Anda di halaman 1dari 33

SOFI 221

Mof. S. Mokoena
Building A16 Office 131
23745622@nwu.ac.za
MAETSI
DIPHETHO TSA THUTO

Tlhaloso ya lentswe ‘Leetsi’

Mehlala ya maetsi

Sebopeho sa leetsi

Mabopi a maetsi
DIPHETHO TSA THUTO

Makgathe a leetsi

Dikao tsa leetsi

Dihlongwanthao tsa Maetsi / Katoloso ya


leetsi
Leetsi ke eng?

 Leetsi ke lentswe le supang ketsahalo tsa mefutafuta jwalo ka ketso, boemo


ba dintho, le phethoho boemong ba dintho jj.

Mehlala: Sediba se tlala metsi a pula.


Banna ba disa dikgomo.
Batho ba shapa ngwana.
Mme o rata dijo.
.

 Ngwana o a lla - polelwana ena ha e na moetsuwa, empa e na le moetsi le leetsi.


ngwana ke moetsi.
o a lla ke leetsi.

 Thabo o ja nama - polelwana ena yona e na le moetsuwa, moetsi le leetsi.


- Thabo ke moetsi, lentswe le ntshofaditsweng ke leetsi ha nama e le moetsuwa.
.
 Maetsi a mang a na le moetsuwa ha a mang a se na moetsuwa. Maetsi a hlokang moetsuwa ho
thwe ke maetsi a theransithifo.

Mehlala ya maetsi a sa hlokeng moetsuwa:


• Dijalo di a hola.
• Lehlwa le a qhibidiha.
• Ntja e shwele.

Leetsi le bopilwe ka mabopi a latelang:


 Lehokamoetsi.
 motso wa leetsi.
 sehlongwapele sa leetsi.
Leetsi le leng le le leng le na le motso

Mme o a pheha.
 Mme o pheha dijo.
 Mme o a di pheha dijo.
Bana ba a bina
Bana > Moetsi
ba > lehokamoetsi
a > lebopi la meedi
bin > motso wa leetsi
a > sehlongwanthao
Sebopeho sa leetsi

Leetsi le na le mabopi a mararo ao e leng:


 Lehokamoetsi
 Motso wa leetsi
 Sehlongwanthao sa leetsi
Lehokamoetsi

Lebopi
 lena le kopanya moetsi le motso wa leetsi. Le kgomathiswa dipakeng tsa moetsi le
motso wa leetsi.
Mohlala: Ngwana o ja dimpopong.

Sefate se behetse diapole.
Dintja di a hobula.

Lehokamoetsi
Mmui: nna > ke
Babui: rona > re
Mmuiswa: wena > o


 Lehokamoetsi le tswa sehlongwapeleng sa lebitso le phetang tshebetso ya moetsi polelong.

 MOHLALA:
 Sehlopha sa 1: Monna o jala moroho.
 Sehlopha sa 2: Banna ba jala moroho.
 Sehlopha sa 3: Moseme o monyane.
 Sehlopha sa 4: Meseme e menyane.
 Sehlopha sa 5: Leponesa le fihlile.
 Sehlopha sa 6: Maponesa a fihlile.
 Sehlopha sa 7: Selepe se boima.
 Sehlopha sa 8: Dilepe di boima.
 Sehlopha sa 9: Noha e kotsi.
 Sehlopha sa 10: Dinoha di kotsi.
 Sehlopha sa 14: Bohetene bo a tena.
 Sehlopha sa 15: Ho nwa ho kotsi.
 Sehlopha sa 16: Fatshe le bodutu.
 Sehlopha sa 17: Hodimo ho kotsi.
 Sehlopha sa 18: Morao ha se moo ke yang.
Lehokamoetsuwa

Lebopi lena le kopanya motso wa leetsi le moetsuwa. Moetsuwa ke lebitso kapa


leemedi le latelang leetsi le hlokang moetsuwa.
Mehlala:
Mosuwe o a ba ruta barutuwa.
Mosuwe o a ba ruta.
Barutwana ba rutwa.


Motso wa leetsi

Leetsi le leng le le leng le na le motso mme


motso oo re o sheets mola dipolelong tse
latelang:
 Malome o a hama.
 Thabo o a rata.
Sehlongwanthao sa leetsi

 Leetsi le na le lebopi le qetellang ho leetsi.


