekela (se-le-le-ke-la) /introduction, debut, precedence/ Se etellang pele; se
tlang pele ho etsahala ketso e itseng; se bulang mosebetsi kapa ketsahalo; se qalang
pulo ya lelomolo kapa mokete. /bon. dilelekela/.
653
654
Selelekela (//) /foreword, proloque/ Puo e tlang ka mongodi wa buka pele ho pale
kapa tlhaloso ya bokahare ba buka; puo e bulang mokete kapa kopano ya sechaba se
tlileng pitsong. /bon. dilelekela/.
Selelekela (se-le-le-ke-la) /first dowry cow, cattle/ Kgomo ya pele e ntshoang
bakeng sa mahadi. Phoofolo kapa seruuwa sa pele se lebisoang habo monyaduwa ke
babo monyadi. /bon. dilelekela/
Selemela (se-le-me-la) /type of star/ Mofuta wa naledi ?? /bon. dilemela/.
Selemo (se-le-maw) /year/ Nako e etsoang ke dikgoedi tse leshome le metso e
mmedi; matsatsi a makgolo a mararo le mashome a tsheletseng a metso e mehlano
(365) a bopang nako e qalang ka Pherekgong ho isa ho Tshitoe. Nako e
phethahatsoang ke diphihlo tse nne tsa selemo eleng, Selemo, Lehlabula, Hoetla le
Mariha. /bon. dilemo/ (bap. ngoaha, ngoahola, ngoaholakola, monongoaha, isao).
Selemo (//) /spring/ Nako ya selemo e qalang ka kgoedi ya Loetse ho isa ho
Pudungoana; kgoedi ya pele ya selemo sa Basotho eo ka yona dimela di qalang ho
mela le ho bontsha bophelo. /bon. 0/.
Seleotsi (se-le-u-tsi) /sharpner/ Sesebedisoa se thusang ho leotsa: se etsang hore
thipa, lerumo kapa ntho e be bohale kapa e be motsu. /bon. dileotsi/
Selepe (si-le-pe) /an axe/ Sesebedisoa se nang le mohele o nang le qetello ya tshepe e
betliloeng, e bohale e kapang le ho poma. /bon. dilepe/ Mael. Ho thola selepe: ho
tebeloa kapa ho lelekoa mosebetsing; ho ntshoa mokgatlong. Mael. Selepe sa
bohoeng se ratha se iname: mokgoenyana o thusa ka tsohle tseo anang le tsona moo a
nyetseng teng ho sa tsotellehe boima ba seo a tlamehang ho se etsa.
Selepe (//) /retrenchment, staff reduction/ Boemo ba ho leleka basebetsi
mosebetsing ka lebaka la maemo a tlhahiso e nyane kapa e fokotsehang. Mohl.
Mokgatlo wa basebetsi ha o wa kgotsofatsoa ke selepe se fuweng ditho tsa ona.
Seleseng (se-le-se-ng) /same place, one thing, by itself/ Ntho ntle le tseding: ho sa
kenyeletsoe bongata. Mohl. Ke batla selepe seleseng feela.
Seletjane (se-let-ja-ni) /hermannia/ Setlama sa naheng se melang bakeng tsa
matsoapo le maralla se sebedisoang joalo ka moriana wa mahlo. /bon. diletjane/.
Seletsa (se-le-tsa) /musical instrument/ Seetsoa se sebedisoang ho etsa modumo wa
pina; seetsoa seo ho tobetsoa, pepetoa, butsoeloa, sarolloa, tidingoa kapa ho tlanyoa
hoa sona ho bakang modumo kapa lerata le bitsoang mmino kapa pina. /bon. Diletsa/.
SELETSA, DILETSA
Katara Sekgankule
654
655
655
656
Selokoe (se-law-kwe) /loam soil/ Mobu o nonneng haholo bakeng sa ho jala dijalo le
ho lema peo; mobu o entsoeng ka motsoako wa lehlabathe le letsopa. /bon. dilokoe/.
Selomabasadi (se-lu-ma-ba-sa-di) /lady beetle/ Mofuta wa kokoanyana, seka
kgalabolokoe e kgunong bo lefifi, eo ho dumeloang hore hangata e loma batho ba
batshehadi feela. /bon. dilomabasadi/. (mm. Seloma-basadi).
656
657
657
658
658
659
SENAKANGOEDI, DINAKANGOEDI
659
660
660
661
661
662
SEHOHOANA
662
663
LETLAMETLU SERORANA
MOKUDUBETE (TOAD)
Senqethe (sin-qet-he) /the last on a queue/ Motho wa ho qetela ho fihla; motho kapa
ntho e qetellong ya mola. /bon. dinqethe/ (bap. mojapele, mojamorao).
Senqu (sen-qu) /orange river/ Noka e kgolohadi e fumanong naheng ya Afrika
Borwa, e qalang naheng ya Lesotho mme e hlatsetse metsi a yona lewatle la Atlantic.
Sentawana (sen-ta-wa-na) (sentaoana) /spotted hyena/ Mofuta wa phiri e ntsho, e
nang le maroborobo a mmala o mosehlana. /bon. dintawana/.
Sente (sen-te) /cent/ Motso wa chelete efe kapa efe ya naha; karolo e nyane, e qalang
palo ya chelete. /bon. disente/ Mohl. Disente tse lekgolo e ka ba dollar, ponto kapa
ranta e le nngwe.
Sentele (sin-te-le) /rat’s nest/ Sebaka seo tadi e dulang ho sona; ntlo ya toeba kapa
diphoofotsoana tse tshoang le yona. /bon. dintele/ (bap. ntloana, serobe).
Sentlhokojane (sen-tl-hu-ku-ja-ne) /sonchas integrifolius/ Mofuta wa moroho o
hlaha o melang marallaneng, o nang le dithunthuru tse tshehla ha o le boemong ba ho
heloa. /bon. dintlhokojane/.
Sentlopo (sin-tlaw-paw) /boiled powder milk/ Lebese la phoofo le bedisitsoeng;
lebese la motsedidi le chesang. /bon. dintlopo/ (bap. motsedidi, mafi, mahepu).
Senya (sen-ya) /bladder/ Mokotla wa moroto: setho sa mmele, seka mokotla, se
tshoarang moroto kapa metsi a ditshila a tsoang mmeleng. /bon. dinya/.
Senya (sin-ya) /destroy, spoil, corrupt/ Ho etsa hore eng kapa eng e be mpe ka ho
fetola sebopeho sa botle kapa chebahalo e ntle ka ho qhaqha, qhaqholla, choatla,
heletsa, roba, thuba, tabola, bodisa, rohakana kapa ho etsolla. Ho bua puo e fetolang
boemo ba ditaba ka tshebediso le kgetho e mpe ya mantsoe.
Senya (sin-ya) /spoil/ Ho senya sebopeho sa motho, haholo ngoana, ka ho mo etsetsa
eng kapa eng ka nako eo e batloang ke yena. Ho fa, neha, etsetsa kapa ho kgotsofatsa
takatso ya motho moo ho sa hlokahaleng.
Senya (sin-ya) /of time: to waste/ Hoa nako: ho etsa hore e tsamaye ntle le ho fihlella
se batloang kapa se labalabeloang. Mohl. Bona mona monna, bua kapelenyana ntle le
ho senya nako! Hobaneng o senya nako tjee?
Senyaka (sen-ya-ka) /ecstacy pill/ Mofuta wa sethethefatsi, haholo pedisi, se bakang
hore motho ya se sebedisang a ikutloe a le motlotlo, a nyakalletse, a thabile haholo ka
mora ho se sebedisa. /bon. 0/.
Senyaka (sen-ya-ka) /happiness/ (sheb. monyaka).
Senyakamahloana (sen-ya-ka-ma-hlwa-na) /type of Basotho food/ Mofuta wa sejo
sa Basotho: ?? /bon. Dinyakamahloana/ (mm. senya-ka-mahloana).
Senyama (sen-ya-ma) /bad luck, curse, ill-omen/ Boemo ba bomadimabe: ketsahalo
ya ntho tse mpe ho motho; tlhokahalo ya lehlohonolo e bakoang ke thohako kapa
maemo a mabe a memeya. /bon. 0/.
663
664
664
665
Seotsanyane
DIPALANGOANG, SEPALANGOANG
665
666
SELAILAI
MAKOLOI A SESOLE
SEMETSING SEHULAHULANE
TERENE-YA-THEPA. SEKEPE.
666
667
SEFOFANE-SA-NTOA.
SEROALANKGOANA.
667
668
Sepere (si-pe-re) /horse like/ Joalo ka pere: ka tsela le mokgoa le boitshoaro ba pere.
Sepesa (si-pe-sa) /haunchy, haunchiness/ Hoa sebopeho sa mokokotlo: o
peselletseng kapa oo kotloloho ya ona e kenelletseng ka hare ka baka la ho jarisoa
boima; e sekoekoe se kenelletseng ka hare. (bap. selota).
Sepetja (si-pet-ja) /ladies’ wrist locket, wrist ring/ Mokgabiso wa basadi kapa batho
ba batshehadi o kengoang letsohong. (sheb. sepeja bakeng sa tshebediso).
Sepetlele (se-pi-tli-li) /hospital/ (sheb. Bookelo le kalafong bakeng sa tshebediso).
Sephadi (sep-ha-di) /whip/ Lerapo le lelelele le tlanngoeng thupeng le sebedisoang
joalo ka phafa ya ho shapa diphoofolo tsa hae tse kgolo. /bon. diphadi/.
Sephaka (sep-ha-ka) /an arm/ Karolo ya letsoho e qalang ho tloha lehetleng ho isa
setsung (setsoeng) sa lona. /bon. diphaka/ (bap. letsoho).
Sephara (sep-ha-ra) /wide/ Hoa sebopeho: se atileng ka boholo ba ho nama; se
mahlakore a maholo kapa a phatlalletseng. (bap. bophara).
Sephaphatha (sep-hap-hat-ha) /pizza/ Sejo se entsoeng ka bohobe ba koro e
phehiloeng kapa e hadikiloeng mme sa tsoakoa le metsoako emeng e monate bakeng
sa ho e natefisa./bon. diphaphatha/ (bap. letompolo, leqebekoane).
Sephehi (sep-he-hi) /cook/ Motho eo mosebetsi wa hae eleng ho pheha dijo; motho
ya tsebang ho pheha hantle. /bon. diphehi/ (bap. seapehi, mophehi).
Sepheo (sep-hi-aw) /purpose, objective, determination, policy/ Se bakang lebaka;
seo eleng sona seo ketso kapa ketsahalo e itshetlehileng hodima sona; morero oo ntho
efe kapa efe e etsoang ka ona. /bon. dipheo/. (bap. Morero).
Sephetho (sep-he-haw) /result, outcome, product/ Se tlang ka mora ho etsa ketso e
itseng; se latelang ketsahalo e itseng; se lebeletsoeng ka mora ho sebetsa kapa ho etsa
ketso e itseng. /bon. diphetho/
Sephinya (sep-hin-ya) /fart, hot air/ Moya o tsoang ka lesona la sebono o
futhumetseng ebile o na le lephoka le lebe; moya onang le ho baka modumo o
hlahisoang ke lesoba la sebono; moya wa mosima o nkgang. /bon. diphinya/.
Sephiri (sep-hi-ri) /secret, confidential/ Puo, puisano, ketso kapa ketsahalo e
patiloeng kapa e tshoaneloang ke ho patoa; seo hoseng motho ya se tsebang; seo eleng
lekunutu kapa se sa tlamehang ho tsejoa ke mang kapa mang. (bap. Patiwe, lekunutu).
Sephodi (sep-ho-di) /cold drink/ Seno se monate se phodileng; seno sa lero lefe kapa
lefe le hatseditsoeng kapa le batang ebile se latsoeha. /bon. maphodi/.
Sephofi (sep-ho-fi) /dreamer/ Motho ya phofang: ya nang le ditoro nako e ngata ha a
robetse; ya nahanang haholo ka bokamoso le tseo a batlang ho di etsa; ya bonang le
ho etsa ka kelello tse so etsahaleng. /bon. diphofi, baphofi/.
Sephoko (sep-haw-kaw) /big forehead/ Phatla e kgolohadi ya motho; ponahalo e
kgolo ya bokapele ba hlooho, ka hodima mahlo. /bon. diphoko/ Tem. Batho babang
bana le ho kopakopanya mantsoe, “sephooko”, “sephoko” le “sepoko”: phapang e
ngata haholo pakeng tsa mantsoe ana a mararo. (bap. sephooko).
Sephoko (sep-hu-ku) /songster, song stater/ Motho ya phokolang pina: eo eleng
yena ya binang pele babang ba mo latela. /bon. diphoko/ (bap. mminathoko).
Sephooko (sep-hu-uku) /an owl/ Mofuta wa nonyana e mahlo a maholo, e mokobolo
wa phakoe, e ratang ho tsamaya bosiu, ejang nama, haholo ditadi le diphoofotsoana
tsa bosiu. /bon. diphooko/ (bap. sephoko, sepoko).
Sephoqo (sep-haw-qaw) /a common fool/ Motho ya dulang a jalletsoa ke babang ka
baka la boemo bo tlase ba kelello ya hae; motho ya phoqehang ha bonolo; eo bongata
ba batho bo ratang ho mo phoqa ka lebaka la kelello kapa monahano wa hae o
notlelehileng haholo. /bon. diphoqo/. Tem. Ka puo ya Sesotho, diphoqo di mefuta e
mengata ho kenyeletsoa e latelang: lathalatha, mpara, nyeonyeo, obuobu, otseotse,
668
669
669
670
SEQESHE
670
671
671
672
KIRIBAE KGARAFU
672
673
673
674
SEROBELE
SEROKOLO
674
675
Serota (se-ru-ta) /bed wetting person/ Motho ya rotelang tlung: ya nang le bofokodi
ba ho rotela dikobo kapa diphate nakong eo a robetseng ka yona. /bon. dirota/.
Seroto (se-ru-tu) /basket/ Mokotla wa joang seka sekotlolo se sebedisoang bakeng sa
ho tshela ditholoana kapa dijo tse hlokang metsi, se entsoeng ka joang. /bon. Diroto/.
Serurubele (se-ru-ru-be-le) /butterfly/ Mofuta wa kokoanyana e fofang haholo
motshehare, e masiba a matle a ka nkang mmala ofe kapa ofe, e nang le manakana a
maleletsana. /bon. dirurubele/.
Seruuwa (se-ru-uwa) /domestic animal or bird/ Phoofolo ya hae e ruuwang joalo ka
pitsi, kgomo, pokola, nku, konyana, podi, potsanyane, mmoulo, kolobe, kgoho, letata
le tseding. Phoofolo e thapileng, e dulang le batho hae, ebile e ka sebedisoa bakeng sa
ho thusa monga yona ka ho jara, palangoa, hula, panoa, tshireletsa kapa ya sebedisoa
joalo ka nama ha e hlabiloe kapa e bolailoe.
SERUUWA, DIRUUWA
Pitsi/koatola/pere
Potsanyane Kolobe/hoki
675
676
Letata Ntja
676
677
677
678
678
679
679
680
SETHOENAMORU (SETHOENA-MORU)
Sethole (set-ho-le) /hen/ Kgoho e behelang mahe. Kgoho kapa nonyana e tshehadi e
kgonang ho qhotsa le ho behela. /bon. dithole/.
Setholo (set-ho-lo) /deaf person/ Motho ya sa utloeng ditsebeng. Motho eo tsebe ya
hae e sa utloeng hohang. /bon. ditholo/ (bap. Tututsebe).
Sethoto (set-haw-taw) /stupid/ Motho ya thothofetseng kelello. Motho wa ketso e
hlokang bohlale kapa tlhalefo. Motho ya sa kgoneng ho etsa ntho tse tloaelehileng, tse
bonolo. Motho ya notlelehileng kelello kapa monahano. /bon. dithoto/. Mael. Sethoto
ke lefa la ba bohlale: motho ya hlokang bohlale o nkeloa leruo kapa tse ntle tseo a
nang le tsona ke ba hlalefileng.
680
681
681
682
682
683
SETONA-MAHLOANA
683
684
684
685
SETSIPITSIPI
Setso (se-tsu) /culture, custom/ Mokgoa, tsela le tloaelo eo sechaba kapa morabe wa
naha o etsang dintho ka yona e sa tshoaneng le ya sechaba kapa morabe omong; tsela
ya bophelo ba sechaba e akgang moetlo le setho se fapanang le sa batho babang;
tloaelo e ikgethileng ya sechaba. /bon. 0/ (bap. setho).
Setso (se-tsu) /anthropology/ Lefapha la thuto le sebetsanang le moetlo, setso
mmoho le ditloale tsa sechaba. /bon. setso/.
Setsoaka (sets-wa-ka) /material/ Ntho efe kapa efe e sebedisoang ho hlahisa, bopa,
aha kapa ho etsa sehlahisoa se secha. /bon. matsoaka, ditsoaki/ (bap. letsoaki).
Setsoaki (sets-wa-ki) /ingredient, element, component/ Eng kapa eng e sebedisoang
bakeng sa motsoako: se sebedisoang ho etsa motsoako; se kopanyang metsoako e
fetang bonngwe ka sepheo sa ho hlahisa hohong ho ho cha. /bon. ditsoaki/ (bap.
Motsoako).
Setsoe (se-tswe) (setsu) /elbow/ Karolo ya letsoho e kobehang, e qetellong ya
sephaka; seka lengole la letsoho. /bon. ditsoe/ (bap. setsu). Mael. Setsweng ke hole:
ho re che hohang; ho hana nyenyenye.
Setsoejane (sets-we-jane) /initiation school female candidate/ Motho e motshehadi
ya boemong ba lebollo kapa ya mophatong wa polotso; motho e motshehadi ya
makgatheng a ho qeta polotso. /bon. Ditsoejane/ (bap. lekoloane, lethisa, ngoale).
Setsoete (se-tswi-ti) /crowd, multitude/ Bongata bo boholo ba pokano ya batho kapa
diphoofolo; pokano e kgolo ya batho kapa diphoofolo. Ho tlala kapa tlalo e kgolohadi
ya ntho e itseng. /bon. ditsoete/ (mm. Setswete).
685
686
686
687
Hofeta mona, ka puo ya seDutch, setulo hase “stoel”, empa se na le lebitso leleng.
Botsa!
Setumi (se-tu-mi) /celebrity, star/ Motho ya tsebahalang haholo sebakeng le
sechabeng ka baka la mosebetsi o itseng; ya tloaelehileng ka baka la mmino,
phatlalatso ya ditaba, papadi kapa ya tummeng ka ketso e itseng.Ya tsebahalang
sechabeng le naheng ka bophara. /bon. ditumi/ (bap. motumi, ntsebeng).
Setumo (se-tu-maw) /fame, celebrity, renown, stardom/ Boemo ba ho tsebahala
sebakeng le sechabeng ka baka la mosebetsi o itseng; tloaeleho ya motho ya binang,
phatlalatsang ditaba, wa sebapadi kapa ya tummeng ka ketso e itseng. Tsebahalo
sechabeng le naheng ka bophara. /bon. 0/ (bap. botumi).
Setutla (se-tu-tla) /fat person, obese woman/ Motho e motshehadi ya motenya
haholo; motho, haholo mosadi kapa ngoanana, ya mmele o mafura kapa ya nonneng
haholo. /bon. ditutla/ (bap. ntenya, masututsa, popompo, nonopetse) (mm. Sdudla).
Setutula (se-tu-tu-la) /asshole ramnant/ Masalla a masepa a setseng lesobeng la
sebono a tlamehang ho phumuloa; manyela a phumuloang lesobeng la sebono;
seritama sa mosima wa lerao. /bon. ditutula/ (bap. seritama).
Sewa (Si-wa) /cataclism, catastrophe, calamity/ Ketsahalo e bohloko e bakoang ke
tlholeho joalo ka ho reketla hoa lefatshe, komello e kgolo, ho qhoma hoa diqhomane
tse kgolo kapa moroallo wa metsi le dihohola tse bolayang batho ba bangata. Boemo
bo tshabehang ba ketsahalo. /bon. Mawa/ (bap. koduwa, lewa). Tlh. Bongata ba
mantsoe, “lewa” mmoho le “sewa” a tshoana le ha a sa bolele ntho e le nngwe.