 Mohlala:
 Motho o shapa ngwana. shap -a ke yona sehlongwanthao
sa leetsi.
 Palesa o tsamaya hosane. tsamay –a ke yona
sehlongwanthao sa leetsi.
Mabopi

 Lebopi la boiketsi, i-
 Lebopi la letlang,tla
 Lebopi la letswelli, sa/ntse
 Lebopi la kgoneho, ka
 Lebopi la meedi, a
 Lebopi la tlwaelo, ke/ye/ nne
 Lebopi la tatolo, ha/sa/se
Lebopi la meedi,‘a'
Ha polelo e qetella ka leetsi ho kenngwe lebopi
‘a’ pakeng tsa lehokaleetsi le motso wa leetsi.

Mohlala: Thabo o a bina.


Ngwana o a lla.

Mehlaleng e ka hodimo leetsi le qetella polelo mme sena se hlakiswa


ka lebopi la moedi, ‘a’.
Lebopi la boiketso, ‘i’

 Lebopi lena le kgomathiswa mme le mateangwe le motso wa leetsi.


 Ho sebediswa lebopi la boiketsi ho totobatsa hore moetsi le moestuwa ke ntho e le
nngwe.
MOHLALA:
Serwala nkgwana se a ithata. ( serwalankgwana se rata serwala nkgwana)

Mpho o itomme leleme. (Mpho o lomme leleme la Mpho)


Lebopi la letlang, ‘tla’

 Ho totobatsa hore ketsahalo eo ho buuwang ka yona e tla etsahala ka mora puisano (nako e tlang)
ho ye ho sebediswe lebopi, tla

 Mohlala: Batho ba tla duba thankga.

Lebopi la letswelli, ‘sa’ / ‘ntse’


Le supa hore ketsahalo e bonwa e ntse e tswela pele nakong eo ho buuwang ka yona.

Mohlala:
 Bana ba sa bapala.
 Batho ba ntse ba duba thangka.
Lebopi la kgoneho, ka


Lebopi le supang hore sebui se bona ketsahalo e ka etsahala kapa e ka kgoneha ho etsahala ke lebopi la kgoneho
Lebopi
 lena le lona le ntse le balwa maboping a ka bopang leetsi.
Mohlala : Motho a ka lakatsa tsohle.
Monna a ka ja phehla.
Lebopi la tlwaelo, ye/nne/ke
Mabopi ana a supa hore ketsahalo e bonwa e le e etsahalang ka tlwaelo.

Mohlala : Ke ye ke mo qobise mathata.
Mosuwe o ke a kgaleme.
Mabopi a tatolo, ha, sa le se

 Mabopi a mang a bopang le leetsi ke mabopi a supang hore sebui se


a latola. Taba eo ho buuwang ka yona e bonwa e se nnete mme ho a
latolwa.
 Mohlala: Motho ha a tsebe nnete.
Morena a se potlake.
Ha ngwana a sa batle dijo a se qobellwe.
Makgathe a leetsi
 Makgathe a leetsi a supa ketso nakong e fetileng , e etsuwang nakong eo (jwale),
le e etsuwang ka nako e tlang le e phethehileng.

a) Lekgathe letlang
 Lekgathe lena le boptjwa ka ho kenya lebopi la letlang ‘’tla’’ ka mora
lehokamoetsi.
 Ka mokgwa ona ho a utlwahala hore lebopi la letlang le lona ke lehokelahare.
 Lekgathe lena le re bontsha ketso e tla etsahala.

 Mohlala
Mosadi o tla pheha bohobe.
Makgathe a leetsi
b) Lekgathe lefetile
 Lekgathe lena le tsejwa le ka lebitso la lekgathe lephethi.
 Lebaka ke hobane leetsi le lekgatheng lena le ka nna la supa ketso e fetileng ,ke
hore e phethehileng.
 Mona re bona ka lebopi la lefetile ‘’ile’’.

Mohlala
Mme o ile a pheha.
Ngaka e alafile mokudi.
Makgathe a leetsi

c) Lekgathe Lejwale
 Lekgathe lena le tsebahala ka ho supa ketso e etsahalang ka mehla, ka tlwaelo, ka
yona nako eo.
 Ho bolela hore mona re shebana le ketso e etsahalang hona jwale.