Sewa (Se-wa) /pandemic/ Hoa lefu kapa bokudi: bo tletseng sebakeng sohle kapa
naheng yohle; bo fumanoang hohle hohle, kapa bo amang batho le diphoofolo tse
ngata haholo. /bon. Mawa/ (bap. lewa).
Sewa (se-wa) /endemic/ Hoa boemo ba naha kapa sebaka: bo atileng le ho fumanoa
naha ka bophara; bo fumanehang hohle. /bon. 0/ (bap. lewa).
Sewediwetla (se-we-di-we-tla) /Rhynchosia totta/ Mofuta wa semela, seka sehoete,
se holang ka ho manama, se hlokang mahlaku a tloaelehileng, se melang matsoapong
le marallaneng a hlokang metsi a mangata kapa mongobo o fokolang, se jewang le ho
sebedisoa joalo ka sehoete se hlaha. /bon. diwediwetla/ (bap. mmankidingkiding).
Sewelo (se-we-law) (seoelo) /seldom, sometime, occasional, rarely/ Hoa ketsahalo:
e etsahalang ka nako tse ding; e sa etsahaleng joalo joalo; e hlahang ka tshohanyetso
kapa ka mora nako e telele. (bap. hangata).
Seyakabayeng (si-ya-ka-ba-ye-ng) (seeakabaeng) /the in-laws beef’s share/ Karolo
ya nama ya serope le sephaka sa kgomo ya selelekela e abeloang ba habo monyadi le
monyaduwa ka mora ho thethesoa bohadi. /bon. diyakabayeng, dieakabaeng/.
Sezulu (se-su-lo) /Zulu langauge, Kwa-Zulu language/ Enngwe ya dipuo tse
kgolohadi tsa Afrika Borwa, e buuwang ke matsoalla kapa baahi ba Kwa Zulu, mme e
phatlaletse dibakeng tse ding tse ngata tsa naha ya Afrika Borwa.
Shadima (sha-di-ma) /stare, glance at/ Ho lebisa leihlo ho ntho e itseng. Ho isa
mahlo sebakeng. (bap. sheba).
Shadimeha (sha-di-me-ha) /lookable/ E kgahlang leihlo ka botle kapa sebopeho sa
yona sa tshobotsi kapa mmele. E hohelang leihlo kapa mmohi.
Shadimisa (sha-di-mi-sa) /browse/ Ho sheba ka bonngwe ka hloko e kgolo; ho sheba
ho tloha qalong ho isa qetellong.
Shadimisisa (sha-di-mi-si-sa) /examine/ Ketsisiso ya ho shadima: ho sheba ka ho
batlisisa kapa ka ho etsa diphuputso.
Shahla (sha-hla) /robust, tough/ Ho ba le mmele o matla o phetseng hantle; ho
matlafala le ho natlafala hoa mmele.
687
688
688
689
689
690
690
691
691
692
692
693
693
694
Song (so-ng) /not, must not/ Lentsoe le bontshang ho hanyetsa ketso e itseng; lentsoe
le bontshang hore ketsahalo ha e etsahale. Mohl. A song ho bue a thole. A song ho
qete a tlohele. Mabele a song ho butsoe ke ona a batlahalang.
Songoa (so-ng-wa) /teased/ Boetsuwa ba ho soma.
Sonngoe (son-ng-we) // Boetsuwa le bokgale ba ho soma.
Sono (saw-naw) /pitious/ E utloisang bohloko maikutlong ka baka la ponahalo,
boemo kapa bohlophehi ba yona; e hlokang kapa e batlang kutloelo bohloko.
Sonobolomo (so-no-bo-lo-mo) /sunflower/ Semela se seholo e hlahisang thunthuru,
seka letsatsi, tse mmala o mosehla. /bon. disonobolomo/ .
Sontaha (son-ta-ha) /Sunday/ Letsatsi la pele la beke; letsatsi le tlang ka mora Sabata
le lateloe ke letsatsi la Mantaha. /bon. disontaha/ (sheb. Beke bakeng sa tlhaloso).
Sonya (son-ya) /to shake a nose/ Ho tsitsinya le ho sotha nko ka sesupo sa ho rohaka;
ho famola nko kapa ho sotha molomo: ho sotha nko le molomo ka tsela ya ho rohaka.
Sootho (saw-awt-haw) /brown, brownish/ E mmala wa letlalo la Mosotho.
Soothoana (saw-awt-hwa-na) /brown girl/ E mmala wa letlalo la mosadi kapa
mosetsana wa Mosotho wa Afrika.
Soothoana (//) /of a female animal: brown/ Hoa mmala wa phoofolo: e chebahalo
ya mmala wa bohobe ba koro e hadikiloeng.
Soothoana (saw-awt-hwa-na) /tan, light brownish/ E mmala o bosootho bo
hlakileng haholo; e sootho bo hlakileng haholo.
Sopho (sawp-haw) /soup/ Lero la meroho e phehiloeng mmoho le motsoako wa lero
la dinoko le makumane a nama. /bon. disopho/ (bap. kgodu, moro, lero).
Soro (su-ru) /brutal, barbarous, vicious/ E hlaha haholo ebile e ka bolaya; ya pelo e
mpe haholo ebile a le lonya. (bap. lonya).
Sosobana (saw-saw-ba-na) // Ho ba boemong bo chebeho le tshobotsi e mahoashe
kapa maqhutsu. Ho ba boemong bo tsutsubaneng ba seaparo.
Sosobanya (saw-saw-ban-ya) /disfigure/ Ho senya chebeho kapa tshobotsi ka ho
baka mohoashe, tsutsubano kapa maqhutsu.
Sotela (so-te-la) /come closer/ Ho tla haufi. (bap. atamela). Tlh. Lentsoe lena,
“sotela” le na le modumo wa lentsoe la sekone: “sondela”.
Sotetsa (so-te-tsa) /bring near/ Ho tlisa haufinyane (bap. tsotetsi, tlisa).
Sotha (sot-ha) /distort/ Ho pelekanya kapa ho etsa hore ntho e seke ya otloloha.
Sothaka (sot-ha-ka) /distort repeatly/ Phethako ya ho sotha.
Sotheha (sot-he-ha) // Ho ba boemong ba ho pelekanyoa; ho se otlolohe.
Sotho (sut-hu) /mosotho, sutu/ (sheb. Mosotho bakeng sa tshebediso).
Sotholla (sot-hul-la) // Ho etsa hore se kobiloeng se kobolohe; ho lokisa se neng se sa
otloloha ka ho se otlolla.
Sothollaka (sot-hul-la-ka) // Phetako ya ho sotholla: ho sotha hangata.
Sothollo (sot-hul-law) // Ketso ya ho sotholla: ho etsa hore se kobiloeng se kobolohe;
ho lokisa se neng se sa otloloha ka ho se otlolla.
Sothofatsa (sut-hu-fa-tsa) /sothoficate, sothofy, sutuficate/ Ho etsa hore lentsoe la
puo enngwe e be Sesotho; ho fetolela lebitso la sechaba seseng sesothong. Mohl.
Betere=better, keiti=gate, lebolomo=blom, katse=cat, tafole=tafel, pere=perd,
thema=to term, theme=term, jj. Tlh. Hona le mantsoe amang ao Basotho ba a
sothofatsang ka tsela eo ekang ha ho na kgetho ya Sesotho joalo ka: “pasitse”
(passed), “pasa” (pass), “lofo” (loaf), “jampa” (jump), “bora” (bore), jj.
Sothofatso (sut-hu-fa-tsaw)/sothofication, sutufication, sutuficability/ Ketso ya ho
sothofatsa: ho etsa hore lentsoe la puo enngwe e be Sesotho; ho fetolela lebitso la
sechaba puong ya Sesotho. Tloaelo ya ho etsa lentsoe la molata hore e be Sesotho.
694
695
695
696
696
697
697
698
Ttt
PALE:
Tlhaku ya bomashome a mabedi (20) ya Sesotho. Yona e akga ka mareho a mangata
a semelo ka ho fetisisa. Bongata ba ona ke thathafatso ya maetsi a ditlhaku tse ding.
Mohlala 1: maetsi a “L” jwalo ka latsoa=tatso, lapisa=tapiso, lakaletsa=takaletso,
jj.
Mohlala 2: maetsi a “H” jwalo ka hlompha=tlhompho, hlaha=tlhaho, jj.
Mohlala 3: maetsi a “S” jwalo ka sala=tshalo, saeletsa=tshaeletso, seha=tsheho, jj.
Mohlala 4: maetsi a “D” jwalo ka dula=tulo, dutlisa=tutliso, dila=tilo, diha=tiho, jj.
Mohlala 5: maetsi a “J” jwalo ka jala=tjalo, jabela=tjabelo, jethema=tjethemo, jj.
698
699
KGOTO TADI
NKILO (MUSKRAT)
Tadima (ta-di-ma) /stare, gape/ Ho sheba ka hloko. Ho lebisa mahlo nthong e itseng.
Tadimeha (ta-di-me-ha) // E shebahalang kapa e bohehang. E kgahlang leihlo.
Tadimeho (ta-di-me-ho) // Ketso ya ho tadimeha. Kgahleho ya leihlo ka ho sheba.
Tadimo (ta-di-maw) /staring, gaping/ Ketso ya ho tadima: ho sheba ka hloko. Ho
lebisa mahlo ho ntho e itseng.
Taelo (ta-e-law) /instruction, an order/ Ketso ya ho laela: ho joetsa motho kapa ntho
se tlamehang ho etsoa; ho etsisa motho ketso e itseng.
699
700
700
701
TALANE
TALETALE
701
702
702
703
703
704
704
705
705
706
706
707
707
708
708
709
709
710
710
711
TETSAKODULO
Tentsha (tints-ha) /to dress/ Ketsetso ya ho tena: ho apesa emong seaparo; ho thusa
emong ho kenya diphahlo.
Tentsho (tints-haw) /dressing/ Ketso ya ho tentsha: Kapeso ya motho emong
seaparo; ho thusa emong ho kenya diphahlo. (bap. kapeso).
Tenya (ten-ya) /fat, obese/ E kapa ya sephara ka sebopeho sa mmele; e nang le
chebahalo e nonneng; e atileng ka sebopeho sa mmele kapa chebahalo; e chebahalo e
boima ka baka la ho nona kapa mafura. (bap. ntenya, motenya, setenya, letenya,
botenya).
711
712
712
713
713
714
Teteka (ti-ti-ka) /smack/ Ho otla kapa ho shapa kgafetsa ntle le ho emisa ka sepheo
sa ho ntsha kotsi; ho otlaka ha bohloko ntle le ho kgefutsa ka sepheo sa ho lematsa.
Tetekaka (ti-ti-ka-ka) /smack repeatly/ Phethako ya ho teteka.
Tetekako (ti-ti-ka-ko) /smacking repeatly/ Ketso ya ho tetekaka.
Tetekana (ti-ti-ka-na) // Ketsetsano ya ho teteka: ho otla ka ho etsetsana.
Tetekano (ti-ti-ka-naw) // Ketso ya ho teteka: kotlo ka ho etsetsana.
Tetekile (ti-ti-ki-le) // Bokgale ba ho teteka.
Tetekiloe (ti-ti-ki-lwe) // Boetsuwa le bokgale ba ho teteka.
Teteko (ti-ti-ko) /smacking/ Ketso ya ho teteka: ho otla kapa ho shapa kgafetsa ntle
le ho emisa ka sepheo sa ho ntsha kotsi; ho otlaka ha bohloko ntle le ho kgefutsa ka
sepheo sa ho lematsa. (bap. tematso).
Tetekoa (te-te-kwa) // Boetsuwa ba ho teteka.
Tetelo (ti-te-law) /awaiting/ Ketso ya ho letela: ho emela ntho kapa motho ya song ho
fihle; ho emela motho kapa ntho e itseng nako e itseng, ka sepheo se itseng; ho dula
ka lebaka la tebello kapa kemelo ya ho fihla hoa ntho e itseng. Ho ba boemong ba
tebello. Ketsetso ya ho leta. (bap. tebelo, tebello).
Tetema (te-te-ma) /tremble/ Ho reketla hoa ntho e boima; ho tsitsinyeha hoa mmele
kapa ntho e kgolo haholo. Tlh. Ka puo ya Setswana lentsoe lena le na le moelelo o
mong.
Tetemo (te-te-maw) /a tremble, trembling/ Ketso ya ho tetema: tsitsinyeho ya
mmele kapa ntho e kgolo haholo.
Tetetsa (ti-te-tsa) /to cause internal bleeding/ Ho etsa hore phallo ya madi e hlolehe
kapa e sitisehe ka baka la leqeba le ka hara setho sa mmele; ho ba le letetetso ka
leqeba le hlahileng karolong enngwe ya mmele.
Tetetso (ti-te-tso) /internal bleeding/ Ketso ya ho tetetsa: ho etsa hore phallo ya
madi e hlolehe kapa e sitisehe ka baka la leqeba le ka hara setho sa mmele; ho ba le
letetetso ka lebaka la leqeba le hlahileng karolong enngwe ya mmele. /bon. Matetetso/
Tetetsoa (ti-tets-wa) // Boetsuwa ba ho tetetsa.
Teteyane (ti-ti-ya-ne) (teteane) /compact/ E kopanetseng ka hare; e ngata ka ho
phathiellana sebakeng seleseng. Tlh. Lentsoe le nepahetseng haholo ke “teteane”
hofeta “teteyane”. (bap. teteane).
Tetla (ti-tla) /prerogative, privilege, right/ Monyetla o ikgethang o fumanoang ka
lebaka la boemo; tokelo eo motho a nang le yona ka baka la maemo a hae; tumello le
tshoanelo eo motho a nang le yona. /bon. tetla/.
Teto (ti-taw) /peregrination, roaming/ Ketso ya ho teta: ho tsamaya dibakeng tse
ngata ka ho se tsebe tsela; ho tlala le mmila kapa tsela ka baka la ho lahleha; ho ya
hodimo le tlase ka baka la ho hloka tsebo ya moo ho uwang teng; ho tsamaya hohle
ntle le sepheo se tsebahalang.
Tetsetso (te-tse-tso) // Ketso ya ho letsetsa: ho etsa hore mmino o utloahale ka ho
tobetsa konopo ya sealemoya kapa mochini wa mmino bakeng sa motho emong: ho
bapalla mino wa diletsa.
Tetsimiso (te-tsi-mi-saw) /running after/ Ketso ya ho letsimisa: ho mathisa ka
sepheo sa ho etsa ditlhodisano; ho kganna sepalangoang ka sepheo sa ditlhodisano; ho
matha kapa ho mathisa ntho e itseng ka baka la ho batla ho tsoa boemong ba pele.
Tetsimo (te-tsi-maw) /fast running, race/ Ketso ya ho letsima: ho matha ka sepheo
sa ho etsa ditlhodisano; ho kganna sepalangoang ka sepheo sa ditlhodisano; ho matha
kapa ho mathisa ntho e itseng ka baka la ho batla ho tsoa boemong ba pele.
Tetso (te-tso) /music tune/ Ketso ya ho letsa: ho etsa hore modumo o be teng ka ho
tobetsa konopo; ho dumisa seletsa ka ho tobetsa kapa ho sotha setho seseng sa seletsa;
714
715
715
716
Thabisa (tha-bi-sa) /to please, delight, gratify, rejoice/ Ketsiso ya ho thaba: ho etsa
hore emong a be motlotlo, a nyakalle; ho etsa hore emong a kgotsofale pelong ka ho
etsa diketso tse lebeletsoeng, tse ntle; ho kgotsofatsoa ke se etsahalang se setle.
Thabiso (tha-bi-so) /gratification, rejoice, pleasure/ Ketso ya ho thabisa: ho etsa
hore emong a be motlotlo, a nyakalle; ho etsa hore emong a kgotsofale pelong ka ho
etsa diketso tse lebeletsoeng, tse ntle; ho kgotsofatsoa ke se etsahalang se setle.
Thabiso (//) /pleasing baby/ Ngoana eo tlhaho ya hae e thabisang haholo; ngoana
moshanyana eo tsoalo ya hae e thabisang batsoadi haholo. /bon. bothabiso/.
Thabo (tha-baw) /ecstacy, blissfulness, cheerfulness, joy/ Ketso ya ho thaba: ho
utloa monate pelong; ho bontsha motlotlo maikutlong le monahanong; ho ba boemong
ba ho tsheha le ho nyakalla; ho ikutloa monate. (bap. lethabo).
Thabo (//) /happiness baby/ Ngoana eo ha a ne a hlaha ho ne ho na le monyaka le
motlotlo o moholo. /bon. bothabo/.
Thaha (tha-ha) /sparrow, Cape Weaver/ Mofuta wa nonyana ya naheng, e modumo
o monate, e soothoana bo lefifi, e fumanong haholo dithabeng le merung kapa pela
mahae ka nako tse ding, e mokobolo o etseditsoeng ho ja peo. /bon. dithaha/.
Thahakhube (tha-ha-kgu-be) /Southern red bishop/ Mofuta wa thaha e mmala o
mokgubedu, e bonahalang haholo naheng. /bon. Dithahakhube/ (mm. Thaha-khube,
thaha-kgube).
Thahatshehla (tha-hats-he-hla) /golden bishop/ Mofuta wa thaha e mmala o mosehla
ba gauta, e tholahalang haholo naheng. /bon. Dithahatshehla/ (mm. Thaha-tsehla).
Thahameso (tha-ha-mi-saw) /early breakfast/ Dijo tse apehiloeng hoseng ka meso
tseo hangata di jewang hoseng haholo. /bon. dithahameso/.
Thahasella (tha-ha-sel-la) /fascinated, keen, interested/ Ho bontsha cheseho mabapi
le ntho kapa motho; ho kgahloa ke ntho e itseng ka ho e latella; ho bontsha tjantjello
kgahlanong le ntho e ratehang; ho hoheloa ke maikutlo mabapi le boemo bo itseng.
Thahasello (tha-ha-sel-law) /enthusiasm, intention, fascination/ Ketso ya ho
thahasella: ho bontsha cheseho mabapi le ntho kapa motho; ho kgahloa ke ntho e
itseng ka ho e latella; ho bontsha tjantjello kgahlanong le ntho e ratehang; ho hoheloa
ke maikutlo mabapi le boemo bo itseng.
Thaka (tha-ka) /of people: born on the same year, peer/ Hoa batho kapa dintho: tse
hlahileng ka selemo seleseng; tse etsahetseng ka kgoedi kapa selemo seleseng; ka
nako e tshoanang. /bon. dithaka/ Mohl. Wena o thaka yaka.
Thakadisa (tha-ka-di-sa) // Ketsiso ya ho thakasa: ho baka motsamao o seng motle ka
baka la ho lemala kapa ho tsoa kotsi maotong kapa diropeng.
Thakadiso (tha-ka-di-so) // Ketso ya ho thakadisa: ho baka motsamao o seng motle
ka baka la ho lemala kapa ho tsoa kotsi seropeng.
Thakaka (tha-ka-ka) /peer/ Motho eo mmuwi kapa moetsi a tsoetsoeng le yena ka
selemo kapa kgoedi e le nngwe; motho eo ho lekanoang le yena ka dilemo tsa tsoalo;
motho eo nako eo a tsoetsoeng ka yona e tshoanang le ya emong. /bon. bothakaka,
dithaka/.
Thakaneng (tha-ka-ne-ng) /picnic/ Sebaka, haholo sa bacha, moo ho nyakalloang
mmoho; sebaka seo bacha ba ithabisang hamonate le ho roba monakedi. /bon. 0/. tem.
Thakangoaha (//) /birthday party/ Letsatsi le kgoedi ya selemo seo motho a
tsoetsoeng ka lona; le tsatsi la tsoalo. /bon. dithakangoaha/.
Thakantona (tha-kan-tu-na) /fellow, chap, guy, bloke/ Motho eo ho buuwang ka
yena ha a etsa ketso e kgethehileng; motho, haholo e motona, ha ho hlalosoa seo a se
etsang se itseng ka tsela ya bosoasoi. /bon. bothakantona/.
716
717
717
718
Thalo (tha-law) /line drawing/ Ketso ya ho thala: ho etsa mola ka ho ngola motoa; ho
ngola motoa o molelele fatshe kapa hodima ntho e itseng.
Thalo (//) /run of a calf/ Ketso ya ho thala: ho matha hoa namane; motsamao wa
namane o potlakileng, o bontshang bophelo.
Thamaha (tha-ma-ha) /male brown hyena/ Mofuta wa phoofolo e hlaha haholo, e
tona ya leloko la phiri e nang le mmala o mosootho. /bon. dithamaha/ (sheb. Dibata).
Thamahane (tha-ma-ha-ne) /brown female hyena/ Mofuta wa phoofolo e tshehadi
ya leloko la phiri e nang le mmala o mosootho. /bon. dithamahane/ (bap. phiri).
Thamola (tha-mu-la) /to move one’s neck upward/ Ho ntsha kapa ho phahamisa
molala mahetleng ka ho o isa hodimo; ho isa molala hodimo ka sepheo sa ho nyarela
se sa bonahaleng hantle.
Thamolo (tha-mu-law) /upward neck’s movement/ Ketso ya ho thamola: ho ntsha
kapa ho phahamisa molala mahetleng ka ho o isa hodimo; ho isa molala hodimo ka
sepheo sa ho nyarela se sa bonahaleng hantle.
Thankga (than-kga) /mess, shambles, turmoil/ Boemo bo kopakopaneng: tlhokeho
ya tlhopiso le tatellano; bosio ba taolo e nepahetseng e bakang bothata. Mael. Ho
dubisa thankga: ho kopakopanya maikutlo a emong ka ho ferekanya kelello. Mael.
Ho duba thankga: ho kopakopanya maemo a dintho ka lebaka la pherekano.
Thaopa (tha-u-pa) /to volunteer/ Ho etsa ketso e itseng ntle le ho laeloa. Ho nka
bohato ntle le ho jwetsoa. /bon. 0/ (bap. ithaopa, boithaopo).
Thaopo (tha-u-oaw) /volunteering/ Ketso ya ho thaopa kapa ho ithaopa: mokgoa wa
ho etsa ketso e itseng ntle le ho laeloa. Ho nka bohato ntle le ho joetsoa. (bap.
boithaopo, moithaopi).
Thapa (tha-pa) /tame/ Hoa phoofolo: ho ba le sebopeho se bonolo; ho ba sebopehong
kapa boemo bo hlokang bohlaha kapa bohale ba ho harola kapa ho hlasela.
Thapallo (thap-al-law) // Ketso ya ho rapalla: ho paqama fatshe ka mpa ntle le
boikemisetso; ho paqama fatshe ka mora ho kakalatsoa fatshe ka setebele; ho wela
fatshe kapa ho kakalla ka baka la ho diwa ke bokudi bo itseng. (bap. rapalla).
Thapama (tha-pa-ma) /afternoon/ Nako ka mora motshehare; nako e atamelang
kapa e lebileng mantsiboya; nako ya ha mmamorao, mantsiboya. /bon. dithapama/.
Thapedi (tha-pe-di) /plea/ Boemo ba ho ikopela tshoarelo mabapi le phoso kapa
molato o entsoeng; ho etsa kopo e fokotsang kotlo kapa ho lokolloa kgolehong; ho
bua mantsoe a nang le boikokobetso ka sepheo sa ho etsetsoa ntho e itseng. Kopo
mabapi le tshoarelo kgahlanong le phoso kapa tshitelo. /bon. dithapedi/.
Thapediso (tha-pe-di-so) /intercession, entreaty, request/ Ketso ya ho rapedisa: ho
thusa ho rapela; ho rapela mmoho le motho ya hlokang thuso kapa thapelo. Boemo ba
ho rapela mmoho mabapi le tebello e itseng. /bon. dithapediso/.
Thapelo (tha-pe-law) /prayer/ Ketso ya ho rapela: ho buisana le Modimo ka ho
kgumama kapa ho etsa kopo e itseng; tsela ya ho ikamanya le Mmopi ka ho mo
kgumamela le ho bua mantsoe a kopang se itseng. /bon. dithapelo/.
Thapisa (tha-pi-sa) /to tame/ Ho etsa hore phoofolo kapa motho ya hlaha a be
bonolo; ho ntsha bohlaha ba phoofolo ka ho baka hore e tloaele motho kapa hae.
Thapisa (//) /to soak/ Ho kenya seaparo kapa ntho e itseng ka metsing ka sepheo sa
ho e nolofatsa; ho etsa hore seaparo se nolofale bakeng sa ho hlatsoa. (bap. inela).
Thapisitse (tha-pi-si-tse) /tamed, soaked/ Bokgale ba ho thapisa.
Thapisitsoe (tha-pi-si-tswe) // Boetsuwa le bokgale ba ho thapisa.
Thapiso (tha-pi-saw) /taming/ Ketso ya ho thapisa: ho etsa hore phoofolo kapa
motho ya hlaha a be bonolo; ho ntsha bohlaha ba phoofolo ka ho baka hore e tloaele
motho kapa hae.
718
719
Thapiso (tha-pi-saw) /soaking/ Ketso ya ho kenya seaparo kapa ntho e itseng ka hara
metsi ka sepheo sa ho e nolofatsa; mokgoa wa ho etsa hore seaparo se nolofale
bakeng sa ho hlatsoa.
Thapisoa (tha-pi-swa) /soaked, tamed/ Boetsuawa ba ho thapisa.
Thapo (tha-paw) /rope/ Kgoele e tenya haholo e sebedisoang bakeng sa ho tlama
kapa ho thatela. /bon. dithapo/. Mael. Ho tlhakisa thapo: ho thibela batho ba motse
kapa sebaka seseng ho kena motsoetseng ka mora kuruetso ya ngoana.
Thapo (//) /mourning cloth/ Lesela le aparoang ke motho ya hlokahaletsoeng ho
bontsha ho sila kapa sesila. /bon. dithapo/.
Thapolla (tha-pul-la) /to exercise/ Ho koetlisa mmele bakeng sa ho tiisa ditho tsa
ona; ho otlolla ditho tsa mmele bakeng sa bophelo bo botle; ho ikoetlisa kapa ho etsa
diketso tse amanang le boikoetliso.
Thapollo (tha-pul-law) /exercise/ Ketso ya ho thapolla: ho koetlisa mmele bakeng sa
ho tiisa ditho tsa ona; ho otlolla ditho tsa mmele bakeng sa bophelo bo botle; ho
ikoetlisa kapa ho etsa diketso tse amanang le boikoetliso. (bap. boithapollo).
Thapolosa (tha-pu-lu-sa) /relax, entertain/ Ho ithapolosa kapa ho roba monakedi ka
ho etsa ketso e itseng. (bap. ithapolosa).
Thapoloso (tha-pu-lu-saw) /relaxation, entertainment/ Ketso ya ho thapolosa kapa
ho roba monakedi ka ho etsa ketso e itseng. (bap. boithapoloso).
Thapolosoa (tha-pu-lu-swa) // Boetsuwa ba ho thapolosa.
Tharasa (tha-ra-sa) /pervert, have illicit sexual encounter/ Ho ba le pokano e sa
tloaelehang: ho robala le monna ke monna emong; ho robala le mosadi kapa motho e
motshehadi ke mosadi emong. Ho ba le kamano ya ho kotana e sa tloaelehang kapa e
sa hloloang. (bap. beta).
Tharasi (tha-ra-si) /hermaphrodite/ Motho kapa phoofolo e nang le setho sa
botshehadi le botona mmeleng o le mong. /bon. ditharasi/.
Tharasi (tha-ra-si) /transvestite, transsexual/ Motho e motona ya ratang ho apara le
ho etsa diketso tsa basadi ka lebaka la boemo ba hae ba kellelo; mokgelo wa monna
kapa motho e motona ya maemong a sesadi. /bon. ditharasi/.
Tharaso (tha-ra-saw) /homosexuality, gay, lesbianism/ Ketso ya ho tharasa: ho ba le
pokano e sa tloaelehang: ho robala le monna ke monna emong; ho robala le mosadi
kapa motho e motshehadi ke mosadi emong. Ho ba le kamano ya ho kotana e sa
tloaelehang kapa e sa hloloang.
Tharaso (//) /sexual perversion/ Ketso ya ho tharasa: pokano e sa tloaelehang: ho
robala hoa monna le monna emong; ho robala le mosadi kapa motho e motshehadi ke
mosadi emong. Ho ba le kamano ya ho kotana e sa tloaelehang kapa e sa hloloang;
tloaelo kapa mokgoa wa pokano kapa kotano ya batho ba nang le ditho tsa botshehadi
kapa botona tse tshoanang. (bap. letharaso).
Thari (tha-ri) /productiveness, fertility, parturition/ Boemo ba ho tsoala ha bobebe;
boteng ba popelo e tsoadisang ha bonolo; mokgoa wa motho e motshehadi wa ho
emara ha bobebe ka mora kopana le e motona kapa ka mora pokano.
Thari (//) /birth right/ ?? Mohl. Bana ba thari e ntsho.
Thari (//) // Lesela le sebedisoang ho pepa lesea; seaparo sa ho pepa ngoana. Se
tshihetsang lekgabunyane mokokotlong wa ya mo pepileng. /bon. dithari/ Mael.
Ngoana ya sa lleng o shoele tharing: motho ya thotseng le ha a na le bothata a ka
bolawa ke tloaelo e joalo. Motho ya sa kgoneng ho ipuella a ka kena tsietsing e kgolo.
Tharo (tha-ru) /three/ Palo e fetang pedi ebile e le ka tlase ho nne. Metso e fetang
boraro empa e le katlase ho bone kapa nne. (bap. boraro).
719
720
720
721
721
722
722
723
723
724
724
725
725
726
726
727
727
728
Thibana (thi-ba-na) /to be mischievous/ Hoa motho: ya diketso tse leqhoko, tse
bakang ho seba le ho bua dipuo tse fosahetseng; ya sa utloeng seo a se bolelloang
kapa seo a tlamehang ho se etsa ha a joetsoa.
Thibana (//) /to block/ Ho ba boemong ba ho koaleha lesoba bo bakang ho emisa hoa
phallo ya metsi, lero kapa moya; ho baka ho se tsamaye ka ho koala lesoba le
tsamaisang metsi, lero kapa moya.
Thibane (//) /mischievous/ Hoa boitshoaro ba motho: ya sa utloeng ka ho etsa diketso
tse tsoileng tseleng; eo mekgoa ya hae e fosahetseng; ya leqhoko ebile a etsa diphoso
tsa morero kapa ka boomo.
Thibane (thi-ba-ne) // Bokgale ba ho thibana.
Thibangthibang (thi-ba-ng-thi-ba-ng) (thibang-thibang) /helter skelter/ Boemo ba
tsitsipano le tsikitlano ya meno; boemo ba semphete ke o fete; boemo ba morusu le
tlhokeho ya kgutso. (bap. letshethetshethe, lejojo).
Thibano (thi-ba-naw) /mischief/ Ketso ya ho thibana: boemo ba diketso tse leqhoko,
tse bakang ho seba le ho bua dipuo tse fosahetseng; ho se utloe kapa ho se natse se
boleloang le se tlamehang ho etsoa; boemo ba mekgoa e fosahetseng e etsoang ke
setlokotsebe kapa motho ya tlolang molao.
Thibano (thi-ba-naw) /blockage/ Ketso ya ho ba boemong ba ho koaleha lesoba bo
bakang ho emisa hoa phallo ya metsi, lero kapa moya; ho baka ho se tsamaye ka ho
koala lesoba le tsamaisang metsi, lero kapa moya.
Thibasela (thi-ba-se-la) /to be sleepy, doze/ Ho ba makgatheng a ho batla ho robala
ho iponahatsang ka ho koala kapa ho panyapanya hoa mahlo. (bap. otsela).
Thibaselo (thi-ba-se-law) /sleeping signs/ Ketso ya ho thibasela: makgatha a ho batla
ho robala ho iponahatsang ka ho koala kapa ho panyapanya hoa mahlo. (bap.
kotselo).
Thibela (thi-be-la) /bar, block, foil, restrict/ Ho emisa tsoelopele ya ketsahalo kapa
ketso; ho baka hore morero kapa sepheo se folotse; ho etsa hore boemo bo tlamehang
ho phethahala bo hlolehe kapa bo emise. Ho hanyetsa ho kena monyako kapa ho
phethahatsa morero o itseng. (bap. folotsa, foloditse).
Thibelo (thi-be-law) /prevention, deterrence/ Ketso ya ho thibela: ho emisa
tsoelopele ya ketsahalo kapa ketso; ho baka hore morero kapa sepheo se folotse; ho
etsa hore boemo bo tlamehang ho phethahala bo hlolehe kapa bo emise. Ho hanyetsa
ho kena monyako kapa ho phethahatsa morero o itseng.
Thibelo (thi-be-law) /restriction/ Molao kapa boemo ba ho thibela tumello ya ketso
e itseng ho ya ka dilemo, nako, seemo kapa boemo. Lebaka le thibelang ketsahalo
kapa phethahatso ya ketso e itseng. /bon. dithibelo/ (Bap. kotelo, khanyetso).
Thibo (thi-baw) /stoppage, cutoff, shutdown/ Ketso ya ho thiba: kemiso ya
motsamao wa ntho e tsamayang kapa e mathang; ho etsa hore motho kapa ntho e se
balehe; ho kgaotsa motsamao kapa tsoelopele ya ketso, ketsahalo kapa puo. Ho etsa
hore ketso kapa ketsahalo e hlolehe ho tsoelapele ka ho sebedisa maemo a hanyetsang
phetheho ya yona.
Thibolla (thi-bul-la) /unblock/ Ho tlosa lesobeng se thibang phallo kapa motsamao
wa metsi, lero, phofo kapa moya; ho ntsha se sitisang motsamao o lokolohileng wa
metsi kapa ntho e tsholohang lesobeng.
Thibollo (thi-bul-law) /unblocking/ Ketso ya ho thibolla: ho tlosa lesobeng se
thibang phallo kapa motsamao wa metsi, lero, phofo kapa moya; ho ntsha se sitisang
motsamao o lokolohileng wa metsi kapa ntho e tsholohang lesobeng.
Thikgoi (thi-kgwi) (thikgwi) /aardwolf/ Mofuta wa sebatana se metsero, seka phiri,
se fumanoang haholo Afrika, se phelang ka ho ja dikokoanyana le masetlaoke.
728
729
729
730
730
731
THOBOLOKO
731
732
732
733
THOLOANA, DITHOLOANA
MORARA (GRAPES)
KOEPERE (PEAR)
733
734
SEROTO SA DITHOLONA
NAMUNI/LAMUNI (ORANGE)
SIRINUMUNI (LEMON)
MMAMPOKOLOSI (APRICOT)
PANANA PENEAPOLE
APOLE (APPLE)
AFAKHATO (AVOCADO)
TAMATI (TOMATO)
LEHAPU (WATERMELON)
734
735
Tholoana (//) /fruit tree seed, plant seed/ Peo e sebedisoang ho jala semela sa sefate
kapa semela se seholo joalo ka sehlahla. /bon. Ditholoana/ (bap. thotse, peo).
Thomello (thu-mel-law) /posting, dispatch, mailing/ Ketso ya ho romella: ho isa
ntho ho tloha sebakeng seseng ho ya ho seseng; ho sebedisa poso ho tsamaisa lengolo
kapa thepa e tlamehang ho ya sebakeng seseng; ho tlosa ntho sebakeng ka ho e isa
sebakeng seseng.
Thomo (thu-maw) /sending/ Ketso ya ho roma: ho lebisa motho sebakeng seseng ho
phethahatsa takatso e itseng; ho isa sebakeng ka sepheo sa ho fetisa molaetsa kapa
phahlo; ho isa motho sebakeng ho ya emela morumi.
Thomo (thu-maw) (thoomo) // Mofuta wa seletsa se nang le masekana, seho kapa
dikgoele tse tlamelletsoeng thupeng, seo hangata se ratang ho letsoa ke basadi. /bon.
dithomo/.
Thonaka (tho-na-ka) /pick up, collect/ Ho nka ho tloha fatshe; ho tlosa ntho ka ho e
phahamisa ho tloha fatshe. (bap. bokella).
Thonako (tho-na-ko) /picking up, collection/ Ketso ya ho thonaka: ho nka ho tloha
fatshe; ho tlosa ntho ka ho e phahamisa ho tloha fatshe. (bap. pokeletso).
Thonkga (thun-kga) /wound again, to add salt to an injury/ Ho utloisa leqeba le
seng le le teng bohloko; ho baka bohloko leqebeng. Ho eketsa bohloko bo teng ka ho
thetsa kapa ho lematsa leqeba kapa setho sa mmele se kulang.
Thonkgo (thun-kgaw) /wounding again/ Ketso ya ho thonkga: ho utloisa leqeba le
seng le le teng bohloko; ho baka bohloko leqebeng. Ho eketsa bohloko bo teng ka ho
thetsa kapa ho lematsa leqeba kapa setho sa mmele se kulang.
Thonya (thon-ya) /choose/ Ho kgetha motho bakeng sa mosebetsi o ikgethang; ho
kgetha ka ho qolla hara babang.
Thonyo (thon-yo) /special choice, chosing/ Ketso ya ho thonya: ho kgetha motho
bakeng sa mosebetsi o ikgethang; ho kgetha ka ho qolla hara babang.
Thootse (tho-o-tsi) /fruit seed, vegetable seed/ Peo ya sejalo; peo e hlahisoang ke
dimela tse jaloang, haholo meroho le dijalo tsa bolemi. /bon. Dithootse/ (bap. peo).
Thope (tho-pi) /girl friend/ Ngoanana ya ratoang ke mohlankana; mosetsana ya
ratanang le moshanyana; thatohatsi ya mohlankana. /bon. Dithope/ (bap. Kgarebe).
Thopothela (thaw-paw-te-la) /absorb/ Hoa metsi kapa lero: ho kenella hara mobu
kapa ntho e nang le masoba kapa puleho ya moya. (bap. monya, monyela).
Thopothelo (thaw-paw-te-law) /absorption/ Ketso ya ho thopothela: ho kenella hara
mobu kapa ntho e nang le masoba kapa puleho ya moya. (bap. monyo, monyelo).
Thoriso (tho-ri-so) /extolment, exaltation, prestige/ Ketso ya ho rorisa: ho bua
mantsoe a monate mabapi le Modimo kapa motho; ho bina dipina tsa thoholetso
mabapi le motho ya hlomphehang kapa Modimo; ho etsa modidietsane bakeng sa
Modimo kapa motho ya loketsoeng ke tlotlo; ho etsa dithoko tse ntle mabapi le motho
ya hlomphehang.
Thoromedi (tho-ro-me-di) /Capped Wheatear/ Mofuta wa nonyana e molala le
hlooho e kopantseng botsho le bosweu, sefuba se boputsoa bo hlakileng, mpa e
bosootho bo hlakileng le setono se setsho; e fumanoang haholo marallaneng le dibaka
tse majoe; e phelang haholo ka ho ja peo ya koro. /bon. dithoromedi/.
735
736
THOROMEDI (THOROMELI)
736
737
737
738
THUBE
THUHLO
738
739
739
740
740
741
741
742
742
743
743
744
mmoho le dibupuwa tse ding tse nyane tsa metsing. /bon. ditimeletsane/ (mm.
Timeletsane-botha). Tem. Nonyana ena e na le mefuta emeng.
TIMELETSANE
744
745
Tipi (ti-pi) /dip/ Motsako wa lero seka moriana o sebedisoang bakeng sa ho tlosa
dikokoanyana kapa mahloko mmeleng wa diruuwa; moriana o sebedisoang ho hlatsoa
diphoofolo tsa hae ka ho inela hara tsona. /bon. ditipi/.