Mohlala
Bashemane ba raha bolo.
Ntate o pheha nama ya nonyana.
DIKAO TSA LEETSI
 
 Sekao – ke sebopeho seo leetsi le bang le sona ha
le bontsha boemo bo itseng ba maikutlo kapa
monahano wa mmui mabapi le seo a se buang. Ha
maikutlo a hae a fetoha, sekao sa leetsi le sona se a
fetoha.
Mehlala ya dikao

 1 Sekao Peho
 -Leetsi le eba sebopehong sena ha le supa taba e behwang kapa e tsebiswang.
 MOHLALA: Monna o ja nama. (Polelo e ho Tumelo)
 Monna ha a je nama.(Polelo e ho kganyetso/ tatolo)
 2 Sekao Taelo
 -Leetsi lena le bontsha hore mmui o a laela. Sekao sena e ka ba kutu ya leetsi kapa
kutu ya lebitso kapa leemedi.
MOHLALA: Ja! kapa Ja, ntja!
Thola! Kapa Thola, wena!
3. Sekao Kgethi
 -Jwalo ka ha lebitso la sona le bolela , sekao sena se hlalosa ketso kapa ketsahalo
ka ho re jwetsa hore e ne e etsahala neng kapa jwang.
 MOHLALA: Mosadi o sebetsa a bina.
Nkgono o fihlile letsatsi le dikela.
4. Sekao Hore
 - Leetsi ha le le sekaong sena le bontsha ketsahala eo ho thweng e itshetlehile ka e
ngnwe. Ke hore ketso eo e reng ha e tla etsahala ho etsahale ho hong pele.
 MOHLALA: Ke mo thothela ditaba hore a nthate.
5. Sekao Tlwaelo
 -Sekao sena se bontsha ketso eo e leng ntho e tlwaelehileng , e sa makallweng ha
e bonwa. Se bonahala ka lethusi ye le etellang leetsi pele.
 MOHLALA: Ba ye ba phehe dikahare.
Dihlongwanthao tsa Maetsi (Katoloso
ya leetso)
 Sesothong ho na le mefuta e meraro ya mabopi a bitswang dihlongwanthao.
Tsona di akaretsa tse phethang Leetsi, tse atolosang leetsi le dihlongwanthao tse
ding tsa leetsi.

 Kutu / motso wa leetsi ha o fetohe, empa ha ho hokelwa lebopi la boiketsi , o a


fetoha.
Dihlongwanthao tsa Maetsi
(Katoloso ya leetsi)
 Mefuta ya dihlongwanthao / katoloso ya leetsi
• Leetsetsi
• Leetsani
• Leetsisi
• Leetsisisi
• Leetsehi
• Boetsuwa
• Leetsolli
• Leetsaki
Dihlongwanthao tsa Maetsi
(Katoloso ya leetsi)
 Tlhaloso le mehlala ya dikatoloso tsa leetsi
1. Leetsetsi: (-el-, -ets-)
Mehlala: Bana ba binela batswadi.
Mosadi o phehela mokete.
2. Leetsani: (-an-)
Mehlala: Basadi ba bitsana mabitso.
Ngwane mobe o rohakana le mmae.
3. Leetsisi: (-is-)
Mehlala: Monna o batlisa ngwana mmae.
Modisana o fudisa dikgomo naheng
4. Leetsisisi: (-isis-)
Mohlala: Ngwana o tlamisisisa lerapo la seta.
Dihlongwanthao tsa Maetsi
(Katoloso ya leetsi)
5. Leetsehi: (-eh-, -ala-, -ahal-)
Mehlala: Pulane o rateha ruri.
Ntate o bonahala e le morena.
6. Boetsuwa: (-uw-, -w-)
Mehlala: Leshodu le batluwa ke mapolesa.
Morakane o hanwa ke monono.
7. Leetsolli: (-oll-,-ol-,- oloh-)
Mehlala: Nkgono o ribolla pitsa.
Ngwana o tla siboloha hosing.
8. Leetsaki: (-ak-)
Mehlala: Letahwa le tsamayaka le masiu.
Setlokotsebe se hulaka banana ditseleng.
L EBO H A!!!
KE A

© North-West University (2012)

Anda mungkin juga menyukai