Tite (ti-te) /titus/ Buka ya leshome le metso e supileng (17) testamenteng e ncha.
Titiella (ti-ti-el-la) /overdress/ Ho apara diaparo tse ngata mmeleng hofeta tekanyo.
Titielletse (ti-ti-el-le-tsi) /overdressed/ E kapa ya apareng diaparo tse ngata mmeleng
hofeta tekanyo.
Titiello (ti-ti-el-law) /overdressing/ Ketso ya ho titiela kapa ho ititiella: kaparo ya
diphahlo tse ngata mmeleng hofeta tekanyo.
Titima (ti-ti-ma) /run/ Ho matha kapele ka ho etsa modumo wa direthe; ho matha ka
ho hata ka ho baka lerata kapa modumo wa serethe. Ho matha hoa motho ya boima
kapa ya motenya. (bap. kitimela).
Titimela (ti-ti-me-la) /run for/ Ketsetso ya ho titima: ho mathela nqa ya motho ya
bitsang emong kapa ya fumanoeng ka mora ho batloa. (bap. kitimela).
Titimelo (ti-ti-me-law) /running for/ Ketso ya ho titimela kapa ho mathela nqa ya
motho ya bitsang emong kapa ya fumanoeng ka mora ho batloa. (bap. kitimelo).
Titimisa (ti-ti-mi-sa) /run after/ Ketsiso ya ho titima: ho matha ka mora ntho e
lelekisoang kapa e tlamehang ho tshoaroa.
Titimisana (ti-ti-mi-sa-na) // Ketsetsano ya ho titimisa: ho mathisa motho emong,
mme le yena a mathise ya mo mathisang.
Titimisano (ti-ti-mi-sa-naw) // Ketso ya ho titimisana: ho mathisa motho emong,
mme le yena a mathise ya mo mathisang. Mathisano ka ho etsetsana.
Titimisitse (ti-ti-mi-si-tse) // Bokgale ba ho titimisa.
Titimisitsoe (ti-ti-mi-si-tswe) // Boetsuwa le bokgale ba ho titimisa.
Titimiso (ti-ti-mi-so) /running after/ Ketso ya ho titimisa: mokgoa wa ho matha ka
mora ntho e lelekisoang kapa e tlamehang ho tshoaroa.
Titimisoa (ti-ti-mi-swa) // Boetsuwa ba ho titimisa.
Tjabelo (tja-be-law) /clabing/ Ketso ya ho jabela: ho otla ka bohare ba letsoho; ho
natha ka mpama.
Tjabohobe (tja-bu-haw-be) /groom’s welcoming/ Lelomolo kapa mokete wa ho
amohela ngoetsi; mokete o etsoang ho amohela mosadi e mocha ya sa tsoa nyaloa, o
phethahatsoang ka ho hlaba kgutshoane le ho pheha dijo. (mm. tja-bohobe)
Tjahello (tja-hel-law) /speeding after/ Ketso ya ho jahella: ho tsamaya kapele ka
mora ntho kapa motho ya lelekisoang.
Tjaho (tja-haw) /speeding, speed/ Ketso ya ho jaha: ho tsamaya kapele; ho bontsha
potlako ka ho tsamaya ka ho phakisa. /bon. Mejaho/ (bap. Mojaho).
Tjakiso (tja-ki-so) /boarding/ Ketso ya ho jakisa: ho etsa hore ntho kapa motho a
jake; ho fana ka sebaka sa bodulo bakeng sa tefo kapa tefello. (bap. mojaki).
Tjako (tja-kaw) /settling, boarding, accommodation/ Ketso ya ho jaka: ho lefella
chelete bakeng sa bodulo; ho dula sebakeng ka tefo. (bap. mojaki).
Tjale (tja-le) /shawl/ Kobo e bobebe eo hangata e aparoang ke batho ba basadi kapa
batho ba batshehadi. Kojoana e bobebe eo hangata bomme ba ratang ho itlama ka
yona thekeng. /bon. Ditjale/.
Tjalletso (tjal-le-tso) /cheating/ Ketso ya ho jalletsa: tloaelo ya ho qhekanyetsa ka
ketso kapa puo. Boqhekanyetsi ka dipuo le diketso.
Tjalo (tja-law) /planting, germination/ Ketso ya ho jala: ho kenya peo mobung ka
sepheo sa hore e etse sejalo kapa semela; ho lema sejalo ka ho tsetela peo. Tshebetso
e amanang le ho lema bakeng sa ho kenya peo mobung. (bap. temo).
745
746
746
747
747
748
748
749
749
750
750
751
751
752
TLATLAWE (TLATLAOE)
752
753
753
754
754
755
755
756
756
757
757
758
DITLHAPI, TLHAPI
758
759
SHAKA (SHARKS)
LERUARUA (WHALE)
BARBUS
759
760
PINK SALMON
760
761
761
762
762
763
763
764
764
765
765
766
766
767
767
768
768
769
769
770
TLOU
Tloumakgola (tl-u-ma-kgu-la) /mammoth/ Tlou e kgolo ka ho fetisisa hofeta ditlou
tse phelang kajeno, eo eseng e sa fumanehe mehleng ya kajeno.
Tloumakgola (tl-u-ma-kgu-la) ?? /bon. ditloumakgola, botloumakgola/.
Toa (twa) (tooa) /exclamation: very bright colour!/ Lekgotsa le bontshang tsela eo
mmala o mosoeu o leng ka teng. (mm. twa) Mohl. E tshoeu e re toa! Ka mora
mohatsela dithaba tsa maluti di ne di re toa ke lehloa!
Toaila (twa-ila) (twaila) /to walk slow and aimlessly/ Ho tsamaya hanyana ka tsela e
bontshang ho lahleha le ho se tsebe tsela hantle.
Toailo (twa-i-law) /slow aimless walk/ Ketso ya ho toaila: motsamao wa motho ya
lahlehileng ebile a tsamaya hanyane.
Toaitse (twa-itse) // Bokgale ba ho toaila.
Toantshano (twa-nts-ha-no) /power struggle/ Ketso ya ho loantshana: ho ba le
dikgohlang kapa ho se utloane ka baka la ho tsekisana maemo, ho se dumellane le ho
ngangisana. Ho ba maemong a ntoa hoa batho ka bobona.
Toantsho (twa-nts-haw) /fighting/ Ketso ya ho loantsha: ho ba boemong ba ho
otlana, shapana, mulana, qoaketsana kapa ho behana matsoho kapa ho sebedisa
dibetsa kgahlanong le motho kapa batho ka tsela e ka ntshang kotsi kapa ya bolaya;
ho futuhela ntho kapa motho ka sepheo sa ntoa; ho hlasela ka sepheo sa ho se
kgotsofale kapa kgotsofatsoe; ho bua mantsoe a bohale a ntoa a kgahlanong le.
Toatla (twa-tla) /exclamation: sudden breakage/ Lekgotsa le sebedisoang ho etsisa
modumo wa ho robeha hoa ntho e thata , e ommeng. (mm. Twatla).
Toatlatsa (twa-tla-tsa) /to break a branch or a bone/ Ho roba lesapo kapa ntho e
thata, e ommeng; ho kgaola ka ho etsa dikoto tse pedi kapa tse fetang moo ka ho
utloahatsa modumo o joalo.
770
771
771
772
772
773
773
774
774
775
775
776
776
777
777
778
778
779
Tse (tse) /these/ Lesupa le bontshang ntho tse haufinyana ka bongateng; lentsoe le
sebedisoang ho bontsha dintho tse haufi. (bap. Ena, tsena).
Tse (tse) /adjective in plural form/ Lentsoe le sebedisoang bakeng sa ho hlalosa
boemo ba dintho, haholo mareho kapa mabitso, a ka bongateng. Mohl. Tse ntle, tse
mpe, tse kgolohadi, tse kgutlisitsoeng maobane, tse potlakileng, jj. (bap. “e”).
Tseba (tse-ba) /know/ Ho ba boemong ba ho utloisisa se etsahalang, se buuwang, se
etsoang le se rutoang ka tsela e thusang moetsi ho iketsetsa ntle le thuso ya motho
emong. Ho ba boemong ba ho ba le bohlale ba ho etsa diketso tse itseng hofeta batho
babang; ho ba boemong ba tlhaho ba ho elelloa diketsahalo tse etsahalang ka
tshebediso ya kelello kapa boko.
Tsebahala (tse-ba-ha-la) /known, famous, renown/ Boemo ba ho tuma sebakeng le
sechabeng ka baka la mosebetsi o itseng; tloaeleho ya motho ya binang, ya
phatlalatsang ditaba, wa sebapadi kapa ya tummeng ka ketso e itseng. Setumo
sechabeng le naheng ka bophara.
Tsebahalo (tse-ba-ha-law) /fame, known/ Ketso ya ho tsebahala: ho boemong ba ho
tuma sebakeng le sechabeng ka baka la mosebetsi o itseng; tloaeleho ya motho ya
binang, ya phatlalatsang ditaba, wa sebapadi kapa ya tummeng ka ketso e itseng;
botumi kapa setumo sechabeng le naheng ka bophara.
Tsebahatsa (tse-ba-ha-tsa) /familiarize, induce, introduce/ Ho etsa hore ntho kapa
motho a tloaele sebaka kapa motho emong kapa babang ka ho etsa tsebiso. Ho tsebisa
ntho kapa motho bathong babang; ho hlalosetsa batho babang ka motho emong. Ho
phatlalatsa boemo bo bocha sechabeng ka ho etsa kopano kapa seboka.
Tsebahatso (tse-ba-ha-tso) /introduction, induction, launching/ Ketso ya ho
tsebahatsa: tloaelo ya ho etsa hore ntho kapa motho a tloaele sebaka kapa motho
emong kapa babang ka ho etsa tsebiso. Mokgoa wa ho tsebisa ntho kapa motho
bathong babang; ho hlalosetsa batho babang ka motho emong. Ho phatlalatsa boemo
bo bocha sechabeng ka ho etsa kopano kapa seboka.
Tsebana (tse-ba-na) /acquinted/ Ho tloaelana ka baka la ho bonana, ho dula mmoho,
ho sebetsa mmoho kapa ho etsa ketso e itseng mmoho ntle le botsoalle kapa setsoalle.
Tsebano (tse-ba-naw) /acquintance/ Ketso ya ho tsebana kapa ho tloaelana ka baka
la ho bonana, ho dula mmoho, ho sebetsa mmoho kapa ho etsa ketso e itseng mmoho
ntle le botsoalle kapa setsoalle.
Tsebanyane (tsi-ban-ya-ni) /expert, consultant, specialist/ Motho ya tsebang
haholo: eo eleng yena feela ya nang le tsebo ya ho etsa mosebetsi o itseng; eo eleng
yena feela a kgonang ho fana ka tsehebeletso e ikgethang; eo lefapha la hae la tsebo le
ikgethileng ho amang. /bon. botsebanyane/ (bap. Setsebi).
Tsebe (tse-be) /ear/ Setho sa kutlo ya modumo sa mmele, se mahlakoreng a hlooho,
pela qaleho ya molala, ka hodima mohlahare. /bon. ditsebe/ Mael. Ho kadima tsebe:
ho mamela. Mael: ho loma tsebe: ho joetsa motho emong ditaba tse ncha kapa
lekunutu. Mael. Hlathe e lelekisa tsebe: ponahalo ya ho thaba kapa ho bontsha ho
kgotsofala ha ho etsahala ketso e itseng.
Tsebe (tsi-bi) /unknowingly, unclear, ignorant./ Ho hloka tsebo; ho hloka kelello le
monahano wa kutloisiso ka ntho kapa ketsahalo e itseng. Mohl. Nna ha ke tsebe letho
ka ntho eo o buang ka yona. O re yena ha tsebe letho hobane ha a ya sekolong. Mael.
Ho se tsebe ke lebote: tlhokeho ya tsebo e ka ntsha lewatla kotsi.
Tsebella (tse-bel-la) /know from/ Ketsetso ya ho tseba: ho tseba ntle le ho joetsoa; ho
ba le tsebo ya ntho kapa boemo pele bo phatlalatsoa.
Tsebello (tse-bel-law) // Ketso ya ho tsebella: ho tseba ntle le ho joetsoa; ho ba le
tsebo ya ntho kapa boemo pele bo phatlalatsoa.
779
780
Tsebetutu (tse-be-tu-tu) /deaf/ Motho ya sa utloeng ditsebeng; motho eo tsebe tsa hae
di sa kgoneng ho amohela modumo wa mantsoe kapa lerata ka lebaka la bokudi kapa
ho lemala. /bon. botsebetutu/ (bap. tututsebe). Tem. Mantsoe, “tututsebe” mmoho le
“tsebetutu” a na le moelelo o tshoanang.
Tsebisa (tse-bi-sa) /inform, notice/ Ho phatlalatsa taba, ketsahalo kapa seo sechaba
kapa motho a lokelang ho se lemoha; ho lemosa ka ho hlahisa leseding ka boemo bo
bocha kapa boo bo tlamehang ho eloa hloko. (bap. lemosa. hlokomedisa).
Tsebisahatsa (tse-bi-sa-ha-tsa) /publish/ Ho phatlalatsa se ngodiloeng sechabeng; ho
etsa hore se ngodiloeng se tsebahale hohle.
Tsebisahatso (tse-bi-sa-ha-tsaw) /publication/ Ketso ya ho tsebisahatsa: phatlalatso
ya se ngotsoeng le se entsoeng sechabeng kapa dibakeng tse ngata.
Tsebiso (tse-bi-so) /information, notice/ Ketso ya ho tsebisa: mokgoa wa ho
phatlalatsa taba, ketsahalo kapa seo sechaba kapa motho a lokelang ho se lemoha; ho
lemosa ka ho hlahisa leseding ka boemo bo bocha kapa boo bo tlamehang ho
eloahloko. (bap. temoso, tlhokomediso).
Tsebo (tse-baw) /knowledge, wisdom/ Ketso ya ho tseba: ho ba boemong ba ho
utloisisa se etsahalang, se buuwang, se etsoang le se rutoang ka tsela e thusang moetsi
ho iketsetsa ntle le thuso ya motho emong. Ho ba boemong ba ho ba le bohlale ba ho
etsa diketso tse itseng hofeta batho babang; ho ba boemong ba tlhaho ba ho elelloa
diketsahalo tse etsahalang ka tshebediso ya kelello kapa boko. (bap. bohlale).
Tseding (tse-di-ng) /of things: others/ Ntle le bongata ba dintho tse itseng. Dintho
tse itseng ntle le ho kenyeletsa sehlopha seseng. (bap. seseng, emong).
Tsejana (tse-ja-na) /inverted comma, quotation mark/ Letshwao la puo le
sebedisoang ho bontsha mantsoe a puisano e otlolohileng ya mmuwi le mmuiswa;
letshwao la puo le sebedisoang bakeng sa ho toboketsa moelelo wa lona kapa ho
kgetholla lentsoe ho amang. Mohl/ (“ ”) Morena a bua a re: “ha ho kgomo ya
boroko”. (bap. feelo).
Tseka (tse-ka) /demand/ Ho batla ntho e itseng ka tsela e hlokang tlhompho; ho batla
se itseng ntle le ho kopa; ho batla se itseng joalo ka ha eka ke tokelo kapa setlamo.
Tseka (tse-ka) /colour of animal/ Hoa mmala wa phoofolo: ??
Tsekana (tse-ka-na) /of a female animal/ Hoa mmala wa phoofolo e tshehadi: ??
Tseke (tse-ke) /exclamation: to beam/ Lekgotsa le bontshang ho tsekema hoa boemo
ba lehodimo bo nang le lehadima kapa letsolo nakong tsa dipula.
Tsekedisa (tse-ke-di-sa) /cause to be dizzy/ Ketsiso ya ho tsekela: ho baka ho
tsekela; ho ba boemong ba tsekelo kapa ho tarakana hoa hlooho ho bakang botsitso bo
fokolang ba mmele.
Tsekediso (tse-ke-di-so) /dizziness/ Ketso ya ho tsekedisa: boemo bo bakang ho
tsekela kapa ho ho tarakana hoa hlooho ho bakang botsitso bo fokolang ba mmele.
Tsekedisoa (tse-ke-di-swa) // Boetsuwa ba ho tsekela.
Tsekela (tsi-ki-la) /meander, roam/ Ho tsamaya hohle ntle le morero kapa sepheo se
tsitsitseng; ho tlalatlala le sebaka; ho chakela batho ba bangata ka nako e le nngwe ka
sepheo se hlokang bohlokoa.
Tsekela (//) /dizzy, vertiginous/ Ho tarakana hoa hlooho ho bakang botsitso bo
fokolang ba mmele; ho ba le lefu kapa boemo ba hlooho bo bakang ho therekela hoa
mmele kapa pherekano ya kelello. (bap. akgeha, tarakanya, tarakana).
Tsekelaka (tsi-ki-la-ka) // Phetako ya ho tsekela. Ho tsekela ka makgetlo a mangata.
Tsekelako (tsi-ki-la-kaw) // Ketso ya ho tsekelaka. Boemo ba ho tsekela hangata.
Tsekella (tse-kel-la) /insist/ Ho pheella ho batla, bua kapa ho etsa ketso e itseng; ho
tsoela pele ho etsa ketso le ha ho sa hlokahale; ho ngangella ho etsa se sa batlahaleng.
780
781
781
782
782
783
Tsenono (tse-nu-nu) /those one over there/ Lesupa le bontshang dintho tse hojana,
tse ngata, ka ho toboketsa.
Tseo (tse-u) /those/ Lesupa le bontshang dintho tse hojana kapa tse thoko le mmuwi,
ebile ho buuwa ka tsona. (bap. tsena, tsenana, tseno, tsenono, tsane, tsanene).
Tsepama (tse-pa-ma) /stable, tenacious/ Ho ba boemong ba kelello e sa fetoheng ha
bobebe ka qeto e nkuweng; ho se fetohe ho se buuweng kapa se etsoang; ho tiisa
mmele ka tsela eo ho wela holeng thata.
Tsepamisa (tse-pa-mi-sa) /concentrate, entrench/ Hoa maikutlo: ho lebisa maikutlo
ho se etsoang ntle le ho fapoha; ho etsa hore kelello le monahano di nahane ka ntho e
itseng ntle le ho kgeloha. Ho itshetleha haholo ho se batloang.
Tsepamisitse (tse-pa-mi-si-tse) /concentrated/ Bokgale ba ho tsepamisa.
Tsepamisitsoe (tse-pa-mi-si-tswe) // Boetsuwa le bokgale ba ho tsepamisa
Tsepamiso (tse-pa-mi-saw) /concentration, entrenchment/ Ketso ya ho lebisa
maikutlo ho se etsoang ntle le ho fapoha; mokgoa wa ho etsa hore kelello le
monahano di nahane ka ntho e itseng ntle le ho kgeloha.
Tsepamo (tse-pa-maw) /stability, tenacity/ Boemo ba ho tsepama: ho se fetohele puo
e buuweng ha bonolo; ketso ya ho se fetohe ho se buuweng kapa se etsoang; boemo
ba ho tiisa mmele ka tsela eo ho wela holeng thata. (bap. botsitso).
Tsepara (tse-pa-ra) /firm, steady, obdurate/ Hoa kelello kapa mokgoa: o sa
fetoheleng maikutlo ha bonolo bakeng sa se buuwang; o sa fetoheleng dikano kapa
qeto e nkiloeng. Hoa mmele: ho ema kamaoto ntle le ho tsitsinyeha; ho ba boemong
ba mmele o tsitsitseng, o sa thothomeleng kapa o saweleng ha bonolo.
Tseparela (tse-pa-re-la) /unshakable, cling, tenicious/ Ho kena haholo ketsong kapa
ketsahalong ka tsela eo ho leng thata ho tsoa ho yona; ho mamarela ka tsela eo holeng
thata ho tlohela kapa ho hakolla. (bap. mamarela).
Tseparelo (tse-pa-re-law)/clinging, unshakableness, tenacity/ Ketso ya ho tseparela:
ho kena haholo ketsong kapa ketsahalong ka tsela eo ho leng thata ho tsoa ho yona; ho
mamarela ka tsela eo holeng thata ho tlohela kapa ho hakolla.
Tseparo (tsi-pa-raw) /firmness, steadiness/ Ketso ya ho tsepara: hoa kelello kapa
mokgoa: o sa fetoheleng maikutlo ha bonolo bakeng sa se buuwang; o sa fetoheleng
dikano kapa qeto e nkiloeng. Hoa mmele: ho ema ka maoto ntle le ho tsitsinyeha; ho
ba boemong ba mmele o tsitsitseng, o sa thothomeleng kapa o sa weleng habonolo.
Tsere (tse-re) /foot fungal infection/ Bohloko bo bakoang ke kokoanahloko e
hlaselang leoto pakeng tsa menoana ya bohato. /bon. ditsere/ (mm. litsere).
Tsetela (tsi-te-la) /to invest, to deposit/ Ho boloka chelete kapa letlotlo polokelong
bakeng sa tsoala ya kamoso; ho ipehela leruo polokelong ka sepheo sa ho kotula ka
mora keketseho. Ho ipehela letsete. (bap. Letsete, motsetedi).
Tsetela (//) /to put underground/ Ho epela poone, haholo kgoahla, ka tlasa mobu o
mongobo bakeng sa tshebediso ya kamoso. (bap. letsete).
Tsetelo (tsi-te-law) /investment/ Ketso ya ho tsetela: ho boloka chelete kapa letlotlo
polokelong bakeng sa tsoala ya kamoso; ho ipehela leruo polokelong ka sepheo sa ho
kotula ka mora keketseho. Ho ipehela letsete. Hoa poone: ketso ya ho epela poone,
haholo kgoahla, ka tlasa mobu o mongobo bakeng sa tshebediso ya kamoso.
Tsetolla (tsi-tul-la) /dig out, exhume/ Ho ntsha se neng se epetsoe tlasa mobu kapa
sebakeng se patehileng; ho epolla se epetsoeng.
Tsetolla (tsi-tul-la) /to withdraw, pull out, disclaim/ Ketsello ya ho tsetela: ho nka
seo se neng se bolokiloe polokong; ho ntsha seo se neng se patiloe kapa se babaletsoe.
Tsetollo (tsi-tul-law) /withdrawal, recall, repudiation/ Ketso ya ho tsetolla: ho nka
seo se neng se bolokiloe polokong; ho ntsha seo se neng se patiloe kapa se babaletsoe.
783
784
784
785
785
786
786
787
787
788
mosehla, sesehla). Mael. Mpa tshehla ha e bolaye: ha feela motho a jele a kgotshe,
tseding ha di hlokahale.
Tshehlana (ts-he-hla-na) /light yellow/ E bosehla bo hlakileng haholo; e tshehla bo
hlakileng.
Tshehlana (ts-he-hla-na) /of a female animal colour: yellowish/ Hoa mmala wa
phoofolo e tshehadi: e mmala wa mothoebe wa lehe.
Tshehlana (ts-he-hla-na) /of a female: light in complexion/ Hoa mmala wa motho e
motshehadi: ya letlalo le hlakileng haholo. Mosetsana ya motle ha a hlalosoa ho ya ka
mmala wa hae. /bon. botshehlana/ (bap. Setshoana) Tem. Tlhaloso ya lentsoe lena,
“tshehlana” ha e bolele hore motho e mosoeu o motle hofeta e motsho.
Tshehlo (ts-he-hlaw) /thorn/ Motsu o hlabang o fumanoang mefuteng emeng ya
dimela; karolo ya semela e nang le motsu o bohale, o sehang seka mmutloa. /bon.
ditshehlo/ (bap. lehlabihlabi, mmutloa).
Tshekalla (ts-hi-kal-la) /to move across the mountain/ Ho tsamaya kapa ho tsamaisa
ka ho ya hodimo ka letsoapo, thapa kapa moepa. Ho tsamaya ka lehlakore la thaba.
Tshekallisa (ts-hi-kal-li-sa) // Ketsiso ya ho tshekalla: ho baka motsamao o lebaneng
le thaba kapa letsoapo. Ho tsamaya mothating wa thaba, letsoapo kapa leralla.
Tshekalliso (ts-hi-kal-li-so) /mountaineering/ Ketso ya ho tshekallisa: motsamao ka
lehlakore la thaba; motsamao mothating wa thaba, letsoapo kapa leralla.
Tshekallisoa (ts-hi-kal-li-swa) // Boetsuwa ba ho tshekallisa.
Tshekallo (ts-hi-kal-law) /perpendicular movement/ Ketso ya ho tshekalla: ho
tsamaya ka lehlakore la ho ya hodimo ka letsoapo, thapa kapa moepa. (bap.
motshekalle).
Tshekamelo (ts-he-ka-me-law) /bias, bigotry, partiality/ Ketso ya ho sekamela: ho
bontsha leeme ka ho etsetsa dintho ka tsela kapa mokgoa o sa tshoaneng; ho ba ka
lehlakoeng kapa ho nka lehlakore. Boemo ba ho ba ka lehlakoreng leleleng. Tloaelo
ya ho etsa ketso tse itseng ka tsela tse sa tshoaneng. (bap. leeme).
Tshekamiso (ts-hi-ka-mi-so) /causing leaning, bending/ Ketso ya ho sekamisa: ho
etsa, kapa ho baka hore mmele o lebe fatshe kapa tlase; ho baka boemo ba ho isa
boima ba ntho kapa mmele tlase ka ho koba kapa ho paqamisa.
Tshekamo (ts-he-ka-maw) /leaning, divergence, bending/ Ketso ya ho sekama: ho
lebisa mmele fatshe kapa tlase; ho isa boima ba mmele kapa ntho tlase; ho shebisa
mmele fatshe ka ho koba kapa ho paqama. Ho ya ka lehlakoreng leleng.
Tshekatsheko (ts-he-kats-he-kaw) /analysis, evaluation, probe/ Ketso ya ho
sekaseka: ho shebana le ntho ka ho phenyokolla le ho batlisisa boemo ba yona; ho
etsa diphuputso kgahlanong le boemo bo itseng ka ho batla nnete kapa bonnete ba
taba. Mokgoa wa ho etsa teko ka se rutiloeng. /bon. Ditshekatsheko/.
Tshekehelo (ts-hi-ke-he-law) /attentiveness, submissiveness/ Ketso ya ho sekehela:
ho mamela ka hloko; ho etsa taelo ka pelo e tshoeu; ho elahloko se buuwang le ho nka
ditaelo ntle le ho tsilatsila.
Tshekiso (ts-he-ki-so) /tears shedding/ Ketso ya ho sekisa meokgo: ponahalo ya
dikgapha mahlong e bakoang ke ho thaba, ho kgena kapa ho hopola ketsahalo e
itseng. (bap. Sekiso).
Tshela (ts-hi-la) /six/ Palo e ka hodimo ho hlano, empa e le ka tlase ho supa; metso e
nang le botshelela. (bap. tshelela)
Tshela (ts-hi-la) /to cross/ Ho tloha ka nqena ka sepheo sa ho ya ka nqane; ho ya
sebakeng seseng ka ho feta noka kapa moedi. Mael. Mahlo a tshela noka e tletse:
mahlo a bona moo monga ona a kekeng a fihla teng; mahlo a bona le moo holeng
kotsi le ha monga ona a keke a atamela moo.
788
789
Tshela (ts-he-la) /pour/ Ho kenya metsi kapa lero ka hara setshelo; ho beha metsi
kapa lero sebakeng se batloang ke ya etsang joalo.
Tsheleha (ts-he-le-ha) /passable/ Se kgonang ho feteha kapa ho tloleha; seo holeng
bobebe ho se tshela ka ho ya mosoung o mong.
Tshelela (ts-hi-le-la) /six/ Palo e ka hodimo ho hlano, empa e le ka tlase ho supa;
metso e nang le botshelela. Tem. Batho babang ba bitsa palo ena “tshela”.
Tshelela (ts-hile-la) /to cross over/ Ketsetso ya ho tshela: ho ya ka lehlakoreng leleng
la noka; ho ya ka mosoung omong.
Tshelelo (ts-hi-le-law) /bridging/ Ketso ya ho tshelela: ho ya ka lehlakoreng leleng la
noka; ho ya ka mosoung omong. Hoa thuto: (bridging course) Mokgoa wa thuto ya
ho nka mocha omong ka mora ho qeta thuto ya pele. /bon. Ditshelelo/.
Tshelo (ts-he-law) /grocery stocking, bulk buying/ Ketso ya ho sela: ho reka dijo ka
kakaretso lebenkeleng; ho ya batlana le se jewang ka ho se reka ka bongata kapa
sehlopha. Theko ka bongata.
Tshema (ts-he-ma) /to bewitch/ Ho loya: ho sebedisa moriana le mothokgo wa boloi
bakeng sa ho hlokofatsa, bolaya, kudisa, holofatsa kapa ho phethahatsa ditakatso tsa
memeya e mebe. Ho etsa diketso tsa moloi kapa satane. (bap. loya).
Tshemaro (ts-hi-ma-raw) /disorganization/ Ketso ya ho semara: ho kopakopanya
motho kapa boemo ka ho etsa diketso tse sitisang kapa tse etsollang se reriloeng.
Tshematshema (ts-he-mats-he-ma) /to be a witch, wizard/ Ho tsamaya hara bosio ka
sepheo sa ho loya; ho etsa diketso tsa moloi; ho sebedisa meriana le methokgo ya
boloi bakeng sa ho hlokofatsa, bolaya, kudisa, holofatsa kapa ho phethahatsa ditakatso
tsa memeya e mebe. Ho etsa diketso tsa moloi le satane.
Tshematshemo (ts-he-mats-he-maw) /witchcraft, wizardry/ Ketso ya ho
tshematshema: mokgoa le tloaelo ya motho ya loyang: ya sebedisang meriana le
methokgo ya boloi bakeng sa ho hlokofatsa, bolaya, kudisa, holofatsa kapa ho
phethahatsa ditakatso tsa memeya e mebe. Diketso tsa moloi. (bap. boloi).
Tshemedi (ts-he-me-di) /Red-backed Shrike/ Mofuta wa nonyana mokokotlo kapa
bokamorao bo bokgubedu kapa e thokoa. /bon. ditshemedi/.
Tshemo (ts-he-maw) /bewitching, witchcraft/ Ketso ya ho tshema: ho loya kapa ho
sebedisa meriana le methokgo ya boloi bakeng sa ho hlokofatsa, bolaya, kudisa,
holofatsa kapa ho phethahatsa ditakatso tsa memeya e mebe. Ho etsa diketso tsa
moloi. (bap. boloi).
Tshenolo (ts-he-nu-law) /revelation, exhibition, disclosure/ Ketso ya ho senola: ho
beha pepeneneng; ho hlahisa pontsheng kapa moo mang le mang a bonang; ho
utloahatsa le ho hlalosa ka tsela eo mang le mang a utloisisang. /bon. ditshenolo/
Tshenolo (ts-he-nu-law) /bible book of revelation/ Buka ya ho qetela ya bibele ya
testamente e ncha. Buka ya mashome a mabedi le metso e supileng ya bibele ya
testamente e ncha. (mm. tsenolo).
Tshenyane (ts-hen-ya-ne) /maggot/ Seboko kapa diboko tse hlahang mmeleng wa
motho kapa phoofolo e shoeleng; seboko kapa diboko tsa setopo se senyehileng
haholo. /bon. ditshenyane/.
Tshenyehelo (ts-hin-ye-he-law) /expense/ Ketso ya ho senyeheloa: ho lahleheloa ke
moputso kapa chelete ka lebaka la ho reka haholo; boemo ba tshebediso e ngata ya
chelete; tahlehelo e bakoang ke ho lefa haholo hofeta kamoo ho hlokahalang ka
teng. /bon. ditshenyehelo/ (bap. tjeho).
Tshenyehelo (ts-hin-ye-he-law) /miscarriage/ Ketso ya ho senyeheloa kapa ho
lahleheloa ke lesea nakong ya peleho; tahlehelo ya bophelo ba lesea mpeng ya
moimana (mokgachane).
789
790
790
791
791
792
Tsheso (ts-hi-saw) /urination/ Ketso ya ho sesa hoa ngoana kapa lesea: ho ntsha
metsi a sa hlokoeng ke mmele ka setho sa botona kapa sa botshehadi; ho ntsha moroto
ka kooma kapa sepantu. (bap. moseso).
Tshethema (ts-hit-hi-ma) /jump, run swiftly/ Ho tlola kapelenyana ka sepheo sa ho
koekoetla ntho e ka hatoang ka phoso; ho isa mmele hodimo ka ho phahamisa maoto.
Tshethemisa (ts-hit-hi-mi-sa) /cause to jump/ Ketsiso ya ho tshethema: ho thusa
kapa ho baka emong a tlole kapelenyana ka sepheo sa ho koekoetla ntho e ka hatoang
ka phoso; ho thusa motho emong ho isa mmele hodimo ka ho phahamisa maoto.
Tshethemiso (ts-het-hi-mi-so) /jumping/ Ketso ya ho tshethemisa: thuso e fuwang
motho ya batlang ho tlola kapelenyana ka sepheo sa ho koekoetla ntho e ka hatoang
ka phoso.
Tshethemo (ts-hit-hi-maw) /jumping, swift running/ Ketso ya ho tshethema: ho
tlola kapelenyana ka sepheo sa ho koekoetla ntho e ka hatoang ka phoso; ho isa
mmele hodimo ka ho phahamisa maoto.
Tshetleha (ts-hi-tle-ha) /articulate/ Ho bua ka bokgabane ka ho sebedisa kgetho ya
mantsoe a monate mmoho le polelo e ntle; ho bua joalo ka kgeleke kapa motho ya
tsebang ditaba tsa hae.
Tshetleha (ts-hi-tle-ha) /place against/ Ho beha ntho ka bolelele ba yona babapi le
lebota kapa ntho e otlolohileng; ho beha ka ho tshekallisa hodimo.
Tshetlehela (ts-hi-tle-he-la) /to reason/ Ho bua ka ho beha mabaka kapa lebaka le
bakileng boemo bo itseng; ho bua ka ho ikarabella mabapi le tlhaselo ya mantsoe a
lebisitsoeng ho ya hlaseloang; ho fetola ka bokgabane dipotso tse botsoang.
Tshetlehelo (ts-hi-tle-he-law) /reasoning/ Ketso ya ho tshetlehela: ho bua ka ho beha
mabaka kapa lebaka le bakileng boemo bo itseng; ho bua ka ho ikarabella mabapi le
tlhaselo ka mantsoe a lebisitsoeng ho ya hlaseloang; ho fetola ka bokgabane dipotso
tse botsoang.
Tshetleho (ts-hi-tle-haw) /articulation/ Ketso kapa boemo ba ho bua ka bokgabane
ka ho sebedisa kgetho ya mantsoe a monate mmoho le polelo e ntle; ho bua joalo ka
kgeleke kapa motho ya tsebang ditaba tsa hae.
Tshetleho (ts-hi-tle-haw) /placing against/ Ketso ya ho tshetleha kapa ho beha ntho
ka bolelele ba yona babapi le lebota kapa ntho e otlolohileng; ho beha ka ho
tshekallisa hodimo.
Tshetlela (ts-hi-tle-la) /to have foot stability/ Ho ema kapa ho beha maoto fatshe ka
tsela eo ho wa ho kekeng hoa etsahala; ho ipeha boemong ba ho se wele fatshe ka ho
etsa diketso tse itseng; ho tseparela fatshe ka sepheo sa ho qoba ho wela kapa ho
diwa; ho tiisa mmele ho qoba ho wela kapa ho diwa.
Tshetlelo (ts-hi-tle-lo) /foot stability/ Ketso ya ho tshetlela kapa setlela: ho ema kapa
ho beha maoto fatshe ka tsela eo ho wa ho kekeng hoa etsahala; ho ipeha boemong ba
ho se wele fatshe ka ho etsa diketso tse itseng; ho tseparela fatshe ka sepheo sa ho
qoba ho wela kapa ho diwa; ho tiisa mmele ho qoba ho wela kapa ho diwa.
Tshetlo (ts-hi-tlaw) /thwacking/ Ketso ya ho setla: ho otla ha bohloko ka letsoho. Ho
mamola ka tsela e mpe, e utloisang ya nathoang bohloko.
Tshetshe (ts-hets-he) /baby urine/ Moroto wa ngoana; moseso wa lekgabunyane;
moroto wa lesea. Tlh. Batho babang ba kgetha ho sebedisa lentsoe, “sese” bakeng sa
“tshetshe”. (bap. moseso, sese).
Tshetshekoane (ts-hets-he-kwa-ne) /high heel/ Boemo ba bohato ba leoto bo emeng
ka menoana ya maoto. /bon. ditshetshekoane/ Mael. Ho ema ka ditshetshekoane: ho
ba le mmele o motle, o otlolohileng, o molelele hantle. (mm. Tsetsekoane).
792
793
Tshetshema (ts-hets-he-ma) /to run by using toe tips/ Ho matha kapelenyana hoa
motho kapa ntho e bofefo haholo; ho matha joalo ka ntho e fefohang. Ho matha ka ho
sebedisa menoana ya maoto. (bap. Tshematshema).
Tshetshemisa (ts-hets-he-mi-sa) // Ketsiso ya ho tshetshema: ho baka ho tshetshema.
Tshetshemiso (ts-hets-he-mi-so) // Ketso ya ho tshetshemisa: ho baka ho tshetshema.
Tshetshemo (ts-hets-he-maw) /toe tips running/ Ketso ya ho tshetshema: ho matha
kapelenyana hoa motho kapa ntho e bofefo haholo; ho matha joalo ka ntho e
fefohang. Mokgoa wa ho matha ka ho sebedisa menoana ya maoto.
Tshetshetha (ts-hits-hit-ha) /roam, meander, ramble/ Ho tsamaya hohle ka sepheo
se hlokang bohlokoa. Ho ya hodimo le tlase.
Tshetshethaka (ts-hits-hit-ha-ka) /to roam repeatly/ Phetako ya ho tshetshetha.
Tshetshethako (ts-hits-hit-ha-kaw) /repeat roaming/ Ketso ya ho tshetshathaka.
Tshetshethile (ts-hits-hi-ti-le) /roamed/ Bokgale ba ho tshetshetha.
Tshetshetho (ts-hits-hit-haw) /roaming, meandring/ Ketso ya ho tshetshetha: ho
tsamaya hohle ka sepheo se hlokang bohlokoa. Tloaelo ya ho ya hodimo le tlase.
Tshia (ts-hi-a) /pillar/ Se tshihetsang moaho kapa ntlo e phahameng; se etsang hore
moaho o moholo o tsitse. /bon. ditshia/ (sheb. Moaho/meaho) (mm. Tshiya, tsia).
Tshiatshiano (ts-hia-ts-hia-naw)/unequal, dissimilarity, variableness/ Ketso ya ho
siasiana: ho se lekane ka theko, boima, nako, seemo, sebopeho kapa boleng.
Tshiba (ts-hi-ba) /feather/ Seaparo sa nonyana kapa kgoho se hlobehang kapa se
hlothehang. /bon. Masiba/ (bap. lesiba) Mohl. Tshiba tsa phikoko di ntle haholo.
Mael. Ho aha ka tshiba tsa emong: ho sebedisa bohlale, leano, leqheka kapa kakanyo
ya motho emong ho phethahatsa morero wa hao. Mael. Nonyana e haela ka tshiba tsa
enngwe: motho o hloka thuso ya babang ho atleha kapa ho phethahatsa seo a batlang
ho se etsa.
Tshibollo (ts-hi-bol-law) /discovery, ascertainment/ Ketso ya ho sibolla: ho fumana
lekgetlo la pele; ho ba wa pele wa ho thola kapa ho etsa ketso kapa ketsahalo; ho ba
ya fumanang boemo; ho ba moqapi qa boemo.
Tshidilo (ts-hi-dilaw) /massage/ Ketso ya ho sedila (sidila): tsamaiso ya letsoho kapa
menoana mmeleng ha monate; ho pikitla mmele ha monatjana, ka tsela e hlasimollang
mmele. Ho ngoaya ha monate.
Tshidisa (ts-hi-di-sa) /condole, console/ Ho kokobetsa bohloko ba maikutlo a motho
ya lahlehetsoeng ke molekane, ngoana, ntho kapa motsoalle. Ho bua mantsoe a
kutloelo bohloko mabapi le motho ya lahlehetsoeng. (bap. Tshediso).
Tshidiseha (ts-hi-di-se-ha) /consolable/ E kgonang ho nka kapa ho amohela
matshidiso; e boemong ba ho ananela se sebe se hlahileng ka mora ho tshedisoa.
Tshidiseho (ts-hi-di-se-haw) /consolableness/ Boemo ba ho tshediseha kapa ho
ananela se sebe se hlahileng ka mora ho tshedisoa.
Tshidiso (ts-hi-di-so) /condolence, consolation/ Ketso ya ho tshedisa: ho kokobetsa
bohloko ba maikutlo a motho ya lahlehetsoeng ke molekane, ngoana, ntho kapa
motsoalle. Ho bua mantsoe a kutloelo bohloko mabapi le motho ya lahlehetsoeng.
Tshidiso (//) /born after family disaster/ Moshanyana ya hlahileng ka mora
mahlomola kapa bohloko ba lelapa. /bon. botshidiso/.
Tshietsa (ts-hi-etsa) /support, back, aid, subsidize/ Ho matlafatsa boemo ba
sehlopha kapa mokga ka ho bua dipuo tsa thoholetso; ho matlafatsa boemo ba motho
ka ho dumellana le yena; ho fana ka thoholetso bakeng sa tlholo. Ho etsa hore ntho e
se wele ka ho beha ntho e tiisang boemo ba yona. Ho thusa ka chelete; ho tshihetsa ka
leruo kapa letlotlo. (bap. tshehetsa).
793
794
794
795
795
796
796
797
797
798
798
799
799
800
800
801
TSHOENE, DITSHOENE
Tshoenya (ts-hwen-ya) /to trouble, wayward/ Ho baka mathata; ho etsa hore boemo
bo hloke kgutso; ho atisa pherekano; ho hlopha ka diketso tse latellanang.
Tshoenyeha (ts-hwen-ye-ha) /troubled/ Ho ba boemong bo kgathatsang maikutlo; ho
ba boemong bo hlokang kgutso; ho ba makgatheng a ho hlopheha monahano.
Tshoenyeho (ts-hwen-ye-haw) /disturbance, troublesomeness/ Ketso ya ho
tshoenyeha: boemo bo kgathatsang maikutlo; boemo bo hlokang kgutso; ho ba
makgatheng a ho hlopheha monahanong. /bon. matshoenyeho/ Tem. Batho le
bangodi ba bangata ba sebedisa lentsoe lena “tshoenyeho” le le ka bongateng joalo ka
ha eka ha le na bonngwe.
Tshoenyo (ts-hwen-yaw) /troublesomeness/ Ketso ya ho tshoenya kapa ho baka
mathata; ho etsa hore boemo bo hloke kgutso; ho atisa pherekano; ho hlopha ka
diketso tse latellanang. /bon. matshoenyeho/ Tem. Batho le bangodi ba bangata ba
sebedisa lentsoe lena “tshoenyo” le le ka bongateng joalo ka ha eka ha le na bonngwe.
Tshoenyo (ts-hwen-yo) /insult by nose movement/ Ketso ya ho soenya: ho famola
nko kapa molomo: ho sotha nko le molomo ka tsela ya ho rohaka. (mm. Tshwenyo).
Tshoenyoa (ts-hwen-wa) /troubled/ Boetsuwa ba ho tshoenya. (mm. Tshwenyoa).
Tshoephenena (ts-hwep-he-ne-na) /maneuver, manoeuvre/ Ho sebedisa bohlale
kapa matshoephenene bakeng sa ho rarolla qaka e itseng: Bohlale ba ho thola tharollo
enngwe ya ho phethahatsa sepheo se batloang. (bap. matshoephenene).
Tshoepheneno (ts-hwep-he-ne-naw) /maneuvering, manoeuvring/ Ketso ya ho
tshoephenena: tshebediso ya matshoephenene kapa letshoephenene: Bohlale ba ho
thola tharollo enngwe ya ho phethahatsa sepheo se batloang. (bap. matshoephenene).
Tshoere (ts-hwe-ri) (tshwere) /arrested/ Ya kapa e boemong ba ho tshoaroa: e
makgatheng a ho isoa ntloanatshoana. Mael. Leshodu ke le tshoeroeng: motho ya
tshoeroeng a utsoa ke yena leshodu, empa ya sa tshoaroang a etsa joalo ha se lona.
Tshoeroe (ts-hwe-rwi) (tshwerwe) /arrested/ Boetsuwa ba ho tshoara.
Tshoetshoetshoe (ts-hwets-hwets-hwe) /oily, oilyness/ E tletseng mafura haholo; e
mongobo wa mafura; e nang le kutloahalo ya mafura. (bap. motshoetshoe).
Tshoeu (ts-hwe-u) /of colour: white, light/ E mmala wa lehloa; e kganyang hofeta
mebala kaofela. (bap. Bosoeu, mosoeu) (mm. Tshweu, bosweu, mosweu).
801
802
802
803
loana kapa ho halefa. Tem. Letsoe lena, “tshokelo” kapa “sokela” ha se la puo ya
sekone feela, le Basotho ba le sebedisa. (mm. Sukela).
Tshoko (ts-haw-kaw) /pap cooking/ Ketso ya ho soka: mokgoa wa ho fuduha bohobe
bo phehoang; tsela ya ho fuduha bohobe nakong ya ho pheha ka sepheo sa ho bo
kopanya le ho bo butsoisa.
Tshokodiso (ts-ho-ko-di-so) /troublesomeness/ Ketso ya ho sokodisa: ho hlopha ka
diketso kapa dipuo; ho etsa hore emong a thole bothata kapa a hlolehe ka lebaka la ho
thatafatsa maemo.
Tshokoleho (ts-hu-ku-le-haw) /insufficiency, deficiency, scarce/ Ketso ya ho
sokoleha: ho ba boemong ba ho fumana se batlahalang ka boima; ho thola se batloang
ka bothata. Bothata ba ho fumana se batloang. (bap. leqeme).
Tshokollo (ts-ho-kol-law) /repentance/ Ketso ya ho sokolla: ho tlohedisa bobe. Ho
tlohedisa ketso tsa kgale tse mpe. Ho tlosa diketsong le mekgoa ya kgale, e fetileng.
Tshokolo (ts-hu-ku-law) /struggling, suffering/ Ketso ya ho sokola: ho hula ka thata
ka baka la ho futsaneha kapa ho hlopheha; ho kopana le mathata a sitisang tsoelopele.
Tshokoloho (ts-hu-ku-lu-haw) /repentance, compunction, sorriness/ Ketso ya ho
sokoloha: ho tlohela bobe; ho tlohela ketso tsa kgale tse mpe; ho lesa diketso le
mekgoa ya kgale e fetileng.
Tshola (ts-hu-la) /to serve food/ Ho lokisa dijo bakeng sa ho fepa batho ba jang; ho
lokisa dijo tse butsuweng (butsuitseng) ka ho di ntsha sejaneng kapa pitseng bakeng
sa ho phomosetsa. Mael. Bo tsholoa bo chesa, bo tsohe bo fodile: maikutlo a khalefo
a kokobela ha nako e ntse e tsamaya. Mael. Ho tshola tlhako morong: ho baleha ka
lebelo le leholo.
Tshola (ts-hu-la) /shift, remove/ Ho tlosa ntho e itseng, haholo bolo ya maoto,
sebakeng seseng ka sepheo sa ho e balehisa ho ya sebakeng seseng. Mohl. Steve
Lekoeleha o tseba ho tshola bolo hantle nakong ya papadi ya bolo ya maoto.
Tsholela (ts-hu-le-la) /serve for, cater/ Ketsetso ya ho tshola: ho tshola bakeng sa.
Tsholelo (ts-hu-le-law) /serving, catering/ Ketso ya ho tsholela: ho tshola dijo
bakeng sa motho emong.
Tsholla (ts-hul-la) /spill, scatter, shed/ Ho ntsha metsi nthong e itseng; ho lahla kapa
ho ntsha lero setshelong; ho dutlisa madi, metsi kapa lero ka ho baka hore le tsoe moo
leleng teng. Ho lebisa metsi kapa lero nqa enngwe.
Tshollo (ts-hul-law) /spilling, shedding/ Ketso ya ho tsholla: ho ntsha metsi nthong e
itseng; ho lahla kapa ho ntsha lero setshelong; ho dutlisa madi, metsi kapa lero ka ho
baka hore a tsoe moo a leng teng. Ho lebisa metsi kapa lero nqa enngwe; ho etsa hore
metsi kapa ntho metsi e phophothehe kapa e fele ka setshelong.
Tsholo (ts-hu-law) /serving, catering/ Ketso ya ho tshola: ho lokisa dijo bakeng sa ho
fepa batho ba jang; ho lokisa dijo tse butsuweng ka ho di ntsha sejaneng kapa pitseng
bakeng sa ho phomosetsa.
Tsholo (//) /caterer/ Motho ya tsholang dijo: eo mosebetsi wa hae eleng ho lokisa
dijo bakeng sa ho fepa batho ba jang; ho lokisa dijo tse butsuweng ka ho di ntsha
sejaneng kapa pitseng bakeng sa ho phomosetsa. /bon. botsholo/ (mm. Tsolo).
Tsholo (ts-hu-law) /shifting, removal/ Mokgoa wa ho tlosa ntho e itseng sebakeng
seseng ka sepheo sa ho e balehisa ho ya ho seseng. Mohl. Jomo Sono o tloaetse
tsholo ya bolo nakong ya papadi e bohale ya ditlhodisano.
Tshomano (ts-haw-ma-no) /teasing, baiting/ Ketso ya ho somana: tloaelo ya ho
utloisana bohloko ka bosoasoi kapa dipuo tse phoqang. (bap. mosomi) (mm. Kwara).
803
804
Tshomo (ts-hu-maw) /tale, myth, fary tale, folk tale/ Pale eo ketsahalo ya yona e sa
itshetlehang nthong ya nnete; ketsahalo e sa etsahalang ka sebele; moqoqo o hlokang
bonnete; moqoqo kapa pale ya matsiboya e etsoang ha ho dutsoe ifo. /bon. ditshomo/.
Tshomo (ts-haw-maw) /teasing/ Ketso ya ho soma: ho soasoa ka tsela e utloisang
bohloko; ho bua dipuo tse utloisang emong bohloko. (bap. sesomo).
Tshoo! (ts-hoo) /exclamation: sudden lights off/ Lekgotsa le bontshang tsela eo ntho
eleng ntsho ka yona; lekgotsa lesebedisoang ho hlalosa boemo ba lefifi.
Tshopodi (ts-ho-po-di) /awkward, cumbersome, unmanageble/ Eo hoseng bobebe
ho e etsa; eo holeng thata ho e sebedisa kapa ho e utloisisa.
Tshopodi (ts-ho-po-di) /diagonal/ Hoa sebopeho sa chebahalo ya ntho: e sa emang ka
ho otloloha ha e bapisoa le boemo kapa sebopeho se otlolohileng; e paroletsang ka ho
nka tsela e shebileng nqa ya moo tse ding di sa shebang teng. (bap. sekoekoe).
Tshosa (ts-ho-sa) /to scare, scary, to threat/ Ho baka letsoalo le be teng; ho etsa
ketso e atisang kapa e kenyang tshabo; ho bua taba e phahamisang kapa e nyarosang
maikutlo.
Tshosana (ts-ho-sa-na) /scare each other/ Ketsetsano ya ho tshosa: ho tshosa emong,
mme le yena a tshose ya mo tshositseng.
Tshosane (ts-hu-sa-ne) /intimidator/ Motho ya tshosang babang: ya kenyang tshabo
le letsoalo pelong tsa batho. /bon. botshosane/ (mm. Tsosane, setshosa).
Tshosano (ts-ho-sa-naw) // Ketso ya tshosana: ho tshosa emong, mme le yena a
tshose ya mo tshositseng.
Tshosetsa (ts-ho-se-tsa) (itshosetsa)// Ho etsa eka motho o tseba haholo empa ho se
joalo; ho etsa diketso tsa tsebanyane kapa setsebi ka tsela e ntle; ho itloaetsa ho etsa
diketso tse itseng ka bokgabane ntle le thupello. Mohl. Thabo o wa itshosetsa
(tshosetsa) ha ho ntho eo a e tsebang.
Tshosetsa (ts-ho-se-tsa) // Ho baka boemo bo hlolehisang phetahalo ya tebello ya
morero o itseng; ho nyopisa tebello e batloang ka diketso tse bohlasoa.
Tshosetso (ts-ho-se-tso) // Ketso ya ho tshosetsa; mokgoa wa ho etsa eka motho o
tseba haholo empa ho se joalo; ho etsa diketso tsa tsebanyane kapa setsebi ka tsela e
ntle; ho itloaetsa ho etsa diketso tse itseng ka bokgabane ntle le thupello.
Tshosetso (ts-ho-se-tso) // Mokgoa wa ho baka boemo bo hlolehisang phetahalo ya
tebello ya morero o itseng: ho nyopisa tebello e batloang ka diketso tse bohlasoa.
Tshositse (ts-ho-si-tse) /threaten/ Ho bua puo ya tshoso; ho bua se tshosang eo ho
buuwang le yena. Bokgale ba ho tshosa.
Tshoso (ts-ho-saw) /scaring, frightening, threat(s)/ Ketso ya ho tshosa: ho baka
letsoalo le be teng; ho etsa ketso e atisang kapa e kenyang tshabo; ho bua taba e
phahamisang kapa e nyarosang maikutlo. /bon. Ditshoso/. (bap. botlola).
Tshosobanyo (ts-haw-saw-ban-yaw) /disfiguring/ Ketso ya ho sosobanya: ho senya
chebeho kapa tshobotsi ka ho baka mohoashe kapa maqhutsu.
Tshotelo (ts-haw-te-law) /approach, advancement, nearing/ Ketso ya ho sotela: ho
tla haufi; ho atamela pela. Katamelo.
Tshotetsi (ts-ho-te-tsi) (tsotetsi) /approacher/ Motho ya sotelang: ya boemong ba ho
atamela kapa ho tla haufi le ntho eitseng. Moatamedi.
Tshotetso (ts-ho-te-tso) /approachability/ Ketso ya ho sotetsa: ho tlisa ntho
haufinyane le motho ya e batlang; ho atametsa pela sebaka seo e tlamehang ho ba
haufi le sona. Boemo ba ho atametsa haufi.
Tshotho (ts-hawt-haw) /distortion/ Ketso ya ho sotha: ho pelekanya kapa ho etsa
hore ntho e seke ya otloloha.
804
805
805
806
TSHUKUDU
TSHUMU (TSUMU)
Tshumu (ts-hu-mu) /of a colour of male animal:/ Hoa mmala wa phoofolo e tona: ??
Tshunano (ts-hu-na-naw) /kissing each other/ Ketso ya ho sunana: ho thetsana ka
dipounama ho bontsha lerato; ho thetsana ka molomo ho bontsha tumediso; ho aka ka
baka la lerato kapa tumediso.
Tshuneho (ts-hu-ne-haw) /kissing/ Ketso ya ho suneha: boemo ba ho kgona ho sunoa
ha bonolo; bobebe ba ho suna: eo ho e suna ho hlokang bothata..
Tshuno (ts-hu-naw) /a kiss/ Ketso ya ho suna: Ho thetsana ka dipounama ho bontsha
lerato; ho thetsana ka molomo ho bontsha tumediso; ho aka ka baka la lerato kapa
tumediso. (bap. meto, kako).
Tshunyatshunyo (ts-hun-yats-hun-yaw) /interference/ Ketso ya ho sunyasunya kapa
ho itshunyatshunya: ho kena taba kapa ditaba ntle le ho mengoa; ho ba ketsahalong
ntle le ho batlahala; ho bua taba kapa ho fana ka maikutlo ntle le ho kopjoa. (bap.
boitshunyatshunyo, boitshohlometso, boitshotlometso, tshotlometso).
806
807
Tshuo (ts-hu-aw) (tshuho) // Ketso ya ho suwa: ho etsa hore letlalo, kobo kapa
seaparo se be bonolo ka ho se sotha ka matsoho kapa ntho e itseng; ho hlatsoa ka ho
phetholaka; ho sebedisa phalo bakeng sa ho nolofatsa lekoko kapa letlalo la phoofolo.
Tshupa (ts-hu-pa) /moth/ Mofuta wa kokoanyana e tshoana e jang peo ya poone,
mabele le tse ding tsa dijalo. /bon. ditshupa/.
Tshupanako (//) /watch, clock/ Sesebedisoa se bontshang nako ka ho tsamaya hoa
manaka a sona a supang motsotsoana, motsotso le hora ya letsatsi. Sesebedisoa se
supang le ho bontsha motsotsoana, motsotso le hora ya letsatsi. /bon. ditshupanako/
Tshupiso (ts-hu-pi-so) /direction/ Ketso ya ho supisa: pontsho ya sebaka; ho bontsha
ka ho lebisa letshwao, monoana kapa letsoho nqa ya seo ho buuwang ka sona; ho
lebisa monoana lehlakoreng la ntho eo ho buuwang ka yona. Ho hlalosetsa ka puo
kapa monoana.
Tshupo (ts-hu-paw) /pointing, showing, proving, demonstration/ Ketso ya ho supa:
ho sebedisa monoana, letsoho kapa ntho e itseng bakeng sa ho bontsha; ho etsa
pontsho kapa sesupo ka ho etsahatsa ketso e itseng; ho bontsha ka ho lebisa monoana
kapa letsoho nqa ya ntho eo ho buuwang ka yona. Ho hlalosa ka puo, monoana kapa
letsoho. (bap. pontsho, sesupo).
Tshuthiso (ts-hut-hi-saw) /removal/ Ketso ya ho suthisa: ho etsa hore ntho e itseng e
suthe; e tlohe sebakeng seseng ho ya ho seseng. (bap. suthiso).
Tshutho (ts-hut-haw) /move out, remove, spacing, retreat/ Ketso ya ho sutha: ho
tloha tseleng kapa mmileng ka sepheo sa ho qoba se tlang; ho tloha sebakeng ka ho ya
ka lehlakoreng leleng; ho tsamayela nqa enngwe ka ho balehela kotsi. Ho koekoetla
ka ho balehela. (bap. kgoecha, checha).
Tshutshumeletso (ts-huts-hu-me-le-tso) /coercion, force/ Ketso ya ho susumeletsa:
ho qobella ho etsa ketso e itseng; ho baka hore ho etsahale ketso e itseng ka sheshe.
Tshutshumetso (ts-huts-hum-etso) /influence, instigation, rhetoric/ Ketso ya ho
susumetsa: ho baka hore motho a etse ketso ka qobello; ho qobella kapa ho eletsa
emong ho nka qeto ka ho bua dipuo tse itseng; ho beha emong boemong ba ho
phethahatsa ketso ka bokgabane ba puo le mantsoe a yona. /bon. ditshutshumetso/.
Tshutsu (ts-hu-tsu) /sharp pointed/ Enang le bokapele bo hlabang; e nang le
bokapele bo bohale, bo kgonang ho hlaba ha bonolo. (bap. tsutsudupa).
Tshutsu (ts-hu-tsu) /steak/ Karolo ya nama, haholo ya kgomo, e hlokang masapo le
mafura. /bon. Ditshutsu/.
Tshututsano (ts-hu-tu-tsa-naw) /stampede/ Ketso ya ho sututsana: moferefere o
bakang ho hatana hoa diphoofolo kapa batho ba bangata; letshethetshethe le bakang
ho dielana, ho jethemana le boemo ba semphete ke o fete. /bon. ditshututsano/.
Tshututso (ts-hu-tu-tso) /pushing, a push/ Ketso ya ho sututsa: ho isa pele ka ho
sebedisa matla; ho lebisa pele ka ho tsitsinya ka ho tsamaisa ho tloha sebakeng seseng
ho ya ho seseng.
Tsibola (tsi-bo-la) /discover, invent, originate, pioneer/ Ho tlisa ketsahalo kgetlo la
pele; ho ba moqapi wa pele wa ntho e itseng; ho ba pulamadiboho wa boemo bo
itseng. (bap. sibolla, lesupatsela, pulamadiboho).
Tsibolo (tsi-bo-law) /discovery, invention, pioneering/ Ketso ya tsibola kapa ho tlisa
kgetlo la pele; boqapi ba pele ba ntho e itseng; pulamadiboho ya boemo bo itseng.
Tsiboloa (tsi-bo-lwa) /discovered, invented/ Boetsuwa ba ho tsibola.
Tsie (tsi-e) /locust/ Enngwe ya diphoofotsoana, seka lerutle, e tsamayang ka ho fofa
ka bongata, e manakana a makgutshoane, e ratang ho ja dijalo ka ho senya. /bon.
ditsie/ (bap. lerutle). Mael. Tsie di jana seropong: Batho ba leloko kapa mofuta o le
mong ha o loantshana.
807
808
808
809
809
810
TSIROANE (TSIRWANE)
810
811
811
812
812
813
813
814
814
815
815
816
TSOERE (TSWERE)
Tsoerela (ts-wi-ri-la) /open eyes wide/ Ho bula mahlo haholo ka baka la ho tshoha
kapa ho makala; ho tona mahlo. (bap. tona).
Tsoerelela (ts-wi-ri-le-la) // Ketsetso ya ho tsoerela: ho bula mahlo haholo bakeng sa
ntho kapa motho ka lebaka la ho makala kapa ho tshoha.
Tsoerelelo (ts-wi-ri-le-law) // Ketso ya ho tsoerelela: pulo ya mahlo haholo bakeng sa
ntho kapa motho ka lebaka la ho makala kapa ho tshoha.
Tsoerelo (ts-wi-ri-law) /opening eyes wide/ Ketso ya ho tsoerela: tloaelo ya ho bula
mahlo haholo ka baka la ho tshoha kapa ho makala; ho tona mahlo.
Tsoete (ts-we-te) /type of rat/ Mofuta wa tadi e fumanoang haholo masimong kapa
dibakang tse tletseng mobu le dijalo. /bon. ditsoete/.
Tsoete (ts-wi-ti) /exclamation: very full/ Boemo ba ho tlala haholo: tsela eo ho
tletseng haholo ka yona ka ho bontsha ho kgotsa. Mohl. Ho tletse tsoete!
Tsoetla (ts-we-tla) /contort/ Ho pelekanya setho kapa ditho tsa mmele; ho koba setho
sa mmele ka tsela e sa tloaelehang.
Tsoetleha (ts-we-tle-ha) // Ho ba boemong boo manoanyetso kapa ditho tsa mmele
tse akgang masapo di kgonang ho pelekana haholo.
Tsoetleho (ts-we-tle-haw) // Ketso ya ho tsoetleha: ho ba boemong boo manoanyetso
kapa ditho tsa mmele tse akgang masapo di kgonang ho pelekana haholo.
Tsoetlo (ts-we-tlaw) /contortion/ Ketso ya ho tsoetla: pelekanyo ya ditho tsa mmele;
ho koba setho sa mmele ka tsela e sa tloaelehang.
Tsoetse (ts-wets-e) /cow/ Kgomo e tshehadi, enang le namane; kgomo kapa phoofolo
e tshehadi e antshang. /bon. ditsoetse/ (mm. Tswetse).
Tsofala (tso-fa-la) /age/ Ho hola ka dilemo; ho ba le nako e telele ya ho phela; ho
fetoha hoa sebopeho sa mmele le tshobotsi ka baka la ho hola.
Tsofalo (tso-fa-law) /aging/ Ketso ya ho tsofala: sebopeho le boemo ba ho hola ka
dilemo; ho ba le nako e telele ya ho phela; ho fetoha hoa sebopeho sa mmele le
tshobotsi ka baka la ho hola.
Tsofatsa (tso-fa-tsa) /cause to age/ Ho baka hore motho kapa ntho e be boemong ba
ho tsofala: e be le ponahalo e fetohileng ya mmele kapa tshobotsi ka baka la ho phela
nako e telele.
Tsofetse (tso-fe-tse) /old/ E nang le ponahalo e fetohileng ya mmele kapa tshobotsi ka
baka la ho phela nako e telele. Eo eleng kgale e phela.
Tsofatso (tso-fa-tso) /causing aging/ Ketso ya ho tsofatsa: ho baka motho kapa ntho
hore e be boemong ba ho tsofala: e be le ponahalo e fetohileng ya mmele kapa
tshobotsi ka baka la ho phela nako e telele. (bap. botsofadi, botsofe).
Tsofatsoa (tso-fa-tswa) // Boetsuwa ba ho tsofala.
Tsoha (tsu-ha) /wake up/ Ho phaphama borokong ka sepheo sa ho phahama; ho
phahama diphateng ka mora ho robala le ho kgaleha. Mael. Bo tsholoa bo chesa, bo
tsohe bo fodile: maikutlo a khalefo a kokobela ha nako e ntse e tsamaya. Mael.
Ngoana setsoha le pelo ya maobane: motho ya mosa ebile a bosesela nako e ngata;
motho ya mohau haholo.
816
817
817
818
Tsola (tsu-la) /to be naked/ Ho hlobola seaparo kapa diaparo; ho ba ntle le diphahlo
tse aparoang kapa tse koalang mmele. Ho ba maponapona. Ho ba feela kapa ho
bontsha bofeela.
Tsolela (tsu-le-la) /to be naked for/ Ketsetso ya ho tsola: ho tsola bakeng sa.
Tsolelo (tsu-le-law) /nakedness for/ Ketso ya ho tsolela: tlhobolo ya diaparo tse
koahetseng mmele bakeng sa.
Tsolo (tsu-law) /nudity/ Ketso ya ho tsola: ho hlobola seaparo kapa diaparo; mokgoa
wa ho ba ntle le diphahlo tse aparoang kapa tse koalang mmele. Ho ba maponapona;
ho ba feela kapa ho bontsha bofeela.
Tsoma (tsu-ma) /hunt/ Ho batlana le dinyamatsana kapa dibatana naheng ka sepheo
sa ho di tshoasa bakeng sa dijo; ho batlana le phoofolo tsa naha, tse hlaha.
Tsomana (tsu-ma-na) /hunt each other/ Ketsetsano ya ho tsoma: ho tsoma emong,
mme le yena a tsome ya mo tsomang.
Tsomano (tsu-ma-naw) /hunting each other/ Ketso ya ho tsomana: tsomo ka ho
etsetsana.
Tsomeditse (tsu-me-di-tse) /ambushed/ Bokgale ba ho tsometsa.
Tsomeditsoe (tsu-me-dits-we) /ambushed/ Boetsuwa le bokgale ba ho tsometsa.
Tsometsa (tsu-me-tsa) /ambush/ Ho hlaha lesumatha ka sepheo sa ho hlasela; ho
hlaha ho sa lebelloa ka morero wa ho futuhela.
Tsometso (tsu-me-tso) /an ambush/ Ketso ya ho tsometsa: mokgoa wa ho hlaha ka
lesumatha ka sepheo sa ho hlasela; ho hlaha ho sa lebelloa ka morero wa ho futuhela.
Tsometsoa (tsu-mets-wa) /ambushed/ Boetsuwa ba ho tsometsa.
Tsomisa (tsu-mi-sa) /help to investigate/ Ketsiso ya ho tsoma: ho batlana le bonnete
ba taba e itseng; ho etsa diphuputso mabapi le tharollo ya ketsahalo e itseng.
Tsomisisa (tsu-mi-si-sa) /investigate/ Ketsisiso ya ho tsomisa: ho tsoma ka botlalo.
Tsomisiso (tsu-mi-si-so) /investigattion/ Ketso ya ho tsomisisa: tsomo e felletseng.
Tsomiso (tsu-mi-so) /investigation assistance/ Ketso ya ho tsomisa: ho batlana le
bonnete ba taba e itseng; ho etsa diphuputso mabapi le tharollo ya ketsahalo e itseng.
Tsomo (tsu-maw) /hunting/ Ketso ya ho tsoama: patlo ya dinyamatsana kapa
dibatana naheng ka sepheo sa ho di tshoasa bakeng sa dijo; ho batlana le phoofolo tsa
naha, tse hlaha.
Tsona (tso-na) /them/ Seemedi se emelang dintho tseo ho buuwang ka tsona ntle le
ho bolela mabitso. Lentsoe le sebedisoang bakeng sa mareho a ka bongateng a bile a
qala ka “di”. Mofuta wa leemediqho. (bap. bona, sona, tsona, yona).
Tsorama (tsu-ra-ma) /squat, crouch/ Ho dula ntle le ho beha dibono fatshe kapa
hodima ntho e itseng; ho isa mmele fatshe ka tsela e tshoanang le ho dula, empa
mangole a kobehile. Ho beha dibono hodima direthe. (bap. kotsama)
Tsorame (tsu-ra-me) /squatting/ E dutseng ntle le ho beha dibono fatshe kapa
hodima ntho e itseng; e isitseng mmele fatshe ka tsela e tshoanang le ho dula, empa
mangole a kobehile. E behileng dibono hodima direthe.
Tsoramela (tsu-ra-me-la) // Ketsetso ya ho tsorama.
Tsoramelo (tsu-ra-me-law) // Ketso ya ho tsoramela.
Tsoramo (tsu-ra-maw) /squatting/ Ketso ya ho tsorama: ho dula ntle le ho beha
dibono fatshe kapa hodima ntho e itseng; ho isa mmele fatshe ka tsela e tshoanang le
ho dula, empa mangole a kobehile. Ho beha dibono hodima direthe.
Tsosa (tsu-sa) /awaken/ Ho etsa hore motho ya robetseng a phaphame; ho
phaphamisa motho borokong kapa diphateng; ho fedisa boroko ka ho phaphamisa
motho ya kgalehileng.
818
819
Tsosa (//) /resusitate/ Ho kgutlisa bophelo ba motho kapa ntho e makgatheng a lefu;
ho tlisa bophelo hape. (bap. phidisa).
Tsosa (//) /resurect/ Ho phedisa motho ya shoeleng: ho etsa hore setopo se be le
bophelo; ho baka hore mofu kapa bafu ba kgutleloe ke bophelo hape.
Tsosa (//) /revive/ Ho baka mafolofolo mmeleng le kelellong ya motho ya
lahlehetsoeng ke morolo le matjato; ho nchafatsa kelello le mohopolo wa motho ya
nyahameng mmoko; ho tlisa nchafatso bophelong ba batho kapa motho.
Tsoseletsa (tsu-se-le-tsa) /revive/ Ho kenya bophelo kelellong ya motho ya
holofetseng kelello; ho nchafatsa ntho e itseng ka ho e etsa bocha hape; ho kgutlisa
sebopeho se mafolofolo ho mmele kapa kelello.
Tsoseletso (tsu-se-le-tso) /revival/ Ketso ya ho tsoseletsa: ho kenya bophelo kelellong
ya motho ya holofetseng kelello; ho nchafatsa ntho e itseng ka ho e etsa bocha hape;
ho kgutlisa sebopeho se mafolofolo ho mmele kapa kelello.
Tsoseletso (tsu-se-le-tso) /renaissance/ Mokgoa kapa lepetjo la ho tsosolotsa
bochaba, moetlo, setso le ntshetsopele ya sona. Qaleho e ncha ya tsoelopele ya
sechaba e tlisang diphetoho tse ncha bochabeng ba batho ba naha yohle.
Tsoso (tsu-saw) /awakening/ Ketso ya ho tsosa: ho etsa hore motho ya robetseng a
phaphame; ho phaphamisa motho borokong kapa diphateng; ho fedisa boroko ka ho
phaphamisa motho ya kgalehileng.
Tsoso (//) /resusitation/ Ketso ya ho kgutlisa bophelo ba motho kapa ntho e
makgatheng a lefu kapa ho shoa; ho tlisa bophelo hape. (bap. phidiso).
Tsoso (//) /revival/ Mokgoa wa ho baka mafolofolo mmeleng le kelellong ya motho
ya lahlehetsoeng ke morolo le matjato; ho nchafatsa kelello le mohopolo wa motho ya
nyahameng mmoko; ho tlisa nchafatso bophelong ba batho kapa motho.
Tsoso (//) /resurrection, rebirth/ Tumelo ya ho tsosa mofu kapa bafu: mokgoa wa ho
phedisa kapa phediso ya batho kapa motho ya shoeleng; kgutliso kapa kgutlisetso ya
bophelo ho batho ba shoeleng kapa ba hlokahetseng. (bap. tsoho).
Tsosoa (tsu-swa) /awakened/ Boetsuwa ba ho tsosa. Mael. Moketa ho tsosoa o
itekang: motho ho thusoa ya itekang kapa ya etsang lethonyana.
Tsosolosa (tsu-su-lu-sa) /renew, revitalise, renovate/ Ho baka boemo ba nchafalo ya
ntho e tsofetseng; ho nchafatsa ka ho etsa botle hape. Ho kgutlisa botle hape ka ho
kgabisa, dila kapa ho hloekisa. (bap. nchafatsa, tsoseletsa).
Tsosoloso (tsu-su-lu-so) /renewal, revitalization, renovation/ Ketso ya ho tsosolosa:
ho baka boemo ba nchafalo ya ntho e tsofetseng; ho nchafatsa ka ho etsa botle hape.
Ho kgutlisa botle hape ka ho kgabisa, dila kapa ho hloekisa. /bon. ditsosoloso/.
Tsota (tso-ta) /to marvel at/ Ho makalla botle kapa kgahleho ya ntho kapa motho e
motle haholo; ho sheba ka ho kgotsa le ho babatsa ntho e ntle ka ho fetisisa.
Tsoteha (tso-te-ha) /marvellous/ E loketsoeng ke setsoto: e loketsoeng ke ho
babatsoa ka baka la botle kapa ponahalo ya yona; eo kgahleho ya yona e makatsang
haholo.
Tsotehisa (tso-te-hi-sa) /cause marvel/ Ketsiso ya ho tsoteha: ho baka hore boemo
kapa ketsahalo e tsotehe.
Tsotehiso (tso-te-hi-so) /marvellousness/ Ketso ya ho tsotehisa; pako ya boemo kapa
ketsahalo e tsotehang.
Tsoteho (tso-te-haw) /marvel/ Ketso ya ho tsoteha: boemo ba ho lokeloa ke setsoto;
boemo ba ponahalo e tshoaneloang ke pabatso. Boemo bo hapang maikutlo haholo ka
baka la sebopeho sa bona bo kgahlang; boemo bo etsahalang ka ho bontsha semaka
kapa botle bo makatsang; boemo bo hohelang maikutlo a mobohi; boemo bo bakang
masa a kokometse ha a hlalosoa. (bap. setsoto).
819
820
820
821
821
822
822
823
823
824
Tupo (tu-paw) /diagnosis/ Ketso ya ho tupa: phumano kapa tsebo ya lefu le tshoereng
mokudi; ho ba le bokgoni ba ho tseba se jang motho ya kulang; ho hlalosa se kudisang
motho ka baka la ho ba ngaka kapa neo e itseng. (bap. modupa)
Tura (tu-ra) /expensive/ Hoa theko: e theko e hodimo haholo; e lefelloang chelete e
ngata ka baka la theko e nyolohileng. Tlh. Lentsoe lena ke sothofatso ya lentsoe la
Afrikaans, “duur”.
Turisa (tu-ri-sa) /to cause to be expensive/ Ketsiso ya ho tura: ho etsa hore thepa,
phahlo kapa ntho e rekisoang e be le theko e phahameng kapa e hodimo.
Turiso (tu-ri-so) /expensiveness, expense/ Ketso ya ho turisa: ho baka hore thepa,
phahlo kapa ntho e rekisoang e be le theko e phahameng kapa e hodimo.
Tutlo (tu-tlaw) /discharge, secretion/ Ketso ya ho dutla: ho tsoa hoa metsi kapa lero
sebakeng se nang le puleho; boemo ba ho phalla hoa metsi ho tsoa lesobeng. Lefu le
bakang ho tsoa lero sethong seseng sa mmele. /bon. ditutlo/ (bap. bodutli).
Tutu (tu-tu) /mute/ Ho se utloe ditsebeng; ho hloka kutlo ya tsebe; ho hloleha ho
utloisisa modumo kapa lerata ka tsebe. Ho hloleha ho hlalosa modumo ka tsebe. (bap.
tsebetutu) Mohl. Monna enoa o tutu. O tla bua eng le motho ya tutu?
Tutudisa (tu-tu-di-sa) // Ketsiso ya ho tutula: ho thusa ho tutula; ho etsa hore motho a
itutule kapa a tlose masalla a masepa lesobeng la sebono.
Tutudiso (tu-tu-law) // Ketso ya ho tutudisa kapa ho thusa ho tutula; ho etsa hore
motho a itutule kapa a tlose masalla a masepa lesobeng la sebono.
Tutudu (tu-tu-du) /heap/ Pokello e phahameng ya ntho e itseng; thajana ya se
bokelletsoeng. /bon. ditutudu/ (bap. qubu).
Tutula (tu-tu-la) /to clean an asshole/ Ho tlosa masalla a masepa sebonong ka mora
ho nyela; ho hloekisa lesoba la sebono ka mora ho kaka. (bap. ritama).
Tutulo (tu-tu-law) /asshole cleansing/ Ketso ya ho tutula: ho tlosa masalla a masepa
sebonong ka mora ho nyela; ho hloekisa lesoba la sebono ka mora ho kaka. (bap.
thitamo, setutula, seritama).
Tututsebe (tu-tu-tse-be) /deaf person/ Motho ya sa utloeng ditsebeng; motho eo
kutlo ya tsebe tsa hae e sa sebetseng hantle; motho ya hlolehang ho utloa modumo wa
mantsoe kapa lerata. /bon. botututsebe/ (bap. setholo, tsebetutu). Tem. Mantsoe,
“tututsebe” mmoho le “tsebetutu” a na le moelelo o tshoanang.
Tututshoana (tu-tu-ts-hwa-na) /hillock/ Leralla le lenyane haholo; thaba e nyane
haholo. /bon. ditututshoana/ (mm. Tututsoana, tututshwana).
Tuu (tu-u) /exclamation: sudden quiteness/ Lekgotsa le bontshang boemo ba ho
thola; lentsoe le bontshang tsela eo ntho kapa motho a thotseng ka yona.
824
825
Uuu
PALE:
Tlhaku ya bo-mashome a mabedi le motso o le mong (21) Sesothong. Yona e akga ka
maetsi a semelo. Moo honang le lereho le qalang ka tlhaku ena, lebitso le boleloang
ke lereo-molata (foreign noun). Tlhaku ena mareho a yona a qala ka “K” jwalo ka
utloa=kutlo, utloella=kutloello, utsoa=kutso, utulla=kutullo, unyaunya=kunyakunyo,
ubella=kubello, jj.
U (u) .
U (u) (o) /you/ Seemedi se emelang motho se neng se sebedisoa haholo mehleng ya
kgale ka ho hlalosa motho wa pele. Mohl. U nahana hore u motle.
Uba (u-ba) // ??
Ubella (u-bel-la) // Ho hlasela hoa nonyana e kgolo ho tsoa moyeng; ho hlasela
sepakapakeng.
Ubellana (u-bel-la-na) // Ketsetsano ya ho ubella: ho ubella emong mme le yena a
ubelle ya mo ubellang.
Ubelletse (u-bel-le-tse) // Bokgale ba ho ubella.
Ubelletsoe (u-bel-lets-we) // Boetsuwa ba ho ubella
Uena (we-na) /you/ Seemedi se sebedisoang bakeng sa motho; lentsoe le emelang
motho eo ho buuwang le yena. Tlh. Ka Sesotho sa Afrika Borwa lentsoe le
sebedisoang ke “wena”.
Una (u-na) /to gain, to benefit/ Ho ba molemo bakeng sa; ho tsoela molemo hoa ntho
kapa ketsahalo e itseng. Ho thola lethonyana ka lebaka la.
Unya (un-ya) // Ho etsa motsamao wa tshenyane kapa diboko tsa setopo.
Unyaunya (un-ya-un-ya) // Ho etsa motsamao wa tshenyane kapa diboko tsa setopo;
ho tsitsinyeha hoa diboko tse ngata tse fumanoang sebodung. (bap. meneka,
kunyakunya).
Upa (u-pa) /charm/ Ho sebedisa boqhetseke ba meriana kapa maselamose ka sepheo
sa ho etsa phetoho ya maemo. Ho sebedisa matla a boloi kapa a bongaka ba setho.
Upella (u-pel-la) /charming/ Ho etsa boqhetseke ka meriana kapa ka maselamose ka
sepheo sa ho etsa phetoho ya maemo.
Uta (u-ta) /dig up/ Ho cheka fatshe ka sepheo sa ho batla se epetsoeng; ho epolla se
patiloeng tlasa mobu kapa fatshe.
Utile (u-ti-le) /dug up/ Bokgale ba ho uta.
825
826
Utisa (u-ti-sa) /cause to dig up/ Ketsiso ya ho uta: ho etsa hore motho kapa ntho e
cheke kapa e epe fatshe ka sepheo sa ho batlana le se tsetetsoeng.
Utisoa (u-ti-swa) // Boetsuwa ba ho uta.
Utloa (u-tl-wa) /hear/ Ho sebedisa tsebe bakeng sa ho mamela modumo wa lentsoe
kapa puo e buuwang; ho ba le bokgoni ba ho mamela ka tsebe. Mael. Ho utloa ka
lehlokoana la tsela: ho joetsoa ditaba tse itseng tsa lekunutu pele di phatlalatsoa kapa
pele di tsejoa.
Utloa (//) /feel, taste, touch, hear/ Ho ba le kutlo ya ho thetsoa; ho ba le boikutlo ba
ho elelloa se thetsang mmele. Ho ba le kelohloko ya tatso ya se jewang; ho etsa
phapang ya tatso ka leleme; ho sebedisa boko bakeng sa ho elelloa ka kelello.
Utloahaditse (utl-wa-ha-di-tse) // Bokgale ba ho utloahatsa.
Utloahaditsoe (utl-wa-ha-dits-we) // Boetsuwa ba ho utloahatsa.
Utloahala (utl-wa-ha-la) /reasonable, understandable, fair/ Eo kelello le ditsebe di
kgonang ho e utloisisa; eo hoseng komang ka yona; e nepahetseng ho ya ka kutloisiso
ya tsebe le kelello. Eo lebaka la yona leleng letle.
Utloahala (utl-wa-ha-la) /loud and clear/ Eo modumo le moelelo wa teng oleng
bonolo ho e hlalosa; eo tsebe e tholang bobebe ho e hlalosa.
Utloahatsa (utl-wa-ha-tsa) /make clear/ Ho etsa hore puo, taba, ketso kapa boemo bo
be bobebe bakeng sa ho utloisisoa; ho etsa hore puo kapa tlhaloso ya ntho e itseng e
be boemong boo kelello e kgonang ho bo hlalosa.
Utloana (u-tl-wa-na) /compatible/ Ho ba bo emong ba ho ratana kapa ho kgema
mmoho; ho etsa dintho ka ho dumellana; ho ba boemong ba tumellano ya ho etsa
dintho ka ho tshoana. (bap. tshoanelana).
Utloane (utl-wa-ne) /agreed/ Bokgale ba ho utloana.
Utloela (u-tl-we-la) /feel for/ Ho ba boemong ba ho nahanela motho emong ya
bohlokong; ho ba le maikutlo a kutloelo bohloko kgahlanong le motho ya mathateng.
Utloella (u-tl-wel-la) /hearsay/ Ho utloa taba kapa ketsahalo e itseng ka bo
mabarebare ntle le ho ikgodisa; ho joetsoa taba e sa tsebahaleng kapa eo bonnete ba
yona bo sa tsejoeng. (bap. kutloello).
Utloelletse (utl-wel-le-tse) // Bokgale ba ho utloella.
Utloelletsoe (utl-wel-le-tswe) Boetsuwa ba ho utloella.
Utloetse (utl-we-tsa) /heard so/ Bokgale ba ho utloela.
Utloetsoe (utl-wets-we) // Boetsuwa ba ho utloela.
Utloile (utl-wi-le) /heard, felt, tasted, felt/ Bokgale ba ho utloa.
Utloisa (u-tl-wi-sa) /make to feel, taste/ Ketsetso ya ho utloa: ho etsa hore emong a
be le kutlo ya ho thetsoa; a be le boikutlo ba ho elelloa se thetsang mmele; a be le
kelo hloko ya tatso ya se jewang; a be le ho etsa phapang ya tatso ka leleme kapa a
kgone ho sebedisa boko bakeng sa ho elelloa ka kelello.
Utloisisa (u-tl-wi-si-sa) /understand, comprehent/ Ho kgona ho hlalosoa se rutoang
kapa se boleloang; ho kgona ho mamedisa ka tsela eo se boeloang se bang boemong
ba ho dula kelellong; ho ba boemong ba ho etsa se boeletsoeng kapa se rutuweng. Ho
etsa phapang pakeng tsa ntho tse pedi.
Utloisisana (u-tl-wi-si-sa-na) // Ketsetsano ya ho utloisisa: ho utloisisa se boleloang
ke emong mme le yena a utloisisa seo o se bolelang.
Utloisisitse (utl-wi-si-si-tse) /understood/ Bokgale ba ho utloisisa.
Utloisisoa (utl-wi-si-swa) /understood/ Boetsuwa ba ho utloisisa.
Utsoa (uts-wa) /steal/ Ho nka tseo kapa seo eseng sa hao ntle le tumello; ho hapa ka
mahahapa kapa ntle le tsebo ya monga thepa; ho ba letsoho le lelelele; ho nkela
babang tsa bona ntle le tsebo ya bona.
826
827
Utsoetsa (uts-we-tsa) /steal for/ Ketsetso ya ho utsoa: ho nka ntho ya motho ntle le
tumellano; ho hapa sa motho emong ka tsela e seng molaong. (bap. kutsoetso).
Utsoetsana (uts-we-tsa-na) /steal for each other/ Ketsetsano ya ho utsoa: ho utsoa sa
emong mme le yena a utsoe sa ya mo utsoeditseng.
Utsoisa (uts-wi-sa) // Ketsiso ya ho utsoa: ho baka kapa ho etsa hore motho a utsoe;
ho qalletsa emong ka leshano la ho mo etsa leshodu.
Utsoitse (uts-wi-tse) // Bokgale ba ho utsoa.
Utulla (u-tul-la) (utolla) /reveal/ Ho ntsha ka tlase se patiloeng; ho beha pepeneneng
seo se neng se patiloe kapa se patehile. Ho hlahisa patiloe.
Utullisa (u-tul-li-sa) (utollisa) /cause to reveal/ Ketsiso ya ho utulla: ho baka ho
utulla.
Utullisoa (u-tul-li-swa) (utollisoa) // Boetsuwa ba ho utulla. (mm. Utulliswa).
Uuh (uu-uh) /exclamation: women’s screaming/ Lekgotsa leo hangata le ratoang ho
sebedisoa ke batho ba batshehadi ha ba makalla ketsahalo e tshosang, e makatsang
kapa e tshehisang.
Uwa (u-wa) // Boetsuwa ba ho ya. Mohl. Ke batla ho ya moo ho uwang teng.
Uwang (u-wa-ng) // Boetsuwa ba ho ya. Mohl. Re ya moo ho uwang teng. Moo ho
uwang teng, le bona ba fumanoa teng.
Uwele (u-we-le) (uwele hle!) /exclamation: please!/ Lekgotsa le bontshang ho kopa
ka boikokobetso bo boholo hore ketso e itseng e se etsahala kapa phethahale. Lentsoe
le sebedisoang joalo ka lekgotsa bakeng sa ho kopa ka botlalo! Mohl. Uwele hle
batho ba heso, re kopa hore le kganne hantle! Uwele hle morena ka, re kopa hore o
se re ahlole! Uwele hle se mmolaye! (mm. uoele).
827
828
Vvv
PALE:
Tlhaku ya bo-mashome a mabedi a metso e mmedi (22) Sesothong. Basotho ba
nolofatsa tlhaku ena “V” ba e etsa “F”. Moo ba tlamehang hore van, bare fan.
Empa sena hase bolele hore bacha le leqobo la kajeno ha le tsebe ho sebedisa “V” e
ikemetse kapa ka boyona.
V (vi, fi).
Vaerase (fa-e-ra-se) /virus/ Mofuta wa kokoanahloko e nyane haholo ho feta e
tloaelehileng e bakang bokudi ka tshoaetsano. /bon. divaerase/.
Veini (fe-i-ni) /wine/ Mofuta wa joala bo entsoeng le ho riteloa ka lero la tholoana tsa
morara. /bon. difeini/ (bap. joala).
Venstere (fen-ste-re) /window/ Sebaka sa ntlo se nang le kgalase. Kosene kapa
lesoba la ho etsa hore ho bonoe ka ntle le hore moya o kene. /bon. difenstere/ Tlh.
Batho babang ba sebedisa lentsoe, “fesetere” bakeng sa “fenstere”.
Vuvuzela (fo-fo-se-la) // Mofuta wa phala e sebedisoang Afrika Borwa haholo
nakong tsa dipapadi tsa bolo ya maoto le mekete emeng ya dipapadi. /bon.
Divuvuzela/.
828
829
Www
PALE:
Tlhaku ya mashome a mabedi le metso e meraro (23) ya Sesotho. Tlhaku ena le yona
e ya sebedisoa puong ya Sesotho. Empa, ka Sesotho sa Lesotho ho sebedisoa “Oa”
bakeng sa “Wa” ha ka Sesotho sa Afrika Borwa ho sebedisoa “Wa” bakeng sa
“Oa”. Ha o le Mosotho, sena ha se bolele letho, ona le boikgethelo!!
Wa (wa) /of/ Seemedi se bontshang thuo; lentsoe le sebedisoang ho bontsha seo eleng
sa muuwa kapa motho wa boraro. Mohl. Mosadi wa morena. Wa boraro yena ha re
mmatle. Ke monna wa bokae ya hlekefetsang basadi? (bap. sa, ba, tsa, ya) (mm. Oa).
Wa (wa) /fall/ Ho ya fatshe ka baka la ho dieloa kapa ho diwa.
Wa (wa) /you/ Seemedi se emelang motho bakeng sa ho sebedisa lebitso la hae;
lentsoe le sebedisoang ho emela lebitso la motho. Mohl. Wa kgetha ho tsamaya ntle
le ho bua. Wa tsamaya fela tje. /bon. La/.
Wabo (wa-bo) /his, hers/ Seemedi thuo se supang hore ntho kapa motho ke wa bo
mmuuwa feela ntle le ba bang. Seemedi se supang hore mmuuwa ke motho wa bo
mmuwi. /bon. Babo/ (bap. tsabo, tsabo, babo, sabo).
Waka (wa-ka) /mine/ Seemedi se bontshang thuo ka ho supa hore mmuuwa ke
motho kapa ntho ya mmuwi. /bon. baka/ (bap. tsaka).
Wayawaya (wa-ya-wa-ya) (wa ya o ile) /continuously/ Ho tsamaya kapa ho bua
molebe kapa ntle le kgefutso. Ho etsa ketso e itseng ntle le ho phomola. (bap. molebe,
lolololo) Mohl. Ha o sa kgutla, wayawaya boo! Tem. Qaleho ya lentsoe lena,
“wayawaya” e bopjoa ke polelo e latelang: wa ya, wa ya o ile! Kapa wa ya wa ya bo,
ke neng o ile! (mm. Oaeaoaea).
Wee (we-e) /absolutely nobody, without anybody/ Lekgotsa kapa lentsoe le
sebedisoang ho bontsha ho hloka kapa ho se be le letho. Mohl. Ha ke na mang wee!
Ke ngoana ya senang mang wee!
Wela (we-la) /fall/ Ho ya fatshe ka baka la ho dieloa kapa ho wisoa ke ntho e itseng.
Wele (wi-le) /fell/ Bokgale ba ho wa. Mael. Letlotlo le wele mekgoabane: Monono
wa ntho tse tholahalang ha bobebe o fihlile. (mm. Oele).
Wena (we-na) /you/ Seemedi se bontshang kapa supang mmuuwa ke mmuwi ntle le
ho sebedisa lebitso la hae. /bon. Lona/ (bap. lona) (mm. oena, uena).
829
830
Xxx
PALE:
Tlhaku ya mashome a mabedi le metso e mene (24). Tlhaku ena e sebedisoa haholo
puong tsa sekone (nguni). Ha ho moo e sebedisoang Sesothong ntle le mantsoe a
mmaloa a boletsoeng bukeng ena. Basotho ba kgetha ho sebedisa “Q” hofeta “X”.
Mohlala: Mosotho o re, ke qakehile ha mokone (nguni speaking) a re: “nge
xakekile”. Mosotho o re “Leqhotsa”, mokone o re “Mxhoza”.
.
Xaphela (xap-he-la) // Ho rohaka ka modumo wa leleme.
Xaphelo (xap-he-law) // Thohako ka modumo wa leleme.
830
831
Yyy
PALE:
Tlhaku ya mashome a mabedi le metso e mehlano (25) ya Sesotho. Tlhaku ena e
sebediswa mantsoeng a mangata a Sesotho leha hangata ho sa qaloe lentsoe ka yona
kapa e se yona e qallang mantsoe a mangata a puo ya Sesotho.
831
832
Yeng (yi-ng) /who has never gone to/ A so kang a etsa ketso e itseng; e so kang e
finyella sebakeng seo ho buuwang ka sona. Mohl. Thabo ke moshanyana ya sa yeng
mokgatlong wa thaka tsa hae. Ke mang moshanyana a so yeng lebollong hara lona?
Ebe ke yona e e sa yeng le kgongoana hodimo?
Yo (yaw) /not there, not available/ Eo eseng teng; e sio. Mohl. Ha e yo ntho eo o
buang ka yona. Ntho eo o e batlang ha e yo. Mme ha a yo kajeno. Tem. Ka Sesotho
sa Lesotho lentsoe lena “yo” ha le ngolehe. Tlh. Lentsoe lena, “yo” le sebedisoa le
“ha” nako tsohle ho fana ka moelelo o phethahetseng. (bap. sio).
Yona (yaw-na) /it/ Seemedi se emelang lebitso la ntho kapa le bontshang seo ho
buang ka sona ntle le ho bitsa lebitso la sona kapa la teng. /bon. Tsona/ (bap. Eona).
Yohle (yo-hle) /all of it, whole/ Lentsoe le akaretsang seemo ka botlalo, kapa le
bontshang ntho kaofela hoa yona. /bon. Tsohle/ (bap. Tsohle, eohle).
Yuropa (yu-raw-pa) /europe/ Khonthinente e bapelaneng le ya Afrika le Asia.
Zzz
PALE:
Tlhaku ya mashome a mabedi le metso e tsheletseng (26). Ka Sesotho, tlhaku “Z” ha
e yo, kapa ha ho lentsoe la semelo le sebedisang “Z”. Empa Basotho ba sebedisa “S”
bakeng sa “Z”. Hona ha ho bolele hore letlobo la kajeno le bacha ba ka jeno ha ba
tsebe ho e sebedisa. Che, hohang ba tseba ho e sebedisa le ho e bitsa!!
Z (set) /zet/.
Zecharia (sa-kha-ria, sa-ka-ria) /zecharia/ Buka ya bibele ya bomashome a mararo le
metso e robedi (38) testamenteng ya kgale. (bap. Sakaria bakeng sa tshebediso).
Zephania (so-fo-nia) (sofonia) /zephaniah/ Buka ya bibele ya bomashome a mararo
le metso e tsheleng (36) testamenteng ya kgale ya bibele. (bap. Sophonia bakeng sa
tshebediso).
Zolo (saw-law) (solo) /dagga pipe/ Sephutheloana sa kwae ya matekoane ha se tsujoa
ke ya se tsubang. /bon. disolo/ /dagga piper/.
Zoro (so-ro) (soro) /ganster leader/ Sekebekoa sa ditshomong kapa dipaleng, seo se
hlalosoang joalo ka mohale. /bon. bosoro/.
Zulu (so-lo) (sulu) /zulu/ Emong wa baahi ba Afrika Borwa, wa semelo sa Kwa-Zulu,
ya etsang palo e kgolohadi hara merabe ya naha eo, ebile a tholahala ka bophara ba
naha ya Afrika Borwa. /bon. masulu/.
832
833
SESOTHO LE SETSOTSI
(Sesotho and tsotsitaal)
Hare batle Basotho ba jalletsoe. Kahoo, re tla kenyeletsa le puo ya setsotsi hore ba
seke ba phelekanyetsoa.
833
834
834
835
1
PHEREKGONG PHEREKHONG JANUARY
2
HLAKOLA HLAKOLA FEBRUARY
3
HLAKUBELE HLAKUBELE MARCH
4
MMESA ‘MESA APRIL
5
MOTSHEANONG MOTSEANONG MAY
6
PHUPJANE PHUPJANE JUNE
7
PHUPU PHUPU JULY
8
PHATO PHATO AUGUST
9
LWETSE LOETSE SEPTEMBER
10
835
836
11
PUDUNGWANE PULUNGOANE NOVEMBER
12
TSHITWE TSITOE DECEMBER
Compiled by M CHITJA
2006/08/12
836
837
13 --- TSATSI LA
MOSHOESHOE MARCH 12th MOSHOESHOE DAY
14 ---
TSATSI LA BOIPUSO OCTOBER 4th INDEPENDENCE DAY
15 ---
TSATSI LA MORENA JULY 17th KING’S BIRTH DAY
E NGOTSOE KE CHITJA M
2006/08/12
smchitja@hotmail.com
MEBALA HO YA KA SESOTHO
NTSHO (NTSO)
(BLACK) THOKOA (THOKWA)
(GREY)
gre
PUTSOAHADI (PUTSWAHADI)
(DARK TEAL) PUTSOA (PUTSWA)
(BLUE)
837
838
PUTSOANA/PUDUTSOANA PUTSOANA
(SKY BLUE) (PALE BLUE)
TALA TALAHADI
(GREEN) (TEAL)
TALANA TALANA
(LIGHT GREEN) (LIME)
SOOTHO KGUNONG
(BROWN) (MAROON)
838
839
KGUBEDU
(RED) KGUBETSOANA
(PINK)
NAMUNI MOTHOEBE
(ORANGE) (GOLD)
TSHEHLA TSHEHLANA
(YELLOW) (LIGHT YELLOW)
SOOTHOANA PUDUTSOANA
(LIGHT BROWN, TAN) (TURQUOISE)
839
840
PHATSHOA PHATSHOANA
(BLACK AND WHITE) (LIGHT BLACK & WHITE)
CHABA CHABANA
(WHITE FACE WITH BLACK BODY) (BLACK BODY WITH WHITE FACE)
HLABA HLABANA
(DARK BROWN WITH BLACK) (LIGHT DARK BROWN WITH BLACK)
NALA NALABA
(DARK RED & WHITE) (RED AND WHITE)
(MAROON & WHITE) (MAROON & WHITE)
KGOABA KGOABANA
(BLACK WITH WHITE SPOTS) (WHTE WITH BLACK MARKS)
840
841
TOLODI TOLOTSHOANA
(MIXED COLOURS) (MIXED COLOURS)
CHABA CHABANA
(DARK RED WITH WHITE FACE) (RED WITH WHITE FACE)
TSHUMU TSHUINYANA
TSEKA TSEKANA
841
842
ISBN: 978-0-620-46963-0
842